Mopresidente Cyril Ramaphosa: Bofalli bo seng molaong le boipelaetso bo kgahlano le melata

Puo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa ka bofalli bo seng molaong le boipelaetso bo kgahlano le melata, 7 Phupjane 2026

MaAfrika Borwa a heso ,

Ke rata ho bua le lona mantsibueng ana ka taba e ngongorehisang MaAfrika Borwa a mangata. 

Dikgweding tse sa tswa feta, MaAfrika Borwa a mefuta yohle a hlahisitse dingongoreho mabapi le bofalli  bo seng molaong.

Dingongoreho tsena di hlahiswa  metseng ya bo rona, mesebetsing ya rona, ditleliniking tsa rona, le mapatlelong a marangrang a kahisano .

MaAfrika Borwa a mangata a botsa dipotso tse thata empa tse loketseng.

A botsa hore na madiboho a rona a sireletsehile.

A tshwenyehile ka mesebetsi.

MaAfrika Borwa a hlahisa matshwenyeho ana hobane a ngongorehile ka kgatello e hodima ditshebeletso tsa setjhaba.

A tshwenyehile ka polokeho, tshireletseho le  molao wa puso.

Matshwenyeho ana ke a nnete. A lokela ho sekehelwa tsebe. A lokela ho arajwa.

MaAfrika Borwa a botsa hore na mmuso o nka mehato e hlokehang ho sebetsana le diphephetso tsena.

Bosiung ba kajeno, ke batla ho arabela matshwenyeho ana.

Ke batla ho hlalosa hore na mmuso o etsang ho sebetsana le ona.

Mme ke batla ho hlalosa melawana e tlamehang ho re tataisa ha re ya re tobane le phephetso ena mmoho.

Re tlameha ho ba le nnete mabapi le maemo ao ho ona matshwenyeho ana a hlahang ka hara ona. 

Afrika Borwa e tobane le maemo a phehellang a hodimo a tlhokeho ya mesebetsi, haholo hara batjha. 

Malapa a mangata haholo a sokola ho fumana mokgwa wa ho phela.

Badudi ba   bangata haholo ba  phela bofumeng mme ha ba  fihlelle menyetla.

Maemong a jwalo, ho kgena ho ka lebiswa habonolo ho ba nkwang e le bahlodisani bakeng sa mesebetsi le mehlodi .

Empa, re lokela ho lemoha hore bofalli bo seng molaong ha se sesosa sa mathata a rona ohle a tsa moruo. 

Karabo e tlameha ho ba kgolo e potlakileng ya moruo, matsete a matla  , katoloso ya diindasteri, ntshetsopele ya infrastraktjha le theho ya dimilione tsa mesebetsi e metjha.

Re a tseba hore bofalli ke phepetso ya lefatshe ka bophara. Bo  ama dinaha tsohle.

Naha ya bo rona – jwalo ka tse ding tse ngata nalaneng – ke sephetho  sa bofalli.

Ke lebaka leo ka lona re nang le diphapano tse nyehelang  bokgabaneng ba  rona. 

 Jwalo ka naha ya demokrasi, re amohetse baeti naheng ya rona.

Ho latela ditshwanelo tsa rona tsa matjhaba le ditumelo tsa rona tsa molaotheo, re amohela batho ba tswang dinaheng tse ding ba hlokang tshireletso kgahlano le dintwa, dikgohlano , kgethollo le dikgoka . 

Jwalo ka naha tsohle tse ding lefatsheng, re na le melao e laolang na ke mang ya ka kenang naheng ya borona, hore na ba etsang mona le hore na ba dula nako e kae. 

Ntlhakemo , eo  bohle re dumellanang ka ona, ke hore motho e mong le e mong ya ka hare ho madiboho a Afrika Borwa o lokela ho ba mona ka molao. 

Motho e mong le e mong ya sebetsang naheng ya borona o tlameha hore a be a dumelletswe ka molao hore a sebetse.

Motho e mong le e mong ya tsamaisang kgwebo o tlameha hore a be a dumelletswe ka molao hore a tsamaise kgwebo.

Bothata boo re nang le bona ke hore batho ba bang ba tlile naheng ya borona ka tsela e sa tlwaelehang mme ba mona ka thoko ho molao.

Afrika Borwa e na le tokelo ya ho kenya tshebetsong maano  le mehato e thibelang bofalli bo seng molaong.  

Afrika Borwa e itlametse ho sireletsa, ho ikobela  le ho ntshetsapele ditokelo tsa botho tsa batho bohle ba naheng ya bo rona, hore na ke baahi kapa ke melata .

Re itlametse ho latela ditshwanelo tsa rona tsa matjhaba.

Boikarabello ba ho qobella melao ya bofalli ke ba mmuso ebile e le mmuso feela.

Ho bile le bofokodi ka  tsela eo ka yona bofalli bo laotsweng.

Ho bile le bofokodi qobellong e matla hape e tsepameng. 

Ho bile le diketsahalo tsa bobodu.

Ho bile le dikgeo ditsamaisong  tsa rona tse thefutseng tshepo ya setjhaba ho rona. 

MaAfrika Borwa a na le tokelo ya ho lebella tse ntle ho feta tsena.

Re amohela boikarabello boo mme re nka mehato e matla ho lokisa diphoso tsena.

MaAfrika Borwa a na le tokelo ya ho lebella naha e sebetsang, e porofeshenale hape e nang le bokgoni ba ho qobella melao ya yona.

Ka lebaka leo, mmuso o tla nka mehato ho arabela ditebello tsa batho ba borona ho sebetsaneng le bothata ba ditlolo tsa melao ya rona ya bofalli.

Ke batla ho hlakisa hore ke bahlanka ba mmuso ba fuweng matla feela ba ka nkang mehato kgahlano le ditlolo tsa molao, ho kenyelletsa ho rojwa ha melao ya rona ya bofalli.

Ha ho motho e mong ya dumelletsweng, ka mohlala, ho ema ka pela motho e mong seterateng mme a mmatle bopaki ba bojaki ba hae.

Re a tseba hore MaAfrika Borwa ha a hloya melata  hobane ha re na sebaka sa lehloyo leo, kgethollo ya mmala, kgethollo ya bong, kgethollo ya boAfrika kapa mefuta efe kapa efe e meng ya lehloyo Afrika Borwa. 

Jwalo ka badudi  le setjhaba, ha re a lokela ho kgalla ho ba karolo ya ba batlang hore re furalle batho ba sa hlahelang Afrika Borwa mme ba le hara rona. 

Re tla, mme ha re a tlameha ho dumella dihlopha ho sebedisa matshwenyeho a nnete a MaAfrika Borwa ho hlokisa naha ya borona botsitso ka ho hlohleletsa  diketso tse seng molaong le dikgoka . 

Re tla nka mehato kgahlano le batho  ba batlang ho sebedisa matshwenyeho a batho ba borona ho tswellisa merero ya bona ya sepolotiki, ya bobona  kapa ya botlokotsebe.

Re ke ke ra qhekanyetswa kapa ra susumetswa ke matsholo a marangrang a kahisano  a hasanyang ditaba tseo e seng nnete, ditaba tse iqapetsweng kapa mashano ka melata .

Re tlameha ho ngongoreha hore ka nako tse ding maikutlo a kgahlano le melata  a tsamaisana le mahlapa a merabe le setso, dithohako kapa ditlhaselo tse lebisitsweng ho MaAfrika Borwa a mang.  

Re lebelletse hore melata  e  tla hlompha melao ya rona. Kahoo le rona re tlameha ho e hlompha ka borona.

Boholo ba MaAfrika Borwa a lemoha hore bofalli bo seng molaong ke bothata bo boholo.

Bofalli bo seng molaong, ha bo sa laolwe, bo baka kotsi  tshireletsong, botsitsong le kgatelopeleng ya moruo wa Afika Borwa.  

Bohle re a tseba hore bofalli bo seng molaong bo ama phano ya ditshebeletso hape bo imetsa ditshebeletso tsa bohlokwa tse jwalo ka tlhokomelo ya kalafo    le thuto. 

Ditsela tsa bofalli bo seng molaong di tswelapele ho fapanyetsana le tsa bonokwane bo hlophisitsweng. 

Maqulwana a botlokotsebe a kentseng letsoho ho kgwebisano ka batho e seng molaong, ho nkela batho tjhelete ka mahahapa, ho rafa ho seng molaong, dithethefatsi le ho pata mohlodi   wa tjhelete hangata a sebedisa bofalli bo seng molaong ho thaotha le bakeng sa ho pata thepa.

Re a tseba hore bofalli bo seng molaong bo sitisa maiteko  a rona  a ho thehela batho ba borona mesebetsi e hantle.

Hona le dikgwebo naheng ya borona tse hirileng melata  e se nang ditokomane tsa bojaki hobane maemo a bona a ho se be molaong a bolela hore ba ke ke ba kgona ho emela ditokelo tsa bona. 

Bahiri ba bang ba hira melata  e se nang ditokomane hobane ba ba lefa meputso e tlase haholo ho e dumelletsweng hape ba etsa hore ba sebetse dihora tse telele ntle le tefo e loketseng. 

Re utullotse dibaka tse mmalwa moo melata  e se nang ditokomane a sebediswang tlasa maemo a mabe haholo.

Bahiri ba hirang basebetsi ba senang ditokomane ba tseba boemo boo mme ba ba hanyapetsa   maemong ao, ba etsa tlolo ya molao.

 Ba nyenyefatsa dipehelo tsa rona tsa khiro. Ba nyenyefatsa tlhodisano e nang le toka.

 Hape ba nyenyefatsa menyetla bakeng sa MaAfrika Borwa.

Boitshwaro bo jwalo bo tla lokelwa ke dikotlo  tse matla le qobello  e matla le ho feta. 

Badudi ba   bangata ba  bontshitse kgalefo  ka  palo ya melata  e tsamaisang di-spaza shop, mabenkele le dikgwebo tse ding tseo e seng tsa semmuso .

Ba tseka hore dikgwebo tsena tsa melata  di theselela MaAfrika Borwa ka thoko hore a se kgone ho sebetsa mebarakeng ena metseng ya bo bona. 

Matshwenyeho ana ha a lokela ho qhelelwa ka thoko.

MaAfrika Borwa a mangata a ikutlwa a behelletswe ka thoko ho menyetla  e metseng ya bo bona.

Mmuso o na le boikarabello ba ho tshehetsa kgwebo ya lehae, ho phahamisa tlhodisano e nang le toka le ho theha maemo ao ho ona MaAfrika Borwa a ka bang le seabo se matla moruong.

Jwalo ka naha, badudi  le kontinente, re hloka ho sebetsa mmoho – ho latela Molaotheo wa rona, melao ya rona le ditshwanelo tsa rona tsa matjhaba – ho lwantsha bofalli bo seng molaong.

Re lokela ho etsa jwalo ntle le dikgoka , ditshoso, kgatello kapa lehloyo la merabe e meng.

Kamora diphatlalatso tse entsweng  Puong ya Boemo ba Naha ka Hlakola, mmuso o nka mehato e matla ho lwantsa bofalli bo seng molaong.

Bekeng e fetileng, Kabinete e amohetse Katamelo e Pharaletseng  bakeng sa Bolaodi ba   Bofalli.

Katamelo ena e tjhaetswe monwana ke Lekgotla la Mopresidente la Kgokahano , le kenyeletsang Ditonakgolo  le di-MEC, baemedi ba mmuso wa lehae le baemedi ba Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso le baetapele ba Khoi-San.

Bosiung bona, ke lakatsa ho arolelana le lona mehato ya bohlokwa  eo re e nkang.

Jwalo ka mmuso, maikemisetso a rona a hlakile.

Re batla Afrika Borwa eo ho yona motho e mong le e mong ya kenang ka hare ho naha ho  etsa  jwalo ka molao.

Afrika Borwa eo ho yona melao ya bofalli e hlomphuwang le ho qobellwa.

Afrika Borwa eo ho yona dikgwebo di hlodisanang ka toka.

Afrika Borwa eo ho yona badudi ba  ikutlwang bolokehile hape ba  sireletsehile.

Mme le Afrika Borwa e dulang e tshepahalla  ditumelo tsa yona tsa molaotheo le boitlamo ba yona ba seriti sa  botho. 

Re rerile ho fihlella maikemisetso ana ka ho kenya mehato e latelang tshebetsong, hara e meng:

Wa pele, re etsa mme re tla tswelapele ho lwantsha kgatikelo  ya melao ya rona ya bofalli, mosebetsi le e meng.

Wa bobedi, re tla tswelapele ho thibela batho ho kena ka hare ho naha tsa tsela tse sa tlwaelehang le tse seng molaong. 

Wa boraro, re etsa mme re tla tswelapele ho lwantsha bobodu  tsamaisong  ya rona ya bofalli 

Wa bone, re tla matlafatsa melao le maano  a rona  a bofalli.

Wa ho qetela, re tla tswelapele ho sebedisana le dinaha tse ding, haholo dinaha tsa boahelani tse kontinenteng ya Afrika, ho fumana ditharollo tse akarelletsang  mathata a bofalli ho phatlalla le lebatowa le kontinente ya rona.

Karolo ya pele ya karabelo ya rona ke tlhaselo e matla e hlophisitsweng ya kgatikelo ya  ditlolo tsa melao e teng ya bofalli, mosebetsi le e meng. 

Lefapha la Merero ya  Lehae, Lekala la Bolaodi ba   Madiboho (BMA), Tshebeletso ya Sepolesa  ya Afrika Borwa le mekgatlo e meng ya qobello ya molao e ntse e mme e tla matlafatsa tshebetso ya ho hlwaya le ho leleka melata  e  se nang ditokomane e  dulang ntle le molao mona Afrika Borwa.

Selemong se fetileng feela, BMA  e kgonne ho sitisa le ho emisa batho ba fetang 450,000 ba neng ba leka ho kena ka hare ho Afrika Borwa ntle le molao.

Re tla theha makgotla a ikgethileng a dinyewe  ho sebetsana le bofalli ho   tshehetsa ka potlako ho busetswa hae ha melata  e  se nang ditokomane. 

Tshebeletso ya Sepolesa  ya Afrika Borwa, Lefapha la Merero  ya Lehae le Lefapha la Khiro le Mesebetsi ba  eketsa ditekolo tse tobileng dikhamphani tse hirang melata  e  se nang ditokomane.

Jwalo ka karolo ya ho aha botjha matla a qobello ya tsa mesebetsi, Lefapha la Khiro le Mesebetsi le thakgotse khiro ya mekgahlelo ya bahlahlobi  ba 10,000 bakeng sa selemo sena sa ditjhelete 

Re tlo eketsa dikotlo, le ho kenngwa tjhankaneng, bakeng sa bahiri ba sa lateleng Molao wa Bofalli. 

Re ke ke ra ba le boemo boo ho bona bahiri bao, kamora hore ba tshwarwe le ho fumanwa ba le molato wa ho tlola melao ya rona, ba lefang kotlo feela mme ba tswelepele ho hira melata  e  se nang ditokomane mme ba ba hanyapetse  

Ho sebetsana le ditlolo tsa melao ya bofalli le mesebetsi lekaleng la dipalangwang, re kenya tshebetsong moralo  o thehilweng mmoho ke ba indasteri ya thero le tsamaiso ya thepa le mekgatlo ya basebetsi. 

Karolo ya bobedi ya karabelo ya rona ke ho sireletsa madiboho a rona.

Naha e nngwe le e nngwe e ipusang e na le boikarabello ba ho tseba na ke mang ya kenang naheng ya yona, hobaneng ha ba kena le hore na ba dumelletswe ho dula nako e kae.

Madiboho a sireletsehileng ha se letshwao la bora  ho dinaha tse ding.

Ke tlhokeho ya motheo ya naha e ipusang hape e buswang ka nepo.

Kahoo, re nka mehato e meng ho sireletsa madiboho a rona.

Ka tsela ena, re tla tswelapele ho tsetela  theknolojing ya moraorao, infrastraktjha  le basebetsi ho netefatsa hore madiboho a rona a sireletsehile ha re ntse re thusa kgwebisano e molaong, maeto le mesebetsi ya moruo.

Re tla qalella ho fetisetsa  ka mekgahlelo ditsi tsa kamohelo ya baphaphathehi  madibohong, ho qala ka setsi sa Tshwane selemong sena. 

Dinaha tse ding tse ngata di na le ditsi tsa kamohelo ya baphaphathehi haufi le moo baphaphathehi ba kenang ka hare ho naha teng ba batla tshireletso kapa botshabelo .

Ho iswa ha ditsi tsa kamohelo ya baphaphathehi haufi le madiboho a rona ho reretswe ho netefatsa hore dikopo tsa botshabelo  di sebetswa hantle ho feta, ka tsela e bolokehileng le e hlokang leeme . 

Sena se tla dumella mmuso hore o kgone ho fumana ditlhokeho tsa tshireletso sebakeng sa ho kena ho netefatsa hore ba hlokang tshireletso e le ka nnete ba fumana thuso kapele kamoo ho kgonehang.

Karolo ya boraro ya karabelo ya rona e tla ba ho tswelapele re matlafatsa tsamaiso  ya rona ya bofalli ka ho fedisa bobodu le ho sebedisa theknoloji ya moraorao.

Re tswella  ka twantsho ya bobodu le tshebetso e monyebe Lefapheng la Merero ya  Lehae. 

Re tlameha ho lemoha hore bofalli bo seng molaong hangata bo dumellwa ke bobodu.

Bahlanka  ba rekisang ditokomane, ba dumellang ho kena ho seng molaong kapa ba sebedisang diofisi tsa mmuso molemong wa bona ba fetohela tshepo ya batho ba Afrika Borwa

Re tla latela diketsahalo tsena ntle le ho kgathala.

Ba ikarabellang ba tla shebana le ho lelekwa, ho ahlolwa le ditlamorao tse felletseng tsa molao.

Re theha Lenane la Palo ya Setjhaba le Hlalefileng le nang le lesedi la dikgatiso tsa menwana bakeng sa motho e mong le e mong ya ka hare ho naha, ho theha motheo wa ho etsa di-ID  tsa Dijithale 

Ka nako e tshwanang, re tla tswelapele ho fedisa dibukana tse tala tsa ID, tse dumelletseng boshodu ba boitsebiso bo etswang ke melata  e  se nang ditokomane le maqulwana a botlokotsebe.

Lefapha la Merero ya Lehae  le tla fana ka letsatsi leo kamora lona dibukana tse tala tsa ID di ke keng tsa hlolwa di ananelwa.       

Re tla fedisa tshebediso e mpe ya Dinomoro tsa Boingodiso ba Makoloi , tseo melata   e di hlokang hore e  ngodise kapa  e reke makoloi, empa e le tse sebediswang jwalo ka mofuta wa boitsebiso.

Lefapha la Dipalangwang le fana ka melawana e metjha e tla tsamaellana le melao ya boitsebiso ya naha ya borona nakong ya dikgwedi tse tharo  tse tlang. 

Mohato wa bone wa karabelo ya rona ke ho kwala dikgeo tsa melao le maano  a rona.

Melao e tsamaisang bofalli Afrika Borwa e arohane mme hangata ha e dumellane. E dumella masoba a semolao a sebediswang ke melata  e  se nang ditokomane.

Re sebetsana le ho ngotla dikgeo tsena.

Mmuso o se o phethetse Leano la  Naha  la Bofalli ba  Basebetsi, o sisinyang dipalopalo tse hodimo  bakeng sa khiro ya melata  e nang le ditokomane, le ho sebetsana le dikahlolo tsa bahiri ba hirang basebetsi ba se nang ditokomane. 

Bili ya Sehlomathiso sa  Ditshebeletso  tsa Khiro e amohetswe ke Kabinete hore e tsebahatswe Palamenteng. Sena se fa Letona matla a ho beha meedi ya dipalo mabapi le khiro ya melata  lekaleng lefe kapa lefe la moruo kapa mokgahlelo wa tshebetso.

Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane, le sebetsa mmoho le Lekgotla   la Afrika Borwa  la Mebuso   ya Lehae, le tla phethela tshebetso ya ho netefatsa hore dikgwebo tse nyane le tseo e seng tsa semmuso  di ngodisitswe hantle. Le boetse le tla fana ka tshehetso bakeng sa dikgwebo tseo e seng tsa semmuso  tsa Afrika Borwa ka Letlole la di-Spaza Shop .

Karolo ya ho qetela ya karabelo ya rona ke ho sebetsa le dinaha tse ding lebatoweng la rona le kontinenteng ya rona ho sebetsana le bothata bo akaretsang ba bofalli. 

Re hloka ho tobana le dintlha tse susumetsang bofalli kontinenteng ya rona le dibakeng tse ding.

Afrika Borwa e ke ke ya sebetsana le mathata a bofalli e le nngwe 

Bofalli ke ntho e etsahalang kontinenteng le lefatsheng ka bophara.

Bokamoso ba Afrika Borwa bo kopane le bokamoso ba kontinente ya Afrika. 

Dikgatello tsa bofalli di ke ke tsa tojwa ka mehato ya qobello feela.

Di hloka kgotso moo ho nang le dintwa, kgolo ya moruo moo e leng siyo  le menyetla moo ho nang le bofuma 

Jwalo ka Afrika Borwa, re tla tswelapele ho sebetsa mmoho le dinaha tsa rona tsa boahelani ho aha Afrika eo ho yona batho ba tsamayang ho ya ka kgetho ya bona e seng hobane ba sena kgetho e nngwe.

Ka Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC), Kopano ya Afrika  ( AU)   le dikamanong tsa rona le dinaha tse ding, re tla batlana le ditharollo tsa moshwelella  diphephetsong tsena.

Jwalo ka karolo ya maiteko ana , ke tla romela baemedi  dinaheng  tse ngatanyana  tsa boahelani mona Afrika ho teka  mehato eo re e tsebisang bosiung bona .

Kabinete e tla dula e sebetsana le taba ena mme e tla lekola kgatelopele kgafetsa ya ho kenngwa tshebetsong ha mehato ena

Komiti ya Kopanelo ya Matona  ya Bofalli e tla hlophisa karabelo ya mmuso ho phatlalla le mafapha le dikarolo tsa mmuso

NATJOINTS le NATJOINTS ya Diprovense  ba  laetswe ho matlafatsa kgokahano hara qobello ya molao, makala   a mautlwela le tshireletso ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ho phethahetseng

Ha re ntse re sebetsana le ho lwantsha bothata ba bofalli bo seng molaong, re ikitlaelletsa hore re ke ke ra dumella mang kapa mang ho sebedisa bothata bona ho hlokisa  naha ya bo rona botsitso.

Makala   a rona  a qobello ya molao le ditshebeletso tsa tshireletso – di sebetsa mmoho le ditheo tse ding tsa mmuso le bankakarolo  ba bohlokwa – ba  malala-a-laotswe ho nka mehato ho sireletsa polokeho ya setjhaba, ho boloka molao le kgutso , le ho sireletsa infrastraktjha ya bohlokwa.

Diphetoho tse sa tswa kenngwa melaong le melawaneng  ya rona  ya bofalli di tla re dumella hore re hohele bahahlaudi, talente e nang le maitsebelo a maemo a hodimo a lefatshe le matsete ka ditsela tse molaong.

Re boetse re lokela ho hopola hore bongata ba batho ba borona ba etela dinaheng tse ding ho ithuta, ho sebetsa le ho fumana boiphihlelo.

Ba bangata ba tla hae ka maitsebelo  le boiphihlelo ba bohlokwa, ka tjhebo e pharaletseng  ya lefatshe, mme ba le maemong a betere a ho ntlafatsa maphelo a bona le a malapa  a bona.

Bofalli ke ntho e teng  lefatsheng mme re lokela ho itokisetsa ho bo amohela.

Afrika Borwa ke naha e betere bakeng sa  bofalli. Mme re ka ba betere  ho feta moo.

Empa seo se bolela hore melao ya rona e hloka ho matlafatswa le ho kenngwa tshebetsong ka bokgabane .

Se bolela hore re tlameha ho fedisa bofalli bo seng molaong le ho sebetsana le mathata a kahisano , moruo le tshireletso tse susumetsang sena.

Ha re a lokela ho itumella hore re fetohele melata  kapa re fetohelane 

Bohle re lokela ho hlompha Molaotheo, re sireletse ditokelo tsa motheo tsa botho tsa batho bohle mme hape re sireletse  molao wa naha ka nako tsohle.

Re hanana le mohopolo wa hore re tlameha ho mamella bofalli bo seng molaong.

Re ka sireletsa madiboho a rona re ntse re sireletsa seriti   sa batho.

Re ka qobella  melao ya rona re ntse re sireletsa Molaotheo wa rona.

Re ka sireletsa badudi ba borona re ntse re boloka makgabane   a Ubuntu a  re hlalosang  jwalo ka batho .

Jwalo ka diphephetso tse ngata tseo re ileng ra tobana  le tsona pele, re ka hlola bothata bona ba bofalli bo seng molaong.

Afrika Borwa e hlotse mathata a fetang ana haholo nakong e fetileng.

Re hlotse karohano. Re hlotse dikgohlano. Re hlotse tlhokahalo ya toka.

Le bona bothata re tla bo hlola.

Ha re se keng ra etsa seo ka tshabo, ho kgena, lehloyo kapa dikgoka , empa  ka bonngwe , boikemisetso  le tlhompho ya molao wa naha.

Ha re aheng Afrika Borwa e sireletsehileng, e latelang molao, e nang le kutlwelano  mme e atlehileng.

Afrika Borwa eo ho yona re ka eketsang menyetla, ra sireletsa seriti sa batho le ho kgotsofatsa tshepiso ya demokrasi bakeng sa bohle.

Kea leboha.

Issued by
More from
More on

Share this page

Similar categories to explore