Tlaleho ya kopano ya Kabinete ya Laboraro, la la 25 Tlhakubele 2026, le kopano e Ikgethang ya Kabinete ya Laboraro la la 1 Mmesa 2026

A. Maemo a renang

1. Moruo

1.1. SARS e etsa rekoto ka ho bokeletsa lekeno la trilione tse R2
1.1.1. Kabinete e thoholeditse Tshebeletso ya Afrika Borwa ya Pokeletso ya Lekgetho (SARS) tlasa Mokhomishenara Edward Kieswetter bakeng sa ho bokeletsa lekgetho le ka hodimo hanyane ho trilione tse R2, e leng phihlelo e entseng rekoto e fihlelletsweng ka nako e potlakileng ka ho fetisisa esale ho tloha ka phihlelo ya pokeletso ya lekgetho la trilione e le R1.
1.1.2. Pokeletso e ntlafetseng ya lekgetho e matlafatsa e matlafatsa le hona ho tsitsisa matlotlo setjhaba, mme seo se thusa hore mmuso o se tshepele kadimong ya ditjhelete mme hape sena se thusa mmuso ho sebedisetsa tjhelete ditekanyetso tsa tshebediso ya tjhelete.
1.1.3. Naha e kotula melemo ya dintlafatso mabapi le boikamahanyo ha batho le ho lefa lekgetho ha mmoho le makgabane a tsamaiso e ntle ya SARS e leng ditholwana tsa mosebetsi o matla le boinehelo, hape le kgatelopele e fihletsweng ka ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tsa Khomishene ya Nugent.
1.1.4. Pokeletso ya lekgetho lena la ditrilione tse R2 e boetse ke pontsho ya kgolo ya moruo, eo haholo e tshehetswang ke lekala la merafo, leo e leng mokokotlo wa moruo wa Afrika Borwa.
1.1.5. Phihlelo ena e bontsha kgolo e matla ya moruo ha ho bapiswa le pokeletso ya lekgetho la dibilione tse R114 ka 1994/95 le nako e nkuweng ke SARS ho fihlella pokeletso ya trilione e le R1 ka (2018), le nako ya dilemo tse robedi feela ho fihlella pokeletso ya lekgetho la ditrilione tse R2.

1.2. Seboka sa Botshelela sa Afrika Borwa sa Matsete se netefatsa naha ena e le sebaka se ratwang sa matsete
1.2.1. Naha e ne e tshwere Seboka sa Botshelela sa Afrika Borwa sa Matsete (SAIC) se tsotehang haholo ka la 31 Tlhakubele 2026 Johannesburg moo ho neng ho tlile baemedi ba fetang 1000 ba tswang dinaheng tse 50 ba nkileng karolo Sebokeng sena.
1.2.2. Seboka sa Botshelela sa Afrika Borwa sa Matsete se tshwaya karolo ya bobedi ya botsetedi moo mmuso o habileng ho fihlela matsetse a boleng ba ditrilione tse R2 trilione bakeng sa dilemo tse hlano tse tlang.
1.2.3. Ditshepiso tsa Matsete a boleng ba dibilione tse R898 a akgang diprojeke tse 81 ho phatlalla le diprovense kaofela tse robong e ne e le pontsho ya tshepo ho Afrika Borwa jwalo ka sebaka sa botsetedi.
1.2.4. Maitlamo a matsete a lebeletswe ho hlahisa mesebetsi e fetang e 230,000 ya ka nako tsohle ho tshehetsa boitlamo ba mmuso ba kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle le tlhahiso ya mesebetsi.
1.2.5. Esale e thehwa ka selemo sa 2018, SAIC e bokeleditse ka katleho boitlamo ba botsetedi ba ditrilione tse R1.56, e leng se fetang pehelo ya sethathong ya Kantoro ya Mopresidente ya dibilione tse R628. Boitlamong boo ba matsete a ditrilione tse R1.56, diprojeke tse 137 tsa paloyohle ya dibilione tsa R400 di se di phethetswe, ha tse 84 tsa boleng ba dibilione tse R417 tsona di sa le tlasa kaho ha jwale.

1.3 Paloyohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) e ntseng e phahama e supa moruo o holang hanyane hanyane
1.3.1 Kabinete e ananetse dikotara tse hlano tse latelanang tsa kgolo ya moruo e se nang tshitiso, e leng se bakileng keketseho ya selemo ka seng ya GDP ya 1.1% bakeng sa selemo sa 2025 jwalo ka ha e lokolotswe ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa. Kgolo ena e boetse e tsheheditswe ke keketseho ya 0.4% ya GDP kotareng ya ho qetela ya selemo sa 2025.
1.3.2 Tshebetso ena e matla ka ho fetisisa ya moruo ho tloha ka selemo sa 2022, e susumeditswe haholo ke makala a bohlokwa a ditshebeletso tsa ditjhelete, Thekiso ya matlo, ditshebeletso tsa kgwebo, kgwebisano, tsa bofepi le kamohelo ya baeti ha mmoho le ditshebeletso tsa motho ka mong, tse boetseng tsa tshehetswa ke lekala la tsa temo le ditshebeletso tsa mmuso.

1.4 Banka ya Matjhaba ya Kahobotjha le Ntshetsopele bakeng sa phano ya mekitlane ho matlafatsa ntshetsopele ya meralo ya bohlokwa ya motheo
1.4.1 Kabinete e ananetse ho thehwa ha Sethusi sa Netefaletso ya Mokitlane (CGV) ke Banka ya Matjhaba ya Kahobotjha le Ntshetsopele sa boleng ba dimilione tse $350 (e akanyetswang ho dibilione tse R5.6).
1.4.2 CGV e tla qala ka ho tsepamisa tshebetso katolosong ya meralo ya motheo ya naha ya tlhahiso ya motlakase mme nakong e tlang e tla kenyeletsa diprojeke tsa meralo ya motheo ho tsa metsi, ho thothwa ha thepa, thuto le kalafo.

1.5 Afrika Borwa e tshwara ka katleho LIV Golf lekgetlo la pele Afrika
1.5.1 Kabinete e thabile ha e le mona Afrika Borwa e boetse e bontshitse bokgoni ba yona ba ho ba sebaka sa mantlha sa diketsahalo ka ho tshwara ka katleho LIV Golf – lekgetlo la pele Afrika mane Johannesburg e neng e akga ka hare dibapadi tsa matjhaba ha mmoho le dibapadi tse ipabotseng tsa Afrika Borwa.
1.5.2 Ke batho ba fetang ba 100 000 ba neng ba tlile ketsahalong ena ya bohlokwa, e tlileng ka melemo e meholo ho moruo le ho setjhaba, ho kenyeletsa le keketseho ya bohahlaudi. Mohlala wa sena ke wa hore ba bang ba baeti ba neng ba tlile ketsahalong ena ba ile ba dula le ka mora ketsahalo ena ho boha botle ba naha ena ho tsa bohlahlaudi, ho kenyeletsa dibaka tsa diphoofolo tse hlaha, mabatowa a mabopo, dibaka tse hlahisang veine, ha mmoho le metsemeholo.
1.5.3 Diketsahalo tse ding tsa LIV Golf di reretswe bakeng sa selemo sa 2027 le sa 2028 ka kgonahalo ya ho tswella ho ya selemong sa 2029 le sa 2030. Ditekete tsa selemo sa 2027 tsa SA LIV golf di se di rekiswa.

1.6 Pebofatso ya Kgahlamelo ya Ntwa ya Amerika – Iseraele – Iran ho Afrika Borwa
1.6.1 Kabinete e ipapisitse le Mopresidente Cyril Ramaphosa e etsa kgoeletso ya peho ya dihlomo fatshe hanghang Ntweng ya Amerika – Iseraele – Iran e amang hampe lebatowa la Botjhabela bo Bohareng le lefatshe lohle.
1.6.2 Kabinete e ntse e behwa sehlohlolong ka kanetso ya phepelo ya mafura ho latela ho angwa ha teng ke ntwa e ntseng e tswela pele, mme e ile ya netefaletswa hore phepelo ya rona ya mafura e sa lekane ha jwale. Kabinete e ile ya tsebiswa hore Afrika Borwa e tshepetse feela ho Botjhabela bo Bohareng bakeng sa dihlahiswa tse seng di hlwekisitswe.
1.6.3 Mopresidente o thehile Sehlopha sa Tshebetso sa Matona se bopilweng ka Letona la Diminerale le Mehlodi ya Peteroleamo (modulasetulo), la Matlotlo, Dipalangwang, la Kgwebisano, Diindasteri le Tlhodisano, la Dikamano tsa Matjhabeng le Tshebedisano, la Temo, la Motlakase le Eneji, la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho, le la Kantoro ya Mopresidente ho hokahanya karabelo ya mmuso tabeng ya kgahlamelo ya ntwa ena ho ditjeo tsa ho phela, mafura le kanetso ya dijo.
1.6.4 Jwalo ka mokgwa wa kenello e potlakileng, Sehlopha sa Tshebetso se kgothaleditse phokotso ya lekgetho la mafura bakeng sa nako ya ha jwale ho bebofatsa kgahlamelo ya keketseho ya ditheko tsa mafura tse qadileng ka Laboraro, la la 1 Mmesa 2026.
1.6.5 Re rata ho netefaletsa Maafrika Borwa hore phepelo ya mafura ka hara naha e sa ntse e lekane mme diteishene tsa mafura tseo ha jwale di hlokang mafura ke ka lebaka la mathata a ho thothwa ha mafura le ho rekwa ha ona ka sekgahla se hodimo. Maafrika Borwa a kgothaletswa ho qoba ho reka ka sekgahla se hodimo.

1.7 Ho fanwa ha laesense ya Postbank ho netefatsa hore ditshebeletso tse kgonehang tsa ditjhelete di fihlellwa ke baahi
1.7.1 Kabinete e ananela ho fanwa ha laesense semmuso bakeng sa Postbank jwalo ka Mofani wa Ditshebeletso tsa Ditjhelete (FSP) ke Lekala la Tsamaiso ya Bolaodi ba Ditjhelete (FSCA) e leng se matlafatsang mosebetsi o tswellang wa ho beha Postbank boemong ba banka ya kgwebo ya mmuso ya moshwelella.
1.7.2 Ka laesense ena, Postbank e tla kgona ho pharalatsa letoto la yona la ditshebeletso tsa ditjhelete ha mmoho le ho kenyeletsa le hona ho fana ka ditshebeletso le ditshebeletso tse ding tse kgonehang bakeng sa ba neng ba qheletswe ka thoko ho tsa ditjhelete.
1.7.3 Kabinete e thoholeditse kgatelopele e entsweng mabapi le ho matlafatsa bokgoni ba Postbank jwalo ka setheo sa banka ya mmuso.

1.8 Letsholo la ho Batla mane ho Morafong wa Ekapa Minerals
1.8.1 Kabinete e behilwe sehlohlolong ka tshebetso ya ho fumana ditopo tsa barafi ba bahlano ba neng ba tshwasehile haesale ho ba le sekgohola sa seretse Morafong wa Ekapa Minerals mane Kimberley.
1.8.2 Ditopo ka bohlano ba tsona di ile tsa ntshuwa mme Kabinete e fetisetsa matshediso a tebileng ho ba malapa, bomphato le baratuwa ba bafu.
1.8.3 Lefapha la Diminerale le Mehlodi ya Peteroleamo le qadile ka dipatlisiso tse tebileng tsa ketsahalo ena hore le kgone ho jarisa molato ba ikarabellang molato wa ho se tsotelle, haeba ho na le bopaki.

2. Dintlafatso tsa Tshebeletso ya Mmuso

2.1 Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Kgwebisano ya Bommasepala ba baholo bakeng sa ho ntlafatsa ditshebeletso tsa bohlokwa Bommasepaleng ba robedi ba baholo
2.1.1 Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Kgwebisano ya Bommasepala ba baholo – boikitlaetso bo babatsehang ba Operation Vulindlela – bo reretsweng ho thusa bommasepala ba robedi ba baholo hore e tsoseletse le hona ho matlafatsa phano ya ditshebeletso tsa motlakase, metsi le metsi a dikgwerekgwere, ha mmoho le matlakala.
2.1.2 Jwalo ka karolo ya lenaneo lena, Lefapha la Matlotlo a Naha le tla aba tjhelete e kalo ka dimilione tse R54 mabapi le ditsiane tse tsamaelanang le tshebetso nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tse tlang, ho fana ka matlole a reretsweng bommasepala ba baholo ba bontshang dintlafatso tse ka lekanyetswang mabapi le phano ya ditshebeletso tsa bohlokwa.
2.1.3 Ho ka kgona ho fumana ditsiane tsena, bommasepala bana ba lokela ho ipapisa le dipehelo tsa tshebetso tse tekilweng ho Meralo ya yona ya Ntlafatso ya Tshebetso ditshebeletsong tse ka sehloohong tsa metsi, motlakase le tsa matlakala.

2.2 Molao wa Bolaodi ba Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA) sephetho sa bohlahlobi ba ditjhelete sa 2024 – 2025
2.2.1 Kabinete e ile ya tshohla Tlaleho ya Kakaretso ya Mafapha a Naha le a Diprovense, Ditheo tsa Mmuso le Diketsamolao ka Mohlahlobi Kakaretso wa Ditjhelete wa Afrika Borwa bakeng sa Diphetho tsa Bohlahlobi ba PFMA ba 2024 - 25.
2.2.2 Tlaleho ena e bontsha ntlafalo e seng kae ya diphetho tse nang le mathata mme ha ho a fumaneha le ditlhahlobo tse hlwekileng tse eketsehileng ho tloha ho 142 ka 2023-24 ho isa ho 151 ka 2024-25 ha tshenyo le tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete di fokotsehile ha ho bapiswa le selemo se fetileng. Tshebediso ya ditjhelete e se nang molemo le ya tshenyo di theohile haholo ho tloha ho dibilione tse R3.54 ka 2023–24 ho isa ho tse R1.42 ka 2024–25.
2.2.3 Kabinete e ngongorehile ka palo ya ditheo le mafapha a emeng nqa e le nngwe mabapi le Bohlahlobi bo sa thabiseng ka mokgahlelo wa diphetho le ho amana le ho se kenngwe tshebetsong ha Meralo ya Tshebetso ya ho lokisa diphetho tsena. Re ka etsa mohlala ka hore, haesale ho tloha ka tlaleho ya 2023-24, ke feela mathata a 38 a bonahalang a ile a rarollwa mme ke dibilione tse R1.38 feela ya ditahlehelo tsa ditjhelete tse ileng tsa thibelwa kapa tsa kgutliswa.
2.2.4 Ditho tsa Kabinete di tla beha leihlo ka matla ho kenngwa tshebetsong ha meralo ya tshebetso ho sebetsana le diphetho tsa bohlahlobi, le ho tshehetsa mehato ya Mohlahlobi Kakaretso ho tlisa boikarabello ba mekgwa ya taolo e tjhatsi ya ka hare le mehato ya thibelo e ka sehloohong ya taolo e hlwahlwa le ntlafatso ya tshebeletso.

3 Ntwa Kgahlanong le Botlokotsebe

3.1 Ntwa kgahlano le botlokotsebe e matlafatswa ke ho jalwa ha Lebotho la Naha la Tshireletso (SANDF) ho tshehetsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS)
3.1.1 Kabinete e ananetse ho jalwa ha ditho tse 2 200 tsa SANDF tse tla sebedisana le SAPS ntweng kgahlano le ho rafa ho seng molaong le dikgoka tsa maqulwana Kapa Botjhabela, Foreisitata, Gauteng, Leboya-Bophirima le Kapa Bophirima.
3.1.2 SANDF e tla sebetsa jwalo ka katiso ya lebotho le ho sebetsa ho ya ka melawana ya tshebedisano. Ho jalwa hona ha SANDF ho haufi le ho phethelwa.

3.2 Botjhaba le meetlo ya rona di lokela ho hlomphuwa ke bohle, ka ho qoholleha ke baeti ba rona

3.3 Kabinete e hlahisitse ho swabiswa ha yona ke se bitswang ho behwa boreneng ha moahi wa Nigeria mane KuGompo, Kapa Botjhabela le ho supa hore seo ke mantlwantlwane le bosawana feela.

3.4 Kabinete e netefaditse hore ho thehwa, kananelo, le tshebetso ya sebopeho leha e le sefe sa boetapele ba setso di laolwa feela ke Molao wa Boetapele ba Setso le wa MaKhoi-San, o hlakisang ka ho totobetseng le ho se qeaqee se tlamehang ho etswa bakeng sa ho behwa le ho ananelwa ha marena.

3.5 Kabinete e lemohile kopo ya tshwarelo ya Khomishene e Phahameng ya Nigeria tabeng ena le ho laela Lefapha la Dikamano tsa Matjhabeng le Tshebedisano (DIRCO) ho tswella ho buisana le Khomishene e Phahameng mabapi le boitshwaro bo sa amoheleheng ba batho ba Nigeria ka hara Afrika Borwa bo sa tshwaneleng baeti.

3.6 Ho ngongorehisang haholo ke hore dillo tse utlwahalang mabapi le taba ena di qeteletse di bakile diketso tsa dikgoka la tsa ditlolo tsa molao. Kabinete e hopotsa baahi hore tokelo ya ho ipelaetsa e tsamaelana le boikarabelo, e lokela ho sebediswa ka kgotso ho ipapisitswe le molao.

4 Ho Ntshetsapele Ditokelo tsa Botho

4.1 Ho kgutlisa seriti ka pusetso ya mobu
4.1.1 Jwalo ka kgutliso ya seriti sa botho, Mopresidente Cyril Ramaphosa o kgutlisitse mobu wa dihekthara tse 17 000 molemong wa bakgolamolemo ba 2 000 ba metse ya St Paul, Ngunjini, Ndzimankulu/Vierkant le lapeng la ha Lawrence, KwaZulu-Natal.
4.1.2 Motlatsi wa Mopresidente, Paul Mashatile o kgutlisitse dihekthara tse fetang 627 tsa mobu le mangolo a thuo ya mobu ho Mokgatlo wa Kopanelo ya Mobu wa Setjhaba wa Schulk Marhiqa molemong wa malapa a 18 le bakgolamolemo ba 86 Masepaleng wa Lehae wa Govan Mbeki, Mpumalanga.
4.1.3 Esale ho tloha ka Tlhakubele 2025, paloyohle ya ditseko tsa mobu tse seng di tjhaetswe monwana ke tse 83,205, e leng se re behang ho dihekthara tse 3.9 milione tsa mobu o seng o kgutliseditswe ho beng ba ona ho tloha ka selemo sa 1995. Mmuso o tsetetse tjhelete e ballwang ho dibilione tse R58 bakeng sa theko ya mobu, dithusong tsa ditjhelete le ditlhapiso tsa ditjhelete tse tshehetsang bakgolamolemo ba 376,976 naheng ka bophara. Ho feta moo, ke paloyohle ya mobu wa dihekthara tse dimilione tse 5.3 o abetsweng batho ho tloha ka selemo sa 1995, mme mmuso o matlafaditse tshehetso eo o fanang ka yona ka mora pusetso ya mobu, mme hape wa ntlafatsa kgonahalo ya tshebediso ya mapolasi le ho thusa ho bebofatsa phihlello ya mebaraka.

4.2 Seriti le ditokelo tsa MaKhoi-San di tiiseditswe botjha
4.2.1 Kabinete e ananetse ho bolokwa botjha ha masalla a badimo ba 63 ba MaKhoi-San Monumenteng wa Kinderlê, Steinkopf, Provenseng ya Kapa Leboya. Masalla ana ke sehlopha se senyane sa dikete tsa masalla a baholoholo ba batho ba batsho a neng a tloswe ka mokgwa o seng molaong mafelong a mongwahakgolo wa bo-19 le qalong ya mongwahakgolo wa bo-20 mme a iswa dimusiamong tsa Yuropa.
4.2.2 Ho bolokwa botjha ke karolo ya pusetso ya ditokelo le seriti sa botho sa batho ba MaKhoi-San le kgopotso ya ho hlothwa seriti ya tsamaiso ya bokoloniale le Kgethollo e neng e tshwere batho ba batsho jwalo ka ha eka ha se batho, e be e ka ke dibopuwa le dintho feela tsa ho tshehetsa le tsa boithabiso. Ho bolokwa botjha hona ke boitlamo ba mmuso ba ho hlompha ba tetseng maphelo a bona ntweng tsa boitseko le ya tokoloho.
4.2.3 Ho bolokwa botjha hona ho etsahetse ka nako e ho kenyeletswa ha mabitso a setso a MaKhoi-San tsamaisong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae, e leng mohato wa bohlokwa ho kgutlisweng ha seriti sa botho. E tla be e le lekgetlo la pele nalaneng ya Afrika Borwa, mangolo a tswalo, di-Smart ID le diphaseporoto di kgona ho ananela semmuso le hona ho rekota mabitso a setso a MaKhoi-San mme sena se etsahala ka lebaka la ntlafatso ya ditsamaiso tsa IT Lefapheng la Ditaba tsa Lehae.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Moralo o Lekotsweng Botjha wa Leano la Boahi, Bofalli le Tshireletso ya Baphaphathehi (CIRP)
1.1 Kabinete e tjhaetse monwana Moralo o Lekotsweng Botjha wa CIRP, bakeng sa ho kengwa tshebetsong. Leano lena le tlisa phetoho tse phethahetseng ho moralo wa leano la Afrika Borwa la bofalli le boahi. Ho latela ho tjhaelwa monwana ha pele ke Kabinete ka Mmesa 2024, Lefapha la Ditaba tsa Lehae le phatlaladitse Moralo wa Leano o Lekotsweng Botjha ka la 12 Tshitwe 2025, mme moralo ona o kenyeletsa dintlha tse ka sehlohlolong tsa Mmuso wa Kopanelo.
1.2 Sepheo sa Moralo ona o Lekotsweng Botjha ke ho kopanya Molao wa Afrika Borwa wa Boahi, wa Bofalli, le wa Bophaphathehi hore e be molao o le mong o hlokang dikganyetsano tse teng ha jwale. Dintlafatso tse ka sehloohong mona di kenyeletsa ho kopanngwa ha dikgothaletso tsa tlaleho ya Operation Vulindlela ya diphetoho tsa leano la phano ya divisa; tlhakiso ya mekgwa ya ho matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha maano a bofalli le boahi, ha mmoho le tsepamiso e matla diphetohong tsa dijithale.
1.3 Sepheo sa Tekolo Botjha ena ya Leano ke ho netefatsa tshebeletso e ntlafetseng ya sejwalejwale tabeng tsa boahi, bofalli le tshireletso ya baphaphathehi. Leano lena le tshehetsa ntshetsopele ya naha le dipehelo tsa leano la Naha ya Pele e Bolokehileng, e leng leano le kgothaletsang baphaphathehi ho batla tshireletso naheng ya pele eo ba fihlang ho yona e nkuwang e le e bolokehileng.
1.4 Leano lena le Lekotsweng Botjha le boetse le e fana ka pehelo mafapha a Amehang a mmuso ho hlwaya mefuta ya kgwebisano le mesebetsi ya diprofeshenale tse tla behellwa ka thoko bakeng sa Maafrika Borwa ka sepheo sa ho ikobela karolo ya bo 22 ya Molaotheo. Moralo oo o tla sebediswa ke mafapha a amehang o lokela ho sekaseka ho sa lejalwa tokelo ya bakopi ba Botshabelo ya ho batla mosebetsi ka sepheo sa ho ba fa monyetla wa hore le bona ba fumane mesebetsi e le hore ba kgone ho iphedisa le hona ho baballa seriti sa bona.

2. Tlaleho ya Dipatlisiso tsa kgahlamelo ya ho fetofetoha ha maemo a hodimo batho ba sa itekanelanang
2.1 Kabinete e tjhaeletse monwana Tlaleho ya Diphuputso le phatlalatso tsa Kgahlamelo ya ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo ho Batho ba sa Itekanelanang.
2.2 Sepheo sa Tlaleho ena ke ho netefatsa mehato yohle e nkuwang ya mawa le maano a twantsho ya mathata a ho fetofetoha ha maemo a lehodimo a kenyeletsa batho ba sa itekanelanang.
2.3 Dipatlisiso tsena di bontshitse dikgaello tse itseng mehatong ya ho sireletsa batho ba sa itekanelanang nakong ya dikoduwa.
2.4 Dikgothaletso tse ka sehloohong di kenyeletsa ho ntlafatsa mekgwa ya karabelo nakong ya dikoduwa tsa ho fetofetoha ha maemo a lehodimo; ho netefatsa hore mekgwa ya temoso e a finyella le ho batho ba sa itekanelanang, ho fana ka mekgwa e fihlellehang le e nepahetseng e arabelang ho dikoduwa ho batho ba sa itekanelanang; ho beha ka sehlohlolong bohle ba sa itekanelanang bao e leng basadi, banana ha mmoho le maqheku meralong ya ho fetofetoha ha maemo a lehodimo; ho eketsa bonkakarolo ba batho ba sa itekanelanang ditabeng tsa ho ralwa le ho kengwa tshebetsong ha maano a ho lwantsha ho fetofetoha ha maemo a lehodimo; le ho matlafatsa ho kenyeletswa ha batho ba sa itekanelanang ho ralweng le ho kengweng tshebetsong ha maano a twantsho ya ho fetofetoha ha maemo a lehodimo boemo ba bommasepala.

3. Tlaleho mabapi le ho kengwa tshebetsong ha ho kenella ha mmuso Masepaleng wa Lehae wa Ditsobotla
3.1 Kabinete e ile ya behwa sehlohlolong sa ditaba ka kgatelopele ya ho kengwa tshebetsong ha kenello ya mmuso Masepaleng wa Lehae wa Ditsobotla. Kabinete e netefaditse thonngwa ha moemedi wa Kabinete, le Dipehelo tseo ho kenella ha mmuso ho tla sebetsa tlasa tsona.
3.2 Kgatelopele mabapi le ho kenella e kenyeletsa:
3.2.1 Ho ngolwa ha melawana ya ho thonya bo Ramotse, Motsamaisi wa Dipuisano le ho kgethwa ha dikomiti tse ka tlasa Karolo ya bo 79/80 ho se ho phethetswe, ha tekolo ya ho ba molaong ya mokgwa o sebediswang ho thonngwe ha Mookamedi wa Mmasepala e ntse e tswelapele.
3.2.2 Ho tjhaelwa monwana ha Moralo wa Tsoseletso ya Ditjhelete ke Letona la Matlotlo ho ntse ho tswella pele bakeng sa ho tekelwa Lekgotla.
3.2.3 Hodima moo, ho netefatsa tswelopele phanong ya ditshebeletso tsa motheo, ho se ho phethetswe tumellano ya boemo ba tshebetso ya phepelo ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere le Masepala wa Setereke wa Ngaka Modiri Molema, mme le moralo wa kgwebo o tsamaelanang sena o se o phethetswe. Jwalo ka karolo ya mmuso ya ho kenella nakong ya dikoduwa ho latela dikoduwa tse ileng tsa ba teng pakeng tsa Pudungwana 2024 le Hlakola 2025, ho se ho ahilwe matlwana a nakwana a bodulo (TRU) a 95 ho a 239 a reretsweng ho ahwa.
3.2.4 Lefapha la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena (COGTA) boemong ba naha le se le phethetse tekolo ya meralo ya motheo ya bommasepala ya ICT ka sepheo sa ho tshehetsa tsoseletso ya meralo ya motheo le phano ya ditshebeletso. Lefapha la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho le thontse mofani wa ditshebeletso ho thusa ka ho theha Moralo wa Kopanelo wa Mokgwa wa ho Lahla Matlakala, mme Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba la Provense le fane ka dilori tse pedi ho tshehetsa ho lahlwa ha matlakala a tloswang ditsheng tse hlwaileng tse seng molaong tsa ho lahlela matlakala.
3.3 Dipuisano pakeng tsa mmasepala le Eskom di boemong bo pele haholo ho phethela tumellano e reretsweng ho sebetsana le mathata a phepelo ya motlakase. Mafapha a dikarolo tsa JCPS a tswelapele ho fana ka tshehetso ka mautlwela, thibelo ya botlokotsebe, botjhutjhisi le dikenello tsa bolaodi ba tshireletso. Matona a Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena le la Matlotlo a tswella ho fana ka tshehetso ya lewa la kopanelo la tshebetso ya mmuso ho tshehetsa kenello ena.

4. Moralo wa Naha wa Leano la Ntshetsopele ya Maemafofane (NADP)
4.1 Kabinete e tjhaeletse monwana phatlalatso ya moralo wa NADP bakeng sa maikutlo a setjhaba. NADP ke moralo wa leano la naha o hlahisitsweng ke Lefapha la Dipalangwang ho tataisa ntshetsopele e hokahantsweng, katoloso ya nako e telele ya moshwelella ya marangrang a maemafofane a Afrika Borwa. Moralo ona o fana ka lewa le tsamaiso e phatlaletseng ya moralo wa meralo ya motheo, ha mmoho le ho netefatsa hore tsena tsohle di tsamaisana le maemo a dipalangwang tsa naha, dintlha tse ka sehlohlolong tsa moruo le ntshetsopele ya boemo ba dibaka.
4.2 NADP e tla netefatsa hore ntshetsopele ya maemafofane a ralwa a ikamahantse le se hlokahalang, ho thibela katoloso e sa hlokahaleng ha mmoho le ho sebedisa melemo e tlang le dikuno tsa meralo ya motheo ya bofofisi.
4.3 Ka lebaka leo, NADP e tla theha marangrang a boemafofaneng ka sepheo sa ho ntlafatsa moruo, ho thothwa ha thepa, tsa bohahlaudi ha mmoho le tlhahiso ya mesebetsi. E tla tataisa le ho tshehetsa ka bobedi moralo wa marangrang a boemafofane ha mmoho le kaho ya boemafofane ka bonngwe ka hara dibaka tsa ona. Setjhaba se kgothaletswa ho romela maikutlo a ngotsweng fatshe mabapi le moralo ona ho www.transport.gov.za.

5. Moralo wa Sehlooho wa Leano la Diterene (NRMP)
5.1 Kabinete e tjhaeletse monwana phatlalatso ya morwalo wa NRMP bakeng sa maikutlo a setjhaba. NRMP ke moralo wa nako e telele wa tataisa ya tsoseletso, ntjhafatso le ntlafatso ya diterene tsa Afrika Borwa.
5.2 Moralo ona wa sehlooho o kenya tshebetsong ka mekgahlelo Leano la Naha la Diterene le neng le tjhaellwe monwana ke Kabinete ka selemo sa 2022, bakeng sa ntlafatso ya diterene tsa bapalami le tsa dithoto bakeng sa nakong ya dilemo tse tlang. Moralo ona o reretswe ho hlahisa mefuta e meraro ya diterene, e leng ya dithoto, ya bapalami le ya bapalami e tsamayang ka lebelo le hodimo, ha ka ho le leng re kgothaletsa ba lekala la poraefete le bona ho kena kgwebong ena ya diterene.
5.3 Tsamaiso ya diterene ya Afrika Borwa e nkile dilemo tse ngata e sa hlokomelwe mme hape ya thefulwa ke boshodu, tshenyo ya thepa le botsamaise bo seng maemong, e leng se bakileng tshubuhlellano mebileng, ditjeo tse phahameng tsa ho thothwa ha thepa, mme ya fokotsa le kabelo ya diterene tshehetsong ya moruo. NRMP e tla ka tharollo mathateng ana ka ho beha diterene boemong ba ho ba mokokotlo wa mokgwa wa naha wa dipalangwang, ka ho tshehetsa kgolo ya moruo, tlhahiso ya mesebetsi ha mmoho le dipehelo tsa kgahlamelo ya maemo a lehodimo.

6. Moralo wa Leano la Ntshetsopele le Tsoseletso ya Moruo wa Makeisheneng le wa Metse ya Mahaeng
6.1 Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Moralo wa Leano la Ntshetsopele le Tsoseletso ya Moruo wa Makeisheneng le wa Metse ya Mahaeng bakeng sa maikutlo a setjhaba. Leano lena le reretswe ho fetola meruo ya lehae ho tloha ho e menyenyane feela empa ho ba e nang le tlhahiso, ka ho e kenyeletsa moruong o moholo. Leano lena le reretswe ho matlafatsa borakgwebo, ho fokotsa bofuma, ho theha menyetla ya mesebetsi ka mokgwa wa ho fana ka tshehetso e hlokahalang.
6.2 Leano lena le thehilwe hodima dintlha tsa bohlokwa, e leng (i) ntshetsopele ya moshwelella ya baetapele ba dikgwebo ba makeisheneng le ba metseng ya mahaeng; (ii) ho tataisa ntshetsopele le ho kengwa tshebetsong ha leano lena; (iii) ho eketsa phihlello ya menyetla ya moruo le mebaraka; le (iv) ho fokotsa melawana e kginang kgolo ya moruo wa makeisheneng le wa metseng ya mahaeng.

7. Moralo wa Leano la Afrika Borwa la Mahlale a Maiketsetso (AI)
7.1 Kabinete e tjhaeletse monwana phatlalatso ya Moralo wa Leano la Afrika Borwa la Mahlale a Maiketsetso (AI) bakeng sa maikutlo a setjhaba. Sepheo sa leano la AI ke ho netefatsa hore ka bobedi melemo le dikotsi tse tliswang ke AI di alwa ka ho lekana ho phatlalla le setjhaba le meloko. Leano la AI le reretswe ho matlafatsa bokgoni ba Mmuso ba ho laola le ho amohela AI ka boikarabelo le ha re ntse re kgothaletsa mahlale a lehae, tlhahiso ya mesebetsi le hona ho ntlafatsa phihlello ya maitsebelo a AI.
7.2 Leano le na le ditshiya tse tsheletseng tsa bohlokwa tse reretsweng ho kgothaletsa ntshetsopele le tshebediso ya AI e nang le boikarabelo le boitshwaro bo botle. Ditshiya tsena tsa bohlokwa ke (i) bokgoni le kgodiso ya talente, (ii) AI bakeng sa kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle ha mmoho le tlhahiso ya mesebetsi, (iii) taolo e nang le boikarabelo, (iv) AI ya boitshwaro bo botle le e kenyeletsang bohle, (v) paballo ya botjhaba le kopanelo ya matjhaba, le (vi) tshebediso e tobaneng le botho. Leano lena le ananela ya hore ho be le mokgwa wa mekgahlelo e lokela ho sebediswa, jwalo kaha tshebediso ya AI le kgonahalo ya dikotsi e fapana ho fapana le makala.

8. Lewa la Naha la Boetapele ba Dikgwebo (NES) le Moralo wa ho Kengwa Tshebetsong
8.1 Kabinete e tjhaeletse monwana NES le Moralo wa ho Kenngwa Tshebetsong ha yona. Lewa lena le reretswe ho matlafatsa Dikgwebo tse Kgolo, tse Nyane, le tse Mahareng (di-MSME) le ho sebetsana le tlhokeho ya mesebetsi batjheng. O thehilwe hodima ditshiya tse hlano: (i) Ho matlafatsa thuto ya boetapele ba dikgwebo le ntshetsopele ya maitsebelo, (ii) Ho thusa ka phapanyetsano ya thekenoloji le ntjhafatso, (iii) Ho ntlafatsa phihlello ya tshehetso ya ditjhelete le mebaraka, (iv) ntlafatso ya bolaodi, le (v) Ho kgothaletsa temoso le phihlello ya batho ba amehang. Ho latela motjha o matla wa ditherisano le setjhaba, NES e tekile mehato ya ho kgothaletsa tlwaelo ya ho ba le dikgwebo Afrika Borwa ka ho fana ka tikoloho e thusang bakeng sa mesebetsi ya boetapele ba kgwebo, le tikoloho e fanang ka tshehetso moo di-MSME di ka atlehang nako e telele.
8.2 NES e tla ba bohlokwa bakeng sa ho bula bokgoni ba di-MSME, ho kganna kgolo ya GDP, ho hlahisa mesebetsi le ho netefatsa kgolo ya moruo le ho netefatsa ntshetsopele ya moruo e kenyeletsang bohle. Hodima moo, lewa lena le reretswe ho hokahanya tikoloho e ntle bakeng sa boetapele ba dikgwebo ka hara naha, ho kenyeletsa dikgothaletso tsa hore boetapele ba dikgwebo bo kenyeletswe ho lenaneothuto la mafapha a Thuto ya Motheo le e Phahameng jwalo ka boikgethelo bo molemo ba thuto.

9. Moralo wa Leano la Ditshebeletso tsa Thuthuiso le Ntshetsopele ya Dikgwebo (IBDS)
9.1 Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Leano wa IBDS bakeng sa ho kengwa tshebetsong. Moralo ona o fana ka diphetho ho melawana ya taolo ya dikgwebo tse nyane ka ho hlakisa dikarolo tsa bankakarolo ba fapafapaneng le ho kgothaletsa tshehetso ya kopanelo.
9.2 Moralo wa Leano wa IBDS ke karolo ya bohlokwa ya Moralo o Moholo wa Naha wa Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane, o sebetsang jwalo ka moralo o tataisang bakeng sa bankakarolo bohle ba teng mabapi le ho akofisa kgolo ya di-MSME ka tshebediso ya mananeo, dihlahiswa le ditshebeletso tse ka lekangwang.
9.3 Merero ya bohlokwa e kenyeletsa ho ntlafatsa boleng le maemo a ntshetsopele ya ditshebeletso tsa kgwebo, ho netefatsa phihlello e betere ya tshehetso ya di-MSME, haholoholo makeisheneng le metseng ya mahaeng, le ho kgothaletsa ntjhafatso le boetapele ba dikgwebo. Ho feta moo, moralo ona o beha dikgwebo tse nyane boemong ba ho ba mehlodi ya tlhahiso ya mesebetsi le kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle, ho ipapisitswe le Morero wa Ntshetsopele ya Naha.

C. Ditshisinyo tsa Melao

1. Tshisinyo ya Sehlomathiso sa Molao wa Thibelo ya ho Ntshuwa ho Seng Molaong ha Baipehi ba Seng Molaong (PIE)
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Tshisinyo ya Sehlomathiso sa Molao wa PIE Koranteng ya Diphatlalatso tsa Mmuso bakeng sa maikutlo a setjhaba.
Tshisinyo ena e reretswe ho fetola Molao wa selemo sa 1998 wa PIE ho lwantsha kgapo ya mobu, ho sireletsa beng ba thepa, le ho thibela diketso tse hlophisitsweng tsa maqulwana a mobu.
1.2. Ditshisinyo tse ka sehloohong di kenyeletsa ho etsa hore tlhohleletso ya kgapo ya mobu e be tlolo ya molao, ho atolosa maemo a lekolwang ke makgotla a dinyewe ha a ntsha ditaelo, le ho matlafatsa melawana e mabapi le ho fumanela ba ipehileng bodulo bo bong bo fapaneng. Dihlomathiso tsena ho feta moo di reretswe ho sebetsana le ho se hlake ha Molao wa ha jwale, o bakang mathata mabapi le ho hlakelwa ka se lokelwang ho ikamahanya le sona ha ho ntshuwa baipehi ba seng molaong, ho sa lejalwa maikemisetso kapa maemo a baipehi ba seng molaong.

2. Tshisinyo ya Molao wa Ntshetsopele ya Moruo wa Naha le Lekgotla la Basebetsi (NEDLAC)
2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana thomello ya Tshisinyo ya Molao wa NEDLAC Palamenteng bakeng sa ho sekasekwa. Tshisinyo ena ya Molao e tla fedisa Molao wa NEDLAC (Molao wa bo-35) wa selemo sa 1994, le ho amahanya tsamaiso ya setheo sa NEDLAC le ditaelo tsa molaotheo tse etsahetseng ho tloha ka selemo sa 1994.
2.2. Tshisinyo ena e boetse e neha Letona taelo ya ho ngola melawana mabapi le dipehelo tsa palo ya ditho tse ka amohelwang ka mokgwa wa ho fumana maikutlo a setjhaba ka sepheo sa ho ba le tsamaiso e nang le ponaletso. Tshisinyo ena e tla matlafatsa bonkakarolo ba setjhaba ka kakaretso ho NEDLAC le ho e matlafatsa jwalo ka setheo se bohareng sa dipuisano tsa kahisano se reretsweng ho kgothaletsa kgolo ya moruo, tlhahiso ya mesebetsi, kenyeletso ya setjhaba le tekatekano ya sona.

3. Tshisinyo ya Sehlomathiso sa Molao wa selemo sa 2026 o Akaretsang (Twantsho ya ho Pata Mohlodi wa Tjhelete le ho Lwantsha Tshehetso ya Botshosetsi ka Ditjhelete)
3.1. Kabinete e tjhaeletse monwana ho hlahiswa ha Tshisinyo ena ya Molao Palamenteng. Tshisinyo ena ya Molao ya selemo sa 2026 e ahella hodima dikgatiso tsa pejana tsa Tshisinyo ya Sehlomathiso sa Melao e Akaretsang (Twantsho ya ho Pata Mohlodi wa Tjhelete le ho Lwantsha Tshehetso ya Botshosetsi ka Ditjhelete) mme esale ho tloha ka nako eo, Lefapha la Matlotlo a Naha le atolositse ditshisinyo hore di kenyeletse mehato ya tlatsetso e amanang le ho matlafatsa moralo wa semolao ho lwantsha ho patwa ha mohlodi wa tjhelete le tshehetso ya botshosetsi ka ditjhelete.
3.2. Bili ena e fetola Melao ya ha jwale e leng (i) Molao wa Setsi sa Mautlwela a Ditjhelete, wa 2001 (Molao wa bo-38 wa 2001); (ii) Molao wa Mekgatlo e sa Etseng Phaello, wa 1997 (Molao wa bo-71 wa 1997); (iii) Molao wa Taolo ya Thepa ya Ditraste, wa 1988 (Molao wa bo-57 wa 1988); (iv) Molao wa Dikhamphane, wa 2008 (Molao wa bo-71 wa 2008) le (v) Molao wa Taolo ya Makala a Ditjhelete, wa 2017( Molao wa bo-9 wa 2017).
3.3. Diphetoho tsena di reretswe ho matlafatsa tsamaiso ya Afrika Borwa ya Twantsho ya ho Pata Mohlodi wa Tjhelete le ho Lwantsha Tshehetso ya Botshosetsi ka Ditjhelete pele ho Tekolo e latelang ya Mokgatlo o Lekolang Mokgwa wa Tshebediso ya Ditjhelete ke Dinaha (FATF), e tla qala mahareng a selemo sa 2026 le ho phethelwa ka Mphalane 2027.

4. Tshisinyo ya Molao wa Dipepeso tse Sireleditsweng, ya 2026
4.1. Kabinete e tjhaeletse monwana phatlalatso ya Tshisinyo ya Molao wa Dipepeso tse Sireleditsweng (Tshisinyo ya Tshireletso ya Baphahli ba Makunutu) bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena ke karolo ya diphetoho tsa ketsamolao e reretsweng ho matlafatsa tshireletso ya baphahli ba makunutu ka ho etsa diphetoho ho Molao wa Dipepeso tse Sireleditsweng (Molao wa bo-26 wa 2000). Tshisinyo ena e boetse e arabela ho dikgothaletso tsa Tlaleho ya Khomishene ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko tse neng di etsa boipiletso ba hore ho be le tshireletso e matlafatseng ya baetsi ba maano le baphahli ba makunutu.
4.2. Tshisinyo ena e fupere ditshisinyo tsa ho etsa hore ho iphetetsa e be tlolo ya molao ha mmoho le ho fana ka tshehetso ya ho thojwa maikutlo, ya semolao le ya ditjhelete bakeng sa baphahli ba makunutu. Tshisinyo ena e tla pharalatsa tlhaloso ya “mophahli wa makunutu” hore e kenyeletse borakonteraka, baeletsi, le ditho tsa setjhaba, mme e tla theha metjha e hlakileng bakeng sa dipepeso tsa makunutu.

5. Tshisinyo ya Molao wa Dikgokahanyo tsa Elektroniki (ECA), ya 2026
5.1. Kabinete e tjhaeletse monwana thomello ya Tshisinyo ya molao wa ECA Palamenteng. Tshisniyo ena e reretswe ho fetola Molao wa Dikgokahanyo tsa Elektroniki, wa 2005. Sepheo sa diphetoho tse sisingwang ke ho eketsa boemo ba tlhodisano lekaleng la dikgokahanyo tsa mehala ha mmoho le ho theola ditheko. Diphetoho tsa Molao wa Dikgokahanyo tsa Elektroniki di boetse di reretswe ho theha tikoloho bakeng sa matsete moo ho tsepamisitsweng tshebetso ho fokotseng ditshita tsa bolaodi bakeng sa ho kena tabeng ya tlhodisano le ho etsa hore Bolaodi bo Ikemetseng ba Dikgokahanyo ba Afrika Borwa bo be le bolokolohi ba ho laola lekala lena.

6. Tshisinyo ya Molao wa Tsamaiso ya Ditheo tsa Ditjhelete (COFI)
6.1. Kabinete e tjhaeletse monwana thomello ya Tshisinyo ya Molao wa COFI, wa 2025 Palamenteng. Sepheo sa Tshisinyo ena ke ho etsa moralo o le mong o akaretsang bakeng sa ho laola tsamaiso ya mebaraka bakeng sa ditheo tsa ditjhelete kaofela. Sena ke karolo ya moralo o pharaletseng wa mmuso wa ho fetolela taolo ya ditjhelete ho mofuta wa Twin Peaks. Mofuta wa Twin Peaks ke tsamaiso ya bolaodi e arolang bohlokomedi ba ditjhelete ka mekgwa e mmedi ya bolaodi e totobetseng: Bolaodi ba Tshebetso bakeng sa polokeho le bokgabane, le Bolaodi ba Tsamaiso ya Makala a Ditjhelete bakeng sa boitshwaro ba mebaraka le tshireletso ya basebedisi. Tsamaiso ena e bopa lekala le "batlang le bolokehile" le sebetsang molemong wa basebedisi bohle.
6.2. Tshisinyo ena e tla netefatsa tshwaro e hlokang leeme ya basebedisi, ho matlafatsa diphetoho, le ho hodisa botsitso. Ho feta moo, e tshehetsa diphetoho tsa lekala la ditjhelete mme e batla hore ditheo tsa ditjhelete di be le maano bakeng sa ho imatahanya le Leano la Boitshwaro la Lekala la Ditjhelete. Tshisinyo ena hape e tshehetsa ntshetsopele ya mebaraka le tlhodisano ka ho thusa ka katamelo e fapakaneng bakeng sa ho fana ka laesense bakeng sa ho kgothaletsa ho kena ha dintho tse ntjha tse jwalo ka thekenoloji ya ditjhelete.

D. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

  1. Monghadi Bareng B. Mthimkulu jwalo ka mongodi wa Tshireletso Lefapheng la Tshireletso.

  2. Mofumahadi Nomfundo Clementine Tshabalala jwalo ka Motsamaisi Kakaretso Lefapheng la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho (ho ekeditswe konteraka).

  3. Monghadi Xolile Adviser Brukwe jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi Kakaretso: Ditshebeletso tsa Tshehetso ya Kgwebo Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba.

  4. Monghadi Sibusiso Attwell Makhanya jwalo ka Motsamaisi e Moholo wa Phethahatso wa Lekala la Bolaodi ba Pokello ya Metsi la Phongola-Umzimkulu.

  5. Mofumahadi Lucia Lungelwa Sigasana jwalo ka Molaodi wa Lebatowa wa Phethahatso: Lebatowa la Kapa Bophirima ho Lekala la Afrika Borwa la Tshireletso ya Ntshetsopele ya Setjhaba.

6. Khiro ya Batsamaisi ho boto ya Khamphane ya Maemafofane ya Afrika Borwa
i. Monghadi Irvin Phenyane (Modulasetulo);
ii. Mofumahadi Eunice Xoliswa Daku (Motlatsi wa Modulasetulo);
iii. Mofumahadi Keitumetse Stella Mahlangu
iv. Monghadi Surendra Sooklal
v. Monghadi Kurt Frayne Parker
vi. Mofumahadi Ulandi Exner;
vii. Monghadi Patric Roy Mnisi; le
viii. Monghadi Theunis Chamberlain

7. Ditho tsa Bolaodi ba iSimangaliso Wetland Park
i. Mofumahadi Memory Thulile Sosibo (Modulasetulo le ho hirwa hape);
ii. Monghadi Bongani Mzwakhe Mhlongo (o hirilwe hape);
iii. Mofumahadi Nombuso Mlambo (o hirilwe hape);
iv. Monghadi Sifiso Mdluli;
v. Ngaka Kailen Padayachee
vi. Mofumahadi Jacolette Adam;
vii. Mofumahadi Hazel Thulisile Xulu;
viii. Mofumahadi Zamekile Coreen Zama; le
ix. Monghadi Boy Daniel Ngobeni (o hirilwe hape).

E. Diketsahalo tse Tlang

1. Kgwedi ya Tokoloho
1.1 Afrika Borwa e hlompha Kgwedi ya Tokoloho ka Mmesa 2026 ka maikutlo a ntjhafetseng a motlotlo wa naha, jwalo ka ha e tla be e tshwaya dilemo tse 32 esale ho ba le phetoho e etsang nalane ya ho tloha mmusong wa kgatello ya kgethollo ho ya pusong ya boikemelo ya demokrasi.
1.2 Dikgopotso tsa selemong sena di fupere bohlokwa bo ikgethang ha re keteka Sehopotso sa bo-30 sa Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa, e leng tokomane ya diphetoho, e re tataisitseng leetong la rona la demokrasi ho aha setjhaba se thehilweng hodima toka le tekatekano.
1.3 Kgwedi ya Tokoloho e fana ka monyetla bakeng sa moahi e mong le e mong ho ntshetsapele ditokelo le maikarabelo a ka hara Molaotheo wa rona ka ho kgothaletsa momahano e matla le diphetoho tse ntseng di tswella tsa setjhaba sa habo rona.

2. Bapala karolo ya hao o ingodisetse ho kgetha: Ingodisetse ho Kgetha
2.1.1 Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) e beheletse ka thoko Moqebelo, wa la 20 le Sontaha sa la 21 Phuptjane 2026 e le mafelo a beke a boingodiso ba semmuso ba bakgethi.
2.1.2 Kabinete e kgothaletsa Maafrika Borwa a tshwanelehang ke ho kgetha ho ingodisa bakeng sa ho kgetha dikgethong tse tlang tsa bommasepala.
2.1.3 O tshwaneleha ke ho kgetha haeba o le moahi wa Afrika Borwa ho tloha dilemong tse 18 mme o na le Bukana ya Boitsebiso e tala e nang le bar-code, karete ya smart ID kapa setifikeiti sa nakwana sa boitsebiso.
2.1.4 Bakgethi ba tshwanelehang hape ba ka ingodisa kapa ho ntjhafatsa dintlha tsa bona ka phothale ya semmuso ya IEC inthaneteng – https://registertovote.elections.org.za e fumanehang bosiu le motsheare.
2.1.5 Baahi ba eletswa ho dula ba fadimehile le ho qoba ho tobetsa dilinki tse belaetsang kapa ho kena diwebsaeteng tsa mokunyata tse ikgakanyang eka ke tsa Khomishene ya Dikgetho ya Afrika Borwa.

3. Seboka sa Naha sa Ntshetsopele ya Moruo wa Lehae
3.1 Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane, ka selekane le Lekgotla la Mebuso ya Lehae ya Afrika Borwa (SALGA) le la CoGTA, le tla bitsa Seboka sa Naha sa LED Hoteleng le Setsing sa Dikopano sa Birchwood, Johannesburg ka la 15 le la 16 Mmesa 2026. Seboka sa Naha sa LED se tla sebetsa jwalo ka lepatlelo le kgannwang ke ditharollo ho sheba botjha merero ya Ntshetsopele ya Moruo wa Lehae ho ipapisitswe le Moralo o Motjha wa Leano la Bommasepala tlasa mookotaba o reng “Re Lokisa Botjha Meruo ya Mahae: Moralo wa Tshebedisano bakeng sa Kgolo ya Dikgwebo tse Nyane le Bonolo ba ho Etsa Kgwebo”.
3.2 Seboka sena se tla tekelwa puo ke Motlotlehi Mopresidente Ramaphosa le ho kenelwa ke baetapele ba dikarolo tse tharo tsa mmuso, SALGA, di-SOE le di-DFI, le lekala la poraefete, marena, le letoto la bankakarolo ba bang ba LED.
3.3 Seboka sena se tla suthisa hantle LED ho tloha ho boikemisetso ba leano ho ya mohatong o bonahalang wa tshebetso, o matlafatsang bokgoni ba ditheo tsa lehae, o sebetsanang le ho hloka tekatekano mabapi le tlhophiso ya dibaka, ho kopanya makala a mmuso le a poraefete mmoho jwalo ka batho ba sututsang kgolo, le ho fana ka tikoloho ya taolo e thusang bakeng sa matsete le ntshetsopele ya di-MSME.

F. Melaetsa

1. Matshediso
Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho metswalle le ba malapa a:
• Molwanedi ya neng a le kgahlanong le mmuso wa Kgethollo le ho ba Tonakgolo ya mehleng le Letona la Tshireletso Mosiuoa Lekota, ya neng tetse bophelo ba hae bakeng sa ntwa ya Afrika Borwa e sa kgetholleng ho ya ka morabe, le ya demokrasi.
• Nicholas “Fink” Haysom, leqwetha le tummeng la ditokelo tsa botho le sebeditseng e le Moeletsi e Moholo wa Semolao wa Mopresidente Nelson Mandela mme ha morao ya ba Moemedi ya Ikgethang wa Mongodi Kakaretso wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng mesebetsing e fapaneng.
• Mokaubere wa moqolotsi wa ditaba, sengodi se tsebahalang le molwanedi ya neng a itetse, Terry Bell ya bapetseng karolo ya boitlhompho le e kgabane ntweng e neng e le kgahlanong le kgethollo, a sebedisa ka bobedi lentswe la hae le bongodi ho pepesa ho hloka tekatekano le ho ntshetsapele tsela ya diphetoho tsa demokrasi ka hara Afrika Borwa.

2. Ditakaletso tse molemo
Kabinete e fetiseditse ditakaletso tsa mahlohonolo ho:
• Moprofesara Nyaweleni Tshifularo le moifo wa hae wa bongaka ka ho arola ka katleho mafahla a hlahileng a kopane opareisheneng e etsang nalane Sepetleleng sa Mankweng Motseng wa mahaeng Limpopo. Tsamaiso ena e ikgethang ka ho fetisisa e tiisa bokgoni ba dipetlele tsa Afrika Borwa ho kenyeletsa tsa metseng ya mahae, ho etsa diopareishene tse bohlokwa jwalo ka ha naha ena e itokisetsa ho fana ka Inshorense ya Naha ya Kalafo.
• Ngaka Keamogetswe Ramonaheng, Hlooho ya tsa Mahlale a Bongaka le Radiobiology mane ho Nuclear Medicine Research Infrastructure (NuMeRI), mabapi le ho amohela Kgau ya Saul Hertz e babatsehang ho Theranostics World Congress ya borobedi bakeng sa dinyehelo tsa hae ho theranostics, e leng lekala le kopanyang ditshwantsho tsa ho kopolwa le phodiso ya radionuclide bakeng sa ho ntlafatsa diphetho tsa pheko ya mofetshe.
• Moprofesara Prinola Govenden wa Yunivesithi ya Johannesburg ya abetsweng Bodulasetulo bo babatsehang ba UNESCO ba: Kenyeletso ya Botjhaba le Tekatekano ho tsa Diphatlalatso tsa Dijithale Afrika (2026-2030), ka mora motjha o matla wa tlhodisano wa dikopo tse 135 tse neng di rometswe ntlokgolo ya UNESCO mane Paris, Fora.
• Kutlwano Peta, moithuti wa Lengolo le Phahameng la Diploma ho tsa Disaenese tsa Bobadi ba Ditjhelete, ya neng a kgethilwe ka selemo sa 2025 jwalo ka a le mong feela wa bankakarolo ba 16 ho tswa ho ba fetang baikopedi ba 1 800 lefatsheng ka bophara bakeng sa Lenaneo la Institute of Singapore Chartered Accountants (ISCA) Global Talent Programme (GTP) mane Singapore. Kutlwano, eo haufinyana o tla kena kantorong ya Mohlahlobi Kakaretso wa Ditjhelete wa Afrika Borwa, e ne e le yena feela ya emetseng Afrika.
• Semathi sa mabelo a malelele sa Afrika Borwa, Adriaan Wildschutt, ya entseng nalane ka ho hapa tlholo ho New York City Half-Marathon, mme ka seo ya ba Moafrika Borwa wa pele ho hapa lebelo la halofo ya marathone la maemo a hodimo la lefatshe.
• Majoro Mokgenerale Carl Moatshe ya thontsweng bakeng sa ho nka taolo ya Lebotho la Moyeng la Afrika Borwa ho tloha ka la 01 Mmesa 2026, mme o tla phahamisetswa boemong ba Lieutenant General. O hlahlama ya Boholong Lebothong la Moyeng, Lieutenant General Wiseman Simo Mbambo, eo nakong ya tshebetso ya hae a hlalositsweng ka boetapele bo tsitsitseng le tshebeletso e kgabane ba keng sa naha.
• Mofumahadi Lytania Johnson bakeng sa ho thonngwa ho ba CEO ya First National Bank, ka mora dilemo tse 25 ka hara setheo sena mme o tla etella pele yuniti e ntjha ya banka ena ya bareki le dikgwebo.
• Mofumahadi Valdene Reddy, ka ho thonngwa ho ba CEO ya Johannesburg Stock Exchange le ho ba mosadi wa pele wa mmala ho tshwara maemo a jwalo.
• Springbok Sevens – dithatohatsi tsa rona tsa Blitzbokke – bakeng sa ho ba bompodi ba Letoto la 2025/26 World Sevens, le ho hapa sekola sa New York Sevens.
• Mmasepala wa Greater Tzaneen mane Mopani, Limpopo, bakeng sa ho ba mmasepala o hlwekileng ka ho fetisisa Afrika Borwa moketeng wa Dikgau tsa Naha tsa Bolaodi ba Matlakala o neng o tshwerwe ke Lefapha la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho.
• Boemafofane ba Matjhaba ba Kapa bakeng sa ho ananelwa jwalo ka Boemafofane bo Hlwahlwa ka ho Fetisisa Afrika bakeng sa selemo sa bo-11 ka tatelano moketeng wa Dikgau tsa Skytrax World Airport tsa selemo sa 2026 tse neng di tshwaretswe London, United Kingdom. Boemafofane ba Matjhaba ba O.R. Tambo bo nkuwe e le ba bobedi bo hlwahlwa ka ho fetisisa, ha Boemafofane ba Matjhaba ba King Shaka maneThekong bona bo behilwe boemong ba bone mme le bona bo hlahelletse hara maemafofane a hodimo a lebatowa Afrika.
• Ho thonngwa ha Afrika Borwa bakeng sa Tulo ya bo-70 ya Sehlopha sa Tshebetso sa Dikgokahanyo sa Khomishene ya Boemo ba Basadi, e neng e bitsitswe tlasa UN. Ho thongwa hona ho tiisa boetapele ba Afrika Borwa mabapi le ho ntshetsapele lewa la dikgokahanyo la tekatekano ya bong le matlafatso ya basadi.
• Qhoku ya Mmino, Ngaka Abdul İbrahim mabapi le ho beha meja fatshe dilemong tse hlollang tse 91. Ke mohale wa ntwa ya tokoloho ya sebedisitseng mmino ho pheta pale ya Afrika Borwa e neng e le ya kgethollo ya semorabe. Ke tokelo ya Maafrika Borwa hore a mo lebohe haholo.

3. Boitshwaro ba Boikarabelo Mafelong ana a Beke ya Paseka
3.1 Kabinete e lakaletsa Maafrika Borwa ohle Mafelo a malelele a Beke ya Paseka a bolokehileng, le a tletseng thabo. Ena ke nako eo ka yona Maafrika Borwa a mangata a tla eta ho phatlalla le naha ho etela ba malapa, metswalle kapa bakeng tsa merero ya bodumedi. Sena hangata se tla le keketseho ya mothamo wa sephethephethe mebileng ya rona.
3.2 Kabinete e etsa kgoeletso ho bohle ho ba le boikarabelo ha ba kganna – ho netefatsa hore sepalangwang sa hao se loketse tsela pele o kganna, le hore e mong le e mong ka koloing ho kenyeletsa le bana ba tlamme mabanta a polokeho.
3.3 Re amohela baeti naheng ya habo rona le ho netefaletsa Maafrika Borwa le baeti ka ho tshwana hore ho lwantsha botlokotsebe e dula e le e nngwe ya dintlha tse ka sehlohlolong tsa mmuso wa Afrika Borwa, le ka mosebetsi wa SAPS, mme re etsa kgatelopele e tsitsitseng mabapi le ho lwantsha botlokotsebe. Naha ya habo rona e tswellapele ho etsa sohle seo e ka se kgonang ho netefatsa polokeho ya bohle ba etelang naha ya habo rona.
3.4 Dibaka tse tummeng tsa bohahlaudi di fuwe tshireletso ya tlatsetso. Ha Mafelo a Beke ya Paseka a atamela, Bolaodi ba Bookamedi ba Madiboho (BMA) bo malala-a-laotswe ho netefatsa motsamao o kgabane, o bolokehileng le o hlokang mathata wa batho le thepa ho phatlalla le madiboho ohle a 71 a Afrika Borwa nakong ena.
3.5 Ka lebaka la bohloko ba Mokaka (FMD), Kabinete e ipiletsa bakeng sa motsamao o nang le boikarabelo wa diphoofolo ho thibela ho nama ho fetang ha bohloko bona. Re utlwisisa tlhokeho e eketsehileng ya ho tsamaisa diphoofolo ha re kgotsofatsa tlhokeho ya tshebediso ya nama, empa re lokela ho ikobela dipehelo tsa FMD.

E ntshitswe lebitsong la Kabinete ke:
Letona Kantorong ya Mopresidente, Mofumahadi Khumbudzo Ntshavheni
Ditlhakisetso:
Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Mohala: Mofumahadi Nomonde Mnukwa, Motsamaisi Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo
Selefouno: 083 653 7485

Share this page

Similar categories to explore