Kopo ya tokomane ya bobedi e tshwanang ya laesense ya koloi

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho etsa kopo ya kopi ya tokomane ya koloi 

O ka etsa kopo ya kopi ya tokomane ya koloi jwaloka lengolo la bopaki ba ngodiso, diski ya laesense kapa ditokomane tse ding ebang:

  • nomoro ya moralo (chassis) kapa ya VIN e fetotswe, kapa
  • nomoro ya enjine e fetotswe, kapa 
  • o lahlile kapa ditokomane tsa koloi ya hao di senyehile.

O tlameha ho ikisa ka sebele ha o etsa kopo ya kopi ya lengolo la bopaki ba ngodiso.

O lokela ho etsang

Eya sebakeng sa ngodiso ya makoloi mme o ye le bukana ya hao ya boitsibiso (pasa) le foromo e tlatsitsweng ya DRC (Kopo Ngodiso ya Kopi/Lengolo la bopaki ba ho tlosa koloi lenaneng la ngodiso ya makoloi bakeng sa makoloi) le foromo ya DCT (Tsebahatso ha ho lahlehile ditokomane).

Patala tjhelete e behilweng mme ba sebakeng sa ngodiso ya makoloi ba tla o fa kopi ya tokomane.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka matsatsi a supileng ho sebetsana le kopo ya hao.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

  • Foromo ya DRC (Kopo Ngodiso ya Kopi/Lengolo la bopaki ba ho tlosa koloi lenaneng la ngodiso ya makoloi bakeng sa makoloi)
  • Foromo ya DCT (Tsebahatso ha ho lahlehile ditokomane)

Diforomo di fumaneha sebakeng sa ngodiso ya makolo kapa o ka di fumana websieteng ya eNaTIS .

Dintlha tsa ho iteanya

Share this page