Mopresidente Cyril Ramaphosa: Puo ya mabapi le ho ja dijo tse nang le tjhefo

Puo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa ho tswa Union Buildings, Tshwane mabapi le ho hlokahala ha bana ka lebaka la ho ja dijo tse nang le tjhefo

Maafrika Borwa a heso,

Ke rata ho bua le lona phirimaneng ena ka taba e bohloko le e tetebetsang maikutlo a setjhaba. 
Ho potoloha le naha ho se ho bile le ditlaleho tse ngata tsa bana ba kudiswang le hona ho bolawa ke dijo tse nang le tjhefo. 
Batho ba bangata ba kula haholo ha ba bang ba qetella ba hlokahetse ka lebaka la ho ja dijo tsena tse nang le tjhefo. 
Ho fumanehile hore tse ding tsa dijo tsena di abe di rekilwe ho ba rekisang diterateng le ho di-spaza shop.
Haesale ho tloha mathwasong a Lwetse 2024, ho se ho tlalehilwe diketsahalo tse 890 tsa dijo tsena tse nang le tjhefo diprofensing kaofela. 
Gauteng le KwaZulu-Natal ke tsona tse amehileng haholo mme Limpopo, Foreisitata le Mpumalanga le tsona di tlalehile diketsahalo tse fetang leshome profensi ka nngwe. 
Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, dijo tsena tse nang le tjhefo di se di bolaile bana ba fetang 22 naheng ka bophara.

Kgweding e fetileng ho etsahetse koduwa e fetang tsohle mane Naledi, Soweto moo ho ileng ha hlokahala teng bana ba tsheletseng kaofela.

E monyane baneng bao o ne a le dilemo di tsheletseng feela. 
Ha ho mantswe a kgotsofatsang ao re ka hlalosang bohloko boo re bo utlwileng re le naha. 
Re le naha re tla dula re hopola le hona ho beha malapa ana a lahlehetsweng ke bana dithapelong tsa rona kamehla. 
Ha ho motswadi le ya mong ya tlamehang ho utlwa bohloko ba ho lahlehelwa ke ngwana. 

Bana bana ba hlokahetseng ha se ba malapa a habo bona feela, ba boetse hape ke bana ba setjhaba. 
Batho ba rona ba na le tokelo ya ho hlonama le hona ho halefiswa ke dikoduwa tse kang tsena. 

Nakong e kang ena, re tlameha ho tshwarana re le setjhaba mme re sebetse mmoho ho fedisa dipolao tsena. 
Re tlameha ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho thibela koduwa ena ho ipheta nakong e tlang.

Ka mora ho hlaha ha mafu ana, mmuso o ile wa kopanya dihlopha tsa ona tse tla shebana le diketsahalo tsena. 
Dihlopha tsena di kenyeletsa mafokisi ho tswa Sepoleseng sa Afrika Borwa, basebeletsi ba tsa bophelo bo botle, bahlahlobi ba tsa tikoloho, Lefapha la tsa Temo ha mmoho le ba Komeshene ya Naha ya Bareki. 
Kabinete e se e kopane makgetlo a mararo ho fumana ditlaleho ka diketsahalo tsena tse sa tswa etsahala.

Ka sena sebaka ke sena seo re se tsebang ha jwale. 
Setheo sa Naha sa Mafu a Tshwaetsanang se ile sa kotjwa ho etsa diphuputsa tsa saense tsa sesosa sa ho shwa ha bana bana ba tsheletseng ba Naledi, Soweto mme sa hlahisa ha sesosa sa lefu la bana bana e le tjhefo e kotsi haholo e bitswang Terbufos eo batho ba e sebedisang jwalo ka sebolaya dikokonyana.

Terbufos e ka ba le kgahlamelo e mpe bophelong ba motho le ha e ka o hahlamela hanyane ho le ho kae. 
Terbufos ke khemikhale e ngodisitsweng Afrika Borwa bakeng sa tshebediso ho tsa temo feela. 
Ha e a dumellwa ho sebediswa ka malapeng. 

Ho fumanehile hore Terbufos ena e se e rekiswa diterateng makeisheneng le dibakeng tsa mekhukhung bakeng sa ho bolaya ditweba. 

Diphuputsong tse entsweng ho di-spaza shop tse 84 tsa Naledi, ho fumanehileng ha tse tharo ho tsona di sebedisa Terbufos. 
Ka mora diteko tse tebileng, ho ile ha fumane pakana e neng e le pokothong ya e mong wa bana ba hlokahetseng ha e ne e na le Terbufos kantle le ka hare ho yona.

Ho latela diphuputso tsena tsa mafu a bana bana mane Naledi, bahlahlobi ba hapile dibolaya dikokonyana tse seng molaong moo ho di-spaza shop.
Nqeng tse ding ba fumane ho behilwe dibolaya dikokonyana le disepa mmoho. 
Ho boetse ha fumaneha hore di-spaza shop tsena ha di na dibaka tse bolokehileng tsa ho boloka dijo esitana le moo ba hlatswang dijana teng, e leng se etsang ho be bobebe hore dijo di kopane le ditjhefo tsena. 

Leha ho le jwalo, diphuputso tsa rona di ntse di tswela pele mme re ke ke ra bolela ha mathata ana a bakwa ke ba rekisang diterateng le di-spaza shop feela. 

Tshebediso ya dikhemikhale tse sa dumellwang ke setjhaba ke mathata a maholo mme di na le ditlamorao tse seng monate. 
Makeishene a mang a boetse a sebedisa khemikhale e sa dumellwang e bitswang, Aldicarb, le e bitswang organophosphate, e tummeng ka la Ha le phirimi  mme le yona e sebedisetswa ho bolaya ditweba. 
Tshebediso ya Aldicarb e ne e kwalwe Afrika Borwa ho tloha ka 2016.

Selemong se fetileng, bana ba bararo Ekurhuleni le ba bararo Soweto ba ne ba hlokahale ka mora ho hahlamelwa ke Aldicarb.
Ho ka kgona ho lwantsha pharela ena, re tlameha ho utlwisisa sesosa sa phephetso ena setjhabeng. 
Le leng la mabaka a bakang batho ba sebedise dikhemikhale tsena ke ho leka ho lwantsha bothata ba ditweba. 
Bothata ba ditweba bo bakawa ke ho se thothwe ha matlakala ho bommasepala ba bangata.

Matlakala ha a thothwe ka tsela e tshwanelang mme le diterata ha di hlwekiswe, e leng se bakang ditweba le dikokonyana tse ding. 

Sena se etsahala haholo dibakeng tse futsanehileng mme setjhaba se nke khemikhale tse kang Terbufos le Aldicarb jwalo ka tharollo.

Se seng sesosa ke bommasepala ba sa phethising boikarabelo ba bona ba ho netefatsa hore ho ikobelwa le melawana ya tsa bophelo bo botle le tikoloho. 

Bongata ba bommasepala ba haellwa ke palo ya basebeletsi ba ka etsang mosebetsi ona wa ho hlahloba hore dikgwebo di ikobela melawana ena. 

Mosebetsi wa rona twantshong ya pharela ena ke ho tla le tharollo ya mathata ana. 
Re boetse hape re tlameha ho lwantsha ho phatlalatswa ha ditaba tseo e seng tsa nnete. 
Diphuphutso di bontsha ho se na bopaki bo bontshang ketso ya ka boomo ya ho bolaya bana ka tjhefo.

Ho boetse hape ha ho bopaki ba hore mathata ana a bakwa ke di-spaza shop tsa melata feela.

Dikhemikhale tsena di ka nna tsa rekiswa le mabenkeleng a Maafrika Borwa. 
Kaofela ha rona re na le boikarabelo – re le Mmuso, setjhaba, batswadi le malapa – hore re sireletse ba sa kgoneng ho itshireletsa.

Ka mora kopano e ikgethileng, Kabinete e nkile qeto ya ho kenya mehato e latelang tshebetsong: 
Mohato wa pele ke ho tlosa dikhemikhale tsena tse kotsi diterateng tsa rona.

Mohato wa bobedi ke ho tsamaisetsa bana ba rona hole le dikhemikhale tsena. 
Mohato wa boraro ke ho etsa hore diketso tsa mofuta ona di se boele di etsahala hape.

Mehato e latelang e tlo kengwa tshebetsong hang hang. 
Dibolaya dikokonyana tsena tse kotsi di tlo tloswa diterateng tsa rona:

Di-spaza shop tse amehang mafung ana a bana di tlo kwalwa hang hang. 
Di-spaza shop tsohle ha mmoho le ditheo tse rekisang dijo di tlameha ho ingodisa ho bommasepala bao di sebeletsang ho bona matsatsing a 21 ho tloha kajeno. Lebenkele le sa tlo ingodisa matsatsing ana a 21 mme hape le sa ikobele dipehelo tsa bophelo bo botle, le tla kwalwa.

Mapolesa le mekgatlo yohle e qobellang molao e tla fuputsa, e tshware le hona ho qosa bohle ba sa ikobeleng melao ena. Sena se tla kenyeletsa tshebedisano le bahlahise ba thepa ha mmoho le ba e abang.

Sehlopha se kopantseng makala a fapafapaneng a tla hlahloba mabenkeleng a dijo, bahlahisi, baabi le barekisi ba thepa hore ba ikobela molao kapa tjhe. Sena se tla kenyeletsa mabenkele a maholo le tsona di-spaza shop.

Mabenkele a sa ikobeleng molao kapa a rekisang khemikhale tsena tse kotsi ntle le molao, di tla kwalwa. 
Ho tla ba le letsholo le leholo la ho hlahloba di-spaza shop kaofela le bohle ba rekisang diterateng mme ho tla qalwa Gauteng le KwaZulu-Natal.

Letsholo lena le tla etswa ke sehlopha se kopantseng Lekala la tsa Bophelo bo Botle la Sesole sa Afrika Borwa, ba tsa tikoloho, Sepolesa sa Afrika Borwa, ba Komeshene ya Naha ya Bareki, ba lekala la basebetsi le ba bang.

Mokgahlelo wa pele wa bohlahlobi bona o tla tlameha o be o phethetswe pele ho fela nako e etsang kgwedi. 
Bahlahisi bohle ba Terbufos ba ngodisitsweng ba tla lekolwa ho netefatsa hore sehlahiswa sena ha se rekisetswe motho o sele ya seng lekaleng la tsa Temo. Kabo ha mmoho le thekiso ya Terbufos e tla fuputswa ha mmoho le ho behwa leihlo ho netefatsa hore bohle ba e rekisetswang ba e sebedisa ka tsela e molaong.

Dipehelo le melawana ya ho laolwa, ho phuthelwa, ho lahlwa le ho rekiswa ha dikhemikhale tse bolayang dikokonyana le ditweba ha mmoho le ho rekiswa ha dijo di tla matlafatswa. 
Mohato wa bobedi wa bohlokwa ke wa ho sireletsa bana ho hahlamelweng ke dihlahiswa tsena tse kotsi:

Lefapha la Thuto ya Motheo le tla romela taelo Mafapheng ohle a Diprofensi le dikolong ka dipehelo tsa tshebediso e nepahetseng ya dijo ho thibela ho kenwa ha dijo ke tjhefo.

Mathwasong a selemothuto, Lefapha la Thuto ya Motheo ha mmoho le Makgotla a Taolo ya Dikolo le Lefapha la Bophelo bo Botle, ba tla lekola botjha meralo ya tataiso ya tshebediso le tsamaiso ya dijo dikolong tsa mmuso. Sena se tla kenyeletsa di-tuck shop tse dikolong.

Ho tla boela ho e ba le letsholo la tlhokomediso ho bana, batswadi, bahlokomedi le setjhabeng ka bophara ka tsela le mokgwa o bolokehileng wa tsamaiso le tshebediso ya dijo ha mmoho le dikhemikhale tse kotsi. Letsholo lena le tla kenyeletsa GCIS, mafapha a mmuso le diakgente tsa ona, mekgatlo ya diindasteri ha mmoho le mekgatlo ya setjhaba.

Letsholo lena le tla qetellwa ka ho fana ka thuto setjhabeng, ho beng ba di-spaza shop le di-tuck shop, ba rekisang diterateng le ba bang ka mekgwa e bolokehileng ya tsa bophelo bo botle ya ho sebedisa dijo, ho tseba ka dikhemikhale tse kotsi, melao e laolang dikhemikhale tseo le ditlamorao tsa ho se ikobele dipehelo tsa teng.

Letona la Thuto ya Motheo le la Bophelo bo Botle le mafapha a mang a mmuso a tla bolela hore ke mefuta e fe ya dikhemikhale tsena e sa dumellwang ho sebediswa malapeng le ona ho tliswa dikolong ka lebaka la “bokotsi” ba tsona. Sena se tla etswa se ipapisitse le Melawana ya Polokeho Dikolong tsa Mmuso.

Mohato wa boraro e tla ba ho thibela ho etsahala ha sena hape:

Ke laetse hore ho be le Letsholo la Kopanelo la Mautlwela boemong ba naha le ba diprofensi ho lwantsha bothata bona.

Bommasepala ba rona ba tla tlameha ho nka mehato e potlakileng ho lwantshana le bothata bona ba ditweba ka ho hlwekisa ditoropo le ho netefatsa hore matlakala a a phuthwa. Dibaka tseo bommaspala ba lahlang matlakala ho tsona di tla tlameha ho ipapisa le dipehelo tsa Molao wa Naha wa Taolo ya Matlakala. Ba sa ikobeleng molao ona ba tla fumana dikotlo tse kenyeletsang mangolo a tlhokomediso kapa ho rweswa melato ya tlolo ya molao.

Ho na le Komiti ya Matona ya Dikeletso Mabapi le tsa Bophelo bo Botle e thehetsweng ho tla le leano la nako e bohareng le e telele ya ho thibela mathata a kang ana. Komiti ena e tla ba le ditsebi tse kang ditsebi ho dikhemikhale, dingaka tsa bana, ditsebi tsa sewa, ba dipatlisiso tsa diforensiki le ba bang.

Mafu a bakudi ba dilemo di 12 ho ya tlase a tla kengwa Lenaneng la Batho ba Hlokahetseng tlasa Maemo a Hlobaetsang.

Dintlha tsa hore motho o bolailwe ke eng di tla kengwa khomputareng ka potlako e le hore Lefapha la Bophelo bo Botle le tsebe sesosa sa lefu hang hang ha motho a qeta ho hlokahala.

Ho kengwa ha dikhemikhale naheng ena ho tla ba tlasa leihlo le ntjhotjho madibohong a rona ho netefatsa hore dikhemikhale tse kotsi ha di kene naheng ena.

Lefapha la Temo le motjheng wa ho lekola botjha molao le dipehelo tsa tshebediso ya dikhemikhale tse bolayang dikokonyana Afrika Borwa.

Letlole la tjhelete e ka bang dimilione tse R500 le tlo thehwa ke Lefapha la Dikgwebo le Diindasteri le la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane ho thusa dikgwebo tsa makeisheneng. Letlole lena le tla thusa ho tsoseletsweng ha dikgwebo le dithuto tse kang kwetliso ya bokgoni, taolo ya dikgwebo ha mmoho le tsamaisa ya kgwebo ka tsela e molaong.

Jwalo ka ha re nka mehato ena, di ngata dintho tseo re ka di etsang re le batswadi ho sireletsa bana ba rona.

Jwalo ka bareki le batswadi, ha re reka dijo kapa re romela bana ho reka dijo, e tlameha ho ba dibakeng tse nang le tumello ya ho rekisa dijo le tse ikobelang melawana ya tshireletso ya dijo.

Re tlameha ho sheba hore dijo tseo di lokiseditswe sebakeng se hlwekileng. 
Re tlameha ho netefatsa hore dijo tseo re di rekang di na le dipakang tse ngotsweng ka mokgwa o hlakileng mme le hore ha di a fellwa ke nako ya tsona ya ho rekiswa.

Re tlameha ho ruta bana ba rona ka polokeho ya dijo le hore ba tsebe ho sheba dintlha tse pakaneng.

Mang le mang ya bonang dijo tsa mokokotelo le tse feletsweng ke nako di rekiswa o tlameha ho tlalehela ba Komeshene ya Naha ya Bareki. 
Nomoro ya Komeshene ya Naha ya Bareki e re 012 065 1940.

Re tlameha ho ba hlokolosi haholo ha re tla tabeng ya tshebedisong le polokong ya dikhemikhale tse kotsi. 
Re tlameha ho reka dibolaya dikokonyana tse ka hara dipakana tsa tsona tsa tlhaho le tse dumeletsweng ho sebediswa lapeng.

Dikhemikhale tsohle tse kotsi di tlameha ho behellwa hole le bana. 
Beng ba di-spaza shop le ba rekisang diterateng ba na le boikarabelo ba polokeho ya bareki ba bona.

Ba tlameha ho sebetsa ba latela molao. 
Ba tlameha ho latela dipehelo tse itseng tse tlwaelehileng.

Re ka etsa mohlala ka hore ha ba a tlameha ho sebedisa dijana tse tshwanang ho kala dijo le dikhemikhale. 
Ba ka rekisa dikhemikhale le dibolaya dikokonyana tse dumeletsweng ho sebediswa ka malapeng feela.

Di tlameha ho ngolwa ka tsela e hlakileng di be pakaneng tsa tsona tsa tlhaho.

Dibaka tse tla fumanwa di rekisa dibolaya dikokonyana tse sa dumellwang di tla qoswa.

Re boetse hape re etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle ho sebetsa mmoho ho hlola mathata ana.

Leha ho le jwalo ha re a tlameha ho fellwa ke tshepo. Ho ho ngata hoo re ka ho etsang. 
Kaofela ha rona re tlameha ho tseba betere ka kotsi ya dibolaya dikokonyana ha mmoho le dihlahiswa tse ding tse kotsi.

E mong le e mong wa rona o tlameha ho nka bohato bakeng sa polokeho ya bao ba phelang le bona, haholoholo bana ba rona. 
Ha re sebetseng mmoho ho qobella molao ka ho ba sedi le ho etsa dintho ka nepo, re tla kgona ho fedisa dikoduwa tsena.

Ha e lale.

Issued by
More from

Share this page

Similar categories to explore