Tlaleho ya kopano ya Kabinete ya Laboraro, la la 11 Phuptjane 2025

A.    Maemo a Renang
1.    Moruo
1.1.    Kgolo ya moruo
1.1.1    Kabinete e ananetse dipalopalo tsa paloyohle ya dihlahiswa tsa naha (GDP) jwalo ka ha di ntshitswe ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa (StatsSA) tse bontshitseng hore moruo o hotse ka persente tse 0.1 kotareng ya pele ya selemo sa 2025, mme sena se latela keketseho ya persente tse kotareng ya bone ya selemo sa 2024. 
1.1.2    Hara tse ding, indasteri ya temo, meru, le botshwasi ba ditlhapi le eketsehile ka persente tse 15.8, ha indasteri ya dipalangwang, dipolokelo le dikgokahano yona e eketsehile ka persente tse 2.4. Ho feta moo, indasteri ya kgwebisano, mopheho le marobalo yona e eketsehile ka persente tse 0.5.
1.1.3    Kabinete e ngongorehiswa ke phokotseho indastering ya tlhahiso, haholoholo jwalo ka ha mmuso o ekeditse tshehetso ya ona ho tlhahiso ya ka lehae o boetse o emetse ho phethelwa ha Leano la Diindasteri le ntjhafaditsweng botjha. 
1.1.4    Mmuso o utlwisisa hantle kgahlamelo ya diqholotso tsa lekala la tsamaiso le ho thothwa ha thepa ho ntseng ho tswella pele ho kgina kgolo ya indasteri ya merafo. Ka ho le leng re boetse re behile leihlo le ntjhotjho ho mosebetsi wa Mokgahlelo wa Bobedi wa Operation Vulindlela ha mmoho le Tshebedisano ya Mmuso le Borakgwebo mabapi le ho rarolla ka potlako diqholotso tsa ho thothwa ha thepa naheng ena.
1.1.5    Ka ho le leng, Kabinete e amohela ho tjhaellwa monwana ha Moralo wa Ditjhelete wa selemo sa 2025 ke Palamente o tla thusa mmuso ho eketsa tshebediso ya ditjhelete le hona ho tsetela ho meralo ya matheo (Diranta tse trillone e le nngwe bakeng sa dilemo tse tharo).

1.2     Tlaleho ya kotara ya palo ya batho ba sebetsang
1.2.1    Kabinete e ananetse ditlaleho tsa boraditaba tse hlahisitseng ngongoreho ka dipalopalo tsa khiro tsa lekala la dikgwebo tseo e seng dikhamphane ho tswa ho (QLFS).
1.2.2    QLFS e bokella dintlha jwalo ka kotara mabapi le batho ba sebetsang ba dilemo di 15 le ho feta. Ho feta moo, StatsSA e hlahisa tlaleho e batsi jwalo ka mora dilemo tse nne, e leng se kenyeletsang le tlaleho e ikgethileng bakeng sa Dipatlisiso tsa Bahiri ha mmoho le ba Itshebetsang (SESE). Dipatlisiso tsena, di reretswe ho fana ka kutlwisiso e tebileng mabapi le dibopeho le ditshebetso tsa lekala la dikgwebo tseo e seng dikhamphane Afrika Borwa.
1.2.3    Kabinete esale e tshohla taba ya hore SESE e etswe jwalo ka kotara kapa ka selemo. Hore StatsSA e tle e kgone ho etsa mosebetsi ona, e tla hloka dintlha tsa tokomane ya moo dikgwebo tseo e seng dikhamphane di ngodisitsweng ho yona. Tokomane ena e tla thusa StatsSA ho kgona ho fumana dintlha tseo e di hlokang. Bothata bo teng ha jwale ke hore tokomane ena ke ntho e siyo ka ona motsotso.
1.2.4    Nakong e fetileng re ile ra phatlalatsa hore Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Phano la Naha la Phano ya Dilaesense ho Dikgwebo (NBLP) le tla thusa ka mokgwa o tshwanang wa phano ya dilaesense ho dikgwebo tse ingodisitseng e se dikhamphane mme nakong ya ho kenngwa tshebetsong ha Leano lena, Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le lokela ho kgona ho hlahisa tokomane e nepahetseng eo ho yona ho tlang ho ngodiswa dikgwebo tse ingodisitseng e se dikhamphane, e leng se tla ntlafatsa QLFS le kgonahalo ya ho ba le SESE jwalo ka selemo.

2.    Toka le Thibelo ya Botlokotsebe
2.1    Polokeho le tshireletso
2.1.1    Kabinete e ananetse ngangisano e tswellang mabapi le botlokotsebe Afrika Borwa le dipelaelo tsa hore mmuso o hloleha ho tla le maano a tiileng a ho sebetsana le botlokotsebe Afrika Borwa. Sena se etsahala ho sa natswe hore ka la 23 Motsheanong 2025, Letona la Sepolesa le lokollotse dipalopalo tsa botlokotsebe tsa Kotara ya Bone ya 2024/5 (1 Pherekgong – 31 Tlhakubele 2025).
2.1.2    Nakong ya ho lokollwa ha dipalopalo tsa botlokotsebe, Letona la Sepolesa le tekile Dintlha tse ka Sehlohlolong tsa Mosebetsi wa Sepolesa tsa Palamente ya Bosupa ka tsela e latelang: (a) Ho fokotsa sekgahla sa dipolao, (b) Ho fokotsa dithunya tse seng molaong le ho tiisa ditaolo mabapi le dithunya tse molaong, (c) ho lwantsha Tlhekefetso ya Basadi le Dipolao tsa bona (GBVF), (d) ho lwantsha botlokotsebe bo hlophisitsweng, ho kenyeletsa maqulwana a kgwebisano ya dithethefatsi, tlatlapo ya makoloi a tjhelete, ho batla tjhelete ka ditshoso, le dikwetelo, ho lwantsha dikgoka tsa maqulwana, le ho lwantsha bobodu – bobedi ka hara Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) le ho phatlalla le naha.
2.1.3    Dipalopalo tsa Kotara ya Bone ya 2024/25, di bontshitse kgatelopele (ho theoha ho akaretsang) ho bapiswa le nako yona eo selemong se fetileng sa ditjhelete. Re ka etsa mohlala ka hore, hara diteishene tse 30 tsa sepolesa tse nang le botlokotsebe bo boholo, ho tlalehwa ha tse 13 ho tsona di rekotile dipalopalo tse tlase, mme ha tse pedi ho tsona ho se diphetoho ya letho.
2.1.4    Ha re tla mabapi le dipolao tsa borapolasi, dipalopalo di bontsha ditlhaselo tse tobileng mapolasi a kgwebo. Leha ho le jwalo, bonneteng ba taba mmuso ha o qoholle  batho ho ya ka morabe. Ho leka ho phehisana le ditaba tse fosahetseng tsa moraorao tjena, re ka bolela hore beng ba mapolasi ba bolailweng ka bobedi ka bobedi e ne e le batho ba batsho, basebeletsi ba babedi bao e bileng mahlatsipa e ne e le batho ba batsho, mme e mong wa balaodi ba ba bahlano ba ba bolailweng e ne e le motho e motsho.
2.1.5    Mabapi le dithunya tse seng molaong, Operation Shanela e tswella pele ho beha ditholwana tse bonahalang ka ho hatjwa ha dithunya tse 128 tse seng molaong le ho tshwarwa ha batho ba 82. 
2.1.6    Lekala la Dipatlisiso tsa Botlokotsebe bo ka Sehlohlolong le lona le tswella pele ka mosebetsi wa lona jwalo ka ha babelaellwa ba 656 ba seng ba hlahile kgotla, ho kenyeletsa ba 364 ba amahanngwang le botlokotsebe bo hlophisitsweng, ba 220 ka botlokotsebe ba dikgwebo le ba 72 ba bobodu.
2.1.7    Ha re tla tabeng ya GBVF, ho tla ba le kopano e eteletsweng pele ke Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) ya GBVF e tla tshwarwa ka Labohlano lena la la 13 Phuptjane 2025 Holong ya Motse wa Atteridgeville, Tshwane. Kopanong ena ho tla tsepamiswa maikutlo tabeng ya ho kenngweng tshebetsong ha Moralo wa Lewa la Naha ha mmoho le kgatelopele ya lona. Ho tla boela ho lekolwa le hona ho matlafatswa ha ditshebeletso tse fanwang ke mahlatsipa a GBVF. 
2.1.8    Kabinete e ananetse maipolelo a ho ba molato a entsweng ke e mong wa babelaellwa ba poloao ya Sindiso Magaqa eo e neng e le Mongodi Kakaretso wa mehleng wa Liki ya Batjha ya African National Congress ka Phupu 2017 eo e neng e boetse e le mokhanselara wa Umzimkhulu. Kabinete e nka dipolao tsa sepolotiki ka tsela e hlokolosi haholo hobane boholo ba mahlatsipa ke batho ba itlametseng ho lwantsha bobodu. Re tshepa hore kgatelopele ena e tla fana ka lesedi haholoholo mabapi le ho fumana bankakarolo ba bang ba amehang nyeweng ena.

2.2    Ho kgutliswa ha masalla a Maafrika Borwa a neng a le palehong
2.2.1    Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Mokgahlelo wa Bobedi wa Projeke ya ho Kgutliswa ha Masalla a ba neng ba le Palehong, e leng se kenyeletsang ho bolokwa botjha ha masalla a moholoholo wa morabe wa Makhoi le Masan. Ka ho le leng, ho ntse ho tsepamisitswe tshebetso ho hlwayeng, ho epollweng le ho kgutlisweng ha masalla a balwanedi ba tokoloho ba hlokahaletseng palehong. Boikitlaetso bona ba ho kgutlisetsa lapeng le ho bolokwa botjha ha masalla a morabe wa Makhoi le Masan a tswang kantle ho naha bo bohlokwa mabapi le ho rekota motso wa boholoholo ba Afrika Borwa. Taba ya ho bolokwa botjha ha masalla a baholoholo ba 58 ba hlahetseng Kapa Leboya, o boemong bo pele haholo mme ditherisano le setjhaba se amehang di tswella pele.
2.2.2    Boikitlaetso bona bo ahella hodima katleho ya ho kgutliswa ha masala a balwanedi ba 49 ba tokoloho ka selemo sa 2024 mme bona ke bopaki ba boitlamo ba mmuso ba ho lokisa maemo a nalane ya mehleng ya ho hloka toka le ho leka ho kopanya le hona ho fodisa setjhaba maqeba a nakong e fetileng. Kemedi e kopanetsweng haufinyana e tla simolla morero wa setekgeniki wa ho leba Angola, Lesotho, Zambia le Zimbabwe ho etsa diphuputso, ditlhahlobo tsa direkoto tsa ditsha tsa mabitla le mmapa ya ona.

2.3    Mokete wa ho thehwa ha Lekgotla la Molaotheo
2.3.1    Selemo sa 2025 se tshwaya dilemo tse 25 tsa ho thehwa ha Lekgotla la Molaotheo, e leng sesebediswa sa bohlokwa mabapi le tshireletso ya demokrasi ya molaotheo wa rona.
2.3.2    Ke ka ona moya oo Kabinete e ananelang dipuisano pakeng tsa mmuso le Lekgotla la Baahlodi le eteletsweng pele ke Moahlodi e Moholo Mandisa Maya ha mmoho le dihlooho tsa makgotla a dinyewe ba neng ba kopane le Mopresidente Cyril Ramaphosa. Dipuisano tsa bona di ne di tsepamisitse maikutlo ho kengweng tshebetsong ha mekgwa e salletseng morao ya tsamaiso ho matlafatsa dipehelo tsa molaotheo e le ho netefatsa hore lekala la boahlodi le lona jwalo ka palamente e ba  lekala le ikemetseng la puso. Ka bobedi ba Kabinete le Boahlodi ba etnse boitlamo ba ho aha tsamaiso e matla, e kgabane haholo e tsitsitseng hodima makgabane a Molaotheo wa rona.

3.    Ntshetsopele ya Setjhaba le Polokeho ya sona
3.1    Maemo a mabe a lehodimo
3.1.1    Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa a hlokahaletsweng nakong ya dikgohola ho phatlalla le dibaka tse fapafapaneng Kapa Botjhabela. Ho fihlela mona, batho ba 57 ba hlokahetse. Malapa a mmalwa a felletswe ke bodulo mme meralo ya motheo e senyehile mane Kapa Botjhabela le KwaZulu-Natal. 
3.1.2    Mmuso o sebedisa mekgwa ya kopanelo ya pholoso ho tswa maemong anaha le a profensi e okametsweng ke IMC e shebaneng le taolo ya dikoduwa. ho boetsa hape ha ba le dihlopha tsa basebeletsi ba ditshebeletso tsa tshohanyetso ho tswa Gqeberha, East London le Seterekeng sa Chris Hani ho tla thusetsa ditsbeheletso tsa lehae tsa dibaka tse amehileng.
3.1.3    Kabinete e lemosa bohle hore ba fadimehe matsatsing a mmalwa a tlang ka lebaka la maemo a hlobaetsang a lehodimo a lebeletsweng dikarolong tse ngata tsa naha. Sena se ka nna sa kenyeletsa mohatsela, ho kgetheha, meya e matla e tsamaisanang le pula e matla.
3.1.4    Baahi ba eletswa ho beha leihlo dikeletso tse mabapi le maemo a lehodimo a radiong, thelevisheneng le metjheng ya kgokahano, mme hape ba eletswa le ho qoba maeto maemong ana a sa bolokehang. Ba nkang maeto ba boetse ba kgothaletswa ho hlophisa botjha kapa ho tjhetjhisa maeto a bona ha ba tobana le maemo a mabe a lehodimo.

4.    Bophelo bo Botle
4.1    Mofuta o motjha wa COVID-19 mabatoweng a itseng a Asia
4.1.1    Kabinete e netefaletsa Maafrika Borwa hore ka Lefapha Bophelo bo Botle (DoH), e behile leihlo le ntjhotjho mofuta o motjha wa COVID-19, o bitswang Nimbus kapa NB.1.8.1, oo ho bolelwang ha o atile mabatoweng a mang a Asia.
4.1.2    Kabinete e ipiletsa ho baahi bohle ho netefatsa ditlwaelo tse ntle tsa bohlweki ho kenyeletsa ho qoba ho dumedisana ka matsoho, ho hlapa matsoho ka sesepa, ho kwahela molomo ha motho a kgohlela, ho sebedisa semonkwana ha motho a tshwerwe ke mokgohlane, le ho dula hae ha a sa ikutlwe hantle. Re bontshitse nakong ya sewa sa Covid-19 hore ka mekgwa ena e bonolo, re ka fokotsa mafu a amanang le matshwafo.

4.2    Lefu la Mokaka
4.2.1    Kabinete e ananela karabelo e potlakileng ya Lefapha la Temo ho latela ho ropoha ha lefu la mokaka. Diprofensi tse amehileng haholo ke KwaZulu-Natal (KZN), Mpumalanga le Gauteng. Lefapha le beheleditse meriana ya diente e fetang 900 000 moo mokgahlelo wa pele o lebeletsweng ho fihla kwano e se kgale.
4.2.2    Dibakeng tse nang le ho ropoha ho matla, diphoofolo tsohle tse amehileng di kwalletswe; ha ho motsamao o dumelletsweng ho kena, ho tswa, kapa ho tsamaya ka hara dibaka tsena kapa mapolasi. Dibakeng tse kgolo moo diphoofolo tsena di ke keng tsa kwallwa, dibaka tsena di bitswa Dibaka tsa Bolaodi ba Mafu mme le ho tsona ho sebediswa dipehelo tse tshwanang. 
4.2.3    Hodima moo, ho na le moralo wa ho theha Lekgotla la Tshireletso ya Setjhaba la Bongaka le tla kenyeletsa SAPS, dingaka tsa diphoofolo, borasaense, Bolaodi ba Madiboho le dihlooho tsa lekala lena ka sepheo ho arabela betere tabeng ya ho ropoha ha nako e tlang ha mmoho le ho laola dikotsi tse amehang.

4.3    Sehla sa mabollo
4.3.1    Sehla sa mabollo sa mariha a selemo sa 2025 se re fihletse mme mmuso o rata ho netefatsa polokeho ya makolwane o ntse o sa lebala paballo le bohlokwa ba moetlo ona.
4.3.2    Ho na le mehato e mengata e kentsweng tshebetsong sehla sena selemo sa 2025 sa mabollo. Mehato ena e kenyeletsa boingodiso bo tlamang le netefatso ya mephato hammoho le tlhahlobo ya bongaka ho bohle ba yang lebollong. Mophato leha e le ofe o tlolang molao, o iphapanyetsang melawana ya polokeho kapa o behang maphelo a bahwera kotsing, o tla kwalwa ntle le tikatiko. 
4.3.3    Kabinete e ipiletsa ho batswadi le bahlokomedi ho bapala karolo ya bona mabapi le ho netefatsa polokeho ya bara ba bona ka ho sebedisa mephato e dumeletsweng. Batswadi ba ka tlaleha mephato e seng molaong ho makala a qobello ya molao kapa seteisheneng sa bo bona se haufi sa sepolesa.

5.    Puso
5.1    Puisano ya Naha 
5.1.1    Kabinete e ananetse tsebiso ya Mopresidente Cyril Ramaphosa ya letsatsi la Seboka sa Naha, e leng la 15 Phato 2025, e leng karolo ya tsela e lebisang Puisanong ya Setjhaba. Seboka sena ke monyetla bakeng sa Maafrika Borwa ohle ka makgalo ohle ho tshohla diqholotso tse tobileng naha ya habo rona le ho sisinya ditharollo tse ka nkuwang ke mmuso bakeng sa kgonahalo ya hore di kenngwe tshebetsong. 
5.1.2    Mopresidente Ramaphosa o thontse IMC e tla etellwa pele ke Motlatsi wa Mopresidente, Paulos Mashatile ho hlophisa, ho hokahanya le ho thusa ka bobedi Seboka ha mmoho le Puisano ya Naha. 
5.1.3    Mopresidente Ramaphosa ho feta moo o thontse moifo wa Batho ba Itlhommeng Pele setjhabeng ba tla fana ka tataiso ho mmuso mabapi le Seboka ha mmoho le Puisano ya Naha.

5.2    Diphetho tsa bohlahlobi ba ditjhelete tsa bommasepala
5.2.1    Kabinete e ananetse sephetho sa Tlaleho e Akaretsang ya diphetho tsa bohlahlobi ba ditjhelete ba Bommasepala tsa 2023/24, e bontshang dintlafalo tse itseng mabapi le diteitemente tsa tsa bona tsa ditjhelete ha mmoho le ditlaleho tsa tshebetso. 
5.2.2    Tlaleho ena, e hlakisa hore bommasepala ba 41 ba fumane ditlhahlobo tse hlwekileng selemong sa ditjhelete sa 2023/24. E boetse hape e bontsha hore bommasepala ba 59 ba ntlafaditse diphetho tsa bohlahlobi ba tsona ho tloha ka 2020/21, mme ke bommasepala ba 40 feela ba ntseng ba saletse morao.
5.2.3    Mohlahlobi e Moholo wa Ditjhelete wa Afrika Borwa (AGSA) o hlokometse keketseho ya tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete, leha mosebetsi o entswe, tshebediso ena ya ditjhelete ha e tsamaye ho latela MFMA kapa PFMA kapa molao leha e le ofe o hlwailweng ke AGSA, o bolelang hore setheo se hlolehile ho sebetsa ho ya ka dipehelo tsa molao.
5.2.4    Kabinete e kgothatswa ke boitlamo ba AGSA ba ho fedisa tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete pele ho pheletso ya nako ya hae ya tshebetso. Tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete e hlaloswa e le tshebediso ya tjhelete e sa tsweleng setheo molemo. 
5.2.5    Ka ho kenngwa tshebetsong ha Diphetoho tsa Bommasepala tse tsebahaditsweng tlasa Mokgahlelo wa Bobedi wa Operation Vulindlela, mmuso o tla sebeletsa ho tshehetsa boitlamo bona ba bohlokwa ba Mohlahlobi e Moholo le ho thusa ditheo ho latela metjha e laetsweng ho qoba tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete. Mosebetsi ona o tla boela o tlatselletswa ke tekolo botjha le tshebediso ya Leano la Bommasepala ho leka ho fedisa tshebediso e bohlaswa ya ditjhelete e bakwang ke dikgaello tse teng molaong.

5.3    Letsholo la Ditoropo le Ditorotswana tse Hlwekileng
5.3.1    Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha letsholo la Ditoropo le Ditorotswana tse Hlwekileng ke Motlatsi wa Mopresidente Paulos Mashatile ho kgothaletsa setjhaba ho boloka ditoropo le ditorotswana tsa rona di hlwekile. 
5.3.2    Leha letsholo lena le thakgotswe Johannesburg, le tla atolosetswa ditoropong le ditorotswaneng tsa diprofensi tse ding dibekeng tse tlang.
5.3.3    Kabinete e ipiletsa ho baahi ho nka boikarabelo ba ho boloka dibaka tsa bona di hlwekile di le ntle, ha mmoho le ho ba beng ba tikoloho ya habo rona. Boikitlaetso bona ba naha ka bophara bo reretswe ho bopa dibaka le ditoropo tse hlwekileng.

6.    Ditaba tsa Matjhaba
6.1    Seboka sa G7
6.1.1    Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla ya Sebokeng sa Baetapele ba G7 Kananaskis, Canada, ho tloha ka la 15 ho isa ka la 17 Phuptjane 2025. 
6.1.2    Ka seboka sena sa G7 ho rerilwe ho tobana le diqholotso tse matla tsa lefatshe ho kenyeletsa ho matlafatsa kgolo e kenyeletsang bohle ya moruo, ho lwantsha ho fetofetoha ha maemo a lehodimo le maemo a dithekenoloji e fetohang ka potlako.
6.1.3    Sebokeng sena ho lebeletswe hore dipuisano di tsepamiswe ho tshireletso ya matjhaba, haholoholo ntwa e ntseng e tswella mane Ukraine ha mmoho le ho matlafatsa botsitso ba moruo wa lefatshe.

6.2    Dikamano tsa Afrika Borwa le Russia
6.2.1    Motlatsi wa Mopresidente, Paulos Mashatile, o tla nka leeto la tshebetso ho leba Russia ho tloha ka la 16 ho isa ho la 21 Phuptjane 2025. Sepheo sa leeto lena ke ho matlafatsa maqhama a semmuso le moruo pakeng tsa Afrika Borwa le Russia.
6.2.2    Leeto lena le tlisa monyetla wa ho tswela pele le ho matlafatsa selekane ho tsa moruo, ho batlana le mekgwa e metjha ya tshebedisano le ho ntshetsapele kgotso ka hara lebatowa leo. Afrika Borwa e ipiletsa tabeng ya ho fumana mokgwa wa ho theha kgotso ntweng ya Russia le Ukraine le ho tswela pele ho bapala karolo ya bonamodi bo sa nkeng lehlakore.

B.    Ho hlajwa malotsna ha Kabinete
1.    Ho Kenngwa Tshebetsong ha Diphetho tsa Pitso ya Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere
1.1.    Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka meralo ya ho kenya tshebetsong diphetho tsa Pitso ya Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, e neng e tshwerwe bakeng sa ho fumana ditharollo mabapi le diqholotso tsa metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere tse tobaneng le Afrika Borwa.
1.2.    Diphetho tsena di tlatselletsa ho boitlamo ba mmuso ba ho hlola diqholotso tse tobaneng le ditheo tse amehang ha mmoho le ho aha lekala la moshwelella la metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere molemong wa ho baballa seriti sa Maafrika Borwa ohle.
1.3.    Kabinete e amohela boitlamo ba bankakarolo ba ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso lekaleng lena ka ho kenella bakeng sa nako e kgutshwane, e bohareng le e telele moo ditharollo tsa bohlokwa di tsepamisitsweng hodima tse latelang:
1.3.1.    Mafapha ohle a mmuso a lokela ho lefa melato e nepahetseng ya bommasepala nakong ya dikgwedi tse tharo mme bomasepala ba sebedise mehato e matla ya taolo ya mekitlane kgathlano le mafapha a mmuso a sa lefeng.
1.3.2.    Bolaodi ba Ditshebeletso tsa Metsi (WSA) kaofela bo lokela ho lefa melato ya yona ya ha jwale ka botlalo ho Diboto tsa Metsi ka nako, hona jwale. Diboto tsa Metsi tsona di lokela ho lefa melato ya tsona ya ha jwale ka botlalo ho Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere (DWS), ho tloha hona jwale. DWS le diboto tsa metsi di lokela ho kenya tshebetsong ditsela tsa ho hlakola mekitlane e tjhaelletsweng monwana mabapi le bommasepala ba tshwanelehang, ho tlhoha hona jwale. Ha re qetella, DWS e lokela ho kenya tshebetsong Lewa le Lwekotsweng Botjha la Metsi a so Hlwekiswe ka la 1 Mmesa 2026.
1.3.3.    Lefapha la Matlotlo a Naha le lokela ho phethela tekolo ya mokgwa wa phano ya matlole a bommasepala mme DWS e lokela ho theha bolaodi bo ikemetseng ba metsi bo bolokang tjhelete ho laola ditheko tsa metsi ho phatlalla le lethathama la ditheo tsa metsi, nakong ya dilemo tse tharo.
1.3.4.    Di-WSA/Bafani ba Ditshebeletso tsa Metsi (di-WSP) tsohle tse so kang di ba le mananeo a metsi a sa lefellweng, di lokela hore di be di na le ona ka Motsheanong 2025 , di-WSA tsohle tse so kang di ba le qeto ka thekiso ya metsi di lokela ho lebisa mathata ao ho makgotla a tsona bakeng sa tharollo nakong ya dikgwedi tse tsheletseng. Di-WSA tsohle di lokela ho lekola direjistara tsa tsona tsa ba itlhophereng le ho netefatsa hore ba fumana phano ya metsi a mahala ho so ka ho fela dilemo tse pedi. Basebedisi bohle ba bang ba metsi ba lokela ho lefella tshebediso ya bona ya metsi.

2.    Boitokisetso ba Seboka sa G20 
2.1.    Kabinete e fumane dintlha tse ntjha mabapi le mosebetsi o ntseng o tswella pele jwalo ka ha naha e ntse e itokisetsa ho tshwara Seboka sa Baetapele ba G20. Ho fihlela hona jwale ho na le dikopano tse ngata tse ntseng di tshwarwa.
2.2.    IMC ya G20 e tlalehile mabapi le tse ding tsa diprojeke tsa G20 tse seng di tswetse pele tse amanang le morero wa Bopresidente ba Afrika Borwa ba G20. Tsona di kenyeletsa projeke ya bohahlaudi tlasa boetapele ba Lefapha la Bohahlaudi, le diketsahalo tse akgang Seboka sa Matsete a Bohahlaudi, Puisano ya tsa Bohahlaudi le ho thehwa ha Motse wa Bohahlaudi ba Moshwelella. 
2.3.    Tsena tsohle di reretswe ho sebedisa lepatlelo la G20 ho phahamisa le ho beha Afrika Borwa hantle jwalo ka sebaka sa boikgethelo bakeng sa bohlahlaudi le matsete a bona. 
2.4.    Dikopano tse latelang tsa G20 di ne di tshwerwe Afrika Borwa bakeng sa boitokisetso ba Seboka sena sa G20 
2.4.1.    Kopano ya boraro ya Komiti ya Tshebetso ya Moruo wa Dijithale (DEWG) e neng e tshwerwe ka la 9 ho isa ka la 11 Phuptjane 2025, Limpopo, e ne e tsepamisitse maikutlo ho ntshetseng pele dintlha tse ka sehlohlolong tse amang bohle tse reretsweng ho etsa hore moruo wa dijithale e be o kenyeletsang bohle le o thusang haholo mabapi le ntshetso pele ya moshwelella.
2.4.2.    Kopano ya borarro ya Komiti ya Tshebetso ya Moralo wa Ditjhelete e neng e tshwerwe ho tloha ka la 9 ho isa ka la 10 Phuptjane 2025, Limpopo, e tshohlile moralo wa G20 wa ho beha leihlo le ho tlaleha bakeng sa Dibanka tsa Ntshetsopele (di-MBD).
2.4.3.    Pitso ya G20 ya Thuto ya Diprofensi e neng e tshwaretswe KZN ka la 10 Phuptjane 2025 e batlane le menyetla e tla thusa dinaha tseo e leng ditho ho fana ka tlhokomelo le thuto ya boleng ho bana ba dikonyana ha mmoho le ho hlahisa baithuti ba nang le bokgoni bakeng sa bokamoso.
2.4.4.    Seboka sa Sherpa sa U20 le Kopano ya Boramotse e tshwerweng ho tloha ka la 12 ho isa ka la 14 Phuptjane 2025, Tshwane, ho sona ho ne ho kopane boramotse ba tswang dinaheng tse fapaneng ho tla tshohla dintlha tse ka sehlohlolong tse kang menyetla ya moruo, mehato ka ho tobana le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo, tekatekano ya setjhaba le diphetoho ho tsa dijithale. 
2.4.5.    Kopano ya bone ya Komiti ya Tshebetso ya Bophelo bo Botle e ne e tshwerwe ho tloha ka la 10 ho isa ka la 13 Phuptjane 2025, Gauteng, le ho tshohla menyetla ya tshebediso ya thekenoloji, thuso ya motshwelella ya ditjhelete ha mmoho le taolo ya tshebediso ya thekenoloji ena ka sepeho sa ho fihlela mokgwa o potlakileng wa fumana mekgwa e potlakileng ya kalafo nakong tsa tshohanyetso. 
2.4.6.    Kopano ya boraro ya Lebotho la Tshebetso la Mahlale a Thekenoloji ya (AI), Taolo ya Datha le Ntjhafatso bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella e neng e tshwerwe Limpopo ho tloha ka la 12 ho isa ka la 13 Phuptjane 2025, e fane ka monyetla bakeng sa ditho tsa dinaha tsa G20 ho bopa bokamoso ba ntshetsopele ya AI le tshebediso ya yona molemong wa setjhaba.

C.    Diqeto tsa Kabinete
1.       Tlaleho ya Komiti ya Kopanelo ya Matona e Shebaneng le Dijo tse nang le Tjhefo 
1.1.    Kabinete e fumane tlaleho ya IMC e shebaneng le dijo tse nang le tjhefo e shebaneng haholoholo ho dibolayadikokonyana tsa organophosphate.
1.2.    IMC e ile ya eletswa ke Lekgotla la Boeletsi la Matona (MAC le shebaneng le dijo tse nang le tjhefo. Lekgotla lena le thontswe ke Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi mme le theilwe ka ditsebi tsa dikarolo tse fapafapaneng tsa bophelo bo botle mme di tla fana ka tataiso ha ho ka ba le mathata a mang nakong e tlang. 
1.3.    MAC ke yona e ileng ya fumana hore tshebediso ya Terbufos, (e tsejwang ka la Galiphirimi), hore ke yona e neng e bolaye bana ba tsheletseng mane Naledi, Soweto. Leha dintlha tse tebileng tsa ho tiisa hore bana ba e fihlelletse jwang di sa hlaka, kgonahalo ya hore bana bao ba jele dijo tse nang le Terbufos tse rekilweng lebenkeleng la lehae la spaza e dula e le yona tlhaloso e sa ntseng e utlwahala ka ho fetisisa. 
1.4.    Kabinete e tjhaelletse monwana thibelo le ho reka Terbufos ke Afrika Borwa dinaheng tsa kantle, e leng khemikhale e nkuwang e le organophosphate, eo ka tlwaelo e sebediswang e le sebolayadikokonyana.
1.5.    Lefapha la Temo le tla etella pele ditherisano mabapi le thibelo ho ipapisitswe le Moralo wa lona wa selemo sa 2010 wa ho tlosa dibolayadikokonyana tse nang le tjhefo nakong e itseng le ho sebeletsa ho hlwaya mekgwa e meng e bolokehileng ho ho ena le Terbufos.

D.    Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang
1.    Monghadi Ndumiso Kubheka jwalo ka Motsamaise e Moholo wa Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha.

2.    Ditho tsa Boto ya Koporasi ya Afrika Borwa ya Inshorense ya Mokitlane wa Diyantle 
a.    Mofumahadi Delia Ndlovu (Modulasetulo);
b.    Monghadi Willem van der Spuy
c.    Monghadi Andile Mabizela;
d.    Monghadi Sisa Mayekiso;
e.    Monghadi Bheki Ishmael Mkhize;
f.    Mofumahadi Philisiwe B. Mthethwa; le 
g.    Mofumahadi Siobhain O’Mahony.

3.    Ditho tsa Boto ya Tsamaiso ya Boingodiso ba Naha ba Afrika Borwa
(a)    Ngaka Tshengedzeni Demana (Modulasetulo);
(b)    Ngaka Dharmarai Naicker;
(c)    Ngaka Pulane Elsie Molokwane;
(d)    Monghadi Bruce Christopher Gordon;
(e)    Mofumahadi Nolitha Ntobongwana; 
(f)    Mofumahadi Lebogang Ameliah Matlala;
(g)    Mofumahadi Anele Zukiswa Vutha;
(h)    Ngaka Nandi Malumbazo;
(i)    Mofumahadi Slindile Nomathemba Ndwandwe;
(j)    Monghadi John Mayiwane Vusumuzi Mazibuko; le
(k)    Mofumahadi Nomvula Pamella Mhlari.

4.    Ditho tsa Boto ya Setheo sa Boleng ba Thepa sa Afrika Borwa
(a)    Moprofesara Mzubanzi Bismark Tyobeka (Modulasetulo);
(b)    Monghadi Garfield Mario Bergstedt;
(c)    Monghadi Mavela Alford Velamuva Dlamini;
(d)    Ngaka Reabetswe Kgoroeadira;
(e)    Mofumahadi Tshepiso Tinyiko Matlapeng;
(f)    Mofumahadi Kgotatso Mohulatsi;
(g)    Mofumahadi Deidre Penfold; le 
(h)    Monghadi Griffith Zabala.

E.    Diketsahalo tse tlang

1.    Seboka sa Afrika sa Haedrojene e Hlwekileng
1.1    Kabinete e ananetse hore Afrika Borwa e tla tshwara Seboka sa Afrika sa Haedrojene e Hlwekileng mane Kapa ka la 12 le la 13 Phuptjane 2025. Seboka sena se kopanya mmoho matona a Afrika a Eneji, baetsi ba maano, le batsetedi ho batlana le menyetla e mabapi le tlhahiso ya haedrojene e hlwekileng, ntshetsopele ya meralo ya motheo le bokgoni ba thomellontle thepa.
1.2    Lekala la naha la haedrojene le ntse le runya ka potlako jwalo ka motheo wa lewa la naha bakeng sa ho fetohela tshebedisong ya mekgwa e hlwekileng moruong wa rona, ho hlahisa mesebetsi ya moshwelella le ho ipeha hantle jwalo ka moetapele wa lefatshe tlhahisong ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng.

2.    Kgwedi ya Batjha (Letsatsi la Naha la Batjha la selemo sa 2025)
2.1    Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle, haholoholo batjha ho tla sehopotsong sa Letsatsi la Naha la Batjha ka la 16 Phuptjane tlasa mookotaba “Maitsebelo bakeng sa lefatshe le fetohang, ho matlafatsa batjha bakeng sa bonkakarolo bo kgabane moruong”. Kopano e kgolo ya monongwaha e tla tshwarelwa Lebaleng la Dipapadi la Ragfarm, Tlokweng, Masepaleng wa Lehae wa JB Marks, Leboya Bophirima, mme ho yona ho tla tsepamiswa maikutlo ho kgothaletseng thuto le ntshetsopele ya maitsebelo bakeng sa batjha. Tsena tsohel di tla amahanngwa le menyetla ya moruo.
2.2    Letsatsi la Naha la Batjha le tshwaya ketsahalo ya bohlokwa e etsang nalane ha baithuti ba Maafrika ba ne ba lwantsha mmuso wa Kgethollo kgahlanong le ho qobella hore puo ya Seburu e be puo ya boithuto. 
2.3    Ke ka lebaka leo, hore Molao wa Sehlomathiso sa Melao ya Thuto ya Motheo (BELA) o tsitlallelang ho kenngwa ha dipuo tsa lapeng hore e be tsa boithuto ho phatlalla le STEM le dithuto tse ding tse ka sehloohong. Mosebetsi ona o qadile nakong ya Palamente ya Botshelela ka ho kenngwa ha puo ya lapeng ya Kapa Botjhabela e leng ya isiXhosa ho ba e nngwe ya dipuo tsa boithuto mme sena se ntlafaditse sephetho sa materiki sa Kapa Botjhabela haholo. Mosebetsi ona o ntse o atolosetswa le diprofensi tse ding. Puo ya lapeng e kenyeletsa Seburu e leng puo ya Maafrika ao mmuso wa Kgethollo o ba hlalositseng e leng Bammala.

F.    Melaetsa
1.    Matshediso
Kabinete e fetiseditse matshediso ho metswalle le lelapa la:
a)     Mopresidente wa mehleng wa Zambia Mohlomphehi Edgar Chagwa Lungu wa Riphabliki ya Zambia le setjhaba sa teng;
b)    Raditshwantsho ya tummeng, molwanedi wa botjhaba le mohlophisi wa jazz, Rashid Lombard. Lombard e ne e le setho se hlomphehileng sa Tlotlo ya Naha ya Ikhamanga (Silivera), eo a neng a e amohele ka selemo sa 2014 bakeng sa nyehelo ya hae ho tsa bonono le botjhaba ha mmoho le boitelo ba hae mabapi le ho kgothaletsa mmino wa jazz ka hara naha; le
c)    Moahlodi e Moholo wa mehleng wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Kapa Botjhabela, Moahlodi Clement Temba Sangoni, ramolao ya ipabotseng ka bohlale le mokakatleli wa bokgabane bo sa thekeseleng ba toka, eo hape e neng e le moetapele e moholo wa setso wa Lekgotla la Botjhaba la Qokolweni-Zimbane mane Mthatha. 

2.    Dithoholetso
Kabinete e fetisetsa mahlohlonolo le ditakaletso tse molemo ho:
a)    Tete Dijana bakeng sa ho hapa Lebelo la Comrades la selemo sa 2025 lekgetlo la boraro. Tete o kile a hapa lebelo lena nakong e fetileng ka selemo sa 2022 le sa 2023;
b)    Gerda Steyn bakeng sa ho sireletsa sekola sa hae sa Lebelo la Comrades ka ho hapa Lebelo la Comrades la Basadi la selemo sa 2025 le ho ba semathi sa Afrika Borwa ho hapa lebelo lena makgetlo a mane kaofela. O le hapile pele ka selemo sa 2019, 2023 le sa 2024.
c)    Naledi e itlhommeng pele ya Afrika Borwa ya Dipharalimpiki, Kgothatso Montjane le molekane wa hae wa Japan Yui Kamiji, bakeng sa ho hapa sekola sa French Open Women’s Wheelchair Doubles;
d)    Semathi se lebelo sa Afrika Borwa, Zakithi Nene, bakeng sa ho hapa gauta lebelong la banna la 400m la Kip Keino Classic mane Nairobi le ho etsa rekoto e ntjha ya ketapele ya metsotswana e 43.76.
e)    Seradi sa tjhebahalo ya lefatshe sa Afrika Borwa, Leon Kluge le moifo wa hae bakeng sa ho hapa gauta dipontshong tsa RHS Chelsea Flower mane London;
f)    Boto le Bolaodi ba Telkom mabapi le sephetho sa bona se setle sa ditjhelete mme e bile lekgetlo la pele dilemong tse nne hore Telkom e lefe mmuso lekeno la dimilione tse R500 tlasa ketapele ya modulasetulo Geoff Qhena le CEO ya teng Monghadi Serame Taukobong.

Dipotso: 
Mofumahadi Nomonde Mnukwa – Sebuelli se Tshwereng Mokobobo sa Kabinete
Mohala: 083 653 7485

Share this page

Similar categories to explore