Kopo ya polata ya dinomoro ya bowena

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho etsa hore dinomoro polata tsa koloi ya hao e be tsa hao ka seqo

O ka etsa hore dinomoro polata tsa koloi ya hao e be tsa hao ka seqo ka lebitso/nomoro efe kapa efe eo o ikgethelang yona, ha feela nomoro eoe eso ka e sebediswa.

Lebitso/nomoro e kgethuweng e lokela ho latela ditlhoko tsa dinomoro polata tse tlwaelehileng (mohlala, e lokela ho botsha setshwantsho sa provinse) mme le lebitso/nomoro e tla pepeswa ka tsela e tshwnanag le ya nomoro polata e tlwaelehileng. Lebitso/nomoro eo o e sebedisang e ke ke ya phetwa habedi bakeng sa ho sebediswa ke motho e mong.

O lokela ho etsang

  • Leba bolaoding bo haufi ba boingodiso mme o tlatse foromo ya kopo eo ba tla fana ka yona.
  • Fana ka khopi e netefaditsweng ya bukana ya hao ya boingodiso le setefekeiti sa boingodiso ba koloi mme o lefe tjhelete e hlokehang.

Nako ya tshebetso

Kopo e sebetswa ka lona letsatsi leo.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo di fumaneha bolaoding bofe kapa bofe ba boingodiso.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact your local department of transport

Share this page