Kopo ya ho ntjhafatsa kapa ho hlakola ngodiso ya moriana

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

 

Dintlha ka kopo ya ntjhafatso ya Ntlafatso ya Temo

O tlameha ho etsa kopo ho ntjhafatsa kapa ho hlakola boingodiso ba hao ba ntlafatso ya temo kamora dilemo tse ding le tse ding tse tharo. Kopo ya hao e tlameha ho iswa ho Mongodisi wa Molao wa 36 wa 1947 Lefapheng la Temothuo pele ho mohla la 31 Tlhakubele selemong sa ho qetela seo saekele ya boingodiso ba hao e felang ka sona.

Ebang ntlafatso ya temo eo o batlang ho e ntjhafatsa e se e ngodisitswe ke motho e mong, o tlameha ho fumana tumello ho motho eo pele ho ntjhafatso.

O tlameha ho hlopha ntlafatso setshelong se hlwekileng se kwetsweng. Ha o a dumellwa ho boela o sebedisa setshelo kamora hoba o ntshe ntlafatso. Moo e leng ntlafatso ya temo ya mokedikedi, o tlameha ho netefatsa hore setshelo ha se qhale ntlafatso ha o tshela. Setshelo sa hao se tlameha ho phethahatsa ho ya ka Maemo a Naha a Aforika Borwa a 10229.

Kantoro ya mongodisi e romela mangolo diforomong tsa ntjhafatso le tsa kopo ho bangodisi kaofela nakong ya saekele ya dilemo tse tharo.

O lokela ho etsang

  1. Mongodisi wa Molao wa 36 o tla iteanya le wena mme a o romelle foromo.
  2. Bakeng sa ntjhafatso:
    • Tlatsa foromo ya kopo (foromo ya A) hararo ka mongolo o sebedisang ditlhaku tse kgolo feela. 
    • Isa kopo ho mongodisi. 
    • Letsatsi la ho qetela bakeng sa dintjhafatso ke 30 Phuptjane. 
  3. Ho hlakola kopo:
    • Tlatsa foromo ya B hararo ka mongolo o sebedisang ditlhaku tse kgolo feela. 
    • Isa setefekeiti sa sethato sa boingodiso. 
  4. Dintlha tsa mokopi:
    • Tlatsa foromo ya C ya foromo ya boingodiso ya ntjhafatso ho tlatsetsa rekoto ya mongodisi ka dintlha tse ntjha tsa tsebiso ya ho iteanya le wena, mohlala aterese, nomoro ya mohala, le motho eo ho ka iteanywang le yena. 
    • Lefa tjhelete e behetsweng.
    • Hlomathisa khopi e le nngwe ya diphuputso tse tshehetsang
    • Lefa tjhelete e behetsweng ya boingodiso.
  5. Ebang o posa kopo ya hao, o tlameha ho lefa tjhelete e behetsweng ka tjhelete ya ho posa lebitsong la Motsamaisikakaretso wa Temothuo. Ebang o isa kopo ya hao ka letsoho, o tlameha ho lefa tjhelete e behetsweng kontane.
  6. Romela foromo ho mongodisi
  7. Etsa dikhopi tse tharo tsa foromo mme o di posetse ho: Mongodisi: Molao wa nomoro ya. 36 wa 1947, Poso ya poraevete ya X343, Pretoria, 0001 kapa di ise ka letsoho ho: Mongodisi: Molao wa nomoro ya 36 ya 1947, Sebakeng sa Temothuo, 20 Mmileng wa Steve Biko, Arcadia, Pretoria.

Nako ya tshebetso

Kopo e tla sebetswa feela ha ho amohelwa kopo e felletseng ya ntjhafatso ya boingodiso e nang le Foromo tse tharo tsa A, Diforomo tse pedi  Foromong ya B le C ka bobedi hammoho le tjhelete e loketseng ya boingodiso sehlahiswa ka seng. 

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Kantoro ya mongodisi e romela mangolo diforomong tsa ntjhafatso le tsa kopo ho bangodisi kaofela nakong ya saekele ya dilemo tse tharo.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Directorate Agriculture Inputs Control

Tel: 012 319 7103/7847
E-mail address: AICHelpdesk@daff.gov.za
Physical address: 20 Steve Biko Street, Arcadia, Pretoria
Postal address:  Department of Agriculture, Land Reform and Rural Development, Private Bag X343, Pretoria 0001

 

Share this page