Etsa kopo bakeng sa Tokelo ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha

Dintlha ka
Seo o tshwanelang ho se etsa
Ho nka nako e kae
Ho bitsa bokae
Diforomo tse tlatsuwang
O ka ikopanya le mang

 

 

Bakeng sa ho etsa kopo mabapi le Tokelo ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha

Ha o batla ho etsa kopo ya Tokelo ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha, o tshwanetse ho etsa kopo inthaneteng ka ho etela websaete ya Lefapha la Mehlodi ya Dirashwa: http://portal.samradonline.co.za.

Tokelo ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha ke tumello e  dumellang wena kapa khamphani ya hao ho hlahloba kapa ho fuputsa sebaka sa naha bakeng sa ho fumana dirashwa tsa nnete kapa tseo e ka bang dirashwa.

Lengolo la Tokelo ya tlhahlobo ya dirashwa tsa naha le molaong bakeng sa dilemo tse hlano, ka mora nako ya ho fella ha tshebediso ya dilemo tse hlano o ka kopa ntjhafatso ya Lengolo la Tokelo ya tlhahlobo ya dirashwa tsa naha bakeng sa dilemo tse sa feteng tse tharo.

Lengolo la Tokelo ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha le tla dumellwa ha feela ditlhoko tse latelang di fihlellwa:

  • o:
    • na le phihlello ya mehlodi ya ditjhelete le boitsebelo ba ho tsamaisa tshebetso ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha e hlahisitsweng ka botlalo
    • na le moralo wa ditjhelete o tsamaellanang le tshebetso ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha e rerilweng bakeng sa nako e fannweng ya tshebetso
    • kgona ho imatahanya le molao wa Bophelo bo botle le Polokeho Merafong wa 1996 (Molao 29 wa 1996)
    • sa tlole Molao wa Ntshetsopele ya Mehlodi ya Dirashwa le Petroliamo, 2002 (Molao 28 wa 2002)
  • ha ho motho e mong ya nang le Tokelo ya tlhathlobo ya dirashwa tsa naha, tokelo ya ho rafa, tumello ya ho rafa kapa tumello ya kgapo bakeng sa dirashwa di le ding  kapa mobung o le mong
  • ha ho tshilafatso kapa tshenyo e sa dumellehang ho tikoloho e tla hlaha ka lebaka la tshebetso ya tlhahlobo ya dirashwa tsa naha.

Seo o tshwanelang ho se etsa

  1. Etsa kopo inthaneteng.
  2. Patala tefello ya kopo e hlokahalang inthaneteng, e sa busetsweng morao.
  3. Ha e le hore tsamaiso e amohela kopo ya hao, o tla koptjwa ho romela moralo wa tsamaiso ya tikoloho le ho ikopanya le monga mobu, mohiri ya molaong wa mobu kapa motho ofe kapa ofe ya amehang.
  4. Romela sephetho sa ditherisano ho motsamaisi wa lebatowa matsatsing a 30.
  5. Ha e le hore ditlhoko kaofela di a fihlellwa, motsamaisi wa lebatowa o tla romela kopo ho Letona hore le e tadime.

Ho nka nako e kae

  • Ha e le hore Mokgwa wa Tsamaiso ya Mehlodi ya Dirashwa tsa Aforika Borwa:
    • ha o amohele kopo, o tla tsebiswa hanghang inthaneteng
    • o amohela kopo, o tla tsebiswa matsatsing a 14 hore o romele moralo wa tsamaiso ya tikoloho, le ho ikopanya le monga mobu le mohiri ya molaong wa mobu le motho ofe kapa ofe ya amehang.
  •  Fana ka sephetho se ngotsweng sa therisano ho motsamaisi wa lebatowa matsatsing a 30.
  • Hang ha ditlhoko di fihlelletswe, motsamaisi wa lebatowa o tshwanetse ho romela kopo ho Letona hore le e tadime.

Ho bitsa bokae

Tjeho e tla hlahiswa ho latela ka dirashwa tseo o ikemiseditseng ho di rafa.

Diforomo tse tlatsuwang

Dikopo di tlameha ho kengwa inthaneteng.

O ka ikopanya le mang

 

Share this page