Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 23 Mphalane le Laboraro la 6 Pudungwana 2024

A.    Maemo a Renang

1.    Polokeho le Tshireletso
1.1.    Bokudi le Mafu tse bakwang ke dijo 
1.1.1.    Kabinete e tsebisitswe ka bokudi   bakilweng ke dijo le dikotsi tse lebisang lefung tse rekotilweng dikarolong tse fapaneng tsa naha, tse lebisitseng mafung a sehloho a bana le ho robatswa dipetlele Gauteng, Kapa Botjhabela, KwaZulu-Natal le Foreisetata.
1.1.2.    Moporesidente o tla bua le Setjhaba ka bonamodi bo nkwang ke mmuso bakeng sa ho sebetsana le boemo bona. 
1.1.3.    Ho sa le jwalo, Lefapha la Bophelo le sebedisana le Setheo sa Naha sa Mafu a Tshwaetsang (NICD) ho latela le ho hlahloba mohlodi wa tjhefu ya dijo le ho etsa dikgothaletso. 
1.1.4.    Lefapha la Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso e tsheheditswe ke Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) ya Taolo ya Dikoduwa le kentse Moralo wa Melawana ya Moruo wa Makeishene koranteng ka sepheo sa ho kgobokanya bomasepala tabeng e tshwanang le dikarabo tsohle tse lebisang moruong o kenyeletsang wa lehae le ho thibela dikgwebo tse seng molaong makeisheneng.   
1.1.5.    Kabinete e rometse matshediso a yona ho malapa, metswalle le barutwanammoho ba bana bohle ba hlokahetseng ka lebaka la bokudi bo a bakilweng ke dijo le ditakaletso tse ntle ho ba ntseng ba hlaphohelwa .

1.2.    Ntwa Kgahlano le Ditlolo Tsa Molao
1.2.1.    Kabinete e tshwetse ka mathe polao e soto ya Nkosikazi Thenjiwe Eunice “Nogcinile” Mtirara Sebakeng se Seholo sa Mqhekezweni ho la Kapa Botjhabela le ho tshedisa leloko la Borena ba AmaDlomo le bohle ba Boreneng ba AbaThembu. Makala a qobello ya molao a tla tshwara ditlokotsebe tsena.
1.2.2.    Kabinete e boetse ya tshwela ka mathe peto ya barutwana ba bahlano ba tsieditsweng le ho kgothotswa ba supilwe ka sethunya tulong ya tsamaiso sa Mqhekezweni.
1.2.3.    Lekala   la Naha la Tshebetso ya Kopanelo ya Mautlwela (NATJOINTS) se laetswe ho thibela ho ata ha maemo a botlokotsebe ka potlako ho kenyeletsa le dipolao tse Kapa Botjhabela le ho netefatsa hore ditlokotsebe tsohle le dikokonono di a tshwarwa.
1.2.4.    Kabinete e thoholeditse tshebetso e tsamaiswang ke ba mautlwela e etelletsweng pele ke NATJOINTS (ntwa kgahlano le ho rafa   ho seng molaong le operation   vala-mgodi) e lebisitseng ho tshwarweng ha basebetsi ba merafong ba se ng molaong ba fetang 1000 ditjhafong  tse tlohetsweng kgerehlwa Orkney ho la Leboya Bophirima ho tloha mafelong a beke a la 2 Pudungwana 2024.
1.2.5.    Kabinete e amohetse matsapa a tswellang a ho matlafatsa tshebetso ya sepolesa ka ho romelwa ha mapolesa a matjha a sa tswa kwetliswa a 2 800 ho phatlalla le diteishene tse fapaneng. Mapolesa a mang a 2000 a kwetlisong a tla phethela kwetliso ka Tshitwe 2024 mme a tla ba Malala- a- laotswe bakeng sa ho qala ka tshebetso sehleng sa keresemese.
1.2.6.    Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle ho sebetsa mmoho le mapolesa ntweng e kgahlano le botlokotsebe ka ho tlaleha diketsahalo tsa botlokotsebe ho 0800 10111 le nomoro e hlwailweng ya Naha ya ho Tlaleha Boqhekanyetsi e leng: 080 091 1011 ditabeng tse amanang le ditlolo tsa molao tsa boqhekanyetsi.

2.    Ditaba tsa Matjhaba
2.1.    Ho setse a mmalwa: Boporesidente ba Afrika Borwa ba Sehlopha sa Mashome a Mabedi (G20)
2.1.1.    Ho balwa ha matsatsi pele Afrika Borwa e amohela Boporesidente ba G20 ho tloha ka Tshitwe 2024 ho leba ho Pudungwana 2025 tlasa mookotaba: “Bonngwe, Tekatekano le Botsitso ba Moshwelella” ho qadile 
2.1.2.    Seboka sa Baetapele se tla tshwarelwa Johannesburg, Gauteng mme IMC e sebetsa le Diporofense tse ding ho tshwara dikopano tsa Matona le Dihlopha tsa Tshebetso. Re tla thakgola lenaneo la Afrika Borwa la G20 ka la 1 Tshitwe 2024. 
2.1.3.    Afrika Borwa e tla nka karolo Sebokeng se tlang sa G20 ka la 18 le la 19 Pudungwana 2024, Rio de Janeiro, Brazil.

2.2.    Lekgotla la Dinyewe la Matjhaba la Toka (ICJ)
2.2.1.    Kabinete e amohetse ho kenngwa ha Sehopotso ho ICJ, se bontshang kamoo Mmuso wa Isiraele o Hatiketse Khonvenshene ya Dipolao tsa Bongata robileng Selekane sa ho se Ripitle ka ho hatikela  dipehelo ka maikemisetso le ho bolaya Mapalestina a dulang Gaza.
2.2.2.    Tokomane ya sehopotso ya maqephe a fetang 1300 - e tsheheditsweng ke dipontsho le ditlatsetso - e kentse bopaki ba diketso tsa Iseraele tsa dipolao tsa bongata, le ho hloleha ha yona ho thibela ho hlohlelletsa dipolao tsa bongata ho ripitla le ho otla ba hlohlelletsang le ho etsa liketso tsa dipolao tsa bongata . 
2.2.3.    Ho kenngwa ha sehopotso ho etsahala nakong eo Iseraele e ntseng e matlafatsa polao ya baahi Gaza mme e ikemiseditse ho latela tsela e tshwanang ya tshenyo Lebanone. Sehopotso sena ke kgopotso ho setjhaba sa lefatshe ya diketso tse sehloho tse ntseng di tswela pele khahlanong le batho ba Palestina le tlhokeho ya bonngwe ho thibela tlokotsi. Ho kenngwa hona ho boetse ho tla mehatong ya qeto ya Matjhaba a Kopaneng e nyatsang diketso tsa mmuso wa Iseraele khahlanong le batho ba Palestina.

2.3.    Ntshetsopele ya Demokerasi ya Lefatshe
2.3.1.    Kabinete e thoholetsa mebuso le batho ba Botswana, Mozambique le Amerika ka ho phethela dikgetho tsa bona tse sa tswa feta ka katleho.
2.3.2.    Kabinete e thoholetsa dikopano tsa Umbrella for Democratic Change naheng ya Botswana ka katleho ya yona tlasa boetapele ba Moporesidente-Mokgethwa Duma Boko mme e amohetse ho thehwa ha meralo ya nakwana pakeng tsa tsamaiso e tswang le tsamaiso e tlang ya Moporesidente-Mokgethwa Boko. 
2.3.3.    Kabinete e thoholetsa Moporesidente-Mokgethwa Daniel Chapo le mokga wa hae, FRELIMO, ka tlholo ya bona kamora dikgetho tsa nalane tsa naha tse tshwerweng dilemo tse 32 kamora ho tekenwa ha Tumellano e Akaretsang ya Kgotso, e fedisitseng ntwa ya lehae le ho tsebahatsa demokrasi ya mekga e mengata ka hara naha ya Mozambique. Tlhekefetso e ntseng e tswela pele ya kamora dikgetho ke ntho e tshwenyang, mme mekga yohle e sa kgotsofalang e lokela ho sebedisa ditharollo tsa molao tse thehetsweng ho rarolla ditletlebo tsa bona tsa dikgetho le ho tswela pele ho aha holima metheo ya kgotso e thehilweng Tumellanong ya Kgotso le Poelano ya Naha ya Maputo. 
2.3.4.    Kabinete e boetse e thoholetsa Moporesidente-Mokgethwa Donald Trump kamora dikgetho tsa Amerika tse neng di tshwerwe ka la 5 Pudungwana 2024. Afrika Borwa e lebelletse ka tjantjello ho sebedisana mmoho le Moporesidente-Mokgethwa Trump dikgweding tse 12 tse tlang ho tloha ha Moporesidente Cyril Ramaphosa a nka Boporesidente ba G20 ka la 1 Tshitwe 2024.

3    Ditaba tsa Kgwebisano
3.1    Sephetho sa Leeto la Puso le ho nka karolo Foramong ya Tshebedisano mmoho ya China le Afrika (FOCAC)
3.1.1    Kabinete e tsebisitswe ka sephetho sa Leeto la Naha le atlehileng la China le kopano ya FOCAC e neng e tshwaretswe Beijing, China ho tloha ka la 2 ho leba ho la 6 Lwetse 2024. Kabinete e lemohile diphetho tsa bohlokwa tse latelang bakeng sa Afrika Borwa:
3.1.2    Tumellano ya ho fetola sebopeho sa kgwebo hore e be ya dihlahiswa tse entsweng ka boleng bo eketsehileng, haholoholo tumellano ya ho fapanyetsana letoto la dihlahiswa tse 100 tsa boleng tse ekeditsweng ho tswa Afrika Borwa tseo China e tla nahana ho di reka kantle . 
3.1.3    Ho feta moo, Afrika Borwa e fumane tshebelisano-mmoho ho tswa China mekgweng e meraro ya boleng e amanang le phediso ya khabone, phetohelo ho dijithale, dipalangwang le tsamaiso ya thepa. Tshebedisano-mmoho ena e tla betla tsela ya ho kgothaletsa matsete ho dikoloi tsa motlakase, tlhahiso ya dibetri, polokelo ya eneji e ka ntjhafatswang, hammoho le Dibakeng tse kgethehileng tsa Moruo le Dibaka tsa Ntshetsopele ya Diindasteri. 
3.1.4     Batsetedi ba bohlokwa ba Machina ho la Shenzhen le Beijing ba bontshitse kgahleho ya ho hodisa matsete a bona kapa ho tsetela Afrika Borwa.  
3.1.5    Nakong ya Foramo ya   Kgwebo, Dimemorandamo tse tshelela tsa Tumellano (Di-MoU) di ile tsa  saenwa di reretswe ho kgothaletsa ditshebelisano pakeng tsa ditheo   tsa China le dikhamphani tsa Afrika Borwa le Ditheo   tsa Ditjhelete ya Ntshetsopele ho matlafatsa tshebedisanommoho ho hodisa ntshetsopele ya indasteri Afrika Borwa, ho kgothaletsa tshebedisanommoho ya theknoloji ho ntshetsa pele ho tloswa ha khabone ho karolo ya bohlokwa  ya Afrika Borwa le makala  le dikgokelo tsa boleng le ho kgothaletsa matsete lekaleng la eneji e ntjhafatswang.
3.1.6    Ditumellano tse saennweng  ka bobedi boemong ba mmuso le ba lekala la poraefete di tla nyehela bakeng sa ho akofisa matsete a kgothaletsang phetoho e hlwekileng  le ya khabone e tlase le ho kgothaletsa ntjhafatso mesebetsing ya diindaseteri hape e hohela matsete  Dibakeng a Ikgethileng a Moruo le Diphaka tsa Diindasteri.

4    Moruo
4.1    Tlaleho  ya Leano la Tekanyetso ya Nako e Bohareng (MTBPS)
4.1.1    Kabinete e amohela MTBPS ya 2024, e phethahatsang boitlamo ba Mmuso wa Kopanelo ya Setjhaba ho hahamalla kgolo ya moruo e potlakileng, e kenyeletsang bohle le ya moshwelella, le ho theha setjhaba se nang le toka le tekatekano ka ho sebetsana le bofuma, ho se lekalekane le tlhokeho ya mesebetsi.
4.1.2    Botsitso ba ditjhelete tsa setjhaba ka bolaodi bo  hlokolosi ba  tshebediso ya mmuso le dikoloto di netefatsa hore naha ya rona e ka hlasimolla kgolo ya moruo ha e ntse e netefatsa hore ba tlokotsing hara rona ba tswela pele ho tshehetswa ka mananeo a rona a thuso ya setjhaba.
4.1.3    Kabinete e tshehetsa ditshiya tse nne tsa ho phahamisa moruo ka botsitso ba moruo o moholo, ho kenya tshebetsong diphethoho tsa dibopeho , ho aha bokgoni ba mmuso le ho eketsa matsete a infrastraktjha  ya setjhaba. Naha e boetse e mothating wa ho tloswa lenaneng le hlobaetsang  la Lebotho la Tshebetso la Ditjhelete  (FATF), ka ha e se e lokisitse dintho tsa tshebetso tse 16 ho tse 22 tse boletsweng pele ho tlhahlobo ya FATF ya 2025. 
4.1.4    MTBPS ke karolo ya mokgwa wa tsamaiso    ya ditekanyetso  tsa naha ya rona   bulehileng    e ikarabellang   dumellang moralo wa ditjhelete wa nako e mahareng ho isa ho o molelele wa matlole a setjhaba sa habo rona. E boetse e etsa hore  maAfrika  Borwa a jarise  mafapha le ditheo tsa mmuso ho maikarabelo ka tshebediso ya tjhelete le ho fa boramatsete tiisetso ka motjha   wa moruo wa naha.

4.2    Bohahlaudi
4.2.1    Ho thakgolwa ha Letsholo la naha la Bohahlaudi ba Lehlabula ho kgothaletsa maAfrika  Borwa le baeti ho tswa lefatsheng ka bophara ho hlahloba mahakwe a patilweng a naha a fumanehang ho phatlalla le diprovense  tsa rona tse robong.
4.2.2    Letsholo la Gimme Summer – Sho’t Left le tla hlahisa dibaka tsa bohahlaudi ba lehae ho dumella maAfrika Borwa a mangata ho natefelwa, ho fuputsa le ho latswa dibaka tsa bohahlaudi tse ipatileng tsa naha ya rona.
4.2.3    Ka ho matlafatsa lekala la bohahlaudi, Kabinete e amohetse ho phatlalatswa koranteng ya mmuso ha Leano la Tshebetso la Bohahlaudi bo Tshepehang (TTOS), le tjhorisang  tshebetso ya kopo ya di-visa bakeng sa dihlopha tse kgolo tsa bahahlaudi ho tswa China le India. 
4.2.4    Boikitlaetso  bona bo sebetsana le mathata a bokgoni ba boeti ba ditheo tsa kantle ho naha mme bo ikemiseditse ho hohela bahahlaudi ba bangata ba tswang China le India, bao ka tatellano ba etsang karolo ya 1.8% le 3.9% ya baeti bohle ba matjhaba ba etelang Afrika Borwa.
4.2.5    Dikhamphani tsa maeto tse nang le thahasello di ka fumana tsamaiso ena  ka ho etela https://touroperator.dha.gov.za:8443 kapa ho fihlella phothale  ka benara ya TTOS ho www.dha.gov.za.
4.2.6    Ho feta moo, Mokgwa wa eVisa wa naha ena o kentswe dinaheng tse 34 ho dumella bahahlaudi ba tswang dinaheng tseo ho etsa dikopo ka inthanete bakeng sa visa ntle le ho etela ntlo ya bonqosa i kapa khonsuleiti ya Afrika Borwa.

5    Ditaba tsa Metsi
5.1    Mehato ya nakwana ya ho fana ka metsi a nowang  Hammanskraal
5.1.1    Kabinete e amohetse le ho sekaseka kgatelopele e entsweng ke Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere ya ho fana ka metsi a nowang  Toropong ya Tshwane ho e kgontsha ho fepela baahi ba Hammanskraal ka metsi  nakwana.  
5.1.2    Mathata a ntseng a tswela pele a phepelo ya metsi a hlasetseng Hammanskraal le dibaka tse mabapi a tswela pele ho ama maphelo a batho hampe, ho kenyeletswa le phano ya ditshebeletso tsa tlhokomelo ya kalafo  ditsing tsa lehae tse kang Sepetlele sa Jubilee.
5.1.3    Motsemoholo wa   Tshwane hajwale e kenya tshebetsong porojeke yaR278 milione  ho lokisa Polanto ya Metsi a Sebeditseng ya Rooiwal  (WWTW) e neng e sa sebetse hantle nakong e fetileng. 
5.1.4    Ho lebeletswe hore ho eketsa bokgoni ba Rooiwal WWTW ho tla bitsa R2 bilione . Kabinete e tsebisitswe hore Motsemoholo wa  Tshwane o  tla tshwanela ho lefella porojeke ka lekeno , kadimo kapa kabo ya yona ya Thuso ya Ditjhelete tsa Tlhabollo ya Madulo a Ditoropo ho tswa Lefapheng la Bodulo ba  Batho. 
5.1.5    Ka selemo sa 2023, Lefapha  la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere  le ile la laela Magalies Water ho kena dipakeng ka potlako ho ya ka  Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi, wa 1997 (Molao wa 108 wa 1997), le ho rala le ho kenya polante e ntjha  ya tlhwekiso ya metsi ho Klipdrift Water Treatment Works haufi le Hammanskraal. Sena se tla thusa ho fokotsa mathata a metsi le ho fana ka tharollo ya nako e telele. Setsi sena sa tlatsetso sa tlhwekiso ya metsi se tla fana ka metsi disiung tse   itseng tsa tsamaiso ya phepelo ya metsi ya Motsemoholo  ho eketsa phepelo ya metsi a hlwekileng a nowang  Hammanskraal. 
5.1.6    Mmuso o kopa batho ba Hammanskraal le dibaka tse mabapi ho ba le mamello ha mosebetsi ona o ntse o tswela pele. Karolo ya pele e lebelletswe ho phethelwa ka la 15 Pudungwana 2024. Sena se tla dumella Toropo ya Tshwane ho isa metsi a nowang dibakeng tse ding tsa Hammanskraal.

5.2    Mekitlane ya bomasepala dibotong tsa metsi
5.2.1    Kabinete e amohetse tsebiso e mabapi le mekitlane e tswellang ya bomasepala  dibotong tsa metsi, e nyolohang ntle le botsitso, ka paloyohle ya  ya R23 bilione  ka la 31 Phato 2024. Mokitlane ona o tshosa botsitso ba ditjhelete ba diboto tsa metsi le lekala lohle la metsi. Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere Pemmy Majodina o sa tswa kopana le bomasepala ba mmalwa ba amehileng mme a fumana boitlamo ba ho lefa ba  bongata ba bomasepala ba sa lefeng. 
5.2.2    Nakong e fetileng kabinete  e amohetse ho thehwa ha Komiti  IMC  ho sebetsana le tharollo   ya bommasepala. IMC e tla boela e beha ka sehlohlolong  mehato ya ho sebetsana le ditefo tsa mekitlane ya bomasepala  dibotong  tsa metsi, haholoholo tse tobaneng le ho tjhona.

5.3    Dithibelo tsa Metsi Gauteng
5.3.1    Kabinete e hlahlobilwe ka dithibelo tsa boemo ba pele  ba metsi tse teng Gauteng ka lebaka la tlhokahalo e tswelang pele ya metsi ka lebaka la tshebediso e phahameng e bakilweng ke keketseho ya setjhaba , dikgokelo tse seng molaong, ho dutla ha metsi le tshebediso e mpe ya metsi. 
5.3.2    Palohare ya tshebediso Gauteng ke dilitara tse 279 motho ka mong ka letsatsi papisong le palohare ya matjhaba ya dilitara tse 173 motho ka mong ka letsatsi. Leha bomasepala ba metse e meholo ya Gauteng ba na le dithibelo tsa boemo ba 1 ba metsi, empa bomasepala ba na le matla a fokolang haholo a qobello.  
5.3.3    Letona la Metsi le tsamaiso ya Dikgwerekgwere le Tonakgolo ya Gauteng ba kopile bomasepala ho kenya dithibelo tsa metsi tsa boemo ba 2 tse tla tla le ditefiso haeba bareki ba sa ikobele dithibelo.

5.4    Ho thehwa ha Komiti ya Naha ya Dikoduwa Mathata tsa Metsi
5.4.1    Kabinete e tsheheditse qeto ya Moporesidente ya ho eketsa mosebetsi oo hajwale o eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moporesidente ka ho phahamisa ditaba tsa metsi e le koduwa  le ho theha komiti ya Naha ya mathata a metsi e tla ntshetsapele leano la tshebetso ya metsi le ho tlisa ditsebi tsa metsi hore di tle di namole ho diphephetso tsa naha ka bophara tsa metsi sebakeng sa Mebuso  e ya Lehae

6    Kahisano 
6.1    Ho Saenwa  ha  Bili ya Sehlomathiso sa  Tlhalo ho ba Molao
6.1.1    Kabinete e amohetse phano e etsang nalane ya sehlopha sa pele sa mangolo a lenyalo a 33 a Mamoseleme ke Lefapha la Merero ya  Lehae kamora ho saenwa  ha   Bili ya Sehlomathiso sa Tlhalo ho ba molao monongwaha ka Motsheanong ke Moporesidente Ramaphosa. Bili ena e hlomathisitse Molao wa Tlhalo wa 1979 (Molao wa bo-70 wa 1979) wa ho amohela manyalo a Mamoseleme le ho sireletsa dikgahleho tsa basadi le bana ba Mamoseleme ha manyalo ao a ka fediswa.
6.1.2    Diphetoho tsena tse e leng kgale di diehile, di bontsha boitlamo ba naha ya  bo rona ba ho netefatsa hore basadi ba Mamoseleme le ditokelo tsa bana tsa tekatekano, seriti, phihlello ya toka hammoho le dithahasello tse molemohadi tsa ngwana ya tlase dilemong, jwalo ka ha ho boletswe ka hara   Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996; di a ikobelwa . 
6.1.3    Di boetse di fana ka kgodiso ya momahano ya setjhaba, kaho ya setjhaba le boitsebiso bo arolelanwang ba naha hammoho le ho hlompha ditlwaelo le meetlo e fapaneng ya bodumedi.

B.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Diqeto tsa Kopano  s ya Kabinete  ya Laboraro la la 23 Mphalane 2024

1.1.    Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae  tsa 2026 
1.1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana  ho thehwa ha IMC e tla shebana le boitokisetso ba Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae  tsa 2026/27. 
1.1.2.    Jwalo ka ha dikgetho tse fetileng tsa mebuso ya lehae di ne di ha  tshwerwe ka la 1 Pudungwana 2021, dikgetho tse latelang tsa bomasepala di tla tshwarwa mahareng a la 2 Pudungwana 2026 le la 1 Hlakola 2027.  IMC e tla bitswa ke Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Setso mme e na le mafapha a mmalwa a mmuso ao e leng a bohlokwa bakeng sa ho netefatsa phano ya dikgetho tse atlehileng. 
1.1.3.    Kabinete e boetse e hlahlobile le ho tjhaella monwana melawana bakeng sa qeto ya palo ya balekgotla  ho ya ka Karolo ya 20 (1) (a) ya Molao wa Dibopeho tsa Masepala. 
1.1.4.    Dikgetho tsa Bomasepala tsa 2026 e tla ba dikgetho tsa botshelela ho tloha ha demokrasi e fihla ka 1994. IMC e tla sebetsa le IEC le makala a mang a amehang bakeng sa ho netefatsa hore motjha o   o lebisang tabeng ya mebuso ya  lehae o tsamaya ka thello le kgotso.

2.    Bili
2.1.    Bili ya Sehlomathiso sa Moralo wa Kopanelo ya Mmuso  ya 2024
2.1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Moralo wa Kopanelo ya Dikamano  ya selemo sa 2024 bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Bili e batla ho etsa dihlomathiso ho Molao wa Moralo wa Kopanelo ya Mmuso  (Molao wa bo-13 wa 2005), ho netefatsa hore dikarolo tse fapaneng tsa mmuso di sebetsa ka mokgwa o hokahantsweng.
2.1.2.    Dihlomathiso di tla lokisa dikarolo tse ding tsa Molao tse seng di felletswe ke nako mme di tla netefatsa hore makala a mararo a mmuso a sebetsa mmoho ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso mabapi le ho fihlella ditlhoko tsa batho.
2.1.3.    Kgaolo ya 3 ya Molaotheo e batla  hore makala ohle a mmuso a sebedisane ka ho tshepana le ka tshepo e ntle ka, hara tse ding, ho matlafatsa dikamano tsa setswalle le ho thusana le ho tshehetsana.  Kahoo, Bili ya Moralo wa Kopanelo ya Dikamano , e tla thusa kgokahanyo ya ho kenngwa tshebetsong ha maano a mmuso le ketsamelao, ho kenyeletswa le ho netefatsa mmuso o momahaneng, phano ya ditshebeletso e hlwahlwa, tekolo le ho kenngwa tshebetsong ha maano. Diphetoho tsena tsa melao di tla boela di tshehetsa Moralo wa Ntlafatso ya Se Ditereke o reretsweng ho ntlafatsa le ho matlafatsa tsamaiso ya dikamano tse kopanetsweng.

3.    Diqeto tsa Kabinete tsa kopano e neng e tshwerwe ka la 6 Pudungwana 2024

3.1.    Letsholo la Matsatsi a 16 la Twantsho ya Dikgoka   tsa Bong (GBV)
3.1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana mokgwa wa mohopolo wa Letsholo la 2024 la Matsatsi a 16 a Twantsho ya GBV, tlasa mookotaba: “Dilemo tse 30 tsa ho Tswela Pele ka Tshebetso e Kopanetsweng ya ho Fedisa Dikgoka  Kgahlano le Basadi le Bana”, e toboketsang bohlokwa ba katamelo e kopanetsweng ya   setjhaba   ya ho lwantsha GBVF le bohlokwa ba boikarabelo ba makala a mangata.
3.1.2.    Selemong sena ke sehopotso sa bo-26 sa ho nka karolo ha Afrika Borwa Letsholong la Matsatsi a 16 a Twantsho ya Dikgoka kgahlano le Basadi le Bana, le tla thakgolwa ka la 25 Pudungwana 2024 Lebaleng la Royal Bafokeng ho la Leboya Bophirima.
3.1.3.    Sena se tshehetsa letsholo la lefatshe lohle le qalang ka la 25 Pudungwana (Letsatsi la Matjhaba la Phediso ya Dikgoka kgahlano le Basadi) ho fihla ka la 10 Tshitwe (Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho). Letsholo la monongwaha le ntse le tswela pele ho sebetsana le disosa tsa GBVF ha le ntse le kgothaletsa bonna ba makgonthe le tekatekano ya bong, mmoho le ho theha menyetla ya moruo bakeng sa basadi le bana. 
3.1.4.    Le hoja baetsi ba GBVF ba fetang 1 000 ba ile ba fumanwa ba le molato pakeng tsa la 1 Mmesa le la 31 Lwetse 2024, re ntse re na le ho hongata hoo re lokelang ho ho etsa re le setjhaba ho fedisa sewa sena setjhabeng.

3.2.    Kgwedi ya Temoso ya Ditokelo tsa Batho ba Qhwadileng (DRAM) 2024
3.2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana kgopolo le mookotaba wa DRAM  wa 2024 le Letsatsi la Naha la Batho ba ba Nang le Boqhwala , tse tla qala ka la 3 Pudungwana ho leba ho la 3 Tshitwe. Mookotaba wa selemo sena ke: “Ho Keteka Dilemo tse 30 tsa Demokerasi; ho theha setjhaba chaba se kenyeletsang boqhwala”. 
3.2.2.    Mookotaba o totobatsa o toboketsa bohlokwa ba ho hlokomedisa batho ka diphephetso tse batho ba nang le boqhwala ba tobaneng le tsona, ho kgothaletsa le ho tsireletsa seriti sa bona le ho phethahatsa ditokelo tsa bona jwalo ka ha di ngotswe ka hara Molaotheo. 
3.2.3.    Ho rarolla ditshitiso tse teng tse amang batho ba nang le boqhwala ho kenyeletsa ho netefatsa hore ho na le dibaka tse nang le disebediswa, tse tsitsitseng le tse bolokehileng bakeng sa bona, le ho hlokomela hore ha se boqhwala  bohle bo bonahalang. Mesebetsi e nkang kgwedi yohle e tla phahamisa temoso le ho bontsha kgatelopele eo naha e e entseng ho netefatsa tshireletso ya ditokelo tsa batho ba nang le boqhwala.
3.2.4.    Mmuso o ipiletsa ho setjhaba sohle ho sebetsa mmoho jwalo ka balekane kahong ya bokamoso ba moshwelella bo kenyeletsang boqhwala.

3.3.    Leano la Thibelo le Phekolo ya Mathata a Tshebediso ya Dithethefatsi
3.3.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la  Thibelo le Pheko ya Mathata a Tshebediso ya Dithethefatsi, le reretsweng  ho fana ka moralo o pharaletseng wa karabelo  bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tse amanang le tshebediso e mpe  ya jwala le dithethefatsi  eo setjhaba se tobaneng le tsona. 
3.3.2.    Leano lena le tlatseletsa bonamoding bo teng bo kang Moralo wa   wa Naha  wa Dithethefatsi o  ileng  wa kenngwa tshebetsong pakeng tsa 2013 le 2017, mme le arabela ka kotloloho dikgeong tse hlwailweng Molaong wa Thibelo le Pheko bakeng sa Tshebediso e  e Mpe ya Dithethefatsi, wa 2008 (Molao wa bo-70 wa 2008).
3.3.3.    Leano lena le sisinya mananeo a thibelo a thehilweng setjhabeng a sebetsanang ka katleho le diphephetso tse kgolo tsa tshebediso e mpe ya dithethefatsi. E tshehetswa ke ditshiya tse tharo: tshiya ya Phokotso ya Ditlhoko - e reretsweng ho thibela ho qala ha tshebediso e mpe ya dithethefatsi kapa ho itshetleha ho tsona; tshiya ya Phokotso ya Phepelo - e reretsweng ho fokotsa phihlello le tshiya ya Phokotso ya Kotsi - e kenyeletsang pheko ya mathata a tshebediso ya dithethefatsi le mesebetsi e amanang le yona. Ho tsepamisitswe maikutlo hodima ho fokotsa tshenyo e bakwang ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi ho batho le setjhabeng. Sena se ka fihlellwa ka thibelo, bonamodi bo ka pele, pheko le mehato e meng e amanang le yona, ditshebeletso tsa tlhokomelo ya moraorao le ho kgutlisetswa setjhabeng.
3.3.4.    Leano  lena le phatlaladitswe websaeteng ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba: www.dsd.gov.za.

4.    Ditsebiso ho Kabinete
4.1.    Maemo a Merafo Afrika Borwa
4.1.1.    Kabinete e tsebisitswe ka tlaleho ya Boemo ba Indasteri ya Merafo, ho itshetlehile hodima phuputso e entsweng ke Mintek. 
4.1.2.    Tlaleho e fana ka lesedi le felletseng la moraorao la dintlafatso tsa moraorao mebarakeng ya dihlahiswa tsa lefatshe, ditlwaelo tsa tlhahiso ya diminerale Afrika Borwa, seabo sa indasteri ya merafo ho dihlahiswa tsohle tsa naha, matsete le tlhahiso ya mesebetsi. 
4.1.3.    Tlaleho e sebetsa e le mohlodi wa bohlokwa bakeng sa ho hlwaya ditshitiso ntshetsopeleng ya lekala la merafo, e leng seabo se seholo kgolong ya moruo wa Afrika Borwa. 
4.1.4.    Tlaleho ya Boemo ba Indasteri ya Merafo e tla kgontsha lekala la merafo la naha ho ikemela le ho nka monyetla wa ho ata ha tlhokeho ya dihlahiswa ka ho fana ka tlhahisoleseding mabapi le dihlahiswa tse fapaneng.

4.2.    Tlaleho ka Mokgahlelo wa IV wa Boikitlaetso   ba Moporesidente la Khiro ya Batjha lekaleng la thuto ya motheo tlasa lebitso la Boikitlaetso   ba Khiro ya Thuto ya Motheo (BEEI)
4.2.1.    Kabinete e tsebisitswe ka diphihlello tsa BEEI, e leng leano le leholo la bonamodi ba khiro ya setjhaba le shebanang le khiro ya batjha ba dilemo tse 18 ho fihla ho 35. Bonamodi bona bo boela bo batla ho fokotsa maemo a phahameng a batjha ba sa sebetseng Afrika Borwa.
4.2.2.    Ho tloha ha e qala ka Tshitwe 2020, BEEI e thehile menyetla ya mesebetsi e ka bang 1.1 milione  bakeng sa batjha ba dilemo tse 18 ho fihla 35. Lenaneo le boetse le thusitse naha ho tobana le diphephetso tse bohloko tsa moruo tse bakilweng ke sewa sa COVID-19, e le karolo ya leano la mmuso la ho ntlafatsa moruo.
4.2.3.    BEEI e ne e hirile batjha ba 240 342 dikolong jwalo ka bathusi ba thuto le bathusi ba dikolo ka kakaretso. Bathusi ba ne ba fumana moputso o fetang R4 000 ka kgwedi. Kabinete e dumetse kopo ya Lefapha la Thuto ya Motheo ya ho tswela pele ka Leano la Thuto ya Motheo la Khiro ya Batjha bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2024/25.

5.    Khiro

Dikhiro tsohle di itshetlehile ho netefatso ya mangolo a thuto le tumello e amehang  ya tshireletso.  

1.    Monghadi Neville Matjie jwalo ka CEO ya Lebitso la Kgwebo la Afrika Borwa 
2.    Ho hirwa ha Mofumahadi Khetha-okuhle Vincentia Rantao jwalo ka motsamaisi eo e seng wa phethahatso Botong ya Banka ya Lefatshe. 
3.    Khiro ya Lekala  la Taolo la CCMA
(a)    Ngaka September Cornelia (Modulasetulo ya Ikemetseng)
(b)    Mofumahadi Riefdah Ajam (Mekgatlo ya Basebetsi) 
(c)    Monghadi Solly Phetoe
(d)    Monghadi Wiseman Dinwa;
(e)    Monghadi Sifiso Lukhele (Mekgatlo ya Dikwebo);
(f)    Monghadi Kaizer Moyane;
(g)    Mofumahadi Siobhan Leyden;
(h)    Mofumahadi Unathi Ramabulana (Moemedi wa Puso);
(i)    Mofumahadi Ntsoaki Mamashela; le 
(j)    Monghadi Lucky Charles Mohalaba

6.    DIKETSAHALO TSE TLANG

6.1.    Letsholo la Matsatsi a 16 a Twantsho 
6.1.1.    Letsholo la Matsatsi a 16 a Ntwa kgahlano le Tlhekefetso ya Basadi le Bana le tla thakgolwa ka la 25 Pudungwana 2024 Lebaleng la Dipapadi la Royal Bafokeng ho la Leboya Bophirima tlasa mookotaba: "Dilemo tse 30 tsa Tshebetso ya Kopanelo ya ho Fedisa Dikgoka Kgahlano le Basadi le Bana".  

6.2.    Palamente ya Bo-Afrika (PAP)
6.2.1.    Kopano e Tlwaelehileng ya Bone ya Palamente ya Botshelela ya PAP, e leng lekgotla la ketsamolao la kontinente bakeng sa baemedi ba dinaha tsohle tsa Afrika, e tla tshwarwa ho tloha ka la 4 ho isa la 15 Pudungwana 2024. 
6.2.2.    Nakong ya dikopano tsena, ho tla tekwa ditlaleho tsohle tsa kopano ho tswa dikomiting tse fapaneng le ditshisinyo tse entsweng bakeng sa Seboka sa Dihlooho tsa Dinaha le Mebuso ya Afrika mabapi le maano le melao e dumellanang ya kontinente. 
6.2.3.    GCIS e tla beha leihlo ho kenngwa tshebetsong ha meralo ya dikgokahanyo le meralo ya dihlopha, mme ditlaleho tsa tlhokomelo di tla fumaneha kgwedi le kgwedi ho Kabinete e le karolo ya tlaleho ya Merero ya Hajwale.

7.    Melaetsa

7.1.    Dithoholetso
Kabinete e lebisa dithoholetso le ditakaletso tsa mahlohonolo ho:

•    Letona la Ditaba tsa Kantle ho Naha la Ghana Shirley Ayorkor Botchwey ka ho kgethwa ha hae ho sa tswa feta jwalo ka Mongodi-Kakaretso a latelang wa Commonwealth. Mofumahadi Botchwey o tla nka boetapele ba hae ba dilemo tse nne ba mokgatlo wa dinaha tse 56 ka la 1 Mmesa 2025.
•    sehlopha sa baithuti ba bahlano ba Afrika Borwa ba fumaneng mangolo a bona a Masters ya Maritime Affairs ho tswa Yunivesithing ya Lefatshe ya Maritime e Sweden. Dithuto tsa bona di tsheheditswe ka ditjhelete ke Bolaodi ba Thupelo ya Thuto ya Dipalangwang, e leng e nngwe ya balaodi ba lefapha la thuto le kwetliso ba filweng thomo  ya ho thusa ka maitsebelo le thupello.  .
•    Banyana Banyana, Sehlopha sa Naha sa Bolo ya Basadi sa Afrika Borwa, bakeng sa ho fihlella makgaolakgang a Bompodi ba Basadi ba COSAFA. Sehlopha sa rona sa naha se hlotswe ke Zambia ka dipenele.
•     Disesi ba Afrika Borwa Chad Le Clos bakeng sa ho hapa kgauta ho serurubele sa banna sa 200m le Pieter Coetzee bakeng sa ho hapa kgauta ho ka bobedi tlhodisanong ya ho sesa ka santhao ka mokokotlo la 100m le 200m hammoho le silifera lebelong la ho sesa ka santhao ka mokokotlo la banna la 50m ho Mohope wa Lefatshe wa ho Sesa wa Aquatics wa selemo sa 2024 Singapore.

7.2.    Matshediso
Kabinete e tshedisa ba lelapa le metswalle ya:

•    Moporofesara Noel Chabani Manganyi (84), eo e neng e le serutehi se hlahelletseng ka mahetla, mofuputsi, setsebi sa tshebetso ya kelello le mosebeletsi wa setjhaba.

Dipotso:Mofumahadi Nomonde Mnukwa – Sebueledi  sa Mmuso se Tshwereng Mokobobo
Mohala 083 653 7485
Letsatsi: Laboraro, 13 Pudungwana 2024 
www.gcis.gov.za; www.gov.za

Share this page

Similar categories to explore