A. Maemo a renang
1. Kgolo ya bohahlaudi, dipalangwang tse atolositsweng tsa moyeng le mehato ya polokeho ya bahahlaudi
1.1 Kabinete e amohetse tshebetso e matla ya lekala la bohahlaudi leo ho ya ka Tlaleho ya Bohahlaudi ya Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa, ho rekotilwe ho fihla ha bahahlaudi ba 989 329 ka Mmesa 2026. Sena se tshwaya kgolo e phahameng ka ho fetisisa ya kgwedi ka nngwe bakeng sa dilemo tse latelanang e kileng ya rekotwa, ho thatiselletsa boipiletso bo matla ba hore Afrika Borwa ke sebaka sa lefatshe lohle sa bohahlaudi.
1.2 Ho tsitlallela lebelo lena, mmuso o tswella ho atolosa kgokahanyo ya ditshebeletso tsa matjhaba tsa difofane, moraorao tjena LATAM Airlines e entse qeto ya ho potlakisa ho thakgola ha yona ha maeto a difofane a otlolohileng a dibeke ka ding tse tharo pakeng tsa São Paulo le Motse Kapa kgweding ya Phupu 2026, ho fapana le morero wa yona wa sethathong wa Lwetse. Hodima moo, ka la 24
Phupjane 2026, Air Europa e thakgotse leeto la sefofane pakeng tsa Madrid le Johannesburg le tla matlafatsa kgokahanyo le Yuropa le ho tshehetsa kgolo ho phatlalla le makala a bohahlaudi le kamohelo ya baeti.
1.3 Ho eketseha ha ho fihla ha bahahlaudi ho etsahala nakong ena eo ho tlalehilweng ho fokotseha ha dipalopalo tsa botlokotsebe mekgahlelong e ka sehloohong le dinako tse potlakileng tsa ba qobello ya molao mabapi le ho sebetsana le ditlolo tsa molao.
2. Tshebetso e Ipabotseng ya Ditjhelete le Tshebetso ya Telkom
2.1 Kabinete e lebohisitse Telkom, e leng khamphani eo boholo e leng ya mmuso, bakeng sa tshebetso ya yona e matla mabapi le tsa ditjhelete le tshebetso ya selemo sa ditjhelete se fedileng ka la 31 Tlhakubele 2026. Nakong ena, mesebetsi ya Telkom e tsheheditse Dikgwebo tse Nyane, tse Kgolo le tse Mahareng (di-SMME) tse 362 ka menyetla ya theko e ballwang ho R593 milione, ya tshehetsa tlhahiso ya mesebetsi e 74 114 ka lenaneo la ntshetsopele ya di-SMME, mme batjha ba 1 524 ba sa sebetseng ba ile ba rupellwa ka dithuto tsa tsebo ya ICT. Telkom e rekotile baingodisi ba fetang dimilione tse pedi.
2.2 Mmuso o tla fumana se akanyetswang ho R559 milione ya ditsiane tsa lekeno (ho sa kenyeletswe ditsiane tse tla lebiswa ditheong tse ding tsa boradiabo ba mmuso). Lekeno lena la tlatsetso le tla thusa ho tshehetsa dintlha tse pharaletseng tse ka sehlohlolong tsa ntshetsopele le maitlamo a phano ya ditshebeletso.
2.3 Ho feta moo Kabinete e ananetse kabelo ya khamphani ena mabapi le ho ngotla sekgeo sa tsa dijithale le ho tshehetsa ntshetsopele ya moruo e kenyeletsang, mme e na le tshepo ya hore Telkom, tlasa boetapele ba Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) Monghadi Serame Taukobong le Boto ya Batsamaisi e tla dula e setletse maemong a hajwale a hlobaetsang a moruo.
3. Ntwa e kopanetsweng kgahlanong le ditshebetso tsa dithethefatsi tse seng molaong le maqulwana
3.1 Kabinete e thoholeditse Botsamaisi ba Taolo ya Madiboho, di-Hawk, diyuniti tsa K9 tsa Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa (SAPS) le makala ohle a mang a qobello ya molao a itahletseng ka setotswana tshitisong ya mautlwela ya moqeqeko wa dithethefatsi wa boleng bo ka etsang R1 bilione Ledibohong la Beitbridge.
3.2 Tshebetso e neng e hlophisitswe ka la 27 Motsheanong 2026 e ile ya lebisa ho ho tsometswa ha lori e neng e hlaha Zimbabwe e kena ka Afrika Borwa. Ho phenyekollwa ho tebileng ho ile ha lebisa ho fumanweng ha se akanyetswang ho dikgeramo tse 713 000 tsa methaqualone, e tsejwang hangata e le ABBA, e leng nthwana e sebediswang haholo bakeng sa ho hlahisa Mandrax.
3.3 Ho feta moo, Kabinete e thoholeditse SAPS ka ho tshwara babelaellwa ba 11, ho kenyeletsa baahi ba bane ba Mexico, ho latela tshibollo ya laboratori e hlahisang dithethefatsi tsa dimilione tse ngata tsa diranta polasing e nngwe Swartruggens Provenseng ya Leboya-Bophirima.
4. Afrika Borwa e tshehetsa ntwa ya kontinente kgahlanong le Ebola
4.1 Kabinete e tshehetsa boitlamo ba naha ba nyehelo ya US$5 milione mabapi le $319 milione ya moralo wa boikemisetso le karabelo ya kontinente ho latela ho ropoha ha Ebola e hlasetseng Riphabliki ya Demokrasi ya Congo le Uganda.
4.2 Leha ho ropoha hona ho tsebahaditswe jwalo ka maemo a tshohanyetso a bophelo bo botle ba setjhaba bo ngongorehisang ba matjhaba ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle, hajwale Afrika Borwa ha e a lokela ho tshoha. Ebola ha e fumanehe ka hara Afrika Borwa mme tshwaetso ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong e etsahala ka ho kopana ho otlolohileng le maro a mmele a motho ya tshwaeditsweng, ya nang le matshwao a yona.
5. Khomishene ya Dinaha tse Pedi ya Afrika Borwa le Botswana
5.1 Afrika Borwa le Botswana di phethetse ka katleho Khomishene ya Dinaha tse Pedi (BNC) ya botshelela nakong ya Leeto la Puso Botswana la matsatsi a mabedi la moraorao la Mopresidente Cyril Ramaphosa.
5.2 BNC e tiisitse botjha dikamano tse matla le tse bopang nalane di pakeng tsa dinaha tsena tse pedi ha di ne di ntshetsapele tshebedisano mabakeng a bohlokwa a kang a saense, thekenoloji, boqapi, kgwebisano, bohahlaudi le ntshetsopele ya lebatowa.
5.3 BNC e phethetse ka ho saena dintlha tse ditumellano tse nne tse ntjha tsa bobedi bona tse reretsweng ho ntshetsapele kgolo ya moruo ya moshwelella le kopanelo ya lebatowa mme sena ke tlatsetso ya dintlha tsa semolao tse 28 tse se ntse di kentswe tshebetsong.
5.4 Ditumellano tsena tse nne tse ntjha tsa bobedi bona ke: Memorandamo wa Tumellano (MoA) wa Bolaodi bo Kopanetsweng ba Boleng ba Metsi le Dimela tsa Metsi tse Itshunyakang Kgakeletsing ya Noka ya Limpopo; Tumellano ya Kgokahano ya Ditsehebeletso tsa ho Batla le ho Pholosa tsa Bofofisi; Tumellano ya Tshebedisano Lepatlelong la tsa Eneji; le Memorandamo wa Tumellano (MoA) wa Tshebedisano Lepatlelong la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa le Ditjhankana.
6. Leeto la puso la Kenya (ka lapeng)
6.1 Mopresidente Cyril Ramaphosa o ne a amohetse Mohlomphehi Mopresidente William Ruto wa Riphabliki ya Kenya ya leetong la puso Afrika Borwa ho tloha ka la 3 ho isa ka la 5 Phupjane 2026 ka memo ya Mopresidente Ramaphosa.
6.2 Leeto lena la puso le ntshetsapele kgwebisano, matsete, le tshebedisano moo ho saennweng ditumellano tse tsheletseng (6) Meahong ya Kopano ho la Tshwane.
6.3 Dimemorandamo tsa Tumellano tse saennweng ke tsa Thuso ya Kgwebisano ka Tshebedisano Mabakeng a ho Teka Maemo, Bolaodi ba tsa Setekgeniki, Tekolo ya Tumellano, Boingodiso, Mesebetsi ya ho Metha; Tsamaiso ya Dikepe le Tshebedisano ho tsa Mawatle; Thuto le Thupello ya Setekgeniki ya Makala a Mesebetsi; Kgothaletso ya Bomphato mabapi le Tekatekano ya Bong le Matlafatso ya Basadi; Bonono, Setso le Lefa; le Dipapadi le Boithapollo.
6.4 Leeto lena la Puso le ne le kenyeleditse Foramo ya Kgwebo e akgang makala a poraefete a Afrika Borwa le Kenya, moo bankakarolo ba ileng ba arolelana tlhahisoleseding le boiphihlelo mabapi le tikoloho ya kgwebo le ho batlana le menyetla ya ho matlafatsa phapanyetsano ya kgwebisano le matsete.
7. Leeto la mosebetsi la Motlatsi wa Mopresidente India
7.1 Motlatsi wa Mopresidente Shipokosa Paulus Mashatile o ne a nkile leeto la mosebetsi ho ya New Delhi, India.
7.2 Leeto lena le matlafaditse tshebedisano diforamong tse ngata tse kang UN, BRICS le G20, le ntlafatso ya tshebedisano ho tsa kgwebisano, matsete, diphuputso, phethiso ya thekenoloji, ha ho ntse ho tshehetswa dikgwebo tse nyane.
7.3 Motlatsi wa Mopresidente kopanong ya bobedi bona o buile le Motlatsi wa Mopresidente C.P. Radhakrishnan, le ho nka leeto la tlhompho ho ya ho Mohlomphehi Mofumahadi Smt. Droupadi Murmu, Mopresidente wa Riphabliki ya India.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Katamelo e pharaletseng ya ho laola bofalli Afrika Borwa
1.1 Kabinete e amohetse le ho tjhaela monwana katamelo e pharaletseng ya bofalli Afrika Borwa, e hlahisitsweng ke Komiti ya Kopanelo ya Matona ya Bofalli, mme e boetse e tjhaetse monwana Morero wa Naha wa Tshebetso (NAP) wa Bofalli Afrika Borwa.
1.2 Mopresidente o tla bua le setjhaba mabapi le taba ena.
2. Lewa le Shebilweng Botjha la Ntshetsopele ya Diindasteri (IDS)
2.1 Kabinete tjhaetse monwana Lewa la Shebilweng Botjha la Ntshetsopele ya Diindasteri bakeng sa ho kenngwa tshebetsong. Le hlahisitswe ka ditherisano tse tebileng, lewa lena le tsepamisitse maikutlo hodima tshusumetso e hodimo, e kenyeletsang ya ho aha diindasteri tsa moruo wa Afrika Borwa. Lewa lena le tsamaelana le dintlha tse ka sehlohlolong tsa leano la Tsamaiso ya Bosupa mme le thehilwe hodima ditshiya tse tharo tsa bohlokwa bakeng sa ho kganna kgolo ya diindasteri le diphethoho, e leng: ho fokotswa ha khabone, ho kenya tshebetsong mekgwa ya dijithale, le phapantsho ya diindasteri.
2.2 IDS e behile ka sehlohlolong makala a hlokolosi mabapi le ho theha diindasteri, ho kenyeletsa tshireletso ya diindasteri tsa bohlokwa tsa lewa tse kang tsa tshepe, makoloi, tlhahiso le merafo. Le boetse le kgothaletsa katoloso ya dibaka tsa kgolo ya kamoso ho kenyeletsa tswelliso ya tsa temo, moruo wa tsa dijithale le moruo o hlwekileng. Hodima moo, lewa lena le tobile makala a nang le bokgoni bo matla ba kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi, haholoholo bakeng sa batho ba batjha, ho kenyeletsa bohahlaudi le ditshebeletso tsa lefatshe tsa kgwebo.
2.3 IDS e lebeletswe ho hlahisa dikete tsa mesebetsi selemo ka seng, ho tsepamisitswe maikutlo haholo hodima ntshetsopele ya maitsebelo le ho lokisetsa batho ba sa sebetseng bakeng sa makala a batlehang ka matla a kang a eneji e hlwekileng le tlhahiso. Komiti ya Matona, bodulasetulong ba Mopresidente, e tla okamela ho kenngwa tshebetsong ha leano lena ho netefatsa phano le tshusumetso tse kopanetsweng.
2.4 Tokomane e feletseng e a fumaneha websaeteng ya dtic: www.thedtic.gov.za.
3. Ho kwalwa ha Projeke ya Ntlafatso ya Mebila e Bulehileng ya Gauteng (GFIP)
3.1 Kabinete e tjhaetse monwana hore SANRAL e kenye tshebetsong ho kwalwa ha GFIP ho kenyeletsa tumellano ya nyewe ya OUTA ka makgethe, ho sebetsana le masalla leha e le afe a ho pepesetswa nyewe, le ho kwalwa ha ditaba kaofela tse tsamaelanang le nalane ya ho tsosolosa sekoloto sa e-toll.
3.2 Sena se latela qeto ya mmuso ya ho se tswelle ka mokgwa wa elektroniki wa ho lefisa makoloi ho GFIP e qadileng ho sebetsa ka la 12 Mmesa 2024.
3.3 Kabinete e ananetse dikgothaletso tsa SANRAL tsa ho hlakola sekoloto sa basebedisi ba mebila ba sa lefang, mme le hore Lefapha la Matlotlo le tla lokisa sekoloto sena, le hore basebedisi ba mebila ba lefileng ditjhelete tsa tshebediso ba ke ke ba kgutlisetswa ditjhelete tsa bona hobane sena e ne e le molao ka nako eo.
4 Kgatelopele ya Ditlaleho tsa Habedi ka Selemo tsa Moralo wa Lewa wa Nako e Bohareng
4.1 Kabinete e amohetse le ho sekaseka kgatelopele ya ditlaleho tsa habedi ka selemo tsa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Ntshetsopele wa Nako e Bohareng (MTDP) wa 2024–2029 bakeng sa nako ya Mphalane 2025 ho isa ho Tlhakubele 2026. Ditlaleho tsena di fana ka kakaretso ya tshebetso ya lefapha papisong le dintlha tse ka sehlohlolong tsa naha, tse totobatsang dintlha tsa phihlello tsa bohlokwa, kgatelopele e entsweng le diqholotso tsa ho kenya sena tshebetsong.
4.2 Kabinete e ananela kgatelopele e matla mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha MTDP ho phatlalla le dintlha tse ka sehlohlolong.
4.3 Letona la Meralo, Bodisa le Tekolo mmoho le Baduladitulo ba Dikarolo tsa Kabinete, le tla tsebisa dintlha tse ding mabapi le ditlaleho tsa kgatelopele tsa habedi ka selemo mabapi le nako ya Mphalane 2025 ho isa ho Tlhakubele 2026. GCIS e tla fana ka dintlha tsa kopano eno.
5 Ho Hulwa ha Mokgwaritso wa Leano la Mahlale a Maiketsetso (AI)
5.1 Kabinete e tjhaetse monwana ho hulwa ha mokgwaritso wa leano la AI, o ileng wa phatlalatswa bakeng sa maikutlo a setjhaba ka Tlhakubele 2026. Ho hulwa hona ho tla etsa hore leano la AI le sebetswe botjha ho netefatsa hore le fihlella merero e lebeletsweng le hore le theha maemo a naha ka tshebediso ya boitshwaro bo botle ba tshebediso ya AI.
C. Bili
1. Ho Hlakolwa ha Bili ya Melao e Itseng ya Toka ya Pele ho selemo sa 1994, ya selemo sa 2026
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa ha ho Hlakolwa ha Bili ya Melao e Itseng ya Toka ya Pele ho selemo sa 1994 ya selemo sa 2026 Palamenteng bakeng sa ho sekasekwa ho ya pele. Bili ena e reretswe ho lekola le ho hlakola melao e siilweng ke nako ya bokoloniale le ya nakong ya kgethollo e seng e sa tsamaelane le makgabane a tsamaiso e hlwahlwa ya demokrasi ya molaotheo mme e seng e sa sebeletse morero o tshwarehang.
1.2. Hang ha e se e phethetswe ke Palamente, Bili ena e tla hlakola dikotwana tse 149 tsa melao ya toka ya nakong ya Kgethollo eo esale e dula e sebetsa le ho ba teng esitana le nakong ya mmuso wa demokrasi. Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le se le qadile ho sebetsana le melao ya toka ya tlatsetso ya nakong ya Kgethollo hore e hlakolwe.
D. Kabinete e Hlajwa Malotsana
1. Ho Tshwarwa ha Seboka sa Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC) sa 2026
1.1. Kabinete e fumane tsebiso ya boitokisetso ba Afrika Borwa ba ho tshwara Seboka sa SADC sa bo-46 ho tloha ka la 16 ho isa ka la 17 Phato 2026. Seboka sena se tla tshwaya qalo ya mosebetsi wa Afrika Borwa wa dikgwedi tse 12 jwalo ka Modulasetulo wa SADC. Kopano ya Matona a Ditaba tsa Matjhaba a SADC e ile ya tshwarwa ho tloha ka la 22 ho isa ka la 24 Motsheanong 2026 Skukuza, ho la Mpumalanga, moo baemedi ba tshohlileng mawa a ho matlafatsa tshebedisano ya lebatowa.
1.2. Kopano ena e buisane ka meokotaba e mehlano, e leng Ho thuswa ka Ditjhelete ha Kopanelo ya Lebatowa, Matsete, Bolaodi ba Sekoloto sa Mmuso le ho Sebetsana le Lekeno la Lehae, ho thehwa ha Diindasteri, Mathathama a Boleng le Kgwebisano; Infrastraktjha, Dipalangwang le ho Thothwa ha Thepa le Motsamao o Lokolohileng wa Batho, Dithoto le Ditshebeletso; Eneji, Oli le Kgase le Mehlodi ya Diminerale; le Temo, Diphehiso tsa Temo, Mathathama a Phepelo, Mebaraka le Kanetso ya Dijo, le mehato e hlwailweng bakeng sa mohato wa kopanelo.
1.3. Ho tshwara seboka sa SADC le ho nka Bodulasetulo ho hlokolosi kaha ho tla thusa Afrika Borwa ho etella pele diphethoho tsa moruo tsa dibopeho, ho kganna ho thehwa ha diindasteri, le ho matlafatsa ka bobedi kopanelo ya sepolotiki le ya moruo ho phatlalla le lebatowa.
2. Ditlaleho tsa Selemo le Kotara ya Pele tsa Taolo ya Dibetsa tse Tlwaelehileng (NCACC)
2.1 Kabinete e amohetse tlaleho ya selemo ya NCACC ya selemo sa 2025 hammoho le ya pele ya kotara ya selemo sa 2026 ya diphetiso tse dumeletsweng tsa dibetsa tsa tlwaelehileng.
2.2 Bakeng sa selemo se fedileng ka Tshitwe 2025, NCACC e tjhaetse monwana diphemite tsa dibetsa tse romelwang ka ntle tse 582 tsa boleng ba R10 bilione, 197 ya ditifikeiti tsa boingodiso, le diphemite tsa dikonteraka tse 183 tse ballwang ho R41 bilione.
2.3 Diphemite tsa dibetsa tse rekwang ka ntle tse tjhaetsweng monwana e bile tse 366 ka boleng ba R269 milione ha Diphemite tsa Tshebediso ya Habedi tsa Diyantle tse 132 tsa boleng ba R600 milione di ile tsa tjhaelwa monwana nakong eno. Afrika Borwa e rekile ka ntle thepa e etsang R269 milione.
2.4 Tlaleho ena e boetse e bolela hore, ka selemo sa 2025, dikhamphani tse eketsehileng ka 5% di ngodisitswe ha ho bapiswa le selemong sa 2024.
3 Tlhophiso Botjha ya Makgotla a Dinyewe
3.1 Kabinete e ile ya tsebiswa ka mosebetsi o entsweng mabapi le ho hlophisa botjha dintlha tsa bolaodi tsa Dikarolo tsa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le ho tshehetsa ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tsa hanghang tsa Komiti ya Tlhophiso Botjha mabapi le ditereke tsa bomaseterata le ditereke tse tlasana tse tla okamelwa ke makgotla a lehae a Dikarolo tsa
Lekgotla le Phahameng. Sena se reretswe ho matlafatsa phihlello ya toka mme se tshehetsa katamelo e ntseng e kenngwa tshebetsong ya ho eketsa dikgeo tsa mesebetsi tsa makgotleng a dinyewe bakeng sa ho sebetsana le dikgaello tsa bokgoni ka hara makgotla a dinyewe, hammoho le ho theha dibaka tsa lehae tsa tlatsetso dikarolong tse hlwauweng.
3.2 Letona Kubayi le tla fana ka dintlha tse ding mabapi le taba ena beke e tlang. GCIS e tla fana ka dintlha ka botebo tsa kopano eno.
E. Khiro
Dikhiro kaofela di ho ya ka netefatso ya mangolo a thuto le ditumello tse amehang tsa tshireletso.
1. Monghadi Bongikhaya Dayimani jwalo ka Motsamaisi Kakaretso ho Lefapha la Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae
2. Mofumahadi Gcobisa Joyce Soci jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi Kakaretso (DDG): Tsamaiso ho Lefapha la Dikgokahanyo le Dithekenoloji tsa Dijithale
3. Monghadi Dick Andries Sono jwalo ka DDG: Infrastraktjha ya Dijithale le Dithekenoloji ho Lefapha la Dikgokahanyo le Dithekenoloji tsa Dijithale.
4. Mofumahadi Jeanette Morwane Mmatsiate jwalo ka DDG-Diphatlalatso le Dikateng ho Lefapha la Dikgokahanyo le Dithekenoloji tsa Dijithale
5. Boto ya Koporasi ya Inshorense ya Mekitlane ya Diyantle ya Afrika Borwa
a. Monghadi Sipho Bhanisi jwalo ka moemedi wa Lefapha la Matlotlo
6. Khiro ya ditho tsa tlatsetso ho Lekgotla la Afrika Borwa la Ho Se Name ha Dibetsa tsa Tshenyo e Kgolo
a. Lenqosa Tebogo Seokolo; (Motlatsi wa Modulasetulo le moemedi wa DIRCO); le
b. Ngaka Praise Sibuyi (Moemedi wa Lekala la Tshireletso la Puso)
7. Khiro ya Boto ya Kantoro ya Poso ya Afrika Borwa
c. Mofumahadi Regina Sizakele Madlala (Modulasetulo);
d. Mofumahadi Margarete Mosibudi Phiri (Motlatsi wa modulasetulo);
e. Monghadi Vuyo Mafata;
f. Mofumahadi Tanya van Meelis;
g. Mofumahadi Mantombi Lekhuleni;
h. Moatefokate Mthokozisi Daluxolo Xulu;
i. Ngaka Mduduzi Justice Kennedy Bophela;
j. Monghadi Charley Fred Chain;
k. Monghadi David Mangena; and
l. Monghadi Khonanjalo Buthelezi.
F. Diketsahalo tse tlang
1. Ho thakgolwa ha Phano ya Lenacapavir
1.1 Mopresidente Ramaphosa a tsheheditswe ke Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi o tla thakgola phano ya Lenacapavir, e leng ente e etsang nalane e sebetsang nako e telele ya thibelo ya HIV e sebediswang habedi ka selemo.
1.2 Ho kenella hona ho atolosa maikgethelo a ho thibela HIV, haholoholo bakeng sa batho ba sokolang ho nwa PrEP ya letsatsi ka leng. Phano ena ke karolo ya motswako wa Afrika Borwa wa lewa la thibelo ya HIV o reretsweng ho fokotsa ditshwaetso tse ntjha le ho ntlafatsa boleng ba bophelo.
1.3 Letsatsi la ho thakgola e tla ba ka Labohlano la la 5 Phupjane 2026 Lebaleng la Dipapadi la Lilian Ngoyi, Secunda, Mpumalanga
2. Kgwedi ya Batjha
2.1 Kgweding ena Afrika Borwa e tshwaya sehopotso se etsang nalane sa bo-50 sa Merusu ya Soweto ya 1976, e leng kgopotso e matla ya boitelo bo tebileng ba batjha ba rona ntweng ya tokoloho, toka le tekatekano.
2.2 Ho tlotla lefa lena la tiisetso la Sehlopha sa Selemo sa 1976, Kgwedi ya Batjha e tla hopolwa tlasa mookotaba o reng “RESET@50 – The Future Calls”. Bakeng sa ho keteka mokolokotwane ona, mmuso o tla fana ka lenaneo la selemo kaofela le reretsweng ho kopanya ntwa ena ya nalane ya tokoloho le matlafatso ya mehleng ena ya batjha. Lenaneo le tla tsepamisa maikutlo haholo hodima thuto e lekalekanang, bonkakarolo moruong o lekalekanang, ntshetsopele ya maitsebelo, le boahi bo matla.
2.3 Kabinete e ipiletsa ho makala ohle a setjhaba ho etsa bomphato le mmuso mabapi le merero e kgannang khiro ya batjha, matlafatso ya boetapele ba dikgwebo le ho busetsa tshepo ho batjha. Ka maiteko ana a tshebedisano, setjhaba se tla tswella ho matlafatsa bonkakarolo ba batjha mabapi le kaho ya setjhaba le diphethoho ho tsa moruo.
3. Ho Keteka Mekolokotwane ya Tokoloho
3.1 Mmuso o tla thakgola Letsholo la Mekolokotwane ya Tokoloho tlasa mookotaba o reng “Re Tlotla tse Fetileng, Re Fana ka Bokamoso” ka la 18 Phupjane 2026 Meahong ya Kopano.
3.2 Kabinete e tla tshehetsa ho thakgolwa ha Sehopotso sa bo-70 sa mohwanto wa Basadi wa Selemo sa 1956 se bopang karolo ya diketsahalo tsa Mekolokotwane ya Naha ya Tokoloho, ho tshwaya qalo ya lenaneo la naha la diketsahalo tsa ho hopola mohwanto o etsang nalane wa Basadi wa selemo sa 1956.
4. Ho kenngwa ha dikhoene tsa Sehopotso tshebetsong
4.1 Kabinete e tjhaetse monwana meralo ya nako e fetileng ya ho kenngwa tshebetsong ha dikhoene tsa sehopotso tse tla ntshuwa ke Banka ya Resefe ya Afrika Borwa (SARB) ka selemo sa 2026 tlasa mookotaba wa thuto. Letoto lena le tla kenyeletsa dikhoene tsa R2 ho tshwaya sehopotso sa bo-125 sa qhoku ya ntwa ya tokoloho Charlotte Maxeke, ho tshwaya katleho ya hae jwalo ka mosadi wa pele wa motho e motsho wa ho ba le kgerata ya yunivesithing.
4.2 Dikhoene tsa sehopotso tsa R2 di tla boela di ntshuwa ke SARB ho tshwaya sehopotso sa bo-50 sa merusu ya Soweto ya 1976, ho tshwaya sehopotso sa bo-30 sa Molaotheo wa Afrika Borwa le ho tshwaya sehopotso sa bo-70 sa mohwanto wa basadi wa nalane wa ho ya Union Buildings. Hodima moo, dikhoene tsa R5 di tla ba le matshwao a teng dikhoeneng tsa R2. Dikgopotso tsena di totobatsa seabo sa thuto mabapi le ho ntshetsapele makgabane a molaotheo le ho kgothaletsa bonkakarolo bo kenyeletsang ho tsa kahisano le moruo.
5. Mafelo a Beke a Boingodiso ba Bakgethi bakeng sa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa Selemo sa 2026
5.1 Kabinete e hopotsa bakgethi bohle ba tshwanelehang ho ingodisetsa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tse tlang ka la 4 Pudungwana 2026.
5.2 Mafelo a beke a pele a boingodiso ba bakgethi a tla ba ka Moqebelo, la 20 Phupjane 2026, le Sontaha, la 21 Phupjane 2026 diteisheneng tse haufi tsa ho ingodisetsa ho vouta, KAPA ka ho etela registertovote.elections.org.za, KAPA ho etela dikantoro tsa habo bona tsa lehae tsa Khomishene ya Dikgetho nakong ya dihora tsa mosebetsi.
5.3 Baahi ba hopotswa hore ba ka vouta feela moo ba ingodiseditseng teng le ho tseba seteishene se nepahetseng sa moo ba voutelang teng ka ho kena ho maps.elections.org.za/vsfinder.
5.4 Kabinete e ipiletsa ho batjha, ka ho qolleha, ho nka karolo ka matla mabapi le ho bopa bokamoso ba metse ya bo bona ka ho nka karolo dikgethong tsena.
6. Dikarete tsa SASSA
6.1 Kabinete e kgothaletsa bakgolamolemo bohle ba dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso ba sebedisang diSASSA Gold Cards ho di fetola ka diPostbank Black Cards pele ho letsatsi la ho qetela la 31 Phato 2026.
6.2 Motjha ona wa ho fetola dikarete ke mahala mme o ka phethelwa dibakeng tsa tshebeletso tsa Postbank tse reretsweng sena mabenkeleng a nkang karolo naheng ka bophara.
Melaetsa
1. Matshediso
Kabinete e fetisetsa matshediso ho metswalle le lelapa la:
• Moqolotsi wa ditaba ya hlomphehang, Baldwin Ndaba, eo mosebetsi wa hae o qatsohileng ho phatlalla le diphatlalatso tse mmalwa ka dilemo tse ngata. O tla hopolwa ka lerato la hae la naha ya bo rona, boprofeshenale ba hae le ho itella nnete.
• Ma Griet Margaret Messelaar, e leng mme wa Ntlo ya Borena ya Griqua ya hlokahetseng a le dilemo tse hlollang tse 106. O tla hopolwa jwalo ka mmuelli wa puo le lefa la Griqua, hammoho le seriti le bohlale ba hae tse tebileng.
• Mofumahadi Dina le Ernest Marais, baratani ba ileng ba bolawa Serapeng sa Diphoofolo tse Hlaha sa Kruger le ho thoholetsa SAPS le makala a mang a qobello ya molao ka ho tshwara ka potlako babelaellwa ba dipolao tsena.
2. Ditakaletso tse molemo
Kabinete e fetisetsa ditakaletso tse molemo le mahlohonolo ho:
• Sehlopha sa naha sa bolo Bafana Bafana jwalo ka ha ba tla emela naha Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa selemo sa 2026 Amerika. Kabinete e lakaletsa sehlopha matla, bonngwe le katleho sethaleng sena sa lefatshe. Etsang naha motlotlo!
• Mamelodi Sundowns (Masandawana, Kabo Yellow) ka ho ba bompodi ba CAF ba selemo sa 2026. Sehlopha sena se entse naha ya bo rona motlotlo sethaleng sa kontinente, mme se boela se bontsha boemo ba sona hape jwalo ka sehlopha se matla bolong ya Afrika.
• Orlando Pirates (The Bucaneers, Ezimnyama Ngenkani) ka ho ba bompodi ba PSL ba selemo sa 2026.
• Kgalala ya Afrika Borwa DJ Black Coffee bakeng sa thebetso ya hae moo ho neng ho rekisitswe ditekete kaofela ho The 02 Arena ya London e momang batho ba 20 000, ka ho ba DJ ya pele ya Afrika ya ho fihlella semaka sena. Black Coffee, eo moloko wa hae wa di-DJ tsa Afrika Borwa o thusitseng ka ho tlisa mmino wa tantshi wa Afrika Borwa ho babohi ba matla lefatsheng, mme o bapetse dibakeng tse tsebahalang tse kang Ibiza, Coachella le Madison Square Garden.
Dipotso:
Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Iteanye le: Mofumahadi Nomonde Mnukwa, Motsamaisi Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485

