Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro, la 29 Mphalane 2025.

A.    Maemo a Renang

1.    Dipapadi le Momahano  ya Setjhaba
1.1.    Sehlopha sa Kirikete sa Basadi sa Proteas se finyella Makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa Basadi wa Kirikete wa ICC 
1.1.1.    Kabinete e thoholetsa Sehlopha sa Afrika Borwa sa Naha sa Kirikete sa Basadi ka ho ipabola ha sona le ho etsa nalane ka ho finyella makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa Kirikete wa Basadi wa ICC lekgetlo la pele. Papadi ya bona e bile  e tswileng matsoho mme ba ipehile e le bahlodisani sethaleng sa lefatshe . 
1.1.2.    Kabinete e ba lakaletsa katleho jwalo ka ha ba itokisetsa makgaolakgang mme e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ohle ho ba ema nokeng jwalo ka ha ba batla ho hapa Mohope wa Lefatshe wa Kirikete wa Basadi wa ICC lekgetlo la pele. Kabinete e thabetse taba ya hore selemo sa 2025 e bile sa katleho dihlopheng tsa Afrika Borwa tsa naha tsa kirikete jwalo ka ha sa banna se hapile  Bompodi ba Diteko tsa ICC ha sa basadi sona se finyelletse makgaolakgang a Mohope wa Lefatse wa ODI.

2.    Moruo 
2.1.    Afrika Borwa e hlakolwa lenaneng la dinaha tse sa sebetseng hantle ke Lebotho la Tshebetso la Tshebediso ya Ditjhelete  (FATF) 
2.1.1.    Kabinete e thabetse ho hlakolwa ha Afrika Borwa lenaneng la dinaha tse sa sebetseng hantle ke Lebotho la Tshebetso la Tshebediso ya Ditjhelete  (FATF). Qeto ena e latela ho phethela ka katleho mehato e 22 e neng e hlokahala ka Phuptjane 2025 mme qeto ena ya FATF e latela ditlhahlobo tseo e di entseng ka Phupu. Sena se netefatsa taba ya hore diphetoho tseo Afrika Borwa e di etsang ho thibeleng ho patwa ha mehlodi  ya ditjhelete  le tshehetso ya tsa boferekanyi  ka ditjhelete di  a sebetsa le ho ba tsa moshwelella.  
2.1.2.    Kabinete e rolela kgaebana sehlopha se ikgethang sa mafapha a kenyeletsang la Matlotlo, Lekala la   Tshireletso ya Naha, Bolaodi ba   Naha  ba Botjhutjhisi le Botsamaisi ba Dipatlisiso tsa  ba  Ditlolo tsa Molao tse ka Sehloohong ka ho tla ka mehato ya ho thibela le ho tjhutjhisa boferekanyi le tshehetso ya bona ka ditjhelete . 
2.1.3.    Qeto ena e latela ho behwa leihlo le ntjhotjho ha naha ya rona ho tloha haesale e kenngwa lenaneng la tse sa sebetseng hantle ka selemo sa 2023. Sena se bontsha maikemisetso a Afrika Borwa a ho ikamahanya le molao, ho matlafatsa ditheo tse ka sehloohong esitana le ho matlafatsa mekgwa ya puso le qobello ya molao. 
2.1.4.    Ketso ena ya ho  tloswa ha naha ena lenaneng la tse sa sebetseng hantle  ho tla ntlafatsa ho tshetjwa ha naha ena ho tsa kgwebo, ditshebeletso tsa yona  tsa ditjhelete, ho fokotsa  ditjeo tsa ho kadima ditjhelete, ho matlafatse ho tshetjwa ha moruo wa rona esitana le ho theha menyetla ya mesebetsi. Ho feta moo, ho tloswa lenaneng lena ho tla fedisa phapanyetsano e fosahetseng ya ditshebeletso tsa ditjhelete le dinaha tse ding mme ho phahamise ho tshetjwa le ho tshepahala ha ditsamaiso  tsa ditjhelete ha Afrika Borwa boemong ba matjhaba.

2.2.    Ho ntlafala ha bokgabane ba tshebetso ya Maemakepe a  Afrika Borwa 
2.2.1.    Kabinete e thabetse ho thakgolwa ha dikereine tse ntjha tse  laollang le ho palamisa  dikhontheina  Boemakepeng ba Thekong, e leng   karolo ya Lenaneo la Ntjhafatso Botjha la  R4 bilione la Dikhontheina tsa  Transnet. 
2.2.2.    Transnet e laola  ditshebeletso tsa ho thothwa ha thepa ka dikepe le diterene  le ho tsamaiswa ha mafura ka dipeipi tseo kaofela di leng bohlokwa kgolong ya moruo. Mosebetsi ona o kenyeletsa ho thothwa ha thepa ka dikhonteina, ho fana ka tshebeletso tse tshepahetseng tsa dipalangwang  le ho netefatsa hore infrastraktjha  e boemong ba matjhaba. Ka ho fana ka mekgwa e tshepahetseng le e kgabane ya ho thothwa ha thepa, Transnet e ikemiseditse ho nyolla boemo ba ditshebeletso tsa yona matjhabeng, ho fokotsa ditjeo tsa ho etsa kgwebo esitana le ho nyolla maemo a moruo wa naha. 
2.2.3.    Dikereine  tsena tse  ntjha di  tla nyehela tabeng ya lethathama la phano le tshepahalang, ho bokgabane ba tshebetso , ho matlafatsa bokgoni ba ho sebetsana le dithoto le bohlodisani, ho fokotsa ditjeo tsa thomello ya ka ntle le ho reka ka ntle le ho eketsa bokgoni ba kgwebisano – mme qetellong tsena tsohle di tla tshehetsa kgolo ya moruo, ntshetsopele ya diindasteri le ho theha menyetla ya mesebetsi .. Kabinete e netefatsa taba ya hore mmuso o ikemiseditse ho etsa hore ditshebeletso tsa ho thothwa ha thepa ho sebetsa ka maemo a sejwalejwale, ho ntlafatse infrastraktjha ya maemakepe  ho etsa hore ditshebeletso tsena e be tse itsekang le tse  maemong a matjhaba.

3.    Ntshetsopele ya kahisano le ya batho  
3.1.    Dihlahlobo tsa Lengolo la Sehlopha sa Leshome 
3.1.1.    Kabinete e amohela  ho qala hantle ha Dihlahlobo tsa 2025 tsa Lengolo la Sehlopha sa Leshome (NSC) moo baithuti ba ka bang 900 000 naheng ka bophara ba tla beng ba ngola ditlhahlobo  tsa bona. Lefapha la Thuto ya Motheo le tlile le mekgwa e tla netefatsa hore ditlhahlobo  tsena di tsamaya ka mokgwa o tshepahetseng. 
3.1.2.    Kabinete e etsa kgoeletso ho batswadi le bahlokomedi ba bona ho tswela pele ho tshehetsa bana nakong ena ka ho netefatsa hore ba ba le maemo a amohelehileng a ho ithuta le ho netefatsa hore ba ba le matswalo a tsitsitseng ho fihlela sephetho se tswa ka Pherekgong 2026. Batjha bana ke bona setjhaba sa kamoso, ba tlameha ho tseba hore re motlotlo ka bona.

3.2.    Tlhoriso  dikolong
3.2.1.    Kabinete e ngongorehiswa ke ditlaleho tsa moraorao tsa diketsahalo tsa ho hloriswa dikolong tse fapafapaneng. Ho hloriswa dikolong ke taba e hlokolosi haholo; mme ke boikarabelo ba bohle  ho netefatsa hore dikolo tsa rona ke dibaka tse bolokehileng le tse amohelehileng bakeng sa ho ithuta. 
3.2.2.    Kabinete e etsa kgoeletso dikolong tsohle ho nka menyenyetsi ena ya ho hloriswa, dikgoka  le tlhokofatso  ka tsela e hlokolosi mme di tlameha ho e fuputsa. Baithuti ba kgothaletswa ho tlaleha diketsahalo tsa ho hloriswa le ho hlokofatswa  ho  mesuwehlooho, matitjhere, batswadi le bahlokomedi ba bona. 
3.2.3.    Kabinete e thathiselletsa botjha hore dikolo di lokela ho ikobela  Moralo wa Naha wa Polokeho Dikolong,  o fanang ka tataiso ya ho sebetsana le dikgoka  ho kenyeletsa  ho hlorisa. Ho bile ho na le tlhokeho e kgolo ya hore dikolo di kenye tshebetsong Khoutu ya  Boitshwaro  ya Baithuti e hlakisang tsela eo baithuti ba tlamehang ho itshwara ka yona le ho hlakisa ditlamorao tsa tlhoriso .

4.    Dikamano tsa matjhabeng
4.1.1.    Maeto a tshebetso le  ditherisano tsa matjhaba 
4.1.2.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o sa tswa phethela leeto la hae la dinaha tse tharo e leng Indonesia, Vietnam le Malaysia; o ile a boela a etela le Switzerland. Sepheo sa maeto ana ke ho tiisa maqhama pakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tsena; haholoholo ho tsa kgwebisano, matsete le tshebedisano. Ketelo ena ya dinaha tse tharo tsa Asia, ke karolo ya matsapa a ho theha ditumellano tsa kgwebisano e sa lefellweng e tla thusa hore Afrika Borwa e kgone ho kena mebarakeng a fapafapaneng. 
4.1.3.    Hajwale, kgwebisano ya Afrika Borwa le dinaha tse ka borwa botjhabela ba Asia e a fokola, e ballwa feela ho didolara  tse dibilione di 22 ho isa ho tse 25.  Ketelong ena, dinaha tsena ka boraro di  bone tlhokeho ya ho eketsa matsete le kgwebisano pakeng tsa dinaha tsena. 
4.1.4.    Ho na le dihlahiswa tse ngata tsa Afrika Borwa tse ka romelwang dinaheng tsa Asia tse kang mashala, ditholwana le dihlahiswa tse ngata tsa temo mme tsena kaofela di ka  atolosetsa  kgwebisano le thomello ya thepa dinaheng tsa ka ntle. 
4.1.5.    Mokgahlelo wa ho qetela wa maeto ana e bile la naha ya Switzerland. Ketelo ena yona e ne e le ho tiisa maqhama ho tsa dipolotiki, moruo le tsa kahisano   tseo kaofela di ka tiisang tshebedisano ho tsa kgwebisano, matsete  le ntshetsopele ya maitsebelo, tsa saense le ntjhafatso .

5.    Dikamano pakeng tsa Afrika Borwa le Türkiye 
5.1.1.    Ketelo ya Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile naheng ya Türkiye kgweding ya Mphalane 2025 e ile ya tiisa maqhama pakeng tsa dinaha tsena tse pedi. Nakong ya ketelo ya hae, o ile a ba e mong wa badulasetulo moketeng wa ho thakgolwa ha Ha Khomishene ya Dinaha tse Pedi  (BNC) pakeng tsa dinaha tsena tse pedi. BNC e ile ya kopana ho latela tumellano ya 2012 moo ho neng ho thehwe khomishene ena  moo ho neng ho dumellanwe hore batlatsi ba  Bapresidente e tla ba bona ba e etellang pele.  
5.1.2.    Dipuisano ketelong ena di phethetswe ka ho tekenwa ha ditumellano tse fapafapaneng ho kenyeletsa Boitlamo ba Kopanelo ba ho Theha Khomishene ya Kopanelo ya Moruo le Kgwebisano (JETCO)  le Tokomane tsa Tshebedisano makaleng a kang thuto e phahameng le thupello  le tshebedisano mabapi le kgwebisano e sa lefellweng.

6.    G20
6.1.1.    Kabinete e motlotlo ho tseba hore boitokisetso ba Afrika Borwa ba ho tshwara Seboka sa Baetapele ba Dinaha tsa G20 ka la 22 ho isa ka la 23 Pudungwana bo se bo le maemong a ho qetela mme Kabinete e na le boitshepo ba hore naha ena tla tshwara seboka sena ka katleho. 
6.1.2.    Ho lebeletswe ha seboka sena se tsosolosa moruo ka ho eketsa tlhokeho ya dihlahiswa, ditshebeletso, infrastraktjha  le tsa ho thothwa ha thepa esitana le ho theha menyetla ya mesebetsi le ho nyolla lekeno la dikgwebo tsa lehae. Ho feta moo, ho tla ba le baemedi ba dinaha tsa matjhaba, boraditaba le baeti ba bang ho tla netefatsa ho tsetjwa ha Afrika Borwa matjhabeng mme ho matlafatse lekala la bohahlaudi.  Bopresidente ba rona ba G20 bo se bo ntse bo matlafatsa  lekala la rona la bohahlaudi jwalo ka ha ho se ho bile le dikopano tse 100 ho tse 132 ho tloha ka la 1 Pudungwana 2024. 
6.1.3.    Pele ho seboka se seholo sa G20, ho tla ba le se Ikgethileng ka la 18 ho ya ho la 20 Pudungwana 2025, mme ho sona ho tla kenyeletswa   setjhaba ka kakaretso hore le  sona se nke karolo diqetong tsa G20, e leng se tla tlisa bonngwe matjhabeng, ntshetsopele e kopanyang bohle le hona ho tla tlisa boitlamo bo bontshang ditabatabelo tsa setjhaba. 
6.1.4.    Afrika Borwa e sebedisa Bopresidente ba yona ba G20 ho tobana le diphephetso tse ngata tse tobaneng le lefatse mme e tsitlallela tumellanong dintlheng tse ngata. Ntho e pele ho rona ke ho matlafatsa mokgwa wa ho sekasekana le dikoduwa, ho tsitsiswa ha maemo a dikoloto dinaheng tse ntseng di thuthuha, ho bokeletsa ditjhelete bakeng sa tlhahiso ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng  le tshebediso ya diminerale tsa bohlokwa bakeng sa kgolo ya moruo o  kenyeletsang bohle. 
6.1.5.    Re se re emetse ho amohela baeti ba rona Sebokeng sa G20 sa Baetapele moo re tla fetisetsang teng Bopresidente bona ba G20 hantle ho naha ya Amerika.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.     Ditshisinyo tsa Moralo wa Tshebediso ya Tjhelete le Lekeno wa 2025 
1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho tliswa palamenteng ha Ditshisinyo y tsa Moralo wa Tshebediso ya Tjhelete le Lekeno wa 2025. Moralo ona wa ditjhelete ke karolo ya bohlokwa ya ditekanyetso tsa selemo ka seng tsa naha. Moralo ona wa Tshebediso ya Tjhelete e ba wa selemo se itseng sa ditjhelete mme ona o matlafatsa leano la moruo o moholo la kabinete ya naha. Lona le kenyeletsa dintho tse ngata, tse kang kakanyo ya lekeno (tekanyetso le tekanyetso e eketsehileng e tekilweng ka thoko) eo e lebeletsweng hore e hlahiswe selemong seo sa ditjhelete ho kenyeletsa bolepi ba dikadimo tsa selemo seo sa ditjhelete. 
1.2.    Letona la Ditjhelete, Enoch Godongwana, o tla tshetleha Puo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS) Palamenteng ka la 12 Pudungwana 2025 ka hora ya bobedi thapama.

2.    Afrika Borwa e nka boetapele ba nakwana ba SADC 
2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana kopo ya Mongodi wa Phethahatso wa Badudi ba   Ntshetsopele ya Dinaha tsa Afrika e Borwa (SADC), Monghadi Elias Mpedi wa hore Afrika Borwa e nke boetapele ba nakwana ba SADC ho latela tsitsipano ya tsa dipolotiki ya moraorao tjena Madagascar. Sena se kenyeletsa ho tshwarwa ha dikopano tsa SADC tse neng di hlophiseditswe kgwedi ya Pudungwana 2025 mme ho lebeletswe hore Afrika Borwa e tshware mokobobo ho fihlela ho nkuwa qeto ya moshwelella. 
2.2.    Kopo ena e tsamaisana le Karolo 9A(2)(b) le 10(4) ya Tumellano ya SADC e bolelang hore haeba Modulasetulo wa ka nako eo a sa kgone ho ntshetsa pele mesebetsi ya hae, Modulasetulo ya tlo hlahlama o tlameha ho tshwara mokobobo ho fihlela Seboka se nka qeto.   

3.    Leano la Ditshebeletso tsa Ntshetsopele ya Setjhaba ho Batho ba Qhwadileng  
3.1.    Leano lena le ile la busetswa ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba bakeng sa ho buisana le Letona la Ditjhelete bakeng sa ditjeo tsa lona.

4.    Tlaleho ya borobedi ya Selemo ya Kgatelopele (2023 – 2024) bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha Pampiri e Tshweu   ya Ditokelo tsa Batho ba Qhwadileng (WPRPD)
4.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya borobedi ya Kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha WPRPD, le dikgothaletso tsa yona. Tlaleho ena e bontsha kabelo ya mafapha a naha le a diprovense nakong ya 2023 – 2024. Yona e fana ka dintlha tse fihleletsweng bakeng sa mehato e entsweng ya ho kenella ho tlosa ditshita tsa phihlello bakeng sa batho ba qhwadileng s.  
4.2.    Tlaleho ena e hlakisa mehato ya bohlokwa e nkilweng ho tlosa ditshita tsa phihlello ya ditshebeletso bakeng sa batho ba qhwadileng. Tsona di kenyeletsa matsholo a tlhokomediso, ntlafatso ya infrastraktjha ho etsa hore ba kgone ho kena meahong, ho rarolla mathata a bona mabapi le tshebediso ya dipalangwang tsa setjhaba le ho kenyeletsa tharollo ya mefuta ya dikgokahanyo. Ke bonyane mafapha a 30 a naha le dikantoro tse tsheletseng tsa Ditonakgolo tse bileng le kabelo tlalehong ena e seng e tjhaeletswe monwana ho kenngwa koranteng ya mmuso le setjhabeng ke Lefapha la Basadi le Batho ba Qhwadileng. Tlaleho ena o ka e fumana ho www.dwypd.gov.za.

C.    Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1.    Monghadi Livhuwani Tommy Makhonde jwalo ka Motsamaisi Kakaretso Lefapheng la Ditaba tsa Lehae (ho atolositswe konteraka) 
2.    Ngaka Mbulelo Nokwequ jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Setheo sa Naha sa Thuto ya Dinaledi ya Afrika Borwa. 
3.    Monghadi Mpumelelo Maseko jwalo ka Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso ho Boto ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba.

4.    Boto ya Batsamaisi ba SASRIA 
(i)    Ngaka Nolwandle Mgoqi-Mbalo (o kgethilwe hape);
(ii)    Monghadi Reginal Haman (o kgethilwe hape);
(iii)    Mofumahadi Margaret Phiri (o kgethilwe hape); 
(iv)    Monghadi Shafee Verachia;
(v)    Mofumahadi Noxolo Abraham;
(vi)    Mofumahadi Nomusa Mufamadi;
(vii)    Monghadi Afika Selemane;
(viii)    Monghadi Nkhumeleni Musekwa;
(ix)    Mofumahadi Vuyelwa Matsiliza; 
(x)    Mofumahadi Mmabatho Sukati; le 
(xi)    Monghadi Dirkse Kunz

5.    Batsamaisi ba Boto ya Lekala la Dipalangwang tsa Mebileng tse Tshelang Madiboho (C-BRTA) (Jwalo ka ha boletswe nakong e fetileng)

(i)    Monghadi Randall Howard (Modulasetulo);
(ii)    Monghadi Loyiso Kula 
(iii)    Moatevokate Adila Chowan (o kgethilwe hape);
(iv)    Mofumahadi Keitumetse Mahlangu;
(v)    Mofumahadi Yongama Pamla-Dhludhlu;
(vi)    Ngaka Dineo Penelope Mathibedi;
(vii)    Mofumahadi Zandile Kabini; le
(viii)    Monghadi Dave Jackson Moswane

6.    Ditho tsa Boto ya Ntshetsopele ya Indasteri ya tsa Kaho 
(a)    Monghadi Khulile Nzo; (Modulasetulo);
(b)    Moprofesara Susanna Bouillon (Motlatsa Modulasetulo);
(c)    Mofumahadi  Yvonne Mbane;
(d)    Ngaka Karabo Siyila;
(e)    Monghadi  Johan van der Walt;
(f)    Ngaka Deenadayalen Konar;
(g)    Ngaka Julia Petla;
(h)    Mofumahadi  Thembisa Jimana; le 
(i)    Ngaka Elizabeth Makgae

D.    Tse ntjha mabapi le Kabinete

1.    Merero ya ho rarolla mathata a tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho silafatsa ha tsona 
1.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ke Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere (DWS) ka merero ya nako e telele ya ho rarolla phephetso ya ho silafatswa ha metsi ke dikgwerekgwere e tobaneng le bommasepala ba fapafapaneng. 
1.2.    Koranta ya Mmuso e Qobellang la Maemo a Ditshebeletso tsa Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere ya DWS ka la 6 Phuptjane 2025, e se e thehile tikoloho e tla dumella ho kenngwa tshebetsong ha mokgwa wa tsamaiso ya dikgwerekgwere o kgabane naheng ka bophara. 
1.3.    Dipehelo tsena di thibela dikgokelo tse ntjha   tse hlwekisang metsi tse seng di ntse di imetswe. Sena se bolela hore bommasepala ba ke ke ba sa dumella dikgokelo tse ntjha ditsing tse teng hajwale tsa tlhwekiso ya metsi, ntle le haeba setsi seo se tla kgona ho emelana le mothamo oo o motjha. 
1.4.    Ho feta moo, Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Ditshebeletso tsa metsi e tla neha Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere matla a eketsehileng a ho qobella dipehelo le maemo a tshebetso.

E.    Diketsahalo tse tlang
1.    Seboka sa borobedi sa Tlatseletso ya Letlole la Matjhaba la Twantsho ya AIDS, Lefuba, le Malaria 
1.1    Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarelwa kwano ha Seboka sa borobedi sa Tlatseletso ya Letlole la Matjhaba  Johannesburg ka la 21 Pudungwana 2021. Seboka sena se tla tshwarwa ka kopanelo ke Afrika Borwa le United Kingdom ka tshebedisano le Letlole la Matjhaba ka sepheo sa ho lwantsha AIDS , Lefuba (TB) le Malaria se tla tshwarwa letsatsi pele ho Seboka sa G20 sa Baetapele. Kopano ena ke monyetla o moholo wa ho etsa kgoeletso matjhabeng ho fana ka disebediswa  le ho potlakisa twantsho ya HIV le AIDS  esitana le TB le malaria. 
1.2    Seboka sena se tla kopanya Dihlooho tsa Mebuso, mafapha,   setjhaba ka kakaretso, badudi , balekane ba bang  le dikgwebo tsa poraefete ka sepheo sa ho fumana matsete a hlokahalang bakeng sa mananeo a ho pholosa maphelo. Ho lebeletswe hore ditherisano sebokeng sena di matlafatse botsitso ba ditshebeletso tsa bophelo bo botle tseo e leng tsa bohlokwa molemong wa ho aha bokamoso bo itekanetseng le bo bolokehileng  bakeng sa bohle.

F.    Melaetsa
G.    Matshediso
Kabinete e lebisa kutlwelo bohloko ho lelapa le metswalle ya:

  • Mokaubere wa radio  Moruti Abel Sello Phiri, eo lentswe la hae le neng le kgothatsa ba bangata lenaneong la motsheare wa mantsiboya  Motsweding FM.
  •  Kabinete e fetisetsa matshediso le kutlwelo bohloko ho malapa le metswalle ya batho bohle ba 15 ba lahlehetsweng ke maphelo a bona dikotsing tse pedi tsa mebileng. Kotsing ya ho thulana ha tekesi le vene Bassonia, Gauteng moo ho hlokahetseng  batho ba supileng le ho e nngwe moo ho thulaneng teng tekesi le lori mmileng o moholo wa N3 pakeng tsa Van Reenen’s Pass le Montrose  Foreistata moo ho hlakahetseng  batho ba robedi.
  • Tshiamo le Baleseng Moramaga,  bo motswala ba babedi ba ileng ba bolawa ka sehloho ka Botjhabela ho Mamelodi. Mmelaellwa ya dilemo di 38 ya tshwerweng mabapi le dipolao tsena tse sehloho o hlaheletse Lekgotleng la Dinyewe  la Mamelodi maobane (Laboraro).

1.    Dithoholetso 
Kabinete e lebisa dithoholetso  le ditakaletso tse ntle ho:

  • Qhawekazi Mazaleni ka ho hapa ho ba Mmabotle wa Afrika Borwa wa selemo sa 2025, mme e mo lakaletsa mahlohonolo mosebetsing wa hae o motjha.  
  • Kabinete e nkile qeto ya ho lebohela  Mopresidente ka ho tlotlwa ka kgerata ya bongaka ke Yunivesithi ya Malaya.  
  • Melissa Nayimuli ka tlotla ya ho ba Mmabotle wa Matjhaba wa Afrika Borwa mme o tla emela Afrika Borwa boemong ba matjhaba tlhodisanong ya Mmabotle wa Matjhaba Thailand.
  • Kabinete e thoholetsa Sekolo sa Naha sa Mmuso  ka ho fana ka thuto ya Sekolo sa Taolo ya Moruo  bakeng sa baetapele ba mmuso  Nairobi Kenya, ka tshebedisano le Setheo sa Bolaodi le Tsamaiso ya Mmuso ya Ghana  (GIMPA) le Sekolo sa Mmuso sa Kenya  (KSG), ho tloha ka la 27-30 Mphalane 2025. Dithutong tsena ho ne ho tlile ditho tsa palamente le tsa kabinete le dihlooho tsa mafapha a thuto a Afrika Borwa, Ghana le Kenya. Lenaneo la Taolo ya Moruo le ne le tjhaelwe monwana ke Kabinete ka Phato 2020 mme le reretswe ho matlafatsa tsa boetapele, diphuputso le ditherisano tsa leano ka tsa taolo ya moruo maemong a kabinete le a hodimo a bolaodi   mmusong.

Dipotso: 
Monghadi Sandile Nene – Sebueledi  sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 712 2316
 

Share this page

Similar categories to explore