Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Labone la 15 Motsheanong 2025

A. Maemo a Renang

1. Moruo
1.1 Mokgahlelo wa bobedi wa Operation Vulindlela
1.1.1 Ka la 7 Motshehanong 2025, Mopresidente Cyril Ramaphosa o thakgotse Mokgahlelo wa bobedi wa Operation Vulindlela, lenaneo la mmuso la diphetoho le reretsweng ho tlisa kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle le ho theha mesebetsi.
1.1.2  Operation Vulindlela e tla shebana le ho phethela mosebetsi wa diphetoho o qadilweng ke Palamente ya botshelela makaleng a eneji, metsi, ho tsamaiswaha thepa, marangrang a dipuisano, le ho tlisa dintlha tse ntjha tse tsepameng metjheng ya mmuso wa lehae bakeng sa ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso tsamotheo, le ho meralo ya bodulo.

1.2 Kopanelo ya Kgwebo ya Mmuso
1.2.1 Kabinete e amohetse sephetho sa kopano ya tekolo ya kgatelopele ya tshebetso ya Kopanelo ya Kgwebo ya Mmuso. Kopanelo ena e shebane le tshehetso ya ho kenngwa tshebetsong ha diphetoho tsa bohlokwa le ditshebetso tse ka sehloohong tse reretsweng ho tlisa kgolo ya moruo le ho theha mesebetsi. 
1.2.2 Tse ding tsa dikgatelo pele tse seng di fihletswe di kenyeletsa ho thehwa ha moralo wa naha ho dumella borakgwebo ba ikemetseng ho hlahisa motlakase ka tsela ya tlhaho, ho ntlafatsa tshebetso ya Transnet le phumantsho ya di-visa ka mokgwa wa elektroniki.
1.2.3 Leano le ka sehloohong la tshebetso bakeng sa mehato e latelang le se le kene tshebetsong, mme dihlopha tse kgethilweng di tla tswelapele ho beha tshebetso leihlo le ho rarolla mathata a ka bang teng ka mora dibeke tse ding le tse ding tse tshelela.

1.3 Kgoeletso ya ho ntsha Maikutlo ka Letlole la Diphetoho 
1.3.1 Kabinete e lemohile thahasello e bonahetseng ho Letlole la Diphetoho mme e kgothaletsa Maafrika Borwa ho nka karolo motjheng wa ho ntsha maikuto jwalo ka ha Lefapha la Dikgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano le phatlaladitse.
1.3.2 Ho kenngwa tshebetsong ha Letlole la Diphetoho ho tla ntshetsapele boitlamo ba rona ba molaotheo ba tokiso le ntlafatso ya moruoe ne e le jwalo ka karolo ya ho fetola maano a mabe a nako ya kgethollo. 
1.3.3 Maikutlo a ka romelwa ho DTIC mme dintlha tsa puisano di tla fumanwa websaeteng ya bona www.dtic.gov.za.

1.4 Diphuputso tsa Kotara ka Nngwe tsa Basebetsi
1.4.1 Kabinete e etse hloko Diphuputso tsa Basebetsi tsa Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa (Stats SA) tse bontshang ho nyoloha ha palo ya batho ba sa sebetseng ho ya ho diperesente tse 32.9 kotareng ya pele ya 2025 ho tloha ho diperesente tse 31.9 kotareng ya ho qetela ya selemo se fetileng.
1.4.2 Diindasteri tse hlano ho tse 10 tseo Stats SAe di fupuditseng di hatisitse kgolo ya khiro, haholoholo lekaleng la dipalangwang le la ditjhelete, le ha mesebetsi e mengata e lahlehile lekaleng la mesebetsi ya matsoho le tsa kaho.
1.4.3    Kabinete e dula e ikemiseditse ho tlisa kgolo ya moruo e thehang mesebetsi.

1.5 Afrika Borwa: Naha e Motlotlo
1.5.1 Afrika Borwa e boletswe e le boemong ba bosupa lefatsheng ho dinaha tseo batho ba lakatsang ho di etela dikgaung tsa selemo sa 2024 tsa Wanderlust Reader Travel mme e ile ya abelwa kgauta mokgahlelong wa bophelo ba tse hlaha le tsa tlhaho. 
1.5.2    Afrika Borwa e boetse ya fumana tlotla jwalo ka naha e nang le setswalle ka ho fetisisa lefatsheng Ditekong tsa Remitly’s Big 5 Personality, ho toboketswa mofuthu le kamohelo e ntle ya Maafrika Borwa, mme toropo ya Cape town le yona e fumane maemo a bohlano a ditoropo tse labalabelwang ka ho fetisisa lefatsheng.

2. Tsa Matjhaba

2.1 Ketelo ya Tshebetso ho la Côte d’Ivoire
2.1.1 Kabinete e amohetse Ketelo ya Tshebetso ya Mopresidente ho la Côte d’Ivoire e ileng ya nepana le Seboka sa bo 12 sa Bolaodi ba ka Sehhoohong ba Phethahatsoba Afrika se neng se le ka la 12 le la 13 Motsheanong 2025. Ka ketelo ena e ne e le ho tiisa dikamano dipakeng tsa dinaha tsena tse pedi. Mopresidente Ramaphosa o ile a ba le kopano le Motlotlehi Alassane Ouattara, Mopresidente wa Côte d’Ivoire ho tshohla ditaba tsa ho tiisa tshebedisano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

2.2 G-20
2.2.1 Afrika Borwa e tswela pele ho tshwara letoto la dikopano tsa dikomiti tsa tshebetso tsa G20 ho lokisetsa Seboka sa G20 ka Pudungwana 2025 tlasa lepetjo la: “Bonngwe, Tekatekano le Ntshetsopele ya Moshwelella.” Ho ile ha tshwarwa dikopano tse latelang kgweding ya Motsheanong:
2.2.1.1.1 Kopano ya G20 ya Ditjhelete e Kenyeletsang Bohle ha mmoho le Seboka sa Tshehetso ya Basadi ka la 6 ho ya ho la 9 Motsheanong 2025 ho la Leboya Bophirima. Ho sona, ho ile ha thehwa Moralo wa Tataiso wa ho beha Tshehetso ya Basadi Pele moo ho netefatswang hore tshehetso ya bona ka ditjhelete e ba ya mantlha ditheong tsa matjhaba mmoho le dintlafatso tsa moruo. 
2.2.1.1.2 Kapano ya bobedi ya G20 ya tsa Tshebetso ho tsa Setso e ne e tshwerwe ka la 5 ho ya ho la 6 Motsheanong 2025 Gauteng moo ho neng ho hlophiswa maano a tsa setso bakeng sa lefatshe ka bophara ho ikamahantswe le diphephetso tsa bodulo le moruo. Maano ana a ne a ipapisitse le sepheo sa Agenda 2063, eo e leng Lenaneo la UN la Ntshetsopele ya Moshwelella esitana le ho tshireletsa tsa botjhaba jwalo ka ditokelo tsa botho. 
2.2.1.1.3 Kopano ya Boraro ya Tshebetso ho tsa Bophelo e ne e tshwerwe ka mokgwa wa vidiyo ka la 8 ho ya ho la 9 Motsheanong 2025 moo ho neng ho tsepamisitswe tshebetso ho basebeletsi ba tsa bophelo, bao e leng motheo wa ditshebeletso tsena ka sepheo sa ho fihlela leano la kakaretso la bophelo, paballo ya tsa bophelo tekatekano mmoho le moruo o kenyeletsang bohle. 
2.2.1.1.4 Kopano ya Bobedi ya Tshebetso ya G20 ho tsa Bohahlaudi e ne tshwerwe ka la 11 ho ya ho la 13 Motsheanong 2025 ho la KwaZulu-Natal moo ho tshohlilweng dintlha tse pele tsa bohahlaudi tsa G20 moo ho ikemiseditsweng ho tlisa kgolo ya moshwelella ya tsa bohahlaudi mmoho le ho rala Leano la Tshebetso la Bohahlaudi la G20.
2.2.1.1.5 Kopano ya Bobedi ya Sehlopha sa Pele sa Tshebetso: Kopano ya Kgolo ya Moruo o Kenyeletsang Bohle, katiso ya Diindasteri, tsa Khiro le Phokotso ya ho se Lekalekane o ne o tshwerwe ka la 14 le la 15 Motsheanong 2025 ka mokgwa wa vidiyo.

2.3 Tlhahlobo ya baphaphathehi ba US
2.3.1 Qeto ya Amerika ya ho amohela sehlopha sa Maburu a Afrika Borwa jwalo ka baphaphathehi e nkilwe ho latela qeto ya ditaba tseo e seng nnete hobane sehlopha seo ha se batho ba maemo a ho bitswa baphaphathehi ho latela Tumellano ya Matjhaba ya Bophaphathehi ya 1951 le Dipehelo tsa yona tsa 1967.
2.3.2    Kabinete e boetse e toboketsa ho menyenyetsi eo e seng nnete ya hore ho na le kgethollo e etsahalang mme hape tseo kaofela ha di dumellane le maemo a lehae le a matjhaba a molao wa bophaphathehi.
2.3.3 Ho eketsa ho seo, dipalopalo tsa bonokwane ba dipolao tsa borapolasi tse ntshwang ke Sepolesa sa Afrika Borwa ha di dumellane le menyenyetsi ya dipolao tsa borapolasi ka bongata kapa le ha e le morabe ofe feela.
2.3.4    Kabinete ha e dumellane le tsela eo mmuso wa Amerika o nkang taba ena ka yona mme e ntse e ikemiseditse ho ba le dipuisano tse ka tlisang kutlwisisano tabeng ena.

2.4 Ho kgutliswa ha SANDF ka botjhabela ba DRC
2.4.1 Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka mohato wa ho ntshwa ha Sesole sa Naha sa Afrika Borwa ka mekgahlelo botjhabela ba Democratic Republic of Congo (DRC), ho latela ho kgaolwa ha taelo ya Mokgatlo wa Dinaha tse ka Borwa bakeng sa ntwa ya Democratic Republic of Congo (SAMIDRC). Qeto ena, e tlile ka mora ditherisano tse matla dipakeng tsa AU/ SADC/ EAC tsa hore ho be le dipuisano tsa peho ya dihlomo fatshe dipakeng tsa batho ba Congo.
2.4.2 Kabinete e thoholetsa boitelo bo bontshitsweng ke ditho tsa SANDF tse sebeditseng ka tlotla, boipelo, le boitelo ho phethahatsa maikemisetso a AU a ho fedisa ntwa tlasa maemo a boima.

3. Puso

3.1 Moralo wa ho tlisa Diphetoho tsa Dijithale Mmusong wa Afrika Borwa
3.1.1 Kabinete e thabetse ho thakgolwa ha Moralo wa Diphetoho tsa Dijithale bakeng sa Mmuso wa Afrika Borwa oo e leng karolo ya ntlafatso ya phano ya ditshebeletso le ho ntlafatsa kgolo ya moruo ka ho kenya mokgwa wa dijithale tshebetsong.
3.1.2 Moralo ona ke karolo ya bobedi ya Operation Vulindlela, eo ka yona ho ikemiseditsweng ho ntlafatsa tsela ya phano ya ditshebeletso ka ho kenya meralo ya motheo ya dijithale tshebetsong.

4. Toka, Thibelo ya Bonokwane le Tshireletso
4.1 Komishene ya Toka ya Dipatlisiso tsa dinyewe tsa TRC
4.1.1 Kabinete e amohetse ho thehwa ha Komeshene ya Toka ya Dipatlisiso ho fumana hore na ho bile le diteko tsa ho thibela dipatlisiso kapa ho qoswa ha dinyewe tsa nako ya kgethollo tse ileng tsa iswa ho Komishene ya Toka le Poelano (TRC). Ho thehwa ha Komishene ya Dipatlisiso ho latela dipuisano le malapa a mahlatsipa a dinyewe tsa nako ya kgetholo ka mora hore a tlise ditletlebo tsa ona lekgotleng la dinyewe.
4.1.2 Ka Komishene ena, Mopresidente Ramaphosa o na le tshepo ya hore nnete e tla hlaha mme tsohle di phethelwe hantle.

4.2 Bonokwane
4.2.1 Kabinete e thoholetsa mosebetsi o tswileng matsoho wa SAPS ka matsholo a yonaa neng a reretswe ho lwantsha bonokwane bo amanang le ditlhekefetso tsa bonga lebisitseng ho tshwerweng ha babelaellwa ba 224 ka lebaka la peto, le ba bahlano ka teko ya peto. Hara bao ba tshwaretsweng peto dipakeng tsa la 05 Motsheanong le 11 Motsheanong 2025, ke morupelli wa mapolesa, eo e bileng e le morena ya tswang KwaZulu Natal le moshemane ya dilemo di 15 wa Mpumalanga.
4.2.2 Ka hodimo ho moo, babelaellwa ba 148 ba ne ba tshwarwe bakeng sa diteko tsa polao, ba 256 bakeng sa ho hweba ka dithethefatsi, ba 2841 bona ba tshwaretswe ho fumanwa le dithethefatsi mme ba 86 bona ba fumanwe le dikoloi tse utswitsweng le tse nkilweng ka mahahapa. Ho feta moo, ho ile ha fumanwa diqhomane tse 74 tseo bongata ba tsona di sebedisitsweng ho rafeng ho seng molaong le ho tshwarweng ha dikoloi tse tsamaisang tjhelete poho. Tsena kaofela di hapilwe ke sepolesa sa Leboya Bophirima. SAPS e tswela pele ho matlafatsa letsholo la yona la ho fedisa dithunya tse seng molaong setjhabeng, e le ho netefatsa polokeho setjhabeng. Beke le beke, SAPS e kgona ho hapa dithunya tse seng ka tlase ho tse 100 naheng ena.

4.3 Ntwa Kgahlano le Tlhekefetso ya Bong (GBVF)
4.3.1 Kabinete e elelletswe qeto ya Lekala la Naha la Botjhotjhisi (NPA) ya ho ipiletsa kgahlano le ho fumanwa ha Timothy Omotoso le baqosuwa mmoho le yena ba babedi ba se molato ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Gqeberha, Kapa Botjhabela.
4.3.2 Kabinete e tjhaetse letsholo la matsatsi a 90 monwana la JCPS la ho lwantsha GBVF. Lena ke letsholo la nakwana leo ka lona ho ikemiseditsweng ho thusa ho kenya Moralo wa Leano la Naha mabapi le GBVF tshebetsong. Leano lena, le hlwaya dikarolo tse 19 tse tla kenngwa tshebetsong matsatsing a 90 ka sepheo sa ho fedisa GBVF naheng ena.
4.3.3 Matsholo a kopanelo a thehile Komiti e Ikgethileng e nang le dipheo tse robedi tsa tshehetso tse ka sehloohong. Komiti ena e se e hlwaile mehato e tsheletseng, e potlakileng, le ya bohlokwa e tla tlameha ho kenngwa tshebetsong matsatsing a 90, mme tsona di kenyeletsa:
(a) Thibelo: mona ho tla tsepamiswa tshebetso ho ruteng Maafrika Borwa ho fetola boitshwaro.
(b) Ho kenngwa tshebetsong, tlhokomelo le tshehetso e tla netefatsa ho matlafatsa lekala la toka ka sepheo sa hore baetsi ba diketso tsena ba tle ba kgone ho ikarabella.
(c) Ho lokisweng ha Moralo wa Leano la Taolo la Semolao ka sepheo sa hore lekala la toka le tle le re fe sephetho se betere.
(d) Tshebediso e nepahetseng ya Dintlha ka sepheo sa ho ba le Lekala le Matlafetseng la Toka.
(e) Puisano, tshebedisano mmoho le tshebedisano ya setjhaba ho netefatsa hore mmuso, mekgatlo ya setjhaba le setjhaba ka kakaretso ho sebetswa mmoho molemong wa ho lwantsha sekgobo sena sa GBVF, le
(f) Ho eketswa ha disebediswa tse kang basebeletsi le ditjhelete ho netefatsa hore setjhaba se kgona ho lwantsha sekgobo sena sa GBVF.

B. Ho hlajwa malotsana ha Kabinete
1. Phumantsho ya metsi a hlwekileng Hammanskraal
1.1. Kabinete e hlabilwe malotsana ka mehato e seng e nkilwe ho netefatsa phano ya metsi a hlwekileng Hamanskraal
1.2. Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere ka 2023 le ile la thonya Magalies Water ho tla le leano le tla sebediswa ho rarolla mathata a metsi sebakeng sa Hammanskraal.
1.3. Leano lena, le entswe ka mekgahlelo e mene mme wa pele o phethetswe ka Pudungwana 2024, mme o se o qadile ho fepela metsi dikarolong tse itseng.
1.4. Sepheo ke hore letsholo lena kaofela le be le phethetswe mafelong a Phato 2025 ka mekgahlelo e mengata pele ho moo.

2. Mehato ya ho rarolla mathata a metsi Masepaleng wa Lehae wa Emfuleni
2.1. Kabinete e fumane tlaleho ka kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha Karolo ya bo 63 ya Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi bakeng sa ho rarolla mathata Masepaleng wa Lehae wa Emfuleni. E se e le nako baahi ba Emfuleni ba shebane le mathata a mantle a qhalanelang tikolohong ya bona.
2.2. Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le ikemiseditse ho sebedisa tjhelete e fetang dibilione tse R7 dilemong tse supileng tse tlang ho rarolla mathata a metsi sebakeng sa Emfuleni ho kenyeletsa ho ntlafatsa le ho lokisa setsi sa teng se hlwekisang metsi.
2.3. Ho fihlela kajeno, ho se ho na le kgatelo pele e seng e bonahala ho kenyeletsa ho thibolla dipeipi tsa dikgwerekgwere tse neng di thibane, ho tsoseletswa ha diteishene tse pompang metsi, ho fepela setjhaba ka metsi a dilori, tshebediso ya di-TLB mmoho le tshireletso ya meralo ya motheo ya tlhwekiso ya metsi. 
2.4. Mosebetsi ona kaofela o se o fokoditse ho dutlela hona ha mantle diterateng tsa baahi ba Emfuleni mme ha eketseha metsi a yang setsing sa a hlwekisang.

C. Diqeto tsa Kabinete
1. Moralo wa Leano la Naha la Sepolesa (NPP)
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana moralo wa Leano la Naha la Sepolesa, leo ka lona mmuso o ikemiseditseng ho lokisa dikgaello tsa tshebetso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) twantshong ya bonokwane. NPP e tla shebana le diphephetso tse kang ho haella ha mapolesa diteisheneng tse itseng tsa sepolesa ho kenyeletsa le phumantsho ya disebediswa ka sepheo sa ho netefatsa hore meralo ya motheo e behwa maemong a amohelehang.
1.2. Ditshisinyo leanong lena, di kenyeletsa ho thehwa ha mokgwa wa boleng le wa profeshenale wa tshebetso ya sepolesa, ho fana ka tshebeletso e maemong le ya boleng sepoleseng. Ho boetse hape ho kenyeletswa le ho ntlafatsa ho tshetjwa ha sepolesa ke setjhaba, mmoho le ho theha ketapele le taolo e nang le botshepehi ka hara SAPS.

2. Leano le Pharaletseng la Bofofisi
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana moralo wa Leano le Pharaletseng la tsa Bofofisi bakeng sa maikutlo a setjhaba.
2.2. Ka leano lena, ho kgothaletswa ho thehwa ha indasteri e tsitsitseng ya bofofisi e ka tlisang diphetoho lefatsheng ka bophara. Leano lena, le sisinya diphetoho tse tla ntlafatsa polokeho le tshireletso, ditshebeletso tsa taolo ya sephethephethe, meralo ya motheo boemafofaneng mmoho le ditshebeletso tse ding tsa boleng tsa bofofisi, e leng dintho tsa tlang ho ba le kabelo kgolong ya moruo wa rona.

3. Leano le mabapi le Diminerale tse Ikgethileng Afrika Borwa
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana Leano la Diminerale tse Ikgethileng bakeng sa Afrika Borwa. Ka leano lena, ho ikemiseditswe ho ntlafatsa menyetla ya Afrika Borwa ya ho kena mebarakeng ya matjhaba ya dimenerale tse ikgethileng, haholoholo tse mabapi le leano la naha la tlhahiso ya motlakase ka tsela ya tlhaho, mmoho le tse tla tswela naha molemo. Hara tsona re ka bala PGMs, lithium, cobalt le mahakwe a mang a sa tlwaelehang, a bohlokwa mesebetsing e kang tlhahiso ya dikoloi tsa motlakase, tlhahiso ya motlakase ka mokgwa wa tlhaho le e meng mekgwa ya tlhahiso ka mokgwa wa tlhaho.
3.2. Ditshiya tsa bohlokwa tsa leano lena di tsepamisa tshebetso tekolong le tlhwekisong; ho tsetela; paballo; tlhahisong ya melawana, tlhahisong ya mekgwa ya tshebediso ya mahlale le theknoloji ho rafeng; thupello ya basebeletsi; ho ntlafatsa ditshebeletso tsa ho thothwa ha thepa le ho fana ka merokotso ho ba fanang ka matsete.
3.3. Leano lena, le boetse le tla le tshisinyo ya bohlokwa ba tshebedisano le dinaha tse ding ka sepheo sa ho matlafatsa lekala la diminerale tse ikgethileng.

D. Tshisinyo ya Melao
1. Tshisinyo ya Ntlafatso ya Molao o Akaretsang (wa tsa Malapa) wa 2025
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha Tshisinyo ya Ntlafatso ya Molao o Akaretsang wa 2025 Palamenteng. Ka dintlafatso tsena, ho ikemiseditswe ho netefatsa hore melao yohle ya ditaba tsa malapa e ipapisa le molaotheo wa naha mme dintlafatso tsena di rerilwe ho etswa ho Molao wa Tlhalano wa 1979, (Molao wa bo 70 wa 1979), wa Kabo ya Mafa a Lenyalong, wa 1984, (Molao wa bo 84 wa 1984) wa Tharollo tsa Mathata a itseng a tsa Tlhalano wa 1987, (Molao wa bo 24 wa 1987).
1.2. Ka Tshisinyo ena ya Molao, ho ikemiseditswe ho tsireletsa ditokelo tsa batho ba nyalaneng lenyalo le arohantseng mafa, haholoholo basadi le bana, le ho netefatsa tekatekano le hore ba tle ba kgone ho tlisa taba tsa bona makgotleng a dinyewe.

2. Tshisinyo ya Molao wa Kgutliso ya Babelaellwa 
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao wa ho Kgutliswa ha Babelaellwa bakeng sa ho sekasekwa.
2.2. Ka Tshisinyo ena ya Molao, ho ikemiseditswe ho tlisa diphetoho ho molao wa hajwale wa ho Kgutliswa ha Babelaellwa wa 1962 (Molao wa bo 67 wa 1962), o seng o feletswe ke nako. Molao ona, ha o a ipapisa le Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996 le mekgwa ya hajwale ya tshebetso mmoho le ya matjhaba.
2.3. Ka Tshisinyo ena ya Molao, ho ikemiseditswe ho matlafatsa moralo wa tshebetso ya molao ho kgutlisweng ha babelaellwa kapa baqosuwa ba entseng ditlolo tsa molao Afrika Borwa kapa dinaheng tse ding. Tshisinyo ena e hlalosa karolo ya baahlodi dinyeweng tsa ho kgutliswa ha babelaellwa hore ba fuwe matla a ho fana ka dikahlolo tsa hore motho a tshwarwe, a kgutliswe ke setheo sa matjhaba bakeng sa dinyewe tsa matjhaba tse kang dipolao tsa batho ba bangata esitana le tsa ditokelo tsa botho.

3. Tshisinyo ya Molao wa Tshebedisano ya Matjhaba Ditabeng tsa Bonokwane wa 2025
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao wa Tshebedisano ya Matjhaba Ditabeng tsa Bonokwane bakeng sa ho sekasekwa.
3.2. Ka Tshisinyo ena ya Molao, ho ikemiseditswe ho tlatselletsa Molao wa Tshebedisano ya Matjhaba Ditabeng tsa Bonokwane (Molao wa bo 75 wa 1996) ho ntlafatsa tshebedisano ya matjhaba ditabeng tsa bonokwane.
3.3. Tshisinyo ena e tla matlafatsa tshebedisano dintlheng tse kang pokelletso ya bopaki le ho tswellisa kahlolo tsa kwano kapa tsa dinaha tse ding. Tshisinyo ena e tla boela e tobana le dikarolo tse ding tsa molao ditabeng tsa ho kgutliswa ha babelaellwa le ho hatjwa kapa ho kgutliswa ha thepa e amanang le bonokwane.

4. Tshisinyo ya Molao wa Ntshetsopele ya Diminerale wa 2025
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa 2025 wa Ntshetsopele ya Diminerale bakeng sa maikutlo a setjhaba.
4.2. Ka Tshisinyo ena ya Molao ho ikemiseditswe ho hohela batsetedi ka ho nyehlisa dipehelo tsa melawana ya taolo.
4.3. Ka tshisinyo ena ho ikemiseditswe ho leka ho kwala dikgeo tse teng ho melawana, ho hlakisa mekgwa ya ho fumana dilaesense le ho netefatsa kabo e hlokang leeme ya merokotso ya dirafshwa, le ho netefatsa hore diminerale tsa rona di kgona ho hlwekiswa kwano ka sepheo sa ho nyolla maemo a dihlahiswa tsa Afrika Borwa.
4.4. Tshisinyo ena e kenyeletsa ho fumantshwa ha dilaesense ho barafi ba ntseng ba thuthuha le dikhamphane tse nyane ka sepheo sa ho nyolla moruo wa rona. Ho feta moo, dintlafatso tsena tsa molao, ka tsona ho ikemiseditswe ho matlafatsa mekgwa ya taolo ho ka fedisa ditlolo tsa molao le ho lwantsha ho rafa ho seng molaong.

E. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Ngaka Mlungisi Bhekizizwe Gabriel Cele jwalo ka Molaodi Kakaretso (DG) Lefapheng la Saense, Thekenoloji le Mahlale. 
2. Ngaka Sabelo Siyabonga Sandile Buthelezi jwalo ka DG Lefapheng la Bophelo (ho ekeditswe konteraka). 
3. Ntate Takalani Lucky Ramaru jwalo ka Motlatsa Molaodi Kakaretso: Tekolo le Tshebedisano ho tsa Maano Lekaleng la Dikeletso ho Letona la Sepolesa.
4. Ntate Patrick Dlamini jwalo ka Motsamaisi e Moholo (CEO) wa Lekala la Matsete a Setjhaba.
5. Ntate Mokgema Mongane jwalo ka Molaodi a ka Sehhoohong wa Phethahatsowa Inkomati-Usuthu Catchment Management Agency.
6. Ntate Ofentse Nthutang jwalo ka Molaodi a ka Sehhoohong wa Phethahatsowa Magalies Water.
7. Ho hirwa ha balaodi bao e seng ba kamehla ho Boto ya Banka ya Afrika Borwa ya Ntshetsopele: 
(a) Monghadi Malemolla David Makhura; le
(b) Mofumahadi Lynette Milne.

F.   Diketsahalo
1. Diboka tse tlang
1.1 Ho tshwarwa ha Seboka sa bo 27 sa Afrika sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Sepolesa (INTERPOL)
a) Kabinete e tjhaetse monwana hore SAPS e tshware Seboka sa bo 27 sa INTERPOL sa Afrika ka la 27 ho isa ka la 29 Phato 2025.
b) INTERPOL hajwale e na le dinaha tse 196 tseo e leng ditho tsa yona mme ho tshwarelwa ha seboka sena kwano, ho tla thusa makala a Afrika Borwa a qobellang molao ho sebedisana le a mang kontinenteng.
c) Ho tshwara seboka sena, ho tla neha Afrika Borwa monyetla wa ho rerisana le dinaha tse ding tsa kontinente ya Afrika dinthong tse amanang le bonokwane. Ditherisano tsena, di tla thusa ho tla le ditharollo mathateng a lebatowa a ho lwantshana le mathata a bonokwane bo hlophisitsweng ha mmoho le borabele. Ho lebeletswe baetapele ba ka sehloohong ba makala a kenyang melao tshebetsong ba ballwang ho 550 ho tswa dinaheng tse 54 ho tla sebokeng sena, e leng ntho e tlang ho nyolla le moruo wa rona.

1.2 Ho tshwarwa ha Seboka sa bo 96 sa Selemo le Selemo sa INTERPOL (AGA) sa Afrika Borwa
a) Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarelwa ha NTERPOL AGA Afrika Borwa ka 2028 ho ya pele.
b) Ho tshwarwa hona ha INTERPOL AGA, ho neha Afrika Borwa monyetla wa ho bontsha boetapele boemong ba lebatowa le ba matjhaba. Ho feta moo, ho tshwara AGA ho tla thusa Afrika Borwa ho hatela pele twantshong ya bonokwane boemong ba lebatowa le ba matjhaba.
c) Ho tshwarwa ha AGA ke bopaki ba boinehelo ba naha ena ba ho lwantsha leha e le mofuta ofe wa tlolo ya molao le boemong ba matjhaba.

1.3 Ho ba malala a laotswe ha Afrika Borwa ho tshwara Kopano ya Ntshetsopele ya Leano la Meralo ya Motheo ya Afrika Borwa (SIDSSA) ya 2025 
a) Kabinete e thabisitswe ke ho utlwa ho ba malala  a-laotswe ha ho tshwarwa ha SIDSSA, e leng seboka sa matsete a meralo ya motheo se kopanyang bankakarolo ba fapaneng ho kenyeletsa ditheo tsa ditjhelete, baradi ba maano le balekane ba bang ba bohlokwa ba ka thusang Afrika Borwa tabeng ya matsete a meralo ya motheo.
b) SIDSSA 2025 e tla netefatsa kgatelopele e seng e fihletswe ho kenngweng tshebetsong ha Leano la Naha la Meralo ya Motheo la 2050 le tjhaetsweng monwana ke Kabinete leo ho lona ho seng ho phatlaladitswe Diprojeke tsa Meralo ya Motheo tse 12 tse ka Sehloohong le tse ding tse ngata. SIDSSA e tla tshwarwa ka la 25 ho ya ho la 27 Motsheanong 2025.

2. Diboka tse seng di tshwerwe
2.1 Seboka sa Afrika se mabapi le Diterene
2.1.1 Afrika Borwa e tshwere Seboka sa bo 25 Afrika se mabapi le Diterene, se neng se tshwaretswe Johannesburg ka la 13 ho isa ho la 14 Motsheanong 2025, moo ho neng ho kopane baeti ba fetang 5 000 ho tswa kontinenteng ho kenyeletsa le dikhamphani tse tsamaisang diterene, baemedi ba mmuso le batsetedi lekaleng lena.
2.1.2 Kabinete e amohetse ditherisano tsa ho nyolla lekala lena la diterene Afrika leo le leng bohlokwa ho thothweng ha batho le thepa e leng se nyollang moruo ka lebaka la ho thothwa ha disebediswa le dihlahiswa tse so kang di ntlafatswa.
2.1.3 Lekala la diterene la Afrika Borwa le ntse le le tlasa dintlafatso ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebetso le maemo a lona.

2.2 Seboka sa Lebatowa sa Commonwealth sa Dihlooho tsa Makala a Lwantshang Bobodu 
2.2.1 Afrika Borwa e tshwere ka katleho Seboka sa bo 15 sa Lebatowa sa Commonwealth sa Dihlooho tsa Makala a Lwantshang Bobodu ho la Kapa ho tloha ka la 5 ho ya ho la 9 Motsheanong 2025. Seboka sena, se ile sa kopanya dihlooho tsa ditheo tsohle tse lwantshang bobodu dinaheng tsohle tsa Afrika tseo e leng ditho tsa Commonwealth.
2.2.2 Afrika Borwa e ile ya kgethelwa ho ba modulasetulo wa Mokgatlo wa Dihlooho tsa Ditheo tse Lwantshang Bobodu ho Commonwealth Afrika nako ya 2025-2026. Bodulasetulo ba naha ya rona, bo tsamaisana le ba sehlopha sa tshebetso sa G20 sa twantsho ya bobodu.

3. Dihopotso
3.1 Kgwedi ya Afrika
Afrika Borwa le yona e ikamahantse le kontinente ya rona ho keteka Kgwedi ya Afrika ka Motsheanong 2025, ho hatellwa bohlokwa ba mohla la 25 Motsheanong 2025. Sena se fana ka monyetla wa ho bapatsa keletso ya ho ba le Afrika e kopaneng, le ho kgothaletsa dinaha tsa Afrika ho sebedisana ho ntlafatsa maphelo a batho ho ipapisitswe le Leano la Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika la Agenda 2063 ho tsa moruo le ntshetsopele ya kontinente ya Afrika.

3.2 Kgwedi ya Tshireletso ya Bana
a) Afrika Borwa e tshwaya Kgwedi ya Tshireletso ya Bana ka Motsheanong tlasa lepetjo le reng: “Re sebetsa mmoho ho fedisa tlhekefetso kgahlano le bana” jwalo ka karolo ya motjha o tjhele ya matsatsi a 365 ya Leano la Tshireletso ya Bana. Selemong sena Beke ya Tshireletso ya Bana e tla ba ka la 29 Motsheanong ho isa ka la 5 Phuptjane 2025.
b) Setjhaba, batswadi, bahlokomedi ba bana mmoho le matitjhere ba tlameha ho tlaleha leha e le mofuta ofe wa tlhekefetso kapa yona tshotlo kgahlano le bana seteisheneng se haufi sa sepolesa kapa ba letsetsa 08600 10111. Bana ba kgothaletswa ho letsetsa nomoro ya Tlhokomelo ya Bana ya 0800 055 555.

3.3 Letsatsi la Matjhaba la Ngwana Moshemane
a) Afrika Borwa e tla tshwaya Letsatsi la Matjhaba la Ngwana Moshemane ka la 16 Motsheanong 2025 tlasa lepetjo: "Bophelo bo Botle le Tlhokomelo" e le ho lekola ho kwena, maikutlo, kelello le dikarolo tsa bophelo ka kakaretso bakeng sa kgolo ya ngwana moshemane.
b) Lefapha la Thuto ya Motheo le tla kopanya meloko e meraro e fapaneng ya banna ho tla buisana tlasa lepetjo le reng: "Mekaubere, Batjha le Bashemane" ho tla bontshana ka mekgwa e ka sebediswang ho tshehetsa bashemane hore ba phele hantle le ho bona tsela ya ho fumana disebediswa tsa ho fihlela seo.

4 Melaetsa
1. Matshidiso
Kabinete e lebisa matsediso le kutlwelobohloko ho lelapa le metswalle ya:

  • Konstabole Cebekhulu Linda (24), Boipelo Senoge (24), Keamogetswe Buys (30) ba ileng ba hlokahala ka sehloho nokeng ya Hennops. Ditopo tsa bona di ile tsa fumanwa mmoho le sa Jan Mzwane, mohlokomedi wa mabala ya sebeletsang Seteisheneng sa Sepolesa sa Lyttleton, le e mong motho eo lebitso la hae le so kang le fumanwa. Re boetse re lebisa matshidiso a rona le lelapeng la Jan Mzwane.
  • Moqolotsi wa ditaba Aserie Ndlovu le molekane wa hae, Zodwa Mdhluli ba ileng ba fumanwa ka mora letsholo le ho ba batla ho tloha ka Hlakola.
  • Batho ba robong ba hlokahetseng KwaZulu-Natal moo ho thulaneng lori le vene e neng e palamisitse batho mme re lakaletsa ba lemetseng ho fola ka pele.
  • Elona Sombulula, motjhotjhisi ya sa leng monyane wa setereke ya neng a sebeletsa Lekgotleng la Dinyewe la Ngcobo ya neng a qale ho sebeletsa NPA ka mora ho atleha ho lenaneo la thupello ya batjhotjhisi ka 2022. O hlokahetse a tshwere mokobobo jwalo ka Motjhotjhisi wa Lebatowa.

2. Dithoholetso
Kabinete e lebohela le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
Ramabelo Akani Simbine a hapileng lebelo la dimitara tse 100 ka metsotswana e 9.98 mabelong a Shanghai-Keqiao Diamond League ho la China. Simbine ha a so hlolwe mabelong a dimitara tse100 sehleng sena.

  • Akani Simbine o boetse a tshehetsa sehlopha sa Afrika Borwa sa banna ba bane ba lebelo la dimitara tse 100 la lesokwana mmoho le Bayanda Walaza, Sinesipho Dambile le Bradley Nkoana. Ke sehlopha sa pele sa Afrika sa ho hapa kgauta Mabelong a Lefatshe a Lesokwana ho la Guangzhou, China mme ba etsa nalane e ntjha ya nako e kgutshwane ka ho fetisisa lefatsheng selemong sena.
  • Sehlopha sa Afrika Borwa sa basadi ba bane ba lebelo la lesokwana la dimitara tse 400 - Shirley Nekhubuni, Miranda Coetzee, Precious Molepo, le Zeney Van Der Walt – ka ho hapa bronze Mabelong a Lefatshe a Lesokwana ho la Guangzhou, China mme ba etsa nalane a ntjha ya naha.
  • Sehlopha sa Afrika Borwa sa lesokwana sa banna ba bane sa dimitara tse 400 – Zakithi Nene, Udeme Okon, Lythe Pillay, le Mthi Mthimkhulu – ka ho hapa kgauta Mabelong a Lefatshe a lesokwana ho la Guangzhou, China mme ba etsa nalane ka ho qeta lebelo ka noko e kgutshwane ho feta naleng ya lefatshe selemong sena.
  • Ka lebaka la tshebetso ena e tswileng matsoho, dihlopha tsa rona tsa naha tsa lesokwana di phunyeleditse ho ya ho Ditlhodisano tsa Bompodi ba Diatleletiki tsa Lefatshe ho la Tokyo ha morao selemong sena.
  • Di-Blitzboks ka ho hapa Bompodi ba HSBC Sevens World ho la Los Angeles.
  • Sehlopha sa bolo sa Afrika Borwa sa bashemane ba dilemo tse ka tlase ho tse 20 ka ho fihlella ho seka makgaolakgang a Mohope wa Dinaha tsa Afrika ho ba dilemo di ka tlase ho tse 20 mme seo sa etsa hore ba kene dipapading tsa Mohope wa Lefatshe wa ba dilemo di ka tlase ho tse 20 tse tla bapalwa ka Lwetse selemong sena.
  • Radifilimi Murena Emmanuel Netshitangan ka ho hapa Kgau ya Filimi e Pele ya Afrika Dikgaung tsa Matjhaba tsa Difilimi ho la Cannes Fora ka filimi ya hae Lubunyu.
  • Kabinete e ikopanya le Mopresidente Cyril Ramaphosa ho lebohela Mokhadinale Robert Prevost ka ho kgethelwa ho ba Mopapa Leo wa bo XIV, e leng mopapa wa bo 267 wa Kereke e Katolike. 
  • Moitseki a tummeng le leqwetha Duma Nokwe ka hore a fuwe tlotla ya ho ba moatevokate e moholo (Senior Council) ka mora lefu ke Mopresidente Cyril Ramaphosa ka lebaka la mosebetsi le kabelo ya hae e tswileng matsoho setjhabeng.

    Ditlhakisetso: 
    Ms Nomonde Mnukwa – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
    Mohala: 083 653 7485
        

 

Share this page

Similar categories to explore