A. Maemo a Renang
1. Moruo
1.1. Kgolo ya moruo
1.1.1. Kabinete e amohetse dipalopalo tsa morao tjena tsa Paloyohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) tse bontshitseng ha moruo o hodile ka 0.8% kotareng ya bobedi ya selemo sa 2025, e leng ntlafalo ha ho bapiswa le kgolo ya 0.1% kotareng ya pele.
1.1.2. Kgolo ya 0.8% ya GDP e bontsha ntlafalo makaleng ohle a bohlokwa a kang, la tlhahiso, merafo le la kgwebisano. Tshebediso ya tjhelete malapeng le yona e eketsehile e leng se bontshang hore batho ba na le tjheletenyana e betetshana e ba sallang mme tsena di bontshitswe ke dipalopalo tsa manane a theko.
1.1.3. Kabinete e boetse e amohetse qeto ya Fitch ya ho nka Afrika Borwa e le boemong bo hantle ho latela maemo a yona a sekoloto sa lehae le sa matjhabeng sa nako e telele.
1.1.4. Maemo ana a bona a tsheheditswe ke mokgwa o motle oo mmuso o sebetsanang le dikoloto tsa ona tsa lehae ka ona, le ditheo tsa ona tsa ditjhelete tse tshepahetseng ho kenyeletsa le maano a tsona a hantle a ditjhelete. Ho ya ka Fitch, ho se ho na le kgatelopele e etsahetseng ho latela mokgahlelo wa bobedi wa Operation Vulindlela, oo diphetoho tsa ona di tsepamisitsweng ho lokisweng ha infrastraktjha (motlakase, ho thothwa ha thepa, metsi) e leng se ileng sa fokotsa ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa mme hape ha eketsa le thepa e thothwang, tsena kaofela ke tse entseng Fitch e kgone ho tsepamisa mahlo kgolong ya tshebeletso.
1.1.5. Mohato ona wa Fitch o bontsha hore boramatsete ba tshepa tsela eo naha ya rona e laolang ditjhelete ka yona, le kamoo ditsi tsa yona di matlafetseng ka yona.
1.2. Boikitlaetso ba Mopresidente ba Khiro ya Batjha
1.2.1. Kabinete e amohetse Tlaleho ya Moraorao ya Kgatelopele ya Kotara ya Boikitlaetso ba Mopresidente ba ho Kenella Khirong ya Batjha ya Mmesa ho ya ho Phuptjane 2025. Sena se bontsha kgatelopele matsapeng a ho thehela batjha ba Afrika Borwa mesebetsi.
1.2.2. Ke batjha ba fetang 5.64 milione ba ingodisitseng boikitlaetsong ba Neteweke ya Naha ya Motjha wa Bolaodi (NPMN), e leng se fetang hole lenane le neng le shebuwe la la 5 milione. Ke batjha ba fetang 1.91 milione ba seng ba kgonne ho fumana mesebetsi ya nakwana, e leng se bontshang ho atleha ha lenaneo la mmuso la ho fedisa mathata a ho se sebetse ha batjha.
1.2.3. Kotareng ena feela, ke batjha ba fetang ba 234 000 ba fumaneng menyetla ka lenaneo lena la NPMN. Menyetla ena e kenyeletsa ho fumantshwa maitsebelo a mosebetsi, thupello le menyetla e etsang lekeno mme tsena tsohle tse ba thusang ho fumaneng mesebetsi. Kabinete e bontsha diteboho ho bankakarolo bohle ka ho tswela pele ka kabelo ya bona mme e netefatsa boinehelo ba mmuso ba ho lwantshana le ho se sebetse ha batjha ka ho kenella ka mekgwa e bonahalang le ya ntjhafatso.
2. Dikamano tsa matjhabeng
2.1. Tulo ya bo-80 ya Kopano Kakaretso ya Mokgatlo wa Matjhaba A Kopaneng (UNGA 80)
2.1.1. Afrika Borwa e tla nka karolo tulong ya bo-80 ya Kopano Kakaretso ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNGA-80) e tla kopana tlasa mookotaba o reng “Re betere mmoho: dilemo tse 80 le ho feta tsa kgotso, ntshetsopele le ditokelo tsa botho” ho tloha ka la 23 ho isa ka la 29 Lwetse 2025 mane New York, Amerika. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya Afrika Borwa.
2.1.2. Afrika Borwa e tla sebedisa lepatlelo lena ho matlafatsa boinehelo ba yona tshebedisanong ya dinaha tsa matjhaba, tlhompho ya ditokelo tsa botho, boikarabelo ba kopanelo bakeng sa ntshetsopele ya moshwelella, tharollo ya diqabang ka mokgwa wa kgotso haholoholo dibakeng tse kang botjhabela ba DRC, Sudan, le Palestina. Ka hodimo ho moo, Afrika Borwa e tla sebedisetsa UNGA-80 ho bapatsa maikemisetso a Afrika Borwa ka Bopresidente ba yona ba G20.
2.1.3. Mopresidente o tla ba le dipuisano le baetapele ba dinaha tse ngata mme a kopane le Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO) ba dikhamphani tse itlhommeng pele tsa matjhaba.
2.1.4. Matona a mabedi, Tau le Lamola ba se ba ile dinaheng tsa matjhaba esale pele ho ya buisana ka kgwebisano pakeng tsa Afrika Borwa le Amerika le dikopano tse ikgethileng tsa UN.
2.1.5. Matona a mang le ona a tla etsa tlaleho ya ditherisano tsa ona nakong ya UNGA.
3. Toka le Thibelo ya Bonokwane
3.1. Khomishene ya Dipatlisiso ya Madlanga
3.1.1. Kabinete e amohetse ho qala ha Khomishene ya Boahlodi ya Dipatlisiso tsa Boitshunyako ba Dipolotiki, Bonokwane le Bobodu Ditshebeletsong tsa Toka – e tsebahalang ka Khomishene ya Madlanga.
3.1.2. Kabinete e etsa boipiletso ho mang kapa mang ya nang le dintlha ho thusa khomishene ka ho di romela ho: madlangacommission@behonest.co.za kapa ba letsetse nomoro ya 0800 111 369.
3.2 Khomishene ya Khampepe
3.2.1 Kabinete e amohetse ho qala ha Khomishene ya Khampepe e mabapi le le dintlha tsa Nnete le Poelano (TRC).
3.2.2 Khomishene e se e bile le dikopano le ba tlisitseng ditletlebo le baemedi ba mmuso.
4. Taolo
4.1. Kopano ya Phethahatso ya Naha le Lekgotla la Phethahatso la Provense ya Leboya Bophirima
4.1.1. Kabinete e amohetse sephetho sa kopano pakeng tsa Kabinete ya Naha le Lekgotla la Phethahatso la Provense ya Leboya Bophirima. Ena ke kopano ya bosupa ya kabinete le makgotla a phethahatso a diprovense ka sepheo sa ho matlafatsa tshebedisano le ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso, e leng dintho tse ka sehloohong tsa Palamente ena ya bosupa.
4.1.2. Kopano ena e tiisa boinehelo bo botjha ba ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso ka hara provense. E netefatsa tshebedisano e matla maemong ohle a mmuso ka sepheo sa ho fana ka meralo ya bohlokwa ya motheo e kang ho tsoseletswa ha mebila, phepelo ya metsi le motlakase ka sepheo sa ho matlafatsa diindasteri tsa provense ena.
4.1.3. Kopanong ena ho ile ha etswa boinehelo ba ho sebedisana ka matla le provense ya Leboya Bophirima ho netefatsa hore mathata ohle a bommpasepala ba provense ena a a raroloha.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Moralo wa Lewa la Naha la Boetapele ba Dikgwebo
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha moralo wa Lewa la Naha le Boetapele ba Dikgwebo (NES) le ho Kenngwa Tshebetsong ha lona bakeng sa maikutlo a setjhaba. Sepheo sa lewa lena ke ho kgothaletsa batjha le dikgwebo tse neng di tinngwe menyetla ho nka karolo ho tsa moruo ka ho ba fa merokotso ka sepheo sa ho ba le Dikgwebo tse Kgolo, tse Nyane, le tse Mahareng (di-MSME) tsa moshwelella.
Ho feta moo, NES e etsa ditshisinyo tsa mokgwa wa ho kgothaletsa boetapele ba dikgwebo Afrika Borwa ka ho theha tikoloho e tshehetsang boetapele ba dikgwebo le ho fana ka tshehetso ho di-MSME hore e be tsa moshwelella. Sena se tla fihlelleha ka ho tsepamisa maikutlo ho ditshiya tse hlano tsa bohlokwa e leng: (i) Ho atolosa thupello le kwetliso ho tsa boetapele ba dikgwebo; (ii) Ho potlakisa phapanyetsano ya thekenoloji le ntjhafatso; (iv) Matlafatso ya phihlello ya ditjhelete le mebaraka; le (v) Ho kgothaletsa tsebo ka tsa tshebedisano. Ka kakaretso, sepheo sa lewa lena ke ho matlafatsa ho kena ha batho dikgwebong tse ingodisitseng, ho lwantshana le leqeme le hodimo la mesebetsi ho batjha ka ho ba kgothaletsa ho boetapele ba dikgwebo, ka ho fana ka mawa le mahlale a ho kenyeletsa mesebetsi ya mafapha a mang le bankakarolo ba bang. Ho feta moo, sepheo sa lewa lena ke ho hokahanya ntshetsopele ya boetapele ba dikgwebo mona naheng, ho kenyeletsa dikgothaletso tsa ho kenyeletsa dikgothaletso tsa dithuto tsa boetapele ba dikgwebo kharikhulamong ya Lefapha la Thuto ya Motheo le la e Phahameng, e le ho eketsa kgetho ya seo motho a ka ithutelang sona.
C. Dibili
1. Bili ya Naha ya Ntshetsopele ya Moruo le Lekgotla la tsa Basebetsi
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha moralo wa Bili ya Naha wa Ntshetsopele ya Moruo le Lekgotla la tsa Basebetsi (Nedlac), ya selemo sa 2025 bakeng sa maikutlo a setjhaba.
1.2. Bili ena ya moralo e tla hlakola Molao wa NEDLAC wa 1994 le ho sisinya boipapiso ba ditlhophiso tsa NEDLAC le diphetoho tse seng di etsahetse ho ya ka taelo ya semolao ya molaotheo ho tloha ka selemo sa 1994.
1.3. Bili ena ya moralo e boetse e laela Letona ho etsa Melawana mabapi le kamohelo ya ho ba setho le meedi ho kenyeletsa ho ba le dipuisano le ho mamela maikutlo a setjhaba ka sepheo sa ho ba le tsamaiso e nang le ponaletso.
D. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Mofumahadi Udisha Chathuri jwalo ka Modulasetulo wa Patent Examination Board.
2. Ho eketswa ha konteraka ya Motsamaisi Kakaretso wa Lefapha la Thuto ya Motheo, Ntate Hubert Mathanzima Mweli bakeng sa dilemo tse hlano.
3. Ho tlatswa ha dikgeo ho Boto ya Setheo sa Naha sa Afrika Borwa sa Diphedi tsa Tlhaho (SANBI)
3.1 Ngaka Mamphaka Tau (Modulasetulo)
3.2 Moprofesara Edward Nesamvuni
3.3 Monghadi Eugene Vincent Jooste
3.4 Mofumahadi Shamala Naidoo
3.5 Mofumahadi Ayanda Ntanda
3.6 Mofumahadi Eva Dorothy Khosa
3.7 Ngaka Andrew Kirkwood Muir
3.8 Mofumahadi Gertrude Bulelwa Koyane
3.9 Moatefokate Candice Kirsty Slum
4. Ho tlatswa ha dikgeo ho Boto ya Naha ya Diphaka tsa Afrika Borwa
a. Mofumahadi Beryl Ferguson (Modulasetulo wa nakwana)
b. Monghadi Livhuwani Matsila
c. Mofumahadi Hulisani Mushiana
d. Ngaka Sibongile Lynette Masuku
e. Mofumahadi Nozipho Rachel Nxele
f. Monghadi Mokgema Mongane
g. Moatefokate Catherine Warburton
h. Monghadi Thomas Ignatius Bouwer
i. Monghadi Raymond Maboe
j. Monghadi Ashley Latchu; le
k. Mofumahadi Goitsemang Mathebula
E. Diketsahalo tse tlang
1. Ho tlotlwa ha Batshwaruwa ba Mehleng ba Dipolotiki
1.1 Lefapha la Dipapadi, Bonono le Setso ka tshebedisano le Mokgatlo wa Batshwaruwa ba Mehleng ba Dipolotiki le Musiamo wa Robben Island, ba tla tshwara kopano le batshwaruwa ba mehleng ba dipolotiki ka la 27 Lwetse mane Robben Island.
1.2 Ka kopanong eo ho tla be ho tlotlwa batshwaruwa ba mehleng ba fetang 1 700 ba neng ba kwaletswe Robben Island le ditjhankaneng tse ding ho phatlalla le naha. Ho kopana hona ha bona, ke karolo ya ho baballa nalane ya ntwa ya tokoloho ya rona le ho hopotsa MaAfrika Borwa hore tokoloho eo a e thabelang kajeno ha e a fumaneha mahala. Ho na le banna le basadi ba ileng ba tela bolokolohi ba bona hore Afrika Borwa e fumane tokoloho.
1.3 Kopanong ena ya bona ho tla ba le mekaubere e tswang dinaheng tse kang Namibia, Lesotho, le Botswana, ho bontsha tshebedisano e neng e le teng dinaheng tse ka borwa ntweng kgahlano le bokoloniale.
2. Lenaneo la ho Etela Badudi la Toka Thibelo ya Bonokwane le Tshireletso
2.1 Lekala la Toka Thibelo ya Bonokwane le Tshireletso (JCPS) le tla tshwara Lenaneo la Ketelo ya Setjhaba ka la 18 Lwetse 2025 Lebaleng la Dipapadi la 2010 la Mthatha, Kapa Botjhabela jwalo ka Lewa la Kopanelo la Thibelo ya Bonokwane le Dikgoka (ICVPS).
2.2 Ka kopano ena le setjhaba, ho ikemiseditswe ho matlafatsa tshebedisano e sa feleng le setjhaba ka sepheo sa ho fumana tharollo ho tliseng polokeho ya moshwelella setjhabeng, ho tsepamisitswe maikutlo haholo Mthatha, jwalo ka ha e hlwailwe jwalo ka setsi sa bonokwane.
3. Dikopano tsa Boitokiseletso ba Seboka sa Baetapele ba G20
3.1 Dikopano tse latelang tsa boitokisetso ba G20 di ile tsa tshwarwa dibekeng tse mmalwa tse fetileng:
3.1.1 Kopano ya Boraro ya Sehlopha sa Tshebetso sa Bohahlaudi o ne o tshwerwe ka la 11 Lwetse 2025 mane Mpumalanga moo ho neng ho etswa boitokiseletso ba Kopano ya G20 ya Matona a Bohahlaudi e neng e le ka la 12 Lwetse 2025.
3.1.2 Kopano ya G20 ya Matona a Bohahlaudi e neng e tshwerwe ka la 12 Lwetse 2025 mane Mpumalanga, e ne e phethela leano la ho ba le ntshetsopele ya moshwelella ya bohahlaudi dinaheng tse ding tsa G20.
3.1.3 Kopano ya Boraro ya Matjhaba ya Selekane sa Kenyeletso ho tsa Ditjhelete e ne e tshwerwe ka la 11 ho isa ka la 12 Lwetse 2025 mane Kapa Bophirima ho tla le mekgwa le ditharollo molemong wa kgodiso ya moruo o kenyeletsang bohle.
3.1.4 Metsemeholo ya Johannesburg le wa Tshwane e ne e tshwere ka kopanelo Seboka sa Boramotse sa (Urban 20) (U20) ka la 12 ho isa ka la 14 Lwetse 2025 mane Johannesburg. Kopano ena e ile ya kopanya mmoho boramotse ba ditoropo tsa G20 ka kopanelo ho tla sekaseka diphephetso tse tobaneng le ditoropo tse kgolo le ho netefatsa hore ditabatabelo tse kgolo tsa ditoropo tsena le tsona di a kenyeletswa mananeong a G20.
3.1.5 Foramo ya Lefatshe ya Ditjhelete ya di-SME e ne e tshwerwe ka la 15 ho isa ka la 17 Lwetse 2025 mona Gauteng mme yona e ne e kopantse bankakarolo ba ka bang 1 200 ho tswa dinaheng tse fetang tse 60 le ditheo tsa ditjhelete tse fetang 240. Jwalo ka karolo ya diketsahalo tsa Bopresidente ba Afrika Borwa ba G20, foramo ena e ile ya lekola mekgwa ya ho sekaseka mekgwa ya ntjhafatso ya ho sebetsana le tsa ditjhelete, tse kenyeletsang ditsi tse fapafapaneng tsa ditjhelete le mananeo a tla thusa hore ho fihlellehe menyetla ya ditjhelete e neng e sa finyellehe nakong e fetileng.
E. Melaetsa
1. Kgoeletso ya ho kenya Dikopo
a. Baithuti ba lekala le phahameng la thuto le bohle ba etsang materiki ba koptjwa hore ba kenye dikopo tsa dithuso tsa ditjhelete ho Letlole la Naha la Thuso ya Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) bakeng sa selemo sa dithuto sa 2026 ha ho bulwa ho tloha ka la 15 Lwetse 2025 mme ho tla kwalwa ka la 15 Pudungwana 2025.
b. Batswadi, matitjhere, baahisani le setjhaba ka kakaretso ba koptjwa ho tshehetsa baithuti ho kenya dikopo tsa bona ho NSFAS.
2. Matshediso
Kabinete e fetisetsa matshediso le kutlwelobohloko ho lelapa le metswalle ya
• Setjhaba le mmuso wa Qatar ka tahlehelo ya bona ho latela ho futuhelwa ke Sesole sa Isiraele mane Doha sebakeng sa baahi.
• Sebapadi sa mehleng sa morao sa Springboks, Bevin Fortuin ya ileng a bapala dipapading tse pedi tsa teko kgahlano le naha ya Ireland mane Dublin ka 2006, le Australia mane Sydney ka 2007.
• Sebapadi sa mehleng sa lepheong sa Springboks, Jan Boland Coetzee ya bapaletseng Springboks pakeng tsa dilemo tsa 1974 le 1976. E ne e boetse e le mohlahisi ya tsebahalang wa veini mane Stellenbosch moo a fetotseng Vriesenhof Vineyard hore e be e tsebahalang maemong a matjhaba.
• Batjeki ba bane ba sebini sa maskandi, Sibonelo Hlongwane ba ileng ba hlokahala kotsing ya koloi ba tswa bina Bergville mme ba le tseleng e lebileng Johannesburg.
3. Dithoholetso
Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
- Springboks ka ho etsa nalane ka tlholo ya bona ya 43-10 ba hlola New Zealand ba hapa Mohope wa Freedom Cup nakong ya Thonamente ya Bompodi ba Castle Lager Rugby.
- Alan Hatherly ka ho hapa Bompodi ba Matjhaba ba Mountain Bike mane Valais, Switzerland, le ho hapa kgau ena dilemo tse pedi ka tatelano.
- Retief Goosen ka ho hapa Sanford International ka dipetso tse pedi mane Minnehaha Country Club, Sioux Falls, South Dakota. Katleho ena e bile ya bone ya Retief Goosen ho PGA Tour Champions.
- Sehlopha sa Afrika Borwa ka ho etsa nalane ho Dipapadi tsa Matjhaba tsa Bompodi tsa 2025 mane Tokyo moo boramabelo ba babedi, Gift Leotlela ya tswileng bohlanong lebelong la 100m ka metsotswana e 9.95 le Akani Simbine yena a tswa bosupeng ka metsotswana e 10.04.
- Sebini sa Afrika Borwa, Tyla Laura Seethal, ya tummeng ka la Tyla, ya ileng a hapa kgau ya Best Afrobeats dikgaung tsa 2025 MTV Video Music ka setlabolane sa hae sa mosollane sa “Push 2 Start”.
- Onalerona Tsiane le Mosa Letsoela, ba tummeng ka la Tee Sisters, ba ileng ba emela naha ena Mohopeng wa Lefatshe wa 2025 wa Borakgwebo ba Batjha. Bona ba hapile dikgau tse pedi mme ba fetela boemong ba United Nations Sustainable Development Goals (SDG): SDG 1 "Ho qeta mefuta yohle e teng ya bofuma" le SDG 10 “Ho fokotsa ho se lekalekane.”
- Komiti ya Afrika Borwa ya Naha ya ho Tshella le Dikotopo (SANCID) e etelletsweng pele ke Moprefesara Sylvester Mpandeli, ka ho fumana dikgau tse nne tsa World Heritage Irrigation Structures (WHIS) ho World Irrigation Forum ya bone. Mokete ona wa Dikgau o ne o tshwerwe ka la 07 Lwetse 2025 mane Kuala Lum-pur, Malaysia. Moprofesara Mpandeli ke moithuti wa mehleng wa Yunivesithi ya Venda mme e bile ke Moprofesara wa nakwana Yunivesithing eo.
- Baamohedi ba dikgau mekgahlelong e fapafapaneng Dikgaung tsa 2025 tsa Afrika Borwa tsa Basadi ba Sebetsang ka tsa Saense (SAWISA):
o Moprofesara Brenda Morrow, Lucy Moleleki le Alison September mokgahlelong wa Natural and Engineering Sciences.
o Moprofesara Jill Hanass-Hancock, Sarojini Nadar le Shanaaz Mathews mokgahlelong wa Humanities and Social Sciences.
o Moprofesara Carolyn McKinney le Zilungile Mkhize-Kwitshana ka ho etsa diphuputso ka katleho tsa dipuisano setjhabeng. - Moprofesara Jill Farrant ya fumaneng kgau ya Lifetime Achievement ka mosebetsi wa hae tabeng ya dijalo tse kgonang ho mamella komello ho Dikgau tsa National Research Foundation (NRF).
- Moprofesara Liza Korsten ya fumaneng kgau ya Lifetime Achievement ho Dikgau tsa National Science and Technology Forum (NSTF)-South32 ka mosebetsi wa hae ka tsa bophelo ba dijalo le polokeho ya dijo.
E phatlaladitswe ke: Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Ditlhakisetso: Mme Nomonde Mnukwa – Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485