Kopo ya ngodiso ya koloi

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho ngodisa koloi ya hao

Ebang ole monnga koloi e ntjha, e kileng ya sebediswa, e iketseditsweng kapa e etselleditsweng hoya kgale, o tlameya ho e ngodisa lekaleng la ho ngodisa le ikarabellang hore o fumane setifikeiti sa hore oe ngodisitse.

Ebang ole monnga koloi e ntjha, e kileng ya sebediswa, e iketseditsweng kapa e etselleditsweng hoya kgale, o tlameya oe fumanela laesense lekaleng la ho ngodisa le ikarabellang hore o fumane diski ya laesense ya koloi.

O tlameya ho fumanela koloi ya hao laesense obe oe ngodise pele ho feta matsatsi a 21 kamora hore oe fetolele mabitsong a hao. Ebang osa e ngodise, otla qobellwa ho lefella dikotlo le tswala. Nomoro ya boingodiso ya koloi e rekotwa ho Tsela ya ho Fana ka Lesedinyana la Dipalangwa tsa Naha (eNaTIS - National Traffic Information System).

Boingodiso ba koloi ya hao bohloka boleng le ho phumulwa ha:

  • diski ya laesense ya koloi ya hao esa ntjhafatswa nako e fetang dilemo tse nne (4)
  • koloi e ile ya eba kotsing ya mebileng, mme ha netefatswa hore e keke ya lokela tsela
  • oe fetoletse mabitsong a motho emong
  • Koloi ya hao e latilwe ke ba dikoloto matsatsing a 31 a fetileng kapa hofeta moo
  • Ho fannwe ka lengolo la ho phumula boingodiso.

O lokela ho etsang

Ho ngodisa koloi e ntjha, eya lekaleng la ho ngodisa le ikarabellang mme o nehelane ka tse latelang:

  • bukana ya hao ya boitsibiso
  • Bopaki ba aterese ya poso le ya moo o dulang; mohlala, lengolo la akhaonte ya tshebeletso. Haeba lengolo la tshebeletso le se lebitsong la hao, monga lengolo o tlameha ho etsa lengolo le hlapanyeditsweng le hlalosang hore wena o dula atereseng eo, mme lengolo la tshebeletso le tlameha ho qhwaellwa lengolong leo le hlapanyeditsweng.
  • setifikeiti sa mohlahisi se bontshang dintlha tsohle tse hlokahalang tsa koloi 
  • setifikeiti se bontshang hore koloi e loketse tsela, ebang koloi ele ya merwalo e boima

Tlatsa foromo ya ho etsa kopo ya ho ngodisa le ho fumanela koloi laesense (RLV - Registration and Licensing of Motor Vehicle).

Ho ngodisa koloi e kileng ya sebediswa, eya lekaleng la ho ngodisa koloi, mme o fane ka tse latelang:

  • morekisi o tlameya ho tlatsa foromo e fanang ka tsibiso ya ho fetolela mabitso
  • bukana ya hao ya boitsibiso
  • setifikeiti sa boingodiso sa koloi (se lebitsong la morekisi) 
  • netefatso ya hore koloi e loketse tsela eya hlokeha hore o fumane laesense, ebang setifikeiti seo se tshwereng se feta matsatsi a 60
  • bopaki ba hore o rekile koloi
  • laesenese ya koloi e molaong (etsa bonnete ba hore ditefello tsa laesense ya koloi di lefelletse)

Tlatsa foromo ya ho etsa kopo ya ho ngodisa le ho fumantsha koloi laesense.

Ho ngodisa koloi e iketseditsweng ka dikarolwana tsa koloi, eya lekaleng la ho ngodisa koloi ebe o fana ka tse latelang:

  • bukana ya hao ya boitsibiso
  • afidaviti e pakang hore dikarolwang tseo di fumanwe kae, le hore ho entsweng ka koloi eo. 
  • foromo ya ho kopa tumello ya sepolesa – RPC (Request for police clearance) 
  • foromo ya ho kopa boitsibiso ba sepolesa – RPI (Request for police identification)
  • setifikeiti sa ho phumula boingodiso (ebang boingodiso ba koloi bo phumutswe)
  • setifikeiti sa boima ba koloi
  • bopaki ba hore koloi ke ya hao.

Tlatsa foromo ya ho etsa kopo ya ho ngodisa le ho fumanela koloi laesense.

Ho ngodisa koloi e etselleditsweng ho ya kgale, eya lekaleng la ho ngodisa koloi le haufinyana mme o fane ka tse latelang:

  • bukana ya hao ya boitsibiso
  • afidaviti e pakang hore dikarolwana tseo di fumanwe kae le hore ho entsweng ka koloi eo 
  • kopo ya tumello ya sepolesa 
  • foromo ya kopo ya boitsibiso ba sepolesa
  • setifikeiti sa ho phumulwa ha boingodisa (ebang boingodiso ba koloi bo phumutswe)
  • setifikeiti sa boima ba koloi
  • bopaki ba hore koloi ke ya hao
  • setifikeiti sa hore koloi e loketse tsela
  • setifikeiti sa mohlahisi kapa sa boingodiso ba pele kapa afidaviti ebang setifikeiti sa boingodiso sesa fumanehe.

Nako ya tshebetso

Kopo ya hao e etswa letsatsing lona leo.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo di tholahala lekaleng la ho ngodisa koloi kapa o ka iphumanela tsona websaeteng ya eNaTIS.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact your local department of transport

Share this page