Sefoka sa Naha

  • Seabo
  • Moralo
  • Boemedi
  • Tshebetso ya moralo
  • Tshehetso ya Batho Pele

Seabo sa Sefoka sa Naha

Sefoka sa Naha, kapa letshwao la puso, ke lona letshwao le ka hodimodimo le bonahalang la Mmuso.

Sefoka sa Naha hape ke sona karolo ya bohlokwa ya Setempe sa Naha, seo ka tlwaelo se nkuwang e le sona letshwao le ka hodimodimo la Puso. Bolaodi bo felletseng bo fuwa tokomane tsohle tse nang le setshwantsho sa Setempe sa Naha ho tsona, ka ha hona ho bolela hore di ananetswe ke Moporesidente wa Afrika Borwa.

Sefoka sa Naha sa Afrika Borwa se ile sa kgakolwa ka Letsatsi la Tokoloho, la di 27 tsa Mmesa 2000. Phetoho ena e bontsha maikemisetso a Mmuso a ho etsa hore ho elwe hloko diphetoho tsa demokrasi mona Afrika Borwa ekasitana le moya o motjha wa ho rata naha ya habo rona.

Moralo wa Sefoka sa Naha

Sefoka sa Naha ke letoto la dikarolo tse hlophisitsweng ka sidikadikwe sa sebopeho sa lehe tse arohaneng kapa tseo di behilweng hodima tse dingwe.

Botlase bo tjhitja bo emela dintho tse mabapi le motheo

Ntho ya pele ke lepetjo, sedikadikweng se halofo se setala. Mme ho qetellang sedikadikwe sena se halofo ke meno a tlou a mabedi a lekanang a shebisitsweng hodimo. Ka hara sebopeho se tjhitja se botjwang ke meno ao ke mahlaku a lekanang a koro, mme ona a boela a bopa thebe ya kgauta e beuweng mahareng.

Sebopeho sa thebe se hlahisa setshwantsho sa moropa, mme se na le ditshwantsho tse pedi tsa batho ho tswa bononong ba majwe ba maKhoisan. Ditshwantsho di hlahisa batho bao ba shebane mme ba dumedisana, athe hape se bontsha le ho ba le kopano.

Ka hodima thebe ke lerumo le koto, tse fetanang ka yuniti e le nngwe. Dintho tsena di hlophisitswe hantle ka mokgwa o tsamaelanang ho etsa hore ho bonahale thebe, mme di bopa botlase ba sebopeho se tjhitja sa motheo.

Sebopeho se tjhitja se nyolohang

Ka hodimonyana feela ho sebopeho se tjhitja sa motheo, ke bokahare bo bonahalang ba Sefoka sa Naha, e leng protea. Mahlaku a palesa ena ya protea a beuwe ka mokgwa o etsang kgutlotharo e tshwanang le mesebetsi ya matsoho ya Afrika.

Mmamolangwane o beuwe ka hodima protea mme palesa e bopa sefuba sa nonyana ena. Mmamolangwane o eme ka mapheo a phahameng ka mokgwa wa borena. Masiba a sa tlwaelehang a hloohong ya mmamolangwane a bopa mofapahloho wa borena o matla.
Letsatsi le tjhabang boholeng boo pono ya motho e fellang ho bona le beuwe pakeng tsa mapheo a mmamolangwane mme le qetella sebopeho se tjhitja se nyolohang.

Motswako wa dibopeho tse hodimo le tse tlase tse tjhitja o a kopana ho bopa ntho e felletseng, mme le kopano eo e kgolo e pakeng tsa dintho tseo tsa bohlokwa e ba le sephetho sa moralo o matla, o motle hape o sa tlwaelehang. Empa o ntse o bolokile botsitso, bohlokwa le sebopeho se hlokwang ke Sefoka sa Naha .

Matshwao a Sefoka sa Naha

Sebopeho se tjhitja se mabapi le motheo

  • Lepetjo
    Lepetjo ke - !ke e: /xarra //ke, le ngotsweng ka puo ya seKhoisan ya batho ba /Xam, mme lona le bolela hore: batho ba fapafapaneng kopanang. Le shebana le maiteko a mang le a mang a ho matlafatsa kopano mahareng a mohopolo le ketsahalo. Ka bophara le etsa boipiletso setjhabeng hore se kopane mme se be ntho e le nngwe e motlotlo ka botjhaba ba sona – kopano ya ditjhaba tse fapaneng.

    Qapodiso ya: !ke e: /xarra //ke:
    .wav file (170KB)
     

  • Diqwapi
    Diqwapi di emetse tlhahiso, kgolo le ntshetsopele ya bokgoni, phepo ya batho le mahlakore a temo a mobu.
     
  • Meno a matelele a tlou
    Ditlou di emetse bohlale, matla, boitshwaro le bosafeleng.
     
  • Thebe
    E na le mesebetsi e mmedi: ho hlahisa tjhebahalo le tshireletso ya semoya. Ke letshwao le le holo la setjhaba sa rona.
     
  • Ditshwantsho tsa batho
    Di nkuwe ditshwantshong tse lejweng la Linton, e leng mohlala o tsebahalang haholo wa Bonono ba Majwe ba Afrika Borwa bo behilweng mane Misiamong wa Afrika Borwa o Cape Town. Ma-Khoisan, e leng baahi ba kgale ba tsejwang naheng ya rona, ba paka botho le botjhaba ba rona bo tshwanang jwalo ka ma-Afrika Borwa. Ditshwantsho di bontshwa ka mokgwa wa ho dumedisana, e leng ntho e bontshang kopano. Hona hape ho emetse le qalo ya ho fetoha ha motho ka mong hore a ikamahanye le setjhaba mme le ka hodima moo, Botho bo kopanetsweng.
     
  • Lerumo le koto
    Matshwao ka bobedi a thireletso le bolaodi – hape di emetse le maoto a matla a mmamolangwane. Lerumo le koto di robaditswe fatshe, ho bontsha kgotso.

Sebopeho se tjhitja se nyolohang

  • Protea
    Letshwao la botle ba naha ya rona le katleho ya bokgoni ba rona jwalo ka setjhaba jwalo ka ha re pheelletse ho fihlela Tsosoloso ya Afrika – e emetse le kopano e akaretsang ya dintho tsohle tse holang ho tswa mobung mme di hlokometswe ho tswa ka hodimo. Mebala e tummeng haholo mona Afrika ke e fuweng protea – botala, kgauta, bofubedu le botsho.
     
  • Mmamolangwane
    Jwalo ka ha a tshwantshwa a fofa – ditlamorao tsa kgolo ya tlhaho le lebelo. Nonyana e matla eo maoto a yona – a bontshwang ka lerumo le koto – a e sebeletsang hantle haholo ha e tsoma dinoha, e leng ntho e bontshang tshireletso ya setjhaba kgahlanong le dira tsa sona. Ke moromuwa wa mahodimo ya sebedisang mohau wa hae lefatsheng, mme ka tsela ena ke letshwao la borena ba mahodimong. Mapheo a yona a phahametseng hodimo ke letshwao la ho nyoloha ha setjhaba sa rona, mme ka nako e tshwanang e ntse e re sireletsa.
     
  • Letsatsi le tjhabang
    Letshwao la kganya le botle. Le bontsha tshepiso ya tswalo botjha, bokgoni ba mehopolo e mafolofolo, tsebo, kahlolo e nepahetseng le matla a thato. Ke letshwao la mohlodi wa bophelo, wa kganya le botho ka kakaretso.

    Sebopeho se felletseng sa Sefoka sa Naha se kopanya sedikadikwe sa sebopeho sa lehe se ka tlase le se ka hodimo ka letshwao le ke keng la lekangwa. Tsela e kopanyang bokantle ba lehlakore bo tlase ba sebopeho se nang le mothinya, ho ya kena meleng ya meno a matelele, ka kgutlapono (horizon) ka hodimo moo letsatsi le tjhabang ka hodimo, e bopa sebopeho sa lehe le bopang lefatshe ka bophara, seo mmamolangwane a hlahang ho sona. Hantlentle mohopolo ona o bontsha tswalo botjha ya moya wa setjhaba sa rona se seholo haholo hape sa bahale.

Tshebetso ya Moralo

Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Theknoloji le ile la kopa mehopolo ya setjhaba selemong sa 1999 mabapi le Sefoka sa Naha se setjha. Ka ho ya ka mehopolo e fumanweng, mmoho le tlhahiso tsa Kabinete, ho ile ha ngolwa dintlha tse kgutshwanyane. Tshebetso ya Dikgokahano le Tlhahisoleseding tsa Mmuso, e leng Government Communication and Information System (GCIS), e ile ya ya ho Design South Africa – mokga o akaretsang o emetseng di-ejensi tsa meralo naheng ka bophara – ho ya fana ka puo e kgutshwane ho batho ba leshome ba hlahelletseng ka mahetla tshebetsong tsa ho rala. Ho ile ha kgethwa batho ba bararo ba sebetsang ka ho rala hore ba hlahise mehopolo ya bona ho Kabinete. Moralo wa Mong. Iaan Bekkers e bile ona o ileng wa kgethwa ho ba Sefoka sa Naha se setjha. Ke molaodi wa FCB Group, mme o entse meralo e mengata ya tjhebahalo ya mekgatlo bakeng sa mekga ya mmuso le ya porafete.

Sefoka sa Naha se setjha se ntshetsapele mohopolo wa Batho Pele

Batho Pele ke polelwana ya Sesotho e bolelang "ho behwa ha batho ka sehloohong", mme yona e tlama ditshebeletso tsa setjhaba hore di sebeletse batho bohle ba Afrika Borwa. Dintlha tsa bohlokwa mmoho le metheo ya Batho Pele di tshehetsa Sefoka sa Naha. Ka la 1 Mphalane 1997, ditshebeletso tsa setjhaba di ile tsa ba le letsholo le mabapi le Batho Pele, leo sepheo sa lona e neng e le ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso setjhabeng.

Batho Pele ke maikemisetso a ho fihlela metheo le dintho tsa bohlokwa:

  • Ditherisano tsa kgafetsa ka boleng ba ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona
  • Ho beha maemo a amohelehileng a ditshebeletso ka ho bolela ka ho hlaka boleng ba ditshebeletso tse lebelletsweng
  • Ho eketsa kgonahalo ya ho fihlela ditshebeletso haholoholo bakeng sa bao ba neng ba tingwa menyetla kgale
  • Ho etsa bonnete ba hore ho ba le maemo a hodimo a hlompho ka ho latela maemo a amohelehileng a behilweng bakeng sa tsela ya ho tshwara bareki
  • Ho fana ka tlhahiso-leseding e eketsehileng hape e ntlafetseng ya ditshebeletso e le hore bareki ba ba le tlhahiso-leseding e tshwanetseng
  • Ho eketsa ho hloka sephiri le ho sebeletsa pepeneneng ka tsela eo ho fanwang ka ditshebeletso
  • Ho lokisa dintho tseo ho sa atlehwang ka tsona ekasitana le diphoso e le hore ho tle ho rarollwe mathata, kapa ho shebanwe le ona ka tsela e nang le tshepo
  • Ho fana ka boleng ho botle ka ho fetisisa bakeng sa tjhelete e le hore bareki ba tle ba bone hore lekgetho la bona le sebetsa hantle hape ka tsela e lokileng.

Batho Pele e mabapi le ho fedisa mekgwa ya ka hare e senyang hape e theko e hodimo e neng e sa ralwa ka sepheo sa ho beha ditlhoko tsa batho pele. Hape e mabapi le ho etsa bonnete ba hore thero ya ditjhelete ya Ditshebeletso tsa Mmuso e tsamaelana le ditlhoko le dintho tse ka hodimodimo lenaneng la setjhaba.

Bongata ba dintlafatso tseo setjhaba se batlang ho di bona ha di je letho, jwalo ka: ho bososela, ho tshwara basebedisi ka hlompho, ho tshepahala ha o fana ka lesedi le ho kopa tshwarelo ha dintho di sa tsamae ka nepo. Tsena ha se dintho tse hlokang hore ho kengwe mehlodi e meng ya thuso – ke dintho tse batlang hore ho amohelwe maemo a fapaneng a boitshwaro.

Ntlafatso ya phano ya ditshebeletso e mabapi le tokiso botjha ya dintho tsohle tseo re di etsang hore di tsamaelane le metheo ya “tshebeletso ya basebedisi”. Ho kengwa tshebetsong ha lenaneo la Batho Pele ha se mosebetsi wa hang feela. Ke mosebetsi o tswellang pele, hape o nang le diphetoho, o tla nka dilemo tse ngata, mme o nne o be matla ka dinako tsohle.

Re tshwanela ho sebetsa mmoho, re le Mmuso le setjhaba, ho etsa metheo ya Batho Pele e be ya sebele bakeng sa setjhaba se sebeletsang bophelo bo ntlafetseng. (Puo ya Moporesidente Thabo Mbeki ha ho ne ho kgakolwa Sefoka sa Naha, mane Kwaggafontein, Bloemfontein, ka la 27 Mmesa 2000).
Compiled by: Government Communication and Information System (GCIS), April 2000