A. MAEMO A RENANG
1. Kabinete e tshwela ka mathe ho phahama ha diketsahalo tsa tlhekefetso ya basadi le dipolao tsa bona
1.1. Kabinete e ipapisa le setjhaba mabapi le ho tshwela ka mathe dikgoka tsa ditlhekefetso tsa basadi le dipolao tsa bona (GBVF) le ho llela maphelo a basadi ba robong ba bolailweng ka sehloho dikarolong tse fapafapaneng tsa Masepala wa Ekurhuleni, Gauteng. Palo ena jwale e se e nyolohetse ho ba 13.
1.2. Kabinete e ananela ho tshwarwa ha babelaellwa ba bane mabapi le dipolao tse tharo ho tsena. Babelaellwa ba ntse ba le ditlamong ka mora ho hanelwa ka beile ho latela ho hlahella ha bona ka pela lekgotla.
1.3. Kabinete e tshehetsa taelo ya Mopresidente Ramaphosa ho Moifo wa Dikarolo tse Ngata tsa Dipatlisiso o eteletsweng pele ke Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa (SAPS) ho akofisa ho tshwarwa le ho qoswa ha ba ikarabellang dipolaong tsena. Moifo o mehlaleng wa batho ba mmalwa ba ka amehang.
1.4. Ho phahama ha diketsahalo tsa GBV – ka ho qolleha dipolao tsa basadi, e leng se bolelang ho bolawa ha mosadi ke motho ya amanang le yena – ho tlameha ho kgothaletsa karabelo ya setjhaba bakeng sa ho sireletsa basadi ke banna, malapa, badudi le setjhaba ka kakaretso.
1.5. Ka ho tshwanang, ba qobellang molao ba lokela ho netefatsa hore ba ikarabellang bakeng sa ho bolaya basadi ba a fumanwa le ho kopana le letsoho le matla la molao; jwalo ka ha melao ya teng e ile ya fetolwa ho netefatsa hore ditlolo tsa molao tsa GBVF ho sebetsanwa le tsona ka thata.
1.6. Mmuso o tla tswelapele ho etsa sohle se matleng a ona ho kgothaletsa tshireletso le paballo ya basadi le bana metseng ya habo rona. Bohle kaofela, banna le basadi, ha re emeng ka maoto kgahlano le tlhekefetso le ho bapala karolo ya rona mabapi le ho fedisa sekgobo sa GBVF.
1.7. Kabinete e boetse e ipiletsa ho mang kapa mang ya nang le tlhahisoleseding ka tlolo ya molao hore a e tlalehe sepoleseng, a letsetse nomoro ya mohala ya Thibelo ya Botlokotsebe ho 086 00 10111 kapa Setsi sa Thuso sa ditlaleho tsa GBV se sebetsang bosiu le motsheare ho 0800 428 428.
2. Seboka sa BRICS
2.1. Kabinete e amohetse Seboka sa BRICS sa bo-18 se atlehileng se neng se tshwaretswe New Delhi, India ho tloha ka la 12 ho isa ka la 13 Lwetse 2026, tlasa lepetjo le reng: “Ho aha bakeng sa Boitseko, Ntjhafatso, Tshebedisano le Tshireletso”. Seboka sena se tiisitse botjha boitlamo ba sehlopha sena bakeng sa tsamaiso e kenyeletsang bohle le ya boemedi ya matjhaba le tshebedisano e hatetseng pele mabapi le kgwebisano le matsete; ditransekshene tsa kgwebisano ho sebediswa tjhelete ya lehae le ditefo tsa ho phatlalla le madiboho; dithuso tsa ditjhelete tsa meralo ya motheo ka thuso ya Banka ya Ntshetsopele; tshebedisano ho tsa dijithale; ntshetsopele ya moshwelella; boitseko mabapi le maemo a lehodimo le kanetso ya dijo.
2.2. Bakeng sa Afrika Borwa, sephetho sa seboka sena se bohlokwa kaha se tshehetsa merero ya naha ena ya ho akofisa kaho ya diindasteri, katoloso ya phihlello ya mebaraka, ho hohela matsete le ho hodisa tlatsetso ya boleng dirashweng tsa bohlokwa. Dintlha tsena tse ka sehlohlolong di ka matlafatsa tlhahiso ya lehae, tsa hlahisa menyetla bakeng sa dikgwebo le baetapele ba dikgwebo, tsa tshehetsa tlhahiso ya mesebetsi le ho netefatsa hore ho fumanwa boleng bo boholo mehloding ya tlhaho ya naha ena.
3. Moruo
3.1. Bahlahisi ba Afrika Borwa ba ditjheri ba kena Mmarakeng wa Tjhaena
3.1.1. Kabinete e thabetse hore bahlahisi ba ditjheri ba Afrika Borwa ba fumane phihlello ya mmaraka wa Tjhaena lekgetlo la pele ho latela ho saenwa ha tumellano ya melao ya tshebedisano ya phihlello ya mmaraka pakeng tsa Afrika Borwa le Tjhaena ka la 8 Lwetse 2026. Tumellano ena, e saennwe ke Letona la Temo, Monghadi Willie Aucamp le moemedi wa Tjhaena wa Tsamaiso Kakaretso ya Makgetho a Madiboho nakong ya Kopano ya borobong ya Matona ya Boitekanelo ba Batho le ba Diphoofolo mane Beijing.
3.1.2. Tumellano ena e bula menyetla ya ho fihlella mebaraka e meholo ka ho fetisisa ya ditjheri bakeng sa bahlahisi ba Afrika Borwa. Tjhaena e rekile se ka hakanyetswang ho ditone tse 586 900 tsa ditjheri tsa boleng ba dibilione tse US$3.3 (se ka etsang dibilione tse R52.8) ka selemo sa 2025. Pulo ya mmaraka ona e lebeletswe ho hlasimolla matsete a tlhahiso ya ditjheri le ho hlahisa mesebetsi e akanyetswang ho 600 e metjha.
3.1.3. Ntshetsopele ena e bopa karolo ya maiteko a phatlaletseng a ho atolosa diyantle tsa Afrika Borwa tsa temo le ho fapanya mebaraka ya matjhaba. E boetse hape e kopana le ho kenngwa tshebetsong ha sekema sa Tjhaena se qadileng ka la 1 Motsheanong 2026 sa ho se lefise lekgetho bakeng sa dihlahiswa tsa Afrika Borwa tse tshwanelehang.
4. Re bala matsatsi bakeng sa Dikgetho tsa Bommasepala tsa selemo sa 2026
4.1. Kabinete e kgothaletsa bakgethi bohle ba tshwanelehang bao ditokomane tsa bona tsa boitsebiso di lahlehileng kapa di senyehileng ho ya batla tse ding ka pele ka moo ho ka kgonehang pele ho Dikgetho tsa Bommasepala tsa la 4 Pudungwana 2026. Baahi ba ka etela kantoro ya Merero ya Lehae kapa leha e le dibanka tse nkang karolo tse fetang 450 bakeng sa dikopo tsa ditokomane tsa boitsebiso.
4.2. Dikopo tsa ho vouta ka letsatsi le ikgethang bakeng sa dikgetho di butswe mme di tla kwalwa ka la 12 Mphalane 2026 ka hora ya bohlano mantsiboya. Ho vouta ka letsatsi le ikgethang ho dumella bakgethi ba tshwanelehang, ba ingodisitseng ba ke keng ba kgona ho voutela diteisheneng tsa bona tsa ho vouta ka letsatsi la dikgetho hore ba voute pele ho letsatsi la dikgetho. Divoutu tse ikgethang di buletswe bakeng sa batho ba sa itekanelanang, baimana, maqheku le batho ba nang le mabaka a mosebetsi.
4.3. Kabinete e kgothaletsa Maafrika Borwa ohle, haholoholo batjha le batho ba tla beng ba vouta lekgetlo la pele, ho sebedisa tokelo ya bona ya ho vouta. Voutu e nngwe le e nngwe e bohlokwa le ho etsa hore demokrasi ya rona e be e matla.
4.4. Kabinete e ipiletsa ho mekga ya dipolotiki le baiketi ba ikemetseng ba nkang karolo dikgethong tse tlang hore ba dule ba ikobela Khoutu ya Boitshwaro ya Dikgetho le ho ba le mamellano ya sepolotiki.
5. Boitokisetso ba ho qetela bakeng sa ditlhahlobo tsa Lengolo la Materiki tsa 2026
5.1. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle tse molemo ha ba itokisetsa ditlhahlobo tsa Lengolo la Materiki tsa selemo sa 2026, tse qalang ka la 13 Mphalane 2026. Mothating ona wa ho qetela, dikolo di tsepamisitse maikutlo hodima ho etsa boikgopotso bo hlophisitsweng le ho fana ka tshehetso ya tlatsetso ya dithuto ho netefatsa hore baithuti ba itokiseditse ka ho phethahala.
5.2. Kabinete e ipiletsa ho batswadi le bahlokomedi ho beha leihlo kgatelopele ya baithuti ba tlasa tlhokomelo ya bona le ho bopa tikoloho e ba tshehetsang moo ba tla kgona ho tsepamisa maikutlo dithutong tsa bona. Baithuti ba kgothaletswa ho hlophisa lenaneo la ho bala le ho batla thuso ho matitjhere le ho bomphato ba bona ha ba se na bonnete ka mosebetsi wa bona wa sekolo. Haeba wena kapa moithuti wa Materiki ya tlasa tlhokomelo ya hao le ikutlwa le tsielehile, thuso ya seprofeshenale ya mahala e a fumaneha bosiu le motsheare ho South African Depression and Anxiety Group nomorong ya mohala ya 0800 12 13 14.
6. Boitokisetso le karabelo maemong a hlobaetsang a lehodimo
6.1. Mmuso o tswelapele ho beha leihlo maemo a lehodimo a hlobaetsang ho phatlalla le naha. Ho fetofetoha ha maemo a lehodimo ho na le kabelo maemong a mabe a lehodimo ao re bang le ona kgafetsa. Ba ka taolong diprovenseng le bommasepaleng ba lokela ho dula ba fadimehile haholo, ba le malala-a-laotswe ho kenella moo ho hlokahalang.
6.2. Badudi ba kgothaletswa ho beha leihlo ditemoso tse ntshuwang ke ba Tshebeletso ya tsa Bolepi ya Afrika Borwa le ho latela tataiso ya ba taolo ya dikoduwa – ka ho qoholleha dibakeng tse ka bang le kotsi ya dikgohola, meya e matla, sefako le maemo a mang a kotsi.
B. DIQETO TSA KABINETE
1. Moralo wa Leano le Lekotsweng Botjha la Bommasepala la 2026
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana Moralo wa Leano le Lekotsweng Botjha la Bommasepala la 2026 ho tataisa diphethoho le ntjhafatso ya mekgwa tshebetso ya bommasepala. Tekolo ya moralo ona e entswe mabapi le ho arabela diqholotsong tse phehellang tsa taolo, tsa ditjhelete le phano ya ditshebeletso tse tobaneng le bommasepala.
1.2. Leano lena le arabela ka ho matlafatsa ho kenngwa tshebetsong, boikarabelo, momahano ya setheo le bokgoni ba ho setlela ho tsa ditjhelete.
1.3. Ho feta moo, Kabinete e thathiseleditse ho thehwa ha Lekala la Bolaodi ba Diphethoho le behetsweng nako le lenaneo le hokahantsweng la ho kenya tshebetsong ka mekgahlelo le kenyeletsa mafapha ohle a mmuso, le eteletsweng pele ka kopanelo le Lefapha la Kopanelo ya Puso, Kantoro ya Mopresidente le Lefapha la Matlotlo a Naha ho netefatsa hore diphetoho tsena di kenngwa tshebetsong.
2. Karohanyo ya Bolaodi ba Madiboho a Naha a Transnet (TNPA) le diphetoho tse phatlaletseng tsa dipalangwang le tsamaiso ya dithoto
2.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha diphetoho ho tsa dipalangwang le tsamaiso ya dithoto tse reretsweng ho ntlafatsa tshebetso, botshepehi ba meralo ya motheo le bohlodisani ba mokgwa wa dilori le tsamaiso ya dithoto wa Afrika Borwa.
2.2. Kabinete e tsheheditse karohanyo ya Bolaodi ba Madiboho a Naha a Transnet (TNPA) hore e sebetse e le nngwe jwalo ka khamphani e ikemetseng eo e leng ya puso ka kotloloho.
2.3. Kabinete e tjhaetse monwana hore TNPA e batlisise kgonahalo ya ho ba le molekane wa tekatekano ho e nngwe ya ditheo tsa ntshetsopele ya ditjhelete tsa naha.
2.4. Dintlhakemo tseo karohanyo e tla sebetsa ho tsona di kenyeletsa ditlhapiso tse hlokang leeme bakeng sa Transnet ka tekolo e entsweng ka boikemelo ya TNPA; boemo ba ditjhelete ba moshwelella, kabo e lekalekanang ya maikarabello mabapi le Transnet Group le TNPA; tshireletso ya basebeletsi le bareki; paballo ya thuo le taolo ya meralo ya motheo ya madiboho a naha; le ho ntlafatsa bokgoni ba matsete le ntshetsopele ya meralo ya motheo.
3. Kamohelo ya Tumellano ya Thibelo ya Diketso tse Seng Molaong tse Amanang le Bofofisi ba Matjhaba le Prothokhole ya Tlatsetso ya Tumellano ya Thibelo ya ho Hapuwa ho seng Molaong ha Difofane
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tumellano ya Thibelo ya Diketso tse Seng Molaong tse Amanang le Bofofisi ba Matjhaba le Prothokhole ya Tlatsetso ya Tumellano ya Thibelo ya ho Hapuwa ho seng Molaong ha Difofane bakeng sa kamohelo.
3.2. Tumellano ena e matlafatsa moralo wa semolao wa matjhaba bakeng sa ho lwantsha ditshoso tse runyang ho tsa bofofisi le ho matlafatsa polokeho ya bofofisi lefatsheng ka bophara.
3.3. Tumellano ena e boetse e etsa hore e be tlolo ya molao ho ipolaya, ho bolaya batho kapa hona ho lematsa ka difofane kapa hona ho di sebedisa jwalo ka dibetsa. Sena se kenyeletsa ho tsamaya ho haswa dikhemikhale kapa nyutleleya ka sepheo sa ho bolaya batho ha mmoho le ditlhaselo tsa inthaneteng kgahlano le dibaka tsa bofofisi.
4. Moralo wa Leano la Naha bakeng sa ho Etswa Sehopotso sa Lefa
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana Moralo wa Leano la Naha bakeng sa ho Etsa Sehopotso sa Lefa mabapi le ho fana ka moralo o hokahantsweng bakeng sa ho hlophisa, bolaodi le ho kenngwa tshebetsong ha diprojeke tsa ho etsa sehopotso sa lefa ho phatlalla le dikarolo tsohle tsa mmuso.
4.2. Leano lena le kgothaletsa dikatamelo tsa moshwelella le tse bolokang ditjeo mabapi le ho etswa ha sehopotso ha re ntse re matlafatsa momahano ya kahisano, kaho ya setjhaba, poelano le boitsebiso bo tshwanang ba setjhaba.
4.3. O tla boela o ntlafatsa kgokahano, boikarabelo le diprojeke tsa moshwelella tsa nako e telele tsa lefa la botjhaba.
5. Bodulasetulo ba Afrika Borwa ba Foramo ya Dipuisano ya India, Brazil le Afrika Borwa (IBSA) ho tloha ka Selemo sa 2026 ho isa ho sa 2027
5.1. Kabinete e tjhaetse monwana dintlha tse ka sehlohlolong le ditholwana tsa hore Afrika Borwa e nke bodulasetulo ba Foramo ya Dipuisano ya India, Brazil le Afrika Borwa (IBSA) ho tloha ka selemo sa 2026 ho isa ho sa 2027 tlasa lepetjo le reng: "Kgotso, Monono le Ntshetsopele".
5.2. Bodulasetulo ba Afrika Borwa bo tla tsepamisa maikutlo tabeng ya ho matlafatsa tshebedisano ya dinaha tse ka borwa lefatseng, ho matlafatsa kgwebisano, matsete le tshebedisano ho tsa diindasteri, ha ka ho le leng ho hodiswa ntshetsopele ya moshwelella ho kenyeletsa le ditaba tsa eneji, ntjhafatso le thekenoloji, ha ho ntse ho matlafatswa dikamano tsa batho ka dipapadi le setso.
6. Tlaleho ya Puso ho Komiti ya Afrika ya Ditsebi tsa Ditokelo le Thekolohelo ya Bana (ACERWC)
6.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho romelwa ha Tlaleho ya Afrika Borwa ya Puso ho Komiti ya Afrika ya Ditsebi tsa Ditokelo le Thekolohelo ya Bana (ACERWC).
6.2. Afrika Borwa e fane ka tlaleho ya yona ya bobedi ya nako le nako ka Motsheanong 2023 mme tlaleho ya ha jwale e batleha mafelong a Lwetse 2026. Tlaleho e teka mehato ya ketsamolao, ya setheo le leano e nkuwang ho sireletsa le ho ntshetsapele ditokelo tsa bana le ditokiso tse kentsweng tshebetsong ho sebetsana le dintlha tsa temoho tsa ho phethela tse entsweng ke komiti tlalehong ya selemo sa 2023.
C. KABINETE E BEHWA SEHLOHLOLONG SA DITABA
1. Tlaleho ya Manollo ya Meralo e Kopanetsweng le Moralo o le Mong wa Mofuta le Ntshetsopele ya Ditereke ho latela mmono wa Bong, Batjha le ho se Itekanele
1.1. Kabinete e amohetse tlaleho ya manollo ya Tlaleho ya Manollo ya Meralo e Kopanetsweng le Moralo o le Mong wa Mofuta le Ntshetsopele ya Ditereke (DDM) ho latela mmono wa Bong, Batjha le ho se Itekanele.
1.2. Manollo ya Moralo o le Mong wa DDM e senola hore moralo wa meralo ya motheo ho phatlalla le ditereke ha o sebetsane ka nepo le dintlha tse ka sehlohlolong tsa basadi, batjha le ba sa itekanelanang ka ho qolleha ha ho lekolwa ho latela mmono wa tshusumetso ya ona.
1.3. Manollo ena e boetse hape e pepesa hore dikenello tse sebetsanang le GBVF le tlhekefetso ka thobalano di ntse di sa nepahala le ho se fele ho phatlalla le bommasepala.
1.4. Kabinete e tsheheditse ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tse tjhaetsweng monwana ke mafapha a amehang a naha le a diprovense tlasa bodisa ba Lefapha la Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelanang.
2. Kgahlamelo ya El Niño hodima kanetso ya metsi
2.1. Kabinete e amohetse tlaleho ya kgahlamelo e ka nnang ya ba teng ya El Niño ya 2026/2027 hodima kanetso ya metsi le mehato e ntseng e kenngwa tshebetsong ho imolla dikotsi tse tsamaelanang le yona.
2.2. Kabinete e tshwaile hore maemo a El Niño a lebeletsweng a ke ke a tla ka kotsi e matla feela mabapi le boteng ba mehlodi ya metsi, empa, a ka boela a ama lekala la temo le kanetso ya dijo hampe ho kenyeletsa makala a mang a moruo a sebedisang metsi haholo, ka ditlamorao tsa ditjeo tse seng di ntse di le hodimo tsa ho phela le boitekanelo ba Maafrika Borwa.
2.3. Mmuso o matlafatsa boitokisetso ba komello le dikarabelo tse ding tsa boitseko ho sireletsa setjhaba kgahlamelong ena e mpe. Moifo wa ditsebi tsa setekgenike wa mafapha a kopanetsweng o se o ntse o sebetsana le karabelo e hokahantsweng ka kopanelo.
2.4. Kabinete e kgothaleditse Maafrika Borwa ohle ho sebedisa metsi ka boikarabelo le ho tshehetsa mekutu ya paballo ya ona ho fokotsa kgatello ditsamaisong tsa phepelo ya ona nakong ya sehla sa lehlabula.
D. DITSHISINYO TSA MELAO
1. Tshisinyo ya Bolaodi ba Indasteri ya Sepakapaka sa Afrika Borwa, ya selemo sa 2026
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa Bolaodi ba Indasteri ya Sepakapaka, ya selemo sa 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena ya molao, e reretswe ho fetola Molao wa kgale wa Merero ya Sepakapaka wa selemo sa 1993, le ho theha moralo wa bolaodi wa sejwalejwale bakeng sa ho laola indasteri ya sepakapaka ya Afrika Borwa. Tshisinyo ena e tla tsamaisa moralo wa bolaodi ba sepakapaka wa Afrika Borwa le maemo a ntseng a fetoha le ditshwaneleho tsa matjhaba. E tla boela hape e tshehetsa boikemelo ba Afrika Borwa ho dipuso tse ding le beng ba tsona ka ho fumana lesedi le batlehang ka ho fetisisa la sepakapaka mabapi le ho nka diqeto tse potlakang tsa leano bakeng sa dikenello tsa mmuso, ha ho ntse ho matlafatswa botshepehi ba naha jwalo ka mosebedisi ya nang le boikarabelo wa sepakapaka. Tshisinyo ena e boetse e sebetsana le dikgeo kenyeletsong ya tumellano ya ditshwanelo tsa sepakapaka sa matjhaba melaong ya lehae.
1.2. Molao o sisinngwang o tla laola mesebetsi ya kgwebo ya sepakapaka e ntseng e runya; o tla matlafatsa bodisa ba lekala la sepakapaka; o fane ka ditlhokeho tsa boikarabello le inshorense; le ho netefatsa boimatahanyo le ditshwanelo tsa Afrika Borwa tsa matjhaba. O tla boela o bopa tikoloho e loketseng matsete, ntjhafatso, diphuputso le ntshetsopele ya maitsebelo; ha ka ho le leng o tshehetsa kgolo ya bokgoni ba sepakapaka sa lehae le menyetla ya kgwebo.
2. Tshisinyo ya Molao wa Ditlhapiso tsa Mafu Merafong e Laolwang le Mesebetsi e Laolwang, ya selemo sa 2025
2.1 Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Tshisinyo ya Molao wa Ditlhapiso tsa Mafu Merafong e Laolwang le Mesebetsi e Laolwang, ya selemo sa 2025 bakeng sa maikutlo a setjhaba.
2.2 Tshisinyo ena ya molao e reretswe ho fetola Molao wa Mafu Merafong le Mesebetsi wa selemo sa 1973 le ho theha tsamaiso ya sejwalejwale, e kgabane le e fihlellehang bakeng sa bolaodi ba ditlhapiso tsa mafu mosebetsing lekaleng la merafo.
2.3 Molao o sisinngwang o tla matlafatsa ho hlwauwa, ho ba mohlaleng, tekolo ya bongaka le ditlhapiso tsa basebeletsi ba merafo ba ha jwale le ba mehleng ba hlahlobilweng hore ba na le mafu a lokelwang ke ditlhapiso, ha ho ntse ho ntlafatswa phihlello ya melemo le ditshebeletso tsa basebetsi ba amehang le majalefa a bona.
2.4 Tshisinyo ena ho feta moo e fana ka ho thehwa ha Bolaodi ba mmuso ba Ditlhapiso ba Merafo le Mesebetsi, bo tla ikarebela bakeng sa ho tsamaisa ditseko, ditefo tsa ditlhapiso le ditshebeletso tse amehang tsa tshehetso, mme ka seo, ho tla be ho matlafatswa boikarabello le phano ya ditshebeletso ka hara mokgwa wa ditlhapiso.
E. KHIRO
Dikhiro kaofela di ho ya ka netefatso ya mangolo a thuto le ditumello tse amehang tsa tshireletso.
1. Monghadi Zane-Udien Dangor jwalo ka Molaodi Kakaretso ho Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano (ho ekeditswe konteraka).
2. Ngaka Sean Douglas Phillips jwalo ka Molaodi Kakaretso ho Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere (ho ekeditswe konteraka).
3. Monghadi Milingoni Fhulufhelo Lloyd Nedohe jwalo ka Molaodi Kakaretso ho Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS).
4. Mofumahadi Avril Halstead jwalo ka Motlatsi wa Molaodi Kakaretso: Bolaodi ba Thepa le Boikarabello ho Lefapha la Matlotlo a Naha.
5. Mofumahadi Thandazile Francisca Mnguni jwalo ka Motlatsi wa Molaodi Kakaretso: Lenaneo la Mesebetsi ya Badudi ho Lefapha la Kopanelo ya Puso.
6. Mofumahadi Sibongile Mpofu jwalo ka Motlatsi wa Molaodi Kakaretso: Ditshebeletso tsa Kgwebo ho Lefapha la Kopanelo ya Puso.
7. Ngaka Nontsikelelo Ingrid Manzini-Matebula jwalo ka Motlatsi wa Molaodi Kakaretso: Bodisa, Tekolo, Diphuputso le Kgokahanyo ho Lefapha la Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelanang.
8. Mofumahadi Tirhane Alinah Fosi jwalo ka Molaodi e Moholo (CEO) wa Mesebetsi ya Dikgatiso tsa Mmuso.
9. Monghadi Johannes Makgokolla Moholola jwalo ka CEO ya Ditshebeletso tsa Sephethephethe sa Moyeng le Motsamao wa Difofane.
10. Monghadi Siphamandla Mthethwa jwalo ka CEO ya Khamphani ya Maemafofane
a Afrika Borwa.
11. Monghadi Waseem Carrim jwalo ka CEO ya Letlole la Dikotsi tsa Mebileng.
12. Monghadi Alford Sifiso Nsibande jwalo ka CEO ya Teraste e Ikemetseng ya Ntshetsopele.
13. Ho hirwa hape ha Modulasetulo wa Boto ya Eskom:
Ngaka Mteto Nyati.
14. Khiro ya Ditho tsa Boto ya Lekgotla la Saense ya Polanete ya Lefatshe (Geoscience)
a. Monghadi Kelepile Dintwe (o thontswe hape le ho ba Modulasetulo);
b. Ngaka Mayshree Singh (o thontswe hape);
c. Ngaka Siyanda Mngadi (o thontswe hape);
d. Mofumahadi Thobeka Njozela (o thontswe hape);
e. Ngaka Mdu Zakwe;
f. Monghadi Lindelani Mudau (moemedi wa Lefapha la Dirashwa le Mehlodi ya Peterole);
g. Ngaka Patience Gwaze (moemedi wa Lefapha la Meru, Ditlhapi le Tikoloho);
h. Mofumahadi Millicent Solomons; le
i. Monghadi Musa Mabuza (Setho ho ya ka Boemo).
15. Khiro ya Boto ya Koporasi ya Ditjhelete tsa ho Epa Merafo ya Afrika
a. Monghadi Bernad Swanepoel (o thontswe hape le ho ba Modulasetulo);
b. Monghadi Mzwandile Masondo (o thontswe hape);
c. Mofumahadi Pamella Mhlarhi;
d. Monghadi Samuel Molefi;
e. Ngaka Ntombifuthi Nxumalo;
f. Monghadi Bonga Makhanya;
g. Moatefokate Vhongani Masondo; le
h. Monghadi Masibulele Phesa.
16. Khiro ya ditho tsa Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya Afrika e Borwa
a. Monghadi Bongani Nqwabana (o thontswe hape);
b. Ngaka Petrus Matji (o thontswe hape);
c. Mofumahadi Disebo Moephuli (o thontswe hape);
d. Monghadi Joel Netshitenzhe (o thontswe hape);
e. Ngaka Chantal Naidoo (o thontswe hape);
f. Moprofesara Edgar Pieterse (o thontswe hape);
g. Monghadi Jonathan Muthige (o thontswe hape);
h. Monghadi Barry Hore (o thontswe hape); le
i. Mofumahadi Mametja Moshe.
17. Khiro ya ditho tsa Boto ya Naha ya ho Betjha
a. Ngaka Makgathatso Charlotte Chana Pilane-Majake (Modulasetulo);
b. Monghadi Kganki Matabane (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Mofumahadi Chuma Fani;
d. Mofumahadi Zoleka Gloria Bula;
e. Mofumahadi Silochini Pillay;
f. Monghadi Milton Ntwana (moemedi wa Sepolesa);
g. Mofumahadi Niklasina Maria Kruger (moemedi wa Lefapha la Kgwebisano, Diindasteri le Ditlhodisano);
h. Monghadi Khayalethu Ntimbela (moemedi wa Lefapha la Matlotlo a Naha); le
i. Mofumahadi Sizakele Magangoe (moemedi wa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba).
18. Khiro ya ditho tsa Boto ya Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri.
a. Monghadi Mabotha Authur Moloto;
b. Mofumahadi Dinao Modirwadi Lerutla;
c. Mofumahadi Victoria Ngwenya;
d. Moatefokate Fana Joe Nalane;
e. Ngaka Boitshoko Ntshabele;
f. Monghadi Kgathatso Tlhakudi;
g. Monghadi William Solomon Steenkamp; le
h. Moatefokate Thandi Orleyn (o thontswe hape).
19. Khiro ya ditho tsa Boto ya Rand Water
a. Monghadi Gcinumzi Qotywa (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Phindile Mbanjwa (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Mofumahadi Ayanda Noah;
d. Monghadi Luvuyo Ntoyi;
e. Mofumahadi Lethabo Mashamaite;
f. Monghadi Oliver Josie;
g. Ngaka Mosidi Makgae;
h. Ngaka Rethabile Melamu;
i. Mofumahadi Ayanda Mafuleka; le
j. Monghadi Moleboge Bothlale Lekwane.
20. Khiro ya ditho tsa Lekgotla la Boto ya Difilimi le Diphatlalatso
a. Moprofesara Siyasanga Tyali (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Lungelo Dhladhla Nxele (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Moatefokate Lindelwa Ndziba;
d. Mofumahadi Ditaba Lucy Maraka;
e. Mofumahadi Zandile Gail Mpungose;
f. Ngaka Phosa Jan Mashangoane;
g. Mofumahadi Miriann Maartens;
h. Ngaka Seithati Maria Motebang; le
i. Mofumahadi Melanie Roy
21. Khiro ya ditho tsa Lekala la Boeletsi ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane
a. Moprofesara Vusi Gumede;
b. Ngaka Jabulile Msimango-Galawe;
c. Ngaka Nomfundo Mcoyi-Zondo;
d. Mofumahadi Juliet Miyabo;
e. Monghadi Sifiso Skenjana;
f. Monghadi Jacob Gcwili;
g. Monghadi John Jeffrey;
h. Motlotlehi Ngaka Kgosi Gaboilelwe;
i. Monghadi Siyabulela Xuza; le
j. Monghadi Anthony Frank Julies
22. Khiro ya ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Batsamaisi ya Koporasi ya Matsetse a Mmuso (PIC)
a. Ngaka Mugwena John Maluleke;
b. Mofumahadi Lindiwe Martha Motshwane;
c. Monghadi Reuben Mpono Maleka; le
d. Mofumahadi Bulelwa Mabasa.
F. DIKETSAHALO LE DIBOKA
1. Kgwedi ya Dipalangwang
1.1. Afrika Borwa e tla shebana le Kgwedi ya Dipalangwang ho phatlalla le Mphalane. Morero wa kgwedi ena ke ho ntshetsapele maikitlaetso a boipaballo mebileng le ho hlakisa melemo ya moruo le ya kahisano ya tsamaiso e sebetsang hantle ya dipalangwang. E boetse e fana ka monyetla wa ho hlaba setjhaba malotsana ka kgatelopele ya ho aha botjha meralo ya motheo ya dipalangwang tsa naha ena.
2. Kgwedi ya Tshireletso Inthaneteng
2.1. Afrika Borwa e tla shebana le Kgwedi ya Temoso ya Tshireletso Inthaneteng ka Mphalane ho hlahisa temoso le ho kgothaletsa polokeho ho tsa dijithale le boitseko. Setjhaba se kgothaletswa ho dula se fadimehile, ho ithuta ka boitshwaro bo nang le boikarabelo inthaneteng le ho matlafatsa tsebo ya tsa dijithale bakeng sa ho sireletsa dintlha le disebediswa tsa bona kgahlanong le ditshoso tsa inthaneteng.
3. Kopano ya bo-136 ya Ditho tsa Semphato sa Sebaka se Bulehileng sa Lefatshe
3.1. Afrika Borwa e tla tshwara Kopano ya bo-136 ya Ditho tsa Semphato sa Sebaka se Bulehileng sa Lefatshe (OGC) mane Kapa ho tloha ka la 12 ho isa ka la 15 Mphalane 2026, e leng se tshwayang lekgetlo la pele hore ketsahalo ena e ka sehloohong ya lefatshe e tshwarelwe Afrika.
3.2. OGC e kopanya mmoho baetapele ba mebuso, makala a ralang mmapa, bafuputsi, dikhamphani tsa thekenoloji, ditsebi tsa maemo a lefatshe, bahlahisi le boramahlale ho tswa Afrika le bophara le lefatsheng bakeng sa ho sebedisana mabapi le bokamoso ba thekenoloji ya dibaka tsa lefatshe le bokgoni ba tshebedisano-mmoho.
3.3. Ho tshwara ketsahalo ena ho tla matlafatsa maemo a Afrika Borwa jwalo ka moetapele ho tsa bolaodi ba tlhahisoleseding ya sebaka sa lefatshe, ho kgothaletsa kamohelo ya maemo a lefatshe le ho matlafatsa tshebedisano ho phatlalla le Afrika esitana le lefatshe ka bophara.
4. Seboka sa bo-15 sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba ya Thibelo ya Botlokotsebe le Tshebeletso ya Toka (Seboka sa Botlokotsebe)
4.1. Afrika Borwa e nka karolo Sebokeng sa bo-15 sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba sa Thibelo ya Botlokotsebe le Tshebeletso tsa Toka se tshwaretsweng United Arab Emirates ho tloha ka la 26 Lwetse ho isa ka la 1 Mphalane 2026.
4.2. Seboka sena se tla hlahloba dikarabelo tsa lefatshe mabapi le diqholotso tse ntseng di fetoha tsa botlokotsebe, ho kenyeletsa tse bakwang ke dintshetsopele tsa thekenoloji, ha ho ntse ho kgothaletswa tshebedisano ya matjhaba le ho matlafatsa mekgwa ya ditshebeletso tsa toka.
4.3. Seboka sena se fana ka lepatlelo la bohlokwa bakeng sa Afrika Borwa hore e nyehele le ho kgola molemo ntshetsopeleng ya molao wa matjhaba le leano, ho arolelana maiphihlelo a dinaha le ditlwaelo tse hlwahlwa ka ho fetisisa le ho ntshetsapele tshebediso ya molao le ntshetsopele ya moshwelella.
4.4. Seboka sa Afrika sa Haedrojene e Hlwekileng sa selemo sa 2026
Kabinete e ananetse Seboka sa Afrika sa Haedrojene e Hlwekileng sa selemo sa 2026 se neng se tshwerwe Kapa ho tloha ka la 15 ho isa ka la 16 Lwetse 2026 tlasa lepetjo le reng: “Ho tlosa Lekala la Haedrojene e Hlwekileng la Afrika ho PowerPoint ho ya ho Gigawatts”. Seboka sena se tshohlile kgatelopele ya ho kenya tshebetsong diprojeke, matlole, meralo ya motheo le ntshetsopele ya diindasteri Afrika Borwa le ho phatlalla le kontinente. Ka hara Afrika Borwa, ntshetsopele tsena di bopa karolo ya Moralo o Kopanetsweng wa Mehlodi, e leng mmapa wa mantlha wa matsete bakeng sa phepelo ya motlakase – ho rerilwe motswako o tsitsitseng, wa khabone e tlase. Seboka sena hape se fanne ka tse ka sehlohlolong mabapi le mokgahlelo wa pele wa diprojeke tsa haedrojene e hlwekileng.
Tsena di kenyeletsa Projeke ya Phelan Green Group’s Electro-Sustainable Aviation Fuel ho tswa Saldanha Bay. Phelan e entse boitlamo ba matsete a dimilione tse US$100 mme ka hoo e lebeletswe ho qala kotareng ya pele ya selemo sa 2027. Diprojeke tse ding mokgahlelong ona wa pele di kenyeletsa Projeke ya Amonia e Hlwekileng ya Coega ho etswa Kapa Botjhabela, e seng e phethetse mosebetsi wa boitokisetso e sa le pele; Projeke ya Saldanha Hydrogen Direct Reduced Iron Lebopong le ka Bophirima, e boemong ba pele ho boitokisetso; Prieska Power Reserve ho tswa Kapa Leboya, e leng projeke ya amonia e hlwekileng eo ha jwale e leng boemong ba ntshetsopele; Green e-Fuels Producers Green Methanol Corridor, e leng e tobileng tlhokehong e labalabelwang ke dinaha tsa Yuropa mme e boemong ba boitokisetso; le Projeke ya Ditharollo tsa Haedrojene e Hlwekileng, e leng e tobileng haholoholo mmarakeng wa Afrika Borwa mme e phethetse moralo wa yona wa pele wa boenjinere.
G. Diketsahalo tsa ho thunya tse etsahetseng ka mora Kopano ya Kabinete
1. Ho thunya Wedela, Carltonville Lejweleputswa Bophirima, Gauteng
1.1 Mmuso o romela matshediso ho malapa le metswalle ya mahlatsipa a 18 a bolailweng tameneng Wedela, Carltonville Lejweleputswa Bophirima moo boradithunya ba robedi ba sa tsejweng ba thuntseng ba le moo tameneng.
1.2 Batho ba leshome le metso e supileng ba thunyeditswe moo mme motho e mong hape o hlokahetse ha morao sepetlele ka lebaka la maqeba. Ba bang ba 18 ba lemetse mme ba nketswe sepetlele. Ba bahlano ba maemong a hlobaetsang.
1.3 Ke ba bane feela ba bafu ba seng ba hlwauwe mme mmuso o kgothaletsa batho ho batlisisa ka beng ka bona ba dulang sebakeng seo le ho tlalehela sepolesa ka batho ba lahlehileng.
1.4 Ho ile ha tjheswa makoloi a mabedi le ho utsuwa ha diselefouno. Sepolesa se ntse se tsoma babelaellwa ba amanang le ho thunya hona.
2. Ho thunya Lwandle, mane Kapa
2.1 Mmuso o romela matshediso ho malapa le metswalle ya mahlatsipa a 10 a bolailweng Lwandle, mane Kapa ka Moqebelo bosiu, moo mahlatsipa a mahlano a hlokahetseng hanghang mme ba bang ba hlokaheletse tseleng e lebang sepetlele.
Dipatlisiso tsa mahlakore a mangata di motjheng bakeng sa ho tshwara baetsi ba ditlolo tsena tse soto tsa molao.
H. MELAETSA
1. Matshediso
Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho metswalle le malapa a:
• Monghadi Enos Mafokate, mopalami wa dipere ya tsebahalang matjhabeng le ho ba motho wa pele e motsho ho ba mpodi wa lebelo la dipere la dihekana. O boetse hape ya ba mothei wa Setsi sa Kwetliso ya Dipere sa Soweto, e leng sekolo sa ho palama dipere le moamohedi wa Kgau ya Lifetime Achievement ho Dikgau tsa Dipapadi tsa Afrika Borwa.
• Ba malapa a batho ba hlokahaletseng kotsing ya mmileng wa N1 e fetileng ka maphelo a 21 mane Kapa Bophirima; le kotsi e bileng mmileng o lefellwang wa N17 mane Mpumalanga, e fetileng ka maphelo a batho ba robedi.
• Monghadi Owen Ndlovu, eo e neng e le mohasi wa mehleng wa dipapadi wa SABC le molwanedi ho tsa mmino ya neng a na le tjheseho indastering ya boqapi le ho tsa boqolotsi ba ditaba, dipapadi le ho lwanela ditokelo tsa dibapadi.
• Mokganni wa dikoloi tsa mabelo, Monghadi Robert Wolk, eo e neng e le e mong wa bahlodisani ba fihlelletseng tse ngata ka ho fetisisa ho tsa dipapadi tsa makoloi Afrika Borwa, ka mosebetsi o ka bang wa dilemo tse mashome a mararo. E bile Mpodi wa SA Formula Volkswagen ka selemo sa 2013, mpodi wa Formula 1600 ka selemo sa 2015, ya ba mpodi wa SA GTC ka dilemo tse latelanang ka selemo sa 2021 le sa 2022 le ho ba Mpodi wa SA Touring Cars Champion ka selemo sa 2024.
2. Diteboho
Kabinete e lebohisa le ho fetisetsa ditakaletso tsa mahlohonolo ho:
• Sehlopha sa Springbok ka ho hapa letoto la dipapadi tsa Rugby's Greatest Rivalry kgahlano le All Blacks le Siya Kolisi bakeng sa ho ba mokapotene ya atlehileng ka ho fetisisa wa Springbok ka ditlholo tse 56 tsa dipapadi tsa Teko.
• Mamelodi Sundowns bakeng sa ho hapa Mohope wa FIFA African – Asian Pacific ka mora ho fumana tlholo ya 2-1 kgahlanong le bompodi ba Asia, Al-Ahli.
• Monghadi Bayanda Walaza bakeng sa ho hapa lebelo la banna la 100m Kopanong ya Matjhaba ya mabelo ya Rovereto, moo a entseng rekoto ya metsotswana e 9.91. O boetse hape ya ba mohlodi lebelong la 100m Kopanong ya Serbia Athletics mane Smederevo, Serbia.
• Monghadi Sinesipho Dambile bakeng sa ho tswa bobeding ho makgaolakgang a banna a 200m ho makgaolakgang a Diamond League mane Brussels.
• Monghadi Xola Magwaza bakeng sa ho ba Moafrika Borwa wa pele wa ho hapa sekola se bulehileng ditlhodisanong tsa International Natural Bodybuilding Association/Professional Natural Bodybuilding Association Natural Universe mane Singapore.
• Kyalami Grand Prix Circuit bakeng sa ho kgethelwa ho tshwara letoto le tummeng la Michelin 24H Series ho tloha ka la 8 ho isa ka la 10 Pherekgong 2027, e leng se tshwayang mokolokotwane o etsang nalane kaha bompodi bona bo tla be bo qala ho tshwarelwa mobung wa Afrika. Ketsahalo ena e tla tlisa lebelo le matla la mamello la dihora tse 24 lebaleng la mabelo a dikoloi le ratwang mane Midrand.
• Sehlopha sa basadi sa netebolo sa Afrika Borwa, SPAR Proteas, bakeng sa ho tswa bobeding ho Mohope wa Netebolo wa Afrika wa selemo sa 2026 o neng o tshwaretswe Kenya.
• Sehlopha sa banna sa netebolo sa Afrika Borwa, Protea Warriors, bakeng sa ho sireletsa sekola sa bona sa kontinente ho Mohope wa Netebolo wa Afrika wa selemo sa 2026 o neng o tshwaretswe Kenya.
• Sehlopha sa Proteas bakeng sa ho hlola Australia papading ya matjhaba ya bobedi ya letsatsi le le leng Lebaleng la DP World Wanderers, le ho hapa letoto la dipapadi tse tharo ka ho nka ketapele ya diwikete tse 20.
• Raditebele wa Afrika Borwa, Monghadi Ricardo Malajika, bakeng sa ho hapa Bompodi ba Lefatshe ba WBC Super Flyweight mane Tokyo, Japan.
• Afrika Borwa bakeng sa ho hapa medale wa silivera ho tsa Tokiso ya Difofane Tlhodisanong ya Maitsebelo a Lefatshe ya selemo sa 2026 mane Shanghai, Tjhaena. Naha ena e ne e emetswe ke baithuti ba 29 ba neng ba hlodisana ho phatlalla le maitsebelo a 27, e le ha ba ne ba le hara bahlodisani ba hakanyetswang ho ba 1 400 ho tswa dinaheng tse fetang tse 90.
• Sehlopha sa naha sa Afrika Borwa sa bolo ya maoto sa ba dilemo di ka tlasa tse 20, Amajita bakeng sa ho hapa Bompodi ba COSAFA U20 mme hona moo ba phunyeletsa bakeng sa Confederation of African Football (CAF) Under-20 Africa Cup of Nations.
• Bafana Bafana, e leng sehlopha sa naha sa bolo ya maoto ka tlholo ya bona ya 2 - 1 kgahlano le sehlopha sa Equatorial Guinea.
E ntshitswe lebitsong la Kabinete ke:
Letona Kantorong ya Mopresidente, Mofumahadi Khumbudzo Ntshavheni
Dipotso: Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Iteanye le: Mofumahadi Nomonde Mnukwa: Molaodi Kakaretso ya Tshwereng MokoboboMohala: 083 653 7485

