Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 12 Tlhakubele 2025

A.    Maemo a Renang

1.    Moruo
1.1.    Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2025 
1.1.1.    Kabinete e ananetse Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2025 tse reretsweng ho baballa botsitso dipakeng tsa moralo wa Afrika Borwa wa ditjhelete, phumantsho ya tjhelete bakeng sa dintlha tse ka sehlohlolong tsa Tsamaiso ya Bosupa, jwalo ka ha di tekilwe ke Motlotlehi, Mopresidente Cyril Ramaphosa Nakong ya Puo ya Maemo a Naha ha ho ntse ho bebofatswa dikgahlamelo tsa ditlhokeho tsa matlole hodima malapa a bafumanehi le ba lekeno le mahareng.
1.1.2.    Kabo e fetang R1 trilione bakeng sa ntshetsopele ya infrastraktjha hodima Moralo wa Nako e Bohareng wa Ditjeo (MTEF), ho thehwa ha thuso ya ditjhelete ho fapaneng ka ditiisetso tsa mekitlane le ho hlahiswa ha metjha e mengata ya boiketo mabapi le Motheo wa Ditekanyetso bakeng sa infrastraktjha ke pontsho ya boitlamo ba ho hodisa moruo ka lenaneo le matla la kaho ya infrastraktjha ha ka nako e le nngwe ho ntlafatswa phano ya ditshebeletso.
1.1.3.    Malebaleba bakeng sa bonkakarolo ba lekala la poraefete, jwalo ka ha a hlalositswe puong ya Ditekanyetso – ao e leng karolo ya diphetoho tse kgannwang ke Operation Vulindlela makaleng a eneji, dipalangwang le ho thothwa ha thepa – ho supa boitlamo ba mmuso ba ho potlakisa  matsete lekaleng le poraefete le kgolong ya moruo e kenyeletsang. 
1.1.4.    Ho ananelwa kgahlamelo ya ho nyollwa ha lekgetho, Ditekanyetso di fana ka mekgwa ya pebofatso kgahlanong le dinyollo tsena e kang:
1.1.4.1.    ho se nyollwe ha lekgetho la mafura.
1.1.4.2.    dinyollo tse ka hodima infleishene tsa dithuso tsa mmuso, ka ho nyollwa ha dithuso tsa ditjhelete tsa maqheku le diqhwala ka R130 ho isa ho R2 315 ka selemo 2025.
1.1.4.3.    Kabo ya matlole bakeng sa Lekala la Bapalami ba Diterene la Afrika Borwa (PRASA) ho ntlafatsa dipalangwang tsa bapalami ba diterene e leng se tla fokotsa tshebediso ya lekeno la malapa mabapi le ditjeo tsa dipalangwang.
1.1.5.    Sa bohlokwa ka ho fetisisa, nyollo ya lekgetho e tla thusa ka paballo ya ditjhelete bakeng sa naha ena, ka ho etsa hore matitjhere a 11 000 a be teng dikolong, ho be le basebeletsi ba kalafo ba 9 300, ho hirwe dingaka tse 800 kamora hore di phethele lenaneo la tshebeletso ya badudi le hore bana ba bang ba 700 000 (ba dilemo di nne) ba fihlelle dikolo tsa dikonyana (ECD), e leng se hlokehang bakeng sa thuto ya motheo bakeng sa katleho ya bona leetong la thuto.  

1.2.    Kgolo ya Moruo
1.2.1.    Ho phahama ka 0.6% kotareng ya bone ha Paloyohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) bakeng sa 2024 ho bontsha tlhasimoloho ho phatlalla le moruo, kaha makala a temo, ditjhelete, kgwebisano le malapa di hotse kotareng ya ho qetela ya selemo.
1.2.2.    Indasteri ya temo e iphumane ka 17,2%, mme e nyolla kgolo ya GDP ka 0,4 ya ntlha ya phesente. Ditshebeletso tsa ditjhelete, thepa ya meaho le indasteri ya dikgwebo di hotse bakeng sa kotara ya borobedi ka tatelano, moo mesebetsi ya setheo sa bohokahanyi ba ditjhelete, ya thepa ya meaho le ditshebeletso tsa kgwebo e leng tsona tse nyehetseng ka bokgabane kgolong.
1.2.3.    Kabinete e na le tshepo ya hore ho phahama ha tsepamiso ya maikutlo le lebelo la phano mabapi le diphetoho tsa dibopeho tsa moruo, phano ya ditshebeletso le bokgoni ba mmuso, bonkakarolo bo phahameng ba lekala la poraefete, ho tla potlakisa kgolo ya moruo ho ya pele ka selemo sa 2025 le ka nqane.

1.3.    Matsete
1.3.1.    Kabinete e ananetse tsebiso ya Microsoft South Africa ya ho tsetela R5.4 bilione mabapi le infrastraktjha ya artificial intelligence (AI) ka hara naha. Matsete ana a tla matlafatsa boemo ba Afrika Borwa jwalo ka setsi se itlhommeng pele sa AI kontinenteng ya Afrika le ho ahella hodima matsete a R20.4 bilione a Microsoft South Africa dilemong tse tharo tse fetileng.
1.3.2.    Microsoft South Africa e boetse e tsebisitse ka nyehelo ya yona mabapi le ntshetsopele ya tsebo ya tsa dijithale ya Afrika Borwa ka ho lefella ditifikeiti tsa setekginiki bakeng sa batho ba 50 000 mabapi le tsebo  hlokehang haholo ya tsa dijithale.
1.3.3.    Mabapi le ho tswella ho matlafatsa porofaele ya rona ya matsete, baetsi ba makoloi ba India e leng Mahindra ba saenne memorandamo wa kutlwisisano le Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) ya Afrika Borwa ho batlana le bokgoni ba ho theha polante ya kaho ya makoloi ka botlalo ka hara naha. Mahindra e se e na le polante ya kaho ya makoloi ya letoto la makoloi a Pik Up Thekong e tsamaiswang ke AIH Logistics, moo haufinyana re ileng ra keteka tlhahiso ya bona ya makoloi a bo-25 000 a Pik Up a ahilweng lapeng mona. 
1.3.4.    Kabinete e hopoditse Moafrika Borwa ka mong jwalo ka radiabo ya otlolohileng ho South Africa Incorporated (SA Inc.) ka ditabatabelo tsa yona mabapi le ho hodisa naha ya rona jwalo ka sebaka sa matsete tikolohong ya lefatshe lohle ya tlhodisano. Re lokela ho tswella ho ba ntswe leng mabapi le ho tsireletsa tabatabelo ya rona ya naha, boikemelo ba rona le demokerasi ya rona ya molaotheo.

2.    Dikamano tsa Matjhaba
2.1.    Bopresidente ba Afrika Borwa ba Sehlopha sa Dinaha tse Mashome a Mabedi (G20)
2.1.1.    Jwalo ka karolo ya yona ya Bopresidente ba G20, Afrika Borwa e ile ya tshwara ka katleho dihlopha tse latelang tsa tshebetso le dikopano tsa lebotho la tshebetso tsa G20 mafelong a Tlhakola le mafelong a beke ena:
2.1.1.1.    Kopano ya Sehlopha sa Diphuputso le Ntjhafatso (RIWG) sa G20, e neng e tshwaretswe Yunivesithing ya Foreistata, Mangaung ho tloha ka la 23 ho isa ka la 25 Tlhakola 2025, e ile ya tshohla kamoo ho ka sebediswang diphuputso le ntjhafatso mabapi le ho sebetsana le diqholotso tsa lefatshe lohle, le ho kgothaletsa saense le thekenoloji. Ba ile ba boela ba bontshana ka dintlhakgolo tsa selemo seo re leng ho sona, e leng: 
(a)    Ntlhakgolo 1: Ho bula Ntjhafatso bakeng sa Ntshetsopele;
(b)    Ntlhakgolo 2: Diphapang tsa Tlhaho bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella; le
(c)    Ntlhakgolo 3: Diphapano, Tekatekano, Kenyeletso, le Phihlello ho tsa Saense, Thekenoloji le Ntjhafatso.
2.1.1.2.    Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Ntwa Kgahlanong le Bobodu (Motse Kapa), ka la 3 ho isa ho la 5 Tlhakubele 2025 e neng e batlana le malebaleba a ho matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha disebediswa tsa semolao tsa ho lwantsha bobodu. Kopano ena e ne e le monyetla bakeng sa bankakarolo wa ho theha lenaneo le ho kgatha tema bakeng sa dipuisano tsa kamoso, ho kgothaletsa puisano le tshebedisano bakeng sa ho matlafatsa mawa a ntwa kgahlanong le bobodu. Nakong ya kopano ena, bankakarolo ba tshohlile le ho dumellana mabapi le dintlhakgolo tsena tse mmalwa:
(a) Ntlhakgolo 1: Matlafatso ya Botshepehi ba Lekala la Mmuso;
(b) Ntlhakgolo 2: Keketso ya Bokgabane ba Kgutliso ya Dithoto;
(c) Ntlhakgolo 3: Bonkakarolo bo Kenyeletsang; le
(d) Ntlhakgolo 4: Tshireletso ya Baphahli ba Makunutu.
2.1.1.4.    Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Temo, e neng e tshwerwe ka marangrang a vidio ka la 3 le la 4 Tlhakubele 2025, e tshohlile dintlha tse hlokolosi tse amang bankakarolo ba temo lefatsheng ka bophara le ho dumellana ka dintlhakgolo tsa selemo seo re leng ho sona. Tsena ke:
(a)    Ntlhakgolo 1: Ho kgothaletsa bonkakarolo bo kenyeletsang dimmarakeng le kanetso ya dijo;
(b)    Ntlhakgolo 2: Matlafatso ya batjha le basadi ditsamaisong tsa temo ya dijo;
(c)    Ntlhakgolo 3: Ho kgothaletsa phetiso ya ntjhafatso le thekenoloji; le
(d)    Ntlhakgolo 4: Kaho ya boitseko ho tsa tlelaemete bakeng sa temo ya moshwelella.
2.1.1.5.    Kopano ya Pele ya Tshebetso ya Bohahlaudi e neng e tshwerwe ka marangrang a vidio ka la 5 Tlhakubele 2025 e tshohlile kamoo bohahlaudi bo ka sebediwang bakeng sa ho fetola maphelo a batho, metse le lefatshe. Ba boetse ba tshohlile le ho dumellana mabapi le ho sebetsana le dintlhakgolo tse nne bakeng sa selemo sena, e leng: 
(a)    Ntlhakgolo 1: AI e tobisitsweng bathong le ntjhafatso ya ho matlafatsa Thuthuiso ya Botsamai le Bohahlaudi le Dikgwebo tse Nyane tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME);
(b)    Ntlhakgolo 2: Thuso ya Ditjhelete Mabapi le Bohahlaudi le Matsete bakeng sa ho Matlafatsa Tekatekano le Kgothaletso ya Ntshetsopele ya Moshwelella; 
(c)    Ntlhakgolo 3: Dikgokelo tsa Difofane le Botsamai bo se nang Mathata; le
(d)    Ntlhakgolo 4: Boitseko bo Matlafetseng bakeng sa Ntshetsopele e Kenyeletsang, ya Moshwelella ya Bohahlaudi.
2.1.1.6.    Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Phokotso ya Dikoduwa e neng e tshwerwe ka marangrang a vidio ka la 5 Tlhakubele 2025 e ile ya tshohla akofiso ya ditemoso tsa esale nako bakeng sa maikitlaetso ohle, e leng boikemisetso ba bohlokwa ba lefatshe lohle jwalo ka ha ho tekilwe ke Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) ho thatiselletsa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Phokotso ya Kotsi ya Dikoduwa wa Sendai wa 2015-2030. Afrika Borwa e bona kopano ena e le foramo ya bohlokwa ya matjhaba ya ho kganna lenaneo le boikarabelo bo kopanetsweng bakeng sa ho aha boitseko, ho matlafatsa tshebedisanommoho ya rona, le ho kganna tshebetso e molemo e hlokehang bakeng sa ho thibela ho phahama kapa mpefalo ya dikotsi. Kopanong ena ho ile ha dumellanwa ka dintlhakgolo tse latelang:
(a)    Ntlhakgolo 1: Ho sebetsana le ho se Lekalekane le ho Fokotsa Mefokolo;
(b)    Ntlhakgolo 2: Boteng ba Lefatshe Lohle ba Ditsamaiso tsa Temoso Esale Nako;
(c)    Ntlhakgolo 3: Infrastraktjha e Itsekang bakeng sa Dikoduwa;
(d)    Ntlhakgolo 4: Dithuso tsa Ditjhelete bakeng sa Phokotso ya Dikoduwa;
(e)    Ntlhakgolo 5: Boiphumano kamora Koduwa, Tsosoloso le Kahobotjha; le
(f)    Ntlhakgolo 6: Dikatamelo tse Amanang le Bodulo ba Tlhaho bakeng sa Ditharollo tse ithetlehileng hodima Tlhaho.
2.1.1.7.    Kopano ya Pele ya Lebotho la Tshebetso: Mabapi le Kanetso ya Dijo e neng e tshwerwe ka marangrang a vidio ka la 5 Tlhakubele 2025 e tshohlile maano le mananeo a ho ntlafatsa kanetso ya dijo. Bankakarolo ba dumellane ka ho aha tsamaiso ya dijo e matla, e hlokang leeme le e batlang e le ya moshwelella. Ba boetse ba ile ba itlama ho sebetsana le diqholotso tsa bohlokwa tse kang ditshitiso tsa kgwebisano, matlole bakeng sa tlhahiso ya dijo le kgahlamelo ya ho fetofetoha ha tlelaemete hodima mathathama a phano ya dijo. Tse ding tsa diphetho tsa dintlhakgolo ke tse latelang:
(a)    Ntlhakgolo 1: Maano a matla haholo a kanetso ya dijo;
(b)    Ntlhakgolo 2: Ditheko tsa dijo tse tsitsitseng;
(c)    Ntlhakgolo 3: Melawana le maemo a hlakileng;
(d)    Ntlhakgolo 4: Moralo wa Tshebetso wa G20 bakeng sa Kanetso ya Dijo; le
(e)    Ntlhakgolo 5: Tumello ya Matona a Mafapha le ho kenngwa tshebetsong.
2.1.1.8.    Lenaneo la Phihlello la G20 le neng le tshwaretswe Yunivesithing ya Venda Thohoyandou ka la 7 Tlhakubele 2025 le ne le reretswe ho kgothaletsa puisano e batsi le bonkakarolo ba setjhaba tabeng ya Bopresidente ba Afrika Borwa ba G20. Kopano ena e ile ya sebedisetswa ho kgothaletsa batho ba naha ena ho itahlela ka setotswana mabapi le ho amohela baeti ba rona ka hara naha ha re ntse re tswella ho tshwara dikopano dibakeng tse fapafapaneng tsa naha, le ho hodisa botjhaba le mafa a bo bona. maAfrika Borwa a ile a boela a kgothaletswa ho bua hantle ka naha ya bo bona.
2.1.2.    Dikopano tse latelang tsa dihlopha tsa tshebetso le mabotho a tshebetso a G20 di tla tshwarwa ho fihlela mafelong a Tlhakubele: 
2.1.2.1    Kopano ya Pele ya Lebotho la Tshebetso: Kgolo ya Moru o Kenyeletsang, Kaho ya Diindasteri, Khiro, Le Phokotso ya ho hloka Tekatekano: 17 Tlhakubele 2025 – ka marangrang a vidio.
2.1.2.2    Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Kgwebisano le Matsete: 18-20 Tlhakubele 2025 – ka marangrang a vidio. 
2.1.2.3    Kopano ya Bobedi ya Sehlopha sa Tshebetso sa tsa Kalafo:26-28 Tlhakubele 2025 – Thekong.
2.1.2.4    Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Tlelaemete le Tikoloho ya Moshwelella: 25-28 Tlhakubele 2025 – ka marangrang a vidio.
2.1.3    Dintlha tse mabapi le dikopano tsena tse fapafapaneng le diphetho tsa tsona tsa G20 di ka fihlellwa ho www.g20.org KAPA www.g20.org.za

2.2    Thuso ya Thekolohelo ya Botho mabapi le Palestina
2.2.2    Kabinete e tshwela ka mathe kganyetso ya Iseraele ya ho dumella dithuso tsa botho ho kena Motjhoporong wa Gaza le ho kwalwa ha ho tshelwa ha madiboho ka nako eo batho ba Gaza ba nang le mathata a maholo le ho hloka dijo, bodulo le phano ya meriana ka potlako.
2.2.3    Ketso e nna ke ho tswella ha Iseraele ha ho sebedisa tlala e le sebetsa sa ntwa jwalo ka karolo ya letsholo le ntseng le tswela pele leo Lekgotla la Dinyewe la Toka la Matjhaba le entseng kahlolo ya hore ke polao e totobetseng ya batho ba Palestina.  
2.2.4    Kabinete e boeletsa kgoeletso ya setjhaba sa bo rona matjhabeng ho beha molato hodima Iseraele le ho netefatsa phano e bolokehileng, e tswellang le e hlokang tshitiso ya dithuso tsa botho dibakeng tsohle tsa Motjhoporo wa Gaza.

3.    Botlokotsebe
3.1.    Ho ananela Kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe la Malawi mabapi le ho Kgutliswa ha Shepherd le Mary Bushiri
3.1.1.    Kabinete e ananetse kahlolo ya Lekgotla le Leholo la Masetrata wa Riphabliki ya Malawi ya hore Shepherd le Mary Bushiri ba kgutlisetswe Afrika Borwa ho tla qoswa ka diqoso tse ngata tsa botlokotsebe tse kenyeletsang peto, tlolo ya Molao wa Boeletsi le Ditheo tsa  Ditshebeletso tsa Ditjhelete, wa selemo sa 2002 (Molao wa bo-37 wa selemo sa 2002), Molao wa Dibanka, wa selemo sa 1990 (Molao wa bo-94 wa selemo sa 1990), Molao wa Bofalli, wa selemo sa 2002 (Molao wa bo-13 wa selemo sa 2002) le ho hatikela dipehelo tsa beile.
3.1.2.    Kahlolo ena e bontsha hore ha ho motho le a mong ya ka balehelang letsoho la molao le ho boela e thathiselletsa boikemelo ba makgotla, tshebedisanommoho ya matjhaba le ho tshepana pakeng tsa ditheo tsa semolao tsa Afrika Borwa le Malawi.
3.1.3.    Re a tseba hore ba ha Bushiri ba supile hore ba na le maikemisetso a ho ipiletsa. Leha ho le jwalo, re na le tshepo ya hore re na le nyewe e matla kgahlanong le bona.
3.1.4.    Afrika Borwa e malala-a-laotswe ho sebedisana le INTERPOL mapapi le ho hokahanya ditlhophiso tsa ho ba tlisa le ho netefatsa hore ba tliswa Afrika Borwa bakeng sa ho qoswa.

4.    Maemo a Lehodimo a Mabe
4.1.    Dipula tse matla tsa moraorao tjena di fetile ka maphelo a batho ba mmalwa, tsa siya ba makgolo ba se na bodulo, moo ho bileng le tshenyo e matla ya matlo le infrastraktjha KwaZulu-Natal.
4.2.    Kgahlamelo ya maemo a bohale a lehodimo KwaZulu-Natal e tsebahaditswe e le maemo a naha a koduwa ho etsa hore lefapha la provense la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba le sebedisana le makala kaofela a puso ho matlafatsa mekgwa ya tshehetso, ho fokotsa kgahlamelo ya koduwa ena hodima metse.
4.3.    Mmuso o tswella ho thusa mahlatsipa a dikgohola mme Lefapha la Bodulo ba Batho le abetse KwaZulu-Natal R100 milione ho thusa ho laola ditlamorao tsa dikgohola tsena.
4.4.    Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle ho fadimeha ka matla kamehla ha maemo a lehodimo a ba mabe. Dipula tse matla di tlisa kotsi ya dikgohola, haholoholo dibakeng tse tlase, marokgong le mebileng. 
4.5.    Maemong a dipula tse matla, badudi ba kgothaletswa ho qoba ditsela tse tletseng metsi le ho dula ba mametse kgaso ya ditaba radiong le maqepheng a mmuso a dikgokahanyo tsa setjhaba bakeng sa ho ba sehlohlolong sa ditemoso.

B.    Tse Ntjha Mabapi le Kabinete
1.       Tshireletso le Matlafatso ya Sekepele sa Moputso o Tlase wa Naha (NMW)
1.1.    Kabinete e amohetse le ho sekaseka tlaleho ya Lefapha la Khiro le Basebetsi mabapi le kgatelopele e entsweng bakeng sa ho sireletsa le ho matlafatsa NMW.
1.2.    Molao wa NMW, wa selemo sa 2018 (Molao wa bo-9 wa selemo sa 2018), o ileng wa qala ho sebetsa ka Pudungwana 2018, o ile wa teka motheo wa ho fokotsa ho se lekalekane ha lekeno le dikgeo tsa mokgolo, le ho tswella ho sireletsa basebeletsi ba mokgolo o tlase ka hara naha.
1.3.    Ho tloha ka la 1 Tlhakubele 2025, NMW e phahame ka 4% ho tloha ho R27,58 ho isa ho R28,79 ka hora. Keketseho ena e rerile ho fana ka tshehetso ya bohlokwa ya moruo le kimollo e batlehang ka matla ho basebeletsi ba dimilione tse tsheletseng ba welang ka hara boemo bona ba NMW.

2.    Kgothaletso ya Boithuto ba Motheo
2.1.    Kabinete e hlahisitse tshehetso ya yona bakeng sa lewa la ho rala botjha lekala la Thuto ya Motheo mabapi le boithuto ba motheo.
2.2.    Ka Pherekgong 2025, Lefapha la Thuto ya Motheo le ile la tsebisa le ho keteka katleho e phahameng e etsang rekoto ya sekgahla sa katleho sa 87.4%. Leha ho le jwalo, kgwedi feela pejana ho moo, lefapaha le ile la lokolla sephetho sa tekolo se hlohlomisitsweng sa dipatlisiso tse fapaneng tse bontshang hore se ka batlang se etsa 80% ya bana ba Afrika Borwa ha ba kgone ho balla kutlwisiso, ka puo leha e le efe ha ba le dilemong tse leshome.
2.3.    Ho rarolla qholotso ena, Letona la Thuto ya Motheo le qadile lewa la ho rala botjha le tla tlisa maikitlaetso a latelang:
2.3.1.     Phihlello e tshwanang ya ECD ya boleng ka boingodiso ka bongata ba ditsi tsa ECD, ho netefatsa hore ngwana ka mong ya ho ECD o fumana tshehetso ya ditjhelete, tshehetso ya ditsi tsa ECD ka thepa ya ho Ithuta le ho Rutwa, le ho fana ka tshehetso ho basebetsi hore ba fumana mangolo a ho ruta. Matlole bakeng sa sena a abuwe nakong ya Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2025.
2.3.2.     Tekolo ya ditlwaelo le maemo bakeng sa ho eketsa dikgeo tsa mosebetsi thutong ya mokgahlelo wa motheo.
2.3.3.     Basari ya Funza Lushaka e tla ralwa botjha ho beha ka sehlohlolong dibasari bakeng sa baithuti ba batlang ho ruta mokgahlelong ona wa motheo.
2.4.    Lewa lena la ho rala botjha le tla matlafatsa tsebo ya motheo ya ho bala le ho ngola bakeng sa baithuti, le ho netefatsa hore hamorao ba tla kgona ho sebetsana le dithuto tse batlang di le thata tse akgang Mmetse, Saense, Bobadi ba Ditjhelete le Moruo, hara tse ding.

3.    Tshebetso ya Phehlo ya Motlakase 
3.1.    Kabinete e amohetse tlaleho ya mosebetsi o etswang ke Eskom bakeng sa ho ntlafatsa phehlo ya motlakase ho tsitsisa marangrang a naha bakeng sa ho fedisa diketsahalo tse ngata tsa ho kgaoha ha motlakase. 
3.2.    Kamora tsosoloso ya dimekawate tse fetang 300 tsa bokgoni ba phehlo ya motlakase le ho fumana botjha diresefe tse lekaneng, ho kgaoha ha motlakase ho ile ha fanyehwa ka hora ya leshome ka Sontaha, sa la 9 Tlhakubele 2025. Ditshebetso tsa mashala Seteisheneng sa Motlakase sa Kusile di maemong a hodimo moo diyuniti kaofela di ileng tsa se sebetse ho tloha ka Labohlano la 7 Tlhakubele mme jwale di seng di sebetsa ka katleho le Yuniti ya Bobedi ya Koeberg e ile ya boela tshebetsong ka katleho.
3.3.    Tshebetso ka kakaretso ya phehlo ya motlakase esale ho tloha ka lehlabula la selemo sa 2024 e bontshitse dintlafalo tsa bohlokwa le botsitso, e leng se bakileng hore ho be le 98% ya matsatsi moo ho neng ho se na ho kgaoha ha motlakase. Eskom e dula e lebeletse boemo bo botle bakeng sa nako ena e setseng ya lehlabula.

C.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Ho tshwarwa ha Indaba ya Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere 
1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Indaba ya Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere ka la 27 le 28 Tlhakubele 2025 Gauteng. 
1.2.    Ketsahalo ena ke tshalomorao ya Seboka sa Metsi se neng se tshwerwe ka Pherekgong 2024, se neng se bokantse balaodi bohle ba ditshebeletso tsa metsi ho sebetsana le diqholotso tse ka sehloohong tsa lekala lena, ho latela Drops Reports.
1.3.    Seboka se ile sa theha Moralo wa Tshebetso wa ho sebetsana le dintlha tsena, mme Indaba ena e tla fana ka monyetla wa ho lekola kgatelopele e entsweng le ho hlwaya mehato e batlehang.
1.4.    Diphetho tse lebeletsweng tsa Indaba ke ho ba le tumellano mabapi le boemo ba kanetso ya metsi Afrika Borwa, kgatelopele mabapi le diketso tse sa phethelwang ho tloha ka Seboka sa Metsi sa selemo sa 2024 le diketso tse ka sehloohong tse batlehang bakeng sa ho ntlafatsa kanetso ya metsi le moralo o motjha wa tshebetso.
1.5.    Kabinete e ananetse diqholotso tsa kanetso ya metsi tse tobileng naha le ho thathiselletsa boitlamo ba yona bakeng sa ho netefatsa hore moAfrika Borwa ka mong o ba le phihlello ya metsi a bolokehileng, le ditshebeletso tsa moshwelella tsa metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere.

2.     Tlaleho ya Nako ya Naha ya bobedi, ya boraro le ya bone ya Khonvenshene ya UN ya ditokelo tsa diqhwala (UNCRPD). 
2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana hore Lefapha la Basadi, Batjha le Diqhwala le romele tlaleho ya nako le nako ya bobedi, ya boraro le ya bone ya UNCRPD ho UN. Tlaleho ena e fana ka dintlha tse ka sehlohlolong mabapi le kgatelopele e entsweng ke Afrika Borwa bakeng sa ho kgothaletsa le ho sireletsa ditokelo tsa diqhwala. 
2.2.    Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Motheo ya Naha mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha UNCRPD ka selemo sa 2013 mme tlaleho e ile ya qetella e rometswe ka selemo sa 2014.
2.3.    Tlaleho ena ya kgatelopele e kopanetsweng e fana ka kakaretso ya tshebetso ya mmuso mabapi le ho kenngwa tshebetsong ya Tokomane ya Moralo wa Ditokelo tsa Batho ba Qhwadileng. E hlakisa diphetoho tsa maano le tsa ketsamolao, le mehato e nkuweng bakeng sa ho sireletsa le ho kgothaletsa ditokelo tsa batho ba qhwadileng. Tlaleho e tsenkolla mekutu ya thuto, tlhahiso ya temoso, kalafo, ditshebeletso tsa kahisano, phihlello ya toka le khiro bakeng sa batho ba qhwadileng. Tlaleho e tla phatlalatswa websaeteng ya: www.gov.za

D.    Khiro
Dikhiro kaofela di itshetlehile ka netefatso ya mangolo a thuto le tumello e amehang ya tshireletso.

1.    Monghadi Neil Jansen jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso: Bolaodi ba Khiro ya Batho le Ntshetsopele ho Lefapha la Merero ya Lehae. 
Thonyo ya Ditho tsa Boto ya Alexkor 
(a)       Mofumahadi Dineo P. Peta (modulasetulo);
(b)        Mofumahadi Hilary A. Swartbooi;
(c)        Moprofesara Trevor G. Fowler;
(d)        Mofumahadi Shinduvi Zitha; 
(e)        Mofumahadi Bongi Ngxishe;
(f)        Ngaka Jonty Tshipa;
(g)        Monghadi Nico Patrick Swart; le
(h)        Monghadi Freddy Raseote.

E.    Diketsahalo tse Tlang
1.    Seboka sa Tsamaiso ya Pele ya Naha ya Diphetoho tsa Ntjhafatso
1.1    Seboka sa Tsamaiso ya Pele ya Naha ya Diphetoho tsa Ntjhafatso se tla etsahala ho tloha ka la 13 ho isa la 14 Tlhakubele 2025 ho qhaneha bokgoni ba Afrika Borwa ba saense, thekenoloji le ntjhafatso ka tsela e thusang ka kenyeletso.
1.2    Seboka se bokanya makgotla a saense, ditsha tsa thuto e phahameng, mafapha a mmuso, lekala la kgwebo le mekgatlo ya basebetsi ho bontshana le ho tshohla seabo sa kamoso sa naha sa Tsamaiso ya Naha ya Ntjhafatso. Se tla kgothaletsa diketso tsa ho akofisa phihlello ya ntshetsopele ya moruo wa kahisano e kenyeletsang le ya moshwelella molemong wa maAfrika Borwa kaofela.

2.    Seboka sa borobedi sa Afrika Borwa – Kopano ya Yuropa
2.1    Seboka sa borobedi sa Afrika Borwa – sa EU se tla etsahala Motse Kapa (kajeno) la 13 Tlhakubele 2025, mme se tla ba le bodulasetulo ba kopanelo ba Mopresidente Cyril Ramaphosa, Mopresidente wa Lekgotla la Yuropa, Monghadi António Luís Santos da Costa, le Mopresidente wa Khomishene ya Yuropa, Ngaka Ursula von der Leyen ho matlafatsa ho ya pele dikamano tse matla pakeng tsa Afrika Borwa le EU.
2.2    Seboka se tla tshohla dintlha tsa kgwebisano le matsete, hammoho le kutlwano e toma ya tshebedisanommoho pakeng tsa Afrika Borwa le EU.
2.3    Seboka se lebeletswe ho batlana le dikatamelo tsa tshebedisano mabapi le ho sebetsana le diqholotso tsa lebatowa le tsa lefatshe lohle, ho kenyeletsa diphetoho tsa tlelaemete, ho hloka tshireletso, kgotso, tshireletso le botsitso, ho fetohela maemong a hlwekileng, le diphetoho tsa ditheo tsa taolo tsa lefatshe lohle.
2.4    Seboka se tla boela se thathiselletse Bopresidente ba Afrika Borwa ba G20 le dintlhakgolo tsa bona, ho kenyeletsa mookotaba wa Bonngwe, Tekatekano le Bokgoni ba Moshwelella.

F.    Melaetsa
1.    Dithoholetso
Kabinete e fetiseditse matshediso a yona le ditakaletso tse molemo ho:
•    Dylan Naidoo bakeng sa ho ba moAfrika Borwa wa pele wa motho e motsho ho hapa tlhodisano e tummeng ya SA Open, e leng e nngwe ya ditlhodisano tsa kgale tsa kolofo. Tlholo ya hae e mo buletse sebaka Tlhodisanong ya July Open ya Royal Portrush.
•    Ncazelo Mlilo ka ho thonngwa mekgahlelong e mmedi ya Dikgau tse tummeng tsa Women Changing the World. Dikgau tsena di ananela basadi ho phatlalla le lefatshe ba etsang mosebetsi o babatsehang wa ho fetola maphelo.
•    Badudi ba Moseleme ha ba shebana le kgwedi e halalelang ya Ramadan.
•    Monghadi Patrice Motsepe ka ho kgethwa hape e le Mopresidente wa CAF. Nyehelo ya hae ntshetsopeleng ya bolo Afrika Borwa le Afrika e tswella hore re be motlotlo.

2.    Matshediso
Kabinete e lebisitse matshediso ho metswalle le malapa a:
•    bapalami ba 31 ba hlokahetseng diketsahalong tse tharo tse arohaneng tsa dikotsi tsa dibese pakeng tsa Reddersburg le Smithfield ho la Foreistata; mmileng wa N2 Leboya, haufi le Mandeni, ho la KwaZulu-Natal le tseleng ya R21 Ekurhuleni, ho la Gauteng ka tatelano.
•    baithuti ba bane ba sekolo sa poraemari ba hlokahetseng kotsing ya koloi mmileng wa N12 Daveyton, Ekurhuleni, ho la Gauteng.
•    mophahli wa makunutu le molwanedi wa tsa bong Pamela Mabini ya neng eme ka maoto bakeng sa basadi ba bileng le mathata a Dikgoka tsa Bong (GBV) le ho netefatsa hore baetsi ba GBVF ba a tshwarwa.
•    Crystal-Donna Roberts, sebapadi sa difilimi sa Afrika Borwa seo e neng e le naledi ya difilimi tse kang The Endless River and Krotoa, le ho hlahella ho Arendsvlei, Swartwater le 7de Laan.
•    Ngaka Gomolemo Mokae, molwanedi kgahlanong le kgethollo le boitemoho ba batho ba batsho, ngaka le sengodi se neng se kgothaletsa dipuo tsa seAfrika. O ile a fumana kgau ya sebui sa dipuo tse ngata ya Boto ya Dipuo tsa seAfrika bakeng sa ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tsa ka hara naha mabapi le dingolwa tsa Afrika Borwa.
•    Monghadi Athol Fugard, sebapadi sa kalaneng se tsebahalang lefatsheng ka bophara, sengodi sa dibuka le dipale se neng se ananelwa ka bobedi ka hara naha le matjhabeng bakeng sa dinyehelo tsa hae tse babatsehang ho tsa dipapadi tsa kalaneng. Ka selemo sa 2001, o ile a kenngwa ho American Theatre Hall of Fame   le ho amohela Tlotlo ya Ikhamanga ka selemo sa 2005.
•    Ebenhaezer Dibakwane, rametlae, sebapadi sa kalaneng le sengodi se hapileng dikgau.
•    Khomotso Jacob Makwetla, leqwetha la matlafatso ya dikgwebo tsa batho ba batsho, ya boetseng a nyehetse ntshetsopeleng ya bolo le ditebele ka hara naha.

E ntshitswe ke: Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Dipotso: Mofumahadi Nomonde Mnukwa – Sebueledi se Tshwereng Mokobobo sa Mmuso
Mohala: 083 653 7485

Share this page

Similar categories to explore