Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro, 25 Phuptjane 2025

A.    Maemo a Renang

1.    Puisano ya Setjhaba
1.1    Dilemo tse 70 tsa Tjhatha ya Tokoloho
1.1.1    Tsatsing lena, dilemong tse 70 tse fetileng, ka la 26 Phuptjane 1955, baemedi ba fetang 3000 ho tswa merabeng e fepafapaneng le maemong a fapafapaneng a bophelo ba ne ba kgobokane mane Kliptown, Johannesburg ho tla rera Afrika Borwa eo ba e batlang, e nang le demokrasi, e sa kgetholleng e netefatsang tekatekano, toka, ditokelo tsa botho hammoho le moruo o arolelanwang. 
1.1.2    Tjhatha ena ya Tokoloho e tlile ka mora hore mekgatlo e fapafapaneng e neng e le kgahlano le kgethollo hammoho le setjhaba ba kopane ka tlasa lebitso la African National Congress, ho tla buisana ka Afrika Borwa eo ba e labalabelang, e lokolohileng, le e nang le toka. 
1.1.3    Tjhatha ena ya Tokoloho, ke motheo wa Molaotheo wa rona wa Afrika Borwa e ntjha mme e ntse e sebedisetswa ho leka ho lokisa mathata a nako ya kgethollo a kang ho se lekalekane ho tsa moruo a ntseng a rena le hona jwale.

1.2    Seboka se etelelletseng pele Puisano ya Setjhaba 
1.2.1     Dilemo tse 70 ka mora ho amehelwa ha Tjhatha ya Tokoloho le ho amohela hore ho ntse ho na le mathata ao naha ya rona e ntseng e tobane le ona a hlokang hore bohle re etse matsapa a ho a lokisa, Maafrika Borwa a maemo ohle a mengwa ho nka karolo ho Puisano ena ya Naha e tlang ho rala Afrika Borwa eo re e lakatsang. Jwalo ka kamohelo ya Tjhatha ya Tokoloho, le ka Puisano ena ya Setjhaba ka yona ho tla etswa dipuisano tse pharalletseng maemong a ditereke le a diprofense. 
1.2.2    Kabinete e elellwa dingongoreho tsa setjhaba mabapi le tekanyetso ya tjhelete e behetsweng Puisano ena ya Setjhaba mme e rata ho hlakisa taba ya hore tekanyetso ena e sisintsweng ha e so ka e lekolwa ho latela ditsamaiso tsa mmuso kapa yona Komiti ya Matona (IMC) e etelletsweng pele ke Motlatsa Mopresidente, Paul Mashatile. Kabinete e ntse e hlokometse maemo a hlobaetsang a ditjhelete tsa mmuso mme ka lebaka leo, e laetse IMC ho ba hlokolosi tabeng ena ya tjhelete ya Puisano ya Setjhaba.

2.    Moruo
2.1    Leano la Afrika Borwa la Tlhahiso ya Motlakase ka Mokgwa o Hlwekileng
2.1.1    Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha Leano la Afrika Borwa la Tlhahiso ya Motlakase ka Mokgwa o Hlwekileng (SAREM) ho etella pele tlhahiso ena mona lapeng, ntlafatso ya maitsebelo hammoho le ho thehwa ha menyetla ya mosebetsi naheng ena. SAREM e neng e tjhaelwe monwana ke Kabinete ka Tlhakubele selemong sena, e rerile ho tshehetsa tlhokeho ya lehae ya motlakase o hlahisitsweng ka mokgwa o hlwekileng le ho tshehetsa ntshetsopele ya diindasteri ha ka ho le leng ho ntse ho netefatswa hore naha e fetohela motlakaseng ona o hlwekileng ka tsela e nang le toka.

2.2    Tumellano ya Kadimo ya Tjhelete ya Leano la Ntshetsopele ya dibilione tse US$1.5 
2.2.1    Kabinete e hlabilwe malotsana ka Tumellano ya Kadimo ya Tjhelete ya Leano la Ntshetsopele ya dibilione tse US$1.5 e saennweng ke mmuso wa Afrika Borwa le Banka ya Lefatshe e tlo sebedisetswa ho netefatsa moruo o kenyeletsang bohle hammoho le ho thehwa ha menyetla ya mosebetsi. Kadimo ena ya tjhelete, e ipapisitse le melawana ya Lefapha la Naha la Matlotlo mme ka yona ho ikemiseditswe ho potlakisa tshallo morao ya meralo ya motheo, haholoholo tlhahisong ya motlakase le ho thothweng ha thepa. 
2.2.2    Tjhelete ena e tla sebediswa ka mekgwa e meraro: ho ntlafatsa tlhahiso ya motlakase, ho ntlafatsa ditshebeletso le tlhodisano tsa ho thothwa ha thepa hammoho le ho thusa Afrika Borwa ho fetohela ho diindasteri tsa tlhahiso tse sa silafatseng tikoloho e leng dintlha tse pele ho mmuso ho kenyeletswa le kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle le ho thehwa ha menyetla ya moruo.

2.3    Ho fihla ha ente ya mokaka 
2.3.1    Kabinete e ananetse ho fihla ha ente ya bohloko ba mokaka ho tswa naheng ya Botswana eo ka yona ho tlilong ho lwantsha ho ropoha ha mokaka (FMD) dikarolong tse itseng tsa naha. 
2.3.2    Ente ena e fumaneha le hona ho entwa mahala dibakeng tse amehang, haholoholo KwaZulu-Natal (KZN) le Kapa Botjhabelo le mapolasi a mang a hlwahilweng diprofenseng tse ding. Mokgahlelo wa bobedi wa ente o sa ntsane o emetswe ho tswa ho Sitsi sa Diente sa Botswana.

3.    Dikamano tsa Matjhaba
3.1.    Seboka sa G7 
3.1.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a ya Sebokeng sa Dihlopha tse Supileng (G7) mme Afrika Borwa e nka G7 jwalo ka lehlahana la yona ho tsa maano. Mopresidente Ramaphosa o sebedisitse G7 ho kgothaletsa hore dinaha tsa G7 le tsa G20 di sebedisane mme hape a ngoka le tshehetso ya hore ho ntlafatswe tsela eo ditheo tsa matjhaba tse kang Moifo wa Tshireletso wa UN le mokgwa wa matjhaba wa tshehetso ya ditjhelete di sebetsang ka yona. Ho nka karolo ha Mopresidente ho G7 ho bontsha hantle hore Afrika Borwa ha e kgahlano le dinaha tsa ka Bophirima, empa re ikemiseditse ho sebedisana le dinaha tsohle tse tsamaisanang le ditabatabelo tsa naha ya rona le tsa dinaha tsa Afrika.

3.2    Ketelo ya semmuso Russia 
3.2.1    Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile o phethetse leeto la hae Russia moo a ileng a nka karolo le ho Seboka sa Matjhaba sa Moruo sa bo 28 sa St. Petersburg sa 2025 (SPIEF ’25).
3.2.2    Sepheo se seholoholo sa leeto lena e ne e le ho tiisa tshebedisano ho tsa moruo pakeng tsa dinaha tsena, haholoholo makaleng a kang la temo, tlhahiso ya makoloi, motlakase, merafo hammoho le thekenoloji le saense.

3.3    Ntwa pakeng tsa Isiraele le Iran
3.3.1    Kabinete e ngongorehiswa ke ho matlafala ha ntwa e pakeng tsa Isiraele le Iran le ho kenella ha Amerika (USA). Ho futuhelana ha dinaha tsena ka bobedi ho bakile ho shwa ha batho, ditemalo le tshenyo ya thepa. 
3.3.2    Kabinete e etsa kgoeletso ya peho ya dibetsa fatshe le hore mahlakore ka bobedi a ikamahanye le molao wa matjhaba ho qoba ho lemala ha setjhaba. Kabinete e etsa kgoeletso ho USA, Isiraele le yona Iran hore di fumane mokgwa wa ho buisana, le hore di nehe Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba sebaka sa ho etella pele letsholo la kgotso ntweng ena, ho kenyeletsa le ho hlahlojwa le netefatso ya maemo a matlafatso ya uranium le a nuclear naheng ya Iran. 
3.3.3    Lefatshe le ke se kgone ho emela ho arolwa ha naha ya Iran, ho latela palo ya setjhaba sa yona, karolo eo e leng ho yona, hammoho le diminerale tseo e nang le tsona. Jwalo ka Kontinete ya Afrika, re sa ntsane re kgola ditlamorao tsa karohanyo ya naha ya Libya dilemong tse leshome le metso e mene tse fetileng nakong eo ho neng ho tliswa diphetoho tsa puso naheng eo. Afrika e ntse e fumana mathata a botshosetsi ho phatlalla le kontinente ao motso wa ona o tlohang mathateng a naha ya Libya. 
3.3.4    Re hloka kgotso lefatsheng ka bophara, ka lebaka leo, re tlameha ho tsetlallela tharollo ya mokgwa wa kgotso ho diqabang tsohle.

3.4    Ngongoreho ka maemo a mpefalang Haiti 
3.4.1    Kabinete e ngongorehiswa ke maemo a mpefalang mane Haiti moo ho hlokahalang mokgwa o tla ntlafatsa tsela ya puso, ho ntlafatsa mokgwa wa ho ikobela molao le ho ntlafatsa ntshetsopele ya moruo ka tshebedisano maemong a sedika le a matjhaba ho ntse ho behilwe pele ditabatabelo tsa naha ya Haiti.

3.5    Thibelo ya lepato la Mopresidente wa botshelela wa Zambia, Ntate Edgar Lungu ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Tshwane
3.5.1    Kabinete e etse hloko kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Tshwane ya ho thibela lepato la mofu Mopresidente Lungu mona Afrika Borwa ka mora ho dumellana ha mahlakore a amehang. 
3.5.2    Kabinete e etsa kgoeletso ho lelapa la ha Lungu hammoho le mmuso wa Zambia ho sebedisa monyetla wa Lekgotla le Phahameng ho fumana tumellano ya ho boloka ka tsela a nang le siriti, mofu Mopresidente enwa le ka mokgwa o tshwanetseng Mopresidente wa Naha.

3.6    Ho ikgula ha SAMIDRC ka botjhabela ba DRC
3.6.1    Kabinete e hlabilwe malotsana ka ho kgutliswa ha Lebotho la Tshireletso la Afrika Borwa (SANDF) ka mekgahlelo ho tswa mane ka botjhabela ba Democratic Republic of Congo (DRC) ho latela qeto ya SADC ya ho kgaola tshebeletso ya SAMIDRC.

3.6.2    Ho fihlella jwale, e se e le masole a ballwang ho 1 718 a SANDF a seng a kgutletse lapeng mme ho lebeletswe a mang hore a fihle dibekeng tse mmalwa tse tlang.

3.6.3    Kabinete e ntse e netefatsa maikemisetso a Afrika Borwa ho tswela pele ka boitlamo ba yona ho tliseng kgotso le botsitso karolong e ka borwa ya Afrika mme hape e boetse e phaphathella SANDF matsoho ka kabelo ya yona letsholong la kgotso, tshireletso le botsitso mane DRC.

4.    Toka le Thibelo ya Bonokwane
4.1.    Paballo le Tshireletso 
4.1.1.    Mmuso o ananela kgatelo pele e seng e fihletswe letsholong la twantsho ya bonokwane ka matsholo a kang Operation Shanela le Operation Vala Umgodi. Babelaellwa ba ka bang 239 ba tshwerwe naheng ka bophara ho tloha ka la 1 ho isa ka la 15 Phuptjane 2025 ka letsholo la Operation Vala Umgodi. Babelaellwa ba tshwaretswe ditlolo tsa molao tse amanang le ho rafa ho seng molaong le tse ding tse kenyeletsang teko ya dipolao, ho ba le dithunya tse seng molaong, ho ba le taemane e seng molaong, ho ba le diqhomane hammoho le tlolo ya Molao wa ho Kena naheng ena, Molao wa 2002.

4.1.2.    Ho tloha e qadile ka Tshitwe 2023, Operation Vala Umgodi e se e entse hore ho tshwarwe babelaellwa ba fetang 27 000 mme ha hapuwa dithunya tse fetang 600 ho kenyeletsa le tseo e seng tsa nnete le diqhomane tse ballwang ho 16 000.

4.1.3.    Pakeng tsa la 16 ho isa ho la 22 Phuptjane 2025, Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) se tshwere babelaellwa ba ka bang 15 372 ka lona letsholo lena la Operation Shanela. Hara ba tshwerweng, ho kenyeletswa babelaellwa ba 2 400 ba neng ba batlwa mabapi le ditlolo tsa molao tsa dikgoka tse kang (polao, teko ya polao, peto le boshodu); ba 159 ba tshwaretswe dipolao; ba 100 ba tshwarelwa dipeto; ba 1 173 ba tshwarelwa tlhekefetso ka sepheo sa ho ntsha kotsi; ba 2 602 bona ba tshwarelwa ho ba le dithethefatsi mme ha ba 64 bona ba tshwaretswe boshodu ba makoloi le ho a anka ka mahahapa.

4.1.4.    Kabinete e boetse e ananela ho ahlolwa ha banna ba babedi ho ba bane ba neng ba bolaye Nosipho ‘Nomdundu’ Mafani wa KwaNokuthula, ya neng a le dilemo di 23 a bile a na le bokudi ba kelello. Bobedi bona e leng, Mboneli Msila le Monde Tshemese, motho ka mong o ahloletswe bophelo bohle tjhankaneng ka polao ena eo ba neng ba e etse ka sepheo sa ho fumana tjhelete e ballwang ho R600 000 pholising ya lepato.

4.1.5.    Twantsho ya Tlhekefetso ya Basadi le Dipolao tsa Bona – Kabinete e laetse Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho potlakisa ho phethelwa ha Tshisinyo ya Molao o sireletsang mahlatsipa a GBVF ka sepheo sa ho lwantsha sekgobo sena.

5.    Ntshetsopele ya Setjhaba 
5.1.    Tlhwekiso ka mora dikgohola 
5.1.1.    Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka kgatelo pele e seng fihletswe mosebetsing wa ho batlana le batho ba nyametseng nakong ya dikgohola mane Kapa Botjhabela (EC) le KZN. Komiti ya Kopanelo e shebaneng le Dikgohola Maemong a Naha hammoho le Komiti ya Matona e shebaneng le Dikoduwa, di ile tsa kopana ho bona hore diprofense tsena tse pedi di ka thuswa jwang.

5.1.2.    Sitsi sa Naha sa Taolo ya Dikoduwa hammoho le tsa profense le tsa bommasepala, le tsona di tswela pele ho tlaleha tekolo ya tsona le mehato e ka nkuwang.

5.1.3.    Ntho e ka sehloohong ha jwale ke ho fumanela batho moo ba ka patang dihlooho teng hammoho le disebediswa tsa bohlokwa tseo ba di hlokang. Mosebetsi wa ho lokisa meralo ya motheo e kang metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere le motlakase le ona o tswela pele. Mosebetsi ona o kenyeletsa ho netefatsa hore ba amehileng ba fumana mangolo a boitsebiso (ID), kapa mangolo a nakwana e le hore ba tsebe ho fumana ditshebeletso tsa sethatho. Mosebetsi wa ho lekola tshenyo le ho qala ho lokisa mahae le meralo ya motheo, le ona o tswela pele. Ho phethelwa ha mosebetsi ona ho tla thusa ho qala boitokisetso ba ho tsoseletsa tsohle.

5.2    Maemo a mabe a lehodimo
5.2.1    Kantoro ya Ditshebeletso tsa Bolipi e hakantse ha ho tla ba le leqhubu la mohatsela maobane ka Laboraro la la 25 Phuputjane 2025 dikarolong tse ka borwa bophirima ba Afrika Borwa.

5.2.2    Ho na le menyetla ya pula e matla dikarolong tse ka bophirima ba Kapa Bophirima tse ka bakang dikgohola, haholoholo dibakeng tse tlase, tse se nang dikotopo ka Laboraro la la 25 le Labone la la 26 Phuptjane 2025. Moya o fokang ka matla dikarolong tse bohareng ona o ka baka tshenyo ya meaho mme le difate di ka nna tsa tsetollwa ke moya ona. Ho feta moo, ho ka nna ha ba le mohatsela o ka nnang wa matlafala mme o ka nnang wa felehetswa ke ho kgetheha ha lehlwa dithabeng tse ka bophirima ho Kapa Bophirima ho isa le karolong e ka borwa bophirima bo bohareng ba Kapa Leboya.

5.2.3    Moya o fokang ka matla o ka bakang tshenyo, o lebeletswe dikarolong tse ngata tsa EC ka Labone la la 26 Phuptjane 2025 mme hape le dikgato tsa maemo a motjheso le tsona di ka theoha haholo motsheare.

6.    Puso
6.1.    Kgatelopele ya Komiti ya Tshebetso ya Mopresidente ya eThekwini
6.1.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka mosebetsi wa Komiti ya Tshebetso ya Mopresidente ya eThekwini. Kgatelopele e bonahetse haholo tshebeletsong tsa metsi le tsamaisong ya dikgwerekgwere. Ho beheletswe ka thoko tjhelete a ballwang ho dimilione tse R378 ho ka thusa ho fokotsa tahlehelo ya metsi, e leng se ka fokotsang tshallo morao ya mosebetsi wa ho lokisa dipeipi tse senyehileng tsa metsi le tsa dikgwerekgwere. 
6.1.2.    Ketelo ya eThekwini ke batho ba lehae, e nyolohile ka peresente tse 33 e leng se bileng le kabelo ya tjhelete e fetang dibilione tse R17.4 moruong. Bahahlaudi ba matjhaba bona, ba eketsehile ka peresente tse 9.8, e leng se kentseng tjhelete e ka bang dibilione tse R3.3 moruong wa eThekwini.

B.    Ho hlajwa ha Kabinete malotsana 
1.    Kgatelopele e seng e fihletswe mosebetsing wa Mopresidente wa ho kenya dikgothaletso tsa Komeshene ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko 
1.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka kgetelopele e kgolo e seng e fihletswe tabeng ya ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tsa Komeshene ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko. Mabalankwe a sena a kenyeletsa: 
1.1.1.    Ho hatjhwa ha thepa e amanang le ho Hulwa ha Mmuso ka Nko ho nyolohile ho tloha ho R2.9b ka Mphalane 2022 ho tla ho R11b ka Tlhakubele 2025.
1.1.2.    Diphetoho tse kgolo tse kenyeletsang ho ralwa ha melao e robedi e metjha ya twantsho ya bobodu, e laolang dithendara, ditshebeletso tsa bohlwela le ho qobella dikgwebo ho nka boikarabelo. 
1.1.3.    Diphuputso tsa bonokwane le ho qoswa: dinyewe tse nne tse amanang le komeshene ya ho hulwa ha mmuso ka nko di se di phethetswe mme baqosuwa bohle ba fumanwe ba le molato; dinyewe tse ding tse 11 tse kenyeletsang batho ba 51 le dikhamphani tse 27, di lenaneng la dinyewe tsa lekgotla la dinyewe. 
1.1.4.    Mehato ya profeshenale le ya bolaodi: Lefapha la mehleng la Dikgwebo tsa Mmuso le se le rometse mabitso a baloadi ba mehleng ba dikhamphani tsa mmuso ho Komeshene ya Ngodiso ya Dikhamphani le Mahlale a Tlhaho (CIPC) hore a kengwe lenaneng la balaodi ba sa tshepahaleng mme dinyewe tse robong tse tsamaisanang le sena di tswela pele lekgotleng la dinyewe. 
1.1.5.    Ho ba le boikarabelo ba dikhamphani: CIPC e se e phethetse tekolo botjha tsa dikhamphani tse 10 tse ikemetseng tse amehang Tlalehong ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko mme ho na le diphuputso tse tsheletseng tse tswelang pele mme ho na le tse robedi tse rometsweng ho SIU tse ntseng di hlahlojwa. 
1.1.6.    Lefapha la Matlotlo le thibetse khamphani ya Bain & Co ho hweba le mmuso nako ya dilemo tse 10 (2022-2032). Khamphani ena hona jwale e phephetsa qeto eo lekgotleng la dinyewe. 
1.1.7.     Diphetoho tse ngata bakeng sa ho thibela ho hulwa ha mmuso ka nko nakong e tlang di tswela pele ha tse ding di se di kentswe tshebetsong, mme tse kentsweng tshebetsong ke tse latelang: 
1.1.7.1.    Ho thehwa ha Lekala la Diphuputso Kgahlano le Bobodu le qadileng ho sebetsa ka la 19 Phato 2024; 
1.1.7.2.    Moralo wa Naha wa ho etsa hore Mmuso o sebetse ka mokgwa wa Profeshenale o ile wa tjhaelwa monwana ke Kabinete ka Mphalane 2022. 
1.1.7.3.    Moifo wa Naha wa Dikeletso Twantshong ya Bobodu o se o phethetse diphuputso tsa ona mabapi le diphetoho ho latela dikgothaletso tsa Komeshene ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko.

2.    Boitokiseletso ba Seboka sa G20 
2.1.    G20 (dikopano)
Kabinete e hlabilwe malotsana ka mosebetsi o entsweng jwalo kaha naha ena e itokiseletsa ho tshwara Seboka sa Baetapele ba G20. Dikopano tsa teng di tswela pele ho tshwarwa ka mokgwa o latelang: 
2.1.1.     Boitokisetso ba ho tshwara Seboka sa Afrika Borwa sa Y20 ha morao selemong sena tlasa bookamedi ba Bopresidente ba Afrika Borwa ba G20. Seboka sa Selelekela sa Afrika Borwa sa Y20 se tla kopanya baeti ho tswa dinaheng tsa G20 le ho feta se tla qala ka ho buisana ka maemo a maano le ho tlatselletsa dipuo tsa Y20, se ne se tshwerwe ka la 18 – 19 Phuptjane 2025. 
2.1.2.    Kopano ya Boraro ya Komiti ya Tshebetso: Kgodiso ya Moruo o Kenyeletsang Bohle, Ntlafatso ya Diindasteri, Tlhahiso ya Mesebetsi hammoho le Phokotso ya ho se Lekane o ne o tshwerwe ka mokgwa wa vidiyo ka la 18 – 19 Phuptjane 2025, moo ho neng ho bontshanwa ka mekgwa ya ho rala maano a tla thusa dikgwebo tse bohareng, phumantsho ya mesebetsi, paballo ya setjhaba le tikololoho ho ntse ho sa lebalwa ho fokotsa ho se lekalekane. 
2.1.3.    Kopano ya Afrika Borwa ya T20 ya Nako ya Bohareng e ne e tshwerwe ka mokgwa wa vidiyo ka la 19 – 20 Phuptjane 2025, moo ho neng ho lekolwa kgatelo pele ya dihlotshwana tse hlano tsa tshebetso, tshebedisano e tebileng ya mabatowa le ho phethelwa ha maano pele Seboka sa G20 sa Baetapele se qala. 
2.1.4.    Kopano ya G20 ya Mahlahana a Tshehetso e ne e tshwerwe ka la 20 – 21 Phuptjane 2025, mme yona e ne e sekaseka taba Ditshiya tsa Leano la Tshehetso la G20 bakeng sa ketapele ya basadi, tshehetso ya tsa kgwebo le ntshetsopele ho tsa moruo. 
2.1.5.    Seboka sa SAI20 seo e neng e le kopano ya bahlahlobi ba baholo ba dibuka tsa ditjhelete ba dinaha tseo e leng ditho tsa G20 se ne se tshwaretswe Johannesburg ka la 24 – 25 Phuptjane 2025, moo ho neng ho sekasekwa dintlha tsa tshebetso e nang le ponaletso le boikarabelo taolong ya ditjhelete tsa setjhaba. 
2.2.    Kabinete e boetse ya hlajwa malotsana ka dikopano tsa Balekodi ba Dikopano tsa G20 e sa tswa tshwarwa le kgatelopele ya boitokisetso ba kopano e tlang ya dipuisano le ditokomane tsa Sephetho sa Dikopano tsa Matona a G20 le boitlamo ba teng. Kabinete e tsebisitswe hore ho se ho tshwerwe dikopano tse 69 tsa G20 ho tse 132 tse rerilweng. 
2.2.1.    Kopano ya boraro ya G20 ya Balekodi e tla tshwarwa ka la 25 – 27 Phuptjane 2025 mane Sun City mme yona ho lebeletswe hore e fumane tlaleho ho tswa ho Komiti ya Tshebetso ya Ditjhelete, ho lekola botjha dintlha kgolo tsa G20, dipehelo tsa yona hammoho le ho sheba hore na G20 e tla kgona ho rarolla mathata a matjhaba.

C.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Tshebediso ya Mokgwa o motjha wa tlhahiso ya motlakase ka sepheo sa ho ntlafatsa Indasteri ya Afrika Borwa ya Ferrochrome 
1.1.    Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka kgahlamelo e mpe ya moruo ka lebaka la phokotseho ya indasteri ya ferrochrome le matsapa a potlakileng a mmuso a hlokehang ho fetola maemo ana. 
1.2.    Kabinete e dumelletse Lefapha la Motlakase le Eneji hore le phethele tumellano ya lenane la ditefello pakeng tsa mmuso le indasteri ena ka tsela le mokgwa o tla tshehetsa indaseri ya ferrochrome. Sena ho lebeletswe le hore se thuse ho tsoseletsa le ho ntlafatsa indasteri ena Afrika Borwa. 
1.3.    Kabinete e tjhaetse monwana taba ya hore ho laolwe thomello ya chrome e so kang e hlwekiswa dinaheng tsa kantle ka hore ho fumanehe mangolo a tumello ho Komeshene ya Matjhaba ya tsa Kgwebo (ITAC).
1.4.    Kabinete e nkile qeto ya ho tjhaela monwana mohato wa ho theha lekgetho la thomello ya chrome e so kang e hlwekiswa kantle ho naha ka sepheo sa ho atolosa moralo kapa yona melawana ya merokotso ya Sebaka se Ikgethileng sa Kgwebisano (SEZ).

2.    Leano la ho Hweba ka Matlakala (WEMP) 
2.1    Kabinete e tjhaetse monwna ho phatlalatswa ha Leano la ho Hweba ka Matlakala (WEMP) bakeng sa ho kengwa tshebetsong. Ka leano lena, ho ikemiseditswe ho fokotsa, ho sebedisa botjha le ho bokella matlakala – haholoholo ana a dintho tsa ho phuthela. Ho ikemiseditswe hore tshebediso ya matlakala e be le kabelo moruong wa naha; ha ka ho le leng seo se fokotsa ho silafala ha tikoloho le ho fokotsa kgahlamelo ya matlakala le dikhemikhale ho tsa bophelo bo botle. 
2.2    Leano lena le tla bula menyetla e mengata ya moruo lekaleng lena la matlakala ho kenyeletsa ho eketsa thomello ya ona dinaheng tsa kantle le hona ho theha menyetla ya mosebetsi. Ho na le batho ba ka bang 60 000 ba iphedisang ka ho bokella matlakala a kang dipampiri, dipolasitiki le dikgalase naheng ka bophara. Ho hakangwa ha mesebetsi e eketsehileng lekaleng lena e ka tswela molemo haholo batjha, basadi la batho ba sa itekanelanang.

D.    Ditshisinyo tsa molao
1.    Ntlafatso ya Molao wa Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) ya 2025
1.1    Kabinete a amohetse ho tliswa ha moralo wa Tshisinyo ya Molao wa SAPS Palamenteng. Tshisinyo ena ya molao e tlo ntlafatsa Molao wa SAPS wa 1995 ka sepheo sa ho theha moralo wa semolao bakeng mosebetsi wa sepolesa e leng ntho e tla thusang haholo twantshong ya bonokwane. Tshisinyo ena e tla etsa hore molao o laolang sepolesa o ipapise le Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996, Leano la Naha la Ntshetsopele la 2030 ha mmoho le Leano la Sepolesa la 2016 le la Polokeho le Tshireletso la 2016, la Mekgatlo ya Sepolesa sa Setjhaba  hammoho le Tshebeletso e le Nngwe ya Sepolesa.

E.    Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a tshireletso a hlokahalang.        
1.  Moatevokate Mikateko Joyce Maluleke jwalo ka Molaodi Kakaretso Lefapheng la Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelanang (ho ekeditswe konteraka ya hae ka kgwedi tse 5).

2.  Monghadi Brian Monakali jwalo ka Motsamaisi e Moholo wa Lekala la Taolo ya Polokeho ya Diterene.

3.  Boto ya Ditshebeletso tsa Sephethephethe sa Moyeng Mofumahadi Doris Dondur o kwetse sekgeo se neng se le teng sa Boto.

4.    Boto ya Letlole le Ikemetseng la Ntshetsopele
(a)    Mof. Zimbini Hill;
(b)    Mof. Lerato Makgothatso Kumalo;
(c)    Moprofesara. Stella Motlhago Bvuma;
(d)    Mong. Wayne Stewart Manthe;
(e)    Ngaka Deenadayalen Konar;
(f)    Mong. Neil Jensen;
(g)    Mof. Sekadi Phayane – Shakhane;
(h)    Mof. Thobile Buhlebethu Maloka;
(i)    Moprofesara Raymond Nkando; le 
(j)    Mof. Bongekile Zulu.

5.    Ditho tsa Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) 
(a)     Ngaka Gloria Tomatoe Serobe (Modulasetulo);
(b)     Mong. Reon Barnard;
(c)     Mong. Sam Bhembe;
(d)     Mong. Tanya Reeva Cohen;
(e)     Mong. Ayanda Dlodlo;
(f)     Ngaka Nomusa Dube-Ncube;
(g)     Ngaka Keitumetse Mothibeli; le 
(h)     Ngaka Sydney Mufamadi.

Diketsahalo tse Tlang

6.1    Khiro ya Batjha 
6.1.1    Jwalo ka ha re phethela ho keteka Kgwedi ya Batjha, Kabinete e toboketsa mantsweng a Mopresidente Cyril Ramaphosa a ho etsa kgoeletso ho dikgwebo le ho ditheo tsa mmuso ho sebedisa motjha wa SAYouth.mobi ho thusa batjha ho ithuta le hona ho fumana menyetla ya mosebetsi. 
6.1.2    Ho na le batjha ba fetang dimilione tse 4.7 ba ingodisitseng motjheng ona le ho motjha wa khiro wa Lefapha la Mesebetsi le Khiro. Metjha ena e se e thusitse batjha ba fetang dimilione tse 1.6 ho fumana menyetla e ba fang meputso. 
6.1.3    Kabinete e etsa kgoeletso ho borakgwebo ho thusa batjha ka ho ba fa menyetla ya khiro, thuto le maitsebelo.

F.    Melaetsa
1.    Matshidiso
Kabinete e lebisa matsidiso le kutlwelobohloko ho lelapa le metswalle ya:

a)    Monghadi Sinethemba Mpambane, Motlatsi wa Motjhanselara wa Yunivesithi ya Walter Sisulu ya ileng a bolawa ka ho thunngwa a le ka koloing ya hae mane lekaleng la yunivesithi la Nkululekweni.
b)    Mokaubere wa sebohodi sa dipapadi, Phumlani Msibi, ya neng a tumme ka ho botsa potso e reng "thoughts please" dipuisanong tsa hae tsa ka mora papadi ya bolo. 
c)    Moletsi wa meropa Fezile “Feya” Faku, ya neng a na le neo e makatsang, ya kileng a sebetsa dikontinenteng tse hlano mme ya sebeditseng le mekaubere e kang Abdullah Ibrahim le Bheki Mseleku.

2.    Dithoholetso 
Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
a)    The Proteas ka ho hlola naha ya Australia dipapading tsa Teko ya Bompodi ba Matjhaba mme ya eba Bompodi ba Matjhaba ba Teko ya ICC. Tlholo ya bona e tlisitse thabo le nyakallo setjhabeng mme ya bontsha hore dipapadi di ka bopa le hona ho aha setjhaba. 
b)    Laura Seethal ya tummeng ka la Tyla, ka ho nka karolo Dikgaung tsa 2025 tsa Nickelodeon Kids’ Choice le ho ba sebini sa pele sa Afrika sa ho hapa Kgau ya “Favourite Global Music Star” Dikgaung tsa 2025 tsa Nickelodeon Kids’ Choice tse neng di tshwaretswe mane USA. 
c)    Mokaubere wa sebapadi sa dipale, Leleti Khumalo le mohlahisi wa difilimi Anant Singh, ba hapileng Kgau ya Golden Nymph mokgahlelong wa ‘Special Creation’ ka filimi e bitswang Don’t Give Up, Dikgaung tsa bo 64 tsa Monte-Carlo Television Festival. Molaodi wa filimi ena ke Darrell James Roodt.
d)    Mpodi wa Matjhaba wa Dipapadi tsa ka Tlung, Prudence Sekgodiso, ya neng a ipabotse kgweding ena ya Phuptjane. Ka la 15 Phuptjane 2025, o ile a tswa borarong lebelong la basadi la dimitara tse 800 letotong la Diamond Leagues mane Stockholm, Sweden. Ka la 24 Phuptjane 2025, o mathile ka lebelo le fetisang ohle a hae a pele mme a hapa lebelo la basadi la dimitara tse 800 mane Ostrava Golden Spike, Czech Republic.

Jwalo ka ha re keteka dilemo tse 70 tsa Tjhatha ya Tokoloho, re lakatsa ho hopotsa bohle hore “Afrika Borwa ke ya bohle ba phelang ho yona, makgowa le batho ba batsho” – Tjhatha ya Tokoloho


Ditlhakisetso: 
Mme Nomonde Mnukwa 
Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 653 7485
 

Share this page

Similar categories to explore