Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 13 Motsheanong 2015

1. Dintlha tsa Bohlokwa ka hara tikoloho

1.1.  Moporesidente Jacob Zuma o tla etella pele mekete ya Letsatsi la Aforika tlasa mookotaba: “Re Aforika – Re bula mamati a ho ithuta le botjhaba ho tloha Kapa ho ya Cairo” ka la 24 Motsheanong 2015 khemphaseng ya Mamelodi ya Yunivesithi ya Pretoria.

Ka moya wa Letsatsi la Aforika, Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa, ka ho qolleha batjha, ho sebetsa mmoho bakeng sa ho matlafatsa bonkakarolo ba bona mererong ya naha ya rona. 

Kgwedi ya Aforika ke lepatlelo la ho hodisa kopano hara ditjhaba tsa Aforika le bana ba bo rona ba dulang ka hara Aforika Borwa. Kopano ya kontinente e kgannwa ke mananeo a Kopano ya Aforika a ho fihlella pono ya yona jwaloka ha e tekilwe ho Lenaneo la 2063. Kontinente, e tataiswa ke baahi ba yona, e tla tsitlallela Aforika e momahaneng, e tswetseng pele le e nang le kgotso.

Letsatsi la Aforika hape le hlahisa monyetla bakeng sa maAforika Borwa hore a tsebane botjha le ho itlama botjha bakeng sa ho tshehetsa boitshunyako bohle ba mmuso ho ntshetsapele Aforika e betere le lefatshe le betere.

Mookotaba wa Kgwedi ya Aforika, “Re Aforika”, ke pehelo ya tiisetso le ya keteko ya boikgantsho bo kgothaletsang kenyeletso ho tswa ho bankakarolo bohle. Hape ke kgoeletso ho batho ka bo mong le dihlopha ho tswa ka makgalo oohle a bophelo ho itahlela ka setotswana mohoong wa diphethoho.

1.2. Kabinete e ananela welcomes Operation Fiela\Reclaim 2015, e leng tshebetso ya dintlha tse ngatanyana ka dipopeho tse fapafapaneng tsa mmuso ho netefatsa ho imatahanya ka matla le melao e fapafapaneng le melawana e laolang setjhaba sa rona.

Sepheo sa tshebetso ena ke ho sebetsana le dintlha tsa botlokotsebe tse kang dibetsa tse seng molaong, mahaha a dithethefatsi, maqulwana a bootswa le mesebetsi e meng ya botlokotsebe.

Kabinete e boeletsa hore tshebetso ena ha e ya lebiswa ho melata, empa diketsong tsa botlokotsebe ka hara naha ya rona jwaloka ha di utulutswe ka letoto la dipuisano le badudi. Tabeng ena, Kabinete e hanana ka matla le mohopolo wa hore tshebetso ena e lebisitswe ho melata.

Jwaloka naha e ikgantshang ka ho ba le Molaotheo o lokolohileng ka ho fetisisa lefatsheng, re nkile ketapele e bohareng mabapi le dintlha tsa ditokelo tsa botho, kahoo re keke ra dumella tshebetso e tla tlola melao ya ditokelo tsa botho tsa motho ofe kapa ofe ka dihlopha dife kapa dife.

Kabinete e thabetse kgatelopele e entsweng ka Operation Fiela, eo esale e thakgolwa e entseng hore ho be le ho tshwarwa ho ho ngatanyana matsholong a ho kgwasa dibaka tse nang le mathata haholo ho parola le naha. Kabinete e ananela karabelo ho tswa ho setjhaba se imatahantseng le bahlanka ba molao bakeng sa ho etsa bonnete ba hore bohle ba bolokehile le ho ikutlwa ba bolokehile ka hara naha.

Tshebetso ena, e matlafatsang ntwa kgahlanong le botlokotsebe, e thusa hape ho hodisa le ho bopa Aforika Borwa e batlang e bolokehile le ho tshireletseha.

Komiti e Kopanetsweng ya Matona ya Bofalli e tla kopana le boraditaba ho ba beha sehlohlolong ka mosebetsi wa yona ohle, ho kenyeletswa le Operation Fiela.

2. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

2.1. Kabinete e ananela dipuo tsa ditekanyetso tsa mafapha a fapafapaneng le ho thabela ditlaleho tse tebileng tseo Matona a fanneng ka tsona mabapi le kgatelopele eo a e entseng bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba batho. Ditsebiso di ile tsa hlalosa ho ya pele ka meralo ya mafapha a bona ka ho fapana bakeng sa selemo sena sa ditjhelete.

2.2. Kabinete e ananela ho thakgolwa ha Boikitlaetso ba Moetapele ke Lefapha la Merero ya Lehae kantorong ya lona ya Edenvale ka la 12 Motsheanong 2015. Sepheo sa Boikitlaetso bona ke ho fetolela tse ding tsa dikantoro ho ‘dikantoro tsa popota’ jwaloka dithuthuhiso tsa mosebetsi o hlwahlwa ka ho fetisisa. Sena se tla matlafatsa phano ya ditshebeletso tse hlokolosi ho maAforika Borwa le ho ba thusa ho fumantshwa ditshebeletso tsa mmuso ka bokgabane.

2.3. Kabinete hape e ananela ho thakgolwa ha Dikgau tsa Bofalli tsa Aforika Borwa tse tla tlotla bafalli ba hlahelletseng ka mahetla ka hara Aforika Borwa le maAforika Borwa a sebetsang dinaheng tsa Aforika. Kabinete e ipeletsa ho badudi ho kgetha ba ba nang le moya wa Botho e bile ba inehetse ntshetsopeleng ya kontinente ya Aforika ka ho romela imeile ho samigrantawards@dha.gov.za

Dikgetho di kwalwa ka la 20 Motsheanong 2015 mme bahlodi ba tla tsebiswa ka Letsatsi la Aforika (25 Motsheanong). Mokgahlelo o kgahlisang ka ho fetisisa wa dikgau tsena ke o tla ananela badudi ba Aforika Borwa ba atlehileng ho amohela melata ka hara bona le ho phela mmoho ka kgotso.

2.4. Kabinete e ananela ho ntshwa ha dikantoro tsa hloma-o-hlomolle naheng ka bophara bakeng sa ho thusa bohle ba lokelang ho kenya dittseko tsa bona tsa mobu. Sena ke tlatsetso ya dikantoro tse 14 tsa ditseko tse teng diporofenseng kaofela.

Tsamaiso ena ke karolo e pharaletseng ya dikgokahanyo tsa naha tsa ho fihlella bohle ya ho kenya tshebetsong Sehlomathiso sa Molao wa Tlhabollo ya Ditokelo tsa Mobu wa 2014, se saennweng ho ba molao ke Mopresidente Zuma. Sehlomathiso sa Molao wa Tlhabollo ya Ditokelo tsa Mobu se fana ka puseletso kapa tlhabollo e lekalekanang ho batho le badudi ba ileng ba nkelwa ditokelo tsa mobu kamora 19 Phuptjane 1913.

MaAforika oohle a nang le tokelo a fetilweng ke nako ya letsatsi le neng le behilwe e le la ho qetela la 31 Tshitwe 1998 bakeng sa ho kenya ditseko a na le monyetla o atolositsweng ho fihla ka la 30 Phuptjane 2019.

2.5. Kabinete e ananela kopano ya Letona la Mehlodi ya Diminerale le baemedi ba indaseteri ya merafo le bankakarolo ba bang ho tshohla sephetho sa Tekolo ya Tlaleho ya Tjhata ya Merafo ya 2015. Tlaleho ena e metha kgatelopele ya dintlha tse robong tsa bohlokwa tsa Tjhata ya Merafo.

Tjhata ya Merafo e ile ya hlahiswa ka morero wa ho kganna lenaneo la diphethoho ka hara lekala le hlokolosi la moruo wa naha. Dintlha tse tshwanetseng ho methwa di tobile ho hlabolla ho se lekalekane ha nako e fetileng ka bobedi karolelanong ya leruo le ba neng ba tinngwe menyetla pele le ntshetsopele ya mehlodi ya batho le thuo ya merafo.

3. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Kopano ya Lekgotla la Matjhaba la Boipaballo Diporong la bo-25 e tla tshwarwa ho tloha ka la 4 ho isa ka la 9 Mphalane 2015 Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Sandton, Johannesburg. Foramo ena ya matjhaba e bokanya mmoho ditsebi ho tsa boipaballo diporong ho tswa lefatsheng ka bophara ho kgaogana tlhahisoleseding, diphihlello, dithuto le ditshebetso tse hlwahlwa ka ho fetisisa bakeng sa ho ntlafatsa boipaballo diporong.

Ho tshwarwa ha ketsahalo ena ho na le monyetla wa ho hohela matsete a dinaheng tsa ka ntle, a ka matlafatsang moruo le ho akofisa matsete a dikaho tsa motheo tsa setjhaba. Sena se fuwa sekgahla ho feta ke matsete a haufinyana tjena a Aforika Borwa ho makala a diterene tsa batho le thepa, e leng se ntseng hore naha e kgone ho hohela matsete.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Tjhata ya Dipalangwang tsa Mawatle a Aforika hore e tliswe ka hara Palamente bakeng sa ho amohelwa. Sena ke tumellano ya matjhaba e fanang ka ho tsamaelana ha maano, bakeng sa ho hodisa kgolo ya moshwelella le ntshetsopele ya lethathama la dikepe tsa kgwebo tsa Aforika. Hape e tla kgothaletsa kgwebisano e kopanetsweng ya Aforika ho thusa bakeng sa momahano ho tsa moruo le moruo wa kahisano kontinenteng.

3.3. Kabinete tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso ho Tumellano ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Dikgokahanyo tsa Mehala ya Disathalaete (ITSO) Palamenteng bakeng sa ho amohelwa. ITSO ke mokgatlo o kopanetsweng wa mmuso o netefatsang hore Intelsat Ltd, e leng motsamaisi wa disathalaete, e fana ka ditshebeletso tsa dikgokahanyo tsa mehala tsa setjhaba – ho kenyeletsa mantswe, tshedimoso le dividio – ka mokgwa o kenyeletsang bohle le o hlokang kgethollo.

Sehlomathiso se tshireletsa tshebetso e hlwahlwa ya nako e telele ya Lefa le Tshwanang la Mekgatlo, le ho netefatsa kakaretso ya dikgokahanyo le lefatshe. Ho tjhaellwa monwana hape ke karolo ya dintlha tse ka Sehloohong tsa Aforika Borwa bakeng sa ho nyehela lefatsheng le betere le ho ntshetsopele ya Aforika.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Hajwale

4.1. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke lefu la Seaparankwe, Ngaka Ruth Segomotsi Mompati mme e fetisa matshediso a yona ho lelapa la hae le metswalle. Ngaka Mompati o nehetse bophelo ba hae bakeng sa ntwa ya tokoloho mme o ne a le teng ka hara mekutu e fapafapaneng ho kenyeletsa le Mohwanto wa Basadi wa hisetori wa Phato 1956.

Ka 1954, o ile a kenela mokgatlo wa African National Congress (ANC) mme o ile a kgethwa ho Komiti ya Naha ya Phethahatso (NEC) ya Liki ya Mafumahadi a ANC. O ile a ya palehong ka 1962 moo a ileng a rupellwa ho tsa sesole mme e le mongodi le hlooho ya karolo ya basadi ya ANC, Tanzania.

Jwaloka moemedi ya ka sehloohong wa ANC ho la United Kingdom e ile ya ba karolo ya kemedi e ileng ya bula dipuisano le mmuso wa nako eo wa Aforika Borwa Groote Schuur ka 1990. Ka Phato 1992, o ile a tshetlehela puo Komiti e Ikgethang ya Matjhaba a Kopaneng (UN) kgahlanong le mmuso wa Kgethollo ho la New York mabapi le ntlha ya basadi. Letsatsi leo le ile nkuwa e le Letsatsi la Matjhaba la Kopano le Basadi ka hara Aforika Borwa ke UN.

Jwaloka mosebeletsi wa nnete wa batho, o bapetse karolo e kekeng ya hlakoha ntshetsopeleng ya naha ya rona a sebetsa jwaloka Setho sa Palamente, Moambasatara wa Aforika Borwa ho la Switzerland ho tloha ka 1996 ho fihlela ka 2000 le Meyara wa Vryburg (Naledi) ho la Leboya Bophirima.

O nehetse bophelo ba hae bakeng sa tokoloho ya naha ya rona le ho bontsha maikemisetso a sa thekeseleng a ho sebeletsa batho ba habo.

4.2. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke lefu la Moleftenente Mokgenerale Bongani Isidore Mbatha mme e fetisa matshediso a yona ho ba lelapa la hae le metswalle.

Mokgenerale Mbatha o kenetse Umkhonto we Sizwe, e leng karolo ya sesole ya ANC ka 1978 mme a sebetsa maemong a fapafapaneng, ho kenyeletswa le ho ba hlooho ya tsamaiso le tlhophiso ya thepa.

Ka 1994, Mokgenerale Mbatha o ile a kenyeletswa ho Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa (SANDF) moo a ileng a kenela thupello e tebileng mafapheng a fapafapaneng.

O ile a nyoloha jwalo ka maemo ka hara SANDF, a sebetsa maemong a mangatanyana ho fihlela a phahamisetswa ho ba Moleftenente Mokgenerale ya ikarabellang ho tsa Taolo le Tlhophiso ya Thepa ka 2014, e leng maemo a ao tshwereng ho fihlela lefu le mo kgaoletsa.

5. Diketsahalo tse Tlang

5.1. Moporesidente Zuma o tla kenela ho behwa setulong ha Morena wa AmaXhosa, Motlotlehi Morena Mpendulo Calvin Sigcawu (Ah! Zwelonke) Motseng wa Borena wa Nqadu, Willowvale, Kapa Botjhabela ka la Motsheanong 2015.

Kabinete e thoholetsa Morena Sigcawu ka ho behwa ha hae boreneng mme e ikemiseditse ho sebetsa le Borena ba AmaGcaleka bakeng sa ho aha metse e kganyang, e lekalekanang le ya moshwelella ya dibaka tsa mahae.

5.2. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla kenela Indaba ya Mekgwa e meng ya Tsamaiso ya Dikgwerekgwere e tla dula ka la 15 Motsheanong 2015 tlasa mookotaba: “ha se feela ka ho folaša”. Indaba hape e tla fana ka monyetla bakeng sa bafani ba ditshebeletso ba thekenoloji ya dikgwerekgwere mabapi le mekgwa e meng ya thekenoloji ho bapatsa dihlahiswa tsa bona.

5.3. Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, ka tshebedisano mmoho le Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) le Lekala la Ntshetsopele ya Naha (NDA), le tla thakgola Beke ya Tshireletso ya Bana Lebaleng la Dipapadi la Franklin Kokstad, KwaZulu-Natal ka la 25 Motsheanong 2015 tlasa mookotaba: “Re sebetsa mmoho ho tshireletsa bana”. Beke ena e tla fella ka la 31 Motsheanong 2015 Gauteng.

Letsholo lena la temoso le reretswe ho fihlella makala oohle a setjhaba bakeng sa ho hlokomela le ho tshireletsa bana. Ho fetafeta moo, le rerile ho lemosa batho ba baholo le bana ka tshireletso ya molao e fuwang bana tlasa Molaotheo, melao, maano le disebediswa tsa matjhaba mabapi le sena.

Kabinete e ipiletsa ho batswadi le bahlokomedi hore kamehla ba behe tshireletso ya bana ba bona pele le ho netefatsa hore ba hlokometswe ke batswadi ba nang le boikarabelo. Batswadi le Bahlokomedi ba kgothaletswa ho lemoha dibaka tse kotsi, ho kenyeletsa boitshwaro kapa diketso tsa batho ba baholo tse sa amoheleheng. Ke boikarabelo ba batswadi le bahlokomedi ho tseba moo bana ba bona ba leng teng le ho nka mehato e bonahalang ho netefatsa polokeho le tshireletso ya bona.

5.4. Letona la Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahano le Ditshebeletso tsa Poso, Ngaka Siyabonga Cwele, le tla tshwara Imbizo Musiamong wa Nelson Mandela Qunu, Kapa Botjhabela ho keteka Letsatsi la Setjhaba la Lefatshe la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahano le Tlhahisoleseding ka la 17 Motsheanong 2015. Ketsahalo ena e tshwarwa ho kgothaletsa batho ho eketsa ho sebedisa tshekenoloji bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba bona.

Letona le tla fana ka dintlha tse batsi mabapi le seo mmuso o se etsang ho sebedisa thekenoloji bakeng sa ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso ho maAforika Borwa oohle, ka ho qolleha a dulang dibakeng tsa mahae. Imbizo e tshwarwa ka semphato le Mmuso wa Porofense wa Kapa Botjhabela, baetapele ba botjhaba le Foramo ya Dikgokahanyo ya Aforika Borwa. Selemo ka seng, 17 Motsheanong e tshwaya sehopotso sa ho saenwa ha Seboka sa pele sa Matjhaba sa Mehala le ho thehwa ha Kopano ya Matjhaba ya Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahano.

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho thusa ho hlahisa temoso ka dikgonahalo tseo tshebediso ya inthanete le dithekenoloji tse ding tsa tlhahisoleseding le dikgokahanyo di ka di tlisang ho setjhaba le meruo, le ditsela tsa ho ngotla ho se lekalekane ho tsa dijithale.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Moatefokate Motlatjo Josephine Ralefatane jwaloka Modulasetulo wa Boto ya ZADNA.
6.2. Ngaka Thomas Kwadwo Gyedu-Ababio jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) ya Lekala la Bolaodi ba Mokgamo wa Metsi la Inkomati-Usuthu.
6.3. Ngaka GV Andrews jwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditshebetso: Lefapha la Bophelo bo Botle.
6.4. Monghadi NM Ratshoma jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo (DDG) wa Leano la Moruo: Lefapha la Matlotlo a Naha.
6.5. Monghadi KG Sukdev jwaloka CEO ya Lekala la Tsamaiso ya Dipentjhene tsa Mmuso.
6.6. Monghadi AD Mogajane jwaloka DDG ya Ditjhelete tsa Mmuso: Lefapha la Matlotlo a Naha.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore