Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 6 Motsheanong 2026

A. Maemo a renang

1. Tsa bophelo bo botle

1.1. Afrika Borwa e tswela pele ho bontsha maitsebelo a yona a maemo a matjhaba a tsa bongaka le saense ka ho sebetsana le ditlaleho tsa Hantavirus

1.1.1. Kabinete e lebohisa Setsi sa Naha sa Taolo ya Mahloko a Tshwaetsanang (NICD) ka maitsebelo a sona a maemong a hodimo a ho kgona ho fumana hore bakudi ba babedi ba neng ba amohetswe sepetleleng sa Gauteng hore ba tshwerwe ke Hantavirus dihoreng tse 24 feela.

1.1.2. Kabinete e hlabilwe malotsana ka mabaka a entseng hore bakudi ba Hantavirus ba neng ba tswa sekepeng sa MV Hondius ba tlo amohelwa sepetleng sa Afrika Borwa.

1.1.3. Kabinete e boetse e tswela pele ho thoholetsa Lefapha la Bophelo bo Botle ka ho hlahloba ka katleho batho bohle ba ileng ba atamelana le bakudi bana ba Hantavirus pele ho fumaneha hore ba tshwaeditswe.

1.1.4. Kabinete e rata ho kokobetsa matswalo ho bohle ka ho netefatsa hore leha ho na le ditadi tse ngata bomasepaleng ba bang, borasaense ba netefaleditse taba ya hore ha ho Hantavirus e seng e fumanehile ditading tsa Afrika Borwa kapa tsa kontinente ena ya Afrika.

1.1 Tshehetso ya R1.5 bilione bakeng sa ente ya Biovac e leng tshehetso e kgolo tlhahisong ya ente Afrika Borwa

1.1.1 Kabinete e amohetse tshehetso ya R1,5 bilione ya tshehetso ya ditjhelete bakeng tsa Biovac le Banka ya Yuropa ya Matsete (EIB) ka ho tshehetsa kaho ya polante ya pele ya Afrika ya tlhahiso ya diente tse ngata.

1.1.2 Ho rerilwe hore polante ena ya tlhahiso e be e phethetswe ka 2028, mme yona e tla hlahisa diente tse nowang tsa kholera, mme hamorao se tla atoloswa hore se hlahise le ente ya pholio, pneumonia, le meningitis. Ha polante ena e se e sebetsa, e tla hlahisa dibotlolwana tse fihlellang 40 milione ka selemo, e leng se tla matlafatsa tsa bophelo bo botle Afrika le kanetso ya ho rekwa ha meriana.

1.1.3 Projeke ena ho boetse ho lebeletswe hore e thehe mesebetsi e fetang e 340 ya ditsebi le e ka bang 7 000 eo e seng e otlolohileng, mme ka ho le leng e tla thusa ka phetiso ya maitsebelo a thekenoloji, ntjhafatso le ho setlela ha tsa bophelo bo botle kontinenteng.

1.2 Bohloko ba Mokaka

1.2.1 Kabinete e amohetse kgatelopele e seng e fihletswe letsholong la ho entwa ha dikgomo, mme ho fihlela hajwale, e se e le dikgomo tse ka bang 2.59 milione tse entetsweng Mokaka (FMD).

1.2.2 Kabinete e amohetse ho fihla ha dibotlolwana tse dimilione di pedi tsa ente ya Mokaka ho tswa Türkiye mme ena ke karolo ya pele ya dimilione tse tsheletseng tse otarilweng. Lefapha la Temo le aba diente tsena ho phatlalla le diprovense ho sebediswa dintlha tse teng tsa saense tsa tlhahisoleseding le kotsi e okaokelang diphoofolo tse amehang.

1.2.3 Ho otarilwe dibotlolwana tse ding tse dimilione di hlano ho tswa Argentina ka tshebediso ya Onderstepoort Biological Products.

2 Moruo

2.1 Mmuso o tswela pele ho kenella ditekong tsa ho fokotsa ditjeo tse hodimo tsa mafura

2.1.1 Kabinete e tswela pele ho kenella ho fokotseng ditjeo tse hodimo tsa mafura ka lebaka la ntwa e tswelang pele pakeng tsa Amerika le Iseraele kgahlanong le Iran le kgahlamelo ya sena mane lebatoweng la Gulf.

2.1.2 Kabinete e tshehetsa tshehetso ya R17.2 bilione bakeng sa lekgetho la mafura leo Letona la Matlotlo le e phatlaladitseng hore e tla tswela pele bakeng sa dikgwedi tse tharo (3) ho tloha ka Mmesa – Phuptjane 2026, mme Moifo o Kopanetsweng wa Tshebetso wa Matona o ntse o tswela pele ho sheba e meng ya mekgwa ya ho kenella kgahlamelong ya ho haella ha mafura le manyolo lefatsheng ka bophara le ho MaAfrika Borwa.

2.1.3 Kabinete e laetse Letona la Diminerale le Dihlahiswa tsa Peterole a le tshehetswa ke la Dikamano tsa Matjhabeng le Tshebedisano ho hokahanya karabelo ya Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC) ditekong tsa yona tsa ho netefatsa phepelo e anetseng ya mafura le manyolo lebatoweng lena.

3 Dikamano tsa matjhabeng

3.1 Phihlello e etsang nalane tlasa Mokgahlelo wa Bobedi wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho – Senqu Bridge

3.1.1 Ho thakgolwa ha Senqu Bridge mane Mokhotlong, Lesotho, ho bolela Mokgahlelo wa Bobedi wa Projeke ya Metsi a Dihlaba a Lesotho. Borokgo bona bo botjha bo tla netefatsa kgokahano e otlolohileng pakeng tsa Mokhotlong, Lekgalo la Sani le dibaka tse haufi.

3.1.2 Projeke ena e bile le kabelo e kgolo ntlafatsong ya moruo wa Lesotho, moo Afrika Borwa e ahileng mebila ya bolelele ba dikilomitara tse balwang ka makgolo ho fihlella matamong a metsi mme e boele e lefe le merokotso e ballwang ho R3,8 bilione ka selemo bakeng sa Projeke ena ya Metsi a Dihlaba a Lesotho.

3.1.3 Projeke ena ya Metsi a Dihlaba a Lesotho e netefatsa hore Gauteng e fumana metsi a mangata ka motjha wa Noka ya Lekwa mme hape naha ya Lesotho e boetse e hlahisa motlakase wa metsi le ho fana ka metsi a ho tshella le a ditlhapi, tseo kaofela di phahamisang tsa bohahlaudi.

3.2 Ketelo ya Semmuso naheng ya Spain e netefatsa Spain e le molekane wa bohlokwa

3.2.1 Kabinete e amohetse ketelo e atlehileng ya Mopresidente Cyril Ramaphosa naheng ya Spain e re fumantshitseng boinehelo ba matsetse a ballwang ho €2.1 bilione bakeng sa tlhahiso ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng le matlafatso ya phepelo ya ona le tlhahiso ya dikoloi tsa motlakase le infrastraktjha ya marangrang.

3.2.2 Ka selemo sa 2025, kgwebisano pakeng tsa naha ya Spain le Afrika Borwa e fihlelletse ho akanyetswang ho €2 bilione, mme thomello ya thepa naheng eo yona e nyolohetse ho €1.3 bilione. Ka hodimo ho moo, ke dikhamphani tse fetang tse 150 tsa Spain tse sebetsang Afrika Borwa mme di hlahisitse mesebetsi e fetang e 20,000 ho phatlalla ho tloha ho makala a tlhahiso ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng le infrastraktjha ho isa ho ditshebeletso tsa ditjhelete, thekenoloji le bohahlaudi.

4. Polokeho le tshireletso

4.1 Mathata a bofalli

4.1.1 Kabinete e tshwetse ka mathe dividiyo tseo e seng tsa nnete tsa tletsetletseng tse bontshang ditlhaselo kgahlanong le melata Afrika Borwa. Dividiyo tsena ha di qetelle ka hore e se be tsa nnete, empa ka tsona ho boetse ho ikemiseditswe ho theola seriti sa Afrika Borwa maemong a matjhaba le setumo se setle seo Afrika Borwa e nang le sona mabapi le ditaba tsa Afrika.

4.1.2 MaAfrika Borwa a na le tokelo ya ho hwantella mathata a bakwang ke melata e seng molaong naheng ena, mme leha ho le jwalo ha ho dikgoka tse dumelletsweng mehwantong eo mme ba qobellang molao ba tlameha ho sebetsana le ba hlohleletsang dikgoka tseo.

4.1.3 Kabinete e hanyetsana le ba nkang menyetla ho sebedisetsa dingongoreho tse utlwahalang tsa MaAfrika Borwa tsa ho phahama ha palo ya ba sa sebetseng, leqeme la menyetla ya kgwebo ka ho hlohleletsa ditlhaselo kgahlanong le melata e seng molaong le mokgwa wa semorabe.

4.1.4 Kabinete e rata ho toboketsa taba ya hore ho na le matsapa a ntseng a etswa a ho lwantsha taba ya melata e kenang naheng ena ntle le molao jwalo ka ho matlafatsa taolo ya madiboho ka mosebetsi wa Botsamaisi ba Taolo ya Madiboho (BMA), ho potlakiswa ha ho busetswa lapeng ha melata, ho lwantsha bonokwane bo teng ho baebeletsi ba tsa bofalli le ho sireletsa menyetla ya mesebetsi bakeng sa MaAfrika Borwa.

4.1.5 Ha re tla tabeng ya menyetla ya mesebetsi bakeng sa MaAfrika Borwa, Kabinete e laetse Lefapha la Mesebetsi le Khiro ho matlafatsa letsholo la lona la ho hlahloba dibaka tsa mesebetsi ho netefatsa hore bohle ba ikobela melao ya tsa khiro, haholoholo makaleng a kang la kamohelo ya baeti, dipolasing, diloring le la kaho ha re bala a mmalwa.

4.1.6 Kabinete e boetse ya laela bomasepala ho netefatsa ho qobella melawana ya bona. MaAfrika Borwa le ona a tlameha ho bapala ya ona karolo ka ho tlohela mokgwa wa ho kadimana ka dilaesense tsa bona tsa dikgwebo.

4.1.7 Ha re tla tabeng ya maano, ho na le Moralo o Lekotsweng Botjha wa Bofalli o shebaneng le mathata a mabapi le melao ya hajwale ya bofalli ka ho tla le leano la hore baphaphathehi ba tlameha ho dumellwa ho kopa Botshabelo naheng ya pele e bolokehileng eo ba fihlileng ho yona. Ya bobedi, ke ho atametsa dibaka tsa kamohelo ya baphaphathehi haufi le madiboho le ho dumella Mafapha ho ba le maano a laolang mesebetsi le dikgwebo tse itseng e be tsa MaAfrika Borwa feela mme le e meng e be ya baphaphathehi.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Moralo wa Leano le Lekotsweng Botjha la selemo sa 2026 la Bomasepala

1.1. Kabinete e ile ya tjhaela monwana ho kenngwa Koranteng ya mmuso ha Moralo wa Leano le Lekotsweng Botjha la Bomasepala bakeng sa maikutlo a setjhaba. Leano lena le Lekotsweng Botjha ke karolo ya diphetoho tsa ho lokisa ha bomasepala hore e be ba kgonang ho fana ka ditshebeletso tsa moshwelella.

1.2. Ho lekolwa botjha ha Leano ho entswe ka sepheo sa ho netefatsa hore maano a bomasepala a kgona ho sekaseka mathata a tobaneng le bomasepala ho latela dintlafalo, ho tsa kgwebo, bodulo le tikoloho. Se behilweng pele haholo ke ditlwaelo tse teng ha jwale ho bomasepala, boetapele ba sepolotiki le boikarabelo, tshebedisano ya makala a mmuso, tshebedisano le setjhaba, diphetoho taolong ya ditjhelete tsa setjhaba le boetapele ba marena.

1.3. Moralo wa Leano lena le Lekotsweng Botjha o tlo kenya tshebetsong mokgahlelo o tlo dumella ho tliswa ha diphetoho ho bomasepala. Moralo ona o boetse o shebana le matsapa a mokgahlelo wa pele o ileng wa fokola ha re tla tabeng ya ho o kenya tshebetsong ka lebaka la kgaello taolong ya lona. Jwalo ka mohato wa bohlokwa wa diphetoho, Leano lena le Lekotsweng Botjha le lohotha ho theha Komiti ya Taolo ya Diphetoho ho Bomasepala.

2. Lewa la Nako e Telele la Ntlafatso ya Lewa la Lebotho la SANDF

2.1. Kabinete e tjhaetse monwana Lewa la Nako e Telele la Ntlafatso ya Lebotho la SANDF le Tokomane ya Lewa la Tshehetso ya lona.

2.2. Kamora dilemo tse balwang ka mashome tsa ho haella ha tshehetso ya ditjhelete, ho tsofala ha mapatlelo le kgaello ya mehlodi ya tshebetso bakeng sa ntshetsopele, SANDF e tlile ka lewa la ntlafatso ya lebotho le bopilweng ho ya ka mekolokotwane e tekilweng moralong wa “Journey to Greatness”.

2.3. Lewa lena le kopanya ho etsa tshireletso e be ya sejwalejwale le la Ntshetsopele ya Naha, botsitso ba lebatowa le kgolo ya moruo ka sepheo sa ho ba le Lebotho le setletseng bakeng sa bokamoso le kgonang ho tobana le diphephetso tsa matsatsing ana le ditshoso tsa nako e telele e tlang.

3. Dilemo tse 70 tsa Boitseko le Matlafatso ya Basadi: Lenaneo la Tshehetso ya Basadi Moruong wa Kahisano

3.1. Jwalo ka karolo ya boinehelo ba ho tlisa matlafatso ya basadi ha naha ena e tshwaya dilemo tse 70 ho tloha ho boitseko ba bona ba 1956, Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Tshehetso ya Basadi Moruong wa Kahisano le tla sebetsa jwalo ka sekala sa selemo ka seng se tla bontsha kgatelopele tshehetsong ya basadi moruong wa kahisano tsamaong ya nako.

3.2. Lenaneo lena le kwala sekgeo se bakwang ke kgaello ya mokgwa o behilweng wa ho kala kgatelopele e pharaletseng ya tshehetso ya basadi le bonkakarolo mapatlelong a ho etsa diqeto. Mabakeng a tsa kahisano, Lenaneo lena le tla tsepamisa tshebetso ho tsa bophelo bo botle le tsa thuto, mabakeng a moruo, lenaneo lena le tla boela le shebana le tsa khiro le mehlodi le karolong ya ba nkang diqeto lekaleng la poraefete le la mmuso.

3.3. Motheo wa Lenaneo la Tshehetso ya Basadi Moruong wa Kahisano o bontsha ho etsa diqeto ha lekala la mmuso e le karolo e hodimo ka ho fetisisa mabapi le matlafatso ya basadi ha karolo ya mmaraka wa mesebetsi le mehlodi e le tlase ka ho fetisisa. Dikarolo tsa tshupane e tlase ka ho fetisisa e kenyeletsa difeme tseo e leng tsa basadi, seabo sa basadi bao e leng Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso ba difeme tse ngodisitsweng ho JSE, ho kgona ho fumana sekoloto le ho hirwa mesebetsing e batlang maitsebelo a hodimo.

4. Dilemo tse 70 tsa Boitseko le Matlafatso ya Basadi: Tlaleho ya Nako le Nako ya Botshelela ya ho Kenngwa Tshebetsong ha Tumellano y Phediso ya Mefuta Yohle ya Kgethollo kgahlanong le Basadi

4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa tshebetsong ha tlaleho ya Botshelela ya Afrika Borwa ya Tumellano ya Phediso ya Mefuta Yohle ya Kgethollo Kgahlanong le Basadi (CEDAW).

4.2. Tlaleho ena e bontsha kgatelopele e fihletsweng ke Afrika Borwa ho matlafatseng molaotheo, maano a ketsamolao le moralo wa tekatekano ya bong, matlafatso ya basadi le tekatekano ya moshwelella. Kgatelopele ena e kenyeletsa:

  • ho kenngwa tshebetsong ha Moralo o shebaneng Tekatekano ya Bong e Arabelang, Ditekanyetso, ho Behwa Leihlo ha Maano a ho Lekola le ho Hlahloba
  • Moralo wa Lewa la Naha wa selemo sa 2019 wa Twantsho ya GBVF,
  • matsapa a matlafatso ho tsa moruo,
  • ho kenngwa ha basadi ketapeleng le ho nkeng ha diqeto lekaleng la mmuso.

4.3 Leha ho se ho na le kgatelopele e teng, empa Afrika Borwa e ntse e na le mathata a tswelang pele a meralo le ho kenngwa tshebetsong mme tseo kaofela di kenyeletsa palo e phahameng ya basadi ba sa sebetseng, tlhekefetso le dipolao tsa bona, kgaello ya thupello ho bona bakeng sa khiro ho kenyeletsa le ho se lekalekane ho tsa bong lekaleng la poraefete.

C. Ho behwa sehlohlolong ha Kabinete

1. Ho lokiswa ha Mebuso ya Lehae: Tlaleho ya Kotara ya Bobedi ya Kgatelopele ya Selemo sa Ditjhelete sa 2025/26 bakeng sa ho Kenngwa Tshebetsong ha Tsoseletso ya Meralo ya Ditjhelete ya Bomasepala jwalo ka Matsapa a ho Kenella ha Mmuso wa Naha

1.1 Kabinete e hlabilwe malotsana ka ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Tsoseletso ya Ditjhelete (FRP) bakeng sa bomasepala ba bane (4) ba behilweng tlasa tsamaiso ya mmuso wa naha ho latela Karolo ya bo-139 (7) ya Molaotheo. Bomasepala bana ke wa Lekwa, Enoch Mgijima, wa lehae wa Ditsobotla le Masepala wa Motsemoholo wa Mangaung. Kgatelopele ho kenngweng tshebetsong ha di-FRP ka sepheo sa ho ntlafatsa maemo a ditjhelete le phano ya ditshebeletso e hlile ha e tsamaye hantle ho hang ntle le ho wa Ditsobotla.

1.2 Kabinete e elelletswe taba ya hore ho bomasepala bana ba bararo (3) ho kenngwa tshebetsong haesale ho ema mokgahlelong wa pele, e leng se tlamehileng hore e be se phethetswe dikgweding tse 12 kamora ho tjhaelwa monwana ha FRP. Kgwao e kgolo ke ya ho se kenngwe tshebetsong ha mehato e amanang le tsa ditjhelete, taolo ya tshebediso ya ditjhelete le monyebe ntlafatsong ya phano ya ditshebeletso.

1.3 Kabinete e dumellane hore bomasepala bana ba bane ba tswele pele ho ba ka tlasa tsamaiso ya mmuso wa naha ho latela Karolo ya bo (7) e kopane la ya bo-139 (5)(a) ya Molaotheo. Kabinete e boetse ya tjhaela monwana dipehelo tse thehilweng tsa hore bomasepala kaofela ba mathateng ba kene Tumellanong ya Kabo le ditheo tsa kang Eskom hore di inkele ho tsona kabo ya motlakase le ho bokeletswa ha tjhelete ya ona.

2. Ho ralwa ha Setheo se Ikgethileng sa Moruo sa Fetakgomo Tubatse, mane Provenseng ya Limpopo

2.1 Kabinete e hlahlobile le ho tshehetsa maikemisetso a Letona la Dikgwebo, Diindasteri le Tlhodisano la ho rala setheo se lohothwang se Ikgethileng sa Moruo sa Fetakgomo Tubatse (FTSEZ) mane Seterekeng sa Sekhukhune Provenseng ya Limpopo.

2.2 FTSEZ ke karolo ya Lewa la Moralo wa Ntshetsopele ya Limpopo oo ka yona ho ikemiseditsweng ho ntlafatsa moruo le diindasteri ka sepheo sa ho theha mesebetsi le hona ho hohela matsete lekaleng la merafo, kgolong ya melemo dimineraleng, lekaleng la eneji, la temo o le la tlhahiso ya makoloi. FTSEZ e tla kenngwa tshebetsong ka mekgahlelo e meraro.

3. Kgonahalo ya Menyetla ya Moruo bakeng sa Afrika Borwa ka Tshebediso ya Leano le Afrika la Kgwebisano e sa Lefellweng (AfCFTA)

3.1 Kabinete e hlahlobile kgonahalo ya menyetla ya Afrika Borwa kontinenteng ka bophara ka tshebediso ya AfCFTA. AfCFTA e theha mmaraka o le mong o moholohadi wa matjhaba o nang le batho ba fetang 1.3 bilione le GDP e kopaneng e fetang US$3.4 trilione.

3.2 Tumellano ya AfCFTA e bontsha mekgwa ya ho bula menyetla ya moruo, ya ho atolosa mebaraka ya thomello ntle ya thepa, ho matlafatsa diindasteri, ho bapatsa matsete le ho tlisa kgolo ya moshwelella.

3.3 Haesale ho tloha Afrika Borwa e qadile ho thakgola kgwebisano tlasa AfCFTA, ho tloha ka Pherekgong 2024 ho isa ho Hlakola 2026, kgwebisano e nyolohile ka R2.6 bilione e thehwang ke dihlahiswa tse kang disebediswa tsa merafong, disebediswa tsa ka tlung, dijo, diaparo, dipolastiki le metjhini e sebetsang ka motlakase.

4. Phepelo ya Metsi a Hlwekileng Hammanskraal

4.1 Kabinete e fumane tlaleho ka kgatelopele ka Projeke ya Metsi a Hlwekileng Hammanskraal e tsamaiswang ke Magalies Water tlasa Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le Masepala wa Tshwane. Ha projeke ena e se e phethetswe, e tla fepela malapa a ka bang 47 550 le baahi ba ka bang 180 679.

4.2 Kabinete e elelletswe hore dikarolo tsohle tse nne tsa Projeke ena di se di entswe ka tlasa Magalies Water mme ho tsona kaofela ho entswe diteko ho tsona ho etsa hore tshebeletso ena e kgone ho pompa 50 ML ya metsi a hlwekileng ka letsatsi.

4.3 Nakong e ka etsang beke Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tla lekola kgatelopele projekeng ena ho bona ditshallo morao ho tswa ho Masepala wa Tshwane ho netefatsa hore setjhaba sohle sa Hammanskraal se fumana metsi.

4.4 Lefapha le boetse la hlaba Kabinete malotsana ka kgatelopele ya diprojeke tsa ho bula diprojeke tsa metsi a neng a thibane le sekoloto sa bomasepala sa metsi ho diboto tsa metsi, e leng se behang phepelo ya metsi kotsing e kgolo le maemo a ditjhelete dibotong tsena. Tlaleho e feletseng ka sena e tla fumaneha ka ho phethelwa ha WaterCom.

5. Phepelo ya motlakase e setletse mme le taba ya ho fokotswa ha phepelo ya motlakase e tla fela ho se ho kae

5.1 Kabinete e amohetse Tjhebahalo ya Maemo a Phepelo ya Motlakase Mariheng ana ke Eskom, e leng se bontshitseng ha ho se na kgonahalo ya ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa pakeng tsa Mmesa le Phato, e leng kgatelopele e kgolo phepelong ya motlakase.

5.2 Kabinete e boetse e amohetse kgatelopele twantshong ya kimollo ya motlakase ka ho o tima ka dinako tse itseng jwalo ka ha bareki ba ka bang 352 968 ba se ba sa angwe ke ho tingwa hona ka dinako tse potlakileng. Kimollo ena e se e fedisitswe Kapa Leboya le Kapa Bophirima mme diprovense tse ding tse hlano tsona di tlo latela ka selemo sa 2026 mme ho qetelle Gauteng le KZN ka selemo sa 2027.

D. Dibili

1. Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Bana ya 2026

1.1. Kabinete e amohetse ho tliswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Bana ya 2026 Palamenteng.

1.2. Ka Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Bana ho ikemiseditswe ho kenyeletsa mananeo a ntlafatso ya thuto ya dikonyana (ECD) le melawana ya teng eo ha jwale e laolwang ke Kgaolo ya bo-5 ya Molao o teng ha jwale. Karolo ena e ne e laolwa ke ditheo tse fapafapaneng mme jwale ho lohothwa hore ho be le lenaneo le kopaneng la ECD le melawana ya yona mme tsona di be tlasa Kgaolo ya bo-6 e lekotsweng botjha tlasa Bili ya Sehlomathiso mme jwale yona e tla laolwa ke setheo se le seng e leng Lefapha la Thuto ya Motheo. Bili ena ya Sehlomathiso sa Molao e tla ka mokgwa o le mong wa boingodiso ba ditsi tsa ECD le melawana le Dipehelo tsa Maemo tse Tshwanang bakeng sa Mananeo a ECD.

2. Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Eneji ya Nutleleya ya 2025

2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Eneji ya Nutleleya ya 2025 bakeng sa maikutlo a setjhaba.

2.2. Sehlomathiso sena se tlo tlisa diphetoho Molaong wa Eneji ya Nutleleya wa 1999 o fanang ka moralo wa molao bakeng sa ho nka karolo ha Afrika Borwa kgwebisanong ya disebediswa tsa nutleleya le thekenoloji ya teng.

2.3. Sehlomathiso sena se tlo sekasekana le dikgeo tse bakilweng ntshetsopeleng e etsahalang maemong a matjhaba le a lehae ho tsa nutleleya ka ho ntlafatsa thekenoloji, ho lokisa Molao ona ho ipapisa le maemo a matjhaba le matlafatso ya taolo ya nutleleya le dithoto le tsohle tse amanang le yona.

3. Bili ya Sehlomathiso sa Melawana ya Naha ya Kaho le Maemo a Kaho ya Matlo ya 2026

3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Sehlomathiso sa Melawana ya Naha ya Kaho le Maemo a Kaho ya Matlo ya 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Sepheo sa bili ena ke ho theha taolo e tshwanang ha re tla ho tsa molao bakeng sa dibaka tsa taolo tsa bomasepala le ho netefatsa polokeho le tshireletso lekaleng la kaho ka ho ba le mekgwa e tswetseng pele ya kaho le tshebediso ya disebediswa tsa maemo a tsa ho aha.

3.2. Bili ena e latela ditletlebo tse neng di le mabapi le diphephetso tse teng ka Molao wa ha jwale le ditlhalosetso tsa ona.

D. Khiro

Dikhiro kaofela di ho ya ka netefatso ya mangolo a thuto le tumello e amehang ya tshireletso.

  1. Monghadi Otsile Maseng jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Bolaodi ba Naha ba Mekitlane (NCR).
  2. Mofumahadi Linda Seroka jwalo ka CEO ya Export Credit Insurance Corporation of South Africa.
  3. Monghadi Marcus Selepe jwalo ka CEO ya Limpopo-Olifants Catchment Management Agency.
  4. Ho hirwa ha batsamaisi ba Boto ya Lepelle Northern Water

a. Ngaka Ndweleni Fredirick Mphephu (Modulasetulo, o kgethilwe hape);

b. Monghadi Motalane Dewet Monakedi (Motlatsi wa Modulasetulo);

c. Mofumahadi Ayesha Hamad Laher;

d. Mofumahadi Christine Morongoe Ramphele;

e. Monghadi Makone Mack Magoele;

f. Mofumahadi Tsakane Zwane;

g. Mofumahadi Stephinah Mudau;

h. Moatefokate. Lufuno Tokyo Nevondwe;

i. Moprofesara Tebogo Mashifana;

j. Moprofesara Mabel Mphahlele-Makgwane; le

k. Monghadi Ashley Latchu.

  1. Ho hirwa ha batsamaisi ba Boto ya National Water Resource Infrastructure Agency

a. Monghadi Ramateu Johannes Monyokolo (Modulasetulo);

b. Mofumahadi Precious Nompumelelo Sibiya (Motlatsi wa Modulasetulo);

c. Mofumahadi Barbara Schreiner;

d. Monghadi Simphiwe Khondlo;

e. Monghadi Gregory Nigel Joseph White;

f. Monghadi Nicholas van Rensburg Rabie; le

g. Mofumahadi Mankone Mabataung Ntsaba.

  1. Ho hirwa ya Boto ya Taolo ya Breede-Olifants Catchment Management Agency

a. Monghadi Bongani Mnisi (Modulasetulo);

b. Mofumahadi Marli Slabber (Motlatsi wa Modulasetulo);

c. Mofumahadi Eurica Scholtz;

d. Monghadi Trevor Abrahams;

e. Moprofesara Jakobus Andries du Plessis;

f. Mofumahadi Natasha Davis – Wolmarans;

g. Monghadi Jan Pienaar;

h. Monghadi Kobus Nicolas Steenkamp;

i. Mofumahadi Hlobisile Mbali Mngadi; le

j. Mofumahadi Tswarelo Gratitude Mokoena.

  1. Ho hirwa ha Boto ya State Information Technology Agency

a. Moprofesara Stella Bvuma (Modulasetulo);

b. Moatefokate Colin Weapond;

c. Mofumahadi Zimbini Hill;

d. Mofumahadi Siphumelele Dlungwane;

e. Monghadi Rendani Ramabulana;

f. Mofumahadi Nalini Maharaj;

g. Monghadi Protas Phili;

h. Monghadi Willie Vukela (Moemedi ya DPSA); le

i. Monghadi William Mathebula (Moemedi ya Lefapha la Matlotlo).

  1. Lekgotla la Kopano ya Matjhaba ya Dikgokahanyo tsa Mehala (ITU)

a) Kabinete e tjhaetse monwana hore Afrika Borwa e boele e kgethwe ho ITU Lebatoweng la D (Afrika) bakeng sa nako ya tshebetso ya 2027–2030. Dikgetho tsena di tla etsetswa Sebokeng sa ITU Plenipotentiary ho tloha ka la 9 ho isa ka la 27 Pudungwana 2026. Boteng ba Afrika Borwa ho Moifo wa ITU, le dinaha tse ding tsa Afrika ho matlafatsa lentswe la kontinente ena boemong ba matjhaba ba taolo ya ICT.

E. Diketsehalo le diboka

9. Africa’s Travel Indaba

a) Africa’s Travel Indaba 2026 e tla tswela pele ho tloha ka la 11–14 Motsheanong 2026 mane Setsing sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli (ICC, Thekong) KwaZulu-Natal.

b) Indaba e tla tshwarwa nakong eo ho nang le bahahlaudi ba bangata ba matjhaba ba fihlang kwano. Ka Tlhakubele selemong sena, ho fihlile bahahlaudi ba 911 962 ba etetseng Afrika Borwa, e leng keketseho ya 12,5% ha ho bapiswa le nako e tshwanang selemong se fetileng sa 2025.

c) Sena se latela rekoto ya 2025 ya bahahlaudi ba 10.5 milione ba neng ba fihle kwano. Ho tloha ka Pherekgong ho isa ho Tlhakubele 2026, Afrika Borwa e se e amohetse bahahlaudi ba 2 910 029.

d) E nngwe taba e matlafatsang sena, ke maemo a Afrika Borwa a ho ba le bofofisi ba bolokehileng kontinenteng ho latela ditlhahlobo tse entsweng ke Mokgatlo wa Matjhaba wa Bofofisi oo e leng karolo ya setheo sa Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba wa Bofofisi, e leng lekala le ikgethang la bofofisi la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng.

10. Mekolokotwane ya Matsholo a Tokoloho

a) Selemo sena se tshwaya letoto la mekolokotwane ya demokrasi ya Afrika Borwa mme Mekolokotwane ena ya Matsholo a Tokoloho e tla thakgolwa ka Motsheanong 2026 mane Meahong ya Kopano tlasa mookotaba o reng: “Re Tlotla Nako e Fetileng. Re Tlisa Bokamoso.”

b) Mekolokotwane ena e kenyeletsa ho keteka dilemo tse 30 tsa Molaotheo; dilemo tse 50 tsa mohwanto wa batjha wa 1976; dilemo tse 70 tsa mohwanto wa twantsho ya dipasa; le dilemo tse 60 ya ho tloswa ka sheshe ha batho ba District Six.

c) Mekolokotwane ena kaofela e bontsha leeto la rona la demokrasi le tokoloho, ka ho le leng sena se re hopotsa hore le ha re bone kgatelopele ena, empa mosebetsi o ntse o tswela pele bakeng sa moloko ona.

11. Seboka sa bobedi sa Infrastraktjha ya Dibaka tse Ikgethileng tsa Moruo tsa Matjhaba le Matsete (SEZ)

a) Kabinete e tjhaetse monwana hore Afrika Borwa e tshware Seboka sa bobedi sa Infrastraktjha ya Dibaka tse Ikgethileng tsa Moruo tsa Matjhaba le Matsete ho tloha ka la 16- 17 Phupu 2026 mane KwaZulu-Natal.

b) Seboka sena se tla kopanya boramatsete ba lehae le ba matjhaba ho se sebedisa jwalo ka sethala sa ho ntsha maele a tsa ntjhafatso a tla hlahiswa ka sepheo sa ho theha Dibaka tse Ikgethileng tsa Moruo ho netefatsa matsete a Afrika Borwa.

c) Afrika Borwa e thehile di-SEZ tse leshome le metso e mmedi (12) mme tse robong (9) tsa tsona di a sebetsa hajwale mme di se di tlisitse boramatsete ba 224 ba tlisitseng matsete a boleng ba R31.7 bilione mme di thehile mesebetsi e 28, 821.

12. Kgwedi ya Tshireletso ya Bana

a) Kgwedi ya Tshireletso ya Bana e hopolwa jwalo ka selemo ho etsa tlhokomediso ka ditokelo tsa bana le tlhokeho ya ho ba sireletsa kgahlanong le dikotsi tsohle. Nakong ena, mafapha a bohlokwa le ba ditshebeletso tsa bana le mekgatlo ya setjhaba di tla matlafatsa matsapa a ho kgothatsa makala ohle a setjhaba ho hlokomela bana, le ho hlokomela mathata ohle ao setjhaba se tobaneng le ona le hona ho matlafatsa moo ho kgwehlang le ho kenella moo ho hlokahalang.

b) Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba kaofela ho sebetsa mmoho ho sireletsa ditokelo tsa bana le ho beha ntshetsopele ya bona pele.

13. Kgwedi ya Afrika

a) Afrika Borwa e tla kopana le kontinente kaofela ho keteka Kgwedi ya Afrika ka la 25 Motsheanong 2026. Kgwedi ena e molemo ho ntshetsa pele ho kopana ha kontinente ena le ho ntshetsa pele melemo ya yona. Nako ena e re fa monyetla wa ho lekodisisa botjhaba, setso le boitsebiso ba rona. Ena e boetse ke nako ya ho etsa kgoeletso ho MaAfrika kaofela ho sebetsa mmoho bakeng sa kgatelopele le ntshetsopele ya kontinente ena.

b) Jwalo ka ha re keteka Kgwedi ya Afrika, re ananela dikatleho tseo re di fihletseng ho fihlela tjhebelopele ya Kopano ya Afrika ya Agenda 2063 bakeng sa katleho ya Afrika.

14. Bolo ya Maoto ka Bolabohlano

Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba ho tshehetsa Bafana Bafana jwalo ka ha e leba Dipapading tsa Mohope wa Lefatse wa FIFA wa 2026 ka hore se apare dijeresi tsa yona tse botala le bosehla ka Bolabohlano.

F. Ditsebiso

1. Dikgau tsa Naha tsa Mopresidente tsa Dikgwebo tse Kgolo, tse Nyane le tse Mahareng (MSME) le Dikoporasi

1.1 Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le lekotse botjha Dikgau tsa Naha tsa Mopresidente tsa MSME le tsa Dikoporasi ho kenyeletsa tsa diprovense f le tsa mekgahlelo a itseng ka sepheo sa ho ananela, ho kenyeletsa bohle le ho ba le kgahlamelo.

1.2 Karolo ya diprovense e lekotsweng botjha ya Dikgau e thakgoha ka Phupu mme mekgahlelo e lekotsweng botjha ke e latelang:

a. MSME ya Selemo Lekaleng la Temo

b. MSME ya Selemo Lekaleng la Ditshebeletso tsa Ditjhelete

c. MSME ya Selemo Lekaleng la Dijithale, Thekenoloji le Ntjhafatso

d. MSME ya Selemo Lekaleng la Tlhahiso

e. MSME ya Selemo Lekaleng la Tlhahiso ya Motlakase ka Mokgwa o Hlwekileng

f. MSME ya Selemo ho MSME e Eteletsweng Pele ke Batjha

g. MSME ya Selemo ho MSME e Eteletsweng Pele ke Basadi

h. MSME ya Selemo ho MSME e Eteletsweng Pele ke Batho ba sa Itekanelanang

i. Koporasi ya Selemo

2. Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa 2026

2.1 Jwalo ka ha Mopresidente Ramaphosa a phatlaladitse hore Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa 2026 di tla etsahala ka la 04 Pudungwana 2026, Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba ho ingodisetsa ho kgetha kapa ho hlahloba dintlha tsa sona leqepheng la IEC – https://registertovote.elections.org.za le sebetsang bosiu le motsheare. Setjhaba se ka etela dikantoro tse haufi tsa IEC ho ingodisa mme bao ba ingodiseditseng di-ID ba hopotswa ho ya di lata Lefapheng la Merero ya Lehae.

2.2 O mong mokgwa ke hore batho ba ingodise ka mafelo a beke a boingodiso e leng la 20 le la 21 Phuptjane 2026 diteisheneng tsa ho kgetha tseo ba tla kgethela ho tsona.

H. Melaetsa

1. Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshediso le kutlwelo bohloko ho lelapa le metswalle ya

a. Cynthia Shange, mokaubere ya bileng le kabelo e kgolo difiliming le thelevisheneng ya Afrika Borwa, ya ileng a fumana dikgau tse ngata ho kenyeletsa le tsa Lifetime Achievement ka kabelo ya hae ho tsa boithabiso.

b. Albert Mazibuko, e mong wa bathehi ba sehlopha sa Ladysmith Black Mambazo, se ileng sa hapa Dikgau tse hlano tsa Grammy moo ka 1986 se ileng sa bina le Paul Simon albamong ya Graceland.

c. Mokaubere wa sebini sa mmino wa opera, Mimi Coertse, eo e neng e le lenqosa la setso. Ka ho ba sebini ha hae o kgothaditse meloko ya dibini, dibapadi le dinaledi tse sa leng nyane mme a tswela pele ho bopa mmino le setso sa Afrika Borwa.

d. Moahlodi ya neng a se a behile meja fatshe Achmat Naeem Jappie ya hlokahetseng a se a le dilemo di 70. O sebeditse jwalo ka Motlatsi wa Motshwari wa Baahlodi mme qetellong ya e ba Motshwari wa Baahlodi ba Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la KwaZulu-Natal, a boela ya ba Moahlodi ya Tshwereng Mokobobo Lekgotleng la Molaotheo le la Maipiletso la tsa Khiro.

e. MMC Thumeka Bikwana, MMC wa ditshebeletso tsa kgwebisano Masepaleng wa Setereke wa Chris Hani eo ho utlwahetseng ka lefu la hae ka la 6 Motsheanong 2026.

2. Ditakaletso tse molemo

Afrika Borwa e na le mabopo a tswang pele lefatsheng

a. Afrika Borwa e tswela pele ho ba sebaka se hohelang bahahlaudi jwalo ka ha e phatlaladitswe Tlalehong ya 2026 ya Mabopo a Matjhaba ke ditsebi tsa bohahlaudi Travelbag e a behileng lenaneng la a mang a pele lefatsheng.

b. Lebopo la Boulders mane Kapa le nkilwe e le lona le tswang pele lefatsheng ka bophara, mme bobeding ha tswa la Cape of Good Hope. Maemo ana a paka setumo sa naha ena matjhabeng ka ho hohela bahahlaudi ka dibaka tsa yona tsa lefa.

Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:

  • Ngaka Naledi Pandor ka ho thonngwa ho ba Motjhanselara wa Yunivesithi ya Nelson Mandela. Ke moitseki ya tummeng, mosebeletsi wa setjhaba le serutehi, mofumahadi Ngaka Pandor o bontshitse boinehelo bo boholo ho tsa thuto eo e leng yona e thusitseng ho bopa demokrasi ya Afrika Borwa.
  • The Blitzboks, ka ho hapa sekola sa Hong Kong Sevens lekgetlo la pele ka ho hlola Argentina 35-7 mane lebaleng la Kai Tak.
  • Sehlopha sa Banna sa lebelo la lesokwana ka ho hapa medale wa silifera mabelong a banna ba bane ba lesokwana ba lebelo la 100m Dipapading tsa Matjhaba tsa Mabelo a Lesokwana mane Gaborone.

Dipotso: 
Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Ikopanye le: Mofumahadi Nomonde Mnukwa, Motsamaisi Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 6537485
www.gcis.gov.za; www.gov.za

#GovZAUpdates

Share this page

Similar categories to explore