A. Maemo a Renang
1. Moruo
1.1 Matshwao a Matle a Moruo
1.1.1 Kabinete e amohetse matshwao a matle a moruo ho latela dipalopalo tse ntshitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa (StatsSA).
1.1.2 Ka la 3 Lwetse 2024, StatsSA e phatlaladitse kgolo ya dipersente tse 0.4 tsa Dihlahiswa Tsohle tsa Naha kotareng ya bobedi ya 2024. Kgolo ena e bakilwe ke ntlafalo lekaleng la tlhahiso ka kgolo ya dipersente tse 1.7 selemo le selemo.
1.1.3 Dintlafatso lekaleng la tlhahiso di tlile ka lebaka la dikarolo tse hlano (5) ho tse leshome (10) tsa makala a tlhahiso, e leng la -dijo le dino, tshepe ya motheo le tshepe, dihlahiswa tsa masenke, dihlahiswa tsa tshepe le tlhahiso ya metjhini. Makala ana kaofela a bile le kabelo kgolong enaya tlhahiso.
1.1.4 Tsoseletso ya lekala la tlhahiso ke ntlha ya bohlokwa matlafatsong ya diindasteri tsa Afrika Borwa.
1.1.5 Ho feta moo, Dipalopalo tsa Manane ya Theko ya Thepa ke Bareki dibaka tsohle tsa ditoropo di bontshitse ho theoha jwalo ka ha e bile dipersente tse 4.4, e theohile ho tloha ho dipersente tse 4.6 ka Phupu 2024 mme ha e le tsa Ditshebeletso tsona di theohetse ho dipersente tse 4.5, di tloha ho dipersente tse 4.7 ka Phupu 2024. Ho bile le ntlafalo e kgolo Dipalopalong tsena ho tloha ka Tlhakubele 2024.
1.2 Tsoseletso ya Dikhamphane tsa Mmuso (SOCs)
1.2.1 Kabinete e amohetse kgatelopele e tsitsitseng e ntseng e etswa ya tsoseletso ya Dikhamphane tsa Mmuso mme ntlafatso ya tshebetso ya tsona e tla ba le seabo se setle matlafatsong ya diindasteri tsa Afrika Borwa.
1.2.2 Ntlha ya bohlokwa eo re ka bolelang ke hore Denel e phatlaladitse a e entse phaello ya dimilione tse R390 pele ho tswala le lekgetho bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2023/24, mme tshebediso ya yona ya ditjhelete e theohile ka dipersente tse 98. PRASA e hatela pele ka matla ho kgutlisetsa diterene tsa bapalami tshebetsong jwalo ka ha ditsela tse 31 ho tse 40 tse seng di sebetsa jwale. Eskom le yona tswela pele ka tshebetso e ntle jwalo kaha jwale ho se ho fedile matsatsi a fetang a 175 ho sa tingwa motlakase ka sepheo sa ho o baballa ho fihlela letsatsing lena la 18 Lwetse 2024.
2. Ntwa Kgahlano le Botlokotsebe le Bobodu
2.1 Operation OperationShanela
2.1.1 Kabinete e amohetse kgatelopele e ntseng e etswa ntweng e kgahlano le botlokotsebe ka lenaneo laOperation Shanela. Mahareng a la 2 le la 8 Lwetse 2024, mekgatlo e qobellang molao e tshwere babelaellwa ba 13 691 ka ditlolo tsa molao tse fapafapaneng tse kang polao, peto, ho ba le dithunya tse seng molaong le ho tlatlapa dikgwebong. Ho tloha ha e ne e thakgolwa ka Motsheanong 2023, Operation Shanela ka yona ho se ho tshwarwe babelaellwa ba 850 375, ha hatjwa dithunya tse 824 tse seng molaong le diqhomane tse 17 282. Ha ho felle moo, ho boetse ha hatjwa dithethefatsi tsa boleng bo fetang dimilione tse R13 tsa Boemafofaneng ba Matjhaba ba OR Tambo dikgweding tse pedi tse fetileng, le koporo ya boleng bo fetang dimilione tse R20 sebakeng se lahlang matlakala a ditshebe se haufi le Thekong mme mmelaellwa o tshwerwe.
2.1.2 Ka tshebedisano ya mekgatlo ya mengata le tshebediso ya ditshebeletso tsa mautlwela, mekgatlo e qobellang molao e tsepamisitse tshebetso hahlo ho ho thubeng maqulwana a dinokwane a qobellang batho ha lefa tjotjo. naheng ka bophara. Dibekeng tse pedi tse fetileng, ho tshwere babelaellwa ba 14 ba bonokwane bona diprofensing tse fapaneng.
2.2 Ho Kgutlisa Botshepehi ba Basebeletsi ba qobellang molao
2.2.1. Tshebedisanommoho ya mekgatlo e mengata e qobellang molao, e etsent hore ho tshware babelaellwa ba 14 mane Mpumalanga ba diqosswang ka ketso tsa boqhekanyetsi le bobodu ba ho fana ka mangolo a ho ithuta ho kganna le a matshwao a tsela ka tsela e seng molaong mme ha boela ha tshwarwa le balaola sephethephethe ba 11 ka ho batla tjotjo ho bakganni ba makoloi mmileng o moholo wa N1 mane Limpopo.
2.2.2 Mapolesa a mararo a neng a se mosebetsing le setho sa setjhaba ba ile ba tshwarwa mane Thekong, KZN ka ho batla tjotjo ya R100 000 ho rakgwebo bakeng sa ho mo lokollela thepa e neng a e hapilwe ke mapolesa, mme mapolesa a mang a mane a ile a inehela ho sepoleseng ka nyewe yona eo.
2.2.3 Ntle le moo, ho tshwerwe babelaellwa ba robedi ka diketso tsa boqhekanyetsing ba dithendara le bobodu bo ballwang ho dimilione tse R850 Toropong ya Kapa, Kapa Bophirima.
3. Thuto
3.1 Kabinete e ipileditse ho baithuti bohle ba tshwanelehang ba qalang le ba seng ba le thutong e phahameng ho etsa dikopo tsa dibasari le kadimo ya tjhelete ya ho ithuta ho Setheo sa Naha sa Tshehetso ya Baithuti ka Tjhelete (NSFAS) ha ba bula sehla sa nako ya ho kenya dikopo ka inthaneteng ka Labohlano la la 20 Lwetse 2024 bakeng sa selemo sa dithuto sa 2025.
Ho etsa kopo, ba lakatsang ho ba baithuti le baithuti ba kgutlelang ba tlameha ho etela my.nsfas.org.za.
3.2 Sehlomathiso sa Molao wa Thuto ya Motheo (BELA)
3.2.1 Kabinete e amohetse ho saenwa ha Moralo wa Molao wa BELA hore e be molao ke Moporesidente Ramaphosa, hoo e bileng mohato wa bohlokwa o lebisang ntlafatsong ya tsamaiso ya thuto ya rona ya motheo. Molao ona wa bohlokwa o laela makgotla a taolo ya dikolo a nke qeto ka puo e ka sebediswang sekolong sa bona ho latela bongata ba setjhaba se sebedisang pou eo sebakeng sa bona ka sepheo sa kenyeletsa motho ohle tabeng tsa thutong.
3.2.2 Jwalo ka mohato wa ho matlafatsa thuto ya bana ba tlase dilemong, Molao wa BELA o qobella bana bohle hore ba qale sekolong ka Sehlopha sa Grade R. Molao ona o boetse o jarisa batswadi boikarabello ba hore ba netefatse hore bana bohle ba kena sekolo ka hore e be tlolo ya molao ho se ise ngwana sekolong.
3.2.3 Kabinete e boetse ya amohela qeto ya Mopresidente Ramaphosa ya ho fana ka dikgwedi tse tharo tsa tshekatsheko ya dikarolo tse pedi tsa molao ona tse mabapi le kamohelo dikolong ha mmoho le puo e ka sebediswang sekolong ka seng molemong wa ho netefatsa ntshetopele ya setjhaba se kopaneng.
4. Tsa Bophelo bo Botle
4.1 Lefu la MPOX
4.1.1 Ho leka ho fokotsa ho nama ha lefu lena la mpox, batho bohle ba Afrika Borwa ba kgothalletswa ho nka sebedisa mekgwa eo e seng ya bongaka ho itshireletseng lefung lena. Yona e kenyeletsa ho hlapa matsoho kgafetsa ka sesepa le metsi kapa sebolaya dikokwanahloko sa matsoho se nang le alkhoholo.
4.1.2 Leha sekgahla sa tshwaetsano ya Mpox se le tlasenaheng ena, empa ho se ho fumanehile motho e mong ya se tshwaeditsweng e leng se behang palo ya batho ba tswaeditswengke ke Mpox ho ba 25 Afrika Borwa ho tloha ha e ne e ropoha ka Motsheanong 2024.
4.2 Ho ropoha ha Bilharzia – Seterekeng sa Mopani sa Limpopo
4.2.1 Kabinete e hlabilwe malotsana ka taba ya ho ropoha ha Bilharzia Masepaleng wa Greater Tzaneen seterekeng sa Mopani (Limpopo) ho fumanehileng barutwana ba 150 ba na le Bilharzia.
4.2.2 Mmuso wa Profensi ya Limpopo o thehile Sehlopha sa Tshebetso e le matsapa a ho thiba lefu lena le fumanwang metsing, mme matsapa ana a kenyeletsa ho hlahloba boleng ba metsi a dibakeng tse amehileng.
4.2.3 Bilharzia e tshwaetsa ka ho kopana le metsi a nang le tshwaetso. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba hore bana ba se sese kapa ho bapalla metsing a ka nnang a ba le tshwaetso.
4.2.4 Batswadi le bahlokomedi ba eletswa hore ba potlakisetse bana ba belaellwang hore ba tshwaditswi setheong sa bophelo se haufi bakeng sa kalafo.
4.3 Ho ropoha ha Lefu la Tlhako le Molomo seterekeng sa Sarah Baartman, Kapa Botjhabela
4.3.1 Kabinete e ipileditse ho borapolasi bohle ho fokotsa ho tsamaiswa hadiphoofolo ho iswa dibakeng tse ding ka mora ho ropoha ha lefu la tlhako le molomo masepaleng wa Kouga le wa Koukamma seterekeng sa Sarah Baartman, Kapa Botjhabela.
4.3.2 Ho tswa le ho kenya ha diphoofolo dibakeng tse amehileng ho behilwe leihlo haholo ka seopho sa ho laola ho ata ha lefu lena ka batsa Taolo ya Mafu a Diphoofolo sebakeng seo
4.3.3 Kabinete e hopotsa Maafrika Borwa hore motho ya ratang ho tlosa diphoofolo sebakeng se seng ho isa ho seng o tla tlameha ho fumana lengolo la tumellong Ofising ya e Kgolo ya Dingaka tsa Diphoofolo.
5. Tsamaiso ya GNU
5.1 Kabinete e amohetse qeto ya Mopresidente Ramaphosa ya ho theha mokgwa wa tshekatsheko ya ditaba tseo mekga e ho GNU e ka bang le maikutlo a fapaneng ka tsona.
B. Diqeto tsa Kabinete
(I) Phatlalatso ya Moralo wa Leano la Tataiso ya ho fediswa ha dinomoro tsa tshohanyetso tsa 10177, 10111 le 107 bakeng sa maikutlo a setjhaba
(a) Kabinete e dumelletse phatlalatso ya Moralo wa Leano la Tataiso ya ho fediswa ha dinomoro tsa tshohanyetso tsa 10177, 10111 bakeng sa maikutlo a setjhaba.
(b) Kabinete e ananetse mehato e nkilweng hore Afrika Borwa e fetohele ho nomoro e le nngwe ya tshohanyetso e leng ya 112. Sena se tla etsa bonnete ba hore batho ba tlasa kgatello ha ba tlamehe ho ingamangama ka ho leka ho hopola dinomoro tse ngata ha ba hloka ditshebeletso tsa tshohanyetso.
(ii) Moralo wa Leano la Ntshetsopele le Papatso ya Bohahlaodi Afrika Borwa
(a) Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa Leano la Ntshetsopele ya Bohahlaodi Afrika Borwa bakeng sa maikutlo a setjhaba. Ka leano lena ho ikemisedtswe ho eketsa seabo sa bohahlaodi moruong wa Afrika Borwa ka bophara ka ho eketsa palo ya batho ba etelang kwano.
(b) Ka 2023, Kabinete e ne e tjhaele monwana ho phatlalatswa ha Tokomane ya Tshisinyo ya Leano lena laNtshetsopele ya Bohahlaodi Afrika Borwa, mme ba amehang ba ne ba ntshe maikutlo a bona mme seo kaofela se behile leano lena mothating oo re leng ho ona kajeno. Moralo ona wa Leano o bontsha moralo wa leano leo ho dumellanweng ka lona ha mmoho le ditataiso bakeng sa ntshetsopele le papatso ya bohahlaodi Afrika Borwa.
c) Leano lena le tla bapatsa bohwebi lekaleng lena la bohahlaodi ho kenyeletsa le ho netefatsa le ba le seabo ho thehweng ha menyetla ya mesebetsi. Ho na le ditshisinyo tsa hore leano lena la bohahlaodi le ipapise le meralo ya maano a mmuso a ha jwale ho kenyeletsale ho matlafatsa lekala le bokgoni ba lona ba ho sebetsana le mathata ao le kopanang le ona.
(iii) Leano la Tshehetso ya Ditjhelete la Dikgwebo tse Thuthuhang, tse Nyane le tse Mahareng (MSME) ha mmoho le Dikoporasi
(a) Kabinete e dumelletse ho kenngwa tshebetsong ha Leano la Tshehetso ya Ditjhelete di-MSME le Dikoporasi. Ka leano lena le ho lekwa ho fedisa ditshitiso tse thibelang di-MSME le Dikoporasi ho fumana tshehetso ya ditjhelete. Matsapa ana a tla boela a thusa kgolong ya dikgwebo jwalo ka ho hola ha dikgwebo tse sa ngodiswang ho ya ho tse ngodisitsweng le ho tloha ho dikgwebo tse nyane ho ya ho tse mahareng.
(b) Leano lena le boetse le bobefatsa le mokgwa wa ho tshehetsa ka ditjhelete dikarolo tse hlwailweng tsa batho setjhabeng tse kang batjha, basadi le batho ba sa itekanelang. Leano lena ke karolo ya matsapa a ho tshehetsa dikgwebo tse nyane, ho kenyeletsa, Leano la Naha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le neng le tjhaelwe monwana ke Kabinete ka 2022.
(c) Mmuso o behile pele tshehetso ho di-MSME le dikoporasi hobane ke tsona tse thehang mesebetsi e mengata le ho fa batho ba bangata monyetla wa ho kgona ho iphedisa.
(d) Ho kenngwa tshebetsong ha leano lena ho tla fokotsa mathata a teng tshehetsong ya ditjhelete ya dikgwebo tsa di-MSME ha mmohjo le kgodiso ya moruo, ho leng seo mmuso o se behang ka sehloohong.
(iv) Leano la Naha la Bohahlaodi la ho ya Sepakapakeng le Moralo wa ho le Kenya Tshebetsong wa 2023 ho isa ho 2033
(a) Kabinete e dumelletse phatlalatso ya Leano la Naha la Bohahlaodi la ho ya Sepakapakeng bakeng sa maikutlo a setjhaba.
(b) Leano lena le reretswe ho beha Afrika Borwa jwalo ka sebaka sa boemo ba lefatshe sa bohahlaodi, ho matlafatsa ntshetsopele ya moruo le ho theha menya ya mesebetsi lekaleng lena la bohahlaodi. Afrika Borwa ke naha ya pele Afrika ya ho theha Leano la Naha la Bohahlaodi la ho ya Sepakapakeng, mme hona ho tla thusa lekala lena la bohahlaodi ho pharalla.
(c) Leano lena le na le ditshiya tse fapafapaneng, e leng ntshetsopele ya moralo wa motheo, ho ntlafatsa metjha ya bohahlaodi ba ho ya sepakapakeng, tshebetso mmoho ya dikgwebo tse ikemetseng ha mmoho le mmuso, esitana le bohahlaodi bo kenyeletsang le ho tlisa diphetoho lekaleng lena.
(d) Afrika Borwa e ipabola ka makgabane a mmalwa a ikgethang a e etsang e be sebaka sa se ikgethileng sa bohahlaodi ba ho ya sepakapakeng. Sena se bakaw ke hobane re na le sepakapaka se edile, seo o bonang dinaledi hantle ha mmoho le maemo a matle a lehodimo.
(e) Lefapha la Bohahlaodi, ka tshebedisano mmoho le Lefapha la Saense le Mahlale, a tla thakgola Leano la Naha la Bohahlaodi ba ho ya Sepakapakeng meketeng ya Naha ya Letsatsi la Bohahlaodi mane Kapa Leboya ka la 27 Lwetse 2024, moo projeke ya leano lena e leng hona teng.
(v) Leano la ho Fetola Tsela eo Bommasepala ba Sebeketsang ka Teng
(a) Kabinete e fumane le hona ho tjhaela monwana dipehelo tseoModulasetul le, ditho tsa Komiti e Kopaneng ya Matona (IMC) di di tshetlehileng leaning la bona la ho fetola tsela e mpe eo bommasepela ba sebetsang ka yona.
(b) Sepheo le morero ka IMC ke hore e behe leihlo ho kenngwa tshebetsong ha matsapa a fapafapaneng a ho leka ho lokisa ho se sebetse hantle ha bommasepala, haholoholo dikarolo tse itseng, tse kang tse latelang:
i. Ho etsa bommasepala ba sebetse ka tsela ya porofeshenale;
ii. Boikarabello, ho beha leihlo le ho shebana le ba sa sebetseng;
iii. Puso, botsitso le tsamaiso ya sepolotiki;
iv. Taolo ya ditjhelete le diphetho tse ntlafetseng tsa ditlhahlobo tsa dibuka tsa ditjhelete;
v. Phano ya ditshebeletso le tlhokomelo ya meralo ya motheo;
vi. Ntshetsopele ya moruo wa lehae le moralo wa tshebetso; le
vii. Dikamano tsa ka hare le kantle ho puso.
(c) Matsapeng ana, IMC e tla beha pele bommasepala ba hulang ka thata.
(d) Kabinete e boetse e laetse hore mafapha a mmuso le ditheo tsa mmuso di tlameha ho lefa mekitlane ya tsona ho bomasepala mme Lefapha la Naha la Matlotlo le filwe maikarabelo a ho netefatsa hore sena se a phethahala.
(vi) Mekitlane ya masepala ho diboto tsa metsi
(a) Kabinete e tsebisitswe ka mekitlane ya bommasepala ho diboto tsa metsi. Ka mafelo a Phupu 2024, Boto ya Metsi ya Lekwa Bohareng e ne e kolotwa tjhelete e kalo ka ka dibilione tse R9.9, mme ha e le ya Magalies yona e kolotwa dimilione tse R930 mme maemo ana kaofela a etsa bommasepala ban aba fellwe ke tjhelete.
(b) Mekitlane ho diboto tsa metsi e na ba le kgahlamelo e mpe phepelong ya metsi le ho bommasepala ba lefang hantle mekitlane ya bona ya metsi.
(d) Kabinete e dumelletse ho thewa ha IMC bakeng sa ho fetola tshebetso ya bommasepala. IMC e tla boela e netefatsa hore bommasepala ba lefa mekitlane ya bona ho diboto tsa metsi, haholoholo ho tseo di leng lekgatheng la ho fellwa ke tjhelete.
C. Tshisinyo ya Molao
1. Tshisinyo ya Molao wa Borena ba Makhoi-San ya 2024
1.1. Kabinete e dummelletse ho tlisa ha Tshisinyo ya Molao wa Borena ba Makhoi-San ya 2024 Palamenteng. Tshisinyo ena e ngotswe ka lebaka la kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo e neng e bolele hore Molao wa Borena ba Makhoi-San wa2019 (Molao wa bo 3 wa 2019) o se molaong jwalo kaha setjhaba se sa ka sa fuwa nako ya ho ntsha maikutlo a sona.
1.2. Tshisinyo ena ya molao e tla neha Palamente monyetla wa ho ikamahanya le taelo ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo. Molao wa Borena ba Makhoi-San wa 2019 o kene sebakeng sa Molao wa Boetapele ba Setso le Meralo ya Puso wa 2003 (Molao wa bo 41 wa 2003)
D. Ditsebiso ho Kabinete
1. Sephetho sa Ketelo ya Semmuso Tjhaena le ho nka karolo Sebokeng sa Tshebedisano mmoho ya Tjhaena le Afrika (FOCAC)
1.1. Kabinete e tsebisitswe ka sephetho sa ketelo e atlehileng ya Mmuso naheng ya Tjhaena ha mmoho le kopano ya FOCAC e neng e tshwaretswe Beijing, Tjhaena ho tloha ka la 2 ho isa ka la 6 Lwetse 2024. Kabinete e etse hloko diphetho tse latelang tse ka sehloohong molemong wa Afrika Borwa:
1.1.1. Tumellano ya ho fetola mokgwa wa kgwebisano ho eketsa tlhahiso dihlahiswa tse nang le boleng, haholoholo, tumellano ya ho eketsa lenane la dihlahiswa ka tse 100 tse nang le boleng ho tswa Afrika Borwa tseo Tjhaena e tlang ho di reka.
1.1.2. Ho feta moo, Afrika Borwa e fumane tshebedisano mmoho ho China makaleng a mararo e leng la tlhahiso ya motlakase o hlwekileng, tshebediso ya dijithale ha mmoho ledipalangwang le tsamaiso ya thepa. Tshebedisano mmoho ena e tlisa kgothaletso tlhahisong ya makoloi atsa motlakase, ho hlahisa dibeteri, tlhahiso ya motlakase ka tsela ya tlhaho, ha mmoho le ho kgona ho hlwaya Dibaka tse Kgethehileng tsa Moruo le tsa Ntshetsopele ya Diindasteri.
1.1.3. Batsetedi ba bohlokwa ba Matjhaena mane Shenzhen le Beijing baile ba bontsha kgahleho ya ho eketsa matsete a bona kapa ho qala matsete a matjha Afrika Borwa.
1.1.4. Nakong ya ketelo ena ho sainilwe ditumellano tse ngata tsa tshebedisano mmoho pakeng tsa Tjhaena le Afrika Borwa.
1.1.5 Enngwe ya Ditumellano tsena ke ya hore haeba ho ropohile lefu la dikgomo, ho thibelwe ho rekiswa ha nama ya dikgomo tsa karolo eo e amehileng feela, e seng ho kwalwe ho rekiswa ha nama naheng yohle. Mosebetsi Ditumellano tsena o qadile nakong ya Palamente ya botshelela.
2. Tlaleho ya kgatelopele ya ho kgutliswa ha masapo a balwanedi ba tokoloho ho tswa Zambia le Zimbabwe
2.1. Kabinete e hlabilwe malotsana ka boitokisetso ba ho kgutlisetsa masapo a balwanedi ba tokoloho ba Afrika Borwa ba patilweng Zimbabwe le Zambia lapeng. Hara masapo a tla kgutlisetswa Afrika Borwa ke a bahlabani ba ntwa ba kang Moatevokate Duma Nokwe, Mama Florence Mophosho le Basil February.
2.2. Ho kgutliswa hona ha masapo ana ho tswaZambia le Zimbabwe ke karolo ya Projeke ya Leano la Sehopotsa sa Botjhaba le Tokollo ya rona (RLHR). Sepheo ka RLHR ke ho etsa sehopotso, ho keteka, ho ruta, ho khothalletsa, ho bapatsa, ho baballa le ho fana ka bopaki bo bontshang tsela ya Afrika Borwa ya tokoloho.
2.4. Mokete wa ho Amohela Masapo ana o tla etsetswa Diahelong tsa Sesole sa Moyeng mane Waterkloof ka la 27 Lwetse 2024.
3. Ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong leano la ho kgutliswa ha mobu
3.1. Kabinete e amohetse le ho ananela tlaleho ya ho potlakisa tshebetso ya ho kgutliswa ha mobu naheng ena. Ho potlakisa lenaneo la Ho Kgutliswa ha Mobu ho tsamaisana le dikgothaletso tsa Moifo wa Mopresidente wa Dikeletso mabapi le ho Kgutliswa ha Mobu le Ditaba tsa Temo tse ileng tsa tlalehelwa Kabinete ka 2019.
3.2.A mangata mananeo a ho kgutliswa ha mobu a kentshweng tshebetsong mme Kabinete e fumane tlaleho e latelang:
i. Ka Molao wa ho Tlisa Phetoho Dibakeng tse Itseng tsa Mahaeng, wa 1998 (Molao wa bo 94 wa 1998), ho se ho kgutlisitswe mobu wa dihektara tse 630 000;
ii. Dihektara tse ding tse 659 602 tsa lefatshe la mmuso la temo di abetswe batho;
iii. Ho fihlela ka la 31 Tlhakubele 2024, ho tjhaetswe monwana ditseko tse 83 205 tsa lefatshe;
iv. Dihektara tse 2, 895, 935 tsa lefatshe di ile tsa rekwa ka dibilione tse R26.4.
v. Ditlhapiso tsa tsa dibilione tse R26 di ile tsa abelwa ba tshwanelang.
vi. Malapa a 2 376 976 a unne molemo ho lenaneo la ho kgutlisetswa mobu.
vii. Komishene ya Ditokelo tsa ho Kgutlisetswa Mobu e rerile ho qetella ditseko tse 339 ka selemo sa ditjhelete sa 2024/2025.
4. Ho kwalwa ha Lekgalo la Phepelo ya Metsi la Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho Bakeng sa Tokiso
4.1. Kabinete e hlabilwe malotsana ka ho kwalwa ha Lekgalo la Phepelo ya Metsi la Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho bakeng sa tokiso e rerilweng ho tloha ka la 1 Mphalane 2024 ho isa ho la 31 Tlhakubele 2025.
4.2. Tokiso ena e bohlokwa molemong wa ho ho tsireletsa meralo ya motheo bakeng sa dilemo tse ding tse 20 ho isa ho 30. Ha sena se sa etsahale, phepelo ya metsi Letamong la Lekwa (IVRS) e ka ba kotsing, e leng se ka thefuang phepelo ya metsi ke ba ha Rand Water, e leng bona ba fepelang metsi ho bommasepala bohle ba Gauteng.
4.3. Ba ha DWS ba entse tlhahlobo e matlo ho IVRS e hoketseng matamo a mang a 14 ho sheba hore ho kwalwa ha lekgalo ho tla ba le kgahlamelo e kae. Sephetho sa tlhahlobo se bontshitse hore ho kwalwa hona ha lekgalo ha ho na ho ba le kgahlamelo a kae hobane ha jwale matamo ana a 14 a ntse a tletse.
4.4. Kabinete e elelletswe hore ho kgaoha ha phepelo ya metsi ho bommasepala ba Gauteng le Foresitata ha ho amane le ho kwalwa hona ha lekgalo. DWS e ile ya thsetsa bommasepala ho buisana le ba ameha ka ho kwalwa ha Lekgalo lena la Metsi a Dihlaba a Lesotho.
4.5. Kabinte e boetse ya hlokomela hore ho eketseha ka potlako ha setjhaba Gauteng, ho se lokiswe ha meralo ya motheo ha mmoho le ho se qobelle melao ya bommasepala ho diehisa ho kengwa tshebetsong ha Mokgahlelo wa 2 wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho mme hape ho na le kabelo ho kgaoheng hona ha phepelo ya metsi. Ho phethelwa ha Mokgahlelo wa 2 wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesoho ho tla imolla mathata a phepole ya metsi mme ka ho le leng tshebediso ya thekenoloji e ntjha ya ho baballa metsi le ho lokiswa kgafetsa ha meralo ya motheo ho tla thusa haholo.
4.6. Kabinete e hlokometsi hore DWS e se e tshwere dikopano le bommasepala ba Foresisitata ba fumanang metsi ho tswa Nokeng ya Liebenbergsvlei ho tloha ka Hlakola 2022 ho leka ho fokotsa kgahlamelo e ka bang teng ka lebaka la ho lokiswa ha lekgalo lena. Ho dieha kapa ho se lokise meralo ya motheo ke bommasepala ke phephetso e kgolo. Kabinete e elellwa taba yah ore DWS ke tla ba beha leihle mme e fane ka tshehetso moo e hlokahalang teng.
5. Ho fokotswa ha sekgahla sa phepelo ya metsi Gauteng
5.1. Kabinete e tsebisitswe ka ho kenngwa tshebetsong ha Mokgahlelo wa pele wa ho fokotsa sekgahla sa phepelo ya metsi Gauteng. Sena ke ka lebaka la ba ha Rand Water e se e fihlelletse maemo a ho qetela a sekgahla sa bona sa phepelo ho IVRS.
5.2. Sekgahla sa tlhokeho ya Metsi Gauteng se ntse se hola ka lebaka la kgolo ya setjhaba, ho eketseha ha tshebediso ya metsi ntle le tefello ho bo mmasepala, ho kenyeletsa le dikgokelo tse seng molaong le ho se lokiswe ha dipeipi tse dutlango, e leng se etsahalang bo bommasepala ba dipersente tse 33 Gauteng.
5.3. Hona jwale, tlhokeho ya metsi ho tswa ho bommasepala ba fumanang metsi ho Rand Water e nyolohile ho feta metsi a teng polokelong ya bona ha mmoho le diteisheng tse hlwekisang metsi.
5.4. Ho qoba ho fokotswa ho yang pele, bomasepala ba Gauteng ba tlameha ho lokisa dipeipi tse dutlang le ho hlokomedisa setjhaba ho fokotsa tshebediso ya metsi.
5.5. DWS, Rand Water le bommasepala ba Gauteng ba sebetsa mmoho le a World Bank 2020 Water Resources Group ho hlokomedisa ka ho baballa metsi, mme sena se tla etswa ho kenyeletswa le setjhaba ha mmoho le borakgwebo.
E. Khiro
Khiro tsohle di itshetlehile ho netefatso ya mangolo a thuto le tumello e maleba.
(a) Ntate Captain Rufus Lekala e le Motsamaise e Moholo wa Phethahatso (CEO) ya Bolaodi ba Polokeho ya Mawatle a Afrika Borwa bakeng sa dilemo tse hlano.
(b) Ntate Luvuyo Xola Ntoyi e le CEO ya Boto ya Metsi ya Bohareng ba Lekwa bakeng sa dilemo tse hlano.
(c) Ntate Gift Zowa e le CEO ya Broadband Infraco bakeng sa dilemo tse hlano.
F. Diketsahalo tse Tlang
1. Letsatsi la Botjhaba
1.1. Motlatsa Mopresidente Mashatile o tla fana ka puo ya sehlooho moketeng wa semmuso wa Letsatsi la Botjhaba ka Labobedi, la la 24 Lwetse 2024 Lebaleng la Dipapadi la Meqheleng Ficksburg, Foreisetata, tlasa lepetjo le reng: “Ho keteka bophelo ba bahale ba rona ba nehelaneng ka bophelo ba bona bakeng sa tokoloho ya rona.”
1.2. Ha re keteka Letsatsi la Botjhaba, re hlompha bahale ba rona ba ileng ba tela bophelo ba bona ba lwanela tokoloho ya rona, haholoholo balwanedi ba tokoloho ba ileng ba qobellwa ho tswa naheng ke mmuso wa kgethollo mme ba hlokahalla kantle ho naha ena.
1.3. Mokete wa ho Amohela Masapo a bona o tla etsahala ka la 27 Lwetse 2024 ha ho tla be ho amohelwa masapo a ba hlokahalletseng Zambia le Zimbabwe mme sena e tla be e le karolo ya Afrika Borwa jwalo ya Projeke ya ho Kgutliswa ha Masapo.
1.4 Jwalo ka karolo ya mekete ya Kgwedi ya Botjhaba, mmuso o tla tshwara Mokete wa dipapadi tsa Botjhaba mahareng a la 24 le 29 Lwetse 2024 Foreisetata bakeng sa ho bontsha dipapadi tsa botjhaba, mmino, motjeko, dijo, le bonono.
2. Kgwedi ya Bosebeletsi ba Setjhaba (PSM)
2.1. Jwalo ka ha re ntse re tswella ho keteka PSM, bekeng ena mmuso o tsepamisitse maikutlo ho thoholetsa basebetsi thusang setjhaba ka mehla ka boitelo le boqhetseke. Hona bekeng ena, re boetse re kenyeletsa le Ditsi tsa rona tsa Thusong, tse fanang ka thuso le tlhahisoleseding setjhabeng.
3. Beke ya Tlhokomediso ya Botholo
3.1. Afrika Borwa e tla kopana mmoho le matjhaba ka ho hlwaya beke ya matjhaba ya batho ba ditholo ho tloha ka la 23 ho isa ho la 29 Lwetse 2024 ka tlasa lepetjo la: “Ingodisetse Ditokelo tsa Puo ya Matsoho”.
4. Seboka sa Brazil, Russia, India, Tjhaena le Afrika Borwa (BRICS)
4.1. Bakeng sa ho lokisetsa Seboka se tlang sa BRICS sa 2024 ho tloha ka la 22 ho isa ho la 24 Mphalane 2024 se tla tshwarelwa Russia, Afrika Borwa e nka karolo dikopanong tse ngata tse lokisetsang seboka sena, mme e rata ho hlahisa maikutlo a yona ho dintlha kgolo tsa tla sekasekwa sebokeng seo.
5. Seboka sa Matjhaba sa Tshebediso ya Dijithale Pusong.
5.1. Lefapha la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba, ka tshebedisano mmoho le Lefapha la Dithuto tsa Puso Yunivesithi ya Witwatersrand di tla tshwara, Seboka sa Matjhaba sa bo 17 sa Tshebediso ya Dijithale Pusong (ICEGOV) pakeng tsa la 1 le la 4 Mphalane 2024 tlasa lepetjo le reng: “Puso e Tshepahetseng le e Nepahetseng bakeng sa Lefatshe Leo Re Le Hlokang”.
G. Melaetsa
1. Dithoholetso
Kabinete e fetiseditse dithoholetso tsa yona le ditakaletso tse ntle ho:
• Sehlopha sa Afrika Borwa ka tshebetso ya bona e tswileng matsoho Dipharalimpiking tsa 2024 Paris le ho hapa dimetale tse tsheletseng.
• Simoné Kruger ka ho hapa metale wa kgauta papading ya ho akgela sekotlolwana F38 Dipapading tsa Dipharalimpiki.
• Mopalami wa dibaesekele Nicolas Pieter du Preez ka ho hapa metale wa boronse Tekong ya Motho ka Mong ya Nako ya Banna ya H1 Dipapading tsa Dipharalimpiki tsa Paris.
• Donald Ramphadi le Lucas Sithole ka ho hapa metale wa boronse papading ya tenese ya batho ba babedi lehlakore ka leng ba bapalang ba dutse ditulong tse mabidi Dipapading tsa Dipharalimpiki tsa Paris.
• Bompodi ba lefatshe Dispringboko ka tlholo ya bona habedi ho New Zealand Tlhodisanong ya Bomampodi ya Rabi. Dispringboko di ntse di eso hlolwe papading ya Bompodi ya Rabi mme ba tla bapala le Argentina papading ya bona e latelang.
• Sebini sa Afrika Borwa Tyla ya entseng nalane ka ho ba Moafrika Borwa wa pele ho hapa Kgau ya Vidiyo ya Mmino ya MTV.
• Sehlopha sa Afrika Borwa Sebokeng sa Matjhaba sa Bokgoni ba sa 2024 naheng ya Fora ka ho bontsha bokgoni bo hodimo le ditalente tsa naha ya rona.
• Kabinete e thoholeditse The Douglas Weir e Kapa Leboya ka ho ananelwa jwalo ka Letamo la Botjhaba la Nosetso ke Komishene ya Matjhaba ya Nosetso le ho Pontjwa ha Metsi. Ke lekgetlo la pele letamo la Afrika Borwa la nosetso le fumana kgau. Weir e nang le dilemo tse 130 e hlokomelwa ke Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgere mme ke karolo ya meralo ya Mokgatlo wa Basebedise ba Metsi ba Lekwa le Tlase, ka ho fepela sebaka se ka bang dihektara tse 8,1113 ka metsi a ho nosetsa.
• Kabinete e kopana mmoho le Mopresidente Ramaphosa ka ho thoholetsa Motlotlehi Mopresidente Abdelmadjid Tebboune ka ho kgethwa hape jwalo ka Mopresidente wa People’s Democratic Republic of Algeria. Kabinete e malala a laotswe ho kopana le Mmuso wa Algeria bakeng sa ho matlafatsa dikamano.
2. Matshediso
Kabinete e fetisitse matshediso matshediso ho metswalle le lelapa la:
• Monghadi Pravin Gordhan, eo e neng e le moetapele ya kgahlano le tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso, le ho sebetsa ka boitelo ho sireletsa puso e nang le molao le e ntle. Nakong yohle yah ae e telele ya ho sebetsa le batho, o sebeditse dikarolong tse ngata jwalo ka letona le Moomishenara wa Setheo sa Afrika Borwa sa Pokeletso ya Lekgetho. Karolo ya hae e bile bohlokwa haholo ntshetsong pele ya moruo wa Afrika Borwa, a kgothalletsa ponaletso, maikarabelo, le ho thibela bobodu. E ne e le molwanedi ya kgahlano le mmuso wa kgethollo, ya tetseng bophelo ba hae bakeng sa tokollo ya setjhaba sa rona.
• Mofumahadi Regina Brookes, molwanedi wa tokoloho ya neng a le kgahlano le Molao wa Boitshwaro bo Hlephileng wa 1950 mme o ile a hlekefetswa ke mmuso wa kgethollo bakeng sa ho dula le batho ba batsho e le mosadi wa lekgowa. Ka 1995, o ne a kope ho bitswa le ho nkwa jwalo ka wa Mmala hore a kgone ho dula hara batho ba batsho.
• Mongodi ya ratwang haholo, seroki le molwanedi, Ntate James Matthews, eo e neng e le setho se Hlomphehang sa National Order of Ikamanga. O ne a fumane tlotlo ya hae ka 2004 bakeng sa diphihlelo tsa hae tse tswileng matsoho ho Dingolwa, karolo ya hae ho boqolotsi ba ditaba le karolo ya hae e ntle ya ho lwanela Afrika Borwa e sa kgetheng mmala.
• Qhoku ya mmino wa Kwaito, Ntate Sandile Ngwenya, ya neng a tsejwa haholo ka la Mapaputsi, ya bileng le seabo se seholo ntafatsong ya mmino wa Kwaito.
• Dibapadi tsa dipale Darlington Michaels, Sello Motloung le Paul Lückhoff, ba ntsheditseng pele indasteri ya dipale ka mesebetsi ya bona.
• Qhoku ya seswaswi, Ntate Philani Mabanga, ya neng a tsejwa haholo ka la ‘Mfundisi Ntshebe’, ya ileng a re qabola ka dinako tsohle ka mosebetsi wa hae metlae ya mmino.
Dipotso:
Mme Nomonde Mnukwa
Sebuelli sa Mmuso se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485
E ntshitswe ke: Tsamaiso ya Dikgokahanyo tsa Mmuso le Tlhahisoleseding (GCIS)