MoPresidente Cyril Ramaphosa: Peho ya MoPresidente

Puo ya MoPresidente Cyril Ramaphosa moketeng wa peho ya mopresidente; 19 Phuptjane 2024; Union Buildings, Tshwane

Batlotlehi, Marena le Mafumahadi,
Batlotlehi, Baokamedi ba Dinaha le Mebuso,
Mopresidente wa mehleng Thabo Mbeki le Mme Mbeki,
Mopresidente wa mehleng Kgalema Motlanthe le Mme Motlanthe,
Baokamedi ba mehleng ba Dinaha le Mebuso,
Baemedi ba itseng ba mekgatlo le dinaha tse ikgethileng tsa matjhaba, 
Sepikara sa Palamente, 
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Moifo wa Diprofensi, 
Moahlodi e Moholo wa Naha,
Ditonakgolo, Ditho tsa Kabinete le Boramotse,
Ditho tsa Palamente,
Baetapele ba mekga ya dipolotiki,
Marena le baruti, 
Manqosa le Baemedi ba Dinaha, 
Mekaubere ya ntwa ya tokoloho,
Baeti ba ikgethileng,
Maafrika Borwa a heso, 

Kajeno re kopane mona ntlokgolo ya naha ya habo rona, Union Buildings, ho tla paka sephetho sa demokrasi ya rona ka pela Maafrika le baeti ba tlotlehileng ba tswang dinaheng tse fapafapaneng tsa kontinente. 

Leha re le setjhaba se fapafapaneng, empa re kopane mona kajeno ho netefatsa taba ya hore leha ho le jwalo naha ena ke ya bohle ba phelang ho yona. Jwalo ka ha ho ngodilwe ho Tjhatha ya Tokoloho e neng e ngolwe dilemong tse mashome a supileng tse fetileng. 

Re kopane mona jwalo ka bana ba naha e le nngwe ho tswa diprofensing tse robong tsa naha ena e le ho tla paka hore e le ka nnete re behella ka thoko dikarohano tsa nako e fetileng, ra hlola ho se lekalekane ho tswellang pele ha mmoho le mathata a ha jwale. 

Re tlile kwano ho bontsha hore ha ho letho le ka re emang ka pele tabeng ya ho aha setjhaba se lokolohileng, se nang le toka, se nang le tekatekano le se atlehileng. 

Letsatsing lena re tlo paka molaetsa o boletsweng ke setjhaba sa naha ena. 

Re tlilo paka botshepehi ba rona ho Molaotheo wa Afrika Borwa o itshetlehileng ka makgabane le ponelopele ya Tjhatha ya Tokoloho. 

Jwalo ka ketapele ya setjhaba sena se fapafapaneng, re na le mosebetsi o kgethehileng wa ho kopanya setjhaba sa Afrika Borwa.

Re rata ho netefatsa taba ya hore nalane ya rona e re neha boikarabelo ba ho fetola naha ena ho ba e sa kgetholleng ka bonng le borabe. 

Re rata hape ho netefatsa taba ya ho aha setjhaba se nang le tekatekano, le se nang le tlhokomelo. 

Re boetse re netefatsa boinehelo ba rona ba ho aha moruo o kenyeletsang bohle le o fang batho ba dibaka tsohle menyetla. 

Re boetse hape re inehetse mosebetsing wa ho tsoseletsa botjha demokrasi ya rona e sa behelleng motho ka thoko ho tsa moruo le bodulo. 

Re boetse hape re kena nakong e nngwe eo re boneng ho setlela ha demokrasi ya rona, moo batho ba rometseng molaetsa o hlakileng. Ba kgethile kgotso le demokrasi ho ena le morusu le diketso tse kgahlano le demokrasi ha mmoho le Molaotheo wa rona. 

Ka bongata le ho fapana setjhaba sa Afrika Borwa se bontshitse ditabatabelo ha mmoho le dingongoreho tsa sona ka dikgetho tsa bona.

Re amohela sephetho sa dikgetho le ho se hlompha mme re re setjhaba se buile. Thato ya sona e tlameha ho phethahala ntle le ngongoreho kapa tsona dipotso. 

Bakgethi ba Afrika Borwa ha ba a neha mokga o le mong matla a ho busa naha. 

Ho ena le hoo, ba re laetse ho sebedisana e le ho rarolla mathata a bona le ho elellwa ditabatabelo tsa bona. 

Ba bontshitse diteboho tsa bona ka kgatelopele e bonahetseng maphelong a bona dilemong tsena tse 30 tsa demokrasi. 

Ba boetse hape ha ba qeaqea ho bontsha ho se kgotsofale ha bona dikarolong tseo re sa etsang hantle ho tsona. 

Ba batla maemo a fetohileng a moruo a tlang ho theha menyetla ya mesebetsi ho dimilione tsa ba hlokang mesebetsi le menyetla ho borakgwebo ba naha ena – banna le basadi, ba baholo le ba batjha. 

Setjhaba se hlakisitse seo se se batlang. 

Ba hloka Afrika Borwa eo ho yona ba tlang ho fumana ho sireletswa ke Molaotheo wa rona ha mmoho le makgotla ya rona ya dinyewe. 

Ba hlalositse naha eo ba e hlokang, e leng eo ho yona ba hlolang mathata ao ba tswetsweng le ona, le e amang le malapa a nang le lerato ha mmoho le mmuso o nang le tlhokomelo, tjantjello le o sebetsang ka thata. 

Ka dikgetho tsa bona ba totobaditse hore ba batla ditlhoko tsa bophelo, e leng ho phela ha monate, ka thabo esitana le polokeho le bophelo bo botle. 

Ka dikgetho tsa bona, ba bontshitse hore ba hloka dijo tse lekaneng, metsi a hlwekileng esitana le phepelo e otlolohileng ya motlakase. 

Ba hloka matlo a nepahetseng a sa keneleng moya, pula le ona mohatsela. 

Ba batla ditsela tse hlokometsweng, tse nang le mabone a sebetsang. 

 

Maafrika Borwa a batla ho hlokomelwa ha a kula, bana ba fumane thuto e nepahetseng, maqheku a hlokomelwe mme ba hlokang mesebetsi ba sebetse. 

Maafrika Borwa a buile ka mobu oo ba o hlokang bakeng sa temo, ka dikgwebo tseo ba ratang ho ba le tsona, dihlahiswa tseo ba ratang ho di hlahisa ha mmoho le tsebo eo ba hlokang ho ithuta yona. 

A buile ka taba ya tshireletso malapeng a ona, ditseleng, ditoropong metsaneng le dipolasing tsa ona. 

Setjhaba se batla ho fele boshodu ba ditjhelete tsa setjhaba le ho hulwa ha mmuso ka nko. 

Ho feta tsohle, Maafrika Borwa a bontshitse ho fela pelo ke papadi e bapalwang ke mekga ya dipolotiki le ditho tsa teng. 

Ba batla re behe ditlhoko le ditabatabelo tsa bona pele mme hape re sebetse mmoho molemong wa naha ya habo rona. 

Kajeno ke eme ka pela lona ke le mofo, ke ikokobeditse mme ke re sello sa lona se utlwahetse. 

Jwalo ka Mopresidente wa naha, ke tla sebedisana le mekga yohle ya dipolotiki le makala a setjhaba a ikemeseditseng ho ba le kabelo tharollong ya diphephetso tsohle tseo naha ya habo rona e tobaneng le tsona. Jwalo ka ha re tshelela dilemong tse ding tse leshome tsa demokrasi ya rona. 

Ke dilemo tse leshome re arohane le kgethollo mme re le setjhaba sa demokrasi. 

Re entse matsapa a maholo ho aha setjhaba se setjha, seo motheo wa sona e leng demokrasi ha mmoho le tokoloho. 

Re ntlafaditse tsela ya phano ya ditshebeletso dikantorong tsa mmuso, ditshebeletso tse ikemetseng tsa toka, tsela e pele ya ho tshwara dikgetho, moruo o ikgethileng, bolokolohi ba boraditaba ha mmoho le setjhaba se ikgethileng. 

Leha re bone kgatelopele ena, empa setjhaba sa rona se ntse se sa lekalekane. Ho ntse ho na le dintho ha mmoho le diketsahalo tse hlokisang setjhaba botsitso. 

Moedi o teng nalaneng ya rona e leng o pakeng tsa makgowa le ba batsho, banna le basadi, ba ditoropong le makeisheneng, mahaeng le ditoropong ha mmoho le pakeng tsa barui le bafutsana o ntse o bonahala haholo. 

Leha moedi ona o fokotsehile dikarolong tse ding, empa ha o so fele. 

Re batho ba naha e le nngwe empa re phela ka mekgwa le ditsela tse fapaneng haholo. 

Ho na le phapang pakeng tsa ba sebetsang le ba sa sebetseng; ba atlehileng bophelong le ba sa atlehang. 

Ka lebaka leo, kajeno ke letsatsi le ikgethileng. 

Ena ke nako e bohlokwa nalaneng ya setjhaba sa rona. 

Ena ke nako ya ho kgetha ho tswelapele re le mmoho kapa ho lahlehelwa ke seo re neng re kgonne ho se bokeletsa. 

Ka ona motsotso re tla be re kgetha ho tswela pele; ho kwala moedi pakeng tsa Maafrika Borwa le ho aha setjhaba se nang le tekatekano; ho phethahatsa ditshepiso tse ho Molatheo wa rona ha mmoho le ponelopele ya Tjhatha ya rona ya Tokoloho. 

Ena ke nako e hlokang sebete le ketapele e babatsehang. 

Ke nako e hlokang tshebedisanommoho ho baballa bonngwe ba setjhaba, kgotso, botsitso, moruo o kenyeletsang bohle le naha e sa kgetholleng ka borabe le bonng. 

Maafrika Borwa a buile ka dikgetho tsa bona hore ba batla hore baetapele bohle ba sebedisane mmoho naheng ena. 

Ba laetse kemedi ya bona ho behella diphapang tsa bona ka thoko mme ba sebetse mmoho molemong wa katleho ya setjhaba. 

Re le mekga ya dipolotiki le baetapele ba tsona re laetswe ho sebetsa mmoho bakeng sa ho hodisa moruo, ntlafatsong ya mesebetsi, setjhaba se bolokehileng le mmuso o sebeletsang setjhaba. 

Mekga yohle ya dipolotiki e arabetse kgoeletso ena. 

Jwalo ka ha re utlwisisa hore ha ho mokga o tla busa o le mong esitana le ho etsa melao o le mong, mekga ena e dumellane ho sebedisana, ho sebedisa dineo tsa tsona molemong wa katleho ya naha ena le setjhaba sa sona.

Kaofela ba nkile qeto ya ho theha mmuso wa kopanelo ho theha lenaneo la moralo wa moshwelella o sa fetoheng. 

Ho thehwa ha mmuso wa kopanelo ke letshwao le bohlokwa. Ho bolela qaleho ya nako e ntjha. 

Re le baetapele ba naha ena, re ne re kopane ho theha mmuso wa kopanelo dilemong tse 30 tse fetileng ho aha setjhaba se kopaneng, mekga e teng mmusong wa kopanelo kajeno e boetse e dumellane ho sebedisana ho lwantsha mathata ao naha e tobaneng le ona. 

Mekga e dumellane ka Tokomane ya Tshebedisano eo ka yona e inehetseng ho potlakisa kaho ya moruo o kenyeleditseng bohle; ho ntlafatsa setjhaba ka ho qeta bofuma, ho baballa ditokelo tsa basebetsi; ho tlisa botsitso mmusong ha mmoho le ho matlafatsa bokgoni ba mmuso. 

Mekga ena e dumellane ho ntlafatsa maphelo a Maafrika Borwa ka thuto e maemong ha mmoho le tsa bophelo bo botle tse ntlafetseng; ho qeta bonokwane le manyofonyofo; ho ntlafatsa tshebedisano ya setjhaba le popahano ya sona; ho ba le leano la dikamano tsa matjhabeng tseo motheo wa tsona o leng ho ditokelo tsa botho, tshebedisano ha mmoho le kgotso. 

Jwalo ka Maafrika Borwa, re tlameha ho etsa seo re ka se etsang ho fihlela sena. 

Re tla mema mekga yohle, mekgatlo ya setjhaba, ya basebetsi, borakgwebo le e meng Ngangisanong ya Setjhaba moo ho yona ho tlang ho ngangisanwa ka diphephetso tseo naha ena e tobaneng le tsona. 

Re tla etsa jwalo ka ha re entse dinakong tse ngata nalaneng ya rona ho kopanya setjhaba ha mmoho le ho fihlela maikemisetso a Moralo wa Naha wa Ntshetsopele. 

Bonngweng ba rona, re le malapa, re le setjhaba kapa yona mekgatlo, ha re tshwarisaneng ho phethisa toro ya Afrika Borwa e ntlafetseng.

Leha re le batho ba fapafapaneng, empa re boetse re na le tumelo e le nngwe. 

Re rapella naha ya habo rona, re rapela ho matlafatsa meya ya rona le hona ho rapella ho phethahala ha ditabatabelo tsa rona. 

Re tlameha ho ba le sebete. 

Re tlameha ho tia sebete re itshepe.

Ena ke nako e bontshang katleho, phetoho le ntlafalo e kgolo. 

Re sheba diphetoho tsena ka thahasello le tshepo e kgolo. 

Re tlameha ho qhelela hole le rona tsohle tse lekang ho re arohanya kapa hona ho re thefula, ke bolela le tse ratang ho tlisa Khulakhulano le hona ho re qabanya. 

Bohle ba re emang ka pele kapa ba ratang ho re qabanya ba keke ba atleha hobane Maafrika Borwa a kopane. 

Bohle ba sa hlompheng ditsi tsa mmuso ba keke ba atleha hobane demokrasi e dipelong tsa batho mme e ke se nkwe. 

Ha ho motho ya ka re thibang ho sebeletsa setjhaba le ho phethisa ditabatabelo tsa bona. 

Ena ke nako ya ho leba pele. Re tla etsa tse ngata le tse atlehileng.

Ena ke nako ya ho sebedisa tsohle tse re nang le tsona ho arabela kgoeletso ya Maafrika Borwa.

Ha re a tlemaha ho dieha, ho fihlella theho ya mesebetsi bakeng sa ba sa sebetseng; ho fihlella batho bohle ba be le dijo; ho fihlella ditshebeletso di finyella metseng le metsaneng, ditoropong le dipolasing mme bohle maphelo a bona a ntlafala. 

Ha re a tlameha ho phomola ho fihlella basadi ba Afrika Borwa ba lokoloha setjhabeng, ho tsa setso, ho tsa moruo le ho tsohle tse ba hulelang morao. 

Re ke se phomole ho fihlella dinokwane di fela ditseleng tsa rona le dithethefatsi di fela setjhabeng; ho fihlella banna ba tlohela ho hlekefetsa bana le basadi; le ho fihlella bohle ba utswetsang setjhaba ba tshwarwa. 

Re ke se phomole setjhaba sa rona se angwa ke dikgohola, mello e hlaha le komello. 

Mmoho re tla kgona ho lwantsha ho fetofetoha ha maemo a lehodimo. 

Re tla amohela boikarabelo ba ho lwantsha ditlamorao tsa ho fetoha ha maemo a lehodimo ka kopanelo. 

Re tla etsa sena molemong wa maloko a rona ha mmoho le e latelang. 

Re tlo aha mmuso o tshepahalang le o nang le bokgoni. 

Mmoho re tla sebeletsa ho aha setjhaba se fapafapaneng le se nang le tekatekano ha mmoho le lerato, seo motheo wa sona e leng ditokelo tsa botho le popahano. 

Re tla tshwarana ka matsoho re le bontate le dikgaitsedi ho phatlalla le kontinente ya Afrika ho theha kgotso, ho tlisa botsitso le ntshetsopele. 

Ka Leano la Kontinente la Kgwebisano e sa Lefellweng, ka kaho ya mebila, diporo tsa diterene, difektri, ditsi tse fehlang motlakase, Afrika e tla ntjhafala ho tsa tlhahiso le kgwebisano. 

Kajeno, ke nka kano ya ho ba Mopresidente wa Maafrika Borwa ohle; 

ho sireletsa Molaotheo wa rona, ho baballa demokrasi ya rona; ho hlokomela ba futsanehileng le ba hlokang tshireletso, ho tshehetsa bohle ba hlokang le ho matlafatsa naha ya habo rona, e kgone ho setlela, e kopane le hona ho lekalekana. 

Ena ke yona toro eo seroki Sandile Dikeni a e hlalosang bukeng ya hae a bitswang ‘Love Poem for my Country’:

My country is for health and wealth
See the blue of the sea
And beneath the jewels of fish
Deep under the bowels of soil
Hear the golden voice of a miner’s praise for my country
My country is for unity
Feel the millions
See their passion
Their hands are joined together
And there is hope in their eyes.

Kajeno re tshwarane ka matsoho. Re kopane. Re na le tshepo e kgolo. 

E se e ka Modimo a ka hlohonolofatsa Afrika Borwa mme a baballe le setjhaba sa yona. 

Nkosi Sikelel’ iAfrika.

Morena boloka setjhaba sa heso. 

God seën Suid-Afrika. 

Mudzimu fhatutshedza Afurika.

Hosi katekisa Afrika.

Ha e lale.

Issued by
More from
More on

Share this page

Similar categories to explore