A. Maemo a Renang
1. Moruo
1.1. Marangrang a Naha a Diterene
1.1.1. Kabinete e amohetse phatlalatso e entsweng ke Motsamaisi wa Tsamaiso tsa Diterene ha Transnet (karolo ya Transnet) ya Dikhamphani tse ntjha tse tlo Tsamaisa Diterene (TOCs). Katleho ena e kgolo ho tsa ho Thothwa le ho Tsamaiswa ha Thepa, le ho kenngwa tshebetsong ha Leano la Afrika Borwa la Tsamaiso ya Diterene, ke katleho e kgolo ntlafatsong ya meralo ya bohlokwa ya motheo, e leng ntho ya bohlokwa ntshetso peleng ya moruo.
1.1.2. Ho dumella dikhamphani tse lehlakoreng ho kena kgwebong ya diterene ho tla ntlafatsa tshebetso ya diterene; ho fokotse ditjeo lekaleng lena ka ho dumella dikhamphani tse eketsehileng ho kena tshebetsong mme hape sena se tla nyolla matsete a tla kenya letsoho ho tlhokomelo ya tsona hammoho le ntlafatso ya tshebetso ya tsona. Sena se tla boela hape se fokotse le ditjeo tsa ho thothwa ha thepa, ho eketse le tlhodisano ya diterene.
1.1.3. Ho arolwa ha teng hwa pele ho bile ka mokgwa ona, ho na le metjha e 41 hammoho le makala a tsheletseng (6), mme kaofela a eme ka mokgwa ona:
(a) Lekala la ka Leboya: ho na le ditlabotjha tse tsheletseng, hammoho le metjha e 15 e tsamaisang mashala le chrome.
(b) Lekala la Iron Ore: ho na le setlabotjha se le seng, ho na le motjha o le mong o tsamaisang iron ore.
(c) Motjha wa Kapa: ho na le ditlabotjha tse pedi, ho na le metjha e mmedi e tsamaisang manganese.
(d) Lekala la Leboya botjhabela: ho na le ditlabotjha tse tsheletseng, le metjha e 16 e tlo tsamaisa mashala, chrome, magnetite, mafura a dikoloi, dikhonteina.
(e) Lekala le Bohareng: setlabotjha se le seng, metjha e mmedi ho tsamaisa mashala, dikhonteina (manganese).
(f) Lekala la Dikhonteina: ditlabotjha tse nne, metjha e mehlano ho tsamaisa dikhonteina, mashala, tswekere.
1.1.4 Tsamaiso tsa Diterene ha Transnet (TRIM) e hakanya ha Dikhamphani tse ntjha tse Tsamaisang Diterene (TOCs) di tla eketsa morwalo wa thepa e thothwang ka diterene ka ditone tse dimilione di 20 ka selemo ho tloha ka selemo sa ditjhelete sa 2026/27. Sena se tla tlatselletsa tshebetso ya Diterene tse Tsamaiswang ke Transnet (TFR) mme ho hakanyetswa ha sena se tla eketsa pehelo ya mmuso ya hore thepa e thothwang ka diterene e be e le ho ditone tse dimilione di 250 ka selemo ka 2029.
1.1.5 Mohato ona ke karolo ya kgatelopele ya Transnet ya ho ba le kgwebo e sebetsang hantle le e kgonang ho ikamahanya le maemo.
1.2 Matsete a Matjha a Merafong
1.2.1 Kabinete e amohetse ho bulwa ha projeke ya Qala Shallows ke West Wits Mining Ltd mane Witwatersrand Basin ka matsete a dimilione tse $90. Ona ke morafo wa pele wa kgauta wa Afrika Borwa dilemong tse 15. Matsete ana ke letshwao le letjha la kgonahalo ya diprojeke tse ntjha tsa kgauta mme hape sena se netefatsa taba ya hore Afrika Borwa ke naha e nepahetseng bakeng sa matsete a merafo. Tshebetso ya morafo ona e reretswe ho qala ka 2026 mme sena se tla nyolla moruo wa Afrika Borwa, ho be le mesebetsi le maitsebelo a matjha.
1.3 Tshehetso ya basadi moruong
1.1.3 Kabinete e amohetse tshebedisano pakeng tsa Lefapha la Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelanang (DWYPD) le Banka ya Standard ya Afrika Borwa. Tshebedisano ena e tla ntshetsa pele tshehetso ya basadi mme e kenyeletsa matsete a dimilione tse US$10 bakeng sa Letlole la Tshehetso ya Basadi ba Afrika.
1.1.4 Letlole lena la Tshehetso ya Basadi ba Afrika le tla tshehetsa dikgwebo tsa basadi bao e leng Batsamaisi ba Batsete Afrika ka sepheo sa ho kwala sekgeo sa dibilione tse US$42 se teng dikgwebong tsa basadi kontinenteng ena ya Afrika.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Ho tshwarwa ha Mohope wa Lefatshe wa Kirikete ICC wa 2027
1.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka qeto ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Kirikete (ICC) wa ho neha Afrika Borwa tumello ya ho tshwara Mohope wa Lefatshe wa Kirikete wa 2027. Ena ke netefatso e nngwe ya bokgoni ba Afrika Borwa ba ho tshwara mekete e meholo ya matjhaba ya dipapadi le ya boithabiso.
1.2. Afrika Borwa e na le nalane e ntle ya ho tshwara dipapadi tsa matjhaba ka katleho – e ile ya tshwara mohope wa pele wa lefatshe lekgetlo la pele Afrika wa Kirikete ka 2001 le wa bolo ya maoto ka 2010. Diketsahalo tsena ka bobedi di ne di thuse naha ena hore e be le meralo e pele e meholo ya motheo.
1.3. Ka mokgwa o tshwanang, le Mohope wa Lefatshe wa Kirikete wa 2027 o tla ba le kabelo ntshetsong pele ya moruo wa naha ena ka ntlafatso ya meralo hammoho le lekala la bohahlaudi.
2. Boiketo ba Afrika Borwa ba ho Tshwara Lebelo la Makoloi la Formula One Grand Prix mane Kyalami le qalang ka 2027
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana kopo ya Boiketo ba ho tshwara Lebelo la Makoloi la Formula One Grand Prix mane Kyalami bakeng sa nako ya dilemo tse tharo (3) le qalang ka 2027.
2.2. Boiketo bona bo tsheheditswe ka ditjhelete ke lekala le tshepahalang la Afrika Borwa mme katleho ya bona e tla ba le kabelo tlhahisong ya mesebetsi hammoho le kgolo ya moruo.
2.3. Yona taba ya ho nehwa ha Afrika Borwa monyetla wa ho iketela papadi e pele ya matjhaba e kang Formula One Grand Prix ke netefaletso ya ho tshetjwa ha naha ena boemong ba matjhaba.
3. Moralo wa Leano la Ditshebeletso tsa Motheo le Ntshetsopele ya Dikgwebo (IBDS)
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa Leano la IBDS bakeng sa maikutlo a setjhaba. Leano lena le eteletswe pele ke Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane ka sepheo sa ho tla le melawana e tla laola dikgwebo tse nyane ka ho hlakisa dikarolo tsa bankakarolo dibakeng tse fapaneng hammoho le ho ntlafatsa tshebetso e bontshang kgokahano.
3.2. Ena ke karolo ya Leano le Batsi la Naha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le laolang bankakarolo bohle ntlafatsong ya Dikgwebo tse Nyane, tse Bohareng le tse Kgolwanyane (diMSME) ka tshehetso ya dihlahiswa, mananeo a kgonang ho lekanngwa le ditshebeletso. E nngwe ya dipheo tsa bohlokwa tsa sena ke ntlafatso ya boleng le maemo a ditshebeletso tsa ntshetsopele ya dikgwebo hammoho le kgonahalo ya ho fumana tshehetso ya diMSME, haholoholo makeisheneng le dibakeng tsa mahaeng ho kenyeletsa le mahlale le dithuto tsa ho hweba.
3.3. Moralo ona wa leano o tsepamisitse tshebetso tataisong, tshehetsong le ho thehweng hammoho le ntshetso peleng ya dikgwebo tse nyane. Tataiso ya ho thehwa ha dikgwebo ke karolo ya bohlokwa kgolong ya dikgwebo ho tloha bonyaneng ba tsona ka ho fana ka tshehetso, disebediswa le ho theha tikoloho e ntle ya ho hweba.
4. Leano la Afrika Borwa la Tsamaiso ya Thepa ka Difofane
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha moralo wa Leano la Afrika Borwa la Tsamaiso ya Thepa ka Difofane bakeng sa maikutlo a setjhaba.
4.2. Sepheo sa leano lena ke ho lwantsha diphephetso tse teng ha jwale tse kang makala a sa tsitsang a tsamaiso ya thepa ka mokgwa ona hammoho le dithibella ho ba ratang ho kena kgwebong tsa mofuta ona le ho nyolla tlhodisano le tshebedisano le mebaraka e meng. Ho feta mona, leano lena le tla tswela molemo dikhamphani tse romelang le tse amohelang thepa ho tswa le ho ya mafatsheng le dikhamphani tse tsamaisang thepa, e leng se tla thusa kgolong ya moruo le ho potlakisa kgwebo pakeng tsa dinaha ka tsamaiso ya thepa ka difofane e hokahaneng.
5. Ho Kena Dipakeng ha Mmuso wa Naha Mmasepaleng wa Lehae wa Ditsobotla
5.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka kgatelopele e seng e fhletswe mabapi le ho kena dipakeng ha mmuso wa naha Mmasepaleng wa Lehae wa Ditsobotla mane Leboya Bophirima.
5.2. Ho ka tlisa botsitso mmasepaleng ona, Kabinete e tjhaetse monwana ho behwa ha mmasepala ona tlasa tsamaiso ya mmuso wa naha ho ya ka karolo ya bo 139 (7) ya Molaotheo wa Naha wa 1996. Ho kena dipakeng hona ho etswa ho latela Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Bommasepala wa 2003.
5.3. Moralo ona wa Ntlafatso, o etswa tlasa ketapele ya Lefapha la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena le la Matlotlo a Naha. Ho feta moo, Lefapha lena la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena le tla theha Komiti ya Puso ya Kopanelo e tla potlakisa ho tsitsisa dintho e le hore mmasepala ona o tle o tsebe ho kgona ho etsa mosebetsi wa ona ho ya ka molao. Komiti ya Tshebetso ya Kopanelo ka ho le leng e tla beha leihlo diketsahalo tsa bonokwane tse aparetseng mmasepala ona.
C. Ditshisinyo tsa Molao
1. Ntlafatso ya Molao wa Setheo sa Thuto sa Boahlodi ba Afrika Borwa (SAJEI)
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha ntlafatso ya Molao wa Setheo sa Boahlodi ba Afrika Borwa bakeng sa ho sekasekwa. Sepheo sa mantlha sa Ntlafatso ena ya Molao ke ho ntlafatsa Molao o teng ha jwale wa SAJEI wa 2008, ho ka kgona ho loala diphetoho tsamaisong ya Setheo sena sa Thuto.
1.2. Setheo sena se thehilwe ho latela molao ona mme mosebetsi wa sona ke ho rupella basebeletsi ba tsa toka ka sepheo sa ho netefatsa ho sebetsa ha bona ka boikemelo, botshepehi le ho se nke lehlakore mosebetsing wa bona makgotleng a dinyewe. Diphetoho tsena tse sisingwang di kenyeletsa ho hirwa ha Dean le tlhakiso ya khiro eo hammoho le tshebetso ya Molaodi wa Setheo.
2. Tshisinyo ya Molao wa Phano ya Dilaesense tsa Dikgwebo wa 2025
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa Phano ya Dilaesense tsa Dikgwebo bakeng sa maikutlo a setjhaba.
2.2. Sepheo sa Tshisinyo ena ya Molao ke ho ntlafatsa Molao wa Dikgwebo wa 1991, mme ka dintlafatso tsena ho ikemiseditswe ho theha moralo wa moraorao o sebetsang ka nepo wa phano ya dilaesense tsa dikgwebo ka sepheo sa kgodiso ya moruo le taolo e nepahetseng ya dikgwebo. Tshisinyo ena ya molao e tla boela e sireletsa le lekala la dikgwebo tse nyane tsa maAfrika Borwa tse sa ingodisang.
D. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le tse ding tse hlokahalang bakeng sa tshireletso.
1. Ntate Burton Vincent Cambell jwalo ka Motlatsa Molaodi Kakaretso: ho Ntshetsopele ya tsa Boithapollo le Papatso ya tsa Dipapadi Lefapheng la Dipapadi, Bonono le Botjhaba.
2. Mme Lorraine Naidoo jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Theko le Thekiso ya Thepa Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo.
3. Ntate Dennis Mqadi jwalo ka CEO ya South African Maritime Safety Authority
4. Ntate Shonisani Munzhedzi (ho ekeditswe konteraka) jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong wa South African National Biodiversity Institute (SANBI).
5. Batsamaisi ba Lebatowa ba South African Social Security Agency
a. Mme Mmapula Constance Pheeha (Limpopo)
b. Mme Karabelo Ellie Mojanaga (Kapa Leboya)
c. Mme Nkele Ntlhe (Foreisitata)
6. Balaodi bao e Seng ba ka Nako Tsohle ba Boto ya Public Investment Corporation (PIC) SOC:
a. Mme Dorothy Kobe;
b. Ntate Stephen Boikanyo;
c. Mme Rethabile Nkosi;
d. Ntate Mpumelelo Maseko;
e. Ngaka Mugwena Maluleke (kemedi ya SADTU mme o kgethilwe hape);
f. Mme Lindiwe Motshwane (Kemedi ya SADTU);
g. Mme Matimba Shiburi (Kemedi ya PSA);
h. Mme Lerato Makwetla (Kemedi ya GEPF);
i. Mme Nosiphiwo Balfour (Kemedi ya GEPF); le
j. Mme Lindy Bodewig (Kemedi ya Lefapha la Matlotlo).
7. Balaodi bao e Seng ba ka Nako Tsohle ba Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya tsa Mobu le Temo (Land Bank):
a. Moprofesara Johann Frederick Kirsten (o kgethilwe hape);
b. Mme Egashnee Pillay (o kgethilwe hape);
c. Ntate Mabotha Arthur Moloto;
d. Mme Phumzile Hazel Maseko;
e. Mme Simthandile Ford;
f. Mme TF Matlala;
g. Ntate Mcebisi Skwatsha; le
h. Mme Xikongomelo Maluleke.
8. Ditho tsa Boto ya Productivity South Africa (Productivity SA):
a. Mme Zola Baba Tshefu (Modulasetulo);
b. Mme Beverly Jack (Kemedi ya Mokgatlo wa Borakgwebo);
c. Ntate Gilly Dlamini (Kemedi ya Mokgatlo wa Borakgwebo);
d. Ntate Godfrey M. Selematsela (Kemedi ya Mokgatlo wa Borakgwebo);
e. Ntate Thabo Mmoneri (Kemedi ya Mokgatlo wa Borakgwebo);
f. Mme Sinah M.R. Mosehla (Kemedi ya DTIC); le
g. Mme Nolukholo F. N. Sigaba (Kemedi ya DEL).
E. Ho Hlajwa Malotsana ha Kabinete
1. Mokgahlelo wa bobedi (2) wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho
1.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka kgatelopele ya ho kengwa tshebetsong ha Mokgahlelo wa Bobedi wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho. Ha projeke ena e fela, profense ya Gauteng e tla be e na le phepelo e anetseng ya metsi.
1.2. Ho hakantswe ha projeke ena e tla phethelwa ka 2029 jwalo ka ha mosebetsi wa ho aha Letamo la Polihali hammoho le Kotopo ya Phepelo ya Metsi ya Polihali-Katse o ntse o tswela pele.
1.3. Ho tsamaiswa ha metsi ho lebeletswe ho qala ka 2028 ho thusa Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere ho dumella Rand Water ho hula metsi a mangata Nokeng ya Lekwa ho ka fepela bommasepala ba Gauteng ka 2028.
2. G20
2.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka boitokisetso ba G20 mme hape ya amohela le ho thehwa ha Komiti ya Tshebetso ya Ditsebi ke Mopresidente Cyril Ramaphosa. Komiti ena ya Ditsebi ya G20 e tla lekola ditaba tsa ho se lekalekane moruong boemong ba matjhaba, le kgahlamelo ya tsona kgolong ya moruo, bofuma le tshebedisano ya dinaha. Mohato ona ke wa pele wa mofuta wa ona bakeng sa G20 mme ona o ipapisitse le boitlamo ba Bopresidente ba Afrika Borwa ba ho sekaseka mathata a dinaha tse nang le lekeno le lenyane, ho se lekalekane hammoho le mathata a dikoloto dinaheng tseo. Komiti ya Ditsebi ya G20 e tla tshetleha tlaleho ya ho se lekalekane pakeng tsa dinaha tsa matjhaba Sebokeng sa Baetapele Ba G20 ka Pudungwana 2025 mona Afrika Borwa.
2.2. Re se re qadile ho bala matsatsi pele ho Seboka sa Baetapele ba Dinaha tsa G20 mme Afrika Borwa e se e qadile ho tshwara dikopano tsa boitokisetso le ho amohela ditlaleho ho tswa dikomiting tse fapafapeng tsa tshebetso. Dikopano tse latelang tsa boitokisetso ba G20 di ne di tshwerwe dibekeng tse mmalwa tse fetileng:
2.2.1. Kopano ya Botshelela ya Tshebetso ya tsa Bophelo bo Botle e ne e tshwerwe ka mokgwa wa vidiyo ho tloha ka la 1 – 2 Lwetse 2025 moo ho neng ho qoqwa ka ho matlafatsa meralo ya tsa bophelo bo botle ba matjhaba le ho itokiseletsa diphephetso tsa nako e tlang.
2.2.2. Kopano ya Boraro ya Komiti ya Bobedi ya Tshebetso ho tsa Paballo ya Dijo e ne e tshwerwe ho tloha ka la 1 – 3 Lwetse 2025 mane Ekgepeta ho sekaseka sephetho sa kopano ya Komiti ya Tshebetso ya G20 ya Paballo ya Dijo hammoho le tlaleho ya Komiti ya Matona mabapi le paballo ya dijo eo ho lebeletsweng hore e amohelwe ke Komiti ya Matona ya G20 e tla tshwarelwa Afrika Borwa ka la 19 Lwetse 2025.
3. Kopano ya Matona ya Matjhaba ya Dikgwebo tse Nyane le tse Bohareng (SME)
3.1. Kabinete e fumane tlaleho ya ho tshwarwa ka katleho ha Kopano ya Matjhaba ya Matona ya di-SME e neng tshwere ka tshebedisano le Sitsi sa Matjhaba sa Dikgwebo (ITC) hammoho le StartUp20 mane Johannesburg ka la 21 ho isa ka la 24 Phupu 2025. Kopano ena e nkuwe jwalo ka sethala sa ho theha tshebedisano le leano la ho ntshetsa pele Dikgwebo tse Nyane le tse Bohareng (di-SME) hore di be le bokamoso bo tjhabileng, bo kenyeletsang bohle le ba moshwelella.
3.2. Puisano kopanong ena e ne e tsepame tabeng ya ho kgona ho fumana tshehetso ya ditjhelete, kgothaletso ya diphetoho ho tsa dijithale le tshebediso ya motlakase o hlahiswang ka mokgwa wa tlhaho lekaleng la di-SME. Kopanong ena ho ne ho kopane baeti ba 750 ho tswa dinaheng tse 66 (Matona a 52 le batlatsi ba ona).
4. Sephetho sa Seboka sa Afrika sa Metsi se Neng se Tshwaretswe Kapa ho tloha ka la 13 ho isa la 15 Phato 2025
4.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba mabapi le sephetho sa Seboka sa Afrika sa Metsi se neng se tshwaretswe Kapa ho tloha ka la 13 ho isa la 15 Phato 2025. Seboka sena se ile sa bulwa semolao ke Mopresidente Cyril Ramaphosa. Seboka sena se ile sa tshwarwa ka tshehetso ya Seboka sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika le ya Komiti ya Ditsebi ya Afrika ya Matsete a Metsi. Sebokeng sena, ho bapaditswe diprojeke tse ka hohelang tsetelo tse 80 tsa metsi le tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere ho tswa dinaheng tse 38 ho kenyeletsa tse 36 tsa mona Afrika Borwa. Sephetho se babatsehang haholo se tswang sebokeng sena ke ho thehwa ha Lekgotla la Tlhokomelo ya Matsete a Metsi, e leng Mohato oo e leng nalane wa G20 oo ka ona ho ikemiseditsweng ho ntlafatsa phepelo ya metsi boemong ba matjhaba. Seboka sena se kgonne ho bokeletsa tjhelete e ka bang dibilione tse US$12, e leng kgatelopele e kgolo ho kwaleng sekgeo se teng sa dibilione tse US$30 ka selemo bakeng sa matsete a metsi.
4.2. Seboka sena se ipapisitse haholo le ditabatabelo tse ka sehloohong tsa naha tse kang MTDP, NDP hammoho le AU Water Vision mme sephetho sena se netefatsa boetapele ba Afrika Borwa ba ho ntlafatsa bapallo ya metsi kontinenteng le ntshetsopele ya meralo ya motheo.
5. Kgwedi ya Kopanelo ya Ditshebeletso tsa Setjhaba (IPSM)
5.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba mabapi le ho kengwa tshebetsong ha lenaneo la 2025/2026 la mmuso kaofela le kang selemo la Kopanelo la Ditshebeletso tsa Setjhaba. Lenaneo lena le tla hlomamiswa ka Lwetse 2025 mme ka lona ho ikemiseditswe ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso tsa setjhaba le ho etsa hore setjhaba se tshepe ditshebeletso tseo mmuso o fanang ka tsona.
5.2. Lenaneo lena la Kopanelo la Ditshebeletso tsa Setjhaba ka lona ho ikemiseditswe ho tshwaya ditshebeletso tse ntle tseo mmuso o fanang ka tsona esitana le ho tlotla basebeletsi ba ona ba sebetsang ka boinehelo. Sehopotso sena se tlo ketekwa tlasa lepetjo le reng “Ho etsa Ditshebeletso tsa Mmuso e be tsa Profeshenale le hore Setjhaba se Tshepe Ditshebeletso tsa Mmuso”.
5.3. Lenaneo lena le na le ditshiya tse hlano tse kenyeletsang ho bonahala ha basebeletsi ba ka sehloohong ba mmuso setjhabeng, ho arabela dipotso tsa setjhaba, ho sebetsa ka mokgwa wa profeshenale, ho sebetsa ka botshepehi ha basebeletsi ba mmuso hammoho le ho nka karolo ha setjhaba phanong ya ditshebeletso.
5.4. Kabinete e boetse ya tshehetsa ho thehwa ha Foramo ya Mmuso ya Tshebedisano e tla okamela mananeo a IPSM a selemo le selemo ka sepheo sa ho kgothaletsa tshebedisano mafapheng ohle a mmuso.
F. Diketsahalo tse Tlang
6. Ketelo ya Mopresidente Profenseng ya Leboya Bophirima
6.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa le Kabinete ya hae ba tla etela profenseng ya Leboya Bophirima ka Labohlano la la 12 Lwetse 2025 mane Rustenburg. Ketelo ena ke karolo ya leano la Mopresidente la ho matlafatsa tshebedisano le mebuso ya diprofense hammoho le ho tshehetsa kgolo ya meruo ya tsona le hona ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso. Ke profense ya bohlano eo Mopresidente a etelang Lekgotla la yona la Phethahatso.
7. Ketelo ya Tekolo ya Mosebetsi ke Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile mane Kapa Bophirima
7.1. Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile o etetse profense ya Kapa Bophirima ka la 04 ho isa la 06 Lwetse 2025 mane Seterekeng sa Overberg ka sepheo sa ho potlakisa Lenaneo la Mmuso la ho Kgutliswa ha Mobu. Motlatsa Mopresidente o boetse a etella pele letsholo la Ditoropo le Ditorotswana tse Hlwekileng mane lekeisheneng la Zwelihle Mmasepaleng wa Lehae wa Overstrand jwalo ka karolo ya ho kgothaletsa ho ba le dibaka tse hlwekileng tsa ditoropong le tsa mahaeng.
8. Seboka sa Afrika Borwa sa ho Lekola Parola Botjha
8.1. Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo le tla tshwara Seboka sa Afrika Borwa sa ho Lekola Botjha Parola ka la 22 le la 23 Lwetse, Tshwane.
8.2. Seboka sena se tla etsahala nakong ya Beke ya Tlhabollo eo ka yona lefapha le tsepamisang mosebetsi wa lona tlhabollong hammoho le lenaneong la poelano ya batshwaruwa le setjhaba. Seboka sena se tla kopanya ditsebi, basebeletsi hammoho le bankakarolo ba bang ho tla buisana ka dikatleho, diphephetso le maemo a renang ha jwale ka lenaneo la parola.
9. Dihopotso tsa Naha
9.1. Diketsahalo tse latelang di tla etsahala ka kgwedi ena ya Lwetse: Kgwedi ya Botjhaba, Kgwedi ya Bohahlaudi, Sehopotso sa Naha sa Letsatsi la Sepolesa sa Afrika Borwa le Kgwedi ya Kopanelo ya Ditshebeletso tsa Setjhaba.
9.2. Meketeng ya Kgwedi ya Botjhaba, Afrika Borwa e tla ananela le hona ho keteka setso, botjhaba hammoho le meetlo ya rona e fapafapaneng. Lepetjo la selemong sena le re “Re Lekola Botjha Ditheo tsa Botjhaba ba Rona bakeng sa Nako e Ntjha”. Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile ke yena ya tla etella pele mokete wa Letsatsi la Botjhaba ka la 24 Lwetse 2024 mane Lebaleng la Dipapadi la Oudtshoorn, mane Kapa Bophirima.
9.3. Kgwedi ya Bohahlaudi yona e tla ketekwa tlasa lepetjo le reng: "Bohahlaudi le Bohahlaudi ba Moshwelella", le ketekang ho kgaba ka setso, botjhaba hammoho le menate ya ho eta. Kgwedi ena ya Bohahlaudi e bontsha bohlokwa ba indasteri ena tshehetsong ya setjhaba hammoho le ho theha mesebetsi. E boetse e kgothaletsa Maafrika Borwa ho etela dibaka tse ngata tsa naha ena ho bona makgabane a yona ho ya ka lepetjo le reng (#Sho’t Left).
9.4. Sehopotso sa Naha sa Letsatsi la Sepolesa sa Afrika Borwa se ketekwa jwalo ka Sontaha sa pele sa Lwetse selemo le selemo moo naha e hlomphang banna le basadi bao e leng mapolesa ba hlokahalletseng mosebetsing – re ba tlotla ka ho tella maphelo a bona polokeho le tshireletso ya batho ba Afrika Borwa. Kabinete e etsa kgoeletso ho batho bohle ho tshehetsa sepolesa sa rona mosebetsing wa sona wa twantsho ya bonokwane le ho tsitlallela polokeho Afrika Borwa.
G. Melaetsa
1. Matshidiso
Kabinete e fetisetsa matshidiso le kutlwelo bohloko ho lelapa le metswalle ya
- Modulasetulo wa mehleng wa NCOP le Lenqosa naheng ya Kenya, Ntate Mninwa Johannes Mahlangu ya neng a tumme ka la "MJ" e mong wa ditho tsa pele tsa Palamente kamora dikgetho tsa 1994. Ke e mong wa bangodi ba molaotheo wa rona mme a boela a emela Afrika Borwa ka bokgabane matjhabeng.
- Tshidi Madia, mokaubere wa sebohodi le moqolotsi wa ditaba ya neng a etsa mosebetsi wa hae ka botshepehi. O ne a thoholetswa ke batho bohle ka boqolotsi ba hae bo tjhatsi, ho sebetsa ka botshepehi, bokgabane le ho hloka leeme mme hape a bontsha le lerato la naha ya habo.
- Mokaubere wa sebapadi sa dipale Nandi Nyembe, ya neng a tumme ka la Mam’ Nandi ya ipabotseng mosebetsing wa hae dilemo tse fetang mashome a mahlano.
- Mokaubere wa Jazz ‘Bra’ Stompie Manana eo morethetho wa hae o ratwang ke bongata ba Maafrika Borwa ho tloha diterateng tsa Sophiatown ho ya dithaleng tsa matjhaba mme ya ba e mong wa diletsi tse tummeng tsa terompeta le flugelhorn.
- Moitseki le molwantshi wa kgethollo le moeletsi wa Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela tabeng tsa polokeho ya naha, Ntate Neil de Beer ya bileng le kabelo e kgolo dipolotiking tsa naha ena dikarolong le ditheong tse ngata.
- Rakgwebo le mohlahisi wa biri ya pele ya motho e motsho Afrika Borwa, Soweto Gold Beer, Ntate Ndumiso Madlala.
2. Dithoholetso
Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
- Akani Simbine ka ho tswa bobeding lebelong la banna la 100m mabelong a 2025 a Diamond League Final mane Zurich.
- Jo-Ane du Plessis ka ho tswa borarong papading ya Javelin ya Basadi dipapading tsa 2025 la Diamond League Final mane Zurich.
- Thriston Lawrence ka ho hapa Tonamente ya Kolofo ya Omega European Masters mane Switzerland lekgetlo la bobedi dilemong tse nne.
- Sehlopha sa Springbok sa Basadi ka ho fihlela maemo a dihlopha tse robedi tsa ho qetela Mohopeng wa Lefatshe wa Rugby lekgetlo la pele nalaneng ya bona mme re ba lakaletsa katleho ha ba tla be ba tobane le Fora ka Sontaha sa la 7 Lwetse 2025.
- Scorpion kings ka ho tshwara Konsarete ya “Betway Presents Scorpion kings live with friends” ka la 29 Phato eo ditekete tsa yona di ileng tsa rekiswa kaofela mme ha tla batshehetsi ba 50,000 kaofela.
Ditlhakisetso:
Mme Nomonde Mnukwa
Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485