Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka President Cyril Ramaphosa

Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ka President Cyril Ramaphosa, 6 Hlakola 2025
Holong ya Toropo ya Kapa


Sepikara sa Palamente, Mme Thoko Didiza, 
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofensi (NCOP), Mme Refilwe Mtshweni-Tsipane, 
Motlatsa Mopresidente Shipokosa Paulus Mashatile, 
Moahlodi e Moholo wa Naha Mandisa Maya le Baahlodi ba Baholo ba Makgotla a fapananeng, 
Mopresidente wa mehleng Thabo Mbeki, 
Mopresidente wa mehleng Kgalema Motlanthe, 
Motlatsa Mopresidente wa mehleng David Mabuza, 
Sepikara sa mehleng sa Palamente, Mme Baleka Mbete, 
Motlatsa Sepikara sa mehleng sa Palamente, Ntate Lechesa Tsenoli, 
Motlatsa Modulasetulo wa NCOP, Ntate Amos Masondo, 
Ramotse wa Kapa, Ntate Geordin Hill-Lewis, 
Batsamaisi ba Dikgokahano tsa Matjhaba, tsa Mabatowa le Dihlooho tsa Maano, 
Ditho tsa Palamente, 
Maafrika Borwa a heso. 

Re kopane mona nakong eo naha ya rona e le sefiifing sa koduwa ya ho hlokahala ha masole a 14 a Afrika Borwa ao e neng e le karolo ya letsholo la kgotso mane botjhabela ba naha ya Democratic Republic of the Congo (DRC). 

Re inamisa dihlooho tsa rona ho tlotla: 

•    Staff Sergeant William Eddie Cola 
•    Staff Sergeant Molahlehi Ishmael Molahlehi 
•    Staff Sergeant Shwahlane Theophilus Seepe 
•    Corporal Matome Justice Malesa 
•    Corporal Rinae Nemavhulani 
•    Lance Bombardier Itumeleng Macdonald Moreo 
•    Lance Corporal Tseke Moffat Molapo 
•    Lance Corporal Metse Stansly Raswiswi 
•    Rifleman Sebatane Richard Chokoe 
•    Rifleman Derrick Maluleke 
•    Rifleman Tshidiso Andries Mabele 
•    Rifleman Calvin Louis Moagi 
•    Rifleman Mokete Joseph Mobe 
•    Private Peter Jacobus Strydom. 

Ho boetse hape ha hlokahala masole a mang a dinaha tse ka Borwa ho Afrika ao le ona a neng a lwanela tokelo ya motheo ya setjhaba sa Congo hore se phele ka kgotso le paballo. 

Ha ba a lahlehelwa ke maphelo a bona ka lebaka la ho lwanela dihlahiswa, sebaka kapa yona puso. 

Ba lahlehetswe ke maphelo a bona boitekong ba bona ba hore lerata la dikanono le fele kontinenteng. 

Re rolela bahale bana ba rona kgaebana. 

Maafrika Borwa a heso, 

SoNA e etsahala nakong eo re ketekang dilemo tse 70 ho tloha re bile le Tjhatha ya Tokoloho e neng e tekenelwe Kliptown. 

Tjhatha ena ya Tokoloho, ke yona tshiya ya demokrasi le Molaotheo wa rona. 

Ke yona e bontshang ponelopele ya Afrika Borwa e bopahaneng, e sa kgetholleng ka mmala, bonng le e ahilweng motheong wa demokrasi. 

Ke yona e bontshang ponelopele ya naha ya habo rona eo mmuso wa yona o thehilweng tlasa tabatabelo tsa setjhaba, le moo bohle ba tlang ho arolelana lefatshe leo ba le sebeleditseng. Re bolela moo setjhaba se tlang ho arolelana ka maruo ohle a naha, le moo batho bohle ba lekanang ka pela molao. 

Ke yona ponelopele eo e ntseng e re tataisa le kajeno jwalo ka ha re ntse re aha naha eo re ratang ho ba le yona. 

Ke ona moya wa Moifo ona wa Setjhaba o re kgothatsang jwalo ka ha re itokiseletsa Puisano ya Setjhaba moo Maafrika Borwa a tlang ho boela a petla tsela ya naha ya habo bona. 

Re tlameha ho betla tsela ena setjhabeng se fetohang ka potlako. 

Lena ke lefatshe leo ho lona ho nang le ba tshepetseng ho ba bang le la tlhodisano, tshebedisano le la dipherekano. 

Ke lefatshe leo ho lona ho bang teng dinaha tse ntjha, tse holang, tse bapalang karolo e kgolo ditabeng tsa matjhaba. 

Re bona tlhodisano e hola ho tsa kgwebisano, thekenoloji mme le ditheo tsa matjhaba di ba le kgahlamelo e kgolo. 

Ho na le diphetoho tse etsahalang lefatsheng ka bophara tse amang maphelo a batho – ho tloha kgahlamelong ya ho fetofetoha ha maemo a lehodimo ho ya ho Mahlale a hatetseng pele a Thekonoloji (AI), ha mmoho le merusu le meferefere. 

Hara diphephetso tseo kaofela re boetse hape re bona keketseho ya dinaha tse sireletsang tseo e leng tsa tsona, ho lwanela dintho tse seng bohlokwa le ho fokotseha ha tshebedisano. 

Lena ke lefatshe leo rona jwalo ka naha e nang le moruo o ntseng o thuthua re tlamehang ho phela ho lona. 

Leha ho le jwalo, ha re fele matla. Ha re a tlameha ho tshaba. 

Re setjhaba se setletseng. Re ke se tshosetswe. 

Re tla ema mmoho re le naha e kopaneng. 

Re tla bua ka lentswe le le leng ho sireletsa melemo ya naha ya habo rona, mmuso wa rona ha mmoho le demokrasi ya rona. 

Ka ho tsitlallela makgabane a rona, ho tiisa matla a rona a ikgethileng, le melemo ya rona ha mmoho le ho sebedisana, re ka fetola maemo ana a diphephetso ao re tobaneng le ona a re tswele molemo le ho ntshetsa naha ya habo rona pele. 

Jwalo ka Maafrika Borwa, re tsitlallela kgotso le toka, tekatekano le kopano. Re lwantsha kgethollo mme re lwanela demokrasi le kutlwelo bohloko. Re lwanela ditokelo tsa basadi, batho ba sa itekanelang ha mmoho le ba ikgethetseng bophelo ba LGBTQIA+. Re bontsha botho, ha re lwanele matla.

Ka hoo, phirimaneng ena, ha re bueng ka naha eo re e hlokang, le mosebetsi oo re tlamehang ho o etsa – le mosebetsi oo re o etsang – ho aha naha eo. 

Re batla ho ba le naha e kopaneng leha re le setjhaba se fapafapaneng. 

Mathateng a mangata ao re fetileng ho ona, re ile ra sebetsa mmoho ho a hlola. 

Ka tshebedisano, re tlisitse kgotso le demokrasi naheng ya habo rona. 

Re ile ra hlola kgethollo ya mmala e leng tlolo ya molao e neng e le kgahlano le ditokelo tsa botho, e neng e tima batho lefatshe, e ba phedisa ka thata le ho ba theola seriti. 

Ka tshebedisano, re ile ra hlola sewa se tshosang mme ra boela ra aha naha ya habo rona botjha le ka mora ho hulwa ha mmuso ka nko. 

Mmoho re ile ra aha ditheo tsa rona tse tshehetsang demokrasi, tse sireletsang ditokelo tsa botho le hona ho netefatsa hore Maafrika Borwa ohle a phela hantle.

Re sebedisana mmoho re le mmuso le borakgwebo, mekgatlo ya basebetsi, ya setjhaba le banka karolo ba bang molemong wa ho tlisa kgolo le ntshetsopele; ena ke mekgwa ya tshebedisano lefatsheng ka bophara. 

Maafrika Borwa a tswela pele ho sebetsa mmoho ho tobana le diphephetso tseo naha e shebaneng le tsona ha mmoho le ho aha naha e tla sebeletsa bohle. 

Re tataiswa ke ditabatabelo tsa batho jwalo ka ha re bone ho latela sephetho sa dikgetho tsa ngwahola, ka lebaka leo, re ile ra theha Mmuso wa Naha wa Kopanelo (GNU) ho bontsha tlwaelo ya rona ya tshebedisano. 

Jwalo ka mekga ya dipolotiki, re dumellane ho behella diphapang tsa rona ka thoko hore re sebetse mmoho molemong wa Maafrika Borwa ohle. 

Bekeng e fedileng, re ile ra tjhaela monwana Lenaneo la Nako e Bohareng la Moralo wa Ntshetsopele (MTDP), le bontshang hantle lenaneo la tshebetso la dilemo tsena tse hlano tse tlang.

Ya pele, kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle le ho thehwa ha menyetla ya mesebetsi; 

Ya bobedi, ho fokotsa bofuma le ditjeho tse hodimo tsa ho phela; 

Ya boraro, ho aha naha e nang le botshepehi le ntshetsopele. 

Ntlha e ka sehloohong ho feta tsohle, ke ho hodisa moruo e le hore re tle re kgone ho theha mesebetsi, re fokotse bofuma ha mmoho le ho ntlafatsa maphelo a Maafrika Borwa. 

Hore re fihlele dipehelo tsena, re hloka mmuso o sebeletsang setjhaba ka nepo. 

Re hloka mmuso o nang le bokgoni le boiphihlelo mme o kgonang ho fana ka Ditshebeletso tsa Mmuso ka tsela ya Profeshenale. 
Maafrika Borwa a hloka mmuso o tshwarang batho ka tsela e nang le seriti le hlompho. 

Re bolela ka naha e nang le baetapele ba ikemiseditseng ho sebeletsa setjhaba ka boinehelo ha mmoho le basebeletsi ba mmuso ba nang le boiphihlelo, botshepehi le boitsebelo. 

Ho ka fihlela sena, re tlameha ho eketsa matla a Komeshene ya Ditshebeletso tsa Mmuso ha re hira batho dikarolong tse hlokolosi tsa ketapele ya mmuso tse kang Balaodi Kakaretso (di-DG), batlatsi ba bona di-DDG, Batsamaise ba ka Sehloohong Ditheong tsa Kgwebo tsa Mmuso (di-SOE), ditho tsa diboto le dikgeo tse ding tsa maemo a hodimo. 

Re hlahisitse leano la kgiro la ba sa tswa qeta diyunivesithing e le ho hohela batho ba nang le maitsebelo ditshebeletsong tsa mmuso. 

Mmuso o sebetsang ka nepo, o tlameha ho qala moo batho ba phelang teng le moo ba sebetsang teng.

Ditoropong tse kgolo le tse nyane naheng ka bophara, ditsela ha di lokiswe, phepelo ya metsi le motlakase e dula e phatsamiseha, matlakala ha a thothwe mme dikgwerekgwere di tlala diterateng. 

E nngwe ya dintho tse bakang sena ke hobane bommasepala ba bangata ha ba na maitsebelo le ditlhoko tse hlokahalang ho fihlela ditlhoko tsa setjhaba. 

Bommasepala ba bangata ha ba kgone ho sebedisetsa tjhelete eo ba e fumanang ditshebeletsong tsena ho lokiseng meralo ya motheo. 

Ho tloha selemong sena, re tlilo sebetsa le bommasepala ba rona ho ba fetola hore ba sebetse ka tsela ya profeshenale mme re behe ditshebeletso tsa motlakase le metsi leihlo le ntjhantho ho netefatsa hore ditshebeletso tsena di hlokomelwa ka nepo. 

Sesosa se seholo sa diphephetso tsa bommasepala ke tsela eo tshebetso ya bommasepala ba lehae ba radilweng ka yona. 

Re tla etsa diphuputso tse pharaletseng ho ka tla le Leano le Letjha la Bommasepala le tla hlakisa sepheo le morero wa bommasepala ba lehae. 

Re tla lekola botjha tsela eo bommasepala ba tshehetswang ka yona ka ditjhelete jwalo ka ha bongata ba bona bo se na tsela e tsepameng ya lekeno. 

Re tla tswelapele ho sebedisana le marena ho kenya mananeo a ntshetsopele ya metse ya mahaeng tshebetsong. 

Re tla eketsa tshehetso ho bommasepala ba hlokang thuso, re nka mohlala ho Sehlopha sa Tshebetso sa Mopresidente sa Mmasepala wa eThekwini. 

Re bona kgatelopele e kgolo mane eThekwini jwalo ka ha re kenya tshebetsong Leano la Ntlafatso ya Ditereke le dumellang banka karolo ba bohlokwa mmusong ba kang borakgwebo, mekgatlo ya basebetsi ha mmoho le mekgatlo ya setjhaba ho sebedisana. 

Jwalo ka ha re tlisa diphetoho Ditshebeletsong tsa Mmuso le Mmuso o nang le bokgoni, re tla sebedisa thekenoloji ho fetola tsela eo mmuso o sebetsang ka yona. 

Re tla tlisa mokgwa wa ditshebeletso tsa dijithale o tla dumella Maafrika Borwa ho fihlela ditshebeletso tsa mmuso ka nako e nngwe le e nngwe ho sa natsehe hore motho o kang ka tshebeletso ya gov.za. 

Diphetoho tsena di tla kenyeletsa mokgwa wa boitsebiso wa dijithale. 

Mekgwa ena ya diphetoho e tla tiisa tshebedisano pakeng tsa mmuso le setjhaba; mme re thehe mmuso o leng mong oo motho a kgonang ho ikgokahanya le ona ka ho tobetsa konopo feela. Re batla ho ba le setjhaba le moruo o tswetseng pele oo motho ohle a kgolang molemo ho ona. 

Ho ka kgona ho fihlela matsete ana, kgolo ya moruo le menyetla ya mesebetsi, re tlameha ho nyolleha kgolo ya rona ya moruo ho ba ka hodimo ho 3%. 

Ho ka fihlela maemo a hodimo a kgolo ya moruo, re tsetela haholo ho meralo ya motheo mme re ntse re lokisa le eo re nang le yona ha jwale. 

Re tla le mekgwa e metjha ya tshehetso ya ditjhelete bakeng sa meralo ya motheo. 

Re sebedisana le ditheo tsa lehae le tsa matjhaba tsa tshehetso ya ditjhelete ha mmoho le batsetedi ho ka kgona ho fumana tshehetso ya ditjhelete ya meralo ya motheo ya dibilione tse R100. 

Moralo wa projeke eo o se o le motjheng e le ho potlakisa matsete ana. 

Sena se kenyeletsa dipehelo tsa tshebedisano pakeng la mmuso le lekala le ikemetseng, e leng se tla tlisa maitsebelo le ditjhelete lekaleng le ikemetseng. 

Mmuso o tla sebedisa dibilione tse R940 dilemong tse tharo tse tlang bakeng sa meralo ya motheo. 

Tjhelete ena, e kenyeletsa dibilione tse R375 tse tla sebediswa ke dikgwebo tsa mmuso. 

Tjhelete ena e tla thusa tokisong ya mebila, marokgo, ho ahweng ha matamo le ho ntlafatswa ha boemakepe le boemafofane ha mmoho le ho ntlafatswa ha moruo. 

Ka Letlole la Meralo ya Motheo, ngwahola ho tjhaetswe monwana diprojeke tse 12 tsa boleng ba dibilione tse R38. 

Tsena ke diprojeke tsa metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, bodulo ba baithuti, dipalangwang, tsa bophelo bo botle le motlakase. 

Kaho ya borokgo ba Mtentu e ntse e tswela pele. 

Borokgo bona bo tla parola hodima noka e pakeng tsa Port Edward le Lusikisiki; mme e tla ba borokgo bo phahameng ka ho fetisisa Afrika. 

Letamo la Polihlali le tla tlisa metsi a bongata ba cubic metres tse dimilione di 490 ka selemo ho tswa projekeng ya Metsi a Dihlaba a Lesotho ho tla Nokeng ya Lekwa, e leng se tla fepela diprofensi tse ngata ka metsi dilemolemo. 

Re sebedisana le mahlahana a rona a matjhaba, re tsoseletsa dibaka tse nyane tsa boemakepe e le ho tsoseletsa moruo wa dibaka tse mabopong a lewatle. 

Hanyane hanyane re ntse re tlosa ditshita tsohle tse phatsamisang kgolo e potlakileng ya moruo. 

Diphetoho tseo re di tlisang moruong ka lenaneo la Operation Vulindlela, di tlisa boitshepo moruong wa rona. 

Re se re fihletse kgatelopele e kgolo kahong botjha ya diindasteri tsa rona. 

Re bona ntlafalo e ntle tshebetsong ya diindasteri le menyetla ya matsete eo boramatsete ba e sebedisang mme e tla re tlisetsa kgolo ya menyetla ya mesebetsi. 

Re sebedisana le borakgwebo, mekgatlo ya basebetsi le mekgatlo e meng ya setjhaba, re tlameha ho qetella mosebetsi ona. 

Dilemong tse tlang re tla qala mokgahlelo wa bobedi wa diphetoho ho tlisa kgolo e nngwe ya moruo o kopantseng bohle. 

Maikemisetso a maholo a rona ke ho etsa hore Eskom, Transnet le dikgwebo tse ding tsa mmuso tse bohlokwa moruong hore di sebetse hantle. 

Re lokisa ditheo tsena hore di be le meralo ya metheo ya maemo a matjhaba, ha ka ho le leng re ntlafatsa le tshebetso ya tsona ho sa natsehe hore ke tlhahisong ya motlakase, ho thothweng ha dithoto kapa boemakepe. 

Re tswelapele le diphetoho dikgwebong tsa mmuso ho netefatsa hore di phethisa sepheo le morero wa tsona ho tsa moruo. Sena se kenyeletsa mosebetsi o seng o tswela pele wa ho ntlafatsa ho laolwa ha ditheo tsa mmuso. 

Re tla netefatsa hore mmuso o ba le bong ba meralo ya bohlokwa ya motheo molemong wa setjhaba, ha ka ho le leng ho boetse ho sebeletswa ho hohela lekala le ikemetseng ho tla tsetela mmusong e le ho ntlafatsa ditshebeletso le ho netefatsa hore lekeno la mmuso le sebedisetswa phanong ya ditshebeletso tsa setjhaba. 

Re motjheng wa ho theha Lekala la Ntlafatso ya Dikgwebo tsa Mmuso le tla etsa mosebetsi ona. 

Mehato eo re e kenyang tshebetsong re sebedisa Leano la Tshebetso la Motlakase le fokoditse ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa moo re boneng ho fela matsatsi a 300 motlakase o sa time ho tloha ka Tlhakubele 2024. 

Ho kgutla ha ho tingwa hona ha motlakase matsatsi a mabedi bekeng e fetileng, ke sehopotsa sa hore phepelo ya rona ya motlakase e ntse e so ka e tsitsa, empa dintho di tla hantle. 

Seo re ikemiseditseng sona jwale ke ho fedisa ho tingwa hona ha motlakase ka botlalo ka hore re qetelle diphetoho tseo re di etsang e le hore re tle re be le phepelo e otlolohileng ya motlakase. 

Molao wa Taolo ya Motlakase o qadileng ho sebetsa ka la 1 Pherekgong, o bontsha qaleho ya dintho tse ntjha. 

Selemong sena re tla beha dipehelo tsa ho tlisa tlhodisano e ntle kgwebong ya tlhahiso ya motlakase. 

Ha nako e ntse e tsamaya, sena se tla etsa hore ho be teng ditheo tse ngata tse tla hlaha tse hlahisang motlakase. 

Re tla kgothaletsa borakgwebo ho tsetela tlhahisong ya motlakase e le hore re tle re be le motlakase o mongata o hlahisitsweng ka tsela ya tlhaho, o tla hokelwa phepelong ya rona. 

Jwalo ka ha re tlisa diphetoho tlhahisong ya motlakase, re tswela pele ho theha tshebedisano le mekgatlo ya matjhaba ho lwantshang le mathata a bakwang ke ho fetofetoha ha maemo a lehodimo. 

Lenaneo la rona la Diphetoho ho tsa Motlakase le tla hantle. 

Ho na le mekgatlo e mengata ya matjhaba e tshepisitseng nehelo e fetang dibilione tse 13 tsa ditolara tsa Amerika mme hape ka ho le leng ho na le mekgatlo e meng ya lehae eo le yona e fanang ka matsete. 

Re ikemiseditse ho ikamanya le boinehelo ba rona ba ho fokotsa ho silafala ha moya ka sekgahla seo re ka se kgonang re le naha. 

Re boetse re ntlafatsa boemakepe ba rona, diterene tsa dithoto ha mmoho le Leano la ho Thothwa ha Thepa ka kakaretso ka ho leka ho fumana matlole ho lekala le ikemetseng e le hore re tle re kgone ho di beha maemong a matjhaba. 

Tshebeletso ya ha Transnet e ntse e tsitsa le hona ho ntlafala. 

Ka Tshitwe 2024, re ile ra ntsha Tlaleho ka Maemo a Marangrang a Diterene, mme e tla ba lekgetlo la pele ho dumellwa borakgwebo ba ikemetseng ho kena kgwebong ya diterene. 

Ho dumella borakgwebo ho kena kgwebong ya diterene ho tla eketsa mothamo wa dithoto tse tla thothwa. Leha ho le jwalo, diporo tsa diterene tsona e tla dula e le tsa mmuso. 

Sena se tla etsa hore diminerale tsa Afrika Borwa, dikoloi le dihlahiswa tsa temo di finyelle boemo ba matjhaba ka tsela e potlakileng. 

Ho entswe diotara tsa metjhini e metjha e laollang le hona ho laitsa dikepe, e leng se tla potlakisa mosebetsi ho boemakepe. 

Jwalo ka ha re ntse re tswelapele ka diphetoho, e nngwe taba e hlokang thahasello e potlakileng, ke leqeme la metsi naheng ka bophara. 

Batho ba bangata ditoropong, ditorotswaneng le metsaneng ba tobana le mathata a metsi ka lebaka la meralo ya motheo e seng maemong. 

Ha ho kgonahale hore batho ba phele ntle le metsi, esitana le moruo o ke se hole ntle le metsi. 

Re nka diqeto tse ngata ho ka rarolla mathata a metsi moo batho ba dulang teng, ho sa natsehe hore ke lekeisheneng kapa mahaeng. 

Re tiisa haholo ho eketseng mehlodi ya rona ya metsi. Ha re tsamaya dibakeng tse ngata re utlwa maqheku a rona a tletleba ka leqeme la metsi. Ba kopa mmuso hore o ba tlisetse metsi. Re tla etsa jwalo. Metsi a tla tla moo o dulang teng. O tla a fumana.

Ho fihlela kajeno, Letlole la Meralo ya Motheo le se le bokeleditse tjhelete e kalo ka dibilione tse R23 bakeng sa projeke tse suplileng tsa metsi. 

Re fokoditse tiehiso diprojekeng tse ngata tsa metsi tse kang Mokgahlelo wa bobedi wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho ha mmoho le ya letamo la uMkhomazi. 

Mosebetsi wa ho aha letamo la Ntabelanga mane nokeng ya uMzimvubu o qadile, e leng se tla eketsa phepelo ya metsi Profensing ya Kapa Botjhabela. 

Pele selemo se tlang se fela, re tla be re phethela Akgente ya Naha ya Meralo ya Motheo ya Metsi molemong wa ho fumana tshehetso ya ditjhelete bakeng sa diprojeke tsa metsi. 

Ka tshebediso ya Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi, re tla theha mokgwa o motjha wa phumantsho ya dilaesense bakeng sa phano ya ditshebeletso tsa metsi. Ka ona molao ona, ditheo tse fanang ka metsi a seng boleng ba ho nowa di tla lahlehelwa ke dilaesense tsa tsona. 

Jwalo ka karolo ya diphetoho, re tla ntlafatsa ditshebeletso tsa rona tsa phumantsho ya visa e le hore re tle re hohele batho ba nang le maitsebelo naheng ya habo rona le ho ntlafatsa tsa bohahlaudi. 

Selemong sena, re tla thakgola Mokgwa wa Elektroniki wa Tumello ya Maeto, ona ke mokgwa wa dijithale wa ho kenya kopo ya visa. 

Mokgwa ona o tla sebedisa Mahlale a Thekenoloji (AI) ho fokotsa menyetla ya bonyofonyofo le ho fokotsa nako ya phumantsho ya visa ho bahahlaudi. 

Re ne re na le dikopo tse fetang 300 000 tsa di-visa tse neng di saletse morao mme re se re fokoditse tiehiso eo ka 90%. 

Diphetoho tsena di bolela hore menyetla ya kgwebo le bohahlaudi e butswe Afrika Borwa. 

Re batla ho ba le naha eo ho yona menyetla ya teng le katleho ya teng di arolelanwang ke bohle. 

Dilemong tse ngata haesale moruo wa rona o hulelwa morao ke taba ya ho qhelelwa ka thoko ha bongata ba Maafrika Borwa. 

Batho ba Batsho ba ne ba tinngwe menyetla, lefatshe, maitsebelo ba se na le tshehetso ya ditjhelete. 

Moruo wa rona o ne o tinngwe monyetla wa batho ba nang le bokgoni, ke ka hona re tlamehang ho kenyeletsa motho ohle moruong wa rona. 

Ke ka hona re tsitlallelang tshehetsong ya batho ba batsho, basadi le batho ba sa itekanelang hobane ba ne ba qheletswe ka thoko ka boomo moruong wa naha ya habo bona. 

Re tla theha letlole la diphetoho la dibilione tse R20 bakeng sa dilemo tse hlano tse tlang, le tla tshehetsa dikgwebo tsa batho ba batsho. 

Re tla potlakisa dipehelo tsa Molao wa Dithendara tsa Mmuso ho netefatsa hore dikgwebo tsa basadi, batjha le batho ba sa itekanelang le tsona di fumana monyetla. 

Re tla fana ka thupello ho bommakgwebo ho netefatsa hore ba fumana seabo dithendareng tsa mmuso. 

Ka Pudungwana ngwahola, re thehile Letlole la Naha la Maitsebelo a Batho ba sa Itekanelanang. 

Mokgahlelong wa pele, ke batho ba 10 000 ba sa itekanelang ba tla kgola molemo ka mananeo a thupello, merokotso le phumantsho ya disebediswa. 

Ona ke mosebetsi oo re tlamehang ho o etsa ka kopanelo re le mmuso, borakgwebo, mekgatlo ya basebetsi le ya setjhaba ho netefatsa hore batho ba sa itekanelang ba nka karolo moruong wa naha. 

Ka mananeo ana, ha re lokise diphoso tse fetileng feela, empa re netefatsa kgolo ya moshwelella ya moruo. Re batla setjhaba seo ho sona ho nang le mosebetsi wa motho ohle, moo motho ohle a tlang ho fumana moputso o hantle le ho bontsha bokgoni. 

Moo ditokelo tsa basebetsi di sireletsehileng le maemo ao ba sebetsang tlasa ona a ntlafetseng teng, moo banna le basadi ba etsang mosebetsi o tshwanang ba fumanang moputso o tshwanang. 

Re tlameha ho netefatsa hore moruo wa rona o theha mesebetsi bakeng sa batho bohle, haholoholo batjha. 

Lenaneo la Mopresidente la Kgiro le bontshitse kabelo e kgolo ho thehweng ha mesebetsi. 

Lenaneo lena le thehile mesebetsi e ka bang dimilione tse 2.2. 

Letlole la Setjhaba la Kgiro lona le thehile mesebetsi e 80 000 selemong sena. 

Letlole lena le thusitse batho ba fetang 12 000 ho kena ho tsa kgwebo. 

Selemong se fetileng, batjha ba 235 000 ba fumane mesebetsi ka Lenaneo la Naha la Kgokahanyo ka tshebediso ya SAYouth.mobi. 

Jwale re tlameha ho sebeletsa hodima sena ho ya pele ho theheleng batjha menyetla ya mesebetsi. 

Ho ka theha menyetla ya mesebetsi, re tlameha ho sebedisa bokgoni ba rona bo ikgethileng, re kgone ho aha diindasteri tsa kamoso – re hlahise motlakase ka tsela ya tlhaho, dikoloi tsa motlakase ha mmoho le tshebediso ya dijithale moruong. 

Selemong sena re phethela leano la diindasteri le tla thusa kgolo ya moruo. 

Re tla fihlela sena ka ho tsepamisa tshebetso ya rona ho sebediseng mekgwa e sa silafatseng tikoloho, mekgwa ya dijithale le ho lebisa menyetla bathong ba lehae. 

Re sebeletsa ho kenyeng tshebetsong Lenaneo la Kgwebisano e sa Lefellweng ya Dinaha tsa Kontinente, e leng se tla fokotsa ditshita tsa kgwebisano dinaheng tsa kontinete ena. 

Jwalo ka naha e seng e na le moruo o tswetseng pele Afrika, re ipona re le ba bang ba dinaha tse pele tse ka nkang monyetla ona wa kgwebisano. 

Re boetse hape re batla ho hlahisa motlakase re sebedisa moya le letsatsi. 

Jwalo kaha ho le bobebe ho hlahisa motlakase ka tsela ya tlhaho, re ka kgona ho hlahisa dihlahiswa tse ka yang mebarakeng ya matjhaba mme seo se hlahise menyetla e metjha ya mesebetsi. 

Re tlameha ho sebedisa mobu oo re nang le ona Afrika Borwa. 

Re tlameha ho tshehetsa borapolasi ba rona ka ho ntlatsa tsela ya ho thothwa ha thepa, thomello ya thepa dibakeng tsa mahaeng esitana le ho bula mekgwa e metjha ya thomello ya dihlahiswa tsa rona matjhabeng. Ka sena re ka atolosa lekala la rona la tsa temo. 

Re batla hore Afrika Borwa e tswe pele tlhahisong ya dihlahiswa tsa matekwane. 

Re tlisa diphetoho tse ntjha ho tsa merafo, jwalo ka ha e le lekala la bohlokwa moruong wa naha ya habo rona. 

Selemong sena re tlisa diphetoho tabeng ya ho fumana dilaesense tsa ho rafa, e leng se tla tlisa matsete a matjha, le ho nyolla tlhahiso. 

Re tla beha melawana bakeng sa diminerale tse ikgethileng. 

Ka ho baballa diminerale tsena mona Afrika Borwa, re tla kgona ho sebedisetsa maruo a naha ya rona molemong wa setjhaba. 

Se seng sa bohlokwa ho feta dihlahiswa tsa rona tsa tlhaho ke mahlahahlaha ha mmoho le talente ya Maafrika Borwa. 

Lekala la phano ya ditshebeletso e se e le lona le leholo moruong wa rona. Ho lona re bala ditshebeletso tsa ditjhelete, dikgwebo, kamohelo ya baeti, bohahlaudi le bonono. 

Lekala la bohahlaudi le hola ka potlako jwalo ka ha ngwahola re bile le bahahlaudi ba ballwang dimilioneng tse robong ba ileng ba etela kwano. 

Re tla hodisa tsa bohahlaudi ka ho etsa diphetoho phumantshong ya di-visa le ho eketsa lanane la difofane tsa rona tse yang dibakeng tsa bohlokwa esitana le hona bapatsa naha ya rona matjhabeng. 

Re boetse re bona kgolo ditshebeletsong tsa dijithale le ditshebeletsong tsa dikgwebo, e leng tsona tse fanang ka mesebetsi e mengata batjheng. 

Ho ka tshehetsa kgolo ena, re ntlafatsa ntshetsopele ya maitsebelo bakeng sa diindasteri tsa kamoso. 

Letlole la Tshehetso ya Mesebetsi ke le leng le tlisang tshehetso phumantshong ya maitsebelo, e leng se thusitseng batjha ba bangata ho fumana mesebetsi. 

Re eketsa tshehetso ya rona ho dikgwebo tse nyane le tse bohareng ha mmoho le ba ithekisetsang e leng se tsa hlahisa menyetla e balwang ka dimilione ya mesebetsi.

Sena se kenyeletsa ho theha letlole la dikgwebo tse nyane le tla thusa ho qaleng dikgwebo, le ho tla le melawana ya ho di laola. 

Ho kenya tsa mahlale moruong, Lefapha la Saense le Thekenoloji le Mahlale le tla theha Letlole la Mahlale le tla thusa ba ratang ho qala dikgwebo tsa dijithale ka ditjhelete. 

Re etsa kgoeletso ho dikgwebo hore di sebedise tshebeletso ya SA Youth.mobi, eo ho yona ho ingodisitseng batjha ba ka bang dimilione tse 4.5 ba batlang mosebetsi. 

Re etsa kgoeletso ho dikgwebo hore di tshehetse Leano la Ditshebeletso tsa Batjha le ho ba neha maitsebelo a mosebetsi. 

Re batla ho ba le naha eo ho yona ho se nang motho ya bolawang ke tlala. 

Haesale ho tloha dilemong tse 30 tse fetileng tsa demokrasi re sebedisana mmoho ho fokotsa bofuma. 

Kajeno re sebedisa karolo e ka bang persente tse 60 tsa tekanyetso ya tjhelete ya setjhaba dipeing tsa setjhaba, tsa bophelo bo botle, tsa thuto, tshireletso le ntshetsopele ya setjhaba ha mmoho le mananeo a kgiro ya setjhaba. 

Batho ba sa sebetseng ba fetang dimilione tse 28 ba fumana pei ya setjhaba. 

Baithuti ba dimilione di fetang tse 10.5, ba kena dikolong tsa mmuso tseo ba sa lefeng ho tsona. 

Ngwahola, baithuti ba fetang 900 000 bao batswadi ba bona ba sebetsang le ba sa sebetseng, ba ile ba fumana tshehetso ya ditjhelete ya ho kena diyunivesithing le dikholetjheng. 

Ka mananeo ana, re thusa ho fokotsa ditlamorao tsa bofuma. 

Ka matsapa ana re leka ho thusa Maafrika Borwa ho tswa bofumeng boo e leng kgale ba phela ho bona ho tloha melokong e mengata. 

Leha ho le jwalo, re tlameha ho tiisa ho feta mona ha re batla ho qeta bofuma. 

Re tlameha ho etsa ho fetang mona ho netefatsa hore basadi haholoholo hore ba se sokole ho fepa le ho apesa bana ba bona. 

Leha mmuso o na le mananeo a ho tshehetsa bafumanehi le ba sa sebetseng, empa ho boima ho ba bangata ho a fihlela. 

Re aha lenaneo le phatlalletseng leo ka lona re tlang ho tshehetsa bafumanehi le ba sa sebetseng. 

Re boetse re matlafatsa mananeo a teng a thusang ba batlang mosebetsi esitana le ho fumana mosebetsi mmusong, tsena kaofela ke matsapa a bontshang hore ha re sebetsa mmoho re ka fedisa bofuma. 
Ho ba le sebaka se le seng moo motho eo ya batlang mosebetsi a tlang ho fumana ditshebeletso tsohle tseo a di hlokang teng. 

Ho sireletsa melemo eo re seng re e fihletse ho tloha ka 1994 mabapi le ditokelo tsa bana, haufinyane re tla thakgola Leano la Naha la Tlhokomelo ya Bana le nnang le dintlha tse 10 tsa bohlokwa tse kenyeletsang ho fokotsa bofuma, tshireletso ya bana ha mmoho le ho se fepehe ha bona. 

Pei ya ba sa Sebetseng ke ya bohlokwa ho lwantsheng bofuma. 

Re tla sebedisa pei ena jwalo ka motheo wa ho tla le mokgwa wa ho tshehetsa batho ba sa sebetseng. 

Ntho ya bohlokwa haholo bakeng sa ho fedisa bofuma ke ho ntlafatsa moruo le ho fana ka thuto ya boleng baneng bohle ba Maafrika Borwa. 

Re motlotlo haholo ka sephetho sa bana ba Materiki ba Selemo sa 2024, ba fumaneng matshwao a hodimo ka ho fetisisa nalaneng ya naha ya habo rona. 

Ke bana ba etsang persente tse 87 ba pasitseng. 

Ke lekgetlo la pele nalaneng ya naha ena hore halofo ya bana ba pasitseng ba fumane matshwao a ba amohelang yunivesithing. 

Re motlotlo ka tshebetso ya bana bana mme re leboha tshehetso eo ba e fumaneng matitjhereng, batswading le setjhabeng ka kakaretso. 

Seo re tsepamisitseng tshebetso ya rona ho sona ke hore ngwana e mong le e mong a kgone ho kena sekolo sa tataiso. (ECD). 

Sena re ka se fihlela ka hore re ngodise ditsi tsa ECD tseo re nang le tsona ho netefatsa hore di fumana thupello le ditlhoko tsohle tse hlokahalang.

Re tla netefatsa hore bana ba kgone ho bala ka kutlwisiso ho tloha Moralong wa Motheo molemong wa hore ba atlehe ha nako e ntse e tsamaya. 

Ho ka fihlela sena, re kenya tshebetsong leano la tshebediso ya puo ya lapeng ho ka ntlafatsa ho bala ha mmoho le dipalo. Re tla boela re sebedisa mekgwa e meng e kang dintho tsa ho ithuta, tse kenyeletsang dibuka tsa ho bala le matsapa a mang a bonahetseng hore a a sebetsa. 

Basari ya Funza Lushaka e tla tswelapele ho tshehetsa baithuti ba batlang ho ithutela ho ruta dikolong tsa thuto ya Moralo wa Motheo. 

Ngwahola re saenne Molao wa Thuto ya Motheo o bohlokwa haholo ho netefatseng hore Maafrika Borwa ohle a kgona ho fihlela thuto. 

Selemong sena, Letona la Thuto ya Motheo le tla thakgola melawana le dipehelo tsa tshebediso ya molao ona, e le ho thusa banka karolo bohle ho tsa thuto ya motheo. 

Ho netefatsa hore moruo wa rona o fumana maitsebelo a hlokahalang, re eketsa baithuti ba dithuto tsa Mesebetsi ya Matsoho ho tswa Dikholetjheng tsa Thupello ya Mesebetsi ya Matsoho. 

Ena ke karolo ya diphetoho tseo re di etsang ho tsa thuto le maitsebelo ho kopantswe le thupello ya mosebetsi. 

Ho latela mekgwa eo re e boneng e sebetsang dinaheng tse ding, re kopa lekala le ikemetseng ho neha baithuti ba rona maitsebelo a mosebetsi dikhamphaneng tsa bona. Re kenya Mokgahlelo wa pele wa Lenaneo la Tshehetso ya Ditjhelete tshebetsong ho Baithuti ba Thuto e Phahameng ho ka kgona ho thusa bana ba sa kgoneng ho thuswa ke NSFAS.

Tshehetso ena e tla thusa baithuti ba bang ba 10 000 ba selemo sa pele. 

Re batla naha eo motho ohle a fumanang tlhokomelo e tshwanang ya tsa bophelo bo botle. 

Selemong sena, re itokiseletsa ho kenya Inshorense ya Naha ya tsa Bophelo bo Botle (NHI) tshebetsong. 

Sena se kenyeletsa le mokgwa o le mong wa ho boloka dintlha tsa bakudi. Re boetse re motjheng wa ho theha Komiti ya Matona ya Dikeletso ho tsa thekenoloji ya tsa bophelo bo botle, mefuta ya dithuso tse tla fumaneha ha mmoho le melao e tla laola mekgatlo e tla fana ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle 

NHI e tla netefatsa hore motho ohle o alafuwa ka tsela e tshwanang. 

NHI e tla pholosa batho ba bangata ka ho fana ka ditshebeletso tse kenyeletsang tlhokomelo ya batswetse, masea, bakudi ba HIV le AIDS, lefuba (TB) le mahloko a sa tshwaetsaneng a kang lefu la pelo, mofetshe le lefu la tshwekere. 

Ntho eo re ikemiseditseng yona haholo ke ho matlafatsa tsa bophelo bo botle le ho ntlafatsa tshebeletso tsa teng. 

Karolo ya bohlokwa ke ntlafatso le hona ho lokisa ditshebeletso tseo re nang le tsona ha mmoho le ho aha dipetlele le ditliliniki tse ntjha. 

Ho ahwa dipetlele tse ngata ha tse ding tsona di lokiswa. Tsona di kenyeletsa Sepetlele sa Central sa Limpopo ha mmoho le sa Setereke sa Siloam. Tse ding ke sa Lebatowa la Dihlabeng mane Foreisitata, sa Setereke sa Bambisana le sa Zithulele mane Kapa Botjhabela, ha mmoho le sa Mahloko a Kelello sa Bophelong mane Leboya Bophirima. 

Diprojekete tse ding di karolong tse sa tshwaneng tsa ntlafatso le kaho. Sena se kenyeletsa ho tjhentjhwa ha dipetlele tse tharo tsa bohareng tseo e seng e le tsa kgale, tse hlano tsa setereke, ditliliniki tse hlano ha mmoho le sepetlele se le seng sa mahloko a kelello. 

Ho ntlafatsa tshebeletso e fumanwang ke bakudi, re fokotsa nako eo ba e emang meleng, re netefatsa tlhweko ya dipetlele tsa rona ha mmoho le moya o motle wa tshebetso ho basebeletsi. 

Re boetse re kgothatswa ke kgatelo pele e seng e fihletswe ke naha ya rona ho fediseng taba ya hore HIV le AIDS di nkuwe e le mathata a maholo. 

Ka mafelo a Tlhakubele 2024, persente tse 96 tsa batho ba tshwerweng ke HIV ba ne ba tseba maemo a bona, ha ba persente di 79 ba fumana kalafo ya antiretroviral mme ba persente di 94 ho ba fumanang kalafo ena ho bona kokwanahloko e ne e se e sa bonahale mading a bona. 

Ho netefatsa hore re fihlela pehelo ya rona ya 95-95-95, selemong sena re tla tswa letsholo la ho tsoma batho bana ba dimilione di 1.1 ba so kang ba qala kalafo. 

Re ngongorehiswa ke qeto ya Amerika ya ho emisa tshehetso ya ditjhelete mabapi le mananeo a HIV le TB dinaheng tsa Afrika matsatsi a 90. Tjhelete ena e etsa persente tse 17 tsa tjhelete e sebedisetswang HIV. Leha ho le jwalo, haesale re ntse re kgona ho tshehetsa mananeo a HIV le TB ka tjhelete ya rona dilemo tse ngata. Re tla leka ho fumana mekgwa e meng e tla thusa ho netefatsa hore ditshebeletso tsa bohlokwa di a fumaneha.

Ho ka lwantsha ho se lekalekane, re tlameha ho fedisa mokgwa wa nakong ya kgethollo wa peho ya batho moo batho ba neng ba tloswa ditoropong mme ba behwa hole le moo ba sebetsang teng. 

Re fane ka matlo a mangata ho tloha ka 1994, mme re kgutlisa seriti sa batho ba fumanehileng. Leha ho le jwalo, tsela eo matlo a fumanehang ka yona dibakeng tsa ditoropong e ntse e bontsha ho se lekalekane. 

Ho tloha jwale, re tla aha matlo a mangata mahareng a ditorop le haufi le dibaka tsa mesebetsi. 

Re hlophisa botjha mokgwa wa tshehetso ya ditjhelete bakeng sa matlo ho tshehetsa haholo manenaneo a thusang batho hore ba reke kapa hona ho renta matlo dibakeng tseo ba di batlang. 

Re tla sebedisa meaho e sa sebedisweng ya mmuso ho e fetola dibaka tsa bodulo. 

Re sebetsa le diprofensi ha mmoho le bommasepala ba baholo ho kgutlisa meaho ya mmuso eo batho ba seng ba ipehile ho yona hore e sebedisetswe molemong wa setjhaba. 

Re tla fana ka ditsha tse 300 000 ho ba lokelang ho etsetsa hore ho ahwe matlo a nepahetseng haufi le ditsi tsa ntshetsopele. 

Re tla leka ho fokotsa tshubuhlellano e teng phumantshong ya mangolo a bong ba matlo ho etsetsa hore batho ba be le seo e leng sa bona. 

Re tla lekola botjha melawana ya tshebediso ya mobu le meaho ho bebofatsa ho ahwa ha matlo a sa bitseng ho kenyeletsa le dikamore tse ahwang kantle malapeng. 

Sena se bontsha mokgwa le sekgahla seo mmuso o fanang ka matlo ka sona esitana le ho fetola ditoropo ho ba dibaka tsa ntshetsopele. 

Ho etsa ditoropo tsa rona di tswele badudi ba tsona molemo, re tla busetsa diterene tsa rona tsohle tshebetsong. Dipersente tse 80 tsa diterene di se di boetse tshebetsong. 

Akgente ya Afrika Borwa ya Diterene tsa Bapalami (PRASA) e hlahisitse mofuta o motjha wa diterene tse 200 tse ahilweng kwano molemong wa ho fana ka mokgwa o sa bitseng wa dipalangwang tsa setjhaba. 

Dilemong tse hlano tse tlang re tla busetsa mabone a laolang diterene tsa PRASA tshebetsong e le hore diterene tse ntjha di kgone ho kena tshebetsong le bapalami ba fihle mesebetsing ba bolokehile. 

Re batla setjhaba seo ho sona motho ohle a bolokehang. 

Mapolesa a rona a tswelapele ho sebetsa le mekgatlo e meng e qobellang molao ho qhala maqulwana a dinokwane le bonokwane bo bong bo kenyeletsang ba ditjhelete. 

Sepolesa sa rona sa Afrika Borwa se sebedisana le mapolesa a bommasepala ba baholo le setjhaba ho lwantsha bonokwane diprofensing tse itseng. 

Re tiisa haholo letsholo la Operation Shanela, le thusitseng ho tshwarweng ha babelaellwa, ho fumaneha ha dithunya tse seng molaong le dikoloi tse utswitsweng. 

Re tlameha ho fedisa bonokwane ba dithunya tse seng molaong bo kgathaditseng setjhaba sa rona dilemolemo. 
Ke kopile Letona ha mmoho le Mokomeshenara wa Naha wa Sepolesa ho fokotsa bonokwane bona ba dithunya. Hona ho tla kenyeletsa ho thibela ho utsuwa ha dithunya ha mmoho le ho hapa dithunya tse seng molaong. 

Re a tseba ho tloha bopaking ba matjhaba le ho ba rona hore ona ke ona mokgwa wa ho fokotsa bonokwane ba dithunya. 

Re tla eketsa Tshebeletso ya Mafokokisi ka ho hira mafokisi a mang a 4 000 jwalo ka ha a le bohlokwa haholo ho fuputseng dinyewe. 

Re batla ho kenya tshebetsong mokgwa wa twantsho ya bonokwane le wa boutlwela wa dijithale. 

Re bone molemo wa thekenoloji twantshong ya bonokwane. 

Ka tshebediso ya AI lekaleng la twantsho ya bobodu, Setheo sa Afrika Borwa sa Pokello ya Lekgetho le kgonne ho thibela tjhelete e ka bang dibilione tse R95 tseo batho ba neng ba tlo kgutlisetswa tjhelete ka tsela e seng molaong. Ba boetse ba kgonne kgutlisa tjhelete e kalo ka dibilione tse R20 tsa lekgetho le ho qhala hlenhlenyane ya kwae le gauta tse seng molaong. 

Re tswelapele naheng ka bophara ho fedisa tlhekefetso ya basadi. 

Re phatlaladitse Moifo wa Naha tlasa molao o tobaneng le Tlhekefetso ya Basadi ha mmoho le Dipolao tsa bona. Moifo ona o shebana le mosebetsi wa ho bona hore sekgobo sena se ka fediswa jwang. 

Re tla netefatsa hore moifo ona o sebetsa ka nepo o bile o na le ditlhoko tsa ho sebetsa. 

Re tla tswelapele ho tshehetsa mahlatsipa a tlhekefetso ya basadi (GBV). 

Ho fihlela ha jwale, re na le ditsi tse 65 tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela naheng ka bophara. 

Diterekeng tse 52 tsa naha, tse 44 di na le dibaka tsa kamohelo ya mahlatsipa a GBV. 

Diteishene kaofela tsa sepolesa naheng ka bophara di fana ka tshebeletso tse amohelehileng ho mahlatsipa mme hape ho tla ahwa makgotla a 16 a dinyewe tse amanang le thobalano selemong sena se tlang sa ditjhelete. 

Re batla setjhaba se hlokang bobodu. 

Ngwahola re thehile Lekala la Mafokisi la Bobodu ka hare ho Lekala la Naha la Botjhotjhisi bakeng sa ho fuputsa dinyewe tsa bobodu. 

Re tla netefatsa hore lekala lena le fumana ditlhoko tse hlokahalang tsa ho sebetsa hape ba fumana dintlha tseo ba di hlokang bakeng sa ho fuputsa dinyewe tse amanang le ho hulwa ha mmuso ka nko le ho qosa ba amehang. 

Re theha laboratori ya maemo a matjhaba ya dijithale e tla thusa ho fuputsa dinyewe tse thata tsa bobodu le tse amanang le ditjhelete. 

Re ntse re tswelapele ho kenya dikgothaletso tsa Komeshene ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko, ho kenyeletsa le ho etsa diphetoho melaong e meng. 

Lekala le Ikgethileng la Mafokisi le Hapang Thepa le se le kgutlisitse tjhelete e fetang dibilione tse R10 ya dinyewe tse amanang le ho hulwa ha mmuso ka nko. 

Selemong sena Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le tla fana ka tlaleho e mabapi le leano la twantsho ya bobodu ka Moifo wa Naha wa Dikeletso mabapi le Twantsho ya Bobodu. Sena ho lebeletswe hore se totobatse molao, se fedise ho phetaphetwa ha ditaelo, mme ho tihise tshebedisano pakeng tsa mekgatlo e qobellang molao. 

Re tla phethela le Moralo wa Tshireletso ya ba Pepesang Bobodu hammoho le ho isa Palamenteng Molao wa Tshireletso ya ba Pepesang Bobodu selemong sona sena sa ditjhelete. 

Selemong sena, re tlo tiisa mekgwa ya thibelo ya phapanyetsano e seng molaong ya tjhelete le ho tshehetsa botshosetsi ka ditjhelete ka ho tlisa melao e itseng. 

Hore naha ya habo rona e tloswe lenaneng la dinaha tse lebitso le lebe phapanyetsanong ya ditjhelete ke Mokgatlo o Shebaneng le Phapanyetsano ya Ditjhelete, re tla tlameha ho ntlafatsa melao ya rona. Ho fihlela ha jwale, re se re kgonne ho lokisa diphoso tse 16 ho tse 22 tse qohollotsweng ke mokgatlo ona. 

Re batla naha e nang le kgotso maemong a matjhaba. 

Re tswelapele ho beha Afrika Borwa ka botleng maemong a matjhaba hantle feela jwalo kaha re lwanela le ditokelo tsa batho. 

Re tla tihisa maqhama a tsa kgwebisano le a dikamano lefatsheng ka bophara e le hore re tle re be le moruo o setletseng. 

Dintlha tsa rona tse pele leanong la rona la dikamano tsa matjhaba ke tshireletso ya ditokelo tsa botho, kgotso, setswalle le kgwebisano e nepahetseng le dinaha tse ding. 

Tsena ke tsona dintlha tse re tataisang ho bopresidente ba rona ba G20 selemong sena. 

Re kgethile sehlooho se reng “Kopano, Tekatekano le Ntshetsopele ya Moshwelella”, ho netefatsa tlhokeho ya tshebedisano hara dinaha tsa matjhaba. 

Ke lekgetlo la pele nalaneng ya G20 hore e tshwarelwe Kontinenteng ya Afrika haesale Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU) o amohelwa ho ba setho. 

Ona ke monyetla wa ho beha ditlhoko tsa Afrika le dinaha tsohle tse ka borwa leanong la ntshetsopele ya matjhaba. 

Bopresidente ba rona ba G20 ke monyetla o motle wa Afrika Borwa ho bapatsa matsapa a yona a kgodiso ya moruo le ntshetsopele matjhabeng. 

Afrika e dutse e le pele leanong la rona la dikamano tsa matjhabeng. 

Re tswelapele ho matlafatsa AU ho ka fihlela kgotso, ntshetsopele le kgolo ya moruo kontinenteng. 

Re a tseba hore katleho ya bokamoso ba rona e itshetlehile katlehong ya Kontinente ya Afrika. 

Hore Afrika e atlehe, medumo ya dithunya e tlameha ho fela. 

Haesale re kena ho demokrasi, re bapetse karolo ho tliseng kgotso le boitsitso dinaheng tse kang Côte d’Ivoire, Burundi, South Sudan le Lesotho. 

Haufinyane re ne re le karolo ya letsholo la kgotso la Southern African Development Community (SADC) mane Mozambique morusung o neng o le profensing ya Cabo Delgado. 

Boteng ba kemedi ya Afrika Borwa ho tliseng kgotso ka botjhabela ba DRC, ke bopaki ba boinehelo ba rona ba ho theha kgotso dibakeng tse nang le merusu lefatsheng moo ho hlokahalang batho ba ngata, ba bang ba bona ba phaphathehe.

Re etsa kgoeletso ho mekga yohle ho tshehetsa matsapa a ha jwale a kgotso ho kenyeletsa le ho hlompha Leano la Luanda. 

Re tla ya Sebokeng sa Kopanelo pakeng tsa SADC le Dinaha tse ka Botjhabela ba Afrika e tla tshwarelwa mane Tanzania mafelong ana a beke. Mona ho tla be ho buuwa ka leano la peho ya dibetsa fatshe mme ho etswe ditherisano. 

Re dumela hore tokoloho eo re e fumaneng – le tshehetso eo re e fumaneng matjhabeng – e re fa morolo wa hore le rona re thuse dinaha tse ntseng di le mathateng a kgatello le a bokoloneale. 

Afrika Borwa e tswelapele ho tshehetsa batho ba Palestina, ba neng ba phela ka thata dilemolemo mme bao ha jwale ba leng mahlomoleng a tshabehang. 

Afrika Borwa e nkile bohato bo nepahetseng ho latela Molao wa Matjhaba mabapi le Dipolao tsa Batho ba bangata ha e ne e makalla Isiraele Lekgotleng la Matjhaba la Toka. 

Re inehela haholo melaong ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba (UN) ho kenyeletsa ya hore ditho tsa ona kaofela di tlameha ho rarolla mathata ka mokgwa wa kgotso. 

Re tshehetsa taba ya hore dinaha tsohle di hlomphe puso le meedi ya dinaha tsohle. 

Re tswelapele ho nka karolo matsholong a fapafapaneng a ho theha kgotso mane naheng ya Ukraine. 

Baemedi ba Afrika Borwa haesale ba le bohlokwa ho raleng leanong la dipuisano mane Ukraine ba latela Molao wa Matjhaba le wa UN. 

Afrika Borwa e tswelapele le maikemisetso a yona a tshebedisano hara ditho tsa UN, AU, mekgatlo e meng ha mmoho le dinaha tsa BRICS. 

Jwalo ka ha ditjhaba tse ngata di tobana le mathata a mangata, re dumela hore UN e tlameha ho ba sehlohlolong sa ditaba tsa matjhaba. 

Re tla tswelapele ho hatella taba ya hore ho be le diphetoho Lekgotleng la UN la Tshireletso leo e leng lona le nang le matla a maholo a ho tlisa kgotso le tshireletso ditjhabeng. 

Mosebetsi oo re o etsang ha mmoho le ntlha kemo ya rona re tlameha ho di hlalosetsa balekane ba ba rona ba bangata ho kenyeletsa le bao re hwebisanang le bona le dihlooho tsa dinaha tsa matjhaba. 

Ka kgopolo ya ho hlalosa ntlhakemo ya rona le seo re ikemiseditseng sona nakong ya bopresidente ba rona ba G20, ke nkile qeto ya ho romela kemedi ya mmuso le baetapele ba bang ho potoloha le kontinente le lefatshe ka bophara. 

Kemedi ena e tla buisana le balekane ba bangata dikarolong tse ngata tsa dintho tse amang Afrika Borwa. 

Maafrika Borwa a heso, 

Dintho tsohle tseo re buang ka tsona di a kgonahala. 

Jwalo ka Maafrika Borwa, re tseba matla a tshebedisano. Re a tseba hore ho a kgonahala hore batho ba kgudiso, merabe, setso, dipuo, borame le tumelo tse fapaneng hore ba tshwarane molemong wa ntho e le nngwe.

Ho thehwa ha GNU ho boetse ho re neha monyetla wa ho bontsha seo re ka se fihlelang ha re sebetsa mmoho. 

Ke etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle leha re sa tshwane, empa re kopane Puisanong ya Naha e tla betla tsela ya tjhebelo pele ya dilemo tse 30 tse tlang. 

Motho e mong le e mong o tlameha ho ba le lentswe Puisanong ena ya Naha. 

E tlameha ho ba lepatlelo la ho fumana ditharollo tse tla tlisa phapang maphelong a batho. 

Puisano ena e tlameha ho bontsha hore e mong le e mong wa rona o na le karolo eo a tlamehang ho e bapala ho aheng naha eo re e hlokang. 

Leha re ka ba le diphapang dinthong tse ngata, empa re dumellana ka ntho e le nngwe: hore re tlameha ho aha Afrika Borwa mme re ntlafatse maphelo a batho ba rona. 

Jwalo ka ha re kena nakong e ntjha matjhabeng le naheng ena ya habo rona, ha re bueng ka kutlwelano bohloko eo re nang le yona e mong le e mong. 

Ha re bueng ka motlotlo oo re nang le ona bakeng sa naha ya habo rona le sohle seo re se fihletseng. 

Ha re bueng ka boitshepo bo re fumantshitseng tokoloho le ho re tlisa bokamosong bo betere. 

Ka boitshepo bona, re tla sebetsa mmoho ho etsa hore ena e be nako ya kgolo, kgatelopele le diphetoho. 

Re tla sebetsa mmoho ho aha naha eo re e batlang. 

Re tla sebetsa mmoho ho aha naha e tla re sebeletsa kaofela. 

Ha e lale. 

Issued by
More from

Share this page

Similar categories to explore