Komiti e Kgethilweng ho tsa Kgwebisano le Indaseteri, Ntshetsopele ya Ekonomi, Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane, Bohahlaodi, Khiro le Mesebetsi e mema batho ba nang le seabo le ba nang le thahasello ho fana ka dinyehelo tse ngotsweng mabapi le Bili ya Phetolo ya Dikgwebo tse Nyane ya Naha [B16B – 2023] (kar ya 76).
Bili ya Phetolo ya Dikgwebo tse Nyane ya Naha [B16B – 2023] (kar ya 76) e batla ho:
• Fetola Molao wa Naha wa Dikgwebo tse Nyane wa 1996, e le ho lokisa, ho hlakola, ho kenya le ho nkela sebaka ditlhaloso tse itseng;
• Lokisetsa tlaleho ya Lekala la Boeletsi;
• Lokisetsa ho thewa ha Ejensi ya Ditjhelete tsa Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane;
• Lokisetsa mesebetsi ya Ejensi; ho netefatsa phano ya ditshebeletso tsa tshehetso tsa ditjhelete le tseo e seng tsa ditjhelete ho dikgwebo tse nyane;
• Kgothaletsa ntshetsopele ya dibanka tsa dikoporasi tse tshwarellang le tse nang le boikarabelo;
Lokisetsa ho thehwa ha Ofisi ya Tshebeletso ya Monamodi wa Dikgwebo tse Nyane;
• Etsa hore ho be le tikoloho e lekalekaneng ya kgwebo bakeng sa dikgwebo tse nyane ka ho fana ka phihlello ya toka ka theko e tlase le e sebetsang hantle;
• Matlafatsa Letona ho phatlalatsa hore mekgwa e itseng e amanang le dikgwebo tse nyane e thibetswe jwalo ka mekgwa e sa lokang ya kgwebo;
• Lokisetsa bakeng sa ditlhophiso tsa nakwana tse kgontshwang ke ho thehwa ha Ejensi;
• Lokisa ditlamorao kapa diphetolo tse hlokahalang ho Molao wa Dibanka tsa Dikoporasi wa 2007, le ho Molao wa Dikoporasi wa 2005; le ho
• Fana ka dintlha tse tsamaelanang le tsona.
Batho ba nang le thahasello le ba nang le seabo ba lakatsang ho fana ka maikutlo ba koptjwa hore ba romele maikutlo a ngotsweng ho Komiti pele ho 12:00 motsheare ka Labohlano wa la 16 Tlhakola 2024. Ba batlang ho fana ka maikutlo dikopanong tsa setjhaba ba lokela ho kopa sena ka ho kgetheha, empa ho ke ho hlokomelwe hore ho amohelwa ha dikopo tse jwalo tsa tlhahiso ya molomo ke boikarabelo ba Komiti.
Dikhopi tsa Dibili di a fumaneha ho www.parliament.gov.za
Ngollano yohle e romelwe ho Mong M Rayi, Modulasetulo: Komiti e Kgethilweng ho tsa Kgwebisano le Indaseteri, Ntshetsopele ya Ekonomi, Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane, Bohahlaodi, Khiro le Mesebetsi. Dinyehelo di lokela ho romellwa diatereseng tsa imeili tse latelang: mkoff@parliament.gov.za le ndinizulu@parliament.gov.za.
Dipotso di ka lebiswa ho Mof M Koff ho 083 709 8527, kapa ka imeili: mkoff@parliament.gov.za kapa Mof N Dinizulu ho 083 709 8393 kapa ka imeili ndinizulu@parliament.gov.za.
E hlahisitswe ke: Mong M Rayi, Modulasetulo: Komiti e Kgethilweng ho tsa Kgwebisano le Indaseteri, Ntshetsopele ya Ekonomi, Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane, Bohahlaudi, Khiro le Mesebetsi.