Mokgwa wa tlhalano

O dumellwa ho hlala:

  • Haeba o ka neha lekgotla bopaki ba hore wena le molekane wa hao ha le sa kgona ho dula mmoho mme ha ho na kgonahalo ya ho rarolla diphapang tsa lona.
  • Haeba e mong wa balekane a na le bohloko ba kelello kapa a dula a sa hlaphohelwa

Ha o hloke ho thola tumello ya monna wa hao hore o hlale. Haeba molekane wa hao a sa batle ho hladuwa, o ka fuwa tumello ya ho hlala ntle le tumello ya hae.

Maemong a ikgethang lenyalo la hao le ka hlakolwa. Ho hlakolwa ha lenyalo ho fapane le tlhalano hobane ha se feela ho le qhala empa hape ke ho le hlakola direkotong.

Karohano e molaong ha e yo Aforika Borwa le haeba ha o sa dula le monna wa hao mme le sa hlalana. Ho ya ka molao, le ntse le nyalane.

Le ka hlalana Lekgotleng la Dinyewe la Lebatowa kapa la Maseterata ya nang le bolaodi tulong ya heno kapa Lekgotleng le Phahameng.

Ho qala motjha wa tlhalano o lokela ho kenya samane. Samane ya tlhalano e lokela ho fuwa moitshireletsi eo a hlalwang ka kotloloho ke moromuwa wa lekgotla.

Ho na le mefuta e mmedi ya tlhalano, e phephetswang le e sa phephetsweng.

Tlhalano e sa phephetsweng ke yona e betere ka ho fetisisa le e sa bitseng tjhelete e ngata bakeng sa bohle ba amehang. E ka phethelwa nakong ya dibeke tse nne. Haeba tlhalano e phephetswa e ka nka dilemo tse pedi ho isa ho tse tharo, empa ditlhalano tse phephetswang di loka nako e telele pele di fihla le lekgotleng.

Manyalo a semolao le a moetlo a lokela ho qhalwa ke lekgotla.

Temoso: Tlhalano ka ho se itlhahisi e tshwana le tlhalano e sa phephetsweng /e sa hanyetsweng. Sena se sebetsa ha molekane wa hao a sa arabele ho hang tabeng ya tlhalano.

  • Molekane wa hao o tla thola samane e behetsweng letsatsi la ho arabela.
  • Haeba a sa arabele, o ka etsa kopo Lekgotleng le Phahameng hore le e kenyeletse lenaneng.
  • Lekgotla le tla etsa qeto lebitsong la hao mme le fedise lenyalo la hao.

Tlhalano eo ka iketsetsang yona

Tlhalano eo o ka iketsetsang yona e phethelwa ntle le thuso ya leqwetha, mme ho fihlela mona ke kgetho e sa bitseng. Ho hlala ntle le leqwetha e ka fihlellwa ka tsela tse pedi:

  • Lekgotla la maseterata wa heno la lehae le ka o neha diforomo tse batlehang le ho o tataisa mabapi le ho phethela tlhalano ya hao ntle le ho emelwa semolao.

Ho iketsetsa tlhalano e ka ba kgetho e nepahetseng ha:

  • tlhalano ya hao e sa phephetswe;
  • tlhalano ya hao e sa rarahana;
  • le nyalane nako e kgutshwanyane;
  • le se na thepa e ngata e lokelang ho arolwa;
  • ho se na dikgang tse amang bana; le/kapa
  • o ikemiseditse ho etsa mosebetsi kaofela wa dipampiri ka bowena.

Bakeng sa tlhahisoleseding e batsi ikopanye le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo

 

 

Published Date

Share this page