Kopo ya phemiti ya nakwana kapa ya koloi

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho etsa kopo ya phemiti ya nakwana kapa ya koloi

Phemiti ya nakwana ya koloi e etseditswe matsatsi a mashome a mabedi a motso ole mong (21), mme e sebedisetswa koloi ya maemo a loketseng tsela. Ho fanwa ka phemiti ele nngwe feela koloing ka nngwe.

Phemiti ya koloi ya boemo bo ikgethileng e etseditswe matsatsi a mararo feela, mme koloi eo haya dumellwa ho nka dithoto kapa ho palamisa batho. Haho palo e beilweng bakeng sa diphemiti tse tla fuwa koloi ka nngwe.

O hloka phemiti ya nakwana kapa phemititi ya koloi ya boemo bo ikgethileng ebang o kganna koloi ya boemo bona mme ole tseleng ya ho lo engodisa, kapa ho efumanela laesense, oe isa mohwebing wa dikoloi, o tswa ho elokisa kapa olo e lokisa, oya ho mohlahlobi wa dikoloi kapa otswa ho e hapa hobane e sa lefellwa.

O lokela ho etsang

Eya lekaleng la ho ngodisa le haufinyana o tshwere:

  • khopi ya bukana ya boitsibiso
  • tjhelete e ho dumellanweng ka yona.

Tlatsa  foromo ya ho kopa phemiti ya nakwana kapa ya koloi ya boemo bo ikgethileng (TSP1 – Temporary/Special Permit)

Nako ya tshebetso

Kopo ya hao e  etswa ka lona letsatsi leo.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya  ho etsa kopo ya phemiti ya nakwana kapa ya koloi ya boemo bo ikgethileng (TSP1). Diforomo di tholahala lekaleng la ho ngodisa kapa oka iphumanela tsona ho websaeteng ya eNaTIS.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page