Pehelo ya Lekgotla la Kabinete ya 22 Phato 2016

Kabinete e ne e tshwere Lekgotla la yona ho tloha ka la 16 ho isa ka la 19 Phato 2016 ho la Sefako Makgatho Presidential Guesthouse ho la Pretoria.

Lekgotla la Kabinete la Phato 2016 le ne le tshwaya sehla se bohareng sa ho kena kantorong ha Tsamaiso ya Mmuso ya Bohlano.

 Lekgotla la Kabinete le ile la ipha sebaka sa ho thoholetsa maAforika Borwa bakeng sa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa kgotso, tse lokolohileng le ho hloka leeme tse etsahetseng ka la 3 Phato 2016.

Lekgotla le tshwerwe ka hara taba e tswellang ya tjhebahalo ya moruo o putlamelang tlase o ntseng o tshwaetswa ke mabaka a fapafapaneng a ka hare le ka ntle, hammoho le tshoso e dulang e le teng ya ho methwa ha maemo a sekgahla sa rona sa mekitlane.

Lekgotla le fanne ka monyetla bakeng sa Kabinete hore mmoho e itekole mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la Mmuso la tshebetso le ho fana ka dithuto tse hlokolosi bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ho hlwahlwa ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) oo ho buuwang ka ona haholo, e leng se hlakisang bohlokwa ba Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) wa 2014-2019.

Diqeto tse tiileng di ile tsa nkuwa mabapi le meralo e tiileng e sebetsehang e tla nka ho kenngwa tshebetsong ha MTSF ya 2014-2019 le Moralo wa Dintlha tse Robong ho di beha boemong bo batlang bo phahame. Meralo ena e batla hore makala kaofela, a kenyeletsang mmuso, setjhaba sa badudi, dikgwebo le boramesebetsi, ba kenye letsoho mohomeng le ho sebetsa mmoho bakeng sa ho netefatsa hore mmoho re kakasa Aforika Borwa ho e lebisa ntshetsopeleng ya moshwelella ya kahisano le maemong a kgolo ya moruo.

Meralo e tiileng e se e tekilwe bakeng sa ho tebisa ho kenngwa tshebetsong selemong se tlang sa ditjhelete, e leng seo hape se etsang hore ho dumellehe hore mmuso o matahanye Morero wa Ditjeho wa Nako e Bohareng (MTEF) wa ona le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong.

Lekgotla la Kabinete le ne la tsepamisa maikutlo hodima dintlha tse tsheletseng tsa bohlokwa:

1. Ya pele, ho ile ha tshohlwa mohlophollo wa moruo o moholo wa lapeng le wa lefatsheng mmoho le ditshisinyo tse ding bakeng sa matlafatso ya ditjhelete tsa mmuso selemong se tlang le ka nqane ho sona. Sena se kgontshitse Kabinete ho bona maemo a yona a moruo le diqeto ka ditjhelete tsa mmuso ka hara maemo a moruo wa lefatshe.

1.1. Ho iphumana ha lefatshe ho ntse ho lebeletswe hore ho ka matlafala empa sena se ka tlasenyana ho feta kamoo ho neng ho akantswe pejana, kaha taba ya Brexit e na le kgahlamelo e seng hantle ho kgolo ya moruo wa lefatshe. Aforika e ka Borwa ho Sahara e sekaseka ho phephetsa maemo a moruo o moholo jwaloka ha meruo ya yona e ka sehloohong e itlwaetsa tsamaiso e tlase ya thepa.

1.2. Dikotsi tse ding di kenyeletsa kgonahalo ya ho ba kotsing ka hara mokgwa wa tsamaiso ya dibanka wa Euro; botsitso ba ditjhelete ho mebaraka e ntseng e runya; dikotsi tsa dipolotiki tsa dibaka, dikotsi tsa tlelaemete le tsa kalafo.

1.3. Moralo wa nako e bohareng o baballa dikuno tsa kahisano ka hara tikoloho ya moruo o ntseng o fokola. Mmuso o tla dula o itlama bakeng sa ho fihlella merero ya ditjhelete tsa mmuso ya nako e bohareng mme o tla nka mehato e meng bakeng sa ho etsa jwalo ho ya kamoo maemo a laelang.

1.4. Maitlamo a kamoso a puso a tla itshetleha hodima diphethoho tse thehilweng hodima puso e hlwahlwa, hape le ka bonkakarolo ho tswa makaleng a poraefete.

2. Ya bobedi, Lekgotla la Kabinete hape le ile la sekaseka ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong bakeng sa ho hodisa moruo wa Aforika Borwa tse ileng tsa tsebahatswa ke Moporesidente Jacob Zuma ha a ne a tshetleha Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka Hlakola 2015.

2.1. O ne a tsepamisitse maikutlo hodima mananeo a bohlokwa le diporojeke bakeng sa ho tebisa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Dintlha tse Robong selemong sa ditjhelete se tlang. Sena se ile sa lebisa ho amohelweng ha diporojeke tsa bohlokwa tsa kgahlamelo e matla bakeng sa selemo sa ditjhelete se tlang le ka nqane ho sona tse reretsweng hore di tla ba le kgahlamelo ya bohlokwa e kgabane hodima moruo ka ho bula mamati a bohlokwa.

2.2. Kabinete e entse diqeto tsa lewa bakeng sa ho ba le kgahlamelo e batlang e phahame ho feta bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri (IPAP) ho kenyeletswa:

  • •Hore Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso le Lefapha la Matlotlo a Setjhaba ba tla matlafatsa theko ya dihlooho tsa diterene hore e wele tlasa setheo se le seng (Transnet) ho netefatsa bohlwahlwa le boimatahanyo le ditlhokeho tsa ho sebeletsa ka lapeng.
  • Ho phethela tekolo ya ditsiane tsa ditjhelete bakeng sa dikgwebo ho matlafatsa dipehelo le ho fihlella boleng bo batlang bo phahame ba tjhelete bakeng sa ho hodisa kgolo e kenyeletsang.
  • Moralo wa dipalopalo o hlahisitsweng ke Banka ya Resefe ya Aforika Borwa, Lefapha la Matlotlo a Setjhaba, Ditshebeletso tsa Lekeno la Aforika Borwa (SARS) le Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA) o tla hlwaya le ho thibela phallo ya ditjhelete e seng molaong.
  • Tsebahatso ya dihlomathiso tsa molao bakeng sa ho kenya tshebetsong 30% e behetsweng ka thoko (mabapi le Bili ya Ditheko e ntjha e hlahisitsweng ke Lefapha la Matlotlo a Setjhaba) ka Hlakubele 2017 le ho bula bokgoni ba dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo (di-SMME), dikoporasi le dikgwebo tsa makeisheneng le tsa dibakeng tsa mahae.
  • Ho kenya tshebetsong Melawana ya Dithatohatsi tsa Ditheko e metjha mafelong a Phato 2016 jwaloka mokgwa wa nakwana ho boitshunyako bona bo matla.

2.3. Mmuso o tla tswela pele ho tsepamisa maikutlo hodima makala a basebeletsi ka bongata ho kenyeletswa tlhokeho ya metjha e fapafapaneng ya ho tshehetsa kgahlamelo e batlang e le matla hodima mesebetsi, e kang tshebediso ya mananeo a rona a ditsiane, hara a mang ke: a diaparo, a masela, letlalo le dieta; a tswelliso ya dihlahiswa tsa temo le ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwebo.

2.4. Boitshunyako bo atlehileng ba Moruo wa Mawatle bo tla matlafatsa diporojeke bakeng sa ho eketsa bohahlaudi ba mabopong le lewatle bakeng sa ho fihlella tlhahiso ya mesebetsi e hlokolosi.

2.5. Ho rarolla diphephetso tsa eneji ka hara naha, Lefapha la Eneji le tla phethela Moralo o kopanetsweng wa Eneji le Moralo o Kopanetsweng wa Mohlodi wa Motlakase mafelong a selemo sa 2016 ho fana ka tiisetso ya peho ya theko ya motlakase le matsete a bokgoni ba ho fehla motlakase.

2.6. Komiti e Kopanetsweng ya Matona ya Matsete, moo Modulasetulo e leng Moporesidente Jacob Zuma e tla hokahanya diporojeke tse 40 tse ka sehlohlolong ho phatlalla le mmuso. Diporojeke tsena tse 40 di kenyeletsa tswelliso ya dihlahiswa tsa temo le diphaka tsa temo, eneji le meralo ya motheo, diporojeke tsa tlhahiso le ditshebeletso. Diporojeke tsena di kgethilwe ho itshetlehilwe hodima hore ho be le kgahlamelo ya moruo ya maemo a phahameng e hoketsweng ho Moralo wa Dintlha tse Robong; hore tsena di kgone ho qala nakong ya dilemo tse pedi tse tlang; mme di kgone ho kgobokanya matsete a mang le dikuno tsa badudi.

2.7. Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri le tla qetella lewa bakeng sa ho jalwa ha dithekenoloji tse hlahisitsweng ka lapeng mafelong a selemo sa 2016. Ho fetafeta moo, Lefapha la Saense le Thekenoloji le Lefapha la Matlotlo a Setjhaba a tla bokella matlole a tlatsetso ho baballa le ho eketsa Letlole la Ntlafatso ya Makala ka Pakana ya Tshehetso ya Phehisano Moruong.

2.8. Ntlha e ka sehlohlolong e tla dula e le ho tsepamisa maikutlo hodima paballo ya metsi le phokotso ya tshenyeho ya metsi. Ka Loetse 2016, ditumellano di lokela hore di be di phethetswe le bomasepala mabapi le tshenyeho e phahameng ya metsi, ho thusa ka ho beha bathusi, mme ho phethelwe ka motlolo o hlakileng wa tshehetso ya matlole.

2.9. Bakeng sa ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Aforika Borwa la Kgokelo bakeng sa ho hokela dikolo, ditsha tsa kalafo le dikantoro tsa mmuso, Leano la Thekenoloji ya Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding (ICT) le tla phethelwa le ho tjhaellwa monwana. Moifo wa Tshebetso wa Marangrang a Inthanete o tla thehwa bakeng sa ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha leano.

3. Ya boraro, Khomishene ya Boporesidente ya Kgokahanyo ya Meralo ya Motheo (PICC) MANCO e teketse Lekgotla tlaleho ya boemo bo hodimo e mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a naha a ntshetsopele ya meralo ya motheo hammoho le meralo e tiileng ya ho kenngwa tshebetsong ha meralo ya motheo selemong se latelang sa ditjhelete le ka nqane ho sona. Mosebetsi wa PICC o matahantswe haholo le wa Moralo wa Dintlha tse Robong.

4. Ya bone, tlaleho ya kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha MTSF ya 2014-2019 e ile ya tekwa, e leng e neng e tsepamisitse maikutlo hodima ho lekolwa botjha ha dintlha tsa bohlokwa tsa MTSF ya 2014-2019 hore ho tle ho ntlafatswe hore di kenngwe tshebetsong selemong se tlang sa ditjhelete.

4.1. Ha ho ntse ho ananelwa mosebetsi o entsweng ho fihlela hajwale ho Moralo wa Dintlha tse Robong, ho ile ha ananelwa hape hore ho kenngwa tshebetsong ho potlakileng ho a hlokahala bakeng sa ho matlafatsa kgolo ya moruo.

4.2. Moralo wa tshebetso bakeng sa ho netefatsa ditjeho tse tomanyana hodima tokiso ya meralo ya motheo wa bomasepala le ho hatella botsamaisi bo nepahetseng ba thepa ya ditjhelete o tla ntshetswapele le ho kenngwa tshebetsong bakeng sa ho atolosa nako ya ho phela ha yona le boleng ba thepa ya rona ya meralo ya motheo.

4.3. Kabinete e fihlelletse qeto ya ho qala ka tsamaiso ya naha e lebisitseng ho ditherisano tsa Tlamahano ya Kahisano pakeng tsa boramesebetsi, dikgwebo le mmuso ho hlasimolla kgolo ya moruo le ho bebofatsa tahlehelo ya mesebetsi.

5. Ya bohlano, ka hodima boimatahanyo ba MTEF ho Moralo wa Dintlha tse Robong, Lefapha la Matlotlo a Setjhaba le Lefapha la Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso, a tekile dikgothaletso tsa ona hodima mesebetsi e entsweng selemong se fetileng bakeng sa ho matahanya ditekanyetso tsa naha ho NDP hammoho le ho MTSF ya 2014-2019.

5.1. Mmuso o hlwaile sehlotshwana sa dintlha tse ka sehlohlolong tsa ditekanyetso bakeng sa selemo sa 2017/18 se tla tsepamisa maikutlo hodima paballo ya ditjeho tsa meralo ya motheo, matlafatso ya tshehetso bakeng sa ntshetsopele ya maitsebelo le ho baballa maemo a nnete a tshebediso ya ditjeho hodima bafutsana.

5.2. Mosebetsi wa ho hlwaya makgabane le dipoloko bakeng sa nako e setseng ya MTEF o tla tswela pele.

6. Ya botshelela, Lekgotla hape le ile la sekaseka kgatelopele e seng e entswe le mehato e latelang bakeng sa ho hlabolla botjha dikhamphani tsa puso (di-SOC) ho tloha esale mohla Lekgotla la Kabinete la Hlakola 2015. Sena ke ka ho ya ka tjhebahalo ya karolo ya bohlokwa e bapalwang ke di-SOC diphethohong tse matla tsa moruo wa kahisano tse kgothaleditsweng lenaneong la Tsamaiso ya Mmuso wa Bohlano.

6.1. Ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la botsitso ho hatetse pele ka mekgwa e fapafapaneng. Matlafatso ya boetapele bakeng sa ho phetha mawa a dintlafatso e dula e le taba e hlokolosi.

6.2. Eskom e se e batla e fumantshitswe botsitso haholo mabapi le, ka bobedi ntlafalo ya tshebetso le ya maemo a ditjhelete.

6.3. Komiti e Kopanetsweng ya Matona e tla tswela pele ho beha leihlo maitshunyako a mang a 13 a tobaneng le di-SOC.

6.4. Lekgotla le behile ka sehlohlolong ho phethelwa ha Motlolo wa Thuo ya Borabodiabo, o tla hlakisetsa moralo wa molao bakeng sa hore di-SOC di be di hlabollotswe botjha ka Pudungwana 2016.

6.5. Hape mosebetsi o tla qala bakeng sa ho boptjwa ha Lekgotla la Boporesidente la Bohokahanyi ba di-SOC le tla neha Moporesidente Zuma motjha wa ho sheba diqeto tsa lewa le maitshunyako bakeng sa ho bopa di-SOC tse bapalang karolo ya diphethoho ka hara puso ya ntshetsopele.

Diqeto le meralo ho tswa ho Lekgotla la Kabinete di tla matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la tshebetso la mmuso le ho fana ka tshepo ya hore Aforika Borwa e boemong ba ntshetsopele ya kahisano le kgolo ya moruo tsa moshwelella.

7. Lepato le Ikgethileng la Semmuso

7.1. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke ho hlokahala ha Letona la Mehleng la Dipapadi le Boikgathollo, Moruti Arnold Makhenkesi Stofile. Jwaloka mokaubere wa ntwa ya dipolotiki, o nkile karolo ditshiyeng kaofela tsa mmuso, dibopehong tse fapafapaneng tsa porofense, tsa naha le ho tsa matjhaba.

7.2. Moporesidente Jacob Zuma o tsebisitse hore Moruti Stofile o tla fuwa Lepato le Ikgethileng la Semmuso ho ya ka Mokgahlelo 2 wa Leano la Phupu ya Mohlanka wa Puso le la Phupu ya Semmuso ya Diporofense. Ha re ntse re hopola moetapele enwa ya moholo wa naha ya rona, tshebeletso ya semmuso ya bofifi ya mofu Moruti Stofile e tshwerwe letsatsing lena, ka hora ya 11 hoseng Setsheng sa Kereke sa Abbotsford ho la East London. Moporesidente Zuma o laetse hore Folakga ya Naha e fofisetswe tlase maqaleng kaofela a difolakga ka hara Rephabliki ya Aforika Borwa ka letsatsi la ho mo pata.

7.3. Mofu Moruti Stofile o tla phomotswa tshebeletsong ya lepato e tla tshwarelwa Yunivesithing ya Fort Hare moo e neng e le Motjhanselara, ka Labone la 25 Phato 2016 Alice, Porofenseng ya Kapa Botjhabela. Mopresidente Zuma o tla fana ka puo ya kodiyamalla lepatong la mofu Moruti Stofile.

Re fetisetsa matshediso a rona a tebileng ho ba lelapa la hae le metswalle nakong ena e bohloko le ho ba boima.

Robala ka kgotso Ntate Stofile.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

 

Share this page

Similar categories to explore