Afrika Borwa e Saretswe ke ho Hlokahala ha Motlatsa Mopresidente wa Mehleng, David Mabuza
• Motlatsa Mopresidente wa mehleng, David Mabuza o hlokahetse a le dilemo di 64, ka Labone la la 3 Phupu 2025 ka mora ho kula nakwana.
• Mmuso o lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko ho lelapa le metswalle ya Motlatsa Mopresidente wa mehleng, David Mabuza.
• David Mabuza e bile Motlatsa Mopresidente wa Afrika Borwa ho tloha ka 2018–2023.
• David Mabuza o tla hopoleha ka kabelo ya hae e ikgethileng mabapi le ho lwantsha kgetholo le boetapele ba hae bo ikgethileng ha mmoho le ho rata naha ya habo.
• O ile a nehela bophelo ba hae ho sebeletseng naha mme o sihile nalane e bontshang botho, boinehelo le ho sebeletsa setjhaba ha mmoho le ho ba le kabelo ho tliseng demokrasi e nang le molaotheo naheng ena.
• Bophelong bohle ba hae ba tsa dipolotiki, o sebeditse ka boinehelo ho tlisa diphetoho tse sa feleng maphelong a batho.
Mopresidente Cyril Ramaphosa o Boletse ha Motlatsa Mopresidente wa Mehleng a tla Tlotlwa ka Lepato la Semmuso la Boemo ba Bobedi
• Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa e tla etsa menyakwe ya yona tshebeletsong ya lepato la Motlatsa Mopresidente wa mehleng e tla tshwarelwa mane Mpumalanga.
• Mopresidente Ramaphosa o boletse ha ho tloha ka la 07 Phupu 2025 ho isa phirimaneng ya Moqebelo wa la 12 Phupu 2025 e tla ba matsatsi a ho ila mme difolakga tsa naha di tla fofela tlase matsatsing ana.
• Motlatsa Mopresidente Mabuza o ile a sebeletsa setjhaba sa Mpumalanga jwalo ka Tonakgolo ho tloha ka 2009 ho isa ka 2018, ha pele ho moo e ne e le Setho sa Palamente ya Mpumalanga dikomiting tse ngata.
• O ile a sebedisa bokgoni le boetapele ba hae jwalo ka Moetapele wa Dikgwebo tsa Mmuso Palamenteng mme hape a etella pele Moifo wa Afrika Borwa wa Eitsi.
• Motlatsa Mopresident Mabuza ha ngata o ne a emela Afrika Borwa mekgatlong ya matjhaba mme hape a tsamaya a tiisa tshebedisano pakeng tsa Afrika Borwa le mahlahana a yona.
David Mabuza o Sebeleditse Setjhaba ka Bokgabane
• E ne e le moitseki nakong eo a neng a kena dipolotiking mme o qetelletse e le moetapele mme a etsa mosebetsi wa ho kopanya Afrika Borwa le kontinente le dinaha tsa matjhaba jwalo ka Motlatsa Mopresidente.
• O ile a emela naha ya habo rona ka lerato mme a e ntshetsa pele boemong ba matjhaba.
• Re thabela boinehelo ba hae ntweng ya tokoloho ha mmoho le ho theheng demokrasi ya naha ena.
• Motlatsa Mopresidente enwa o ne a ratwa haholo a bile a hlokomelwa ke bohle bao a neng a kopana le bona.
David Mabuza o Bapetse Karolo e Pele ho Netefatseng Hore re ba le Tokoloho le Demokrasi e Nang le Molaotheo
• David Mabuza o hlahile ka 1960, a hlahela mane Phola haufi le Hazyview, Mpumalanga mme ke mora wa boraro ho ba bahlano.
• E ne e le titjhere ya dipalo mme a qala mosebetsi wa hae Mokgatlong wa Baithuti wa Azanian (Azaso) dilemong tsa botjha ba hae ka bo 1980 mme ha morao a ikamahanya le mokga wa Congress Movement, o neng o etelletswe pele ke ANC.
• Mabuza ke e mong wa bathehi ba demokrasi mme o bapetse karolo ya bohlokwa kahong ya naha ena ka mora ho fediswa ha kgetholo.
• Ka mora dikgetho tsa pele tsa demokrasi tsa 1994, o ile a nehwa karolo ya ho netefatsa hore mmuso o fihlela ditabatabelo tsa Tjhatha ya Tokoloho e qetang dilemo tse 70 selemong sena.
• E ne e le moetapele ya nang le bokgoni mosebetsing wa hae mmusong.
• O ne a ena le bokgoni ba ho bopa setjhaba, mona lapeng le kontinenteng ka bophara.
• Ka karolo ya hae ya ho ba Moemedi e Moholo wa Afrika Borwa mane Sudan Borwa, o ile a kgona ho etsa hore ho be le Tumellano ya Mmuso wa Kopanelo naheng eo.
• O ile a bapala karolo e kgolo ntshetsopeleng ya marena mane profensing ya Mpumalanga.
Ha re Thabeleng Bophelo ba David Mabuza mme re Tshepiseng ho Hata Mehlaleng ya Hae
• David Mabuza o ne a rata naha ya habo mme e le molwanedi wa tokoloho ya neng a inehetse ho sebeletsa Maafrika Borwa.
• David Mabuza ke karolo ya baneng ba qholotsa mmuso wa kgetholo mme Maafrika Borwa ohle a tlameha ho leboha karolo eo a e bapetseng tokolohong ya naha ena.
• Ho hlokahala ha hae ke kgoeletso ho moloko wa batjha ho ntshetsapele mosebetsi wa hae ho tloha moo a feletseng ho hodisa moruo oo bohle ba tlang ho una molemo ho ona.
• O fihlelletse dibaka tse hole tsa Afrika Borwa tse neng di finyelleha ha boima, empa yena a rata hore le tsona di thusahale.
• O sebedisitse bokgoni ba hae ba ho kopanya setjhaba ka ho theha Moifo wa Naha wa Afrika Borwa wa Eitsi wa Lekala le Ikemetseng, e leng se ileng sa tlisa diphetoho twantshong ya HIV le Lefuba naheng ena.
• Ka diketso tsa rona re ka tswelapele ho ntshetsapele mosebetsi wa David Mabuza le wa ba bang bao re ba tshepang ka ho netefatsa hore re ba le setjhaba se nang le toka ho bohle.
• Ha re sebedisana, re ka ntshetsa Afrika Borwa pele hore e hlole diphephetso tse tharo tse ka sehloohong e leng, leqeme la mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane.
• Re tlameha ho tswelapele ho lwanela naha e sebeletsang bohle, eo motheo wa yona e leng makgabane a tokoloho, demokrasi le tekatekano jwalo ka ha re phehelletse ho Afrika Borwa e betere le lefatshe le betere.