Puo ya Boemo ba Naha ka Mopresidente Cyril Ramaphosa Cape Town City Hall
Sebui sa Palamente (NA), Mme Thoko Didiza;
Modulasetulo wa Moifo wa Naha wa Diprofensi (NCOP), Mme Refilwe Mtshweni-Tsipane;
Mopresidente wa mehleng wa Afrika Borwa, Ntate Kgalema Motlanthe;
Modulasetulo wa mehleng wa NCOP, Ntate Amos Masondo;
Modulasetulo wa mehleng wa NCOP, Ngaka Naledi Pandor;
Ramotse wa Kapa, Alderman Geordin Hill-Lewis,
Moetapele le Modulasetulo wa Ntlo ya Borena ba Ma-Khoisan, Morena Thabo Seatlholo;
Seaparankwe, Mme Sophie de Bruyn;
Mopresidente wa Contralesa, Morena Mathupa Mokoena;
Ditho tsa Palamente;
Ditonakgolo tsa diprofensi; Maafrika Borwa a heso.
Dilemong tse mashome a tsheletseng tse fetileng, basadi ba balwang ka dikete ba merabe yohle ba ne ba hwantele Diahelong tsa Mmuso – mme bohle ba ena le sepheo se tshwanang.
Basadi bana ba ne ba bontsha tjantjello le maikemisetso a makatsang, mme ba mamella tlhekefetso le diphenyekollo tsa mapolesa.
Ba ne ba hoe ka lentswe le phefa le le hlakileng, ba re:
“Re ke ke ra phomola pele re hapela bana ba rona ditokelo tsa bohlokwa tsa tokoloho, toka le tshireletso.”
Re hopola setshwantsho se matla sa Lilian Ngoyi, Helen Joseph, Sophie de Bruyn le Rahima Moosa ba tshwere ditlankana tsa ditletlebo tsa bona tseo ba neng ba di tlisitse kantorong tsa Tonakgolo e ileng ya tshaba ho tla kopana le bona.
E nngwe le e nngwe ya ditletlebo tsa bona e ne e bontsha tlhokeho ya toka mme motekeno o mong le o mong ho e 100 000 eo ba neng ba e bokeleditse e ne e bontsha takatso ya tokoloho le tekatekano.
Basadi bao ba ne ba eme metsotso e 30 ditepising tsa Sethaleng ba kgutsitse, ba sa bui, ba sa bine.
Pono eo ya basadi ba neng ba eme ba kgutsitse, e ne e bontsha tjantjello le boinehelo ba bona ba ho tlisa phetoho.
Ho kgutsa ha bona ho ne ho bontsha maikutlo a tebileng a bohloko le pherekano ka lebaka la kgatello ya kgethollo.
Ho kgutsa ha bona ho ne ho netefatsa ho sarelwa le kgalefo eo ba neng ba ena le yona ntweng ya toka le tekatekano.
Ho kgutsa ha bona ho ne ho lekane ho hlokisa basebeletsi ba kgethollo ba neng ba ba shebeletse botsitso.
Motsotsong oo wa ho kgutsa ha bona, ba ne ba bontshe lefatshe ka bophara hore ha se lerata la kgalefo, empa ke makimisetso le tshepo tse ka suthisang dithaba.
Ka mora ho kgutsa hoo, ke ha ba bina lehlaso le tummeng nalaneng ya ntwa ya tokoloho, le bontshang karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke basadi twantshong ya kgethollo:
“Wathint’ abafazi, wathint’ imbokodo. You strike a woman; you strike a rock”.
Ho thwe mohwanto oo wa basadi o ne o theohe le lepatlelo leo la Diahelo tsa Mmuso, mme sebaka seo setulo sa mmusi se neng se le ho sona sa fetoha lepatlelo la mohwanto o neng o tobane le ba ka taolong.
Phirimaneng ya kajeno re motlotlo hoba Mme Sophie de Bruyn, eo e neng e le e mong wa baetapele ba mohwanto oo hammoho le mokaubere wa ntwa ya tokoloho ya rona o teng hara rona.
Yena le basadi ba bang ba bangata ba ne ba etse boitelo bo boholo bakeng sa tokoloho ya rona mme sena se re hopotsa hore basadi haesale ba le pele ho tliseng phetoho, ho ema ka maoto, ho bua, mme ba se fele matla ho lwanela toka.
Ho tshwaya sehopotso sena, ke le kopa ho ema ka maoto ho tlotla basadi bana ba neng ba hwantele Diahelong tsa Mmuso ka 1956 le ho basadi bohle ba naha ena ba tswelang pele ho lwanela tokoloho, toka le tshireletso.
Ke dilemong tse 50 tse fetileng moo moya o tshwanang wa ntwa ya tokoloho moo batjha ba Soweto ba neng ba tswe dikolong kaofela ba hwantela Lebaleng la Dipapadi la Orlando ba phehisana le tshebediso ya puo ya Seburu jwalo ka puo ya semmuso hammoho le Lenaneothuto la Bantu le neng le sa batluwe.
Sebete sa bona sa twantsho ya kgatello se ne se tumi lefatshe ka bophara mme sa etsa hore matjhaba a nkele ntwa ya rona ya tokoloho hloko.
Boitelo le boinehelo ba batjha ba 1976 le moloko wa batjha ba ba hlahlamang di tswela pele ho re kgothatsa.
Dilemong tse mashome a mararo a fetileng, ka 1996, Moifo wa Molaotheo o ne o tjhaele monwana tokomane eo kajeno e leng motheo wa demokrasi ya naha ya habo rona.
Molaotheo wa rona o bontsha moya wa basadi ba neng ba hwantele Diahelong tsa Mmuso ka 1956 hammoho le batjha ba 1976, hammoho le Maafrika Borwa a mangata a maemo ohle a ileng a lwanela tokoloho ya rona.
Ona ke Molaotheo o bontshang ditabatabelo tsa batho ba Afrika Borwa bakeng sa naha e kopaneng le e nang le kgotso; naha e ileng ya diha meralo ya kgatello le karohano tsa nako e fetileng.
Ke Molaotheo o sa re biletseng ho fodisa maqeba a fetileng, empa o re biletsang hore re phethise boitlamo ba ho tswelapele ho fana ka ditokelo tsa Maafrika Borwa ohle bakeng sa matlo, tsa bophelo bo botle, dijo, metsi, ntshetsopele ya setjhaba, thuto le ntshetsopele ya maphelo a batho bohle.
Kajeno re tlameha ho ntshetsapele ditabatabelo tsena lefatsheng lena le fetohang ka potlako. Lefatsheng leo batho ba seng ba sa natse ba bang, ba itjhebang bona feela. Lefatshe leo ho lona kgwebo e sebediswang jwalo ka sesebediswa sa kgatello.
Lefatshe leo ba matla ba ipontshang matla a bona ka ho hatella ba fokolang. Ho ka phunyeletsa lefatsheng lena le letjha, re tlameha ho sebedisa bokgoni ba rona jwalo ka setjhaba.
Matla a rona a tswa ho makgabane a rona. Ao ke makgabane a seriti le tekatekano, a sa kgetholleng ka bong le borabe, a ho fapana ha rona hammoho le tsebo ya motheo ya tlhompho ya batho bohle.
Matla ana a rona a tswa bathong ba rona, ho jarelaneng ha rona mefokolo, ho beng le molemo, ho lokeng le ho tshwaraneng ha rona.
A tswa boitelong ba rona ba ho hlompha ditokelo tsa batho bohle setjhabeng sa rona ba tlatlatjwang le hona ho kgethollwa, ho kenyeletsa ba sa itekanelang le ba LGBTQI+.
Matla a rona a tswa boitshepong le boinehelong ba rona. A tswa mahlaleng le ho bonono le ho ditabatabelo tsa rona.
Matla a rona a tswa letlotlong, dimineraleng le menonong yohle eo lefatshe la rona le tummeng ka yona, ke bolela dithaba le mabopo a rona.
Matla a rona a tswa ditheong tsa rona tse matla le tse ikemetseng, le ho moya wa demokrasi le tokoloho o phelang botebong ka hare ho rona.
E mong le e mong o fumana matla ho e mong. Re a fumana ho seo re se fihlelang ha re sebedisana.
Re fumana matla ka ho hlomphana, ke bolela leha re ka fapana dinthong tse ngata.
Matla a rona re a fumana ho banna le basadi ba tsa dipapadi ba tswelang pele ho fofisetsa folakga ya Afrika Borwa hodimo boemong ba matjhaba ho ka etsa naha ena motlotlo.
Jwalo ka ha re lekola maemo a naha ya habo rona, re ka bolela hore kajeno re matlafetse ho feta nako e etsang selemo e fetileng.
Moruo wa rona o a hola hape, mme kgolo ena e nka mokoka.
Leha re bile le kgolo tlhahisong ya thepa ya naha dikotareng tse nne tse hlahlamanang, re a tseba hore o tlameha ho hola ka potlako ho ka emelana le diphephetso tsa rona tsa bophelo le moruo.
Ka makgetlo a mabedi ka tatelano, re fihletse dipehelo tsa ditekanyetso tsa rona tsa ditjhelete.
Maemo a rona a kadimo a ntlafetse mme le sekgahla sa tswala se theohile hammoho le sekgahla sa mananeo a theko ya thepa se maemong a tlasetlase dilemong tse 20.
Re motjheng o nepahetseng ho tsitsiseng sekoloto sa naha. Ranta e matlafetse kgahlano le Tolara.
Setheo sa Kgwebisano sa Johannesburg, seo e leng se seholohadi kontinenteng ya Afrika, le sona se sebeditse hantle haholo nakong ya selemo e fetileng.
Kgolo ena e bontsha tsoseletso e phatlaletseng ya moruo wa rona, ho tshetjwa ha naha ya rona ke boramatsete hammoho le ho ba le kgahleho dikgwebong tsa Afrika Borwa.
Ditjeo tsa rona tsa ho kadima tjhelete di fokotsehile.
Ka Operation Vulindlela, re bile le kgatelopele e kgolo ntlafatsong ya moruo hammoho le ho bula tsela ya matsete a fapafapaneng le tlhodisano.
Re fedisitse ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa mme ra matlafatsa le hona ho tsitsisa phepelo ya rona ya motlakase.
Re bile le kgatelopele ntlafatsong ya tshebetso ya boemakepe ba rona le diporo tsa diterene tsa rona, mme jwale thepa e kenang le ho tswa naheng ena e ntse e eketseha hanyane hanyane.
Re tsoseleditse diterene tsa bapalami mme batho ba bangata ba ya mosebetsing ka diterene tse ntjha tse hlahisitsweng naheng yona ena – e leng se fokoditseng ditjeo tsa bona tsa ho palama haholo.
Re etsa matsete a mangata naheng ena mebileng, ka marokgo, diporo tsa diterene, boemakepe, matamo, hammoho le tshebediso ya moya le mahlasedi a letsatsi.
Re thehile menyetla e fetang dimilione tse 2.5 bakeng sa batjha le basadi ka Leano la Mopresidente la Tshehetso ya Mesebetsi.
Ka mananeo a mabedi a mesebetsi e leng la Expanded Public Works (EPWP) le la Community Work (CWP) menyetla e mengata ya mesebetsi e a fumaneha naheng ka bophara.
Selemong se fetileng, re fumane sephetho se hodimo haholo sa Materiki nalaneng ya rona mme karolo tse pedi ho tse tharo tsa ba fumaneng sephetho sa ho kena diyunivesithing se tswa dikolong tse dibakeng tse futsanehileng.
Moruo wa rona jwale o a hola, le palo ya ba sa sebetseng e qala ho fokotseha.
Ka ho hodisa mokgwa wa rona wa tshehetso ya setjhaba ka Thuso ya Kimollo ya Setjhaba (SRD) re fokoditse palo ya ba hlokang dijo.
Re matlafatsa melao e lwantshang bobodu.
Naha ya rona e tlositswe lenaneng la dinaha tse sa sebediseng ditjhelete ka nepo ke Komiti ya Tshebetso ya Ditjhelete e shebaneng le phapanyetsano e fosahetseng ya ditjhelete hammoho le tshehetso ya botshosetsi ka ditjhelete.
Mosebetsi oo re o entse ho tsoseletsa ditheo tsa bohlokwa ho tswa ho hulwa ha mmuso ka nko di beha ditholwana. Setheo sa Afrika Borwa sa Pokeletso ya Lekgetho se boetse ke sa maemo lefatsheng.
Lekala la Diphuputso tsa Bobodu le bontsha kgatelopele jwalo ka ha ho qala ho qoswa batho ba maemong a hodimo. Sa bohlokwa haholo ke hore demokrasi ya rona e ntse e matlafala haholo.
Mmuso wa Kopanelo (GNU) o bontshitse hore ho a kgonahala hore Maafrika Borwa a mekga e fapafapaneng ya dipolotiki e sebetse mmoho tlasa sepheo se le seng e leng sa kgolo le kgatelopele.
Selemong se fetileng, re amohetse baetapele ba matjhaba ka katleho Sebokeng sa G20, e leng se bontshang matla a naha ya rona boemong ba matjhaba.
Boitshepo bo ntse bo nyoloha ho boramatsete, borakgwebo le ho bareki.
Dintlafalo tsena di tla ka lebaka la boitshepo le matsapa a mmuso le setjhaba ka kakaretso. Sena se bontsha seo re ka se fihlelang ha re sebetsa mmoho re e na le sepheo.
Jwale re na le monyetla o ikgethileng wa ho fetolela katleho tsena ho kgolo ya moshwelella. Leha ho bile le kgatelopele ena, ha re a tlameha ho iphapanyetsa diphephetso tseo re ntseng re shebane le tsona.
Leha re ntse re ya pele, empa ha ho bobebe. Ha re so ka re fihlella moo re batlang ho ya teng.
Batho ba bangata ba ntse ba phela ka mathata. Mesebetsi e a fokola le menyetla ha e fumanehe. Maafrika Borwa a ngongorehiswa ke bonokwane bo dikgoka le bobodu.
Ba ngongorehiswa ke boemo ba bommasepala ba rona le ho se kgone ha bona ho fana ka ditshebeletso tsa motheo dikarolong tse ngata tsa naha.
Ho feta tsohle, ba nyoretswe ho fumana mesebetsi le lekeno bakeng sa ho fepa malapa a bona.
Re ka ba matla ha feela re lekana, le ha kgatelopele eo re e fihletseng e arolelwa Maafrika Borwa ohle.
Molaotheo wa rona o etsa kgoeletso ya ho sebeletsa hore Maafrika Borwa ohle a fumane monyetla wa ho ntlafatsa maphelo a ona; moo ngwana e mong le e mong a fumanang monyetla wa thuto e maemong le wa ho ipabola le ho sebetsa.
Setjhaba se kgonang ho kgutlisa dibaka tsa rona tsa setjhaba mme re kgone ho kopana diterateng re lekana. Setjhaba seo ho sona mmuso o sebeletsang setjhaba mme ba etsang bobodu ba qoswang.
Puo ena ya Maemo a Naha (SoNA) e hlakisa mehato eo re e nkileng ho tloha selemong se fetileng, le eo re tlang ho e nka selemong sena ho ntshetsa pele maano a GNU.
Ntlha tsena tse bohlokwa ke:
Ya pele, ho tsitlallela kgolo le ho theha menyetla ya mosebetsi.
Ya bobedi, ho fokotsa bofuma le ditjeo tse hodimo tsa ho phela. Ya boraro, ho aha naha e nang le bokgoni le botshepehi le ntshetsopele.
Phirimaneng ena, re hlakisa mosebetsi oo re tlamehang ho o etsa mmoho ho aha setjhaba le naha e matla.
Re hlakisa mosebetsi oo re tlamehileng ho o etsa mmoho ho aha Afrika Borwa e atlehileng, e kenyeletsang bohle, e nang le kgotso, e tshwaraneng le e nang le tekatekano.
Afrika Borwa e matla e tlameha ho bolokeha le ho sireletseha.
Maemo a bonokwane a bonahala ka palo ya batho ba bolawang. A boetse a bonahala ka maemo a tshabo setjhabeng hammoho le lesisitheho la borakgwebo ho tla etsa matsete.
Bana ba mona Kapa Bophirima ba iphumana ba le ka hara dintwa tsa maqulwana. Batho ba lelekwa malapeng a bona ke ba rafang ka ho seng molaong mane Kagiso, Gauteng. Basadi ba bolawa ke balekane ba bona ka malapeng. Dibaka tsa kaho di kwalwa ke dinokwane.
Sena se tlameha ho fetoha, se bile se tla fetoha.
Bonokwane bo hlophisitsweng bo thefula demokrasi, setjhaba le ntshetsopele ya moruo wa rona.
Maikemisetso a rona a maholo selemong sena ke ho lwantsha bonokwane bo hlophisitsweng le maqulwana a teng re sebedisa thekenoloji, bohlwela le tshebedisano ya mekgatlo e qobellang molao.
Re tla qhala bonokwane bo hlophisitsweng ka ho matlafatsa tsa bohlwela maemong a naha, re hlwaye maqulwana ao re tlamehang ho qala ka ona mme re romele dihlopha tseo re di kgethileng tsa kopanelo ho qhala maqulwana ana a dinokwane.
Ho matlafatsa ntwa kgahlano le moruso wa maqulwana, ke tlo jala Sesole sa Naha sa Tshireletso sa Afrika Borwa (SANDF) ho tshehetsa mapolesa jwalo ka ha re ile ra etsa le diketsong tsa ho rafa ho seng molaong.
Ke laetse Letona le Sepolesa le SANDF ho rala leano la tshebetso, le tla supa moo sehlopha sa tshireletso se tlamehang ho romelwa teng matsatsing a mmalwa a tlang Kapa Bophirima le Gauteng ho lwantshana le maqulwana le ho rafa ho seng molaong.
Jwalo ka ha ho hlokahala ho ya ka Molaotheo, ke tla tsebisa NA le NCOP hore na sesole seo se tla romelwang neng, kae hammoho le ditjeo tsa teng.
Re tlameha ho nka bohato ho fedisa merusu ya maqulwana naheng ya rona.
Hona ka nako e tshwanang, re kenya tshebetsong leano la ho tsomula ka metso sesosa sa bonokwane ka tshebedisano setjhabeng ka bophara, ho tloha dinthong tse kang mabone a diterateng le ho fihlela ditshebeletso tsa setjhaba.
Re tla lwantsha bonokwane ba dithunya ka ho matlafatsa melao le dipehelo mabapi le dilaesense, tshebediso le thekiso ya dithunya le dikulo. Re tla matlafatsa qobello ya melao e teng.
Re tla eketsa palo ya mapolesa ka ho rupella mapolesa a 5 500 selemong sena re eketsa ho a 20 000 ao re a phatlaladitseng ho SoNA tse fetileng.
Re boetse hape re shebana le mathata a ho kena ha thepa ya mokokotelo le e seng molaong diindastering tsa Afrika Borwa.
Re theha Lenaneo la Naha la Twantsho ya Dikgwebo tsa Thepa tsa Mokokotelo le kopanyang bankakarolo ba bang ho kenyeletsa lekala la poraefete.
Ka tshebediso ya hlophollo ya dintlha le Mahlale a Thekenoloji, re tla kgona ho tobana le makala a kotsing haholo a kang la kwae, mafura a dikoloi, jwala le thepa e nngwe ya mokokotelo.
Dipuisano tse etswang Komesheneng ya Dipatlisiso ya Madlanga di senola botebo ba bobodu Tshebeletsong ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) le mafapheng a mang a Mapolesa a Masepala ka tshebediso e bohlaswa ya matla.
Re ke se dumelle sena. Molao o hloka tshebeletso e tshepahetseng ya sepolesa, e thusang setjhaba seo o se sebeletsang.
SAPS e thehile sehlopha sa tshebetso ho netefatsa hore diphuputso tse hlahellang Komesheneng ya Madlanga di sebetswa ka potlako ntle le boitshunyako.
Akgente ya Mmuso ya tsa Tshireletso e tla hlahlobisisa botjha Batsamaisi ba ka Sehloohong ba SAPS le ba mafapha a Sepolesa sa Bommasepala. Dihlahlobo tseo di tla kenyeletsa tekolo ya mekgwa eo ba phelang ka yona.
Jwalo ka ha re ile ra etsa ka katleho dikomesheneng tse fetileng, re tla sebedisetsa dikgothaletso tsa Komeshene ya Madlanga ho tlisa diphetoho tse kgolo.
Re na le tshepo ya hore sephetho le dikgothaletso tsa komeshene di tla thusa ho etsa moralo wa diphetoho lekaleng la rona la toka le twantsho ya bonokwane.
Re na le boitshepo ba hore matsapa ana a tla atleha hobane bongata ba mapolesa a ikemiseditse ho ikamahanya le molao le ho sebeletsa batho ba Afrika Borwa ka botshepehi.
Jwalo ka ha re atlehile ho tlisa diphetoho moruong wa rona ka tshebediso ya Operation Vulindlela, re tla sebedisa mokgwa o tshwanang ho tlisa diphetoho lekaleng la rona la toka le twantsho ya bonokwane.
Sena se tla thusa ho qhala bonokwane bo hlophisitsweng, bobodu le thekiso e seng molaong ya dithunya re sebedisa sehlopha se ikgethileng Kantorong ya Mopresidente ho netefatsa hore diphetoho tsena di kengwa tshebetsong ho phatlalla le lefapha.
Re boetse hape re matlafatsa twantsho ya bobodu ka ho matlafatsa makala a kang Lekala le Ikgethileng la Mafokisi, Lekala la Naha la Botjhotjhisi le Lekala le Ikgethileng la Bofokisi ba Bonokwane (DPCI/Hawks).
Re tlo phethela tshebetso ya mmuso ho latela dikgothaletso tsa Moifo wa Boeletsi ka Twantsho ya Bobodu ya ho theha lekala la ka nako tsohle, le ikemetseng la twantsho ya bobodu.
Re ke se dumelle hore ba pepesang bobodu ba kwalwe molomo le hona ho hlekefetswa.
Moralo wa Molao wa Tshireletso ya ba Pepesang Bobodu o tla tliswa Palamenteng. Hara tse ding, molao ona o tla etsa e be tlolo ya molao ho leka ho iphetetsa ho ba pepesang bobodu mme ho tla fanwa ka tshebeletso ya ho thojwa maikutlo, tshehetso ya semolao le ya ditjhelete ho ba pepesang bobodu.
Ho tla tsepamiswa tshebetso ho tliseng diphetoho mokgweng wa dithendara ka sepheo sa ho fedisa bobodu.
Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete wa Afrika Borwa (AGSA), o tlalehile hore sesosa se seholo sa bobodu se tloha mokgweng wa dithendara. Re tlameha ho nka bohato, re ke se dumelle sekgobo sena ho tswelapele.
Mehato eo re tlang ho e nka e tla kenyeletsa tshebediso ya thekenoloji le ho qetella melawana e metjha ya Molao wa Dithendara tsa Mmuso mahareng a 2026.
Re ke se hlole bonokwane bo hlophisitsweng ha re bo tlela hanyane. Ha re a tlameha ho dumella masawana, molao o tlameha ho sebetsa ka sekgahla.
Re batla molaetsa ona o hlake: ha re no dumella diketso tsa bobodu le bonokwane.
Ka hodimo ho bonokwane bona, e nngwe ntho e kgathatsang batho ba Afrika Borwa ke metsi. Ke mathata feela ho tloha ditoropong tse kgolo tse kang Johanneburg ho ya ditorotswaneng tse kang Knysna le dibaka tsa mahaeng tse kang Giyani.
Re bo bone bohloko boo batho ba rona ba bo bontshitseng ka mehwanto dibakeng tse ngata tsa Gauteng. Mehwanto ena e bakwa ke pherekano ya ho se fumane phepelo e otlolohileng ya tshebeletso ya bohlokwa e kang metsi.
Ke laetse Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le batlatsi ba hae hammoho le Letona la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena hore ba shebane le kgaello ena ya metsi mme ba buisane le setjhaba.
Ba hona moo ka ona motsotso mme ba hlalosetsa batho hore mmuso o tla rarolla mathata ao ba tobaneng le ona le hona ka pele ho le ho kae.
Ba ntsebisitse hore dipeipi tse neng di senyehile di lokisitswe mme disiu tsa metsi di qala ho tlala.
Sesosa se seholo sa mathata ana ao re tobaneng le ona, le ho hloka metsi, ke ho hlophisa ka tsela e fosahetseng esitana le ho se lokiswe kgafetsa ha dipeipi tsa metsi ke bommasepala ba bangata.
Ha ho na mokgwa o potlakang o ka sebediswang ho rarolla bothata bona boo sesosa sa bona e leng ho hloleha ho hlophisa ka nepo le ho se tsotellwe dilemo tse ngata ha meralo ya motheo.
Ho ka netefatsa hore re ba le phepelo e bolokehileng ya metsi bakeng sa nako e telele, re aha matamo a matjha le ho ntjhafatsa meralo e teng ya motheo.
Re ikemiseditse ho sebedisa tjhelete e fetang dibilione tse R156 tsa tjhelete ya setjhaba bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang.
Kaho ya Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho le tse ding tsa maemo a hodimo tse kang Letamo la Ntabelanga, e leng karolo ya Projeke ya Metsi ya Mzimvubu mane Kapa Botjhabela di se di hatetse pele. Ka ho le leng, re se re le mokgahlelong wa ho qetela wa ho theha Akgente ya Naha ya Meralo ya Motheo ya Metsi bakeng sa ho tsamaisa le ho bokeletsa ditjhelete bakeng sa meralo ya motheo ya metsi.
Leha ho le jwalo, bothata bo boholo ha se metsi, empa ke ho fepela batho ka metsi.
Sehlomathiso sa Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi o tla re thusa ho qobella bafani ba ditshebeletso tsa metsi ho ikarabella ka mefokolo ya bona mme ba amohuwe dilaesense ha ba sa etse mosebetsi wa bona.
Haeba mmasepala a sa ikemisetsa kapa a sa kgone ho fana ka ditshebeletso bathong, setheo se kgonang se tlameha ho etsa mosebetsi.
Diphetoho tsena di tla rarolla sesosa se seholo sa metsi.
Nakong e kgutshwane, re tlameha ho rarolla hang hang mathata a teng hajwale a metsi.
Dilemong tse tharo tse fetileng, nakong eo re neng re na le mathata a ho tingwa ha motlakase kamehla, re ile ra theha Komiti ya Naha ya Mathata a Motlakase (NECC) ho shebena le ho rarolla mathata ana maemong a naha.
Re ile ra hlola phephetso e neng e bonahala e le pharela ka ho sebetsa ka moralo o hlakileng mme ra o latela.
Re tla sebedisa mokgwa o tshwanang ka hore re thehe Komiti ya Naha ya Mathata a Metsi eo ke tla bang modulasetulo wa yona.
Setheo sena se tla kopanya matsapa ohle ao re seng re a entse hore a laolwe ke setheo se le seng.
Komiti ena e tla romela ditsebi tsa setekginiki le disebediswa ho tswa mmusong wa naha ho di romela ho bommasepala ba tobaneng le mathata a metsi.
Sena se tla etsa hore ho nkuwe bohato hang hang hore bothata bo kgone ho rarollwa.
Ho ka rarolla mathata ana ka mokgwa o sebetsang, re tla sebedisa matla ao re a nehwang ke Molaotheo le Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi wa 1977, wa hore re kenelle ho bommasepala moo ho hlokahalang.
Re tla etsa ba sa etseng mosebetsi wa bona wa ho fepela batho ka metsi ba nke boikarabelo.
Mmuso o se o qositse bommasepala ba 56 ba hlolehang ho etsa mosebetsi wa bona. Seo re tla se etsa jwale ke ho qosa Batsamaisi ba Bommasepala ka sebele sa bona ka ho tlola Molao wa Naha wa Metsi wa 1998.
Bothata bo boholo ho bommasepala ba baholo le ho ba ditorotswaneng, ke hore ba sebedisetsa lekeno la ditefello tsa metsi ho etsa dintho tse ding mme ke karolo e nyane ya lona e sebedisetswang ntlafatso ya meralo ya motheo ya metsi.
Ho rarolla bothata bona ho ya ka boinehelo boo re bo entseng selemong se fetileng, re thehile letlole le letjha la ditlhapiso la dibilione tse R54 bakeng sa bommasepala ba baholo hore ba ntlafatse phepelo ya metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere hammoho le motlakase.
Sena se tla netefatsa hore lekeno la metsi le sebedisetswe ho lokiseng dipeipi, disiu le diteishene tse pompang metsi.
Ho kgaoha ha phepelo ya metsi ho bontsha ho se sebetse ka nepo ha bommasepala.
Mosebetsi wa ho lokisa sesosa se seholo sa ho se sebetse hantle ha bommasepala ba bangata o tswela pele.
Dibakeng tse ngata tsamaiso ya bommasepela e a fokola mme hape e etswa ke batho ba sa tsebeng letho empa ho ena le batho ba nang le bokgoni, le ba tshwanelang.
Tlalehong ya hae ya moraorao tjena ya bommasepela, AGSA o boletse hore ho bommasepala ho tletse diketso tsa ho se ikarabele, ho se fane ka ditshebeletso, taolo e bohlaswa le tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete, ho se be le bokgoni ba ho etsa mosebetsi hammoho le ho hloka botsitso.
O boletse hore ho tsoseletso ya bommasepala ke mosebetsi wa kopanelo e leng seo re se etsang hajwale.
Re lekola seo re ithutileng sona dilemong tse 30 tse fetileng, mme dikgweding tse mmalwa tse tlang re tla phethela Leano le Letjha la Bommasepala.
Sena se tla fana ka ditharollo bakeng sa bommasepala ba sebetsang ka nepo. Leano le tla hakanya botjha tsela eo bommasepala ba tlamehang ho sebetsa ka yona.
Mokgwa o sebetsang hajwale o kopakopane e bile o na le dikgaokgao mme seo se etsa ho be boima le ho bommasepala ba fokolang le ba banyane ho nka boikarabelo.
Re tla lohotha diphetoho tsa sebele tse tla dumellana le taba ya hore ho be teng bommasepala ba ka etsang mesebetsi e mengata ho feta ba bang mme hape re hloka tshebetso e mokgelo ha re tla tabeng ya matla le boikarabelo ba bommasepala.
Re boetse re lohotha ho ba le tshebedisano e hlophisitsweng pakeng tsa bommasepala le marena hammoho le boetapele ba Ma-Khoi-San, e le ho bebofatsa tshebedisano le setjhaba le hona ho arolelana mekgwa ya ho rarolla mathata.
Re tla netefatsa hore batsamaisi ba maemong a hodimo ba bommasepala ba ba le mangolo a lokelang a thuto le hore ba hirwa ka mokgwa o nepahetseng, o hlokang boitshunyako ba sepolotiki.
Moo bommasepala ba hlolehang teng, re tla matlafatsa mokgwa wa ho kenella ka potlako ke mmuso wa naha hammoho le ho laela mekgwa ya ho lokisa molemong wa tshebeletso ya setjhaba sa rona.
Diphetoho tsena di ka ba thata, empa di tlameha ho etswa.
E tla re ha diphetoho tsena di ntse di tswela pele, re tla tswela pele le tshehetso ka sepheo sa ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso tsa sethatho ka Dihlopha tsa Tshebetso sa Mopresidente mane eThekwini le Johannesburg.
Leha re tswelapele ho tlisa botsitso eThekwini, e leng se nyollotseng tshepo ya boramatsete, o sa le mongata mosebetsi o hlokang ho etswa Johannesburg ho sebetsana le meralo ya motheo e tsofalang, tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete le ho kgaoha ha phepelo ya motlakase le metsi.
Ho na le batho ba bangata ba nang le boiphihlelo le boitsebelo ba sebetsang ho bommasepala. Ke boikarabelo ba rona ho hlophisa botjha le ho eketsa disebediswa e le hore bommasepala ba rona ba kgone ho sebetsa ka nepo.
Jwalo ka naha, re ntse re ba kotsing ya maemo a mabe a lehodimo.
Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, re bone dikgohola tse mpe Limpopo le Mpumalanga tse bolaileng batho ba 45 mme tsa etsa tshenyo e kgolo malapeng, dikolong, ditliliniking le meralong e meng ya motheo.
Ho tlalehwa ha dikgohola tsena jwalo ka Koduwa ya Naha, ho entse hore mmuso wa naha le wa profensi o kgone ho fumana matlole ka potlako ho thusa batho ba amehileng.
Maafrika Borwa a heso,
Afrika Borwa e matla e tshepela moruong o holang.
Dilemong tse fetang tse 15 tse fetileng, haesale moruo wa rona o hola ka monyebe.
Matsapa ohle ao re a etsang, re a etsa hobane re hloka kgolo e kenyeletsang bohle le ho theha menyetla ya moshwelella ya mesebetsi.
Ho ka phethahatsa dipehelo tsa Leano la Bohareng la Ntshetsopele (MTDP), Kabinete e tjhaetse monwana ho kengwa ha lona tshebetsong ka sepheo sa ho nyolla kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle.
Ka leano lena, re sebeletsa ho tsoseletsa kgolo ka ho theha maemo a tsitsitseng a dikhamphani ka ho theha Molao wa Taolo ya Moruo wa Dikgwebo tse Kgolo, ho tsetela haholo ho meralo ya motheo, ho ba le melawana e bebofatsang kgwebisano e tshehetsang kgolo, hammoho le ho dumella tlhodisano le ho ba le Leano le tsepameng la Diindasteri.
Motheo wa leano lena ke matsete, haholoholo ho meralo ya motheo ya setjhaba le kgudiso e matla ya makala a mesebetsi a nang le kgonahalo ya kgolo kamoso.
Tsena kaofela di kenyeletsa tshebediso ya mokgwa wa dijithale, tlhahiso ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng, e leng se tla etsa hore batjha ba fumane menyetla ya mesebetsi.
Meralo ena ya motheo e feta ditene, seretse, konkereiti le ditshepe. Ke matsete a mesebetsi, tlhahiso, le kgolo ya moruo.
Dilemong tse ngata haesale matsete a ntse a fokola. Jwale re fetola seo.
Mmuso o ikemiseditse ho tsetela tjhelete e fetang R1 trillione bakeng sa kaho le tokiso ya meralo ya motheo dilemong tse tharo.
Ena ke kabo e kgolo e so kang e bonwa nalaneng ya naha ena. E tlo tlisa diphetoho.
Ka tshebediso ya Letlole la Meralo ya Motheo, le melawana ya tshebedisano ya mmuso le lekala la poraefete, re sebedisa mekgwa e metjha ya tshehetso ya ditjhelete, re fokotsa kotsi le ho hohela batsetedi ka sepheo sa ho potlakisa diprojeke tlhahisong ya motlakase, metsi, dipalangwang le meralo ya motheo ya dijithale.
Re thakgotse letlole la mofuta o so kang o bonwa wa moralo wa motheo, le ileng la fumana palo e phetilweng habedi ya dikopo.
Ditletlebo mabapi le dithendara hangata di diehisa ho kengwa tshebetsong ha meralo e hlokahalang ya mosebetsi.
Ho thibella tiehiso e sa hlokahalang diprojekeng tsa bohlokwa, re tla theha makgotla a ikgethang a dinyewe bakeng sa ditseko tsa dikgwebo, mme ho tla ba le baahlodi ba makgotla ao le mananeo-tshebetso a teng ho potlakisa dinyewe tseo molemong wa ntshetsopele ya moruo wa rona.
Selemong sena re tla qala mosebetsi wa ho theha Khamphani ya Mmuso ya Matlo ho fetola meaho e 88 000 le lefatshe la dihektara tse dimilione tse hlano la mmuso ho tla sebedisetswa kgolo le ntshetsopele.
Ka leano la Operation Vulindlela, re ikemiseditse ho fetola maemo a moruo wa rona, re tlo lokisa meralo ya motheo le ho etsa hore motlakase wa rona, metsi le lekala la ho thothwa ha thepa di sebetse ka nepo.
Jwalo ka ha re se re fedisitse ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa, re tlameha ho matlafatsa phepelo ya rona ya motlakase bakeng sa phepelo ya moshwelella.
E bile dilemo tse balwang ka mashome moruo wa rona o hola ka motlakase o theko e tlase.
Leha ho le jwalo, ho hulwa ha mmuso ka nko, tsamaiso e fosahetseng, ho se lokiswe ha meralo ya motheo, hammoho le ho nyollwa ho feta tekano ha manane a diprojeke, ho ile ha phahamisa theko ya motlakase dikgwebong le setjhabeng.
Jwale re tlisa diphetoho lekaleng lena ka tshebediso ya moya le mahlasedi a mangata a letsatsi mme tseo kaofela di tla fokotsa theko ya motlakase.
Diphetoho tse teng ho melawana di entse ho be le ba bangata ba ratang ho kena kgwebong ya ho fehla motlakase ka mokgwa o hlwekileng.
Ka 2030, karolo e fetang phesente tse 40 tsa tlhahiso ya motlakase e tla be e le tsa mokgwa o hlwekileng wa tlhaho, o bileng o bitsang hantle.
Re etsa hore ho be le tlhodisano tlhahisong ya motlakase e le hore re se tshepele khamphaning e le nngwe feela e hlahisang motlakase.
Re fetola Eskom mme re theha setheo se setjha se ikemetseng sa mmuso se tla fepela motlakase.
Setheo sena se tla ikarabela tabeng tsohle tsa phepelo ya motlakase le thekiso ya ona.
Ho ya ka bohlokwa bona ba ho tlisa diphetoho lekaleng la motlakase, ke thehile sehlopha sa tshebetso ka tlasa NECC ho tobana le dintho tse fapaneng tse mabapi le diphetoho, ho kenyeletsa dinako tsa teng ho ya ka mekgahlelo ya teng. Komiti ena e tla tlaleha ho nna jwalo kamora dikgwedi tse tharo.
Ho eketsa le moo, selemong sena re tla qala mokgahlelo wa pele diprojekeng tsa phepelo, ho neha dikhamphani tsa poraefete ho kena e le ho eketsa phepelo ya rona naheng ka bophara.
Re tlo ya profensing ka nngwe mme re shebe taba ya ho imelwa ha di-transformer, ho hokelwa ho seng molaong, hammoho le ho sheba metjhini e sa sebetseng ka sepheo sa ho fedisa kimollo ena e etswang ya motlakase selemong se tlang.
Re itlametse mokgwa o tshwanang le oo re o sebedisitseng ho lokisa tsela ya phepelo ya motlakase.
Re se re qadile ho fetola tsela eo diterene le boemakepe di sebetsang ka teng ka sepheo sa ho etsa hore dihlahiswa tsa rona di finyelle mebarakeng ya matjhaba.
Jwale re dumeletse le borakgwebo ba ikemetseng ho kena kgwebong ya diterene e leng se etsang hore dikgwebo tse ngata di kene indastering ena ya diterene e le hore thepa e ngata e tlohe mebileng mme e thothwe ka diterene.
Ha morao selemong sena, re tla qala tshebedisano pakeng tsa mmuso le dikhamphani tsa poraefete ho boemakepe le ditereneng moo mmuso o tlang ho dumella dikhamphani tsena ho tsetela le ho tlisa ditsebo feela diporo e le tsa mmuso.
Ka Tshitwe 2025, re ile ra phethela tshebedisano le khamphani ya matjhaba ho laola boemakepe ba Thekong, Durban Pier 2 Container Terminal, e leng boemakepe bo boholohadi naheng ena.
Tshebedisano ena e tla re tlisetsa matsete ho thepa le meralo e metjha ya motheo, mme e behe boemakepe bona maemong a matjhaba.
Re ntse re tswelapele ka taba ya ho ba le terene e tsamayang ka lebelo le hodimo Afrika Borwa, e tla ya dibakeng tse kang Johannesburg ho ya Musina, le ho tloha eThekwini ho ya Johannesburg.
E se e le dikhamphani tse batlileng di finyella ho 30 tse seng di bontshitse tjheseho ya ho kena kgwebong ena ya terene e lebelohadi ha re ne re etsa Kopo ya Dintlha ka mofuta ona wa kgwebo selemong se fetileng.
Re itokisetsa ho etsa Kopo ya hore batho ba hlahise Ditshisinyo, e leng se tla tlisa diphetoho tse ntjha maetong a malele a terene Afrika Borwa.
Re na le boitshepo ba hore re ka kgona ho hlodisana le dikgwebo tse boemong ba matjhaba.
Leano la rona la Diindasteri le tsepame haholo moo re boneng teng menyetla, moo re ka thehang teng menyetla ya mesebetsi, le moo re ka nyollang teng thomello ya rona ya thepa dinaheng tse kantle.
Sepheo sa Leano la rona la Kgwebisano ke ho fihlela ntshetsopele le kgolo ya moshwelella hammoho le ho matlafatsa tshebedisano ya matjhaba.
Jwalo ka ha dinaha tse ngata di rata ho reka thepa ya tsona dibakeng tse fapafapaneng, ona ke monyetla wa rona wa ho atolla thomelo ya rona ya thepa dinaheng tsa matjhaba.
Moruo wa rona o na le dihlahiswa tse fapafapaneng, re na le dikhamphani tse hlahisang dihlahiswa ka mokgwa wa maemo mme hape re na le melawana e matla.
Re atolla tsela ya rona ya ho etsa dipuisano mabapi le kgwebisano ka sepheo sa ho atolla kgwebisano tsa rona le dinaha tsa matjhaba.
Leha ho na le mathata a teng moruong wa matjhaba, empa re ntse re tshehetsa diindasteri tsa rona maemong ana.
Re ikemiseditse ho tsoseletsa indasteri ya ferrochrome ka sepheo sa ho baballa mesebetsi indastering ena ya tshepe, ya makoloi, le tse ding tse hirileng basebetsi ba balwang ka makgolo a dikete.
Re sebedisana le borakgwebo le basebetsi ho thiba dikgeo tse teng tabeng ya ditefello tsa dikgwebo le ho eketsa dipehelo ka sepheo sa ho baballa le hona ho hodisa lekala la tlhahiso.
Leha re leka ho sireletsa diindasteri tsena tse kotsing, ka ho le leng ha re a lebala ka makala a ka kgannang kgolo e kgolo ya moruo.
Re a tseba hore re ka kgona ho theha mesebetsi ya moshwelella makaleng a kang la temo, merafo, ditshebeletso hammoho le la tlhahiso ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng.
Tsena ke dikarolo tseo ho tsona re ka hlodisanang ho feta ho tsona. Re tswa pele lefatsheng. Lekala la rona la temo le hola ka potlako.
Hona jwale, re naha ya bobedi ka boholo ho tse romellang ditholwana tse boditsana matjhabeng.
Re theha mebaraka e metjha bakeng sa thomello ya rona ya thepa matjhabeng bakeng sa tholwana tse boditsana, di-avocado, poone, diphoofolo, morara le veini.
Ka tshebediso ya Sekema sa Kopanelo sa Ditjhelete, hammoho le tshebedisanommoho le Banka ya Mobu le dibanka tse ding tsa naha, re thehile letlole la dibilione tse R7.8 bakeng sa tshehetso ya mahlale ho bahlahisi ba batho ba batsho.
Re tla romela Bahokahanyi ba tsa Dipatlisiso ba 10 000 ho tla tshehetsa borapolasi le ho ntlafatsa tlhahiso ya tsa temo. Sena se tla theha menyetla e mengata bakeng sa batjha lekaleng lena la temo.
Leha dintho di tsamaya hantle lekaleng lena la temo, empa indasteri ya dikgomo yona e tobane le mathata ka lebaka la ho ropoha ha sewa se seholo se so kang se bonwa sa bohloko ba mokaka (FMD).
Bohloko bona bo senya moruo wa rona, e leng se bakileng ho emiswa ha thomello ka ntle ha thepa ya rona, ha kginwa ha kgwebisano le pherekano tabeng ya mehlape.
Re nkile qeto ya ho enta dikgomo tsohle tse ballwang ho dimilione tse 14. Sena se etsa re hloke diente tse dimilione di 28 dikgweding tse 12 tse tlang.
Mmuso ke ona o tla reka ente ka sepheo sa ho netefatsa hore re reka ente e napahetseng bakeng sa mofuta ona wa bohloko o teng Afrika Borwa.
Re tla sebetsa mmoho le lekala la poraefete ho netefatsa kabo e nepahetseng ya ente ena, mme sa bohlokwa haholo ke hore borapolasi bohle ba fumane ente ena.
Ke thehile komiti ya tshebetso eo ditho tsa yona di tswang ho mekgatlo ya borapolasi le ditsebi mme yona e tlo sebedisana le Letona la Temo le lefapha la hae, mme e tla tlaleha ho nna kgwedi le kgwedi ka kgatelopele ya twantsho ya bohloko bona.
Re se re nkile ho ropoha hona ha mokaka jwalo ka koduwa ya naha, e leng se re fang monyetla wa ho kgona ho fumana dithuso tsohle tsa ho tobana le bothata bona.
Lekala la ditshebeletso, e leng dijithale, thekenoloji le ditshebeletso tsa ditjhelete, le lona le bontsha kgolo.
Ditheo tsa rona tsa ditjhelete ke tse ding tsa tse pele lefatsheng mme di kgona ho hlodisana Afrika le lefatsheng ka bophara.
Re hohela matsete a mangata a kenang ho meralo ya motheo ya dijithale jwalo ka ha re se re na le ditsi tsa tlhahisoleseding tse 55 tse seng di ahilwe, mme re lebeletse matsete a fetang dibilione tse R50 dilemong tse tharo tse tlang.
Tsa bohahlaudi ke mohlodi o moholo wa kgolo ya moruo wa rona jwalo ka ha ketelo ya bahahlaudi ba 13 ba matjhaba e fumantsha motho a le mong mosebetsi.
Lekala la bohahlaudi le entse nalane selemong se fetileng, moo le phatlaladitseng ha re bile le baeti ba ka bang dimilione tse 10.5.
Jwale re tlameha ho bapatsa makgabane ao naha ya habo rona e ipabolang ka ona e leng setso sa rona, nalane ya rona hammoho le dibaka tsa rona tsa tlhaho.
Tsena tsohle di kenyeletsa mekete ya setso, dibaka tsa lehae tsa bonono, dibaka tsa nalane ya rona, dibaka tse kgahlang tsa tlhaho ho phatlalla le naha, le dibaka tsa rona tsa mahaeng.
Jwalo ka ha re matlafatsa lekala la rona la toka le twantsho ya bonokwane, re batla hore dibaka tseo bahahlaudi ba di etelang e be tse bolokehileng.
Selemong sena se tlang, re tla sebedisa Leano la Tumello ya Ketelo ka Mokgwa wa Elekroniki dinaheng tsohle tse hlokang visa, e leng se tla dumella hore kopo tsa bahahlaudi di kgone ho sekasekwa ka mokgwa wa dijithale dihoreng tse 24.
Monyetla o moholo o tlhahisong ya dihlahiswa ka mokgwa o seng kotsi ho tikoloho. Re batla hore naha ya rona e be mofani wa dihlahiswa tseo matjhaba a tlang ho tshepela ho tsona dilemong tse balwang ka mashome tse tlang.
Re eketsa tshehetso lekaleng la tlhahiso ya dihlahiswa tsena tse hlahisitsweng ka mokgwa o baballang tikoloho bakeng sa mebaraka ya matjhaba. Dihlahisweng tseo re ka bala tse kang manyolo, mafura a difofane, dikhemikhale ho kenyeletsa le tshepe.
Ho tloha ka Tlhakubele selemong sena, re tla fana ka morokotso wa phokoletso ya lekgetho la phesente tse 150 bakeng sa dikhamphani tse kenang tlhahisong ya makoloi a matjha a motlakase mme ka ho le leng, re ntse re tshehetsa tlhahiso ya lehae ya dibeteri tsa dikoloi.
Boleng ba matsete ao dikhamphani tsa matjhaba di seng di iketetse ona bakeng sa Tlhahiso ya Motlakase ka Mokgwa o Hlwekileng bo se bo ballwa ho dibilione tse R250. Ana ke matsetse a maholo bakeng sa tlhahiso, meralo ya motheo esitana le maitsebelo.
Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tsa matjhaba tse nang le diminerale tse ikgethileng.
Iron ore eo re nang le yona e ballwa ho ditrilione tse R40, e leng se etsang indasteri ya merafo e be e tswang pele.
Ka mora dilemo tse ngata tsa ho fokola ha matsete ho tsa dipatlisiso ka tsa tlhaho, re kenya tjhelete ya tshehetso ho tsa dipatlisiso ka tsa mobu le lefatshe, e leng se bontshang bohlokwa ba diminerale tsa rona tse bohlokwa.
Bekeng ena feela, Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri e phatlaladitse tshehetso ya ditjhelete ka dimilione tse fetang R300 bakeng sa projeke ya Frontier Rare Earths mane Kapa Leboya.
Setheo sena se na le kgonahalo ya ho ba se seng sa tse kgolo lefatsheng ka bophara mme se tla hlwekisa diminerale tsa rona tsa bohlokwa ka theko e tlase. Diminerale tsena di hlokahala bakeng sa smartphones, dibeteri tsa lithium le dihlahiswa tse ding.
Ho tshetjwa ha merafo ya Afrika Borwa ho ile ha hlaka Sebokeng sa Ditaba tsa Merafo mona Kapa bekeng yona ena.
Ho butswe merafo e metjha ya kgauta, koporo, diminerale tse seng bobebe ho difumana, polathinamo le ya mashala.
Sebokeng sa Baetapele ba G20 ka Pudungwana selemong se fetileng, dinaha tsa G20 di ile tsa tshehetsa tshisinyo ya rona ya ho atolla mosebetsi wa ho hlwekisa diminerale tsa bohlokwa hammoho le thomello ya tsona matjhabeng di se di hlwekisitswe.
Nakong ya Diboka tse hlano tsa Afrika Borwa tsa Matsete, re kgonne ho bokeletsa tjhelete e ka bang ditrilione tse R1.5 ya matsete.
Ho fihlela kajeno, ke tjhelete e fetang dibilione tse R600 e seng e kentswe diprojekeng tsena. Selemo le selemo ho bulwa difeme, merafo le tse ding ditheo.
Jwale re ipehetse pehelo ya ho bokeletsa matsete a ballwang ho ditrilione tse R2 dilemong tse hlano tse tlang.
Ka hoo, re labalabela ho tshwara Seboka sa botshelela sa Afrika Borwa sa matsete ka la 31 Tlhakubele 2026.
Ho ka fihlela moruo o kenyeletsang bohle, re tshehetsa bohle ba thehang menyetla.
Ha kgwebo e nngwe le e nngwe e nyane le e bohareng e ka eketsa ka motho a le mong feela ho basebeletsi ba yona, re ka theha mesebetsi e metjha e dimilione di tharo. Leha bongata ba dikgwebo tsena beng ba tsona e le basadi le batjha, bongata ba tsona ha di fumane tshehetso ya ditjhelete hore di hole. Bongata ba tsona di a sokola ho ka fumana mebaraka bakeng sa dihlahiswa le ditshebeletso tsa bona.
Bongata ba dikgwebo tsena tse nyane le tse bohareng di kopana le mathata a kang melawana, melawana ya bommasepala, mathata a ho fumana dilaesense, esitana le a mang mathata a mangata.
Maikutlo a setjhaba a tlileng mabapi le Tshisinyo ya Molao wa Dilaesense tsa Dikgwebo re a ahela lesaka mme re tla netefatsa hore molao ona o bebofatsa mokgwa wa ho qala le hona ho tsamaisa kgwebo Afrika Borwa.
Selemong sena, re tla behella ka thoko tjhelete e ka bang dibilione tse R2.5 bakeng sa ho tshehetsa dikgwebo tse nyane le tse bohareng tse fetang 180 000 mme re be le dibilione tse R1 bakeng sa ditiisetso.
Hantlentle, re tla tsepamisa maikutlo dikgwebong tsa basadi le tsa batjha ka sepheo sa ho ba ntshetsa pele.
Re tlo etsa diphetoho dipehelong tsa Molao wa Naha wa Taolo ya Dikoloto ho ka bebofatsa ho fumana sekoloto, ka ditjeho tse tlase le hona.
Diphetoho di a hlokahala moruong wa rona bakeng sa kgolo ya moshwelella, phokotso ya ho se lekalekane, hammoho le ho lokisa diphoso tsa nakong e fetileng.
Re boetse hape re lekola melawana e laolang Leano la rona la Tshehetso ya Batho ba Batsho Moruong ka sepheo sa ho netefatsa hore le tlisa diphetoho le kgolo e kenyeletsang bohle.
Matsapa ana kaofela a tla matlafatsa moruo mme a lokise meralo e neng e senyehile.
Ke ngongoreho ya naha ka bophara hore ke Maafrika Borwa a mangata a sa sebetseng, mme batjha ba bangata le bona ha ba fumane mesebetsi ya bona ya pele.
Ke ka lebaka lena e reng ha re ntse re aha moruo wa rona botjha, re be re theha mesebetsi le ho theha menyetla ka palo e kgolo ka mananeo a mmuso a mesebetsi le a setjhaba.
Dibakeng tse kang Standerton mane Mpumalanga, Lenaneo la Mopresidente la Tsosoloso ya Mesebetsi le thehile mesebetsi e kang ho fetola dithotobolo ho ba dipaka le dithota ho ba diratswana tsa ho lema.
Motjha wa The SA Youth o se o thusitse batjha ba dimilione ka menyetla ya mesebetsi le ya thupello lekgetlo la pele.
Tshebeletso ya Kgiro ya Batjha (YES), e leng tshebedisano pakeng tsa borakgwebo le mmuso, e se e fumantshitse batjha ba fetang 200 000 mesebetsing eo ho yona ba fumanang maitsebelo a mosebetsi a nako e ka bang selemo.
Selemong sena re tlo bebofatsa melawana e le ho bebofaletsa dikgwebo ho nka karolo lenaneong lena la YES mme re thehe le mesebetsi bakeng sa batjha.
Selemong se tlang, re tla atolosa mananeo a mmuso a kgiro ya setjhaba ho kenyeletsa CWP, EPWP le Lenaneo la Mopresidente la Tsosoloso ya Mesebetsi.
Re tla netefatsa hore mananeo ana a tsamaiswa ka nepo e le hore a tsebe ho fana ka lekeno, maitsebelo, monyetla wa ho hirwa ka kotloloho, haholoholo basadi le batjha.
Ho netefatsa hore ha ho ya sallang morao, re kenya tshebetsong qeto ya ho nyolla dipehelo tsa tekatekano mosebetsing, hore ka 2030 phesente tse 7 tsa basebeletsi ba mmuso e be ba sa itekanelanang, mme hape e be qobello hore le ho dinthendara tsohle tsa mmuso phesente tse 7 di lebiswe ho dikhamphani tsa ba sa itekanelanang.
Ho feta tsena tsohle, moruo o matlafetseng o itshetleha ka setjhaba se rutehileng, se nang le bokgoni, le se nang le maitsebelo. Jwale re tsepamisa tshebetso ya rona ho matlafatseng moralo ka ho matlafatsa thuto ya dikonyana ho bana.
Re matlafatsa lenaneo lena la thuto ya dikonyana (ECD) ka tshebediso ya lenaneo la Bana Pele, e leng la ngodiso ya bana ka bongata ditheong tsa ECD, hammoho le tshehetso ya ditjhelete bakeng sa baithuti ba ECD. Ka ho qobella hore ngwana e mong le e mong a qale ho Kereiti ya R, re netefatsa hore bana kaofela ba qala thuto ya bona ka tsela e nepahetseng.
Re matlafatsa matsapa a rona a ho lokisa mokgwa wa thuto ya rona ka ho tsepamisa tshebetso ho ithuteng ha dikonyana, ho baleng, dipalong, hammoho le ho rutwa ka puo ya lapeng le Senyesemane.
Re lebohela Baithuti ba Materiki ba 2025 ka ho fumana sephetho sa persente tse 88.
Ana ke maemo a hodimo a ho pasa nalaneng ya rona, mme sena se bontsha boinehelo ba baithuti ha mmoho le matsapa ao re a entseng ho ntlafatsa ho ruta le ho ithuta dikolong tsa rona.
Jwalo ka ha re thabela ntlafalo maemong a ho pasa ha Materiki, re tlameha ho lwantsha palo e holang ya bana ba tlohelang sekolo nakong eo ba atametseng ho qeta. Baithuti ba bangata ba tlameha ho ngola ditlhahlobo tsa Materiki mme ba kgethe dithuto tsa kang dipalo le saense, e leng tse tla kgona ho ba isa pele haholo.
Hore batjha ba kajeno ba kgone ho fetola setjhaba le bokamoso ba bona, re etsa moralo ka ho matlafatsa maitsebelo.
Re ntjhafatsa tshebetso ya maitsebelo mme re tla ka mokgwa o motjha wa ho hlahisa lenaneo le karolo di pedi, karolo ya ho ithuta le ya ho etsa seo o ithutang sona sebakeng sa mosebetsi.
Re tla tlisa diphetoho mme re fokotse le Ditheo tsa Taolo ya Makala a Thupello ka sepheo sa ho ntlafatsa tsamaiso, ho ntlafatsa ho nka karolo ha bankakarolo ba indasteri, le ho nyolla boleng ba thupello ho etsa hore e ikamahanye le ntshetsopele ya maitsebelo le se hlokahalang moruong.
Sena se kenyeletsa ho ntlafatsa tshebediso ya Dikoletjhe tsa Thupello ya Mesebetsi ya Matsoho (TVET) hore e be motheo wa thupello ya ntshetsopele ya maitsebelo le mesebetsi ya matsoho.
Ho ka tshehetsa taba ya ho ithutela maitsebelo dibakeng tsa mosebetsi, re tla eketsa tekanyetso ya lekgetho la ntshetsopele ya maitsebelo e kgutlelang ho bahiri, re e busetse tekenyetsong ya yona ya pele e leng phesente tse 40.
Re tla boela hape re fetole le Letlole la Naha la Maitsebelo, e be le sebetsang hantle, le tswelang batho molemo ho tshehetsa batjha ba sa sebetseng ho ka fumana maitsebelo a mosebetsi dibakeng tsa mesebetsi le kgiro, re ahela tsena tsohle hodima motheo wa lenaneo le atlehileng la Jobs Boost.
Diphetoho tsena di tla thusa ho netefatsa hore mananeo ao re bang le ona a thupello mmusong e ba mohlodi wa menyetla, e seng ntho feela e se nang molemo.
Ho kgona ho thusa palo ena e eketsehang ya batjha ba pasang Materiki, re atisa menyetla ho bona ya hore ba kgone ho kena ditsing tsa thuto e phahameng.
Ke laetse Letona la Matlotlo le la Thuto e Phahameng hore ba rale leano hore re ahe diyunivesithi le dikoletjhe tsa TVET tse tsepamisitseng thupello ya tsona makaleng a itseng a thupello.
Mathata a maholo ha jwale ke kgaello ya dibaka tsa bodulo ba baithuti ditsing tsa thuto e phahameng. Ke laetse Letona la Thuto e Phahameng ho sebetsana le bothata bona a sebedisana le ditheo tsa ditjhelete ho ka fumana mekgwa ya mahlale e ka thusang mmuso ho ka fumanelang baithuti dibaka tsa bodulo.
Afrika Borwa e matla e ahwa hodima setjhaba se matla, mme setjhaba se matla sona se hlokomela bana ba sona.
Palo e ka fetang kotara ya bana ba nang le dilemo tse ka tlase ho tse hlano ba a fokola, e leng se hatellang kgolo ya bona le hona ho ithuta. Ena ke ntho e ferekanyang ho bana le malapa a bona mme e na le kgahlamelo le setjhabeng ka kakaretso.
Selemong sena re tlo qala letsholo la hore ka 2030 re be re fedisitse ho fokola ha bana le hona ho se fepehe ha bona, e leng se tsamaisanang le Leano la Naha la ho Potlakisa Ntshetsopele ya Bana.
Re tla tsepamisa maikutlo matsatsing a 1 000 a pele a bophelo ba ngwana.
Re ahella hodima motheo oo re seng re e na le ona o kang Pei ya Bana, mme re tla kenya a mang matsapa ka sepheo ho thusa baimana le bana ba hlahang ba fokola hore ba fumane diprotheini le diahammele tseo ba di hlokang.
Ana ke mathata a maholo a hlokang ho rarollowa le ho fumana disebediswa. Kabo ya Bobedi ya Selemo ya Matlotlo e tla hlakisa tekanyetso le mehato e tla nkuwa tabeng ena.
E nngwe ya dintho tse bang le kabelo e kgolo ho fokoleng ha bana, ke ho nwa jwala tlolo, sena se thibela ho hola ha lesea popelong ya mma lona nakong ya boimana.
Tshebediso e bohlaswa ya jwala e baka merusu, dikotsi tsa mebileng, hammoho le bonokwane.
Ho lwantshana le sekgobo sena, re etsa kgoeletso ho mmuso wa diprofensi ho tiisa melawana ka ho fokotsa dibaka tse rekisang jwala, ba fokotse dinako tsa ho rekisa mme ba se dumelle le ho rekiswa ha jwala ka hara dikhonteina tse kgolo.
Jwalo ka mmuso wa naha, re tlile le ditshisinyo tsa ho fokotsa tshebediso e bohlaswa ya jwala, jwalo ka ho beha manane kapa ho nyolla lekgetho, ho fokotsa dipapatso tsa jwala, mme re ntse re buisana le bankakarolo indastering ena ka ditshisinyo tsena.
Jwalo ka ha re e qadile ka nako ya COVID-19, Pei ya Kimollo e thusitse dimilione tsa Maafrika Borwa tlaleng.
Jwalo ka ha e le molemo ho ntlafatsa maphelo a batho le thuso mafutsana, pei ena e tlo tswela pele.
Selemong sena, re tlo rala pei ena botjha hore e tswele ba e fumanang molemo, e thuse ntshetso peleng ya maitsebelo, menyetla ya mesebetsi le e meng melemo.
Re a tseba hore tjhelete ena ya pei e sebedisetswa haholo dijong le dipalangweng. Ditoropong le ditorotswaneng tsa rona, batho ba dula hole le moo ba sebetsang teng.
Re tsosolosa ditoropo tsa rona mme re fokotsa le ditjeo tsa ho phela bakeng sa malapa a sebetsang ka ho atolosa lenaneo la phumantsho ya matlo le ntlafatso ya diterene tsa rona.
Re tla le mofuta o motjha wa matlo moo batho ba tshehetswang ka tjhelete hore ba a reke le hona ho hira dibakeng tse ba loketseng.
Re tlohela taba ya ho ahela batho matlo, jwale re tlo ba tshehetsa ho ikahela, ho a reka kapa ho a hira ka sepheo sa ho ba beng ba ona.
Maobane ho ne ho fela dilemo tse 60 sebaka sa District Six se bitswa sa Makgowa.
Dimitareng tse makgolo a mmalwa ho tloha moo re le teng ka ona motsotso, batho ba fetang 60 000 ba ne ba tloswe ka sheshe mme ba iswa Cape Flats.
Ho fediswa ha District Six ke sehopotso se bohloko sa boikarabelo ba rona kaofela ba ho fodisa maqeba a nako e fetileng hammoho le ho bopa setjhaba se bopahaneng.
Tseko ya pusetso ya mobu e neng e ritelwe ka 1998 e paka tokelo ya batho ba District Six ya hore bona le meloko ya bona ba kgutlisetswe sebakeng sa bona. Ho kgutliswa hona ho tla behwa leihlo ke lekgotla la dinyewe mme ho tlameha ho ba le moralo a nepahetseng wa ho etsa sena mme ho be le matsete a anetseng.
Matlo a mangata a se a fedile mme a fetiseditswe ho beng ba ona ba hlwahilweng ka nepo. Jwalo ka ha re na le dimilione tse R500 tse abetsweng mosebetsi ona, jwale re tswela pele le Mokgahlelo wa 4 wa kaho ya rona. Ho kgutlisetswa ha batho District Six ke seo kaofela ha rona re tlamehang ho ba le boikarabelo ba hore se a etsahala.
Re sebeletsa ho aha setjhaba se phetseng hantle.
Jwalo ka karolo ya ho lokisetsa Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle, re ntlafatsa ditsi tsa rona, re eketsa basebeletsi le ho ntlafatsa tshebetso ka sepheo sa hore batho bohle ba kgone ho fumana tshebeletso e maemong ya bophelo bo botle.
Re tlo kenya tjhelete e ngata ho meralo ya motheo ya bophelo bo botle, re tsepamisitse tshebetso haholo tsoseletsong le kahong botjha ya dipetlele tse rutang. Ketelong ya rona ya haufinyane mane Sepetleleng sa George Mukhari mane Ga-Rankuwa, ke bone maemo a mabe haholo a meralo ya motheo a sepetlele seo.
Re tla qala ka sona Sepetlele sa George Mukhari mme re tla sebedisana le lekala la poraefete ho tsoseletsa ditsi tsena tsa bophelo bo botle.
Jwalo ka naha, re fihlile mothating oo re ka nahanang ka naha e se nang AIDS.
Ka tshehetso ya mananeo a rona a ho thibela le hona ho fokotsa Kokwanahloko ya HIV, re tlo kena letsholong la ho aba ente ya Lenacapavir, ente e dulang dikgwedi tse tsheletseng mading eo ho fumanehileng hore e kgona ho thibella tshwaetso ya HIV.
Re boetse hape re sebeletsa ho qeta mofetshe wa popelo naheng ya rona ka ho tswa letsholo ka tshebedisano le setjhaba ho nehefatsa hore banana bohle ba dilemo di pakeng tsa tse 9 le tse 15 ba fumana ente ya HPV.
Selemong se fetileng, re ile ra tlaleha ha Tlhefekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF) e le koduwa ya naha.
Ka ho etsa sena, re kgona ho fumana tsela e potlakileng ya ho kenella dibakeng tse hlokang ho kenellwa ka potlako.
Re ahela hodima Leano la Naha la Maano a GBVF, re tla kopanya makala ohle a setjhaba ka ho buisana le ona re kenyeletsa le setjhaba hore re lwantshe diketso tsena tse kotsi.
Re tla tswelapele ho kgothaletsa tshehetso ya basadi ho tsa moruo ka ho ba fumantsha thupello, tshehetso ya ditjhelete le ho ba bolokela dithendara tse ba lokelang.
Re tla matlafatsa qobello ya molao ka ho potlakisa diphuputso tsa dinyewe, re ntlafatse tsamaiso ya tsona, re atolose makgotla a dinyewe a ditlolo tsa molao tse mabapi le tlhekefetso ya bong hammoho le ho tiisa letsoho ho ba phetaphetang ditlolo tsena tsa molao.
Re tla matlafatsa le ditsi tse hlokomelang mahlatsipa, re netefatse hore ba kgona ho fumana dikgeo dibakeng tsa tlhokomelo, ho be le ditsi tse fanang ka ditshebeletso tsohle, ho be le matsholo a ho kopana le setjhaba dibakeng tsa mahaeng le ho ba le Basebeletsi ba Ntshetsopele ya Setjhaba diteisheneng tsa sepolesa.
Bajaki ba seng molaong ba beha tshireletso ya naha, botsitso le kgolo ya moruo kotsing.
Re tla lwantshana le mathata ana re ntse re hlokometse taba ya hore ditokelo tsa batho bohle ba naheng ena di a hlontjhwa le hona ho sireletswa.
Selemong sena re tla nka mehato ho sireletsa madiboho a rona. Tjhelete ya ho sireletsa madiboho a rona e tla ba ntho e ka sehloohong, ho kenyeletsa le meralo ya motheo, thekenoloji le batho.
Madiboho a rona a maholo a tlameha ho ntlafatswa ka tshebedisano le lekala la poraefete mme re tla kenyeletsa mokgwa wa ho Amohela Dikopo tsa Maemo a Matjhaba ka mokgwa wa Elektroniki boemafofaneng bohle ba rona le madibohong a mang a dikoloi.
Re se re qadile ho sebedisa di-drone le thekenoloji ho lebela madiboho a rona mme hoo ho hlile ho re tswela molemo.
SAPS, Lefapha la Ditaba tsa Lehae (DHA) hammoho le Bahlahlobi ba Lefapha la Kgiro ba tla sebetsa mmoho ho lwantsha ditlolo tsa molao tsa bojaki, mesebetsing le tse ding.
Bahiri ba hirang melata e se nang mangolo a hlokahalang ba tla kopana le pela di falla. Ho etsa mosebetsi ona o be bobebe, re tla hira bahlahlobi ba tsa kgiro ba 10 000 selemong sena.
Jwalo ka ha re etsa matsapa ana, re netefatsa hore batho bohle ba ikobela melao yohle ya naha ena.
Ha re no dumella merusu le ditlolo tsa molao tse lebisitsweng ho melata.
Ha ho molata o tla thibelwa ka tsela e seng molaong ho kena ditsing tsa setjhaba, ho kenyeletsa dikolo le ditshebeletso tsa bophelo bo botle.
Hore re kgone ho aha Afrika Borwa e matla, re tlameha ho ba le mmuso o tshepahetseng, o setletseng, le o nang le bokgoni.
Mmuso o nang le bokgoni o hloka basebeletsi ba tshepahetseng, ba nang le boinehelo le ba nang le maitsebelo a nepahetseng le tjheseho ya ho sebetsa.
Selemong se fetileng, re pasisitse molao wa ho etsa hore Ditshebeletso tsa Mmuso di fumanehe ka mokgwa wa seprofeshenale.
Sehlomathiso sa Molao wa Basebeletsi ba Mmuso o tla thibela boitshunyako ba boradipolotiki kgirong ya batsamaisi ba maemo a hodimo ba mmuso mme sena se tla etsa hore ho kgonehe ho hirwa ha batho ho ya ka bokgoni ba bona.
Ke setlamo ho etswa dihlahlobo tsa tsela eo o phelang ka yona ho batsamaisi ba maemo a hodimo ba mmuso mme selemong se fetileng, ke phesente tse 93 tsa bona tse kgonneng ho etsa sena selemong se fetileng.
Re batla ho etsa polokelo e le nngwe ya dintlha tsa kgalemo mosebetsing bakeng sa mafapha le makala ohle a mmuso. Sena se tla thibela hore ba lelekilweng ka mabaka a kgalemo ba se kgone ho hirwa hape leha e le karolong e fe feela ya mmuso.
Re ntse re tswelapele ho ntlafatsa tshebetso ya dikhamphani tsa mmuso (di-SOE) tse kang Eskom, Transnet, Denel, Prasa le tse ding tse ngata.
Sena se kenyeletsa ho ba le pehelo mabapi le kgiro ya batsamaisi ba ditheo tsena ka sepheo sa hore ho tle ho kgonehe ho hira batho ba nang le mangolo le maitsebelo a hlokahalang.
Re tla tswelapele ho sebetsa ka mekgahlelo ho theha mokgwa wa ho laola ditheo tsena tsa mmuso sebakeng se le seng ka sepheo sa ho ntlafatsa maemo a tsona a tshebetso, a tsamaiso hammoho le ho netefatsa botsitso ho tsa ditjhelete le hore di etse seo di tlamehang ho se etsa.
Sena se kenyeletsa ho phethelwa ha Tshisinyo ya Molao wa Naha wa Taolo ya Dikgwebo tsa Mmuso o tla tsamaisana le mohato ona.
Re tla tiisa taba ya tshebediso ya mokgwa wa dijithale bakeng sa kgodiso ya moruo, ho kenyeletsa bohle le phano e matla ya ditshebeletso.
Selemong sena, DHA e tla thakgola mokgwa wa Digital ID, e leng mokgwa o bolokehileng le o sireletsehileng wa ditshebeletso tsa dijithale bakeng sa Maafrika Borwa ohle.
Re tla etsa hore mangolo a ho kganna, lengolo la Materiki hammoho le ditshebeletso tsa Ofisi ya Molaodi wa Mafa le Ditjhelete tsa Matlole, di fumanehe ka mokgwa wa dijithale. Setjhaba se tla kgona ho tlatsa diteitemente tsa sepoleseng ho inthanete mme le ha motho a kenya kopo ya pei tsa mmuso, Akgente ya Afrika Borwa e Laolang Dipei e tla kgona ho hlahloba hore o tshwanetse ho e fumana o ntse o le lapeng.
Ditshebeletso tsena kaofela di tla fumana motjheng wa MyMzansi.
Haufinyane, Maafrika Borwa a tla kgona ho fumana ditshebeletso tsa mmuso ntle le ho ya dikantorong tsa mmuso kapa hona ho tlatsa diforomo tsa pampiri.
Selemong sena feela, makala a dibanka a fetang lekgolo a tla kgona ho fana ka Dikarete tsa Boitsebiso le mangolo a ho eta (dipaseporoto), e leng se tla fokotsa mela e melelele le nako.
Re tla boela re sebetsa le mekgatlo ya setjhaba ho netefatsa hore setjhaba le ditokelo tsa sona di a bolokeha ka mokgwa wa dijithale.
Hore Afrika Borwa e be matla, kontinente ya Afrika e tlameha ho ba le kgotso mme e atlehe.
Ho ntshetsapele makgabane a Molaotheo wa rona, le ho ntshetsapele ditabatabelo tsa naha ya rona, re hloka lefatshe le nang le toka, moshwelella le le kenyeletsang bohle.
Lefatsheng lena le fetofetohang, Afrika Borwa e eme ho ntlhakemo ya yona ya nakong ya yona ya Bopresidente ba G20 hammoho le Leano la rona la Dikamano tsa Matjhabeng e leng: Bonngwe, Tekatekano, Moshwelella.
Ka boemo ba rona ho Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU) hammoho le wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ho Afrika (SADC), re ntshetsapele kgotso, kopano le botsitso lebatoweng lena.
Re sebedisa dikamano tsa rona tsa matjhabeng ho tshehetsa ditabatabelo tsa rona tsa moruo wa lehae o kenyeletsang tlhahiso, dipapatso hammoho le ho atolosa thomello ya thepa dinaheng tsa kantle.
Re ba le kabelo ho kengweng tshebetsong ha Leano la Kgwebisano e sa Lefellweng ya Dinaha tsa Afrika ka sepheo sa ho atolosa kgwebisano pakeng tsa dinaha tsa Afrika le ho eketsa diindasteri tsa rona, esitana le ho theha mesebetsi.
Difeme tsa Afrika Browa – dibanka tsa rona, borapolasi le bahlahisi ba thepa – e tla be e le bona ba tswang pele ho fepeleng mmaraka wa Afrika wa batho ba dibilione di 1.4 bao dilemo tsa bona di ba dumellang ho sebetsa di tla ikatisang habedi dilemong tse 25 tse tlang.
Re theha dikamano tse ntle tsa tshebedisano le ho kgola molemo le dinaha tsohle ha re tla tabeng ya tekatekano le hlompho.
Lefatsheng lena leo ho lona dinaha tse matla di sebedisang matla le tshusumetso ya tsona ho shebela tse nyane tlase, ntlhakemo ya rona ya ho ba naha e ikemetseng ha e tjhentjhe. Ha se taba e ka sekasekwang.
Re tla ema re tihe ka taba ya ho ikemela ha naha ya rona mme re tla phahamisa ditabatabelo, makgabane hammoho le ditokelo tsa batho ba yona.
Ya rona taba e hlakile hore re tla tswelapele ho hlompha ditokelo le ho ikemela ha dinaha tse ding, empa leha re rialo, re batla ho hlakisa hore ha re na dumella ho hloriswa ke naha e nngwe.
Re tla sebedisana le dinaha tse nang le ntlhakemo e tshwanang le ya rona ka sepheo sa ho ba le kabelo ho fokotseng merusu boemong ba matjhaba.
Re aha ho Bopresidente ba rona ba G20, bo bontshitseng katleho e kgolo, re tla tswelapele ho ntshetsapele ditabatabelo tsa dinaha tse ka Borwa Lefatsheng.
Tsona di kenyeletsa moruo o kopantseng bohle, kimollo ya dikoloto, twantsho ya ho fetofetoha ha maemo a lehodimo, diphetoho tsamaisong ya ditheo tsa matjhaba, hammoho le ntlafatso ya diminerale tsa bohlokwa moo di hlahang teng.
Ho nka malebela ho Komiti e Ikgethileng ya G20 e Mabapi le ho se Lekalekane Lefatsheng, re sebedisana le mahlahana a rona maemong a matjhaba ho theha Komiti ya Matjhaba ya ho se Lekalekane.
Ena ke tshiya ya bohlokwa maemong a matjhaba bakeng sa ho fokotsa ho se lekalekane pakeng tsa dinaha. Re tswelapele ho kgothaletsa dipuisano pakeng tsa dinaha hammoho le tlwaelo ya ho thusana.
Molaetsa wa Afrika Borwa o hlakile, e bile ha o fetohe ha re tla tabeng ya molao wa matjhaba, toka le ditokelo tsa botho.
Afrika Borwa e tla tswelapele ho tshehetsa matsapa a kgotso le ho thibela merusu ha Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba (UN), AU le SADC. Re motlotlo ka karolo e bapetsweng ke sesole sa rona matsholong a ho theha kgotso Kontinenteng ya Afrika ho tloha haesale demokrasi ya rona e qadile.
Re ile ra kopa UN ho re dumella ho ntsha sesole sa rona Letsholong la Kgotso mane Democratic Republic of the Congo ka sepheo sa ho tla matlafatsa Lebotho la rona la Tshireletso.
Ha re no ikuka re lokolohile ha feela batho ba Palastina, Cuba, Sudan, Bophirima ba Sahara le dibakeng tse ding ba phela tlasa ntwa le dikgatello.
Maafrika Borwa a heso,
Naha ya rona e fihletse mothati wa diphetoho.
Re furalla nako ya phokotseho mme jwale re kena nakong ya kgolo.
Re entse matsapa ho lwantsha ditlamorao tsa ho hulwa ha mmuso ka nko, sewa sa COVID-19 le merusu ya 2021, hammoho le dikgohola tse sa tswa feta.
Re sheba ka lehlakoreng la tshepo le la netefaletso ya bokamoso bo betere ho bohle.
Kgatelopele eo re seng re e fihletse dilemong tse hlano tse fetileng, e re file tshepo le kgothatso. Jwale ena haesale nako ya ho phomola.
Jwale ke nako ya hore Maafrika Borwa ohle a nke karolo ho iseng naha ena pele.
Selemong se fetileng, re ile ra phetla leqephe le letjha la demokrasi ya rona ka ho hlomamisa Puisano ya Setjhaba kopanong e neng e kopanya Maafrika Borwa a maemo ohle, a emetseng dikarolo tsohle tsa setjhaba.
Selemong sena, taba ya Puisano ya Setjhaba e tla phatlalla le Afrika Borwa kaofela, e fihlelle dibakeng tsohle, dikolong tsohle, diyunivesithing, dikoletjheng le dikarolong tsohle tsa setjhaba.
Tlasa tataiso ya Sehlopha sa Kopanelo sa Puisano, se thehilweng ka ditho tsa setjhaba tse tummeng, se etelletswe pele ke Komiti ya teng ya Tshebetso, dipuisano tsena di tla neha setjhaba monyetla wa ho hlahisa dingongoreho, ditabatabelo hammoho le meraro ya bokamoso ba sona.
Dipuisano tsena di tla phethelwa ka Kopano e Kgolo ya Naha moo maikuto ao ohle a tlang ho kopanngwa mmoho ho tla hlakisa tsela e tlamehang ho nkwa bakeng sa ho aha Afrika Borwa e betere. Dipuisano tsena di tla re tataisetsa tabeng ya ho theha leano la katleho ya naha ena ho kenyeletsa le mokgahlelo o latelang wa Leano la Naha la Ntshetsopele la kamora 2030.
Ho tsamaisa puisano ena ya naha, ha re a tlameha ho sebedisa makgabane a Molaotheo wa rona feela, empa le ho matla a dipapadi a ho kopanya setjhaba ha mmoho le makgabane a hoba setjhaba se le seng empa se fapaneng ho ya ka botjhaba ba sona bo fapafapaneng.
Jwalo ka ha re thabela bohle ba fihletseng maemo a tlholo maemong a matjhaba, re tlameha ho thabela ka moo dipapadi le mekete ya botjhaba di kopanyang setjhaba ka teng.
Jwalo ka ha re hopola moya wa basadi ba 1956, batjha ba 1976 hammoho le Molaotheo wa rona wa 1996, selemo sa 2026 e tlameha ho ba sa diphetoho.
Sena e tlameha ho ba selemo seo ka sona Afrika Borwa e tlamehang ho ba matla. Re tlameha ho lokisa bommasepala ba rona. Re tlameha ho lwantsha bonokwane, bobodu mme re tsoseletse ho tshetjwa ha ditshebeletso tsa rona tsa toka le twantsho ya bonokwane. Re tlameha ho theha mesebetsi re lokise le dibaka tsa moo re phelang teng bakeng sa Maafrika Borwa ohle, mme hape re tlameha ho theha mmuso o sebeletsang batho.
Ho feta tsohle, re tlameha ho netefatsa hore katleho ya rona e fumanwa ke Maafrika Borwa ohle.
Ha moruo wa rona o hola, o tlameha ho kenyeletsa le bohle ba neng ba qheletswe ka thoko dilemong tse ngata.
Twantsho ya rona ya bonokwane e tlameha ho bonahala makeisheneng, dibakeng tsa baipehi, esitana le ditoropong.
Dikolo le dipetlele tsa rona di tlameha ha di a tlameha ho kgetholla batho.
Ka mokgwa ona, re ka aha setjhaba se matla, se setletseng, le se nang le tekatekano – e be setjhaba se ipabolang hara matjhaba.
Re nkile mothinya, mme jwale re tlameha ho sheba pele re eketse lebelo.
Ha e lale.

