Puo ka Moporesidente Jacob Zuma Sebokeng sa Naha mabapi le Merusu e KwaZulu-Natal e tobileng Melata

Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang,
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang,
Motlatsi wa Moporesidente ya Hlomphehang,
Ditho tse Hlomphehang,
MaAforika Borwa a heso,

Nakong ya beke e fetileng re bile dipaki tsa diketsahalo tse nyarosang tsa merusu e tobileng melata dikarolong tse itseng tsa KwaZulu-Natal, eo eseng e fihlelletse dikarolo tse itseng tsa Gauteng. Diketsahalo tse kang tseo di etsahetse Soweto ka Pherekgong.

Ha ho palo ya ho teneha kapa kgalefo e tla hlalosa ditlhaselo ho melata le kgapo ya thepa ka mahahapa mabenkeleng a bona.

Re tshwela ka mathe merusu ena ka matla. Ditlhaselo di ferehla boleng boo Aforika Borwang e itlammeng ka bona, haholoholo hlompho ya bophelo ba batho, ditokelo tsa batho, seriti sa batho le Botho .

Naha ya rona e kgahlanong haholo mabapi le dintho ka leemo ho tshwana le kgethollo, lehloyo la melata, lehloyo mabapi le batho ba ratanang ka bong bo tshwanang le kgethollo ya basadi.

Re fetisa matshediso malapeng a bao ba lahlehetsweng ke maphelo a bona mme re lakaletsa ba lemetseng hore ba fole kapele.

Re kopa kgotso, phediso ya merusu le tekanyetso. Diketsahalo tsa tshenyo ha di a tshwanela ho dumellwa ho nka menyetla ka dingongoreho tsa baahi ho fehla moferefere le tshenyo.

Mathata a fe kapa a fe kapa ditaba tse amanang le baahi ba Aforika Borwa a tshwanela ho rarollwa ka kgotso le ka dipuisano.

Sepolesa se laetswe hore se sebetse bosiu le motsheare ho sireletsa melata le baahi le ho tshwara bankathepa ka mahahapa le bao ba nkang karolo ditlhaselong tsa merusu.

Re kopa baahi ho thusa sepolesa ka ho se fa tlhahisoleseding ka diketsahalo tse etsahetseng Gauteng le KwaZulu-Natal hore disinyi di tsebe ho ahlolwa semolao.

Re leboha baetapele ba bodumedi, mekgatlo eo eseng ya mmuso le bankakarolo ba fanang ka thuso ya botho bathong ba lahlehetsweng ke madulo.

Ha re ntse re tshwela ditlhaselo tsena ka mathe haholo, re hlokometse le ho utlwisisa ditaba tse itseng tse hlahisitsweng ke baahi ba Aforika Borwa a amehileng.

Re boeletsa tjhadimo ya rona hore maAforika Borwa ka bongata ha a na lehloyo kgahlanong le melata. Haeba ba ne ba le jwalo, re ne re keke ra ba le palo e hodimo ha kana ya melata eo e amohetsweng setjhabeng naheng ka bophara, ditoropong, metseng e meholo le mahaeng.
Ho na le mathata a moruo wa setjhaba a hlahisitsweng ao a ntseng a rarollwa.

Tsena di kenyelletsa ditletlebo ka melata e hlokang ditokomane tse moloaong ka hara naha, koketso ya palo ya mabenkele kapa dikgwebo tse nyenyane tse nkuweng ke melata mme hape le mehopolo ya hore melata e kena diketsong tsa ditlolo tsa molao.

Re lakatsa ho toboketsa hore le ha melata e meng e tshwerwe mabapi le ditlolo tse itseng tsa molao, ke ketso ya leshano mme e fosahetseng hore hothwe melata yohle e ameha ditlolong tsa molao naheng.

Ho tlatseletsa, ha se melata yohle e dulang naheng ya rona e seng molaong.

Ba bangata ba hara naha ka molao mme ba nehela moruong le ntshetsopeleng ya setjhaba ya naha. Ba bangata ba tlisa maitsebelo a haellang a ka re thusang ho ntshetsa pele moruo mme ba amohelehile hore ba ka dula naheng ya rona.

Ba bang ba tlile Aforika Borwa jwalo ka melata e neng e baleha dikgohlano kapa dintwa naheng tsa bona, ka tsela e tshwanang le eo maAforika Borwa a ileng a siya naha ya bona nakong e itseng mme ba dula dinaheng tse ding ka hara kontinente le tse kantle ha yona.

Re ne re tshwerwe ka mosa, seriti le hlompho ke bana ba bo rona hotswa kontinenteng ka bophara. Re keke ra lebala mofuthu le kgotso ya lona.

Tshehetso ya dinaha tse Etelletseng Pele Aforika e ka Borwa le ya Mokgatlo wa Kopano ya Aforika e ne e le bohlokwa katlehong ya tokoloho le demokerasi eo re ithabisang ka yona kajeno.

Ka hoo, Mmuso o tla tswela pele ho nka karolo ya ona ho phethahatsa maikarabelo le maitlamo a rona jwalo ka ditho tsa Kopano ya Aforika le tsa Matjhaba a Kopaneng.

Melata le melata e hlokang botshabelo e tla fuwa tshehetso ho latela melao ya matjhaba le ditsamaiso, ka tshehetso ya Mokomishenara e Moholo wa Melata wa Matjhaba a Kopaneng.

Re ipiletsa bathong ba rona ho tshehetsa le ho sireletsa melata le melata e hlokang botshabelo.

Nakong ya mafelo a beke, ke rometse Matona la Sepolesa, la Tshireletso ya Naha le la Lefapha la Merero ya Lehae ho sebetsa le mmuso wa Porofense wa KwaZulu-Natal ho laola merusu le ho kgutlisetsa maemo bodulong. Ba sebeditse hantle empa bothata bo hloka boitshunyako bo felletseng le ba moshwelella.

Ka hoo ke kgethile Setlamo sa Toka, Tshireletso le Thibelo ya Ditlolo tsa Molao ho sebetsa tabeng ena ka tlhoko, se kopantswe le Matona la Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, la Lefapha la Kgwebo le Indasteri le Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane .

Setlamo sa tshireletso le mafapha a moruo a ne a se a qadile ho sebetsa tabeng ena, ho latela diketsahalo tsa Soweto ka Pherekgong.

Jwale ke ba laetse hore ba sebetse ka potlako le ho buisana le baahi ba amehileng, mekgatlo e emelang melata, dikgwebo, mekgatlo eo eseng ya mmuso le bankakarolo ba bang ho sebetsana le dingongoreho tse hlahisitsweng mahlakoreng a mabedi.

Sepheo ke ho qoba diketsahalo tse ka bang teng ka ho lokisa dikamano le ho phahamisa phedisano enang le kgotso pakeng tsa baahi le bana ba bo rona ka hara kontinente, le melata emeng.

Hape re tla be re batla tshebedisanommoho le tshehetso ho tswa ho maqosa a amehileng a ka hara Aforika Borwa. Letona la Lefapha la Meroro ya Lehae o kopane le Baetapele ba Maqosa a Aforika bekeng e fetileng.

Letona la Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba le tla ntshetsa dipuisano tsena pele le dipuisano tsa hae le Baetapele ba Maqosa a Aforika hosane, ka 17 tsa Mmesa.

Re kopa Ditho tsa Palamente ho sebetsa le rona, setjhabeng sa bona, ho lokisa dikamano le ho phahamisa phedisanommoho e nang le kgotso pakeng tsa batho ba rona le melata.

Mahato a fapaneng a se a ntse a nkuwa ho lokisa ditaolo le ho laola ho fihla ha melata ka hare ha naha ya rona.

Tabeng ena, Mmuso o etsa kgatelopele ka ho hloma Lekala la Tsamaiso ya Bodara, le tla tsamaisa tikoloho ya bodara le madiboho ohle a kenello.

Bokgoni ba Lefapha la Merero ya Lehae bo a phahamiswa ho etsa hore bo kgone ho tshwara mathata a melata bo betere haholoholo madibohong a dibodara.

Tabeng ena, Sesole sa Naha sa Tshireletso sa Aforika Borwa (SANDF) se tla fetisetsa masole a 350 ho Lefapha la Merero ya Lehae, ho sebetsa jwalo ka bahlanka ba ho fihla ha melata madibohong a dibodara.

Ho feta moo, SANDF e rometse basebeletsi ba sesole bodareng diporofenseng tse supa to thibela diketsahalo tsa melato tsa dibodara le ho tshela ha dibodara ho seng molaong.

MaAforika a heso,

Re kgothaletsa bohle ho theola moya mme le laolehe.

Hape re kgothaletsa bao ba sebedisang dikgokahanyo tsa inthanete, ho lesa ho butswela malakabe a merusu ho Facebook, Twitter le mapatlelo a mang.
Kaofela ha rona re na le maikarabelo a ho phahamisa momahano ya setjhaba, phedisanommoho e nang le kgotso le dikamano tse ntle hara naha.

Melata e re thusa ho ntshetsapele merabe e fapafapaneng mme re amohele boteng ba bona. Hape re batla ho bona keketso dipalong tsa bohahlaudi ho tswa ho dinaha tse ka hara kontinente le ho arolelana haholo menyetla ya kgwebo jwalo ka karolo ya ho phahamisa ntshetsopele ya moruo wa moshwelella hara kontinente.
Mekete e tlang ya Kgwedi ya Aforika ka Motsheanong e re fa monyetla wa ho tswela pele ho phahamisa boitsebiso ba rona ba Aforika le dikamano tse ntle le bana ba bo rona ho tswa kontinenteng.

Re lebelletse mekete ya Letsatsi la Aforka porofenseng enngwe le enngwe ka di 25 tsa Motsheanong.

Baheso, ka boikokobetso re kopa batho bohle ho theosa moya.
Ditlhaselo ka lehloyo la melata ha di kgothalletswe naheng ya rona.
Nakong ya ntwa ya rona bakeng sa tokoloho re fumane thuso ho tswa dinaheng tse fapaneng. Batho ba dinaha tseo ha ba ka ba re leleka kapa ho re tshwara hampe.

Re fumane ditletlebo hore melata e meng ha e na ditokomane tse molaong hore ba ka ba Aforika Borwa.

Ho tlatselletsa tletlebong ena, baahi ba rona hape ba tletleba ka diketsahalo tsa melato tse etswang ke melata e meng mme ba ba ahlola ka ho ba nkela kgwebo le menyetla ya mesebetsi.

Mmuso o mametse ditletlebo tsena kaofela mme o tla di rarolla. Empa re boeletsa maemo a rona a hore ha hona lebaka lefe kapa lefe le ka etsang merusu ena hore e be molaong. Re nyahamisa maitshwara ana ka hohlehohle.

Jwalo ka Mmuso, re nka dikgato tse hlohakalang ho lokisa tshireletso le phihlello dibodareng tsohle tsa naha ya rona ho netefatsa hore ha ho melata e kenang hara naha ya rona ntle le molao. Hape re rometse bahlanka ba bang ba SANDF dibodareng ho thusa Lefapha la Merero ya Lehae ho rarolla bothata bona.

Ditho tse Hlomphehang,

Ha re sebetseng mmoho ho fana ka tshehetso melateng yohle e anngweng ke merusu ena.

Tjhata ya Tokoloho e re ho tla ba le kgotso le setswalle. Maikarabelo a rona ke ho phahamisa lefa lena la ho phedisana ka kgotso mme re le ntshetse pele.

Hape re phetha maikarabelo a rona a ho nehela ho Aforika e betere le lefatshe le betere.

Ha re sebetseng mmoho ho etsa naha ya rona sebaka se betere bakeng sa bohle ho phela ho sona.

Ke a leboha.

Share this page

Similar categories to explore