Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 29 Phupu 2026

A.    MAEMO A RENANG

1.    Matla a Moruo a Tshebetsong

1.1.    Tshebetso ya Transnet ya ho Thotha Thepa ka Diterene (TFR) – Kotara ya Pele
1.1.1.    Nakong ya kotara ya pele ya selemo sa ditjhelete sa 2026/27, ho Thota Thepa ka Diterene ha Transnet (TFR) ho rekotile ntlafatso ya tshebetso ya 4,4%, selemo-hodima-selemo. TFR e qetile kotara e phethetse ditone tse 42,0 milione ha ho bapiswa le ditone tse 40,2 milione selemong se fetileng. 
1.1.2.    Se qatsohileng ke hore, TFR e fihlelletse tshebetso ena ho sa natswe ho tsebahatswa ha ho kwalwa ha tshebetso ka matsatsi a 11 a neng a hlophisitswe bakeng sa ditokiso tsa Tsamaiso ya Manya a Tshepe. Ho sa natswe sena, TFR e thothile mothamo o moholo wa ditone, ho bontsha ntlafatso e babatsehang mabapi le bokgabane ba tshebetso le sephetho sa tlhahiso.

1.2.    Matsete a Lekala la Makoloi  
1.2.1.    Kabinete e ananetse matsete a Toyota South Africa Motors a R10.4 bilione femeng ya yona ya Prospecton ho la Thekong bakeng sa ho hlahisa Hilux ya moloko wa borobong. Matsete ana a matlafatsa lekala la tlhahiso ya makoloi, a tshehetsa ho ka etsang mesebetsi e 27,000 ho phatlalla le marangrang a bafepedi, mme e baballa mesebetsi e otlolohileng ya ho kopanya makoloi e fetang 4,300 – ha ho buuwa ka basebeletsi ba sebetsang ka kotloloho polanteng ya tlhahiso ya makoloi ya Toyota ya Prospecton.
1.2.2.    Ho tliswa hona ho matla ha tjhelete, hammoho le ho rekwa ha moraorao tjena le ho tsosolosa sebaka sa tlhahiso ya makoloi sa Nissan ho la Rosslyn, Gauteng ke Chery Group. Chery Group e tsebisitse hore e tla hlahisa makoloi a Chery, Jaecoo, le Jetour sebakeng sena seo e sa tswa se fumana sa Rosslyn. 
1.2.3.    Tlhahiso ya ho qala e reretswe ho simolla mahareng a selemo sa 2027, moo bokgoni bo matla ba tshebetso bo tla bonahala selemong se latelang ho fihlella tlhahiso ya selemo ka seng ya diyuniti tse 15 000. 
1.2.4.    Ho nka taolo ha Chery Group ho tiisa mesebetsi e 692 ya tlhahiso mme ho lohothwa hore e ka fihlella ho ka etsang menyetla e 3,000 e otlolohileng le e sa otlolohang ho phatlalla le ditlhophiso tsa ho thotha, boenjineri, mathathama a phano, le ditshebeletso tsa tshehetso. 
1.2.5.    Maitlamo ana a nako e telele a boetse a matlafatsa boemo ba Afrika Borwa jwalo ka sebaka se matla sa tlhahiso le thomello ntle ka hara lebatowa.

1.3.    Tjhebobotjha ya IMF ya Kgolo e Phahamang ya Afrika Borwa
1.3.1.    Kabinete e ananetse bolepi bo ntjhafaditsweng ba moruo o moholo ke Letlole la Matjhaba la Ditjhelete (IMF), le lekotseng botjha kgolo e lohothwang ya kgolo e phahamang ya Paloyohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) ya Afrika Borwa ho fihla ho 1.1%. Kabinete e lemohile hore tokiso ena e kgabane e bontsha moruo o tsitsang wa lehae o tswellang ho bontsha ho setlela. 
1.3.2.    Leha tjhebobotjha ena e phahamang ya bolepi ba kgolo ya moruo wa Afrika Borwa e le foofo, bo bontsha tshepo e ntseng e hola ya maiteko a tlhasimoloho ya moruo wa naha ho sa natswe kgolo e batlang e fokola ya moruo wa lefatshe le ditsitsipano tsa sepolotiki sa dinaha ho la Botjhabela bo Bohareng.

1.4.    Ho kenngwa tshebetsong ha mokgahlelo II wa Sekema sa Dijithale sa Mohiri ya Tshepahalang (TES) 
1.4.1.    Kabinete e ananetse ho thakgolwa semmuso ha Mokgahlelo II wa Sekema sa Dijithale sa Mohiri ya Tshepahalang (TES) ho potlakisa motjha wa ho tswellisa di-visa bakeng sa bahiri ba netefaditsweng ntle le ho beha tshireletso ya naha kapa ditaolo tsa bofalli tsietsing. Bahiri ba tshwanelehang ba lebeletswe ho bontsha matsete a maholo a lehae, ho beha ka sehlohlolong khiro ya baahi ba Afrika Borwa le badudi ba ka nako tsohle, ho tsetela ntshetsopeleng ya maitsebelo a lehae, le ho ipapisa le makala a ka sehlohlolong a moruo.
1.4.2.    Phothale ya ho etsa kopo ka inthanete e reretsweng Mokgahlelo II wa TES - "Home Affairs @ home" ke karolo e pharaletseng ya mmuso ya lewa la diphethoho tsa dijithale. Nengneng, phothale ena ya dijithale e tla fetohela lepatlelong la naha ka botlalo la Tumello ya Boeti ba Elektroniki (ETA).
1.4.3.    Bahiri ba tshwanelehang ba mengwa ho romela Ditshwaelo tsa Thahasello (EOI) pakeng tsa la 20 Phupu 2026 le la 4 Lwetse 2026.

2.    Ho Aha Meruo e Matla ya Lebatowa la SADC 
2.1.    Africa Borwa e malala-a-laotswe ho tshwara seboka sa SADC
2.1.1.    Kabinete e kgodisehile mabapi le ho ba malala-a-laotswe ha Afrika Borwa ho tshwara ka katleho Seboka sa bo-46 se Tlwaelehileng sa Dihlooho tsa Puso le Mmuso wa Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC) ho tloha ka la 16 ho isa ka la 17 Phato 2026 Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Thekong. 
2.1.2.    Jwalo ka diketsahalo tse lelekelang Seboka sa SADC, Afrika Borwa e tla tshwara Beke ya ho Aha Diindasteri ya selemo sa 2026 SADC ho tloha ka la 27 ho isa ka la 31 Phupu 2026, Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Thekong ho la KwaZulu-Natal. Ketsahalo ena e kgobokanya baetsi ba maano, baetapele ba dikgwebo, boramatsete, barutehi, bafuputsi le ditheo tsa ntshetsopele ya ditjhelete ho phatlalla le lebatowa le ka nqane ho moo ho hodisa ntshetsopele ya diindasteri.
2.1.3.    Beke ya SADC ya Kaho ya Diindasteri e tshehetsa Lewa le Mmapa wa SADC tsa (2015–2063), tse thehilweng hodima ditshiya tse tharo: kaho ya didindasteri, bokgoni ba bohlodisani le bonngwe ba lebatowa.
2.1.4.    Selemong sena ho tla tsepamiswa maikutlo hodima ntshetsopele ya mathathama a boleng mabapi le tswelliso ya dihlahiswa tsa temo, meriana, thepa ya basebedisi le bokgolamolemo ba dirashwa tsa bohlokwa, hammoho le ntshetsotsopele ya moralo ya tsa eneji, dipalangwang, ho thothwa ha thepa, metsi le Theknoloji ya Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo (ICT).

2.2.    Ho fokotsa ditjeo tsa dithekisetsano ka hara SADC
2.2.1.    Kabinete e lakaleditse Banka ya Resefe ya Afrika Borwa mahlohonolo mabapi le katoloso ya tsamaiso ya Ditefello tse Kgolo tsa ka Nako Eo ya SADC (SADC-RTGS) ka kenyeletso ya Kwanza ya Angola jwalo ka tjhelete ya bobedi ya ditefello e latelang Ranta ya Afrika Borwa.
2.2.2.    Tsamaiso ya SADC-RTGS e rerile ho fokotsa ditjeo tsa dithekisetsano tsa kgwebisano e parolang le madiboho ka hara lebatowa lena ka ho thusa ka hore tshebediso ya mefuta ya ditjhelete ya lehae e sebediswang ke Banka ya Resefe ya Afrika Borwa lebitsong la dibanka tse bohareng tse nang le kabelo tsa SADC.
2.2.3.    Kenyeletso ya Kwanza ya Angola jwalo ka tjhelete ya ditefello tsamaisong ya SADC-RTGS e tshwaya mokolokotwane wa bohlokwa mabapi le ho ntshetsapele kgolo ya moruo wa lebatowa ka phokotso ya ditjeo tsa dithekisetsano.

2.3.    Khomishene ya Dinaha tse Pedi: Africa le Namibia
2.3.1.    Kabinete e ananetse ho phethelwa ka katleho ha Khomishene ya Dinaha tse Pedi (BNC) ya Afrika Borwa le Namibia ya Bone e neng e dutse ho la Tshwane ka la 17 Phupu 2026, e neng e le bodulasetulong ba kopanelo ba Motlotlehi Ngaka Netumbo Nandi-Ndaitwah, Mopresidente wa Riphabliki ya Namibia le Motlotlehi Mopresidente Cyril Ramaphosa. 
2.3.2.    Khomishene ena ya Dinaha tse Pedi e thatiselleditse botjha mokgwa wa dikamano tsa lewa tsa Africa Borwa le Namibia le ho ntshetsapele tshebedisano pakeng tsa dinaha tsena makaleng a ka sehlohlolong. Seo e leng sa bohlokwa ka ho qolleha ke boitlamo ba tshebedisano e matla mabapi le ho batla le ho sebedisa mehlodi ya tlhaho e tla tshehetsa ntshetsopele ya moruo le kgolo dinaheng ka bobedi. 
2.3.3.    Bapresidente ka bobedi ba ananetse ho tekenwa ha ditumellano tse supileng le disebediswa tsa tshebedisanommoho pakeng tsa bona.

2.4.    Thuso ya ditjhelete tsa maemo a tshohanyetso ya $13 milione ho matlafatsa maiteko a ho lwantsha bolwetse ba vaerase ya Ebola Africa.
2.4.1.    Kabinete e ananetse ho tjhaelwa monwana ha dithuso tsa ditjhelete tsa maemo a tshohanyetso tsa $13 milione (Didolara tsa Amerika) ke Sehlopha sa Banka ya Ntshetsopele ya Afrika (AfDB) ho matlafatsa maiteko a ho lwantsha ho ropoha ha bolwetse ba vaerase ya Ebola ho la Riphabliki ya Demokrasi ya Congo (DRC), Uganda, le Sudan Borwa ka ho matlafatsa dikarabelo tsa naha tsa maemo a tshohanyetso, ho thibela ho nama ha vaerase ena le ho fokotsa mafu le bokudi dinaheng tsa anngweng le ho ba tsietsing ka ho fetisisa. 
2.4.2.    Thuso ena ya ditjhelete e latela kgoeletso ya Mopresidente Cyril Ramaphosa boemong ba hae jwalo ka Mpodi wa Kopano ya Afrika (AU) bakeng sa Thibelo, Boikemisetso ba Karabelo (PPPR) ya Diwa, bakeng sa bonngwe bo toma ba Afrika, thuso  e potlakileng ya botho le matsete a eketsehileng mabapi le ntjhafatso ya tsa kalafo e etellwang pele ke Afrika.

3.    Ha ho tulo e tshwanang le lapeng, maAfrika Borwa a kgutlelang lapeng a tla dula a amohelwa ka mofuthu.
3.1.    Kabinete e lemohile dipelaelo tsa hore maAfrika borwa a makgowa a kgethileng ho fallela Amerika tlasa leshano la hore ho bolawa makgowa Afrika Borwa a hanetswe ka di-Visa naheng eo. 
3.2.    Kabinete e boeleditse hore maAfrika Borwa ho sa ntswe maikutlo a ona a sepolotiki, a tla dula a na le lehae ka hara naha ena ntle le tshabo ya kgoboso ya sepolotiki le kgatello ho ya ka melao ya Riphabliki ena. 
3.3.    Kabinete e ananetse hore Afrika Borwa e sa ntse e tobane le diphephetso tsa moruo wa kahisano tse amang maAfrika Borwa ohle, ho sa natswe morabe kapa bong. Diphephetso tsena di lokela ho sebetswa ka boiteko bo kopanetsweng (ba Afrika Borwa kaofela) bo kenyeletsang mmuso, mekga ya dipolotiki, mekgatlo ya basebetsi, dikgwebo, setjhaba ka kakaretso, le maAfrika Borwa ka bomong. Maiteko ana a kopanetsweng a lokela ho ananela kgahlamelo e tswellang ya lefa la Mmuso wa Kgethollo le tlhokeho ya ho lokisa maemo a se nang toka a nako e fetileng. 
3.4.    Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle ho tswella ho qhela ba batlang ho busetsa dikatleho tsa tokoloho ya rona morao ka ho kgothaletsa bosemorabe mme re itlame botjha ka morero wa ho aha Afrika Borwa ya bonngwe, e se nang kgethollo ya merabe le e tswetseng pele.

4.    Sehla sa Moetlo wa Lebollo sa Mariha a selemo sa 2026 
4.1.    Kabinete e hlahisitse ngongoreho e tebileng ka tahlehelo ya bophelo e tswellang le diketsahalo tse ding tse hlobaetsang tse rekotilweng nakong ya Sehla sa Moetlo wa Lebollo sa Mariha a selemo sa 2026. 
4.2.    Kabinete e fetisitse matshediso a tebileng ho malapa a bashemane ba 47 ba hlokahetseng nakong ya Sehla sa Moetlo wa Lebollo sa Mariha a selemo sa 2026 le ho lakaletsa ba lemetseng kapa ba ntseng ba phekolwa ke dingaka ho fola kapele. 
4.3.    Ho feta moo Kabinete e ananetse karabelo ya kapele ya makala a qobello ya molao ho netefatsa hore ba tlolang melao ya moetlo wa lebollo ba jariswa boikarabelo. Ho fihlela mona, ho akanngwa hore ke dinyewe tse 161 tsa ditlolo tsa molao tse seng di butswe, tse bakileng ho tshwarwa ha batho ba 41. Hodima moo, ho kwetswe mephato e 42 e seng molaong, mme ho pholositswe bashemane ba 181 ha ba 93 ba kene sepetlele.

B.    DIQETO TSA KABINETE
1.    Katoloso ya nako ya ho sebetsa ha dilaesense tsa ho kganna ho tloha dilemong tse hlano ho isa ho tse leshome  
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana katoloso ya nako ya ho sebetsa ha dilaesense tsa ho kganna bakeng sa Dikhoutu tsa A, A1, B le EB ho tloha dilemong tse hlano ho isa ho tse leshome. Nako ya ntjhafatso ya dilemo tse 10 e tla sebetsa feela hodima makoloi a manyane. Dipalangwang tsa kgwebo tse kgolo le tsa setjhaba di tla dula di ntse di le mokgweng o ntseng o sebetsa wa ho ntjhafatsa laesense kamora dilemo tse pedi kapa tse hlano ha Diphemiti tsa Bakganni ba Profeshenale le tsona di tla dula di ntjhafatswa kamora dilemo tse pedi. 
1.2.    Phethoho ena e ipapisitse le ditsamaiso tse hlwahlwa ka ho fetisisa tsa matjhaba, e matlafatsa bokgabane ba tsamaiso, e fokotsa dintjhafatso tsa kgafetsa bakeng sa boramakoloi le ho bebofatsa dikgatello tlhokeho ya tshebeletso ka hara mokgwa wa ho fana ka dilaesense.
1.3.    Ho kenngwa tshebetsong ha nako ya tshebetso ya dilaesense ho hloka dihlomathiso tsa ketsamolao. Kahoo boramakoloi ba lokela ho tswella ho ntjhafatsa dikarete tsa dilaesense tse feletsweng ke nako ho fihlela molao o motjha o kena tshebetsong.

2.    Leano le Shebilweng botjha la Ditheko tsa Motlakase  
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Leano le Shebilweng Botjha la Ditheko tsa Motlakase bakeng sa maikutlo a setjhaba. Leano lena le ntlafatsa Leano la Ditheko tsa Motlakase la selemo sa 2008 ho bontsha ntshetsopele ka hara indasteri ya phepelo ya motlakase, ho kenyeletsa diphethoho tse tswellang tsa mmaraka ona tse bakwang ke ho arola Eskom dikoto le ho kenngwa tshebetsong ha Sehlomathiso sa Molao wa Taolo ya Motlakase sa selemo sa 2024.
2.2.    Leano lena le matlafatsa moralo wa taolo o laolang ditheko tsa motlakase, ditharifi, le ditefello, le ho fana ka ponaletso ya ditharifi ho phatlalla le phehlo ya motlakase, tsamaiso, phepelo le mesebetsi ya mabenkele, mme kahoo ho matlafatswa ditlhophiso tsa taolo bakeng sa ditheko tsa motlakase ho phatlalla le ditshebedisano pakeng tsa bafehli, bahwebi, Khamphani ya Naha ya Tsamaiso ya Motlakase ya Afrika Borwa (NTCSA), le bafepedi. Le boetse le theha moralo oo ka ona ditshebedisano tsena di tla etswa hore di sebetse le ho laolwa ke NERSA. 
2.3.    Leano lena le tshehetsa ho tsebahatswa ha ditharifi tse bontshang ditjeo ha ka ho le leng le sireletsa basebedisi ba itlhophereng le makala a lewa a moruo.

3.    Mokgwaritso wa Tokomane ya Boemo ba Diphethoho tsa Lekala la Mmaraka wa Motlakase 
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya mokgwaritso wa Tokomane ya Boemo ba Diphethoho tsa Lekala la Mmaraka wa Motlakase bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tokomane ya boemo e fana ka moralo wa ho tataisa diphethoho tsa Afrika Borwa ho tloha ho boo esale ho na le mokgwa wa motlakase o laolwang ke puso ho ya boemong bo batlang bo na le tlhodisano mmarakeng wa motlakase, ho ipapisitswe le Sehlomathiso sa Molao wa Taolo ya Motlakase, sa selemo sa 2024 le Moralo wa Mohato wa Eneji.
3.2.    Diphethoho tse sisinngwang di reretswe ho ntlafatsa kanetso ya eneji le botshepehi ka ho fokotsa ho tshepela mofaning a le mong feela wa motlakase le ho thusa ka bonkakarolo bo toma ho tsa phehlo ya motlakase le kgwebisano. Diphethoho tsena di reretswe ho hohela matsete ho tsa phehlo ya motlakase, tsamaiso le moralo wa phepelo, ho tshehetsa tlhahiso ya mesebetsi le kgolo ya moruo, le ho fokotsa ditjeo tsa motlakase bakeng sa nako e telele.


4.    Lewa la Naha le Shebilweng Botjha la Polokeho Mebileng (NRSS) 2026–2030
4.1.    Kabinete e tjhaetse monwana NRSS 2026–2030 e shebilweng botjha. Lewa lena le shebilweng botjha le ahaella hodima NRSS 2016–2030, e ileng ya amohelwa bakeng sa ho fokotsa mafu a mebileng le ho matahanngwa le Mohato wa Dilemo tse Leshome wa Matjhaba a Kopaneng wa Polokeho Mebileng le Morero wa Ntshetsopele ya Naha.
4.2.    Tekolo e bakilwe ke diqholotso tse phehellang, ho kenyeletsa qobello e fokolang ya molao, maemo a ho ba tsietsing ya bobodu le ho kenngwa tshebetsong ho arohaneng ho phatlalla le dikarolo tsohle tsa mmuso. 
4.3.    NRSS e shebilweng botjha e ntshetsapele lenaneo la diphethoho le phatlaletseng la tsamaiso le itshetlehileng hodima qobello ya molao wa sephethephethe e eteletsweng pele ke lekala la mautlwela, katamelo e sa mamelleng letho la bobodu, ditsamaiso tse thuswang ka mekgwa ya dijithale le taolo e matlafetseng le kgokahano. E tshehetsa merero ya lefatshe lohle ya polokeho mebileng le morero wa Tsamaiso ya Bosupa wa ho fokotsa mafu a mebileng ka 45% ka selemo sa 2029.

5.    Moralo wa Mokgwaritso wa Lewa bakeng sa Ditshebeletso tsa Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere 
5.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Moralo wa Mokgwaritso wa Lewa bakeng sa Ditshebeletso tsa Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere bakeng sa maikutlo a setjhaba bakeng sa nako ya matsatsi a 60.
5.2.    Moralo ona o lekotsweng botjha o teka merero ya makala a amehang, ho arabela diqholotso tse ntseng di ropoha le dintshetsopele, mme o amahanya lekala lena le dintlha tse ka sehlohlolong tsa naha le ditlwaelo tse hlwahlwa tsa lefatshe. O toboketsa ho setlela mabapi le tlelaemete, kopanelo ya tikoloho, boemo ba ditjhelete ba moshwelella, dikgeo tse amanang le ho ba tsietsing ha dibaka tsa ditoropo le tsa metse ya mahae, diphethoho tsa dijithale le meralo le phano e ntlafetseng ya lekala lena.
5.3.    Lewa lena le reretswe ho matlafatsa taolo ya lekala lena, ho ntlafatsa meralo le phano, le ho tshehetsa phano ya ditshebeletso tsa moshwelella, tse tshepahalang le tse lekalekanang tsa metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere bakeng sa maAfrika Borwa ohle.

C. DIBILI
1.    Bili ya Sehlomathiso sa Dibopeho tsa Bomasepala, ya selemo sa 2026
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Dibopeho tsa Bomasepala tsa Mebuso ya Lehae Palamenteng. Bili ena, e tlwaetsweng ho bitswa “Bili ya Kopanelo”, e reretswe ho fana ka moralo o hlakileng wa ketsamolao bakeng sa ho bopa mebuso ya kopanelo le ho theha ditsela tsa ho fokotsa diqholotso tse amanang le mmuso wa kopanelo mabapi le mebuso ya mahae.
1.2.    Kabinete qalong e ile ya tjhaela monwana phatlalatso ya Bili ena bakeng sa maikutlo a setjhaba pejana ka selemo sa 2024. Ho latela ditherisano tse matla le ho e thuisisa ho feta moo maemong a ketsamolao, Bill jwale e se e tlisitswe Palamenteng bakeng sa ho sekasekwa. Dihlomathiso tse lohothwang di reretswe ho kgothaletsa taolo ya mmuso wa kopanelo o tsitsitseng le o ikarabellang, o tla fokotsa ho hloka botsitso ha sepolotiki le ho tshehetsa phano ya ditshebeletso e hlokang tshitiso bakeng sa badudi.

2.    Bili ya Sehlomathiso sa Melao ya Dikgetho, ya 2026
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tsebahatswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Melao ya Dikgetho, ya 2026 Palamenteng. Bili ena e fetola Molao wa Khomishene ya Dilkgetho, wa 1996; Molao wa Dikgetho, wa 1998; le Molao wa Dikgetho wa Bosemapala ba Mebuso ya Lehae, wa 2000, e le ho itokisetsa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa selemo sa 2026. Dihlomathiso tsena di reretswe ho netefatsa momahano le ho matlafatsa moralo wa ketsamolao wa dikgetho, ho matlafatsa tsamaiso le bolaodi ba dikgetho le tsamaiso ya dikgetho tse lokolohileng, tse hlokang leeme le tse tshepahalang.

3.    Bili ya Mommori, Qholotso le Tlhohleletso ya Tlolo ya Molao, ya 2026
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tsebahatswa ha Bili ya Mommori, Qholotso le Tlhohleletso ya Tlolo ya Molao, ya 2026 Palamenteng. Bili ena e fedisa Molao wa Dipokano tsa Merusu, wa 1956, mme e fetola moralo wa semolao o otlang batho ba etsang mommori, ba qholotsang kapa ba hlohleletsang diketso tsa tlolo ya molao. E tlosa dipehelo tseo e seng tsa molaotheo le ho amahanya molao ona le tsamaiso ya hajwale ya molaotheo, ha ka ho le leng e matlafatsa bokgoni ba Puso ba ho sebetsana le boitshwaro bo kgothaletsang kapa bo tshehetsang diketso tsa tlolo ya molao.

4.    Bili ya Sehlomathiso sa Melao e Akaretsang (Merafo), ya 2026 
4.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Bili ya Sehlomathiso sa Melao e Akaretsang (Merafo), ya 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili ena e reretswe ho matlafatsa moralo wa ketsamolao ho lwantsha ho rafa ho seng molaong le diketso tse tsamaelanang tse tswellang ho beha polokeho ya setjhaba, ntshetsopele ya moruo le bolaodi ba moshwelella ba mehlodi ya dirashwa ya naha tsietsing. E sisinya ho fetolwa ha Molao wa Tshebetsano le Botlokotsebe, wa 1977; Molao wa Ditaemane, wa 1986; Molao wa Dirashwa le Mehlodi ya Peterole, wa 2002; le Molao wa Ditshepe tsa Bohlokwa, wa 2005. Diphethoho tsena di kenyeletsa mehato ya ho etsa hore ho rafa ho seng molaong le ditlolo tsa molao tse tsamaelang e be tlolo ya molao.

5.    Bili ya Taolo ya Matlole, ya 2026
5.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Bili ya Taolo ya Matlole, ya 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili ena e reretswe ho ntjhafatsa moralo wa semolao wa diteraste ka ho tlosa Molao wa Taolo ya Thepa ya Matlole wa kgale. E reretswe ho matlafatsa boikarabello le boimatahanyo, ho matlafatsa mosebetsi wa bodisa wa Monghadi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le ho fana ka tshireletso e matla ya bajalefa.

6.    Bili ya Sehlomathiso sa Basebetsi ba Semolao, ya 2026
6.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Bili ya Sehlomathiso sa Mosebetsi wa Semolao, ya 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili ena e reretswe ho tjhorisa dibopeho tsa tsamaiso tsa lekala la semolao ha ka ho le leng e ntshetsapele diphethoho. E boetse e tsebahatsa diphethoho tsa sebopeho sa Letlole la Botshepehi ba Basebeletsi ba Semolao ho matlafatsa maemo a moshwelella a ditjhelete le ho matlafatsa tshireletso ya setjhaba. Ho feta moo Bili ena e sisinya diphethoho dipehelong tse fapafapaneng tsa Molao wa Basebetsi ba Semolao ho tshehetsa ntshetsopele le matlafatso ya maitsebelo a basebeletsi ba semolao, ho ntlafatsa phihlello ya profeshene ya tsa semolao, ho kgothaletsa phihlello ya toka le ho sebetsana le diqholotso tse bonahalang tse hlahileng mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Molao ona.

7.    Bili ya Sehlomathiso sa Melao e Akaretsang ya Ditjhelete, ya 2026
7.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tsebahatswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Melao e Akaretsang ya Ditjhelete, ya 2026, Palamenteng. Bili ena e sisinya diphethoho ho Molao wa Taolo ya Lekala la Ditjhelete, wa 2017 (Molao wa bo-9 wa 2017), le Molao wa Ditheko tsa Mmuso, wa 2024 (Molao wa bo-28 wa 2024).
7.2.    Bili ena e sisinya ho kenngwa ha kgaolo e ntjha ho Molao wa Taolo ya Lekala la Ditjhelete ho tshehetsa diphethoho tsa ka lapeng tse reretsweng ho matlafatsa taolo ya mehlala ya semmuso ya ditjhelete. E boetse e sisinya diphethoho karolong ya 68 ya Molao wa Ditheko tsa Mmuso ho tshehetsa diphethoho tse ntseng di tswella tse reretsweng ho matlafatsa meralo ya taolo ya ditjhelete le ditheko ya Afrika Borwa, ho matlafatsa bodisa, le ho kgothaletsa bonnete bo matla ba taolo.

D.    HO BEHWA SEHLOHLOLONG HA KABINETE
1.    Dikenello tsa Mmuso bakeng sa ho netefatsa phepelo e tshepahalang ya metsi bakeng sa MaAfrika Borwa ohle.
1.1    . Kabinete e ananetse ho lokollwa ha Moralo wa Mohato wa Naha wa Metsi o tekang dikenello tsa lewa ho netefatsa phepelo e tshepehalang ya metsi a boleng bakeng sa maAfrika Borwa ohle ha ho ntse ho sebetsanwa le disosa tsa diqholotso tsa phepelo ya metsi ka hara naha. Moralo ona o hlahisitswe ke Komiti ya Naha ya Koduwa ya Metsi moo Mopresidente Cyril Ramaphosa e leng modulasetulo ka ditherisano le dikarolo tse tharo tsa mmuso ho kenyeletsa Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Mebuso ya Lehae 
1.2    Kabinete e thoholeditse ho thakgolwa ha Lenaneo la Potlakiso ya Phihlello ya Metsi ya Naha, le ileng la thakgolwa ka Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela ka la 18 Phupu, hammoho le phano ya dikema tse qhalantsweng tsa phepelo ya metsi tse 67, tse kenyeletsang dipetse le dipolante tsa metsi bakeng sa ho atolosa phihlello ya metsi a nowang a bolokehileng bakeng sa badudi ba metseng ya mahae ba sa fumaneng ditshebeletso Gauteng, KwaZulu-Natal le Kapa Botjhabela. Dikenello tsena tse 67 tsa metsi a tswang ka tlasa lefatshe di lebeletswe ho ho tswela molemo batho ba akanyetswang ho ba 125 986 ho phatlalla le diprofense tse tharo, moo mekgahlelo e mang ya ho kenngwa tshebetsong e reretsweng bakeng sa Mphalane 2026 le Mmesa 2027.
1.3    Diprojeke tsena ke tsa mokgahlelo wa pele wa Lenaneo la Akofiso ya Phihlello ya Metsi ya Naha la Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, le ntseng le kenngwa tshebetsong ka motjha wa Diboto tsa Metsi tlasa Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi. Tjhelete e fetang R200 milione e se abetswe Mokgahlelo wa Pele wa lenaneo lena, e kopanyang ho tjhekwa ha dipetse, ntshetsopele ya metsi a ka tlasa lefatshe, tshireletso ya didiba, ho tshwasa metsi a pula le tsoseletso ya moralo e teng ya metsi ho atolosa phihlello ya metsi a bolokehileng a ho nwa.
1.4    Jwalo ka karolo ya lenaneo le pharaletseng la matsete a moralo, pejana selemong sena mmuso o abetse moralo wa metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere R156 bilione bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang. Matsete ana a tla tshehetsa katoloso le paballo ya moralo wa metsi, ho ntlafatsa botshepehi ba phepelo, le ho sebetsana le diqholotso tsa metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere tse amang badudi.

2.    Ho behwa sehlohlolong ka ho kenngwa tshebetsong ya katamelo e pharaletseng bakeng sa ho laola bofalli Afrika Borwa
2.1    Kabinete e behilwe sehlohlolong mabapi le ho kenngwa tshebetsong katamelo e pharaletseng bakeng sa ho netefatsa bofalli bo tlwaelehileng Afrika Borwa ho ya ka moralo wa dintlha tse Hlano jwalo ka ho tsebisitswe ke Mopresidente Cyril Ramaphosa ka tsela e latelang:
2.1.1    Jwalo ka ha ho etsahetse ka la 23 Phupu 2026, ho tlalehilwe diketsahalo tse 205 tse tsamaelanang le kgatikelo ya molao wa bofalli le o tsamaelanang le ho ngodiswa jwalo ka ditlolo tsa molao, sena ke ho phahama ho tloha ho dinyewe tse 103 tse tlalehilweng bekeng ya pele ya Phupu 2026
2.1.2    Ho tshwerwe batho ba 354, moo profense ya Foreistata e ngodisitseng palo e phahameng ka ho fetisisa ya ho tshwarwa ha batho ba 174, ho tsena kaofela, dinyewe tse 107 di se di le lenaneong la lekgotla la dinyewe 
2.1.3    Ho tloha ka la 1 Mmesa 2026 – le mafelong a Phupjane 2026, makgotla a dinyewe a phethetse dinyewe tse 28 736 tse tsamaelanang le bofalli haholo bakeng sa ho lelekwa ka hara naha 
2.1.4    Pakeng tsa la 14 Phupjane ho isa la 24 Phupu 2026, melata e 68 327 e hlokang ditokomane e ile ya busetswa hae ka diketso tse hokahantsweng tsa qobello ya molao. Ho tse 68 327, 81% ke ba Malawi; 16 % ba Zimbabwe le 3% ya ba Mozambique 
2.1.5    Phano ya Tumello ya Elektroniki ya Boeti (“ETA”) le Tsamaiso ya Taolo ya Motsamao e Matlafaditsweng e ntlafaditsweng di motjheng maemafofaneng a matjhaba a OR Tambo, Lanseria, King Shaka le Motse Kapa
2.2        Setsi sa Nakwana sa Teleko ya Melata sa Musina se tla fokoletswa mothamong wa ho tloha ho batho ba 20,000 ho isa ho ba 1500.

3.    Tlaleho ya Selemo ka Seng ya Khomishene ya bo-26 ya Tekatekano ya Khiro (CEE)  
3.1    Kabinete e amohetse le ho lemoha Tlaleho ya Selemo ka Seng ya Khomishene ya Tekatekano ya Khiro (CEE) ya 2025/26. Tlaleho ena e mohlaleng wa diphethoho tulong ya tshebetso le boimatahanyo le Molao wa Tekatekano ya Khiro. 
3.2    Tlaleho ya Selemo ka Seng ya bo-26 ya CEE e hlakisa ho se lekalekane ho phehellang ha maemo a tatelano lebothong la basebetsi, moo ho se lekalekane ha merabe le bong di ntseng di tswella maemong a phahameng lekaleng la poraefete.
3.3    Makgowa le MaIndia ba dula ba le bangata maemong a phahameng a bolaodi, a bontshang 57.1% le 12.2% ka tatelano. Maemong a bolaodi bo ka boholong, Makgowa a etsa 44.1% ha basebeletsi ba MaIndia ba etsa 12.5%. Basebeletsi ba maAfrika le Bammala ba dula ba tletse maemong a tlase le a ba hlokang maitsebelo a mosebetsi, ha ho ba teng ha basebeletsi ba qhwadileng ho dula ho le tlase, ho 1.3% ha paloyohle ya lebotho la basebetsi.
3.4    Tlaleho ena e boetse e bontsha keketseho ho boteng ba basebeletsi ba maAfrika maemong a ba nang le mangolo a diprofeshene, ba bolaoding bo bohareng, ba nang le maitsebelo a setekgenike  bolaoding bo tlase, ke 52.0% mme e boetse e bontshitse   boteng ba 3.1% ba melata maemong ohle mme e ngongorehiswa ke boteng bo jwalo maemong a mesebetsi ya maitsebelo a tlase le moo ho sa batleheng maitsebelo e leng se ka nnang ya ba tlolo ya Molao wa Ditshebeletso tsa Khiro o laelang hore bahiri ba lokela ho ikgotsofatsa hore ha ho na batho ba bang ka hara Riphabliki  ba nang le maitsebelo a loketseng bakeng sa ho tlatsa dikgeo pele ba thaotha melata.
3.5    Mmuso o tla tswella ho sebedisa ditlaleho tsena ho beha diphethoho leihlo, ho kgothaletsa boemedi bo lekalekanang le ho fana ka tataiso ya mehato ya tokiso ho phatlalla le mmaraka wa basebetsi.

4.    Tshusumetso ya phano ya dilaesense tsa maqhubu a dikgokahanyo mabapi le moralo wa dijithale 
4.1    Kabinete e lemohile tlaleho ya tshusumetso ya dilaesense ya maqhubu a dikgokahanyo mabapi le moralo wa dijithale le bokgoni ba kgokelo Afrika Borwa. Phano ya dilaesense ya maqhubu a batlehang ka matla e ntsheditse pele phihlello ya kgokelo ya lebelo le hodimo ya inthanete, tshebetso e ntlafetseng ya neteweke le matsete a tshehetswang a moralo wa dijithale.
4.2    Kabinete e hlahisitse ngongoreho ya hore beng ba dikgokahanyo tsa mehala ha ba a fihlella ditshwanelo tsa bona tsa kahisano tse amanang le kabo ya maqhubu. Mmuso o tekile morero wa ho hokela ditheo tsa setjhaba tse 21 878 ka selemo sa 2029, tse kenyeletsang dikolo tse 16 139, dibaka tsa kalafo tse 4 232, dilaeborari tse 570 le dibaka tsa ba boholong ba merero ya botjhaba tse 937. Ho tloha ka Mmesa 2026, beng ba dikgokahanyo tsa mehala ba hoketse feela ditheo tsa setjhaba tse 5 295 tsa ditshwanelo tsa bona tsa kahisano.

E.    KHIRO
Dikhiro kaofela di ho ya ka netefatso ya mangolo a thuto le ditumello tse amehang tsa tshireletso.  
1.    Monghadi Nkosikhona Sydney Mbatha jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Lekala la Ditjhelete la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane. 
2.    Mofumahadi Vangile Petronella Nene jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi Kakaretso: Ditshebeletso tsa Profeshenale Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Moralo. 
3.    Mofumahadi Beryl Ferguson jwalo ka Modulasetulo wa Boto ya Diphaka tsa Naha tsa Afrika Borwa.

4.    Thonyo ya Ditho Tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Batsamaisi ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba (PIC) Soc. Limited
(a)    Monghadi Seiso Joel Mohai – Motlatsi wa Letona la Meralo, Bodisa le Tekolo jwalo ka Modulasetulo 
(b)    Mofumahadi Patience N.Z. Nqeto
(c)    Mofumahadi Lebogang R. Mokgabudi
(d)    Moatefokate. Gatlelane Ouma Rasethaba
(e)    Mofumahadi Vivien McMenamin
(f)    Mofumahadi Bajabulile Swazi Tshabalala
(g)    Monghadi Itani Mafune
(h)    Mofumahadi Moipone Ramoipone- Moemedi wa Lefapha la Naha la Matlotlo. Thonyo ena e reretswe ho sebetsana le diqholotso tsa hajwale tsa taolo. Letona la Ditjhelete le tla tswella ho kganna diphethoho ho PIC jwalo ka ha ho kgothaleditswe ke Khomishene ya Moahlodi Mpati ka ditherisano le Kabinete.

5.    Thonyo ya Lekgotla la Boto ya Theknoloji ya Dirashwa (MINTEK)  
a.    Ngaka Thibedi Ramontja (Modulasetulo) (o thontswe hape);
b.    Mofumahadi Azwindini Thomani (o thontswe hape);
c.    Ngaka Takalani Madzivhandila (o thontswe hape);
d.    Monghadi Luvuyo Keyise;
e.    Ngaka Faranna Boodrham;
f.    Ngaka Palesa Ramashala;
g.    Mofumahadi Lerato Hilda Dikgole; 
h.    Ngaka Sandile Ncanana;
i.    Mofumahadi Nondumiso Ngonyama; le
j.    Ngaka Avela Majavu (o thontswe hape)
k.    Monghadi Kagiso Menoe (Moemedi wa Lefapha la Dirashwa le Mehlodi ya Peterole).

F.     DIKETSAHALO le DIPITSO

1.    DIKETSAHALO TSE TLANG
1.1    Dipontsho tsa Afrika tsa Sepakapakeng le tsa Tshireletso tsa 2026 
1.1.1    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha bo-13 ha Dipontsho tsa Afrika tsa Sepakapakeng le Tshireletso tsa selemo sa 2026, tlasa mookotaba o reng, “Motjha wa Afrika wa Tshireletso le Tshebedisano ho tsa Sepakapaka”, tse tla tshwarelwa Diahelong tsa Sesole sa Moyeng tsa Waterkloof, Tshwane, ho tloha ka la 16 ho isa ka la 20 Lwetse 2026.
1.1.2    Dipontsho tsena di lebeletswe ho hohela bapepesi ba 300 ho tswa lefatsheng ho pota, dikemedi tsa semmuso tse tswang dinaheng tse fetang 50 le baeti ba kgwebisano ba fetang 30 000. Ketsahalo ena e tla boela e pepese dintshetsopele makaleng a tsa sepakapaka le tshireletso ha ho ntse ho kgothaletswa tshebedisano ya matjhaba, kgwebisano le matsete.
1.2    Simphosiamo ya Ntshetsopele ya Moralo wa Moshwelella ya Afrika Borwa ya 2026
1.2.1    Kabinete e lemohile hore Africa Borwa e tla tshwara Simphosiamo ya Ntshetsopele ya Moralo wa Moshwelella ya Afrika Borwa (SIDSSA) ya selemo sa 2026 ho tloha ka la 23 ho isa ka la 25 Phato 2026. Ketsahalo ena e lebeletswe ho hohela se akanyetswang ho dikemedi tse 700.
1.2.2    Simphosiamo ena e tla kgobokanya boramatsete, ditheo tsa ditjhelete, baetsi ba maano, boradikelello le balekane ba bang ba mawa ho ntshetsapele lenaneo la Afrika Borwa la matsete a moralo le ho pepesa kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Naha wa Moralo wa selemo sa 2050 o tjhaetsweng monwana ke Kabinete.
1.2.3    SIDSSA 2026 e tla tsebisa ka diprojeke tse robedi tse ka hodimo ka ho fetisisa tsa moralo tse kgethilweng tlasa Monyetla wa Boiketo wa Bobedi bakeng sa boitokisetso ba projeke le tshehetso ya setekgenike, ho lokollwa ha kgatiso ya boraro ya Buka ya Kaho, ho fana ka boemo bo teng ba Diprojeke tse Kopanetsweng tsa Lewa (di-SIPs), ho pepesa dintshetsopele tsa bohlokwa tsa leano le taolo, le ho hlakisa dilekane tsa moralo tse reretsweng ho beha Afrika Borwa jwalo ka sebaka se itlhommeng pele sa ntshetsopele ya moralo le ditjhelete kontinenteng ya Afrika.

1.3    Kgwedi ya Basadi: Sehopotso sa bo-70 sa Mohwanto wa Basadi wa 1956
1.3.1    Ka la 9 Phato 2026, Afrika Borwa e tla tshwaya sehopotso sa bo-70 se etsang nalane sa Mohwanto wa Basadi, nakong eo basadi ba fetang 20 000 ba ileng ba hwantela Union Buildings ho ipelaetsa kgahlanong le ho atoloswa ha Melao ya Dipasa le Molao wa Dibaka tsa Ditoropo. Sehopotso sena sa mokolokotwane se tla hlomphuwa tlasa mookotaba: “Basadi ba Matlafetseng ba Matlafatsa Setjhaba.”
1.3.2    Kabinete e boeleditse hore diketso tse sebete tsa moloko wa selemo sa 1956 di ntsheditsepele ka kotloloho kenyeletso ya basadi dibopehong tsohle tsa Palamente, mmuso, lekala la poraefete, setjhaba ka kakaretso, ka ho tiisa ho thehwa ha boahi bo lekalekanang le ditokelo tsa molaotheo ka hara Afrika Borwa ya demokrasi. Ha re hlompha boitseko bona ba basadi ba naha, Kabinete e tiisitse botjha boitlamo ba mmuso bo sa thekeseleng ba ho sireletsa, ho kgothaletsa, le ho ntshetsapele ditokelo tsa basadi le ho matlafatsa mosebetsi wa ho fedisa Dikgoka Kgahlanong le Basadi le Dipolao (GBVF), ho qhaqha ho kotelwa ho tsa moruo, le ho netefatsa phihlello e lekanang ya mehlodi ya tlhahiso.
1.3.3    Kabinete e tobokeditse hore sehopotso sena se bopa tshiya ya bohlokwa ya Mekolokotwane ya Letsholo la Tokoloho e pharaletseng, e susumetswang ke mookotaba o akaretsang: "Ho tlotla tse fetileng, ho fana ka bokamoso." Ho phatlalla le Kgwedi ya Basadi, mmuso o tla etella pele mapatlelo a naha ka bophara a ho hlompha boitelo ba basadi ntweng ya tokoloho ha ho ntse ho toboketswa mosebetsi wa bohlokwa wa basadi le kajeno.

2    DIPITSO TSE TSHWERWENG
2.1    Dipontsho le Pitso tsa Merero ya Diterene ya Afrika tsa bo-26
2.1.1    Afrika Borwa e ne e tshwere Dipontsho le Pitso tsa Merero ya Diterene ya Afrika tsa bo-26 ka la 7 le 8 Phupu 2026 Johannesburg.
2.1.2    Pitso ena e lemohile kgatelopele e entsweng mabapi le ho kgutlisa ditshebeletso tsa naha tsa bapalami ba diterene, moo maeto a bapalami a selemo ka seng a fetileng 100 milione mafelong a Tlhakubele 2026 le a 35 a metjha e ka sehlohlolong e 40 ya diterene e kgutletseng tshebetsong. Mmuso o dula o itetse bakeng sa ho busetsa ditshebeletso tse bolokehileng, tse tshepahalang le tse kgonehang tsa diterene, ka sepheo sa ho fihlella maeto a 600 milione a bapalami ka selemo ka 2030

3    DITSEBISO

3.1    Boingodiso ba manyalo a tshwanelehang a setso
3.1.1    Kabinete e hopotsa setjhaba sohle hore la 31 Phato 2026 ke letsatsi la ho qetela la ho ngodisa manyalo a setso tlasa nako e ikgethang ya boingodiso e tsebahaditsweng ke Letona la Merero ya Lehae. 
3.1.2    Nako e ikgethang ya boingodiso, ho tloha ka la 1 Lwetse 2024 ho isa ka la 31 Phato 2026, e ile ya tsebiswa ho thusa ba amehang tabeng ya manyalo a setso ba neng ba sa ngodiswa nakong e laetsweng bakeng sa ho kenya molaong boemo ba bona ba lenyalo. Sena se kenyeletsa manyalo a setso a phethetsweng pele ho Molao wa Kananelo ya Manyalo a Setso o qadileng ho sebetsa ka Pudungwana 2000, hammoho le manyalo a phethetsweng kamora moo a neng a sa ngodiswa nakong e laetsweng.
3.1.3    Kabinete ipiletsa ho batho kaofela ba hlokang lesedi le toma mabapi le motjha wa boingodiso kapa ditokomane tsa tshehetso ho etela kantoro ya Merero ya Lehae e haufi le bona.

3.2    Mafelo a Beke a ho Qetela a ho Ingodisa ha Bakgethi
3.2.1    Kabinete e ipiletsa ho bakgethi ba tshwanelehang ho sebedisa mafelo a beke a ho ingodisa a ho qetela, a reretsweng bakeng sa la 1 le 2 Phato 2026, ho ingodisetsa ho vouta pele ho Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tsa selemo sa 2026. Bakgethi ba tshwanelehang ba kgothaletswa ho nka monyetla ona wa ho qetela wa ho ingodisa kapa ho ntjhafatsa dintlha tsa boingodiso. Diteishene tsa ho vouta naheng ka bophara di tla bula ho tloha ka 08h00 ho isa ka 17h00. Bakgethi ba tshwanelehang hape ba ka nna ba ingodisa kapa ba ntjhafatsa dintlha tsa bona neng kapa neng ka phothale ya boingodiso ba dikgetho ya semmuso ya IEC inthaneteng, e fumanehang bosiu le motsheare,matsatsing a supileng a beke, ho https://registertovote.elections.org.za.
3.2.2    Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle, haholoholo batjha le ba tla beng ba vouta kgetlo la pele, ho sebedisa ditokelo tsa bona tsa demokrasi tsa ho vouta. Demokrasi ya rona e itshetlehile hodima thato ya batho, mme voutu ya hao e bohlokwa bakeng sa katleho ya demokrasi e sebetsang hantle. Ka ho sebedisa tokelo ya hao ya ho vouta le ho netefatsa bokamoso bo betere bakeng sa bohle re hlompha dilemo tsa boitelo le ntwa bakeng sa tokoloho eo re e fihlelletseng ka thata.

G.    MELAETSA
1.    Matshediso
Kabinete e fetiseditse matshediso ho metswalle le lelapa la:
•    Mmapala hare wa Bafana Bafana le Mamelodi Sundowns Jayden Adams (Grootman), ya neng a tlisa thabo setjhabeng ka papadi ya hae e babatsehang ho kenyeletswa le Mohopeng wa Lefatshe wa selemo sa 2026 wa FIFA.
•    Poropo ya papadi ya Rakbi ya Afrika Borwa ya ba ka tlase ho dilemo tse 18 Luqobo Makwedini, sebapadi se ipabotseng se senyane se neng se tlisa thabo ho ba bangata ka mosebetsi wa sona o matla le boitelo lebaleng la dipapadi. 
•    Mokaubere wa sebapadi sa thelevishene Seputla Sebogodi ya siyang lefa le tsotehang jwalo ka e mong wa dibapadi tse fetisisang tse nang le talente le tse hlomphehang, ka mosebetsi o ballwang ho dilemo tse mmalwa tse mashome ho phatlalla le tsa thelevishene le tsa kalaneng.
•    Molwanedi wa tokoloho Shantavothie “Shanthie” Naidoo Tweedie eo boitelo ba hae ba nako e telele bo thusitseng ho bopa leeto la Afrika Borwa la ho leba tokolohong. Jwalo ka motho ya neng a le kgahlano le kgethollo, o ile a tobana le dinako tse fapafapaneng tsa ho tshwarwa, ho kenyeletsa ho kwallwa a le mong, tlasa Molao wa Boferekanyi hammoho le ditaelo tsa thibelo. O boetse a ba palehong ho la United Kingdom ho tloha ka selemo sa 1972 ho isa ho sa 1991.
•    Bettina Wyngaard, leqwetha la Afrika Borwa le ileng la fetoha ho ba sengodi le molwanedi wa tokoloho, ya tsebahalang ka dibuka tsa hae tsa Sefrikanse le ho buella ditokelo tsa basadi.


2.    Ditakaletso tse Molemo
Kabinete e fetiseditse ditakaletso tse molemo le tse ntle kaofela ho:
•    Sehlopha sa Afrika Borwa bakeng sa ho fofisetsa folakga ya naha hodimo le ho etsa naha motlotlo Dipapading tsa Commonwealth ho la Glasgow. Ho fihlela mona Afrika Borwa e se e hapile dimedale tse 22: tse tsheletseng tsa gauta, tse robedi tsa silivera, le tse robedi tsa boronse.

Dimedale tsa Gauta

•    Pieter Coetze – ho sesa ka mokokotlo ha banna ha 200m
•    Pieter Coetze – ho sesa ka mokokotlo ha banna ha 50m
•    Pieter Coetze – ho sesa ka mokokotlo ha banna ha 100m.
•    Nathan Hendrick – setaeleng se bulehileng sa banna sa S13 100m. 
•    Lara van Niekerk – ho sesa ka mokokotlo ha basadi ha 50m.
•    Christian Sadie – setaeleng se bulehileng sa banna sa 50m S7

Dimedale tsa Silivera

•    Erin Gallagher – ho butterfly ya basadi ya 50m.
•    Aimee Canny – ho sesa ka mokokotlo ha basadi ha100m.
•    Michael Houlie – ho sesa ka mokokotlo ha banna ha 50m. 
•    Nathan Hendricks – setaeleng se bulehileng sa banna sa 50m S13. 
•    Danika Vyncke – setaeleng se bulehileng sa basadi sa 50m S13.
•    Aimee Canny – ho sesa a le mong basading ha 200m. 
•    Pieter Coetzé, Michael Houlie, Erin Gallagher, Aimee Canny – lebelong la neheletsano ya lesokwana la 4x100m. 
•    Kaylene Corbett – ho sesa ka mokokotlo ha basadi ha 200m.

Dimedale tsa Boronse

•    Erin Gallagher – ho butterfly ya basadi ya 100m.
•    Ruard van Renen – ho sesa ka mokokotlo ha banna ha 50m.
•    Ruard van Renen – ho butterfly ya banna ya 100m 
•    Olivia Nel – ho sesa ka mokokotlo ha basadi ha 100m.
•    Aimee Canny, Rebecca Meder, Erin Gallagher, Olivia Nel – lebelong le bulehileng la neheletsano ya lesokwana la basadi la 4x100m.
•    Pieter Coetze, Guy Brooks, Ruard van Renen, Chad le Clos – lebelong la bulehileng la neheletsano ya lesokwana la banna la 4x100m. 
•    Pieter Coetzé, Michael Houlie, Chad le Clos, Ruard van Renen –lebelong la kopanelo la neheletsano ya lesokwana la banna la 4x100m. Chad Le Clos e bile moatlelete wa monna ya ipabotseng ka ho fetisisa nalaneng ya Dipapadi tsa Commonwealth ka rekoto ya dimedale tse 21 kamora ho thusa Afrika Borwa ho fumana boronse lebelong la neheletsano ya lesokwana la banna la 4x100m.
•    Olivia Nel, Aimee Canny, Erin Gallagher, Rebeca Meder – lebelong la kopanelo la neheletsano ya lesokwana la basadi la 4x100m.

•    Di-Springbok ka ho hapa dipapadi tsa bona kaofela tse tharo tsa Mohope wa Ditjhaba le ho ba ka hodimo lokong ka dintlha tse ngata. 
•    Di-Junior Springbok ka ho hapa Bompodi ba Mohope wa Lefatshe wa Rakbi wa ba ka tlase ho dilemo tse 20 Tbilisi, Georgia.   
•    Dricus Du Plessis ka ho hlola Kamaru Usman ketsahalong e kgolo ya ntwa ya Ultimate Fighting Championship (UFC) Oklahoma City.
•    Bayanda Walaza bakeng sa mosebetsi wa hae o babatsehang Kopanong ya TIPOS P-T-S ho la Slovakia, wa ho hapa lebelo la 100m moo a ipabotseng ka ho fetisisa ka metsotswana e 9.89 le ho ba moAfrika Borwa wa bone wa ho matha ka tlasa metsotswana e 9.90.
•    Sehlopha sa naha sa basadi sa Afrika Borwa, Banyana Banyana ha ba kene tlhodisanong ya Basadi ya Mohope wa Ditjhaba wa Afrika ya selemo sa 2026 ho la Morocco me re ba lakaletsa tsohle tse ntle papading ya bona ya bobedi kgahlanong le Ivory Coast ka Labohlano, la 31 Phupu 2026. 
•    Yunivesithi ya Lejweleputswa (Wits) ka ho nkuwa e le yunivesithi e hodimo ka ho fetisisa Afrika, ho ya ka Setsi sa World University Rankings (CWUR). Boemo bona bo boetse bo beha Wits hodimo ho 1% ya ditheo tsa thuto e phahameng lefatsheng ka bophara bakeng sa selemo sa 2026, ho ba maemong a bo-200 hara ditheo tse fetang 21,000 tse lekotsweng lefatsheng ka bophara.
•    Yunivesithi ya Motse Kapa (UCT), ka ho behwa maemong a bo-102 lefatsheng ka bophara ho 2026 ⁠Times Higher Education Sustainability Impact Rankings a selemo sa 2026, le ho fihlella maemo a robong ho a 100 a hodimo ho phatlalla le Merero ya Ntsehetsopele ya Moshwelella (di-SDG) ya UN.
•     Lubanzi Dube ya nang le dilemo tse 12, ka ho ba motho e motsho wa pele wa moAfrika Borwa ho hapa bompodi bo tummeng ba World Startup Forum ho la Switzerland. O ne a hlodisana le baqapi ba bang ba 400 ba lefatshe ho pota, Lubanzi o hapile ka boiqapeleo ba hae ba pulamadiboho, SolEase e reretsweng ho sebetsana le diqholotso tsa boitekanelo ba maoto. Phihlello ya hae ha e behe feela Afrika Borwa mahlong a lefatshe empa e boetse e kgothaleditse batjha ba maAfrika Borwa ho latela saense, theknoloji, le boetapele ba dikgwebo.
•    Sehlopha sa Afrika Borwa bakeng sa ho fumana maemo a bone tlhodisanong ya Bompodi ba Lefatshe ya Spelling Bee Shanghai, ho la Tjhaena, moo moithuti wa  Kereiti 7 Mbulelo Tolom a fihlelletseng boemo ba botshelela bo hlollang ka kakaretso ha a ne a hlodisana le baithuti ba dikereiti tse ka hodimo ho ya hae.

Dipotso: 
Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Ikopanye le: Mofumahadi Nomonde Mnukwa, Motsamaisi Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485
 

Share this page

Similar categories to explore