President Jacob Zuma: Release of Marikana report

MaAforika Borwa a heso,

Mohla la 26 Phato 2012, ke thontse Khomishene ya Dipatlisiso ho fuputsa dintho tse thahasellwang ke setjhaba, naha le ba matjhaba tse ropohang diketsahalong tse mahlonoko tsa Morafong wa Lonmin Marikana, Rusternburg profenseng ya Leboya Bophirima, mohla la 11 ho ya ho la 16 Phato 2012.

Batho ba ka bang 44 ba ile ba hlokahala mme ba bang ba bangata ba ile ba lemala.

Modulasetulo wa Khomishene e ne e le Moahlodi ya Beileng Meja Fatshe Ian Farlam, a thuswa ke Advocate PD Hemraj SC le Advocate BR Tokota SC. Ke batla ho fetisetsa diteboho tsa ka ho bona ka mokgwa wa boporofeshenale, o kgabane oo ba tsamaisitseng Khomishene ena ka wona.

Ke boela ke leboha malapa a batho bohle ba ileng ba hlokahala, bao ba shweleng pele le ba shweleng nakong ya mohla la 16 Phato, ka tshebedisano mmoho ya bona le Khomishene leha ba ne ba le mahlonokong le maimeng, ka lebaka la tahlehelo ya bona e bohloko ya baratwang ba bona.

Dipelo tsa rona di boela di utlwelana bohloko le malapa a batho bao ba ileng ba bolawa kamora la 16 Phato 2012, bao diphenetho tsa bona di welang kathoko ho mosebetsi wa dipatlisiso tsena.

Re boela re leboha dipaki, dihlopha tsa molao le basebetsi ba lemetseng. Seabo sa bona bohle se thusitse ka katleho ya Khomishene.

Khomishene e ne e filwe mosebetsi wa ho batlisisa, ho tla le diphumano le ho etsa ditshisinyo ka boitshwaro ba Lonmin Plc, Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS), Mokgatlo wa Basebetsi ba Merafo le Kaho (AMCU), Mokgatlo wa Naha wa Basebetsi ba Merafong (NUM), Lefapha la Mehlodi ya Dirashwa (DMR) le mafapha a mang a mmuso, esita le batho ka bomong le ka dihlopha. 

Diphumano le ditshisinyo tse ka sehloohong di ka kgutsufatswa tjena:

1. DIPHUMANO 

DIPHUMANO KGAHLANONG LE LONMIN

Khomishene e fumane hore Lonmin ha e a sebedisa matsapa a yona a matle ka ho fetisisa ho rarolla diqhwebeshano tse ileng tsa ropoha dipakeng tsa yona le basebetsi ba yona ba ileng ba e ba le seabo boipelaetsong bo sa tshireletsehang ka lehlakoreng le leng, esita le dipakeng tsa baipelaetsi le basebetsi bao ba sa kang ba nka seabo boipelaetsong.

E boetse ha e a arabela ka nepo ditshosong tsa merusu esita le ho qhoma ha yona.

Lonmin e boetse e hlolehile ho sebedisa ditshireletsi tse lekaneng esita le mehato ya ho netefatsa polokeho ya basebetsi ba yona.

Lonmin e ile ya boela ya tsitlallela hore basebetsi ba yona ba neng ba sa ipelaetse ba ye mosebetsing, le ha e ne e tseba hore e ne e se boemong ba ho ba tshireletsa ditlhaselong tsa baipelaetsi.

Khomishene e boetse ya ho kenngwa tshebetsong ha boikitlaetso ba Lonmin mabapi le merero ya Kahisano le Bosebetsi.

DIPHUMANO KGAHLANONG LE AMCU

Khomishene e fumane hore bahlanka ba AMCU ha ba a ba le taolo e ntle dithong le batshehetsing ba AMCU ho netefatseng hore boitshwaro ba bona bo molaong mme ha bo bee bophelo ba ba bang kotsing.

Ba ne ba bina dipina tse qholotsang ba bile ba etsa dipuo tse bakang leqhoko, tse neng di atisa ho feteletsa maemo a neng a se a mpefetse.

Khomishene e boetse ya hlokomela hore Moporesidente wa AMCU, Monghadi Joseph Mathunjwa, o lekile kahohlehohle ho susumetsa baipelaetsi hore ba bee dihlomo tsa bona fatshe le hore ba tlohe thabaneng.

DIPHUMANO KGAHLANONG LE NUM

NUM ha e a sebedisa matsapa a wona a matle ka ho fetisisa ho rarolla diqhwebeshano dipakeng tsa yona le baipelaetsi.

NUM e ile ya lahlehisa Basebetsi ba Petsolang Mafika ka hore haho ditherisano tse ka lokang le Lonmin ho fihlela mafelong a dilemo tse pedi tsa tumellano ya meputso.

Mokgatlo wa basebetsi o boetse ha o a nka dikgato tsa ho susumetsa Lonmin ho bua le basebetsi.

NUM e boetse ya hloleha ho laola ka bokgabane ditho tsa yona ho netefatseng hore boitshwaro ba tsona bo ne bo le molaong ebile o ne o sa bee maphelo a ba bang tsietsing.

E kgothaleditse yaba ya thusa basebetsi ba neng ba sa ipelaetse ho ya ditjhafong maemong ao ho neng ho na le kotsi kannete, ya hore ba ka nna ba bolawa kapa ba lematswe ke baipelaetsi ba neng ba hlometse.

DIPHUMANO KGAHLANONG LE BAIPELAETSI KA BOMONG

Baipelaetsi ka bomong le dihlophana tse sollang tsa baipelaetsi ba ile ba kgothalletsa boemo ba dikgohlano le ditlhaselano tse bakileng, ka kotloloho kapa ka kwekwetlo, ho shwa ha balebedi ba tshireletsa le basebetsi ba neng ba sa ipelaetse, ba ba ba bea tsietsing maphelo a basebetsi ba neng ba sa ipelaetse ba bile ba sa lemala.

DIPHUMANO MABAPI LE MONGHADI CYRIL RAMAPHOSA

Mmuelli wa Batho ba Lemetseng le ba Tshwerweng o ile a qosa ka hore Monghadi Ramaphosa ke sesosa sa phenetho ya mofela ya Marikana le hore o tshwanela ho pepiswa molato wa ho shwa ha basebetsi ba morafo ba 34.

Khomishene e fumane hore ha ho ka ke ha thwe Monghadi Ramaphosa e ne e le sesosa sa phenetho ya mofela, mme diqoso kgahlanong le yena ha di na sehlahla sa ho itshwareletsa.

DIPHUMANO MABAPI LE LETONA NATHI MTHWETHWA

Mmuelli wa Batho ba Lemetseng le ba Tshwerweng o ile a qosa ka hore Monghadi Nathi Mthethwa ke ke sesosa sa phenetho ya mofela ya Marikana le hore o tshwanela ho pepiswa molato wa ho shwa ha basebetsi ba morafo ba 34.

Khomishene e fumane hore Mophethahatsi enwa ha a ya ba le seabo qetong ya sepolesa ya ho kenya tshebetsong lewa la tlhaselo la mohla la 16 Phato 2012, haeba baipelaetsi ba ne ba sa bee dihlomo tsa bona fatshe, e leng se ileng sa lebisa ho shweng ha batho ba 34.

DIPHUMANO MABAPI LE LETONA SHABANGU

Mmuelli wa Batho ba Lemetseng le ba Tshwerweng o hlahisitse hore Letona Shabangu o tshwanela ho tjhutjhiswa ka diqoso tsa bonyofonyofo le bomenemene.

Haho diphumano tse entsweng kgahlanong le Letona Shabangu.

DIPHUMANO KGAHLANONG LE SEPOLESA

Mabapi le ketsahalo e mahlonoko ya mohla la 16 Phato 2012, Khomishene e fumane hore sepolesa se ile sa rala morero wa tshebetso o neng o akga ho etsetsa sehlophana se senyane sa baipelaetsi, ba neng ba tla ba thabaneng ka madungwadungwana, sakana la nkope.

Lewa le ne le akga ho etsetsa baipelaetsi sakana la nkope ka terata e meutlwa, mme ba ba etsetse kotopo eo ba neng ba tla tswa ka yona ha ba neelana ka dibetsa tsa bona.

Mokgahlelo ona o ne o ka kgona ho kenngwa tshebetsong ka madungwadungwana feela, ha ho ne ho na le lenane le lenyane la baipelaetsi. Matsapa a ile a boela a etswa ke sepolesa ho rerisana le baipelaetsi.

Morero wa sakana la nkope o ile wa nkelwa sebaka ke lewa la tlhaselo le neng le le diphoso ka mekgwa e mengatanya.

Lewa la tlhaselo lena le ile la kenngwa tshebetsong ka bo15:40 tsatsing leo, e leng se bakileng ho shwa ha baipelaetsi ponong ya pele le ya bobedi.

Khomishene e fumane hore tshebetso ya sepolesa e ne e sa tshwanela ho etsahala ka la 16 Phato ka lebaka la diphoso tse neng di le morerong oo.

Khomishene e fumane hore ho ne ho ke ke ha eba bobebe ho tlohedisa baipelaetsi dihlomo le ho ba qhalakanya ntle le tshollo ya madi, thapameng ya la 16 Phato.

Sepolesa se ne se tshwanetse ho ema ho fihlela letsatsing le hlahlamang, ha morero wa sethatho wa sakana la nkope, o neng o se na dikotsi, o neng o ka be o kentswe tshebetsong.

Khomishene e ile ya boela ya fumana hore qeto ya hore baipelaetsi ba ne ba tla tloswa thabaneng ka sheshe ke sepolesa ka la 16 Phato haeba ba ne ba sa ithaope ho bea dihlomo fatshe, ha e ya nkuwa ke bolaodi ba mabotho ba neng ba le moo.

Qeto e ile ya nkuwa ke Moleftenete Mogenerale Mbombo, Mokhomishenara wa Sepolesa sa Leboya Bophirima, mme ya ananelwa ke boetapele ba SAPS kopanong e kgetholohileng ya Foramo ya Bookamedi ba Naha.

Khomishene e boetse e fumane hore tshebetso ena e ne e tshwanetse ho emiswa kamora ho thunngwa ho ponong ya pele le hore ho ne ho bile ho na le kgaello ya bolaodi ponong ya bobedi.

Khomishene e boetse ya se thabiswe ke boitshwaro ba bookamedi ba sepolesa nakong ya dipatlisiso.

Boetapele ba Sepolesa ha bo a qala ka ho pepesetsa Khomishene ntlha ya hore morero wa sethatho o ne o sa kgone ho ka kenngwa tshebetsong ka letsatsi la pele le hore o ile wa nyahlatswa.

Ho feta moo, boetapele ba sepolesa ha bo a ka ba tsebisa Khomishene hore qeto ya ho tswelapele ka lewa la tlhaselo, haeba baipelaetsi ba sa bee dihlomo tsa bona fatshe ka boithaopo ba be ba qhalane, e nkilwe kopanong ya Foramo ya Bookamedi ba Naha ka la 15 Phato. Ho fapana le moo, ba tsebisitse Khomishene hore qeto e ile ya nkuwa ka la 16 Phato, kamora hore maemo a mpefale.

Khomishene e boetse ya hlahisa dingongoreho tse kgolo ka hore ho bile le tieho ya nako e ka etsang hora pele baipelaetsi ba neng ba lemetse ba fumana thuso ya pheko ponong ya pele, mme e hlalosa hore bonnyane moipelaetsi a le mong a ka be a pholohile haeba a ne a alafilwe ka nako.

2. DITSHISINYO 

Khomishene e sisinya hore ho hloleha ha Lonmin ho ikamahanya le ditlhoko tsa matlo katlasa Merero ya Kahisano le Bosebetsi e tshwanela ho tsebiswa Lefapha la Mehlodi ya Dirashwa, le tshwanelang ho nka dikgato tsa ho qobella Lonmin ho phetha ditlhoko tsena.

Khomishene e sisintse hore ho thonngwe Setlamo sa Ditsebi, se akgang:

  • Bahlanka ba Baholo ba Lefapha la tsa Molao ba SAPS;
  • Bahlanka ba Baholo ba nang le malebela a batsi Sepoleseng sa Tsitsiso ya Setjhaba (POP);
  • Le
  • Ditsebi tse ikemetseng tsa POP, tsa lapeng le tsa matjhaba, tse nang le malebela a ho sebetsana le matshwele, a hlometseng ka dihale le dithunya, jwalokaha ho bonahala kajeno boemong ba Aforika Borwa.

Ho tse ding, setlamo sena se tshwanela ho:

  • Shebabotjha le ho hlomathisa melawana yohle e tsamaisanang le POP;
  • Fuputsa ka mekgwa e metle ka ho fetisisa e teng lefatsheng e ka sebediswang, ntle le ho kgetha ho sebedisa dibetsa tse kgonang ho thunya bongata di sa emise, moo mekgwa tsamaisa ya POP e haellang.

Maemong a POP, diqeto tsa tshebetso di tlameha ho etswa ke mohlanka ya laolang mabotho ka kakaretso, ya nang le thupello e tshwanelehileng ya moraorao, bokgoni le malebela sepoleseng sa tsitsiso ya setjhaba.

Dikgokahanyo tsohle tsa seyalemoya di tshwanela ho hatiswa mme dikgatiso di tshwanela ho bolokwa.

Merero ya tshebetso ya POP e tshwanela ho hlwaya mekgwa ya kgokahanyo eo ditho tsa SAPS di tla e sebedisa ho hokahana, e mong ho e mong.

Prothokhole ya dikgokahanyo e tshwanela ho etswa le ho kenngwa tshebetsong bakeng sa dikgokahanyo tse ditshebetsong tse kgolo, ho akga le mekgwa e meng e ka sebediswang, moo mekgwa e teng ya seyalemoya e bonahalang hore e ke ke ya fana ka mekgwa e lekaneng ya dikgokahanyo.

SAPS e tshwanela ho sheba botjha boteng bo anetseng ba thupello ya ditho tse sebedisang disebediswa tse kgethehileng tse kang tsa dikanono tsa metsi le disebediswa tsa dividiyo.

Dirwalankgwana tsohle tsa SAPS di tshwanela ho kenngwa dikhamera tse sebetsang tsa vidiyo.

Ditshebetsong tseo e bang ho tsona ho na le kgonahalo e hodimo ya tshebediso ya dikgoka, morero o tshwanela ho kenyeletsa phano ya thuso ya pele e lekaneng ya ka potlako ho bao ba lemetseng.

Khomishene e boela e thasisetsa hore bahlanka bohle ba sepolesa ba tshwanela ho fuwa thupello ya motheo ya thuso ya pele.

Ho tshwanela hore ho be le prothokhole e hlakileng e hlalosang hore ditho tsa SAPS tse rupelletsweng ka thuso ya pele, tse teng tikolohong ya kotsi moo ho hlokehang thuso ya pele, di tshwanela ho fana ka thuso ya pele.

Bahlanka ba ipabolang ka dithunya ba tshwanela ho fumana thupello e ekeditsweng ya bokgoni bo hlokehang ba thuso ya pele ya motheo, hore ba kgone ho sebetsana le maqeba a dithunya.

Khomishene e eketsa ka hore ditshisinyo tse entsweng ke Khomishene ya Merero ya Naha, kaha ho monyollwa ha bobotho le ho etswa ha boporofeshenale ha SAPS, ho tshwanela ho kenngwa tshebetsong ka potlako.

Mabapi le boikarabelo, moo tshebetso ya sepolesa le ditlamorao tsa yona di bileng mamphemphe, mme di hloka diphuputso tse tomanyana, Letona le Mokhomishinara wa Naha ba tshwanela ho ba sedi ha ba bua le setjhaba kapa ha ba bua le ditho tsa SAPS. Ha ba a tshwanela ho bua eng kapa eng e ka nnang ya kgothaletsa ho kwalwa ha dimentlele kapa ya nyahamisa ditho tse tsebang ka diketso tse sa lokang, hore di se ke tsa pepesa seo di se tsebang.

Melawana ya tsamaiso e tshwanela ho batla haholwanyane ka mophula wa tlhahlobo o feletseng le kgatiso e anetseng ya ditshebetso tsa sepolesa.

SAPS le ditho tsa yona ba tshwanela ho amohela hore ba na le mosebetsi wa boikarabelo setjhabeng le ho bua nnete, hobane ba sebedisa dikgoka lebitsong la maAforika Borwa, Khomishene e rialo.

Basebetsi le disebediswa tsa Lekgotla le Ikemetseng la Dipatlisiso sa Sepolesa (IPID) le tshwanela ho shejwa botjha ho netefatsa hore le kgona ho etsa mosebetsi wa lona ka bokgabane.

PHETISETSO BAKENG SA DIPHUPUTSO TSE TOMANYANA HO YA KA KAROLO YA 24(1) YA MOLAO WA BOOKAMEDI BA BOTJHUTJHISI BA NAHA (NPA)

Khomishene e sisinya diphuputso tse phethahetseng, tlasa tataiso ya Mookamedi wa Botjhutjhisi ba Setjhaba Leboya Bophirima, ka sepheo sa ho netefatsa bokgoni ba ditlolo tsa molao lehlakoreng la ditho tsohle tsa SAPS tse neng di ameha diketsahalong tse ponong ya pele le ya bobedi.

Molemong wa diphuputso, setlamo se tshwanela ho thonngwa, se etellwe pele ke Moadvokheiti e Moholo wa Mmuso, mmoho le ditsebi tse ikemetseng kahong botjha ya dibaka tseo ditlolo tsa molao di etsahetseng teng, diphathologist tse ipabolang ka tsa bofofisi le diforensiki esita le Bafuputsi ba Baholo ba IPID, esita le ditsebi dife kapa dife tse jwalo ha ho ka hlokeha.

PHETISETSO BAKENG SA BOTJHOTJHISI

Khomishene e boela e sisinya hore dipolao le diteteko tsohle tse etsahetseng dipakeng tsa la 11 le la 15 Phato 2012, di tshwanela ho fetisetswa ho Mookamedi wa Botjhutjhisi ba Setjhaba (DPP), bakeng sa diphuputso tse tomanyana esita le ho sheba hore na ebe ho na le motheo wa ho tjhutjhisa.

Khomishene e hlalosa hore tlwaelo e teng Aforika Borwa hajwale ya ho tshwara dihale le dithunya esita le merusu e amanang le boipelaetso ba phano ya ditshebeletso, e batla ho qobellwa ka matla ha melao e thibelang boitshwaro bo jwalo.

E supile hore basebetsi ba Lonmin ba ka bonwa ka ho totobetseng dividiyong le dinepeng ba tshwere dibetsa tse kotsi mmokeng wa setjhaba kapa dibakeng tsa setjhaba.

Kahoo, Khomishene e entse kgoeletso ya diphuputso tse tomanyana tsa ditlolo tsa molao, ho ya ka Molao wa Taolo ya Dikgobokano le Molao wa ho Tshwara Dibetsa tse Kotsi.

DIKGATO TSEO MOPORESIDENTE A LOKELANG HO DI NKA

Matona a amehang a tla bala tlaleho ya Khomishene mme a nkeletse ka ho kenngwa tshebetsong ha ditshisinyo.

Khomishene e boetse ya sisinya hore ho tlameha hore ho be teng patlisiso ka ho lokela ho dula setulong ha Mokhomishenara wa Sepolesa wa Naha esita le Mokhomishenara wa Sepolesa wa Profense ya Leboya Bophirima ho ya ka Karolo ya bo9 ya Molao wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa.

Ke ngolletse Mokhomishenara wa Naha ho mo tsebisa ka ditshisinyo tse amanang le yena.

Letona la Sepolesa le tla tsebisa Mokhomishenara wa mehleng wa Sepolesa sa Leboya Bophirima ka dintho tse amanang le yena.

Dintlha tse ding tse amanang le dintho tsena di tla hlahiswa kgabareng.

MaAforika Borwa a heso,

Ke fane ka dintlhakgolo tsa Tlaleho eo e bang ha e feletse, e bolelele bo fetang maqephe a 600.

Ke laetse hore tlaleho e feletseng e phatlalatswe Koranteng ya Mmuso esita le diwebsaeteng tsa Kantoro ya Mopresidente le tsa GCIS hore setjhaba se kgone ho di fumana.

Ba heso,

Ketsahalo ya Marikana e ne e le koduwa e mahlonoko e sa hlokeheng demokrasing ya rona, moo baahi bohle ba nang le tokelo ya ho ipelaetsa le moo basebetsi ba nang le tokelo ya ho ya mohwantong ka kgotso ba be ba rerisane le bahiri ba bona ka kgotso ka maemo a ho sebetsa.

Ditshiya tsa malapa di ile tsa tloswa malapeng a tsona ka mokgwa o bohlokohloko mme bohloko bo sa bolelweng le tshotleho di kgurumeditse ba malapa le beng ka bona.

Setjhaba sa Aforika Borwa ka kakaretso se ile sa tshoha. Lefatshe le lona le ile la tshoha kaha ho ne ho se motho ya neng a lebelletse hore ntho e tjena e etsahala ho Aforika Borwa e lokolohileng ebile e le ya demokrasi.

Re a tshwanela, re le setjhaba, hore re ithute ho hong ketsahalong ena e bohloko. Re tshwanela ho e sebedisa ho aha setjhaba se kopaneng, se phelang ka kgotso se bile se momahane haholwanyane.

Merusu ha e na sebaka demokrasing ya rona eo re e sebeleditseng ka thata hore re e fihlelle re be re e ahe.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore