Puo ya Letona la Bophelo, Ngaka zwelini Zwelini Mkhize, ha a bua le baqolotsi ba ditaba ka phihlello ya diteko tsa matla a ente

Maafrika Borwa a ratehang,

Ka Mantaha wa la 08 Hlakola 2021, nna ke le Letona la Bophelo, Ngaka Zwelini Mkhize- ke buile le Komiti ya Matona a naha (IMC) e ikarabellang mererong ya letsholo la moento le etelletsweng pele ke Motlatsa Moporesidente wa naha, Mohlomphehi David Mabuza mabapi le matla a ente ya AstraZeneca kgahlano le mofuta wa kokwanahloko ya corona e leng 501Y.V2, o fumanwang Afrika Borwa. Ka mora moo ho ile ha ba le puo enngwe ho Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona ha IMC e ne e teka diphihlello tsa yona ka ente.

Mmuso wa Afrika Borwa o tsitlalletse ho netefatsa hore re etsa diqeto tse ntle mmoho le metjha ya ho tshireretsa setjhaba sa rona kgahlano le ditshwaetso, ho kenyeletsa le COVID-19. Afrika Borwa e na le melao e tsitsitseng ya ho netefatsa hore dihlahiswa tsohle tse ntjha tsa bophelo di bolokehile mme re thabela hore lekala la rona la dipatlisiso le sebetsa hantle, e seng fela bakeng sa taolo ya boleng, empa le ka ho etella pele diphuputso tsa lefatshe tse mabapi le kokwanahloko ya corona.

Borasaense le boradipatlisiso ba Afrika Borwa ba qadile dipatlisiso tse mabapi le matla a diente tse fapaneng ka selemo sa 2020. Ha selemo se ya se lebile ho fela le qalong ya kgwedi ya Pherekgong ya 2021, ba ne ba tsepamisitse maikutlo ho tshebetso ya diente kgahlano le mofuta wa kokwanahloko ya corona wa 501Y.V2. Sephetho sa dipatlisiso tsena se tswile ka Labohlano la di 05 Hlakola 2021 mme sa phatlalatswa ka Sontaha sa di 07 Hlakola 2021. Ke ka lebaka la sephetho sa mosebetsi ona oo mmuso o tsetetseng ka kotloloho ho ona, ho ileng ha fumanwa hore ente ya AstraZeneca ha e tshireletse sekgahla se mahareng ho isa ho se totileng sa mofuta wa kokwanahloko ya corona ya 501Y.V2. Sephetho sena se fihlileng hantle ka nako se netefaditse hore ho etswa mekutu yohle ya hore ho sebediswe ente ya maemo a hodimo bakeng sa letsholo la rona la moento.

Diente tsohle tse teng di hlahisitswe ka nako eo ho sa ntseng ho na le mofuta wa kokwanahloko ya corona wa SARS-COV-2 fela lefatshe ka bophara. Mekutu yohle ya mmuso ya ho fumana ente e qadile pele ho tsejwa ka mofuta wa kokwanahloko ya corona wa 501Y.V2 le mefuta e meng. Pele sephetho sa matla a ente se tswa, Afrika Borwa e ne e ke ke ya diehisa nako ya ho fihla ha meqeqeko ya ente hore fela e emele sephetho sa matla a ente ho tswa ho borasaense, hobane tiehiso ena e ne e tlo isa naha qetellong ya mola wa ho emela ente ka lebaka la leqeme la ente lefatshe lohle.

Setjhaba se na le ngongoreho ka ho tswa nakong ha meqeqeko e fihlileng ya ente ya AstraZeneca (30 Mmesa 2021). Diente tsena ha di a tswa nakong. Ntle le moo, ha re ne re ka tswella ka leano la pele la moento, ha Lefapha la Bophelo le ne le ka tswela pele ka ho enta ka AstraZeneca, marothodi a ne a tla be a fedile ka nako eo ente ena e tswang nakong. Ho feta moo, ha se ka sewelo ho fumanweng hore ente e tswa nakong ka Mmesa, empa ke ka lebaka la ho kenywa tshebetsong ha melao ya tiisetso le taolo ya boleng.

Ka lebaka la sephetho sa diphuputso tsa matla a ente, Lefapha la Bophelo le tla tswela pele ka mokgahlelo wa pele o neng o ntse o le motjheng empa le tlo sebedisa ente ya Johnson & Johnson boemong ba ya AstraZeneca. Ho pakwa hore Ente ya Johnson & Johnson e sebetsa hantle kgahlano le kokwanahloko ya 501Y.V2 mme metjha ya tumello ya hore e ka sebediswa Afrika Borwa e ntse e etswa. Letsholo la moento le tla tswela pele e le mokgwa wa diphuputso tsa tshebetso ya ente, ka tshebedisano mmoho ya Khansele ya Diphuputso tsa Meriana le ditheo tsa Lefapha la Naha la Bophelo naha ka bophara. Hona ho tla fana ka lesedi la bohlokwa ka sewa sena setjhabeng se seng se entilwe, mme ho tla thusa hore ditshwaetso tse ntjha di bonahale ka nako ha di ka ba teng basebetsing ba bophelo ba seng ba entilwe.

Ntle le moo, naha e se e beheleditse marothodi a Pfizer bakeng sa mokgahlelo wa pele wa letsholo la ho enta. Borasaense ba rona ba ntse ba tswela pele ho lekola diente tse ding mme le rona re ntse re tswela pele ho bua le bahlahisi ba tsona.  Re se re le mekgahlelong e pele ya ho lekola le ho buisana le bahlahisi ba ente ya Sputnik-V. Dipuisano le Sinopharm le tsona di ntse di tswela pele mme ho ntse ho nahanisiswa dipehelo tsa China. Ho se ho saennwe tumellano ya ho etsa taba ena lekunutu mme  tumello ya Bolaodi ba Taolo ya Dihlahiswa tsa Bophelo ba Afrika Borwa e sa le motjheng. Ka ho tshwana le tse ding, dipuisano tsa rona le Moderna le tsona di sa tswela pele mme re tla tsebisa hape nakong e tlang, jwalo ka ha re hlola re etsa, ha re le maemong a ho etsa jwalo.

Ka lehlakoreng le leng, borasaense ba rona ba tla tswela pele ka ho sekaseka tshebediso ya ente ya AstraZeneca Afrika Borwa, mme ho latela keletso ya bona, ente ena e tla tjhentjhwa pele e tswa nakong. Ka ho tjhentjha diente tse sa sebetsang pele ho nako ya tsona ya ho tswa nakong, Lefapha la Bophelo le tla etsa bonnete ba hore diente tse seng di le teng tsa AstraZeneca ha di fetohe tshenyo le tshebediso e bohlaswa ya tjhelete.

Le ha ho le jwalo, re lakatsa ho hopotsa setjhaba sohle sa naha hore ho fihlela naha e ba le palo e hodimo ya batho ba seng ba entilwe, sephiri sa ho thibela COVID-19 e sa le ho ikobela melawana ya bophelo ya ho hlapa matsoho ka sesepa kapa ka sebolaya dikokwanahloko se nang le diperesente tse 70 tsa alkhoholo, ho apara semonkwana ha o le hara batho, le ho siya sebaka sa mitara le halofo pakeng tsa hao le motho e mong.

E ntshitswe ke: Lefapha la Bophelo
Ofisiri ya Kgokahanyo ya Boqolotsi (MLO): Ngaka Lwazi Manzi
Cell: 082 678 8979

Share this page

Similar categories to explore