MAKALA A MORUO, MOSEBETSI LE NTSHETSOPELE YA MERALO YA MOTHEO PUO YA BORADITABA

Matona le Batlatsi ba Matona
Batsamaisikakaretso
Ditho tsa Boraditaba
Bomme le bontate

Dumelang mme le amohetswe ho kopano ya boraditaba ya Sehlopha sa Makala a Moruo, Mosebetsi le Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo (ESEID).

Aforika Borwa e amohetse Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le Pono ya 2030 bakeng sa ho bopa bophelo bo betere bakeng sa baahi ba yona bohle ka hara setjhaba se kenyeletsang bohle. Re se re tlotse selemo re kene ho taba ya ho kenya tshebetsong NDP; re motjheng wa ho akofisa kgolo ya moruo le ho rarolla diphephetso tse tharo tsa tlhokeho ya mosebetsi, bofuma le ho se lekalekane.

Le tla hopola hore Moporesidente Jacob Zuma o ile a tsebisa ka Moralo wa Dintlha tse Robong bakeng sa ho hlasimolla kgolo le ho hlahisa mesebetsi ha a ne a tshetleha Puo ka Maemo a Setjhaba (SoNA) ka la 11 Tlhakola 2015. Moporesidente Zuma o ile a boela a fana ka tlaleho ya kgatelopele mabapi le Moralo wa Dintlha tse Robong ha a ne a tshetleha SoNA ya bohareng ba selemo moo a neng a beha boraditaba sehlohlolong ka ho kenngwa ha ona tshebetsong ka la 11 Phato 2015.

Moralo wa Dintlha tse Robong, oo boitshunyako ba ona e leng dingongoreho tse ka sehloohong tsa Sehlopha sa Moruo, o radilwe ho akofisa kgolo ya moruo le ho hlahisa mesebetsi ka ho, hara tse ding, fetola moruo le ho eketsa matsete. Boitshunyako ba mekgahlelo e meraro – ba ho hlahisa mesebetsi, bo tla thusa ho akofisa dintho le ho fokotsa ditjeho – ho radilwe ho sebetsa mmoho bakeng sa ho hodisa moruo.

Ntlha e ka sehloohong e parolang le makala ya Moralo wa Dintlha tse Robong ke ho aha bomphato ba batlang bo le matla le lekala la poraefete.

Kopano ena ya boraditaba e thathiselletsa hodima tlaleho ya kgatelopele ya Moporesidente ka ho fana ka tlhahisoleseding e batsi le ho fana ka monyetla bakeng sa dipuisano mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha boitshunyako ba dintlha tse robong.

MOOKO WA TSA MORUO

Moruo wa lefatshe o tswela pele ho tobana le ditsokotsane tse hlokolosi. Moruo wa lefatshe o hotse ka 3.4% ka 2014. Balekane ba ka sehloohong ba hwebang le Aforika Borwa ba fihlelletse kgolo ya moruo e qaqolohaneng. Kopano ya Yuropa e hotse feela ka 0.9% ha Japan e honyetse ka 0.1%. Leha ho le jwalo, Aforika e ka tlasa Sahara e hotse ka 5% mme Amerika e hotse ka 2.4% e matla. Moruo wa China o tswela pele ho tsamaya butle ka kgolo e batlang e ba mahareng ho ya ho 7.4% e kgahlisang. Ditheko tsa Dihlahiswa tsa manya a tshepe, mashala, polatinamo le oli di ntse di le tlase haholo tlasa bophahamo ba yona ba 2008. Ho theoha ho matla ha ditheko tsa matjhaba tsa oli ho tlisitse melemo bakeng sa Aforika Borwa empa di tla fokotsa kgolo dinaheng tse hlahisang oli tsa Aforika e leng dibaka tsa bohlokwa bakeng sa dihlahiswa tse rekiswang kantle tse hlahisitsweng ke Aforika Borwa.

Ka kakaretso, tjhebahalo ya lefatshe e ntse e le e sa hlakang hantle ka tjhebelopele ya tlhahiso-yohle (GDP) ya naha e ntseng e lekolwa botjha ho ya fatshe ke Letlole la Matjhaba la tsa Ditjhelete. Aforika Borwa e keke ya itshetleha hodima kgolo ya lefatshe feela bakeng sa ho thusa moruo wa ka hara naha. Tjhebahalo e sa hlakang ya moruo wa lefatshe e hatelletse dikgwebo le tshepo ya bareki ka hara moruo wa lehae.

Aforika Borwa e tswela pele ho tobana le ho kgineha ha moruo o akaretsang. Leha ho le jwalo, mmuso o na le tshepo ka kelohloko ya hore moruo o tla kgutlela kgolong haholoholo ha ho shejwa tjhebahalo ya ho matlafala ka bokgabane ha phano ya motlakase le mekutu e matla ya mmuso ya ho hodisa maemo a matsete.

Mmuso hape o thabile ke ho ananela Tlaleho ya Bophehisani ya Foramo ya Lefatshe ya Moruo, e bontshang hore Aforika Borwa e nyolohile ka dibaka tse supa ho ba maemong a bo-49 ka hara dinaha tse 140 ho lenaneo la Lefatshe la Bophehisani.

Ka Phato 2015, Moporesidente Zuma o fumane tlaleho ya Maemo a Basadi ka hara Moruo wa Aforika Borwa. Tlaleho e hlwaile tlhoko ya boitshuyako bo hlakileng bakeng sa ho hodisa matlafatso ya basadi ho tsa moruo ho phatlalla le naha, ho qalwa ka boikitlaetso ba Moralo wa Dintlha tse Robong le Operation Phakisa.

Tlaleho e sebetsa jwaloka motheo wa ho hodisa matlafatso ya basadi ho tsa moruo wa kahisano le tekatekano ya bong, le ho hodisa ditokelo tsa bona tsa botho.

Mmuso o behile ka sehloohong tshehetso ya matsete a lekala la poraefete ka hara lenaneo la ho ahuwa ha meralo ya motheo, lekala tlhahiso le Moruo wa Mawatle ka tlasa bodisa ba Operation Phakisa.

Operation Phakisa ke katamelo ya ntjhafatso le ya ho qala ya ho fetolela meralo e tebileng ho diphetho tse tiileng tse bonahalang ka phano e nang le boitelo le tshebedisano-mmoho. Ka Operation Phakisa, mmuso o rerile ho kenya tshebetsong mananeo a ka sehloohong ka tsela e betere, e batlang e potlakile le ho ba hlwahlwa.

HO BEHWA SEHLOHLOLONG KA KGATELOPELE MABAPI LE HO KENNGWA TSHEBETSONG HA MORALO WA DINTLHA TSE ROBONG

Mmuso o sebeletsa ho fihlella ho fumana phano e tshepahalang ya eneji ho netefatsa polokeho ya eneji bakeng sa hajwale le bokamoso; e leng se tla thusa bakeng sa kgolo ya moruo.

  • Ka la 30 Phato 2015, Moporesidente Zuma o butse semmuso yuniti e le nngwe ya tse tsheletseng tse fehlang motlakase Seteisheneng sa Matla a Motlakase sa Medupi Lephalale ho la Limpopo, se nyehelang ka ho ka etsang dimekawate (MW) tse 800 ho marangrang a naha.
  • Seteishene sa Matla a Motlakase sa Medupi se tla eketsa ka 4 764 MW ho marangrang a Eskom hang feela ha se phethetswe mme e tla ba seteishene sa matla a motlakase se seholo ka ho fetisisa lefatsheng se besetswang ka mashala. Sena hape ke seteishene sa bone se phodiswang ka ho omisa, se nkang morwalo o mongata se kileng sa ahuwa dilemong tse 20 ke Eskom, kamora diteishene tsa motlakase tsa Kendal, Majuba le Matimba.
  • Porojeke ya R2 bilione ya Kouga e seng e thehilwe e tla fana ka eneji e ka hlabollwang e ka fanang ka motlakase ho matlo a 50 000, e eketsa ho bokgoni bo botjha bo matla ba eneji bo tlisitsweng ke letsatsi le moya ho marangrang a naha. Motlakase o fanwang ke diporojeke tse 37 tse tjhaelletsweng monwana ke Lenaneo la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Eneji e ka Hlabollwang (REIPPP) le yona e tswetse pele ho eketsa ho fana ka ho ba ka hodimonyana feela ho 1 500 MW ho marangrang. Jwaloka mokutu wa ho rotetsa keketseho ho dikateng tsa lehae tsa dipolante tsa Matla a Letsatsi (CSP) tlasa REIPPP – jwaloka mohato wa pele ho
  • Fihlella sena – Lefapha la Saense le Thekenoloji (DST) le thehile kaho ya dikilowate (kW) tse 100 ya diteko tsa matla a letsatsi e radilweng ka mokgwa o ikgethang e sebedisang diheliosetate (tse hulang mahlasedi a letsatsi) tse batlang di le nyane, le ho ba hlwahlwa bakeng sa ho lwantsha diphephetso tsa ditjeho.
  • Haufinyana tjena, re phethetse mosebetsi tsamaisong ya ho kgetha ba iketang bakeng sa Lenaneo la Bahlahisi ba Eneji ba Ikemetseng ba Diporojeke tse Nyenyane (1 – 5 MW), leo morero wa lona e leng ho thusa bantshetsipele ba banyenyane le ho bokeletsa matlole a hlokahalang bakeng sa diporojeke tse jwalo.
  • Haufinyana mona, malapa a 21 284 a ile a hokelwa ho marangrang a motlakase mme a 2 761 a hokelwa ho marangrang a thekenoloji e sa hokelwang.
  •  Lefapha la Saense le Thekenoloji e phethela atlelase ya matla a tlhaho e bontshang eneji e patehileng e ka fehlwang ho sebediswa masalla a tsa temo/meru/a difate tse sakgilweng le matlakala a tlhaho ho phatlalla le naha. Sesebediswa sena sa ho etsa diqeto tsa tshehetso ya leano le matsete se rerile ho eketsa maemo a phumantsho ya eneji, mme se tla thakgolwa pele ho mafelo a selemo sena sa ditjhelete. Atlelase e fana ka monahano wa sebaka sa mehlodi ya eneji ya tlhaho ho isa ho meralo ya motheo ya eneji le dibaka tse nang le phumantsho e haellang ya eneji. Hape e fana ka pontsho ya bokgoni ba ho hlahisa mesebetsi ka ho kotula le ho fetolela masalla le matlakala ho eneji.
  • Kaho ya Ditsi tse Kopantsweng tsa Eneji (di-IEC) tse pedi Bushbuckridge le Nkomazi ho la Mpumalanga e boemong ba ho ralwa mme e tla phethelwa ka Tlhakubele 2016.
  • Ka palohare, IEC e ka hira basebeletsi ba ka fihlang ho 30 ba ka dinako tsohle, ba tlatseleditswe ka basebeletsi bao e seng ba ka dinako tsohle. Batho ba tla beng ba hirilwe bakeng sa nako e nyane le ba hirilweng bakeng sa dinako tsohle nakong ya kaho ba tla ba le monyetla wa ho fumana thupello e tla etsa hore ba thole mosebetsi mmarakeng o phatlalatseng wa mesebetsi.

Kgatelopele e se e entswe bakeng sa ho hlabolla temo, ho lokisa lethathama la dihlahiswa tsa temo le tlhabollo ya mobu.

  • Moralo wa Leano la Tshebetso la Temo le shebilwe botjha ho netefatsa hore o fetoha mohlahisi wa mosebetsi le ho hodisa kgolo, tlhahiso ya mesebetsi, makeno a dibaka tsa mahae, matsete, tlhahiso le thomello ya kantle ya dihlahiswa tsa lehae le ntshetsopele ya lebatowa la Aforika.
  • Mosebetsi o ntse o tswela pele wa ntshetsopele ya Diphaka tsa Temo tse 44 ho phatlalla le diporofense tse robong. Phaka e le nngwe ya Temo e se e le Malala-a-laotswe bakeng sa ho thakgolwa Leboya Bophirima. Meralo ya tlhahiso e se e ntsheditswe pele mme e se e kenngwa tshebetsong ho phatlalla le naha ho netefatsa tlhahiso e eketsehileng dibakeng tse tshehetsang Diphaka tsa Temo. Lefapha la Saense le Thekenoloji e phathahane le diphuputso tse mabapi le ho kgoneha ha dibaka tsa ntlafatso ya temo tse tla tshehetsa ntshetsopele le phatlalatso ya dithekenoloji tse nepahetseng tse tla kenngwa tshebetsong ho Diphaka tsa Temo.
  • Palo e etsang 12 221 ya bahlahisi ba banyenyane e tsheheditswe ka ditshebeletso tsa dikeletso, thupello, tshehetso ya setekginiki le meralo ya motheo ho tloha ka Mmesa ho isa ka Phuptjane 2015. Ho tlatseletsa, dipolasi tsa tlatsetso di ntse di tshehetswa tlasa lenaneo la Thusobotjha le Ntshetsopele.
  • Lefapha la Saense le Thekenoloji e motjheng wa ho theha lepatlelo la ho tswadisa koro bakeng sa ho tshehetsa ntshetsopele le ho kenya kgwebong dithekenoloji tse ntjha tsa tswadiso bakeng sa borapolasi ba ntseng ba thuthua le ba borapolasi ba kgwebo. Dimela tse hlano tse ntjha di tla hlahiswa ka 2020 ho tshehetsa tlhahiso e eketsehileng le polokeho ya dijo. Lefapha la Saense le Thekenoloji hape e tshehetsa Porojeke ya Eucalyptus Genome, e leng lepatlelo la lehae la diphuputso tsa semelo sa difate ka hara Aforika Borwa. Porojeke ena e tsepamisitse maikutlo hodima ho hlwauwa ha dimelo tse batlehang tse potlakisang le ho kgontsha bakeng sa tswadiso e nepahetseng. Porojeke e na le bokgoni ba ho eketsa bophehisani ba indaseteri bo itshetlehileng hodima dikateng tsa tlhaho le tsa sekhemikhale tsa patsi le boitshireletso bo matlafetseng ho diwa bakeng sa ho tshehetsa indaseteri ya meru, patsi le pampiri, mme kahoo e hodise moruo le ho hlahisa menyetla ya mosebetsi.
  • Lewa la Taelobotjha bakeng sa dibaka tsa meru tsa Kapa Bophirima le se le tjhaelletswe monwana bakeng sa ho busetsa diheketara (ha) tse ka bang 22 000 tsa meru ya puso ho tshebetso ya kgwebo ya meru. Sephetho sa sena e tla ba melemo e ka fihlang ho tlhahiso ya mosebetsi, ntshetsopele ya moruo wa lebatowa le ntlafatso ya kamoso ya phano ya patsi le thimba.
  • Ho ya ka diphuputso tsa LHA tse neng di laetswe ke Lefapha la Temo, Meru le tsa Ditlhapi le Koporasi ya Ntshetsopele ya Diintasteri (IDC), taelobotjha ya masimo a Kapa Bophirima a tla hira basebetsi ba ka dinako tsohle ba 350 bakeng sa nako ya dilemo tse hlano. Palo ena e tla phahamela ho 1 500 ha masimo a se a sebetsa ka botlalo.
  • Jwaloka mokutu wa ho hodisa bophehisani ha lekala la temo ka diphuputso, ntshetsopele le ntlafatso, mmuso – mmoho le lekala la poraefete – o tsetetse ho feta R100 milione ho kenya tshebetsong mananeo a ntlafatso bakeng s dimela tse foreshe, dihlahiswa tse tswang metsing, veine, dilamunu le makala a meru.
  • Ho eketsa palo ya mobu o nosetswang, palohohle ya of 74.6 e ile ya hlabollwa nakong ya kotara ya pele ya selemo sena sa ditjhelete mme dilaesense tsa tumello ya tshebediso ya metsi di ile tsa fuwa batho ka bonngwe ba neng ba tinngwe menyetla pele, a fihlang ho 3.79 milione m3 ya mothamo wa metsi a tla sebediswa bakeng sa ho nosetsa. Borapolasi ba 15 ba haellwang ke mehlodi ba ile ba tshehetswa bakeng sa ho fumantshwa metsi bakeng sa tlhahiso.
  • Ka 30 June 2015, Khomishene ya Puseletso le Ditokelo tsa Mobu (CRLR) e ne e se e phethetse ditseko tsa mobu tse fetang 78 138, tse tswetseng molemo batho ba fetang 1,9 milione ho tswa malapeng a 385 691 ho tswa ho phano ya of 3 231 787 ha tsa mobu tse fumanweng ka ditjeho tsa R18.7 bilione. CRLR ho fihlela hajwale e se e lefile ka hodimo ho R9.1 bilione ho bakgolamolemo ba bang ba ileng ba kgetha puseletso ya tjhelete. R4.1 bilione ya tlatsetso e ile ya fuwa bakgolamolemo ba ileng ba kgetha puseletso ya lefatshe jwaloka thuso ya ntshetsopele.

Aforika Borwa e ntshetsapele bokgolamolemo le ho eketsa boleng ho leruo la rona la diminerale; e leng mohlahisi wa mosebetsi moruong.

  • Operation Phakisa indasetering ya merafo e radilwe ho bula matsete, ho hodisa bokgoni ba tlhahiso ba setjhaba le ho kgothaletsa bonkakarolo ho mathathama a bohlokwa a diminerale.
  • Ho na le meralo e seng e entswe bakeng sa ho baballa mesebetsi le ho fumana ditsela tse ding mabapi le tahlehelo ya mesebetsi lekaleng la merafo. Bankakarolo bohle ba bohlokwa ba saenne boitlamo ba ho baballa mesebetsi le ho fokotsa kgahlamelo ya tahlehelo ya mesebetsi ka hara indaseteri ena ka la 31 Phato 2015.
  • Lefapha la Kgwebo le Indaseteri le fana ka tshehetso bakeng sa sele ya mafura e sebetsang ka polatinamo le kgase ya tlhaho ya 100kW e kentsweng Dikantorong tsa Mokgatlo wa Merafo ho la Johannesburg.
  • Dipuisano di motjheng le makala a setjhaba le a poraefete bakeng sa ho hodisa ntshetsopele ya mebaraka, ho amohelwa e sa le nako ha dipolante tsa thekenoloji le tsa tlhahiso ka hara Aforika Borwa.
  • Ka bomphato ba makala a setjhaba le a poraefete, Lefapha la Saense le Thekenoloji e thusitse ka ho kenngwa ha diyuniti tsa disele tsa mafura a haedrojene tsa 5kW dikolong tse tharo seterekeng sa Cofimvaba ho la Kapa Botjhabela le yuniti e nngwe ya sele ya mafura a haedrojene ya 5kW tliliniking ya Windsor East, ho la Johannesburg, Gauteng. Ntle le ho fana ka phumantsho ya eneji mabapi le ho tshehetsa ditshebeletso tsa thuto le kalafo, thekenoloji ena e ala motheo bakeng sa kgolo ya indaseteri e ntjha e itshetlehileng hodima mohlodi wa Aforika Borwa wa polatinamo.

Re ya re atametse moo ho tla kenngwa tshebetsong Moralo wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri wa Kgahlamelo e Phahameng (IPAP).

  • Moporesident o tsebisitse nakong eo a neng beha boraditaba sehlohlolong ka ho kenngwa tshebetsong ha SoNA ya Bohareng ba Selemo hore kgatelopele e ntse e etswa bakeng sa ho kenya tshebetsong IPAP, e leng mohlahisi e mong wa mesebetsi ka hara moruo.
  • Mmuso o tswela pele ho bopa tikoloho e loketseng bakeng sa ho hohela matsete a lehae le a ka ntle. Sena se fihlellwa ka thuso ya ditjhelete ho diindaseteri tse kenyeletsang le ho fana ka tshehetso ho dikgwebo tse ka hlahisang le ho baballa mesebetsi.
  • Ka Lenaneo la Matlafatso ya Bophehisani ba Tlhahiso, mmuso o tjhaelletse monwana dikgwebo tse 161 bakeng sa dithuso tsa ditjhelete le matsete a tshehetso a R5.8 bilione moo mesebetsi e 28 212 e ileng ya baballwa.
  • Sekema sa Kgothaletso ya Tlhahiso ya Makoloi se tjhaelletse monwana dikgwebo tse 13 bakeng sa dithuso tsa ditjhelete le matsete a tshehetso a R1.5 bilione.
  • Mmuso o itlamme bakeng sa ho fetola moruo ka ho netefatsa hore dihlopha tse neng di tinngwe menyetla pele di nka karolo e bonahalang moruong. Sena se bakile hore ho etswe Moralo wa Leano la Boraindaseteri ba Batho ba Batsho, o hlahisitsweng ho Sehlopha sa ESEID le ho Komiti ya Kabinete ka Phupu 2015.
  • Kgatelopele ya bohlokwa e entswe mabapi le ho hohella matsete ho Dibaka tsa Ntshetsopele ya Diindaseteri (di-IDZ). Mohlala, ho IDZ ya Coega, ho saennwe batsetedi ba batjha ba 12 ka boleng ba matsete a fetang R8 bilione, batsetedi ba bahlano ba saennwe ka boleng ba matsete a fetang R140 milione ka hara IDZ ya East London mme IDZ ya Richards Bay e saenne batsetedi ba batjha ba bahlano ka matsete a boleng bo fetang R2.8 bilione.

Mmuso o bapala karolo ya ona mabapi le ho bebofatsa dikgohlano dibakeng tsa mosebetsi.

  • Le tla hlokomela hore Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o etella pele ditherisano dipakeng tsa dikgwebo le basebetsi ho kgutlisetsa dikamano le basebetsi madulong.
  • Tumellano mabapi le tlhaloso e tla sebetsa ya Mokgolo wa Naha o Amohelehang e ile ya fihlellwa ho Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Mesebetsi.
  • Mekgwa e meng ya ho fokotsa dikgohlano dibakeng tsa mosebetsi e kenyeletsa Tsela ya Boitshwaro bakeng sa diteraeke, ho kwallwa ha basebetsi ka ntle le bonamodi bo tlamang ba Khomishene ya Poelano le Bonamodi.
  • MaAforika Borwa ka kakaretso ke baahi ratang kgotso le ba ikobelang molao. Re tshwanela ho emisa diketso tsohle tsa botlokotsebe le tsa dikgoka nakong ya diketsahalo tsa boipelaetso le diteraeke tsa basebetsi.
  • Ke rata ho toboketsa hore ditherisano tsa kgotso ke tharollo e lokileng ka ho fetisisa ya ho sebetsana le ho se utlwane le mathata.

Ho lokolla bokgoni ba dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolwanyane (di-SMME), dikoporasi, dikgwebo tsa makeisheneng le tsa dibaka tsa mahae jwaloka bahlahisi ba mosebetsi ka hara moruo.

  • Borakgwebo ba 620 bao e seng ba semmuso ba ile ba rupellwa diporofenseng kaofela tse robong ka tshebediso ya porojeke ya teko ya Matlafatso ya Dikgwebo tseo e seng tsa Semmuso tsa Naha ka bomphato le Bolaodi ba Thuto le Thupello ba Lekala la Diholeseile le Mabenkele. Thupello e ne e tsepamisitse maikutlo hodima boetapele ba dikgwebo, ho bapatsa kgwebo ya hao, tlhokomelo ya bareki, bolaodi ba ditjhelete, boitsebelo ba ho reka, boimatahanyo le melawana, bohlweki le polokeho ya dijo, ho pakela thepa le sebaka sa thekiso.
  • Dikgwebo le dikoporasi tse 489 di ile tsa tshehetswa ka boikitlaetso ba ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, makala a tikoloho le bohahlaudi. Mmaraka wa dihlahiswa tse foreshe o thehilwe Seterekeng sa Masepala wa uThungulu ho la KwaZulu-Natal.
  • Bakeng sa ho tshehetsa ntshetsopele ya lekala la indaseteri ya moruo wa tsa tlhaho, Setsi sa Ntshetsopele ya Indaseteri ya Dihlahiswa tsa Tlhaho se ile sa thehwa mme Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Diindaseteri jwale le tshehetsa dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng tse 17 tsa thekenoloji ya maemo hodimo.
  • Bakeng sa ho tshehetsa indaseteri e nang le bokgoni ba phehisano ya diselefounu, laboratori ya diselefounu (mLab Southern Africa) e ile ya thehwa ho The Innovation Hub mme jwale e tshehetsa dikgwebo tse nyenyane tse 11 le tse hlano tse mahareng tsa dintlafatso tsa diselefounu.
  • Jwaloka karolo ya ho thusa ka phumantsho ya ditjhelete bakeng sa di-SMME le dikoporasi, Lenaneo la Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane la Ntshetsopele ya Bafani ba Batho ba Batsho le tsheheditse dikgwebo tse 376 ka tjhelete e fetang R95 milione. Sena se tsheheditse mesebetsi e 10 399.
  • Lekala la Tshehetso ya Ditjhelete la Dikgwebo tse Nyenyane (SEFA) le fanne ka R344 milione ho di-SMME tse 24 711. Hape le thusitse ka ditjhelete dikgwebo tse 5 305 tseo e leng tsa batjha, tse 22 296 tseo eleng tsa batho ba batsho, tse 21 940 tseo e leng tsa basadi, di-SMME tse 22 620 le dikoporasi diporofenseng tse ka sehloohong. Ho bohlokwa ho lemoha hore 43% ya phumantsho ya ditjhelete e ile ho makala a ka sehloohong – a kang a kaho, thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahanyo (ICT), merafo, difeme, temo le bohahlaudi – jwaloka ha ho hlalositswe ho Mptjha o Motjha wa Kgolo le IPAP.
  • Ho a kgothatsa hore 98% ya tshehetso e lebisitswe ho dikgwebo tseo e seng tsa semmuso. Sena se imatahantse le Moralo wa Dintlha tse Robong o tsebisitsweng ke Moporesidente nakong ya SoNA ya 2015. Ho bohlokwa ho lemoha hore bongata ba dikadimo tsa SEFA ha di a tshehetswa ka kholetherale ya mofuta ofe kapa ofe.
  • Marangrang a dibaka tsa thuthuhiso a 48 a Lekala la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane a tshehetsa basebedisi ba 2 236. Palo e etsang 535 ya mesebetsi ya ka dinako tsohle e ile ya fihlellwa ka dikgwebo tse nyenyane tse ileng tsa thuthuhiswa, haholoholo makaleng a temo le kaho.

Kgatelopele hape e entswe e akaretsang ho phatlalla le dibaka tsa naha bakeng sa ho hlabolla, ho matlafatsa le ho tswakanya moruo. Di ne di reretswe ho tshehetsa boitshunyako bo bong ba dintlha tse robong tse ka sehloohong.

Dikgokahanyo tsa mehala

  • Lefapha la Dikgokahanyo tsa Mehala le Ditshebeletso tsa Poso le se le qadile ka tsamaiso ya ho fana ka ditshebeletso tsa ho hokelwa ha marangrang a pharaletseng a inthanete diterekeng tse robedi ka hara diporofense moo ho ntseng ho etswa lenaneo la diteko tsa Inshorense ya Naha ya Kalafo, ho kenyeletswa le ho thonngwa ha mofani wa tshebeletso ya tla hokela dibaka tseo. Ho fetafeta moo, ntshetsopele ya bokgoni ba moralo wa ho hokela dikolo tse diterekeng tse robedi tse kgethilweng bo motjheng.
  • Dikolo tse 380 di se di hoketswe ka thuso ya Universal Service Obligations e laetsweng ke Bolaodi bo Ikemetseng ba Dikgokahanyo ba Aforika Borwa. Tsamaiso ena e tla kenyeletsa ho hlophiswa ha dikolo ho itshetlehilwe hodima moralo wa motheo wa marangrang o haufi le sona. Palo ya dikolo tse 1 938 e fuwe disebediswa le diphaposi tsa dikhompyutha, mme tse ding hape tse 131 tsa metseng ya mahae di fuwe thepa le ditshebeletso tsa ICT. Phano ya marangrang a inthanete le di-ICT e tla rotetsa ntshetsopele ya moruo wa lehae le ho hodisa menyetla ya moruo bakeng sa batjha.

Metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere

  • Malapa a 27 200 haufinyane tjena a kgotse phumantsho ya metsi a bolokehileng a nowang. Diporojeke tse pedi tse tsheheditsweng ka matlole ka Thuso ya Moralo wa Motheo wa Metsi a Mangata a Lebatowa di phethetswe Masepaleng wa Lehae wa Masilonyana ho la Foreisetata, mme kaho ya dikema tsa moralo wa motheo tse 15 tse kgolo di mekgahlelong e fapaneng.
  • Mokgahlelo 1 wa Porojeke ya Thusetso ya Metsi a Mokolo Crocodile e se e phethetswe mme e thusitse ka ho fokotsa tlhokeho ya metsi ya nako e kgutshwane dibakeng tsa Waterberg. Sena se tla nyehela bakeng sa ho mekamekana le ditlhoko tsa metsi bakeng sa diteishene tsa motlakase tsa Medupi le Matimba.
  • Malapa a 3 978 haufinyane tjena a kgotse phumantsho ya tsamaiso ya dikgwerekgwere ka Thuso ya Moralo wa Motheo wa Malapa a Dibaka tsa Mahae mme ha fediswa matlwana a mabakete a 3 822 dibakeng tse thehilweng semmuso tse nang le ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere e nepahetseng.

Dipalangwang, diporo le mebila

  • Meralo ya motheo ya dipalangwang e tshehetsa boitshunyako bohle ba dintlha tse robong tse ka sehloohong mme ke mothusi wa ntshetsopele ya moruo.
  • Lenaneo la Ntjhafatso ya Matoroko a Diterene la Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa le motjheng, moo e nngwe ya diterene e etswang Brazil
  •  mme e tla fihla ka la 30 Pudungwana 2015.
  • Jwaloka mokutu wa ho lokisa mebila ya diporofense, 19.24km tsa mebila di se di katuwe, 62km di katuwe botjha, 18km di tshetswe lehlohlojane, 821km di kgiritswe le 227 628 m² ya mekoti e katuwe. Marangrang a mebila ya diporofense a thuswa ka matlole ke Thuso ya Paballo ya Mebila ya Diporofense (PRMG). Lenane la mebila ena le teng ho Theibole B5 ya Molao wa Karohanyo ya Lekeno: Lenane la diporojeke tsa Meralo ya Motheo ya Mebila ya Diporofense tse thuswang ka ditjhelete ke PRMG.
  • Kaho ya marokgo a mararo e mekgahlelong e fapaneng Mbombela, Bushbuckridge le Nkomazi ho la Mpumalanga (kaho botjha ya marokgo a sentsweng ke dikgohola).
  • Tsamaiso Ya Dibese tse Potlakang e tswela pele ho kenngwa tshebetsong metsemeholong e fapafapaneng ya Aforika Borwa:
    • Motse Kapa, MyCiTi e tsamaisa palohare ya batho ba 42 522 kgahlanong le sekepele sa 50 000 letsatsi ka leng bekeng.
    • Rea Vaya ka Johannesburg e tsamaisa palohare ya batho ba 33 670 kgahlanong le sekepele sa 40 000 letsatsi ka leng bekeng.
    •  Pretoria, A Re Yeng e tsamaisa palohare ya batho ba 3 000 kgahlanong le sekepele sa 10 000 letsatsi ka leng bekeng.
    • Go George e tsamaisa palohare ya batho ba 7 630 kgahlanong le sekepele sa 10 000 ka letsatsi bekeng George. Kaho e tswetse pele ho atolosa mokgwa ona wa dipalangwang metsemeholong a fapaneng ho ya ka tlhokeho ya phano le ho ba teng ha tjhelete.
  • Kaho e tswetse pele ho atolosa mokgwa wa dipalangwang o boletsweng ka hodimo mona ho ya metsemeholong e meng ho ya ka tlhokeho ya phano le ho ba teng ha tjhelete.
  • Lekala la Naha la Mebila la Aforika Borwa le se le qadile ka meralo e qalang mosebetsi o mong wa boitokisetso bakeng sa ho ntlafatsa Mmila wa Moloto.
  • Diphuputso tsa ho lokela ha kaho ya feme ya diterene Ekurhuleni di se di tjhaelletswe monwana. Feme ena e tla hlahisa makaretjhe a 580 le ho hlahisa mesebetsi e ka akanyetswang ho 33 000 e otlolohileng le ya tlatsetso.
  • Ntshetsopele ya leano la tsamaiso ya thepa ka lewatle ka dipalangwang tsa ba bang bakeng sa ho tshehetsa lenaneo la Operation Phakisa la Moruo wa Mawatle le atamela ho phethelwa.
  • Moralo wa bonkakarolo ba lekala la poraefete bakeng sa makala a madiboho le diterene le se le entswe mme le haufi le ho phethelwa.

Boitshunyako ba Moralo wa Dintlha tse Robong o ne o reretswe ho hlasimolla moruo ka mekgahlelo bakeng sa nako e telele. Boitshunyako bo bong le bo bong ba tse ka sehloohong ha bo sebetse ka bo mong empa ke karolo ya mokutu o kopanetsweng wa naha. Ke mokutu wa naha o isang ho kgolo ya moruo e kenyeletsang. Ho matlafatswa ha basadi moruong ho hlokolosi bakeng sa hore Aforika Borwa e fihlelle ntshetsopele le kgolo ya nnete ya moruo. Boitshunyako ba Moralo wa Dintlha tse Robong bo tla hlahisa sephetho se setle dinakong tse fapaneng tsa hanghang, tsa e bohareng le e telele.

Re na le tshepo ya hore mekutu ena ya boitshunyako bo ka sehloohong e tla thusa ho hodisa moruo wa Aforika Borwa le ho shebana le diphephetso tsa tlhokeho ya mosebetsi, bofuma le ho se lekalekane ha re sebetsa mmoho kaofela. Moruo ke boikarabelo ba e mong le e mong.

Mmoho ha re ntshetseng naha pele.

Ke a le leboha

Share this page

Similar categories to explore