Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 28 Motsheanong 2025

A.    Maemo a Renang
1.    Tsa matjhaba
1.1    Dikamano tsa Afrika Borwa le Amerika
1.1.1    Kabinete e amohetse matsapa a ho ntlafatsa dikamano dipakeng tsa Afrika Borwa (SA) le Amerika (US) nakong eo Mopresidente Cyril Ramaphosa a neng a le leetong la semmuso Amerika.
1.1.2    Dihlopha tsa SA le US di tla phethela dintlha tse saletseng ditumellanong tsa kgwebo dipakeng tsa SA le US. Re rata ho toboketsa hore sepheo sa leeto la SA la ho ya US e bile katleho.
1.1.3    Kabinete e lebeletse hore US e nke karolo sebokeng sa G20, e bile e lebeletse hore Mopresidente Trump a be teng Sebokeng sa G20 sa Baetapele.

1.2    Dikamano tsa Afrika Borwa le Fora
1.2.1    Kabinete e ananetse leeto la semmuso la Motlatsa Mopresidente Shipokosa Paulus Mashatile la ho ya Fora ka sepheo sa ho tiisa dikamano dipakeng tsa Afrika Borwa le Fora. Motlatsa Mopresidente le kemedi ya Afrika Borwa ba ile ba boela ba ya le Sebokeng sa Matsete sa Afrika Borwa le Fora sa Dikhamphane tsa Fora tse Afrika Borwa le tsa Afrika Borwa tse Fora. Sena se ile sa tiisa dikamano dipakeng tsa dikhamphane tsa Afrika Borwa le tsa Fora ka ho ikamahanya le Lenaneo la Pebofatso ya Kgwebisano ya Dinaha tsa Afrika.

2.    Moruo
2.1    Bajete ya Naha
2.1.1    Kabinete e netefatsa hore e tshehetsa Kabo ya Bajete ya Naha e ileng ya tshetlehwa ke Letona la Ditjhelete ka Laboraro la la 21 Motsheanong 2025, e hlakisang tsela eo tjhelete ya naha e tlang ho sebediswa ka yona dilemong tse tharo tse tlang.
2.1.2    Bajete ena ya Naha, e bontshitse boinehelo ba rona tshebedisong ka nepo tjhelete ya setjhaba. Re bontsha hore re kganna mmuso wa rona ka mokgwa o nepahetseng, le o hlokomelang bohle ba sa kgoneng ho itlhokomela setjhabeng, mme ka mokgwa o tshwanang re ntse re tsetela trilione e le nngwe ya diranta meralong ya motheo bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang.
2.1.3    Bajete ena e hlokomelang bafumanehi, e bolela hore disente tse 61 tsa yona di tla sebedisetswa ditshebeletsong tsa sethatho tse kang motlakase, metsi, thuto, tsa bophelo bo botle, matlo ha mmoho le dipei tsa setjhaba.

2.2    Seboka sa Afrika Borwa sa Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo (SIDSSA) sa 2025
2.2.1    Kabinete e ananela ho tshwarwa ka katleho ha Seboka sa Afrika Borwa sa Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo (SIDSSA) sa 2025 se neng se tshwaretswe Kapa ka la 25 ho ya ka la 27 Motsheanong 2025, moo ho sona ho ileng ha thakgolwa buka ya bobedi ya tsa kaho: “A Repository of Funded Infrastructure Projects” bakeng sa dithendara tsa 2025/2026. 
2.2.2    Sebokeng sena, ho ile ha phatlalatswa diprojeke tse supileng (7) tsa meralo ya motheo tse tlohang ho Bid Window 1 jwalo ka mokgwa wa naha ya rona wa ho e ntlafatsa le ho nyolla moruo, ho theha mesebetsi le ho ntlafatsa setjhaba ka kakaretso.
2.2.3    Diprojeke tse tswellang pele hona jwale ho tsa kaho di ballwa ho dibilione tse R313.5, ha e le ho tsa motlakase teng ho lebeletswe tse bitsang dibilione tse R180 bakeng tsa ho fehla motlakase.

3.    Toka, Tshireletso le Thibelo ya Botlokotsebe 
3.1    Dipalopalo tsa botlokotsebe
3.1.1    Dipalopalo tsa kotara ya bone tsa selemo sa ditjhelete sa 2024/2025 di bontsha hore botlokotsebe e sa le mathata a maholo a kgathatsang batho bohle Afrika Borwa. Dipalopalo di bontshitse ho fokotseha ha mefuta e itseng ya botlokotsebe e kenyeletsang dipolao. Leha ho le jwalo, botlokotsebe ba dikgwebo, ba tsa thobalano bo kenyeletsang dipeto le tlhekefetso ya thobalano di eketsehile.
3.1.2    Re phaphathela sepolesa sa rona matsoho ka ho potlakisa diphuputso tsa ona ha mmoho le ho tshwara babelaellwa ba botlokotsebe ba GBVF. Sepolesa se se se kgonne ho tshwara babelaellwa polaong ya Olorato Mongale, moithuti wa Yunivesithi ya Wits ya ileng a bolawa ke motho eo a neng a intshitse le ena. Re le mmuso, re lebisa matshediso ho lelapa le metswalle ya hae.
3.1.3    Mmuso o ananela kahlolo e dihilweng ke Moahlodi Nathan Erasmus wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Kapa Bophirima, ha a ne a ahlolela Kelly Smith, Jacquen Appollis le Steveno van Rhyn bophelo bohle ba bona tjhankaneng ha mmoho le dilemo tse ding tse leshome ka hodimo bakeng sa nyewe ya ho kwetelwa le ho nyamela ha Joshlin Smith a neng a le dilemo tse tshelela. Leha kahlolo ena e bontsha toka, empa ena e ntse e le nako e mahlonoko. Re ntse re ikemiseditse ho etsa bonnete ba hore mekgatlo e kenyang molao tshebetsong e qetella e fumane moo Joshlin a leng teng. Tshireletso ya bana ke taba ya bohlokwa naheng ka bophara. Re tla tswela pele ho matlafatsa melao ya rona, tshebedisano le bankakarolo ba bang ha mmoho le setjhaba ho netefatsa hore ngwana e mong le e mong o bohlokwa, o bolokehile, o bile o tshireletsehile setjhabeng. 
3.1.4    Jwalo ka mmuso, re tla tswela pele ho matlafatsa letsholo la rona kgahlano le botlokotsebe ka hore re hire mapolesa a matjha le ho theha makala a matjha a lwantshang botlokotsebe. Sena se kenyeletsa ho matlafatsa makala a kenyang molao tshebetsong ka thupello le disebediswa tsa sejwalejwale tse hlokehang ho rarolla dinyewe tse thata.

3.2    Ho lwantsha ho kena ho seng molaong naheng ena
3.2.1    Ho thakgolwa ha Leano la Operation New Broom ke mokgwa o motjha wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae wa ho lwantsha ho kena ho seng molaong naheng ena, e leng se bontshang boinehelo ba mmuso ba ho lwantsha botlokotsebe le ho netefatsa ho ikobela molao. Leano lena, le sebedisa theknoloji ho tshwara, ho qosa le ho busetsa ba keneng kwano ka tsela e seng molaong dinaheng tsa habo bona. 
3.2.2    Leano lena le tla ka mekgahlelo mme le entse hore ho tshwarwe babelaellwa ba 25 ba neng ba ipehile lefatsheng leo e seng la bona ho la District 6, Kapa. Leano lena le sebedisa theknoloji ya dikgatiso tsa menwana ho bona hore mmelaellwa o kena kwano semolao kapa tjhe, e leng se fokotsang botlokotsebe ba ho etsa ditokomane tsa mokunyata le ho bebofaletsa makgotla a dinyewe mosebetsi wa ho phethela dinyewe.

4.    Puso
4.1    Puso ya Kopanelo (GNU)
4.1.1    Kajeno ho fela selemo ka mora dikgetho tse akaretsang tsa naha le diprofensi, tseo sephetho sa tsona se neng se bontshe ha ho se mokga o hapileng ka bongata bo hlokehang. Re le Mmuso wa Kopanelo, re motlotlo hobane re ne re kgone ho theha mmuso ho so fele matsatsi a 14 ka mora dikgetho ha re bapisa le nako e nkuwang ke dinaha tse ding tse seng di tswetse pele maemong a kang ana a rona.
4.1.2    Katleho ena e bontsha boinehelo ba ho ba le puso e setletseng le e kenyeletsang bohle. Tshebedisano ena e entseng nalane e kopantseng mekga e 10 ya dipolotiki e bontshitseng boinehelo ba ho beha ditlhoko tsa Maafrika Borwa pele. Ka puisano le tshebedisano, mekga ena e bontshitse popahano ho shebana le ditlhoko tsa bohlokwa tsa naha leha mekga ena e na le dipheo tse fapaneng.

B.    Ho hlajwa ha Kabinete malotsana
1. Ditokiseletso tsa G20

1.1    Sebaka sa Seboka sa G20 sa Baetapele
Seboka sa G20 sa Baetapele se tla tshwarelwa Setsing sa Dipontsho sa NASREC Johannesburg ka Pudungwana 2025. NASREC (Setsi sa Dipontsho sa Lefapha la Temo, Dipapadi le Boithapollo) se ne se thehwe ka 1984 ka nako ya kgethollo. Sebaka sena, se dipakeng tsa Johannesburg le SOWETO sebaka seo e neng e le sa batho ba batsho le moo ba neng ba sa dumellwa ho tsamaya leha e le kae ka bolokolohi le moo ba neng ba sebediswa teng jwalo ka basebeletsi ba neng ba lefshwa meputso e tlase. Le nakong ena ya demokrasi, mmuso o tswetse pele ho ntlafatsa NASREC, ho e nka e le borokgo bo kopanyang Afrika Borwa ya maobane le ya kajeno ha mmoho le dikarohanyo tse neng di le teng pele tsa ho se lekane nakong ya kgethollo e leng se ntseng se bonahala le kajeno. Le kajeno NASREC e ntse e ntlafatswa mme ho yona ho na le Lebala le leholo la bolo (Lebala la FNB). Lebala lena ho lona ho ne ho bapallwe papadi ya pele ya Mohope wa Lefatshe Afrika, mme ke le leng la a 20 a maholo lefatsheng. Ka lebaka leo, ho tshwarelwa ha Seboka sa G20 sa Baetapele jwalo ka diketsahalo tse ding, ho bontsha ho tswelapele ha ho nkuwa ha NASREC jwalo ka sebaka se kopanyang setjhaba le ho tlisa tekatekanyo Afrika Borwa.

1.2    Seboka sa Setjhaba sa G20 
Afrika Borwa haufinyana e tla thakgola moralo le lenaneo la Seboka sa Setjhaba sa G20. Seboka sena sa Setjhaba sa G20, ke monahano o motle o ileng wa qala Sebokeng sa G20 sa Brazil, moo mekgatlo ya setjhaba ya dinaha tsa G20 tse nang le ditaba tse amanang le tsa bodulo le tsa moruo e fumanang lepatlelo la ho qoqisana ka ditaba tseo.

1.3    Dikopano tsa ho Itokisetsa Seboka sa G20 
Jwalo ka karolo ya ditokisetso tsa Seboka sa Baetapele ba G20, ho ile ha tshwarwa dikopano tse latelang tsa G20: 
a)    Kopano ya bobedi ya Tshebedisano ya Matjhaba ho tsa Ditjhelete e ne e tshwaretswe Mpumalanga – ho yona ho ile ha qoqwa ka taba ya ho kenyeletsa bohle ho tsa ditjhelete ka ho fana ka tshehetso ya ditjhelete ho dikgwebo tse nyane, tse bohareng le tse kgolo ha mmoho le ho sebedisa thekenoloji ka sepheo sa ho kenyeletsa le ba neng ba qheletswe ka thoko nakong e fetileng. 
b)    Kopano ya Sethatho ya W20 e ne e tshwerwe ke Human Sciences Research Council (HSRC) le mahlahana a yona mane Kapa – moo dihlopha tse ngata tsa tshebetso di ileng tsa nehwa monyetla wa ho qoqa ka ditaba tse amang bomme, ho kenyeletsa karolo e nkuwang ke basadi ho tsa moruo, GBVF, ho fihlela tsa thuto le tekatekano ho tsa bophelo bo botle. 
c)    Kopano ya boraro ya Komiti ya Tshebetso ya Meralo ya Motheo e ne e tshwaretswe Mpumalanga – ho yona ho ile ha qoqwa ka meralo ya motheo bakeng sa dinaha tsa matjhaba, ho thehwa ha matsete ka ho sebedisa mekgwa e fapaneng ha mmoho le ho aha diprojeke tse itseng. 
d)    Kopano ya bobedi ya G20 mabapi le ho Hweba ka Tlhahiso ya Motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho e ne e tshwaretswe Mpumalanga – moo ho neng ho buuwa ka tshebediso ya tlhahiso ya motlakase ona ka sepheo sa ho tshehetsa kgolo ya moruo, ntshetsopele ha mmoho le tshireletso ya tikoloho le tekatekano ya setjhaba. 
e)    Kopano ya Komiti ya Tshebetso ya G20 ho tsa Diphuputso le Mahlale e ne e tshwaretswe Mpumalanga – ho yona ho ile ha shejwa kgatelopele e seng e fihletswe ho ditumellano tse neng di entswe kopanong ya pele moo ho yona matona a ileng etsa diphatlalatso. 
f)    Kopano ya boraro ya Komiti ya Tshebetso ya tsa Ntshetsopele e ne e tshwaretswe KwaZulu-Natal – ho yona ile ha qoqwa ka shebana le mathata a teng ho tsa ntshetsopele le ho potlakisa mokgwa wa ho fihlela dipehelo tsa Leano la Ntshetsopele ya Moshwelella.
g)    Kopano ya Borasaense ba tsa Temo (MACS) e ne e tshwaretswe Limpopo – mme ho yona ho ile ha bontshanwa ka mokgwa wa paballo ya dijo lefatsheng ka bophara, bohwebi bo atlehileng ha mmoho le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo le tshebediso ya saense. 
h)    Seboka sa G20 sa tsa Thuto le Tlhokomelo ya Bana – ho sona ho ile ha dumellanwa ka ho beha Tlhokomelo ya Bana Dikolong tsa Dikonyana le Thuto sehlohlolong sa dintho. 
i)    Seboka sa G20: sa Kananelo ya Mangolo a Thuto boemong ba Matjhaba – ho sona ho ile ha qoqwa ka ho ba le leano la thuto le tla ananelwa lefatsheng ka bophara ho etsetsa hore basebeletsi ba kgone ho sebetsa dinaheng tse fapaneng, tshebediso ya maitsebelo boemong ba matjhaba le hore basebeletsi ba kgone ho hireha leha e le naheng efe. 
j)    Kopano ya bobedi ya Komiti ya Tshebetso ya tsa Thuto e tshwaretswe Leboya Bophirima moo ho qoqilweng teng ka hoba le maemo a thuto a boleng le e kenyeletsang bohle. 

C.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Leano la Naha la ho Hirwa ha Melata (NLMP) la 2025 
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana Leano la Naha la ho Hirwa ha Melata (NLMP) la 2025 bakeng sa ho kengwa tshebetsong. Leano lena, le tla ka moralo o tla tataisa mokgwa wa phapanyetsano ya basebetsi ha mmoho le ho hirwa ha melata naheng ena. Ka leano lena, ho ikemiseditswe ho tsitsisa dintho dikarolong tse ngata ho kenyeletswa le ho tobana le bothata ba kgaello ya mesebetsi le ho lwantsha le menyenyetsi ya hore melata e qetela Maafrika Borwa mesebetsi. 
1.2.    NLMP e hlakisa le palo ya melata e nang le mangolo a ho sebetsa kwano e ka hirwang makaleng a maholo a kang la temo, kamohelo ya baeti le bohahlaudi ha mmoho le la kaho. 
1.3.    Leano lena le tlatselletsa ho dipehelo tsa melao e kang wa Taolo ya Dikgwebo tse Nyane wa 1996, (Molao wa bo 102 wa 1996) ka sepheo sa ho fokotsa tumello ya hore melata e se thehe dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo makaleng a itseng. Sena se kenyeletsa ho qobella maano a kang ho ba le lethathama la makala ao ho ona melata e se nang ho fumantshwa mangolo a ho sebetsa ho ona.

2.    Ho tjhaelwa Monwana ha Leano la Naha la Phumantsho ya Dilaesense tsa Dikgwebo 
2.1.    Leano lena la Phumantsho ya Dilaesense tsa Dikgwebo, le etsa ho be le tsela e tshwanang ya phumantsho ya dilaesense tsa kgwebo boemong ba naha, profensi le ba bommasepala ha mmoho le ho ntlafatsa tsela ya ho ikobela melao. 
2.2.    Ho thehwa leano lena le ditataiso tsa lona, ho thusa ho netefatsa taba ya ho kenyeletsa bohle moruong, le ho dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo ha mmoho le bohle ba neng ba qheletswe ka thoko nakong e fetileng le ho netefatsa hore menyetla e itseng ho tsa kgwebo e behelwa Maafrika Borwa feela. 
2.3.    Leano lena, le fedisa mokgwa wa kgale wa phumantsho ya dilaesense mme le tla le mokgwa o motjha wa dijithale, o sebetsang ka botshepehi le ponaletso. Diphetoho tsena ha di bebofatse taolo feela, empa di boetse di bobefatsa le tsela ya tshebediso ya mokgwa ona, e leng se tlisang kgolo le keketseho ya palo ya ba kenang ho tsa kgwebo.

D.    Ditshisinyo tsa Melao
1.    Tshisinyo ya Molao wa Ditshebeletso tsa Kgiro 
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao wa Ditshebeletso tsa Kgiro. 
1.2.    Tshisinyo ena ya molao, e tla le moralo wa tataiso mabapi le kgiro ya melata ha mmoho le paballo le papatso ya makgabane a setjhaba. 
1.3.    Sepheo sa tshisinyo ena ya molao ke ho laola mekgatlo e batlelang batho mesebetsi, e le ho thibela taba ya ho sotlwa ha basebetsi, le tse ding tse kang ho hirwa ha melata ka lebaka la ho qoba ho lefa meputso e hodimo. E boetse hape e ipapisa le Molao wa Naha wa ho Amohela Batho Naheng, (Molao wa bo 13 wa 2002) le Molao wa Bophaphathehi (Molao wa bo 130 wa 1998).
1.4.    Tshisinyo ena e tla le moralo o tla dumella Letona la tsa Kgiro ho beha palo e dumelletsweng ya melata e ka hiriwang. Palo eo e ka ya ho ya ka makala kapa dibaka. Letona le tla kgona ho beha palo ka mora ho buisana le Boto ya Ditshebeletso tsa Kgiro le ho utlwa maikutlo a setjhaba. 
1.5.    Kabinete e laetse Letona la tsa Kgiro ho phethela diphuputso tsa ho hlwaya seo re se bitsang maitsebelo a bohlokwa (ka ho etsa dipuisano) e le hore naha ena e tle e tsebe ho leka ho ithupellela maitsebelo ao mona lapeng e le ho fokotsa palo ya ba sa sebetseng. 
1.6.    Kabinete e boetse ya toboketsa taba ya hore ho potlakiswe Leano la Taolo ya Kamohelo ya Melata, e le ho bebofatsa taolo ya melata ho tsa kgiro.

E.    Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1.    Ntate Matsobane Themba Matlou jwalo ka Motsamaisi e Moholo (CEO) wa South African Social Security Agency. 
2.    Mme Ogalaletseng Anastasia Gaarekwe jwalo ka Motlatsa Molaodi Kakaretso (DDG): Tshebedisano ya Mafapha Lefapheng la Matlotlo. 
3.    Ntate Christopher Charles Axelson jwalo ka DDG: Lekaleng la Lekgetho le Taolo ya Makala a Ditjhelete Lefapheng la Matlotlo. 
4.    Mme Ulrike Britton jwalo ka DDG: Lekaleng la Ditjhelete tsa Setjhaba Lefapheng la Matlotlo.

5.    Ditho tsa Boto ya Letlole la ba sa Sebetseng (UIF):
(a)    Mme Zodwa Penelope Manase (Modula setulo) 
(b)    Mme Edward Malomeje Thobejane (wa Mekgatlo ya Basebetsi);
(c)    Mme Martle Keyter (wa Mekgatlo ya Basebetsi);
(d)    Ntate Malesela Moses Lekota (wa Mekgatlo ya Basebetsi);
(e)    Mme Zizile Lushaba-Nyawo (wa Mekgatlo ya Basebetsi);
(f)    Ntate Hillary Mac Master (wa Mekgatlo ya Borakgwebo);
(g)    Mme Beverly Jack (wa Mekgatlo ya Borakgwebo);
(h)    Ntate Thembinkosi Josopu (wa Mekgatlo ya Setjhaba);
(i)    Ntate Skhumbuzo Mpanza (wa Mekgatlo ya Setjhaba; 
(j)    Mme Paulet Sesedi Pelo (wa Mekgatlo ya Setjhaba). 
(k)    Ntate Mahuza Ngubane (o emetse Lefapha la Thuto e Phahameng);
(l)    Mme Ogalaletseng Anastasia Gaarekwe (o emetse Lefapha la Matlotlo); le 
(m)    Mme Ntshimi Esther Tloana (O emetse Lefapha la tsa Kgiro)

6.    Ditho tsa Boto ya Sentech: 
(a)    Mme Sedzani Mudau (Modula setulo);
(b)    Ntate Themba Phiri;
(c)    Ntate Mbasa Metuse;
(d)    Moatevokate Lavandran Gopaul;
(e)    Ntate Patrick Wadula;
(f)    Ntate Peter Zimri;
(g)    Mme Alexandria Procter; le 
(h)    Mme Lwazikazi Nopece.

F.    Diketsahalo
1. Sehopotso sa dikgwedi le diketsahalo tsa bohlokwa ka 2025 
Kabinete e tjhaetse monwana mapetjo le dintlha kgolo tsa dihopotso tsa diketsahalo tsa bohlokwa tse tla etsahala dikgweding tse mmalwa tse tlang:

(a)     Kgwedi ya Batjha
Lenaneo la Kgwedi ya Batjha ya 2025 le tla thakgolelwa mane sebakeng sa Seemahale sa Hector Pieterson le Polokelo ya Menyabuketso mane Orlando West, Soweto, Gauteng tlasa lepetjo le reng: “Maitsebelo bakeng sa lefatshe le fetohang – Tshehetso ya batjha bakeng sa monyetla wa hore ba nke karolo ho tsa moruo.” Lenaneo la Kgwedi ya Batjha ya 2025 le tla tsepamisa tshebetso tabeng ya ho se sebetse ha batjha le ho aheng moruo o behang batjha pele. Kgwedi ena, e tla sebedisetswa ho qoholla menyetla e teng ya tsa thuto le kgiro le diindasteri tse hirang batjha ka bongata.

(b)  Kgwedi ya Basadi
Kabinete e tjhaetse monwana lenaneo le diketsahalo tse reretsweng sehopotso sa Kgwedi ya Basadi ya 2025. Selemong sena ho fela dilemo tse 30 tsa Beijing Declaration ya 1995 eo ka yona ho tsepamiswang maikutlo ho tshehetso ya basadi, ho netefatsa ditokelo le tekatekano ya bona. Lenaneo la 2025 le tla shebana haholo le mehato ya thibelo ya GBVF, ho kgothaletsa boitshwaro bo botle ho banna le bashemane ha mmoho le ho theha sebaka sa bodulo le sa mosebetsing se bolokehileng bakeng sa basadi le banana. Kabinete e hatella taba ya hore Maafrika Borwa kaofela a tlameha ho lwantsha sekgobo sena sa GBVF.

(c)  Matsatsi a 16 a Twantsho ya GBVF
Matsatsi a 16 a Twantsho ya Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF) a tla qala ka la 25 Pudungwana ho isa ka la 10 Tshitwe 2025 tlasa lepetjo le reng: “Ho Tlisa Diphetoho: Ho potlakisa, ho thibela, ho kgothaletsa boitshwaro bo botle ho banna le ho netefatsa ho sebedisana ka sepheo sa ho fedisa GBVF”. Letsholo la selemong sena le tswela pele ho batlana le sesosa sa GBVF mme ka ho le leng ho ntse ho kgothaletswa boitshwaro bo botle ho banna le tekatekano ya bonng ha mmoho le ho theha menyetla ya moruo ho basadi le bana.

(d)     Kgwedi ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa ba sa Itekanelang 
Kabinete e tjhaetse monwana monahano le lepetjo la Kgwedi ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa ba sa Itekanelang (DRAM) e tla qala ka la 3 Pudungwana ho isa ka la 3 Tshitwe. Lepetjo la teng le re: “Ho theha setjhaba se nang le makala a mangata, se kenyeletsang ba sa itekanelang”. Lepetjo lena le hatella bohlokwa ba tshebedisano ka ho kgothaletsa batho ba sa itekanelang ho nka karolo diketsahalong tsa setjhaba ha mmoho le ho sebedisa ditokelo tsa bona. Diketsahalo tsa kgwedi ena ka tsona ho tla lekolwa tema e seng e kgathilwe paballong ya ditokelo tsa ba sa itekanelang. Sena se tla kenyeletsa ho neha bana le batho ba sa itekanelang ho hlahisa maikutlo a bona ha mmoho le ho ba neha monyetla ya tsa dijithale le ho ba kenyeletsa menyetleng ya mesebetsi.

G.    Melaetsa
1.    Matshediso
Kabinete e lebisa matshediso le kutlwelo bohloko ho metswalle le lelapa la:
a)    Mme Gertrude Ntiti Shope, ya neng a tumme haholo ka la MaShope, mokaubere le molwanedi wa tokoloho mme e bile e le setho sa Palamente ka 1994. Ka 2003, o ne a hape kgau ya silifera ya Order for Meritorious Service ka kabelo ya hae ho sebeletseng setjhaba. Ho feta moo, MaShope ke e mong wa bathehi ba mokgatlo wa Federeishene ya Basadi ba Afrika Borwa (FEDSAW) o kgothaletsang basadi ho lwana kgahlano le tlhokeho ya toka, tshotlo le puso e neng e kgetholla mmala ya aparteiti. O ne a kgethwe ho ba Mopresidente wa pele wa ANCWL ka 1991. Mopresidente Ramaphosa o laetse hore MaShope a tlotlwe ka Lepato la Semmuso la Mokgahlelo wa pele, le hore difolakga tsa naha di fofele tlase hohle naheng ho fihlela letsatsi la lepato la hae, e leng Moqebelo wa la 31 Motsheanong 2025.
b)    Mme Lungi Annette Mnganga-Gcabashe eo e bileng setho sa Palamente ka dinako tse fapaneng ho tloha ka 2004, mme o hlokahetse e le Modula setulo wa Komiti ya Palamente ya tsa Bohahlaudi. O hlokahetse e le Motlatsa Mopresidente wa ANCWL. O ile a lwantsha ditshotlo tsa nako ya puso ya kgethollo ya mmala, a kgothaletsa setjhaba hore se bopane ka kgotso nakong ya merusu ya dipolotiki KwaZulu-Natal.
c)    Sebapadi sa difilimi se hapileng dikgau, Presley Chweneyagae a neng a tume filiming ya Tsotsi, e neng e hape kgau ya Academy ka ho ba filimi mokgahlelong wa Best Foreign Language Film ka 2005. O bapetse difiliming le dipaleng tse ngata mme o hlokahetse a bapala karolo ya Cobrizi paleng e tummeng thelebisheneng, The River.
d)    Mokaubere wa sebohodi, Darren Scott eo e bileng sebohodi Afrika Borwa dilemo tse fetang tse mashome a mane mme ka 2024 lebitso la hae le ile la kenngwa ho Radio Awards Hall of Fame.
e)    Sebapadi sa Springbok, Cornal Hendricks ya bapetseng dipapadi tse 12 tsa teko dipakeng tsa 2014 le 2015 mme a hlaba diterae tse hlano.
f)     Charles B Rangel, setho sa nako e telele sa Palamente ya US ho tswa Harlem, New York, eo ka 1987 a neng a tshehetse se bitswang “Rangel Amendment” e neng e tlise diphetoho ho mokgwa wa lekgetho la US e le ho thibela hore dikhamphane tsa US tse neng di sebetsa Afrika Borwa ka nako ya kgethollo di se fumane merokotso ya lekgetho. O ne a nke karolo ho theheng menyetla ya kgwebisano pakeng tsa US le dinaha tse ntseng di thuthua ka ho theha maano a kang Caribbean Basin Initiative le African Growth and Opportunity Act (AGOA).
g)    Ngũgĩ wa Thiong'o, sengodi sa Kenya ya hlokahetseng a le dilemo di 87 mme e ne e le mokaubere ho dingolwa tsa Afrika – dingolwa tsa hae di bile le kabelo ho fetoheng ha Kenya ho tloha mmusong wa bokoloneale ho tla ho wa demokrasi. Mosebetsi wa hae o kgothaditse Afrika le lefatshe ka bophara ha re tla ntshetsopeleng ya Afrika. O tla hopoleha jwalo ka mokaubere wa Afrika. 
h)    Ngaka, Dean Tshenuwani Simon Farisani, setho sa mehleng sa Palamente le Letona la Mehleng la Dipalangwang Limpopo, le moruti wa kereke ya Lutere ya Afrika Borwa (ELCSA). Ke e mong wa baruti ba neng ba lwantsha kgethollo ya mmala nakong ya kgetholo nakong eo a neng a sebetsa ho Diocese le sedisa sa Devhula-Lebowa, Transvaal. Yena le Mopresidente Ramaphosa ba ne ba thehe mokgatlo wa Black Evangelic Youth Organisation mathwasong a dilemo tsa bo 1970 mme hape e le setho se hlwahlwa sa mokgatlo wa Black Consciousness, haholoholo pakeng tsa 1973 le 1975 nakong eo e neng e le Mopresidente wa Black People’s Convention. O ne a tshwarwe ka makgetlokgetlo mme o ne a bolelle Mokgatlo wa Matjhaba wa Tshwarelo tshotlo eo a neng a e fumana ho tswa ho sepolesa sa kgethollo. O ne a lelekwe naheng dilemong tsa bo 1980. E ne e re ha a kgutla ka mora hore ANC e bulwe molomo, o ne a be le karolo ho theheng makala a ANC mme a kgothaletsa kereke ho thusa ho tsa poelano le ntshetsopele ya setjhaba.

2.    Diteboho
Kabinete e lebisa dithoholetso le ditakaletso tse ntle ho:
a)    Akani Simbine, ramabelo a lebelo ka ho fetisisa lefatsheng eo hajwale a hapileng lebelo la 100m Dipapading tsa Atlanta City ka metsotswana e 9.86 le 100m Liking ya Rabat Diamond ka metsotswana e 9.95.
b)    Bayanda Walaza, ramabelo a sa leng motjha a lebelo lefatsheng ka bophara thakeng tsa hae, o behile rekoto e ntjha ya Afrika Borwa mabelong a banna ka ho qeta lebelo la 100m ka metsotswana e 9.94 ho la Boris Hanzekovic Memorial.
c)    Zakithi Nene, ramabelo wa Afrika Borwa a tswileng bobeding lebelong la banna la 400m, a le qetileng ka metsotswana e 44.46 Liking ya Rabat Diamond.
d)    Sehlopha sa bolo sa ba dilemo tse ka tlase ho 20, Amajita, se entseng nalane ka ho hapa Mohope wa Dinaha tsa Afrika wa ba Dilemotse ka Tlase ho tse 20 lekekgetlo la pele.
e)    Rayno Nel ka ho etsa nalane ya ho ba Moafrika Borwa le Moafrika wa pele wa ho hapa kgau ya ho ba Monna a Matla ka ho fetisisa Lefatsheng.

E phatlaladitswe ke: 
Ditlhakisetso: 
Ms Nomonde Mnukwa
Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485
 

Share this page

Similar categories to explore