Puo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa mabapi le Diketso tsa Dikgoka le Tshenyo ya Thepa

Maafrika Borwa a heso,

Ke bua le lona bosiung bona ka pelo e bohloko .

Matsatsing a mmalwa a fetileng, ho bile le diketso tsa dikgoka setjhabeng tse sa tlwaelehang  haesale nalaneng ya demokrasi ya rona.

Thepa e ranthantswe le ho senngwa. 

Mabenkele a utsweditswe.

Baahi ba ikobelang molao ba tshoseditswe le ho sokelwa.

Basebetsi ba tshohile hore ba ka nna ba se hlole ba kgona ho kgutlela mosebetsing.

Batho ba hlokahetse. 

Horeng ena, ho na le malapa a mmalwa a llang ka hara naha ya habo rona.

Ke bua ka malapa a habo Nkosikhona Chiza, Ndumiso Shezi, Khaya Mkhize, Zethembe Ndwandwe, Lindani Bhengu le Lindokuhle Gumede, Gauteng.

Ke bua ka malapa a habo Bhekani Ndlovu, Themba Mthembu, Aphiwe Gama le
Cebo Dlamini, KwaZulu-Natal.

Leha re tseba ditjeo tse hodimo tsa dikgoka tsena mabapi le thepa, maiphediso le dikgwebo, empa tahlehelo ya maphelo a batho yona ke e kgolo ka ho fetisisa tsohle.

Jwalo ka setjhaba, re lebisa matshediso le dithapelo tsa rona malapeng ana.

Maafrika Borwa a mangata horeng ena a bala ditjeo mabapi le tshenyo ya moo ba dulang, ya thepa, ya mabenkeleng a bona le dikgwebong, polokeho ya bona le tshireletso.

Maafrika Borwa a mang a mangata a ikutlwa a tsielehile le ho tshaba.

Dikarolong tse ngata tsa naha ho fela  matsatsi le masiu a mmalwa a dikgoka tsa setjhaba tsa tshenyo ya thepa le ho utswa ho so kang ho ho etsahala haesale nalaneng ya demokrasi ya rona.

Di qadile ka ho tjheswa ha dilori Mooi River ho la KwaZulu-Natal Moqebelong ona o fetileng mme tsa latelwa ke ho kwalwa ha mebila dikarolong tse ka leboya tsa profensi eo le ho utswetswa ha mabenkele Thekong le Pietermaritzburg. 

Nakong ya matsatsi a mabedi a fetileng, Gauteng ho bile le ho kwalwa ha mebila, ho utswa, tshenyo ya thepa le ho tjheswa ha dilori.

Re leboha mosebetsi wa makala a qobello ya molao moo ho seng ho tshwerwe babelaellwa ba 166 KwaZulu-Natal mmeba 323 ba tshwerwe Gauteng mabapi le diketsahalo tsena.

Leha ho le jwalo, dikgoka di ntse di tswella dibakeng tse ngata.

Ba bang ba supile ha diketsahalo tsena e le tsela ya boipelaetso ba sepolotiki.

Dikgoka tsena e ka nna ya ba ruri sesosa sa tsona ke diphatlalatso le diketsahalo tsa batho ba itseng ba nang le morero wa sepolotiki, le mabapi le ho bontsha ho nyahama le kgalefo.

Qalehong ya merusu ena, e ka nna ya ba ho bile le batho ba neng ba batla ho hlohlelletsa dikgoka le merusu ena ba ipapisitse le semorabe. Re a tseba hore boholo ba batho ba habo rona ho ya ka boitshwaro ba bona ba hanne ho sebediswa ka tsela ena.

Leha ho le jwalo, seo re se bonang hona jwale ke diketso tsa ho nka monyetla tsa botlokotsebe, moo maqulwana a batho a hlohlelletsang pherekano feela e le ho sireletsa diketso tsa ho thuba le boshodu.

Leha ho ka ba le matshwenyeho kapa sona sesosa sa sepolotiki, empa ha ho lebaka le utlwahalang le ka etsang hore ho be le dikgoka le tshenyo eo re e boneng dikarolong tsa KwaZulu-Natal le Gauteng.

Molaotheo wa rona o re netefaletsa tokelo ya motho ka mong ya ho ipelaetsa, ho hlophisa, le ho itseka ka bolokolohi le ho ipapisa le mokgatlo leha e le ofe ka bolokolohi. 

O neha motho ka mong tokelo e lekanang ya tshireletso ka pela molao, le ho neha motho e mong le e mong boikarabelo ba ho hlompha le ho ananela ditokelo tsa ba bang.

Molaotheo wa rona ke motheo wa taolo ya molao ka hara naha ya habo rona.

Re sebetsa ho ya ka taolo ena ya molao e thibelang tshebediso e mpe ya matla a puso, e sireletsang bafutsana le ba itlhophereng le ho etsa hore setjhaba sa rona se sebetse le hore moruo wa rona o tswele pele.

Diphofu tsa dikgoka tse ntseng di etsahala ho na jwale – basebetsi, bakganni ba dilori, beng ba dikgwebo, batswadi le malapa a ba lahlehetsweng ke maphelo – ha ba a etsa letho se phoso.

Leha tsena tsohle e ka ba diketso tsa ho nka monyetla tsa ho utswa tse bakwang ke mathata le bofuma, empa bafutsana le ba itlhophereng qetellong ke bona ba tla utlwa boima ba tshenyo ena. 

Mabenkele a utsweditswe le dibopeho tsa motheo di sentswe. 

Sena se bolela hore bakudi ba rona ba keke ba fumana meriana dikhemising, dijo ha di na ho fihla mabenkeleng, le basebeletsi ba kalafo ha ba kgone ho ya mesebetsing. 

Lenaneo la rona la ho enta setjhaba  le sitisehile ha bohloko hantle feela ka nako eo le neng le tshepisa ho potlaka. Sena se tla ba le ditlamorao tsa nako e telele hodima bokgoni ba rona ba ho matlafatsa kgatelopele eo re neng re se re e bona mabapi le ho hlaphohelwa ha moruo wa rona.

Ditshitiso tsena di tla ba le kgahlamelo e mpe maphelong ka lebaka la ho phatsamiseha ha phepelo le paballo ya dijo tsa rona, tsa bophelo bo botle le ditsamaiso tsa tlhahiso tsa thepa. 

Ho utswa hona le ho thuba, ho lebisa feela ho dikgoka tse ding le tshenyo e matla.

O eketsa bofuma, tlhokeho ya mesebetsi, le tahlehelo ya maphelo a se nang molato.

Sena ha se seo re leng sona jwalo ka batho.

Nako le nako, kgetha tsela e fapaneng, tsela ya kgotso le demokrasi.

Re kgethile ho latela puisano le boipelaetso ho e na le dikgoka le tshenyo.

E mong le e mong wa rona, ho sa natswe boemo ba rona setjhabeng kapa maemo, o na le thahasello ya ho baballa le ho hlompha taolo ya molao.

Ka hoo, ke taba ya bohlokwa hore re busetse kgutso le botsitso dikarolong tsohle tsa naha ya habo rona ntle le tshenyo ya nako.

Ho bohlokwa hore re thibele tahlehelo leha e le efe ya bophelo kapa yona ditemalo.

Ho bohlokwa hore re sireletse thepa, dibaka tsa rona le dibopeho tsa rona tsa motheo mmoho le  moruo wa rona.

Ka hoo, re bokeletsa mehlodi kaofela e teng le bokgoni ba ho busetsa kgotso.

Jwalo ka Molaodi e Moholo wa Lebotho la Sesole sa Tshireletso la Afrika Borwa, kajeno ke laetse ho jalwa ha basebeletsi ba Lebotho la Sesole sa Tshireletso bakeng sa ho tshehetsa mosebetsi wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS).

Lekala la Naha le Ditshebetso tse Kopanetsweng le Mautlwela – le tsejwang jwalo ka NatJOINTS – le matlafaditse ho jalwa ha makala a qobello ya molao dibakeng tse amehileng KwaZulu-Natal le Gauteng.

SAPS e kenya tshebetsong ditsela tsa ho bitsa ditho tse matsatsing a phomolo bakeng sa ho eketsa palo ya basebeletsi ba qobello ya molao dibakeng tseo.

NatJOINTS e fumana tshehetso ho tswa ho Komiti ya Bohokahanyi ya Mautlwela, e bopilweng ka Mautlwela a Botlokotsebe a SAPS, a Tshireletso le ho a Tshireletso ya Naha.

Hodima ho eketsa ha tshireletso e matla  bo kgannilweng ke mautlwela dibakeng tseo di nang le merusu, re tla beha ka sehlohlolong ho qoswa ha babelaellwa ba nahanelwang hore ke bona beng ba dikgoka tsena.

Lekgotla la Naha la Tshireletso, leo ke leng modulasetulo wa lona jwalo ka Molaodi e Moholo, le tla kopana habedi ka letsatsi ho hokahanya ditsela tsohle tse hlokehang bakeng sa ho busetsa botsitso setjhabeng. 

E reng ke hlakise: re tla nka bohato ho sireletsa motho e mong le e mong ka hara naha ena kgahlano le tshoso ya dikgoka, ditshokelo, boshodu le ho thuba.

Re keke ra qeaqea ho tshwara le ho qosa ba etsang diketso tsena le ho netefatsa hore ba tobana le letsoho le matla la molao wa rona.

Re tla busetsa kgutso le molao setjhabeng hore re tle re kgone ho tswela pele ka mosebetsi wa ho aha botjha naha ya habo rona le ho bopa bophelo bo betere bakeng sa batho ba yona.

Mehopolo ya nako e fetile eo ho yona dira di neng di hlohleletsa dikgoka ka hara metse ya rona ho leka ho re qabanya e ntse e le teng. Re ntse re phela le mehopolo ena le kajeno.

Leha ho le jwalo, re boetse re a hopola hore ka ha re ne re itokisetsa diphetoho tsa demokrasi – re ile ra ema mmoho jwalo ka setjhaba ho fedisa dikgoka tse neng di haketse metseng e mengata.

Jwalo ka ha re tobane le phephetso ena, re lokela ho hopola ka moo – nakong e nngwe nalaneng ya rona ha re ne re itokisetsa diphetoho tsa demokrasi – re ileng ra ema mmoho jwalo ka setjhaba ho fedisa dikgoka tse neng di haketse metseng e mengata.

Re ile ra ema mmoho – jwalo ka baetapele ba sedumedi, ba botjhaba, mekgatlo ya basebetsi, dikgwebo, ya setjhaba, mekga ya dipolotiki, mekgatlo eo e seng ya mmuso le e meng – ho tlisa kgotso setjhabeng sa habo rona.

Jwale re lokela ho ema mmoho hape, hore e mong le e mong wa rona a bapale karolo ya hae mabapi le ho busetsa kgutso dibakeng tse anngweng ke dikgoka tsena; hore e mong le e mong wa rona a emele taolo ya molao bakeng sa tharollo ya kgotso ya  dikgohlano.

Thapameng ena, Matona le bahlanka ba ka sehloohong dikarolong tsa moruo le polokeho, ba ile ba kopana le Mokgatlo o Kopaneng wa Borakgwebo wa Afrika Borwa (BUSA) ho lekola maemo le ho tla ka mehato ya tharollo. 

Re dumellane ka ho sebetsa mmoho bakeng sa ho netefatsa polokeho ya bakganni, dikheshiara, bakudi le bareki. 

Re dumellane ka ho arolelana tlhahisoleseding le mehlodi ho netefatsa hore re busetsa phepelo ya ditshebeletso tsa bohlokwa tshebetsong.

Re etsa ditlhophiso tsa hore baetapele ba mmuso le baemedi ba mmuso jwalo ka karolo ya maikarabelo a bona, ba kopane le baetapele metseng e fapafapaneng bakeng sa ho kgothaletsa botsitso.

Jwalo ka karolo ya ditherisano tse tswellang le makala a bohlokwa a setjhaba, ke tlo kopana le baetapele ba mekga ya dipolotiki ho tshohla maemo a renang ha jwale..

Re etsetswa boipiletso – hohle moo re ka beng re le teng – ho kgoba matshwafo, ho itshwara, le ho phema boiteko leha e le bofe ba ho hlohlelletsa dikgoka, ho baka letshoho kapa ho fehla dikarohano.

Le haeba re le baetapele ba mekga ya dipolotiki, mekgatlo ya ditekesi, ya dikgwebo kapa ya basebetsi, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho kgutsisa maemo.

Re lokela ho tlohela ho fetisa le ho tsamaisa melaetsa e hlohlelletsang merusu ho marangrang a dikgokahanyo, le ho jala menyenyetsi kapa ditlaleho tse fosahetseng tse ka bakang letshoho.

Ha ho motho ya lokelang ho inkela molao matsohong.

Ho e na le seo, re lokela ho ipapisa le batho le baahi ba sebedisanang le sepolesa ho thibela ho utswa, le ditho tseo tsa setjhaba tse fanneng ka dintlha le tlhahisoleseding ka diketsahalo tsa botlokotsebe. 

Ke lakatsa ho leboha ditho kaofela tsa tshebetso le balaodi ba sepolesa le makala a mang bakeng sa karabelo ya ona diketsong tsa dikgoka le bophepeletsane, e thusitseng ka ho thibela tshollo ya madi le tahlehelo ya maphelo.

Re fetisetsa ditakaletso tsa rona tse molemo bakeng sa ho hlaphohelwa ka pele ha ditho tse nne tsa sepolesa tse ileng tsa lemala nakong ya dikgoka tsena: Konstabole Sangweni, ya ileng a thunngwa le ho lemala Alexandra; bomphato ba hae ba babedi, Sajene Maraheni le Moleftenente Mokolonele Nefolovhodwe, ba ileng ba otlwa ka ditene; le Konstabole Seloane, ya ileng a thunngwa le ho lemala Daveyton.

Maafrika Borwa a heso,

Dikgoka tsena le tshenyo di etsahala nakong ya sewa se bolayang.

Ho na le kotsi ya hore diketsahalo tsena di tla lebisa tabeng ya ho ropoha ho matla ha ditshwaetso, moo maphelo a mang a mangata a leng kotsing le ho beha ditsi tsa kalafo le basebeletsi ba tsona tlasa kgatello e matla.

Ho na le kotsi ya hore lenaneo la rona la hoenta setjhaba le tla sitiseha dibakeng tse ding nakong eo feela re hlokang ho atolosa phihlello ya lona bathong.

Re keke ra dumella sena ho etsahala.

Ha re na dumella sena ho etsahala.

Motsotso ona o behile pepeneneng seo esaleng re ntse re se tseba: hore boemo ba tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane ka hara setjhaba bo boima.

Re keke ra lebella kgotso ya moshwelella haeba re sa hlahise mesebetsi le ho aha setjhaba se phelang ka toka le se lekalekanang moo Maafrika Borwa ohle a ka nkang karolo ka bolokolohi le tekatekano.

Ka hoo, ha re a lokela ho itlamela kgotso feela, empa bakeng sa menyetla e meholo ya moruo bakeng sa bohle.

Hona jwale re tswa nakong e telele ya ho hloka botsitso le bophelo bo neng bo eme.

Re bone ditlamorao tsa bobodu le puso e sa nepahalang, sephetho se sebe sa tshebediso e mpe ya matla a puso le ho se kgathalle mosebetsi.

Re qadile motjha wa pholo, kahobotjha le ntjhafatso.

Re behile naha ya habo rona motjheng wa kgatelopele le ho hlaphohelwa.

Re keke ra dumella batho ba mmalwa ka hara rona ho tshosetsa boiteko ba rona bo kopanetsweng.

Re tla sireletsa demokrasi ya rona ya molaotheo, hore re matlafatse dikuno tsa rona.

Re tla qhelela ka thoko dikgoka le merusu, hore re kgone ho ya pele.

E re ke iphete: re a aha, ha re senye.

Re keke ra sitiswa jwalo ka Maafrika Borwa mosebetsing o ka pela rona.

Jwalo ka ha ho ile ha etsahala pele, re boetse  re tobane le motsotso wa phephetso e matla le tshepiso e matla.

Ha re kgetheng motjha wa kgotso le ntjhafatso.

Ha re emeng re tiile mme re hlahelle re matlafetse ho feta.

Ha re le mmoho, re tla hlola ba batlang ho hlokisa naha ya habo rona botsitso, ba batlang ho kgutlisetsa morao dikuno tseo re di fihlelletseng.

Re tla ema mmoho re le setjhaba, re ipopile kgahlano le dikgoka, re le ntswe leng re itlametse kgotso le taolo ya molao.

Ke a le leboha.
 

Share this page

Similar categories to explore