Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 29 Mmesa 2015

1. Ditlhaselo tsa moraorao tjena tsa melata

1.1. Kabinete e ananela kgotso le kgutso e bonahalang e leng teng metseng e neng e anngwe ke ditlhaselo tsa moraorao tjena tsa melata. Kabinete e thoholeditse mafapha a sebeditseng ka Setsi sa Naha sa Tshebetso sa Kopanelo bakeng sa ho fedisa diketso tsa merusu tse etsahetseng KwaZulu-Natal le Gauteng.

1.2. Kabinete e thoholeditse baetapele ba diporofense le bomasepala dibakeng tse neng di amehile bakeng sa karolo ya bona ya ho fana ka pebofaletso le ho etella pele morero wa ho kopanya botjha melata le badudi.

1.3. Bekeng e fetileng, Moporesidente Jacob Zuma o ile a bitsa dikopano tsa bankakarolo le baemedi ba dikgwebo, dihlopha tsa bodumedi, mekgatlo ya basebetsi, ya setjhaba le ya melata. Dipuisano e ne e le tse ahang bakeng sa ho thusa tabeng ya ho ntshetsa tsamaiso ena pele. Bankakarolo bohle ba ile ba dumellana ka lentswe le le leng tabeng ya ho hlahisa ho tshwela ka mathe ditlhaselo tsena le ho itlama ho sebetsa le mmuso ho fumaneng tharollo ya moshwelella.

1.4. Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) e thontsweng moraorao tjena mabapi le Bofalli e sebetsa bakeng sa ho fumana tharollo ya moshwelella mabapi le dintlha tse hlahisitsweng ke badudi le melata.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e entsweng mabapi le Rejisetara ya Thepa e sa Sutheng ya Mmuso wa Naha. Lekala la Ditshebeletso tsa Boingodiso ba Matlo le se le thehilwe ho tloha ka la 01 Mmesa 2015. Lekala lena le tla laolwa ka hara Setheo sa Bolaodi ba Kgwebisano ya Thepa ya Bodulo mme le tla okamela thepa ya Puso e sa sutheng. Le tla sebetsa jwaloka setsi sa poloko se le seng sa thepa e sa sutheng ya Puso, mme le tla fana ka bodisa, bolaodi le peho-leihlo ya Rejisetara ya Thepa e sa Sutheng ya Mmuso.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollwa ha Moralo wa Leano mabapi le Lebollo la Setso bakeng sa hore setjhaba se tshwaele ka ona. Morero wa leano lena ke ho batla ho tshireletsa, ho kgothaletsa le ho laola lebollo ka ho sisinya mekgwa le maemo a amohelehang mme hape le ho qala mekgatlo boemong ba naha le ba diporofense. Le tla netefatsa hore mabollo a etsahala ka hara tikoloho e laolehang.

Sena se etsa karolo ya mehato e nkuwang ke mmuso ho hatella mekgwa e nepahetseng, e amohelehang ya mesebetsi ya setso le ho busetsa maemo a amohelehang a boikarabello ao esale a sebediswa bakeng sa dilemo tse telele.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana Lenaneo le kopanetsweng la mmuso la Bodulo ba Batho bakeng sa Masepala wa Nelson Mandela Bay le tla sebedisa Lekala la Ntshetsopele ya Matlo jwaloka motjha wa ho kenya mesebetsi ya lona tshebetsong.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Seboka sa Matjhaba sa Mekgatlo ya Dilaeborari le Ditheo tsa Seboka sa Selemo le Selemo sa Tlhahisoleseding ya Dilaeborari tsa Lefatshe ho la Motse Kapa ho tloha ka la 15 ho isa ho la 21 Phato 2015 tlasa mookotaba "Dilaeborari tse Hlwahlwa: Phihlello, Ntshetsopele le Diphethoho".

2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Tumellano ya ho Fedisa Kgwebo e seng Molaong ya Dihlahiswa tsa Kwae.
Sena ke ho ya ka Seboka sa Moralo wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle mabapi le Taolo ya Kwae oo Aforika Borwa e o tjhaelletseng monwana ka Mmesa 2005. Tumellano e tla thusa dinaha ho nka mehato ya lefatshe kgahlanong le kgwebo eo e seng molaong ya dihlahiswa tsa kwae haholoholo dinaheng tse saenetseng Tumellano.

3. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa hajwale

3.1. Kabinete e hlahisitse matshediso a yona ho malapa a bao ba hlokahalletseng dikotsing tsa dipalangwang tsa moraorao tjena tse ileng tsa kenyeletsa ho thulana ha dibese tse pedi Johannesburg bekeng e fetileng le ho thulana ha diterene bekeng ena Seteisheneng sa Denver ka borwa ho Johannesburg. Kabinete e tshepa hore dipatlisiso ka mafapha a amehang di tla fatolla disosa tsa dikotsi tsena le ho netefatsa hore dikotsi tse kang tsena ha di etsahale.

3.2. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma ka ho fetisa matshediso a yona ho lelapa, metswalle le ho barati bohle ba bolo ya maoto ka ho hlokahala ha qhoku ya mehleng ya Bafana Bafana John “Shoes” Moshoeu ya bolokuweng ka Mantaha, 27 Mmesa 2015. O tla dula a hopolwa jwaloka sebapadi sa bolo se neng se na le talente e babatsehang haholo se bapetseng karolo ya bohlokwa tlholong ya rona ya Mohope wa Dinaha tsa Aforika wa 1996.

3.3. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma ka ho fetisa matshediso ho Mmuso le batho ba Rephaboliki ya Demokerasi ya Bofederale ya Nepal, ho latela ho reketla ha lefatshe ho matla ka Moqebelo, 25 Mmesa 2015, ho nkileng maphelo a batho ba dikete. Kabinete e thoholetsa mekgatlo eo e seng ya mmuso ya Aforika Borwa eo e seng e rometse dithuso tsa botho Nepal.

3.4. Kabinete e hlahisitse matshediso a tebileng ho lelapa la Moborikadiri Mokgenerale Bita ya hlokahetseng a le dilemo tse 75 ho la Tanzania. Moborikadiri Mokgenerale Bita o sebeditse jwaloka Mongodi wa Phethahatso wa Komiti ya Tokoloho ho Mokgatlo wa Kopano ya Aforika (OAU) wa mehleng. E ne e le moamohedi wa Kgau ya Metswalle ya O.R. Tambo ya Gauta, e leng tlhompho e kgolohadi eo Aforika Borwa e fanang ka yona ho melata.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Zuma o tla kenela Sehopotso sa bo70 sa Tlholo e Kgolo ya Ntwa ya Lerato la Naha (Ntwa ya Lefatshe ya II) Red Square ho la Moscow ka la 9 Motsheanong 2015. O tla boela a tshware dipuisano tsa dinaha ka bobedi le Moporesidente wa Russia Vladimir Putin.
Leeto lena le tla ahella hodima dikamano tsa hajwale tsa bobedi bona le Mokgatlo wa Russia bakeng sa ho ntlafatsa ho ya pele tshebedisanommoho dintlheng tse ngatanyana.

4.2. Bakeng sa ho keteka Letsatsi la Basebetsi (1 Motsheanong 2015), Kabinete e etsa kgoeletso ho basebetsi bohle ho kopana le ho aha moruo wa Aforika Borwa, le ho nehela ho kontinente le lefatshe.

Ho tloha ka 1994 mmuso o ntsheditse pele ditokelo tsa basebetsi e leng se bakileng hore basebetsi ba kgole molemo ho tloha tlhahisong ya basebetsi ba tswelang pele le tshireletso ya melemo ya kahisano.

4.3. Mafapha a Naha a tla teka dipuo tsa ona tsa ditekanyetso Palamenteng mahareng a la 5 le la 21 Motsheanong 2015 ho hlakisa mesebetsi ya ona e ka sehloohong bakeng sa selemo sa hajwale sa ditjhelete.

Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa oohle ho latela dipuo tsa ditekanyetso mapatlelong a fapafapaneng a boraditaba hore a tle a utlwisise betere ha Matona a hlahisa meralo bakeng sa Lenaneo la Tshebetso la Mmuso (PoA).

4.4. Lefapha la Bohahlaodi mmoho le ba Bohahlaodi ba Aforika Borwa ba tla tshwara INDABA 2015 ho tloha ka la 9 ho isa ho la 11 Motsheanong 2015 Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli ho la Durban.

Ketsahalo ena ya seAforika ke lepatlelo le hlokolosi bakeng sa ho hodisa dihlahiswa tsa rona tsa bohahlaodi mmarakeng wa matjhaba. Hape e tshehetsa pono ya mawala a Lekala la Naha la Mawala a Bohahlaodi bakeng sa ho hodisa palo ya baeti ba matjhaba ba kenang ka hara naha ho ya ho 15 milione ka 2020 mme kahoo ho hlahiswe mesebetsi e 225 000 e metjha.

4.5. Kabinete e ananela Seboka sa bo5 sa Bong sa Aforika, e leng sa pele ho tshwarelwa kontinenteng ya Aforika. Seboka se tshwaretswe Setsing sa Matjhaba sa Dikopano ho la Motse Kapa. Seboka ke lepatlelo bakeng sa dihlopha le mekgatlo ho parola le maemo oohle a diphuputso tsa saense bakeng sa ho sebetsana le dintlha tsa bong tse amang bohle. Seboka sena se tshwarweng ke Lekgotla la Diphuputso tsa Disaense tsa Botho se matlafatsa lenaneo la Aforika la diphuputso hore saense, thekenoloji, dikaho tsa motheo, tjhelete, bokgoni le tlhahisoleseding di kgone ho tshehetsa betere ntshetsopele ya kontinente.

4.6. Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tla tshwaya Beke ya Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le Bohlweki ho tloha ka la 11 ho isa ho la 15 Motsheanong 2015 tlasa mookotaba “Ha se feela ka ho folasha”.

Beke ena, e ileng ya kgakolwa la pele Foramong ya Global WASH e neng e tshwaretswe Dakar, ho la Senegal ka 2004, e reretswe ho hlahisa temoso ka bohlokwa ba tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho hodisa ditshebetso tse hlwahlwa tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere.

Ho tloha ka 1994 mmuso o entse menyabuketso e meholo bakeng sa phano ya ho fihlella metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere. Ho tloha ka Loetse 2013, Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le fedisitse tshebediso ya mabakete a 14 386 naheng ka bophara. Mmuso o sa dutse o itlamme bakeng sa ho fedisa tshallomorao ya tshebediso ya mabakete ka hohlehohle ho badudi ba rona bohle.

5. Dithonyo
Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

5.1 Precious Matsotso – Ho ntjhafaditswe konteraka ya dilemo tse hlano ya Molaodikakaretso (DG): Lefapha la Bophelo bo Botle.

5.2 Monghadi Thabane Zulu – Katoloso ya Konteraka bakeng sa dikgwedi tse 12 e ka ntjhafatswang: Molaodikakaretso: Lefapha la Bodulo ba Batho.

5.3 Ditho tseo e seng tsa phethahatso ho Boto ya Bohahlaodi ya Aforika Borwa:
a) Monghadi Vincent Zwelibanzi Mntambo (o thontswe hape);
b) Monghadi Graham Ian Wood (o thontswe hape);
c) Ngaka Ayanda Ntsaluba (o thontswe hape);
d) Mofumahadi Charlotte Mary Chichi Machichana Maponya;
e) Monghadi Oregan Percival Mark Hoskins;
f) Ngaka Tanya Ethel Abrahamse;
g) Ngaka Iraj Abedian;
h) Mofumahadi Monhla Wilma Hlahla;
i) Mofumahadi Michelle Julie Constant;
j) Mofumahadi Judy Valerie Nwokedi;
k) Monghadi Aloysius Thebeetsile Ikalafeng (o thontswe hape);
l) Monghadi Colin Geoffrey Bell;
m) Mofumahadi Amor Malan;
n) Mofumahadi Mmaditonki Setwaba

Lekgotla la Aforika Borwa le mabapi le Diporofeshene tsa Saense ya Tlhaho:
a) Ngaka Gerda Botha (o thontswe hape);
b) Ngaka Stephanus Esias Terblanche;
c) Moporofesara K A Nephawe;
d) Monghadi Neale Lance Baartjes;
e) Moporofesara George Johannes Bredenkamp;
f) Moporofesara Robin Michael Crewe;
g) Moporofesara Brian Kevin Reilly (o thontswe hape);
h) Ngaka Juanita van Heerden;
i) Ngaka Jacqueline Suzanne Galpin;
j) Ngaka Roelof Coetzer;
k) Ngaka Irvy Gledhill;
l)  Monghadi Khangwelo Desmond Musetsho;
m) Ngaka Monde Mayekiso;
n) Monghadi Fhatuwani Leonard Ramagwede;
o) Ngaka Phethiwe Matutu;
p) Ngaka Philia Rixongile Vukea;
q) Moporofesara Mairam Gulumian;
r) Monghadi Poobalan Troy Govender;
s) Ngaka Wendy Ngoma;
t) Mofumahadi Thulisile Njapa Mashanda; le
u) Mofumahadi Matuloe Pertunia Masemola.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore