Kopo ya ho ngodisa meriana ya tsa temo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ngodiso ya pheko ya tsa temothuo

Ho tsamaisa, ho hlahisa kapa ho rekisa pheko tsa temothuo Aforika Borwa o tlameha o be o ngodisitswe le Mongodisi ho ya ka Molao wa 36 wa 1947.

O tla kgona ho ngodiswa hafela o le moahi wa Aforika Borwa kapa motho wa molao le ofising e ngodisitsweng Aforika Borwa.

Ebang pheko eo o batlang ho e ngodisa e se e ngodisitswe ke motho e mong, o tlameha ho fumana tumello ho tswa mothong eo pele o ngodiswa.

O tlameha ho tshela pheko ka setshelong se hlwekileng mme se kwalehang. Ha o a tlameha ho sebedisa ditshelo hape kamora ho ntsha pheko. Ntlheng ya pheko tsa temothuo tse metsi, o tlameha ho netefatsa hore setshelo ha se dutle mme ha se qhale pheko nakong eo o e tshollang ka setsheleong. Setshelo sa hao se tlameha ho latela Dipehelo tsa Naha tsa Aforika Borwa 10229.

Setshelo sa hao se tlameha ho ngolwa:

  • letshwao la kgwebo
  • nomoro ya ngodiso. Ha o se na nomoro ya ngodiso o tlameha ho e ngola ele “Reg.No. …. Molao wa 36 wa 1947”
  • mokgahlelo oo e welang ho wona ho ya ka moo pheko ya tsa temothuo e hlalositsweng ka teng
  • mokgwa o entseng pheko ya tsa temothuo le lebaka leo e le ngodiseditsweng
  • nomoro ya betjhe eo pheko e hlahang ho yona le letsatsi leo betjhe e entsweng ka lona
  • kakaretso ya bongata kapa boima ba pheko
  • lebitso le aterese ya motho eo o ka ikopanyang le ena
  • nomoro ya khampani ya ngodiso e bang e le teng

O lokela ho etsang

  1. Hula foromo ya ho etsa kopo ya ho ngodisa Pheko ya tsa Temothuo moo ho ngotsweng ‘diforomo’ mme o etlatse.
  2. Etsa dikopi tse tharo tsa foromo mme o di romele ka poso ho: The Registrar: Act No. 36 of 1947, Private Bag X343, Pretoria, 0001 kapa o ikisetse tsona ho: The Registrar: Act No. 36 of 1947, Agriculture Place, 20 Steve Biko Street, Arcadia, Pretoria.
  3. Hlomathisa kopi e le nngwe ya tokomane tsa tshehetso (mohlala: dintlha tse malebana le tjhefu, dintlha tse mabapi le katleho, dintlha tsa tse sallang le dipehelo tsa tse bonwang.) Bala tokomane ya polisi ya tsamaiso ya ngodiso ya pheko ya tsa temothuo, tataiso ya tlhahlobo ya dikokonyana tse nyane tse bakang mahloko, tokomane ya diteko tsa ditlhoko tse salletseng le tataiso ya malekane a pheko tsa tsa temothuo bakeng sa tlhahisoleseding e hlokahalang.
  4. Lefa tjhelete e behilweng.
  5. Ebang o posa kopo ya hao, o tlameha ho lefa tjhelete e behilweng ka oder ya poso  ho ya ho Molaodi-Kakaretso wa Temothuo. Ebang o itlisetsa kopo ya hao, o tlameha ho lefa tjhelete e behilweng kontane.
  6. Ha o batla ho tsamaisa pheko, o tlameha ho kenyeletsa tse latelang le ditokomane tsa hao:
    • moedi o kenang
    • tsela ya tshebediso
    • tsela ya tekolo
    • sebaka sa tekolo
    • metswako e sebedisitsweng
    • palo e tsamaiswang.

Nako ya tshebetso

Dikgwedi tse tsheletseng ho ya ho tse leshome le metso e mmedi.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Application for the registration of an Agricultural Remedy (Kopo ya ngodiso ya pheko ya tsa temothuo)

Dintlha tsa ho iteanya

 

Directorate Agriculture Inputs Control

Tel: 012 319 7103/7847
E-mail address: AICHelpdesk@daff.gov.za
Physical address: 20 Steve Biko Street, Arcadia, Pretoria
Postal address:  Department of Agriculture, Land Reform and Rural Development, Private Bag X343, Pretoria 0001

 

Share this page