Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 18 Hlakola 2015

1. Ho kenngwa tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e ananela Puo ya Boemo ba Naha ya Moporesidente Jacob Zuma, e fileng maAforika Borwa monyetla wa ho utlwa ka Lenaneo la Tshebetso la mmuso. Mmuso o etsa kgoeletso ho bankakarolo bohle naheng ka bophara ho Sebetsa Mmoho hodima morero o ntlha di robong bakeng sa ho hotetsa kgolo le ho hlahisa mesebetsi. Ho netefatsa hore maAforika Borwa a utlwisisa betere Lenaneo la Tshebetso la mmuso, boikitlaetso ba kgokahanyo ya kamora Puo ya Boemo ba Naha bo kentswe tshebetsong bakeng sa ho fana ka dintlha ka botlalo mabapi le ditsebiso tse entsweng ke Moporesidente. Tsena di kenyeletsa Sehlopha sa Matona sa ditsebiso sa Boraditaba se ileng sa bitsa dikopano ho tloha ka la 15 ho ya ka la 24 Hlakola 2015.

Ho feta moo, Puo ya Ditekanyetso ya 2015/16 e reretsweng ho tshwarwa ka la 25 Hlakola 2015 e tla hlakisa phano ya mehlodi mananeong a fapafapaneng a mmuso jwaloka ha Moporesidente a tobokeditse.

Kabinete e tshwela ka mathe boitshwaro bo bobe le boo e seng ba bopalamente ba Ditho tsa Palamente tse ding nakong ya Pulo ya Palamente.
Ho a swabisa hore ditho tsena tse kgethilweng ho ba baemedi ba setjhaba di ile tsa kgetha ho hlompholla ho intsha sehlabelo le ntwa e lwannweng bakeng sa ho fumana demokerasi ya rona e thotsweng ka thata.

1.2 Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e entsweng ka moruo wa mawatleng wa Operation Phakisa. ‘Laboratori’ kapa mokgahlelo wa ho rera o etsahetse ho la Durban ka Phupu le ka Phato 2014 mme wa tswala tlhahiso e tebileng ya ‘merero e bebofaditsweng’ bakeng sa ho hodisa moruo wa mawatleng. Operation Phakisa jwale e se e le mokgahlelong wa ho kenngwa tshebetsong, o kenyeletsang bodisa le taolo ya ho kenngwa tshebetsong ha porojeke. Diyuniti tsa phano di se di theilwe mme le mekgwa ya bodisa le ntlafatso le ditsamaiso di se di theilwe.

Hape ho ile ha fanwa ka tsebiso mabapi le Operation Phakisa ya bobedi e eteletsweng pele ke Lefapha la Bophelo bo Botle, ho tsepamisitswe maikutlo hodima Phihlello ya Sebele ya Ditliliniki le Tokiso eo e leng motjheng mme e thakgotswe ke Moporesidente ka la 18 Pudungwana 2014.

1.3 Kabinete e tjhaelletse monwana Morero wa Lewa la Naha wa Ditokelo tsa Bophelo bo Botle mabapi le Thuto ya Boikatiso le ya Thobalano ya ho Kena boholong. Lewa lena le tsepamisitse maikutlo bakeng sa ntshetsopele le kgodiso ya diphetho tsa kalafo eo eleng hore Thuto ya Bophelo bo Botle ya Thobalano le Boikatiso batjheng ke taba e bohlokwa. Lewa hape le tla netefatsa kgokahano e ntlafetseng, tsamaelano le boimatahanyo le lenaneo la mmuso, setjhaba le balekane ba ntshetsopele ba seng ba ntse ba sebetsa mabakeng a bophelo bo botle ba ho kena boholong ho tsa thobalano le boikatiso. Komiti ya kopanelo ya Matona bakeng sa Leano la Setjhaba e tla okamela ho kenngwa tshebetsong, bodisa le tekolo ya Lewa lena.

1.4 Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya moralo wa Leano la Ntlafatso ya Kgodiso ya Bana Koranteng ya Mmuso. Sena se etsa karolo ya Lenaneo la Tshebetso la Aforika Borwa le Kopanetsweng bakeng sa Ntlafatso ya Kgodiso ya Bana - Ho ya pele ka 2013-2016, le tjhaelletswe monwana ke Kabinete ka la 18 Loetse 2013. Leano le fana ka moralo bakeng sa boikarabello ba mmuso ba ho fana ka pakana e pharaletseng ya ditshebeletso tsa Ntlafatso ya Kgodiso ya Bana ya boleng e tla ba teng bakeng sa bohle ka palo e lekaneng le sebaka hore bana kaofela ba fumane monyetla o lekalekanang wa ho di fihlella.

Leano hape le hlahisa ditshebeletso tse mmalwa tse ntjha bakeng sa ho kwala dikgeo tse hlwailweng letotong la ditshebeletso tse teng hajwale haholoholo nakong ya matsatsi a pele a 1 000 a bophelo ba ngwana.

Kabinete hape e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Komiti ya Kopanelo ya Matona (IMC), e tla netefatsa katamelo e momahaneng le ho hokahana. E tla tsamaiswa ke Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba.

1.5 Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollwa ha tlaleho ya Moralo wa Pele wa nako le nako wa Naha mabapi le Seboka sa Matjhaba a Kopaneng (UN) mabapi le Ditokelo tsa Batho ba Phelang ka Boqhwala, bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba nakong ya matsatsi a 20. Tlaleho e akaretsa nako ya Mmesa 2012- Hlakubele 2013.

1.6 Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e nke karolo ho Selemo sa Matjhaba sa Mmapa ka 2015 le 2016 ka ho hlophisa diketsahalo maemong a naha ka maikemisetso a ho eketsa temoso ka dimmapa le tsebo Aforika Borwa. Dimmapa di thusa ho utlwisisa diqaka le dikgonahalo, tse jwaloka phano ya matlo, paballo ya mehlodi ya tlhaho, ho laola dikotsi le ho thusa nako e sa le teng dikahong tsa motheo tse pharaletseng tsa dipalangwang. Ho utlwisisa tlhahisoleseding ya dibaka tsa boaho ho a thusa bakeng sa ho etsa meralo le ho nka diqeto bakeng sa ntshetsopele ya Aforika Borwa.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1 Kabinete e tjhaelletse monwana Taelo e mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha tekolo e itshetlehileng hodima boitsebelo bakeng sa ditho tsa Ditshebeletso tse ka Sehloohong tsa Bolaodi (SMS), e ntshitsweng ho ya ka Kgaolo 4 Karolo II (d) le Kgaolo 4, Karolo VI ya Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba, 2001.

Taelo e hlomathisitsweng e kgothaletsa ho hlwauwa ho ikemetseng ha dikgeo tsa ntshetsopele tsa Ditho tsa SMS, e tsebisa tshebediso ya dihlakiso tsa setekginiki le ho fana ka tataiso kamoo mafapha a ka sebedisang diphetho tsa tekolo ya boitsebelo mmoho le ditsamaiso tse ding tsohle tsa ho hira le ho kgetha.

2.2 Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Beke ya Imbizo ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo ho tloha ka la 7 ho isa ka la 12 Mmesa 2015 tlasa mookotaba: “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele”.

Beke ena e tla bonahala ka ho kena ntlo-le-ntlo bakeng sa dintlha ka maemo a malapa; ho potapota malapeng kapa ho eta ka lebaka la porojeke ena; dipuisano le bankakarolo; ho ikopanya le badudi; mmoho le tshebediso ya dikgwebo le boraditaba. Sena se neha ba ka sehloohong lepatlelo la ho buisana ka kotloloho le maAforika Borwa, ho utlwa mathata a setjhaba ho tswa ho bona le ho beha leihlo kgatelopele ya mananeo a mmuso.

3 Dibili

3.1 Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya moralo wa Bili ya Tshireletso, Kgothaletso, Ntshetsopele le Bolaodi ba Ditsamaiso tsa Tsebo ya Ditsamaiso tsa Ka hara Naha Koranteng ya Mmuso mmoho le tsamaiso ya dipuisano le setjhaba. Sepheo se seholo sa Bili ena ke ho thusa ka tshireletso ya Tsebo ya Ka hara Naha le paballo ya tsebo ya Ka hara Naha e amanang le, mme e le ya baahi ba lehae ba ka hara naha ya Aforika Borwa. E thusa ka ho hlabolla ditokelo le melemo tseo baahi ba lehae ba ka hara naha ba neng ba di tinngwe.

3.2 Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Taolo ya Dithunya, 2015 Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e hlomathisa Molao wa Taolo ya Dithunya, 2000 le ho arabela ho Pono ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha ka ho batla ho ntlafatsa moralo wa molao le bolaodi bo tla laola dithunya. Taolo ya dithunya ke ntlha ya bohlokwa ya katamelo ya mmuso ya ho lwantsha botlokotsebe.

4 Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa hajwale

4.1 Kabinete e kgothaletsa badudi le dibopeho tse itlhophisitseng ho sebetsa le mmuso, tlasa boetapele ba Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, ho netefatsa hore diphephetso tse potapotileng Malamulele ho la Limpopo di a rarollwa. Kabinete e tshwela ka mathe tshitiso ya dikolo ke dihlopha tse itseng e le tsela ya ho hlahisa ditletlebo. Sena se amohile bana tokelo ya bona ya thuto le ho thibela ba bang tokelo ya ho ingodisetsa dihlahlobo tsa bona tsa tlatsetso tsa Kereiti ya 12. Ho thehwa ha masepala wa Malamulele ho tshwanela ho ba diatleng tsa molao jwaloka ha o behilwe ke Boto ya Karohanyo.

4.2 Kabinete e tshwela ka mathe ditlhaselo tsa melata jwaloka tlolo ya molao mme e thathiselletsa ka hore makala a tsa molao a keke a qeaqea ho sebetsana ka matla kgahlanong le mang kapa mang ya tla fumanwa a rotetsa merusu e jwalo. Ha ho bothata bo jwang kapa jwang ba moruo le ho se kgotsofale tse amohelehang tse ka amantshwang le ditlhaselo tsena tsa botlokotsebe. Aforika Borwa ke moitlami ka ho saena Porothokhole ya Geneva e mabapi le Baphaphathehi mme e itlamme ho tshireletsa melata yohle e ka hara naha. Jwaloka moitlami ho Porothokhole ena, mme jwaloka naha e kgothaletsang ditokelo tsa botho, re tla tshireletsa ditokelo tsa motheo tsa motho ofe kapa ofe ya ka hara naha ya rona, ho kenyeletswa melata.

4.3 Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa Palamenteng bakeng sa tiisetso, Tumellano e Thehang Tumellano le Tlhophiso ya Mokgopi wa Resefe wa BRICS mabapi le Banka e Ntjha ya Ntshetsopele. Tlhophiso ya Mokgopi wa Resefe e thewa bakeng sa ho arabela ho dikgatello tsa tsepamiso ya ditefello tsa nako e kgutshwanyane. Ho fetafeta moo, e tla sebetsa e le mokgwa wa temoso bakeng sa ho thusa dinaha tsa BRICS ho thibela dikgatello tsa nako e kgutshwanyane tsa phallo ya tjhelete, ho fana ka tshehetsano mmoho le ho tswella ho matlafatsa polokeho ya ditjhelete ya lefatshe.

4.4 Kabinete e ananela ho fana ka marapo ha Modulasetulo wa moifo wa Aforika Borwa wa Lekgotla la Kgwebo la BRICS ho tswa ho Monghadi Patrice Motsepe ho ya ho Monghadi Brian Molefe. Monghadi Motsepe e ne e le modulasetulo wa sethathong wa ka bobedi moifo wa Aforika Borwa le Lekgotla la Kgwebo la Brazil, Russia, India, China, Aforika Borwa (BRICS) ka kakaretso. Nakong ya tshebetso ya hae, Monghadi Motsepe o atlehile bakeng sa ho theha lekgotla lena la bohlokwa jwaloka karolo ya setheo sa BRICS le ho sebetsa jwaloka modulasetulo ka bokgabane. Kabinete e leboha Monghadi Motsepe ka mosebetsi wa hae le ho lakaletsa Monghadi Molefe tse molemo jwaloka ha a tla kallana le mosebetsi ona wa bohlokwa.

4.5 Kabinete e thoholetsa Sehlopha sa Naha sa Kirikete ka tshebetso ya sona Mohopeng wa Lefatshe wa Kirikete mme e ba lakaletsa tse molemo jwaloka naha e ba tshehetsa bakeng sa thonamente e motjheng Australia le New Zealand.

4.6 Kabinete e thoholetsa seletsi sa folutu Wouter Kellerman ya hapileng Kgau ya Grammy bakeng sa alebamo e kgabane ka ho fetisisa ya moloko o motjha. Monghadi Kellerman o hatisitse Winds of Samsara le moqapi wa moIndia Ricky Kej, e ba hapetseng kgau bakeng sa kopanelo ya bona.

4.7 Kabinete e hlahisa teboho ya yona ho basebedisi ba eneji ka ho arabela kgoeletso ya ho fokotsa tshebediso ya motlakase. Tsamaiso ya ho sebetsana le diphephetso tsa eneji e fumantshwa tjhesehelo e matla. War Room e theilweng ke Kabinete ka Tshitwe 2014 e eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa e sebetsa ka thata ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha morero o ntlha di hlano tsa ho fetola maemo a hajwale.

Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma ka ho fetisetsa matshediso a yona ho ba lelapa le metswalle ya senatla sa bongodi ba Seaforikanse Moporofesara André P. Brink. O tla hopolwa jwaloka e mong wa bangodi ba ka sehloohong ba Seaforikanse ya sebedisitseng talente ya hae ya bongodi ho bua kgahlanong le mmuso wa kgethollo.

5 Diketsahalo tse tlang

5.1 Kabinete e thathiselletsa kgoeletso ya Moporesidente Jacob Zuma bakeng sa mekga yohle Lesotho ho sebetsa ka tsela e tla bopa maemo a matle bakeng sa ho tshwara dikgetho tse nang le kgotso, ponaletso, tsa nnete, le tse lokolohileng le ho hloka leeme, mme kahoo di bontsha thato ya setjhaba.

Kabinete hape e hlahisa boitshepo ba yona mosebetsing wa bonamodi ba Moifo wa Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) wa Tekolo ya Dikgetho ho la Lesotho tlasa boetapele ba Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa. Jwaloka karolo ya diqeto tsa Dihlooho tsa Puso ya Troika tsa SADC le Mmuso, Aforika Borwa e tla bapala karolo ya yona ka ho eta pele le ho ba karolo ya Moifo wa SADC wa Tekolo ya Dikgetho ho Mmuso wa Lesotho, bakeng sa dikgetho tse rerilweng tsa la 28 Hlakola 2015.

5.2 Molaodi ya ka Sehloohong wa Sesole sa Naha sa Aforika Borwa, Moporesidente Jacob Zuma e tla ba mohlanka ya ka sehloohong moketeng wa Letsatsi la Mabotho a Hlometseng tlasa mookotaba “Lebotho la tshireletso la boporofeshenale le nang le bokgoni bakeng sa batho ba Aforika Borwa” ka la 21 Hlakola 2015, ho la Potchefstroom, Leboya Bophirima. Letsatsi la Mabotho a Hlometseng le ketekwa selemo ka seng ho hlompha banna le basadi ba junifomo ba iteletseng ho sebeletsa setjhaba lapeng le mose.

5.3 Kabinete e kgothaletsa bahiri bohle ba imatahantseng le Molao wa Tekatekano ya Kgiro (EE) ho kenela Dikgau tsa Tekatekano ya Kgiro 2015 pele ho letsatsi la ho kwalwa la 13 Hlakubele 2015.

Ketsahalo ena e tla tshwarwa ke Khomishene ya Tekatekano ya Kgiro, e ananela bahiri ba kentseng tshebetsong mawa a netefatsang tekatekano le phapang mosebetsing, ha ho tloswa ditshebetso tsohle tse leeme tse kgethollang.

5.4 Letona la Bohahlaudi Derek Hanekom o tla fana ka puo ho Dikopano tsa Aforika e leng se tla etsahala Setsing sa Dikopano sa Sandton ho tloha ka la 23 ho isa ho la 25 Hlakola 2015 tlasa mookotaba: “Mmoho re tswellisa Aforika”. Tsena ke dipontsho tsa mantlha tsa kgwebisano tsa Lekgotla la Seboka sa Naha sa Aforika Borwa, tse bokanyang mmoho bapepesi le bareki ba Aforika bao e ka nnang ya ba na le kgahleho.

5.5     Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Foramo ya Lefatshe ya Moruo (WEF) – ho la Aforika, ke Aforika Borwa Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Motse Kapa (CTCC) ho tloha ka la 3 ho isa ho la 5 Phuptjane 2015. Mookotaba e tla ba “Maoba le Kajeno: Re lohotha Botjha Bokamoso ba Aforika”. WEF-Aforika ke foramo ya lebatowa e tsepamiseditseng maikutlo hodima foramo ya moruo e fanang ka monyetla bakeng sa dikgwebo tsa lehae le tsa lebatowa le batsetedi ba nang le thahasello ka hara lebatowa, ho fapanyetsana le ho aha bolekane le mebuso e fapaneng.

Kopano ya WEF-Aforika e tla neha hape Aforika Borwa monyetla wa tlatsetso wa ho kenella le ho qophella baetapele ba Aforika, dikgwebo tsa matjhabeng le tsa lebatowa mabapi le kgonahalo ya boitshunyako bakeng sa ho kopanya lebatowa le kgolo e ntlafetseng ka hara Aforika Borwa le ka hara lebatowa.

6 Dithonyo

Kabinete e tjhalletse monwana dithonyo tse latelang ho ya ka netefatso ya mangolo a lokelang le tumello e amehang:

6.1 Katoloso ya konteraka bakeng sa dilemo tse tharo ya Ngaka Mphathi Philemon Mjwara jwaloka Molaodikakaretso: Lefapha la Saense le Thekenoloji.

6.2 Monghadi Pule Godfrey Selepe jwaloka Molaodikakaretso wa Lefapha la Dipalangwang.

6.3 Moambasatara Nonceba Nancy Losi-Tutu jwaloka Motlatsi wa Molaodikakaretso: Porothokhole ya DIRCO

6.4 Lekgotla la Maemo a Ditlaleho tsa Ditjhelete:
a) Monghadi Suresh Kana (Modulasetulo ,o thontswe hape);
b) Mofumahadi Christine Ramon (o thontswe hape);
c) Monghadi Johan Brink (o thontswe hape);
d) Monghadi Garth Coppin (o thontswe hape);
e) Monghadi Bruce Mackenzie (o thontswe hape);
f) Monghadi Khaya Dludla (o thontswe hape);
g) Monghadi Dumisani Manana (o thontswe hape);
h) Mofumahadi Dawn Earp (o thontswe hape);
i) Mofumahadi Naidene Ford-Hoon (o thontswe hape);
j) Mofumahadi Kim Bromfield (o thontswe hape);
k) Moadvokheite Rory Wayne Voller;
l) Mofumahadi Matshepo Faith More;
m) Mofumahadi Anuradha Sing; le
n) Mofumahadi Tania Wimberley.

6.5 Monghadi Coceko Bambihlelo Johan Pakade jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso wa Matsete a Ikemetseng a Ntshetsopele.

Dipotso: Sebueledi sa Kabinete se tshwereng mokobobo Phumla Williams ho 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore