Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 26 Phato 2026

A.    Maemo a Renang
1.    Ho aha matla le boitseko moruong  
1.1.    Mmuso le borakgwebo ba tiisa tshebedisano ho potlakisa kgolo ya moruo le ho theha mesebetsi 
1.1.1.    Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha Mokgahlelo wa bo 3 wa Tshebedisano ya Mmuso le Borakgwebo ho ka hodisa moruo, ho hohela boramatsete le ho theha menyetla e fetang milione ya mesebetsi ka selemo sa 2030.
1.1.2.    Mokgahlelo ona wa bo 3 o latela katleho ya tshebedisano ho Mokgahlelo wa bo 2 le wa pele makaleng a bohlokwa. E nngwe ya dikatleho tsa Mokgahlelo wa bo 2 e bile ho fedisa ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa; ho ntlafatswa le ho tsoseletswa ha diterene le maemakepe; Afrika Borwa e ile ya phumulwa dibukeng tse mpe tsa FATF; mme le maemo a rona a Mokitlane a ile a nyollwa ke S&P le ke Fitch.
1.1.3.    Mokgahlelo wa bo 3 o tla ntshetsapele diphethoho, o matlafatse boitshepo ba boramatsete mme o atolose le menyetla ya moruo molemong wa MaAfrika Borwa ohle. Mokgahlelo ona o boetse o eketsa tlhahiso ya eneji, tsamaiso ya thepa, ho theha menyetla e meng ya ho tsetela le ho eketsa palo ya bahahlaudi ba etelang Afrika Borwa ka selemo sa 2027.

1.2.    Afrika Borwa e itokisetsa ho hlahisa ente e ntjha ya lefuba 
1.2.1.    Kabinete e ile ya behwa sehlohlolong sa ditaba mabapi le kgatelopele tlhahisong ya ente e ntjha ya lefuba (TB) eo hajwale e leng mokgahlelong wa bo 3 wa diteko, e leng se ka thusang ho fokotsa bohloko bona bo tshosetsang boitekanelo ba setjhaba. 
1.2.2.    Kabinete e boetse e elelletswe taba ya hore mmuso o ikemiseditse ho ngodisa le hona ho qala ho sebedisa ente ena ha diteko tsa yona di ka atleha. 
Kabinete e boetse e ananetse tumellano ya rona le Serum Institute ya India bakeng sa ho hlahisa ente ya TB bakeng sa ho tsamaiswa lefatsheng ka bophara, e leng se tla matlafatsa tlhahiso ya Afrika Borwa ya ente, e tshehetse ntjhafatso mme e hodise moruo le ho theha menyetla ya mesebetsi.

1.3.    Ho rala motheo wa moshwelella wa tlhahiso ya motlakase bakeng sa kamoso: Tshebetso ya ho Fehlwa ha Motlakase ke Eskom 
1.3.1.    Eskom e fetile mokolokotwane   wa yona ka ho fedisa ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa diprovenseng tse supileng pele ho nako e neng e behilwe e leng Mphalane 2026. Ke bareki ba ka ballwang ho 1.2 milione ba buseditsweng maemong a tlwaelehileng a phepelo, e leng se fokoditseng bareki ba neng ba ameha ka 6.8% bao e leng ba Eskom ka kotloloho. 
1.3.2.    Ho feta moo, Eskom e boetse ya fokotsa haholo ho tshepela ha yona tshebedisong ya disele bakeng sa tlhahiso ya motlakase, e leng se fokoditseng ditjeo tsa yona ka  83% ka selemo ho tloha ho  R5.92 bilione ho isa  ho   R992 milione ka nako e tshwanang ya selemo, jwalo ka ha tshebediso ya Open Cycle Gas Turbine le yona e theohile ho tloha ho  8.67% ho isa  ho  1.10%.
1.3.3.    Ho fokotseha hona ha tshebediso ya disele ho bontsha ho ntlafala ha ho sebetsa ha metjhini e fehlang motlakase le ho ba le phepelo ya moshwelella. Ho fihlella ha jwale, Afrika Borwa e na le matsatsi a 467 ho sa tingwe motlakase ka sepheo sa ho o baballa jwalo ka ha o ne o qetele ho tingwa ka la 16 Motshehanong 2025, e leng bopaki ba hore jwale malapa le dikgwebo di fumana phepelo e otlolohileng ya motlakase, e leng se tshehetsang ntshetsopele ya moruo e phatlaletseng. 
1.3.4.    Kabinete e amohela taba ya ho ntlafala ha tshebetso ya Eskom jwalo ka ha Tlhahiso ya Motlakase e finyeletse maemong a hodimo a so kang a bonwa ho tloha ka 2020. Ntlafalo ena e eketsa tlhahiso ka dimekawate tse 6 100 mme ho tingwa ha motlakase ka lebaka la ditokiso le hona ho fokotsehile ka 40% ka selemo. 
1.3.5.    Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ho fana ka maikutlo a ona mabapi le Mokgwaritso wa Leano la Ditheko tsa Motlakase le Shebilweng Botjha. Mehato ena e sisinngwang ya leano lena le letjha e leka ho fokotsa ditjeo tsa ditefello tsa motlakase ka sepheo sa ho sireletsa malapa a kojwana di mahetleng le makala a bohlokwa a dikgwebo.

1.4.    Simphosiamo   ya Bohlano ya Afrika Borwa ya Ntshetsopele ya Infrastraktjha  
1.4.1.    Kabinete e ananetse ho tshwarwa ka katleho ha seboka sa Bohlano sa Afrika Borwa sa Ntshetsopele ya Infrastraktjha (SIDSSA) mane Motse Kapa. 
1.4.2.    Kabinete e boetse e ananetse ho hlwauwa ha diprojeke tse 263 tsa infrastraktjha   tsa boleng ba R1.99 trilione tse maemong a fapaneng a kgatelopele le ho kenngwa tshebetsong. 
1.4.3.    Dikgweding tse 18 tse fetileng, ke diprojeke tse 37 tse phethetsweng tsa boleng ba R69 bilione, e leng se tshehetsang kgolo ya moruo le ho thehwa ha menyetla ya mesebetsi.

1.5.    Molao wa Kgolo le Monyetla   wa Afrika (AGOA) 
1.5.1.    Kabinete e amohetse ho eketswa ha nako ya Molao wa Kgolo le Monyetla    wa Afrika (AGOA), o dumellang hore dihlahiswa tse hlwailweng tsa Afrika Borwa di kene mebarakeng ya Amerika ntle le lekgetho. Ho eketswa hona ha nako ho fellang ka la 31 Tshitwe 2028, ho tlisa botsitso ho bahlahisi le baromelli ba thepa dinaheng tsa mose, e tshehetsa mebaraka e fapafapaneng, e leng se eketsang thomello ntle ya dihlahiswa le ho tiisa maqhama a kgwebisano le matsete le Amerika.

1.6.    Tumellano ya Ditholwana tsa Sitrase le India 
1.6.1.    Kabinete e amohetse tumellano pakeng tsa Afrika Borwa le India ya ho eketsa kgwebisano ya thomello ntle ya ditholwana tsa sitrase kamora ditherisano tse nkileng dilemo tse leshome kaofela. Tumellano ena, e tla tswela bahlahisi ba ditholwana tsena molemo le ho nyolla thomello ntle ya dihlahiswa tsa bona naheng ya India – e leng o mong wa mebaraka e meholo le e holang ka sekgahla lefatsheng ka bophara. 
1.6.2.    Afrika Borwa ke naha ya bobedi ka boholo e romelang ditholwana tsa sitrase dinaheng tse ding eo ka selemo sa 2025 e rometseng dinaheng tsa kantle ditone tse 2.9 milione tse fileng naha ena US$2.1 bilione. Ka lebaka lena, lekala la ditholwana tsa sitrase tsa Afrika Borwa le tshehetsa tlhahiso ya menyetla e mengata ya mesebetsi. Tumellano ena e tla matlafatsa lekala lena, thomello ntle ya dihlahiswa le ho thehwa ha menyetla ya mesebetsi.

1.7.    Ho matlafatsa maemo a Afrika Borwa a bohlodisane jwalo ka sebaka se pele sa bohahlaudi, kgwebo le matsete 
1.7.1.    Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha lepatlelo la ho Tjhaelwa Monwana ha Tumello ya Maeto ka Mokgwa wa Elektroniki (ETA) jwalo ka mokgwa wa ho tlisa diphethoho tsa dijithale tsamaisong ya rona ya divisa le bofalli. 
1.7.2.    ETA e kena sebakeng sa mokgwa o teng wa ho sekaseka di-visa mme ona o tla potlaka jwalo ka ha o sebedisa mokgwa wa dijithale. 
1.7.3.    Ka ho kenyeletsa dikgatiso tsa menwana le thekenoloji e pele, ETA e tla matlafatsa tsa tshireletso madibohong, e boele e matlafatse le taolo ya tsa bofalli mme e matlafatse haholo menyetla ya Afrika Borwa ya ho ba e nngwe ya dinaha tse pele ho tsa bohahlaudi, dikgwebo le matsete.

2.    Ho aha dikamano tse matla tsa matjhaba 
2.1.    Afrika Borwa e tshwere ka katleho Seboka sa SADC sa bo46 
2.1.1.    Kabinete e amohetse ho tshwara ka katleho ha Afrika Borwa Seboka sa SADC sa bo46 mane Thekong seo ho sona Afrika Borwa e nkileng boemo ba bodulasetulo tlasa mookotaba o reng: Kaho ya Diindasteri e Setletseng, ya Moshwelella le e Kenyeletsang ka Ntshetsopele ya Infrastraktjha, Diphethoho ho tsa Temo le Diminerale tsa Bohlokwa re phehelletse    Lefatshe la Toka ”.
2.1.2.    Seboka sena se ile sa fumana le ho sekaseka ditlaleho mabapi le : ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Lewa le Bontshang Ntshetsopele ya Lebatowa   (RISDP) wa 2020 -2030,  oo ka  ona ho ikemiseditsweng ho fihlella kgotso, tshireletso, moruo, tsa bophelo bo botle, infrastraktjha  le kgatelopele leanong le Tshebedisano ho tsa Moruo  bakeng sa Kgoro ya Dinaha tse ka Leboya le tsa Borwa (NSEC),  ho thehwa ha Lenaneo  la Matsete la NSEC    le Setheo sa Taolo ya Kgoro   le ho hlwaya bonyane diprojeke/dibaka tse tharo  tse pele tsa tshusumetso e matla  tseo ho tla buuwa ka tsona kopanong e   e latelang ya Lekgotla la Matona. 
2.1.3.    Afrika Borwa e ile ya fumana monyetla wa ho hlaba seboka malotsana mabapi le mekgwa eo naha ena e laolang ka yona taba ya bofalli naheng ena le tlhokeho ya hore dinaha tsa SADC di be le puisano ka mabaka a tsamaiso le kgohelo ho kenyeletsa le tsa tshireletso.

2.2.    Kopano ya Bone ya Khomishene ya Dinaha tse Pedi pakeng tsa Afrika Borwa le Zimbabwe
2.2.1.    Kabinete e thoholeditse katleho ya Kopano ya   Bone ya Khomishene ya Dinaha tse Pedi pakeng tsa Afrika Borwa le Zimbabwe eo ka yona ho neng ho lekolwa tshebedisano ya dinaha tsena h le ho matlafatsa maqhama pakeng tsa tsona. 
2.2.2.    Kabinete e elelletswe taba ya hore Zimbabwe e dula e le e nngwe ya balekane ba baholo ka ho fetisisa Afrika ho tsa kgwebisano moo kgwebisano ya dinaha tsena tse pedi e fihlileng ho R81 bilione ka selemo sa 2025.
2.2.3.    Kopano   ena ya bone e phethetse ditumellano tse ntjha tse tsheletseng tsa tshebedisano, ho kenyeletsa le Memorandamo wa Kutlwisisano   oo ho ona ho dumellanweng ka phapanyetsano ya batshwaruwa ba seng ba ahlotswe. Ditumellano tsa tlatsetso di mabapi le: bodiplomate, tsa temo, bonono le botjhaba le tshehetso ya basadi ka hara lebatowa bakeng sa momahano le diphetoho moruong.

3.     Lenaneo la ho Kgutliswa ha Babalehi  
3.1.    Mokgahlelo wa Angola wa ho kgutliswa ha masalla a ba hlokahalletseng ka ntle ho naha 
3.1.1.    Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha mokgahlelo wa Angola wa Lenaneo la Afrika Borwa la ho Kgutliswa ha Babalehi bao e neng e le balwanedi ba ntwa ya boitseko le ho hlwauwa ha moo masalla a MaAfrika Borwa a hlokahalletseng ka ntle ho naha a leng teng jwalo ka karolo ya Lenaneo lena la Dilemo tse Hlano. 
3.1.2.    Kabinete e boetse e etse hloko taba ya hore Angola ke yona e tsebang palo e hodimo ya mabitla a MaAfrika Borwa a ntwa ya boitseko a hlokahalletseng palehong naheng eo jwalo ka ha e kgonne ho hlwaya mabitla a fetang 400. 
3.1.3.    Kabinete e etsa kgoeletso ho malapa ao beng ka bona ba neng ba nyamele, ba hlokahalla kapa hona ho patelwa naheng ya Angola, bao e neng e le balwanedi ba tokoloho hore ba ingodise ho Lekala   la Afrika Borwa la Mehlodi ya   Lefa (SAHRA)  ka Phothale ya lona ya SAHRA    ya ho Kgutliswa ha Babalehi ho: https://www.sahra.org.za/exile-repatriation/. 
3.1.4.    Malapa a hlokang thuso le ona a ka ingodisa dikantorong tsa SAHRA, Freedom Park, ho lefapha la provense la Bonono, Botjhaba le Setso kapa ka makala a mekaubere ya sesole.

3.2.    Afrika Borwa e kgutlisetsa masalla a balwanedi ba ntwa ba Namibia 
3.2.1.    Kabinete e ananetse ho kgutlisetsa lapeng ha masalla a balwanedi ba ntwa ya tokoloho ba 86 ba Namibia ho kenyeletsa Festus Nehale le Simon Niilenge, ba neng ba hlokahalle Robben Island.
3.2.2.    Masalla ana a ne a tloswe Namibia dilemong tse fetang tse lekgolo nakong ya bokoloniale mme jwale a tla bolokwa Setsheng sa Bafu ba Bahale sa Namibia. 
3.2.3.    Kabinete e ananetse ho kgutlisetswa hona jwalo ka letshwao la bohlokwa la ho leka ho fodisa maqeba a ditshotlo tsa nako e fetileng.

B.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Ho Fetola Diatikele tsa Tumellano ya   Kahobotjha le Ntshetsopele ya Banka ya Matjhaba 
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha tshisinyo ya ho fetolwa ha Tumellano ya Kahobotjha le Ntshetsopele ya Banka ya Matjhaba (IBRD) ka sepheo sa ho eketsa mothamo wa banka wa tshehetso ya ditjhelete ka sepheo sa ho tshehetsa dintlha tse ka sehlohlolong tsa ntshetsopele ya lebatowa le lefatshe. 
1.2.    Phethoho   ena ke karolo ya lenaneo le tjhaetsweng monwana ke G20 la Ntshetsopele la Dibanka tsa Merero e Mengata ka sepheo sa ho ma tlafatsa mothamo wa tsona wa ditjhelete le boitseko ba di-MDB. 
1.3.     Kananelo ya Afrika Borwa e tla tshehetsa dintlha tse ka sehlohlolong tsa ntshetsopele ya naha ka ho ntlafatsa phihlello ka ditjhelete tsa tumellano bakeng sa ntshetsopele ya moshwelella.

2.    Ditlaleho tsa Selemo ka seng tsa 2025/26 tsa ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Sehlomathiso wa selemo sa 2007 w sa Molao wa Botlokotsebe (Ditlolo tsa Molao tse Amanang le Thobalano le tse Ding) 
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Dillaleho tsa Selemo ka seng tsa 2025/26 tsa ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Sehlomathiso   wa selemo sa 2007 sa Molao wa Botlokotsebe (Ditlolo tsa Molao tse Amanang le Thobalano le tse Ding).
2.2.    Kabinete e bontshitse ngongoreho ya yona jwalo ka ha dipapalo tsa peto le ditlolo tsa molao tse amanang le thobalano di ntse di le hodimo leha mmuso o etsa matsapa a ho di lwantsha ho kenyeletsa Moralo wa Lewa la Naha la Dikgoka le Dipolao tsa Basadi. 
2.3.    Matlafatso ya karabelo e hokahantsweng mabapi le makala a mehato ya toka ya ditlolo tsa molao tsa thobalano, kalafo, ntshetsopele ya kahisano le thuto, ho matlafatsa thibelo, tshehetso ya mahlatsipa, boikarabello ba baetsi le tshireletso ya ba tsietsing.

3.    Ditlaleho y tsa Selemo ka seng tsa 2025/26 tsa ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Toka ya Bana (Molao wa bo75 wa selemo sa 2008) 
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Ditlaleho tsa Selemo ka seng tsa 2025/26 tsa ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Toka ya Bana (Molao wa bo75 wa selemo sa 2008):  ho tloha ka la 1 Mmesa 2025 - 31 Tlhakubele 2026. 
3.2.    Kabinete e laetse hore ho tiiswe matsapa a ho thibela diketso tsa ditlolo tsa molao tse etswang baneng.

C.    Ho behwa ha Kabinete sehlohlolong sa ditaba 
1.    Ho Kenngwa Tshebetsong ha Lewa la ho Tlisa Diphetoho ho Sebetseng ha Bomasepala 
1.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka kgatelopele e seng e fihletswe ke Komiti ya Kopanelo ya Matona (IMC) mabapi le Leano la ho Tlisa Diphetoho ho Sebetseng ha Bomasepala ka sepheo sa ho sekaseka mathata a bomasepala ba nang le mathata. 
1.2.    Ho ekeditswe palo ya bomasepala ba hlokang thuso ho tloha ho ba 10 ho isa ho ba 38 ka sepheo sa ho ntlafatsa maemo a bona a ditjhelete, taolo ya bona, phano ya ditshebeletso, sephetho sa ditlhahlobo tsa dibuka tsa ditjhelete le bokgoni ba mafapha a bona ka kakaretso. 
1.3.    IMC e boetse ya tshehetsa ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tse ho molaotheo moo matsapa a kentsweng tshebetsong a sa tliseng diphethoho tse lebeletsweng.

2.     Ntlafatso ya Infrastraktjha ya Madibohong 
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana Moralo wa Ntjhafatso     ya Infrastraktjha ya Madibohong wa (2026–2030) oo sepheo sa ona e leng ho matlafatsa taolo ya tsa bofalli. 
2.2.    Moralo ona o tla kenngwa tshebetsong ho phatlalla le diprovense kaofela tse supileng tse madibohong   ka sepheo sa ho matlafatsa tshireletso meeding, ho lebelwa ha yona, ho arabela diketsahalo tsa tshohanyetso, polokeho ya basebetsi, tlhokomelo ya infrastraktjha le ho thibela ho tshela meedi ka tsela e seng molaong.

3.    Ho ba Malala-a-laotswe bakeng sa Dikgetho tsa 2026 tsa Mebuso ya Lehae 
3.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka ho ba Malala-a-laotswe ha naha bakeng sa Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae (di-LGE) tse tlo ba ka la 4 Pudungwana 2026. 
3.2.    Kabinete e elelletswe matsapa a tshebedisano ho tloha maemong a naha, a diprovense la bomasepala a ho netefatsa hore dikgetho tsa rona e ba tse lokolohileng, tse hlokang leeme tse tshepahalang le tsa kgotso. Kabinete e boetse e ananetse mehato e etswang ya ho kgothaletsa batho ho kgetha, ho tlohela ho tsamaisa ditaba tseo e seng tsa nnete le ho netefatsa ha ho ba malala-a-laotswe bakeng sa dikgetho, esitana le ho kgothaletsa MaAfrika Borwa ohle ho nka karolo dikgethong ho sebedisa tokelo ya bona ya ho vouta. 
3.3.    Kabinete e tshwela ka mathe diketso tse mpe tsa ho bolawa ha makhanselara, mme e boele e thoholetse ba qobellang molao ka ho potlaka ho tshwara baetsi ba ketso tsena tse mpe hakana. 
3.4.    Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ohle ho ba le mamellano ho tsa dipolotiki, ho tlohela ditshoso, merusu kapa diketso leha e le dife tse ka thunthetsang boitokisetso ba dikgetho tse tlang tsa Mebuso ya Lehae tsa la 4 Pudungwana 2026.

4.    Ho Hlajwa Malotsana ka Selekane mabapi Metsi 
4.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka mosebetsi wa Selekane le Kantoro ya Ditaba tsa Metsi (WPO), e thusang bomasepala ho matlafatsa phepelo ya bona ya metsi setjhabeng ka tshebedisano le lekala la poraefete. 
4.2.    Tlasa Lenaneo la Metsi le se nang Lekeno, WPO e thusitse Masepala wa eThekwini ho fumana lekeno la d R379 milione bakeng sa dilemo tse tsheletseng ka sepheo sa ho fokotsa tahlehelo ya metsi mme WPO e thusitse mapasepala ona le wa Motsemoholo wa Tshwane ho kenya lenaneo lena tshebetsong. 
4.3.    Tlasa Lenaneo la Tshebedisobotjha ya Metsi, bomasepala ba 34 ba se ba phethetse ditlhahlobo tsa bona tsa kotsi ya maemo a lehodimo, mme ho fumanehile tjhelete e ballwang ho US$235 milione ho Letlole la Kgothaletso ya Tikoloho e Hlwekileng bakeng sa ho ntshetsapele projeke ya tshebediso botjha ya metsi. 
4.4.    WPO e batla ho theha letlole la tsamaiso ya dikgwerekgwere ka mokgwa wa thekenoloji o tla sebediswa dibakeng tsa mekhukhung le dikolong. 
4.5.    Tlasa Lenaneo la ho Hlwekisa Metsi a Lewatle ho ile ha etswa tshisinyo ho Masepala wa Kapa hore o tshehetse Leano la Tlhwekiso ya Metsi a Lewatle la Paarden Eiland leo e leng la kopanelo pakeng tsa mmuso le lekala la poraefete.

D.    Dibili 
1.    Bili ya Sehlomathiso sa Thepa e seng e Sebeditse ya selemo sa   2026 
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwna ho phatlalatswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Thepa e seng e Sebeditse ya selemo sa 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Sepheo sa molao ona ke ho laola lekala lena la thekiso ya thepa a seng e sebeditse, ho thibela ho rekisa thepa ya boshudu, ho senya infrstraktjha, ho utsuwa ha dikheibole le ho rekiswa ho seng molaong ha ditshepe tsa kgale.

2.    Bili ya Sehlomathiso sa Thibelo ya Boshodu ba Diphoofolo   ya selemo sa 2026  
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Thibelo ya Boshodu ba Diphoofolo   ya selemo sa 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Sepheo sa Bili ena ke ho thibela, ho fuputsa le hona ho qosa ba amehang boshodung ba diphoofolo, esitana le ho ntlafatsa ho laola taba ya thuo ya diphoofolo kapa ho le laola esitana le matlafatso ya tshireletso ya   lekala la temo.

3.    Bili ya Sehlomathiso sa Boitshwaro ba Ditho tsa Phethahatso ya selemo sa 2026  
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Boitshwaro ba Ditho tsa Phethahatso ya selemo ya 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Ka Bili ena, ho ntlafatswa Molao wa Boitshwaro ba Ditho tsa Phethahatso wa 1998 ka sepheo sa ho matlafatsa botshepehi ba bona, boitshwaro le ho hlakisa karolo ya Mosireletsi wa Setjhaba le ho ntlafatsa bolaodi ba dikgohlano tsa ditabatabelo le tshebediso e bohlaswa ya mosebetsi wa mmuso matla a taolo le.

E.    Khiro
Dikhiro kaofela di ho ya ka netefatso ya mangolo a thuto le ditumello tse amehang tsa tshireletso. 
1.    Ngaka Thembisile Lynette Xulu jwalo ka Molaodi Kakaretso Lefapheng la Naha la Bophelo bo Botle. 
2.    Mofumahadi Blikis Omar jwalo ka Motlatsi wa Molaodi Kakaretso: Leano la Diphuputso le Ketsamolao Lekaleng la ba Setjhaba ka Kakaretso la Tshebeletso ya Sepolesa. 
3.    Mofumahadi Prudence Madiba jwalo ka Mohlanka e e Moholo wa Phethahatso wa Setheo sa Afrika Borwa sa Ntshetsopele ya Eneji. 
4.    Mofumahadi Babalwa Mapisa jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete ho Koporasi ya Naha ya Ditjhelete tsa Matlo.

5.    Thonyo ya   ditho tsa Boto ya Baloadi bao e seng ba phethahatso   ba Koporasi ya Bolaodi ba Sephethephethe Mebileng  
a.    Mofumahadi Nomusa Mufamadi (Modulasetulo);
b.    Mofumahadi Lerato Magalo (O thontswe hape);
c.    Mofumahadi Lindani Agness Mncwango;
d.    Mofumahadi Tshepiso Poho;
e.    Mofumahadi Nomkhita Mona;
f.    Monghadi Gift van Staden;
g.    Mofumahadi Malebo Matolong; le
h.    Ngaka Mpostol Mashinini.

6.    Thonyo ya ditho tseo e seng tsa ka nako tsohle tsa Setheo sa Naha sa Bolaodi ba Eneji  
a.    Mofumahadi Sijabulile Makhathini;
b.    Monghadi Dharamraj Brijlal; le
c.    Mofumahadi Nompucuko Nontombana

7.    Ho thonngwa hape ha Modulasetulo le Motlatsi wa hae le Molaodi wa Boto ya Naha ya Setheo sa ho Lahlwa ha Matlakala a Mahlasedi a Kotsi 
a. Ngaka Lemao Dorah Modise (o thontswe hape jwalo ka Modulasetulo);
b. Ngaka Wolsey Barnard (o thontswe t hape jwalo ka Motlatsi wa Modulasetulo); le
c.    Monghadi Ashley Latchu

8.    Monghadi Graham Ian Wood jwalo ka Modulasetulo wa Boto ya Afrika Borwa ya tsa Bohahlaudi.

F.    Diketsahalo le Dipitso  
1.1.    Seboka sa bo-18 sa BRICS 
1.1.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya Afrika Borwa ho ya Sebokeng sa bo-18 sa BRICS mane India ka la 12 le la 13 Lwetse 2026 tlasa mookotaba o reng: “Re Ahela ho Setlela, Ntjhafatso, Tshehedisano le Moshwelella.”
1.1.2.    Seboka sena se tla neha Afrika Borwa monyetla wa ho ntshetsapele ditabatabelo tsa ntshetsopele ya naha ya rona le tsa Afrika ka bophara, ha ka ho le leng e ntse e tiisa tshebedisano, kgwebisano, matsete le ntshetsopele ya moshwelella ya BRICS.

1.2.    Kopano ya Selemo le Selemo ya Khokhase ya Afrika ya 2027 ya Sehlopha sa Banka ya Lefatshe (WBG) le Letlole la Ditjhelete la Matjhaba (IMF) 
1.2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha Kopano ya Selemo le Selemo ya Khokhase ya Afrika ya 2027 ya Sehlopha sa Banka ya Lefatshe (WBG) le Letlole la Ditjhelete la Matjhaba (IMF) jwalo ka modulasetulo wa Khokhase ya Afrika. Kopano ena e tla fana ka lepatlelo la ho beha pele ditabatabelo tse ka sehlohlolong tsa ntshetsopele ya Afrika, ho matlafatsa lentswe la Afrika ditabeng tsa taolo ya ditjhelete tsa matjhaba, boetapele ba Khokhase ya Afrika le maikutlo a Bopresidente ba G20, le ho buisana le WBG le IMF ka tse ding dintho esitana le ntshetsopele ya Afrika kaofela.

1.3.    Kopano e Ikgethang ya Foramo ya Matjhaba ya Moruo 
1.3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarelwa ha Kopano e Ikgethang ya Foramo ya Matjhaba ya Moruo (WEF) mane Motse Kapa ho tloha ka la 27 ho isa ka la 31 Tlhakubele 2028 mme e tla be e le lekgetlo la pele WEF Spring Davos e tshwarelwa naheng ena, mme e tla re neha monyetla wa ho bapatsa matsete, kgwebisano, tshebedisano ya tsa moruo le ntshetsopele ya moruo wa moshwelella.

1.4.    Seboka sa Afrika sa Haedrojene e Hlwekileng sa 2026
1.4.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha Seboka sa bobedi sa Afrika sa Haedrojene e Hlwekileng mane Motse Kapa ho tloha ka la 15 ho isa ka la 16 Lwetse 2026 ho ntshetsapele tshebediso ya haedrojene e hlwekileng ka tshebedisano ya mmuso, boramatsete le balekane indastering ena. 
1.4.2.    Seboka sena se tla tshehetsa ditabatabelo tsa Afrika Borwa tsa haedrojene e hlwekileng ka ho kgothaletsa katoloso ya diindasteri, matsete, phetiso ya thekenoloji, ntshetsopele ya maitsebelo le ho kgona ho kena mebarakeng e holang ya haedrojene e hlwekileng.

1.5.    Pitso   ya Matjhaba ya Thuso ya Phihlello ya Toka bakeng sa Bohle  
1.5.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha Afrika Borwa ha Pitso   ya Matjhaba ya Thuso ya Phihlello ya Toka bakeng sa Bohle le ho Arabela Diketsahalo tse Runyang tlasa mookotaba o reng: “Matlafatso ya Mokgwa wa hore Batho ba Fihlelle tsa Toka: Ho Tebisa Demokrasi”. Pitso   ena e tla tshwarelwa mane Setsing sa Dikopano sa Sun City, Leboya Bophirima ho tloha ka la 11 ho isa ka la 13 Pudungwana 2026. 
1.5.2.    Pitso   ena e tla kopanya Matona a Toka a tswang lebatoweng   la SADC, BRICS, Jeremane, Spain, Canada, Netherlands, Kopanong ya Yuropa, Mokgatlong wa a Matjhaba a Kopaneng le Kenya. Ho tla boela ho tla le maqwetha, dirutehi, setjhaba ka kakaretso le bankakarolo ba bang. Pitso   ena e tla fana ka lepatlelo la ho hlahloba mekgwa e metjha eo dintho di etsahalang ka yona, ho matlafatsa tshebedisano le ho tla ka dikgothaletso tsa ho thusa setjhaba ho kena ho tsa toka ka hara lebatowa le lefatsheng.

1.6.    Matsholo le Dikgopotso tsa Naha tsa Kgwedi ya Lwetse 
1.6.1.    Kabinete e elelletswe hore ka Lwetse ho tla ketekwa Kgwedi ya Bohahlaudi, Lefa le Tshebeletso ya Mmuso. Kgwedi ya Bohahlaudi yona e tla ketekwa tlasa mookotaba o reng “Ho Hodisa Lekala la Bohahlaudi la Afrika Borwa nakong ena ya Dijithale”, ho kgothaletsa MaAfrika Borwa ho etela dibaka tsa lehae ka letsholo la Sho’t Left, le ho nka monyetla wa ditlhophiso tsa ho eta tse kgonehang. 
1.6.2.    Kgwedi ya Lefa yona e tla ketekwa tlasa mookotaba o reng: “Re Keteka Lefa   la Rona le Phelang: Re Matlafatsa Tsohle tse re Kopanyang”, re keteka setso, meetlo e fapaneng le lefa le phelang la Afrika Borwa, re ntse re kgothaletsa momahano ya setjhaba le ho thabela naha ena e ruileng ka ditso tse fapaneng. 
1.6.3.    Kgwedi   ya Tshebeletso ya Mmuso e ananela nyehelo ya basebeletsi ba mmuso ntshetsopeleng le phanong ya ditshebeletso ha ka ho le leng re ntse re kgothaletsa maemo a boprofeshenale, ho ba le boikarabelo, ntjhafatso le ho sebetsa ka boqhetseke ho phatlalla le Tshebeletso ya Mmuso. 
1.6.4.    Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ho nka karolo diketsahalong tse tlang ho ba teng ho ketekeng makgabane, batho le ditheo tse bileng le kabelo kahong le ntshetsopeleng ya setjhaba.

1.7.    Letsatsi la Naha la Sehopotso la SAPS 
1.7.1.    SAPS e tla tshwara Letsatsi la Naha la Sehopotso ka Sontaha sa la 6 Lwetse 2026 ho tlotla ditho tsohle tsa SAPS tse hlokahalletseng mosebetsing ho tloha ka la 1 Mmesa 2025 ho isa ka la 31 Tlhakubele 2026. Ketsahalo ena e tla ba Diahelong tsa Sehopotso tsa SAPS Union Buildings, Tshwane.

G.    Melaetsa
1.    Matshediso
Kabinete e lebisitse matshediso le kutlwelobohloko ho metswalle le lelapa la: 
•    Moahlodi Fikile Eunice Mokgohloa, ya sebeleditseng naha ena ka bokgabane lekaleng la toka. O hlokahetse a sebetsa Lekgotleng le Phahameng la Maipiletso. 
•    Mmuso le setjhaba sa Zimbabwe ka ho hlokahala ha batho ba 93 kotsing ya sekepe mane Letsheng la Kariba;
•    Mmuso le setjhaba sa Riphabliki ya Demokrasi ya Congo ka ho hlokahala ha batho ba fetang 2000 ka lebaka la sewa sa bohloko ba Ebola mane ka botjhabela ho DRC. 
•    Tlotlo Tsheka, sengodi sa dibuka se dilemo di supileng feela, seakanyi le lenqosa la tsebo, mophatlalatsi wa dibuka tse tharo mme lefu le mo kgaoleditse a le bukeng ya hae ya bone. 
•    Molaodi wa Sehlopha wa mehleng wa Bafana Bafana, Monghadi Sipho Nkumane, ya ileng a tuma ka kabelo ya hae bolong ya maoto ya Afrika Borwa; le 
•    Mpodi wa mehleng wa Dikola tse pedi tsa Ditebele, Monghadi Zolani Tete, ya tla hopoleha ka kabelo ya hae papading ya ditebele Afrika Borwa.

2.    Ditakaletso tse molemo 
Kabinete e rata ho fetisetsa ditakaletso tse molemo ho : 
•    Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS), ka ho fumana Kgau ya Boipabolo Lekaleng la   Mmuso ka boetapele ba yona, tshebetso, le kabelo ya yona tshebeletsong ya mmuso le ho fetoleng naha. 
•    Ntate Siyabulela Duda wa GCIS, ya hapileng kgau ya bobedi mokgahlelong wa Dinepe Dikgaung tsa Boqolotsi tsa 2026 tsa SADC, Ntate Seakga Relebogile Tladi wa Sputnik Radio Africa, ya fumaneng kgau ya bobedi mokgahlelong wa Radio. Dikgau tsena di ananela ba ipabotseng ho tsa boqolotsi, le ba bileng le kabelo ntshetsopeleng le tshebedisanong ya lebatowa la SADC. 
•    Bankakarolo ba dipapadi ba Afrika Borwa ka katleho tse fihletsweng Dikgaung tsa Dipapadi tsa Afrika Borwa tsa 2026: 
o    Monghadi Akani Simbine ka ho ba Naledi ya Dipapadi ya Selemo; 
o    Mofumahadi Prudence Sekgodiso ka ho ba Mmadipapadi wa Selemo; 
o    Monghadi Pieter Coetze ka ho ba Radipapadi wa Selemo; 
o    Monghadi Bayanda Walaza ya fumaneng Kgau ya Naledi ya Selemo e Holang ya Dipapadi; le 
o    Sehlopha sa Kerikete sa di-Protea sa Teko sa Banna ka ho ba Sehlopha sa Selemo. 
•    Banyana Banyana, ka ho finyella mokgahlelong wa Thonamente ya FIFA Inter-Confederation Play-Off le ho tiisa tshepo ya bona ya ho phunyeletsa ho ya Diapapding tsa Mohope wa Lefatshe wa Basadi wa FIFA wa selemo sa 2027; 
•    Sehlohpa sa Naha sa Afrika Borwa sa Hockey sa Basadi ka tlholo ya sona ya pele Mohopeng wa Lefatshe wa Hockey wa FIH wa selemo sa 2026; 
•    Linani Potwana, ya fumaneng kgau ya bompodi a le dilemo di tsheletseng feela Tlhodisanong ya IPA All-Star Contest mane Wuhan, China, moo a neng a qothisana lehlokwa le bankakarolo ba neng ba tswa dinaheng tse fetang tse 40; le 
•    Bahapi ba Dikgau tsa Afrika Borwa tsa Saense tsa Basadi (SAWiSA), ka kabelo ya bona ya ho ntshetsapele saense, thekenoloji le ntjhafatso Afrika Borwa.

Dipotso: 
Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Ikopanye le: Terry Vandayar, Molaodi Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 082 444 9092

Share this page

Similar categories to explore