A. Maemo a Renang
1. Dipapadi
1.1. Afrika Borwa e phunyelleditse ho ya Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa 2026
1.1.1. Kabinete e lebohisa sehlopha se seholo sa banna sa bolo, Bafana Bafana, ka ho phunyeletsa ho ya Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa 2026. Afrika Borwa e qeteletse ho phunyeletsa ka selemo sa 2002 (ka dipapadi tsa ho tshwaneleha) mme ka 2010 (ka lebaka la hobane Mohope wa Lefatshe o ne o tshwaretswe kwano kontinenteng ya Afrika lekgetlo la pele).
1.1.2. Ho phunyeletsa ha Bafana Bafana ho bontshitse ho sebetsa ka thata ha Maafrika Borwa, esitana le ho ipabola. Re re re Maafrika Borwa.
2. Moruo
2.1. Diphetoho tsa Eskom di hlahisitse phaello ya dibilione tse R16
2.1.1. Kabinete e amohetse phaello ya dibilione tse R16 e entsweng ke Eskom ka mora lekgetho selemong sa ditjhelete se fedileng ka Tlhakola 2025, e leng se bontshang katleho ya diphetoho tse entsweng ke Eskom.
2.1.2. Diphetoho tsa Eskom di bontsha katleho ya leano la diphetoho la Operation Vulindlela, hammoho le boetapele bo matlafetseng ba boto e etellwetseng pele ke Modulasetulo wa yona Ngaka Mteto Nyathi; hammoho le sehlopha sa basebeletsi se etelletsweng pele ke Motsamaisi e Moholo Monghadi Dan Marokane mmoho le moakamedi ya ka sehloohong wa sepolotiki e leng Letona la Motlakase le Eneji, Ngaka Kgosientsho Ramokgopa.
2.1.3. Katleho ena e tla nakong eo naha ena e bileng le nako e telelehadi ho sa tingwe motlakase ka sepheo sa ho o baballa. Jwale e se e le matsatsi a fetang a 150 ka tatelano ho sa tingwe motlakase, e leng pontsho e hlakileng ya ho tsitsa ha phepelo ya motlakase. Eskom jwale e behile ka sehloohong ho fokotsa kimollo ya kgatello ya motlakase dikgweding tse 12 ho isa ho tse 18 tse tlang. Hona jwale, kimollo ya kgatello ya motlakase e etswa dibakeng tse nang le tahlehelo e kgolo ya motlakase mmoho le dikgokelo tse seng molaong.
2.1.4. Kabinete e etsa boipiletso ho setjhaba ho tlaleha dikgokelo tse seng molaong tsa motlakase, tshenyo le boshodu ka ho letsetsa Eskom nomorong ya ho tlaleha bonokwane e sa lefellweng 0800 112 722 kapa seteisheneng se haufi sa sepolesa.
2.2. Kotsi ya Bese e parolang dinaha mmileng wa N1 Leboya: Makhado (Limpopo)
2.2.1. Kabinete e fetisetsa matshidiso le kutlwelo bohloko ho mmuso le setjhaba sa Zimbabwe le sa Malawi ka ho hlokahala ha batho ba 43 kotsing ya bese e etsahetseng mmileng wa N1 Leboya mane Makhado (Limpopo), ka Sontaha sa la 12 Mphalane 2025. Kabinete e boetse e lakaletsa mahlatsipa a 48 a nketsweng dipetleleng tse fapafapaneng ho phatlalla le Setereke sa Vhembe Profensing ya Limpopo ho fola ka pele.
2.2.2. Kabinete e utlwiswa bohloko le ho feta ke hore kotsi ena e ne e ka qojwa haeba ho ile ha ikamahangwa le melao ya tsela. Ka lebaka leo, Kabinete e etsa boipiletso ho bakganni, haholoholo ba dipalangwang tsa setjhaba ho ikobela melao ya tsela le ho netefatsa hore dikoloi tsa bona di maemong a lokelang tsela esitana le ho qoba ho palamisa bapalami le thoto ho feta tekano mme hape ba be sedi ha ba kganna.
2.2.3. Ho feta moo, Kabinete e swabiswa ke taba ya ho fumanwa ha meriana e neng e se na mangolo a ho e tsamaisa e kenyeletsang dipidisi tsa di-ARV le e meng moo kotsing eo. Diphuputso tse pharalletseng di tswela pele mme mekgatlo e qobellang molao e nka taba ena jwalo ka nyewe ya ho tsamaisa meriana ho seng molaong. Boshodu ba meriana e fumanehang ka mangolo a ngaka, haholoholo di-ARV ke ketso ya ho kgella fatshe twantsho ya HIV.
2.2.4. Kabinete e etsa kgoeletso ho melata hore e be baeti ba itshwereng hantle Afrika Borwa mme hape e rata ho ba hopotsa hore e nkile matsapa a matla ho lwantsha thibelo ya melata ditshebeletsong tsa ditliliniki tsa rona. Ka bomadimabe, bopaki bona ba boshodu ba meriana bo busetsa morao matsapa a rona a ho lwanela hore melata e kgone ho sebedisa ditshebeletso tsa rona tsa bophelo bo botle.
2.2.5. Kabinete e phaphathella Mmuso wa Profensi ya Limpopo matsoho ka ketso ya ona ya ho phallela mahlatsipa a kotsi ena ka kalafo hammoho le ho phutha ditopo tsa ba hlokahetseng.
3. Tsa bophelo bo botle
3.1. Ntwa kgahlano le HIV le AIDS
3.1.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba mabapi le tshisinyo ya ho fana ka moriana o thibelang HIV o bitswang lenacapavir, o reretsweng ho fanwa ka ona ka kgwedi ya Tlhakubele kapa Mmesa 2026. Lenacapavir ke moriana o sebetsang ka nako e telele wa thibelo ya HIV mme yona ke ente o e nkang habedi ka selemo mme yona e o sireletsa ho tshwaetswa ke HIV dikgwedi tse tsheletseng. Mokgahlelo wa pele wa ho ajwa ha moriana ona o tla tsepamisa diterekeng tse 23 tse nang le palo e hodimo ya ba nang le HIV diprofensing tse tsheletseng. Mosebetsing ona, ho tla shejwa haholo ditliliniki tse ka bang 360 tse sebediswang haholo tsa setjhaba dibakeng tseo.
3.1.2. Ho ajwa ha moriana ona ho tla matlafatsa letsholo la mmuso la twantsho ya HIV le Aids le pehelo ya ho theolela tshwaetso ya HIV ho ba ka tlase ho peresente tse 0.1% ka 2032.
4. Dikamano tsa matjhabeng
4.1. Mmuso wa US o tjhaetse monwana Leano la Tlatsetso la PEPFAR (PBP) bakeng sa Afrika Borwa
4.1.1. Kabinete e amohetse ho tjhaelwa monwana ha Leano la Tlatsetso la PEPFAR bakeng sa Afrika Borwa la lenane la dimilione tse US$115 bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng ho tloha ka la 1 Mphalane 2025 ho isa ka la 31 Tlhakubele 2026.
4.1.2. Ka PBP ho ikemiseditswe ho ntshetsa pele tshebeletso e hlokang tshitiso ya twantsho ya HIV Afrika Borwa ka ho tshehetsa twantsho ya HIV le Aids le ho beha pele matsapa a ho pholosa maphelo.
4.1.3. Kabinete e lebisa diteboho tsa yona ho mmuso wa Amerika ka boinehelo ba ona wa ho tshehetsa kgatelo pele ya twantsho ya HIV le Aids.
4.2. Ketelo ya semmuso ya Mopresidente Ireland le Belgium
4.2.1. Ketelo ya moraorao tjena ya semmuso ya Mopresidente Cyril Ramaphosa naheng ya Ireland ka la 8 Mphalane 2025 le Belgium ka la 9 Mphalane 2025, e tiisitse maqhama a tshebedisano ya matjhaba pakeng tsa naha tsena le Afrika Borwa mme ya theha menyetla e metjha ya kgwebisano le matsete.
4.2.2. Ketelong ya hae Belgium, Mopresidente Ramaphosa o ile a nka karolo sebokeng sa Global Gateway Forum mane Brussels ho tloha ka la 9 ho isa ka la 10 Mphalane 2025, moo Mopresidente wa Komeshene ya Dinaha tsa Yuropa a ileng a phatlalatsa matsete a dibilione tse €11.5 (dibilione tse R229) bakeng sa Afrika Borwa. Ka matsetse ana, ho ikemiseditswe ho eketsa matsete a tswang dinaheng tsa Yuropa ka dibilione tse R173 tshebeletsong ya motlakase o fehlwang ka mokgwa o sa silafatseng tikoloho, dibilione tse R24 bakeng sa disebediswa tsa tlhahiso ya motlakase ona, dibilione tse R20 bakeng sa meralo ya motheo le kgokelo ya motlakase ona, le dibilione tse R6 bakeng sa tlhahiso le thekiso ya meriana.
4.2.3. Kabinete e amohetse matsete ana hammoho le kgahlamelo ya ona kgolong ya moruo wa rona, ho theheng menyetla ya mesebetsi, dikgwebong tsa lehaeng le ntshetsopeleng ya meralo ya motheo.
4.3. Re Bala Matsatsi a 40 pele ho G20
4.3.1. Re se re qadile ho bala matsatsi pele ho Seboka sa Baetapele ba G20 mme re se re saletswe ke Matsatsi a fetang 40 hanyane pele ho seboka sena se tla ba ka Pudungwana mona Afrika Borwa.
4.3.2. Ka Labohlano la la 10 Mphalane, Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a hlahloba sebaka seo seboka sena se tlang ho tshwarelwa ho sona ho bona ho ba malala-a-laotswe ha sona e leng Setsi sa Dipontsho sa NASREC.
4.3.3. Mmuso wa Profense ya Gauteng hammoho le Kantoro ya Mopresidente ba tshwarwa dikopano beke le beke ho hlahloba meralo ya motheo le ho bona moo dintho di haellang teng le hore tseo tsohle di ka lokiswa jwang.
B. Diqeto tsa Kabinete
5. Leano le Kopaneng la Tlhahiso ya Motlakase (IRP 2025)
5.1. Kabinete e tjhaetse monwana moralo wa Leano le Kopaneng la Tlhahiso ya Motlakase (IRP 2025) e leng moralo wa naha wa nako e telele o shebaneng le tlhahiso ya motlakase o tla emelana le tlhokeho ya ona mme ka ho le leng ho ntse ho shebilwe ditjeo tsa teng le kgahlamelo ho tikoloho. Leano le feletseng le ile la tshetlehelwa Kabinete mme lenane la tjhelete e hlokahalang ke ditrilione tse R2.23 bakeng sa motlakase wa Afrika Borwa wa nako e tlang.
5.2. Ka leano lena, ho ikemiseditswe ho fokotsa kgahlamelo e teng ho tsa tikoloho kwano le matjhabeng ka lebaka la ho fehlwa ha motlakase. Ka lona ho tsepamisitswe tshebetso mathateng a tlhahiso ya ona hammoho le leano la nako e telele leo ka lona ho ikemiseditsweng ho fehla motlakase ka mokgwa o hlwekileng ka phethahalo ka selemo sa 2050. IRP 2025, ke leano le ntlafaditsweng la IRP 2023 le neng le tjhaelwe monwana ke Kabinete.
6. Leano la Diphatlalatso tsa Mmuso la 2025
6.1. Kabinete e tjhaetse monwana dintlafatso Leanong la Diphatlalatso tsa Mmuso la 2018 ho hlahisa Leano lena la Diphatlalatso tsa Mmuso la 2025.
6.2. Diphetoho leanong lena di bakwa ke diphetoho tse teng ho tsa diphatlalatso ka sepheo sa ho netefatsa hore setjhaba se dula se le sehlohlolong sa ditaba ka ho tsamaisa diphatlalatso tsa mmuso ka mokgwa o phatlaletseng, ka nako le ka ho nepahala.
6.3. Leano lena, le tsamaisanang hantle le MTDP 2025 – 2029, le tlo sebetsa maemong ka boraro a mmuso ho kenyeletsa le ditheo le diakgente tsa ona. Ho latela Mmuso wa Kopanelo, leano lena e tla ba tataiso phatlalatsong ya melaetsa ya mmuso, haholoholo mabapi le maano a mmuso le ditaba tse hlokwang ke setjhaba.
7. Leano la ho Fetola Seemo sa Naha Mahlong a Matjhaba
7.1. Kabinete e hlabilwe malotsana ka sephetho sa ho nongwa ha setjhaba maikutlo ka seemo sa naha ke ba ha Brand SA.
7.2. Kabinete e tjhaetse monwana Leano la Naha la ho Itlhophisa Botjha le hlalosang Seemo sa Naha ya Afrika Borwa.
7.3. Leano lena le thehilwe ka ho etswa ha dipuisano tse kopanetsweng, ho buisanwa le bankakarolo, hammoho le melaetsa e tobaneng le dihlooho tse itseng ho netefatsa hore e tsamaisana le mebaraka e fapafapaneng.
7.4. Ba ha BrandSA ba tla qala ho kenya Leano lena tshebetsong.
C. Ditshisinyo tsa melao
1. Tshisinyo ya Tlhomathiso ya Molao wa Sesole wa 2025
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Molao wa Sesole wa 2025. Sepheo sa sehlomathiso sena sa molao ke ho hlomathisa dikarolo tse itseng tsa molao ona, e le hore o tle o kgone ho ipapisa le Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo nyeweng e neng e le pakeng tsa O’Brien N.O le Letona la Sesole le Mekaubere ya Sesole le ba Bang ya 2024.
1.2. Nyewe ena e ne e le haholoholo mabapi le ho ikemela ha makgotla a dinyewe a sesole a thehilweng tlasa Molao wa Kgalemo wa Sesole wa 1999, e leng Lekgotla la Moahlodi wa Lekgotla la Sesole wa 1999 le Lekgotla la Moahlodi ya ka Sehloohong wa Sesole. Dihlomathiso tsena di tla tobana le ho lokisa dikgaello tsohle tse qollotsweng ke lekgotla lena le leholo la naha.
2. Sehlomathiso sa Molao wa Kgalemo wa Sesole wa 2025
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Sehlomathiso sena sa Molao wa Kgalemo wa Sesole wa 2025.
2.2. Sepheo sa sehlomathiso sena sa molao ke ho hlomathisa dikarolo tse itseng tsa molao ona, e le hore o tle o kgone ho ipapisa le Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo nyeweng e neng e le pakeng tsa O’Brien N.O le Letona la Sesole le Mekaubere ya Sesole le ba Bang ya 2024.
2.3. Nyewe ena e ne e le haholoholo mabapi le ho ikemela ha makgotla a dinyewe a sesole a thehilweng tlasa Molao wa Kgalemo wa Sesole wa 1999, e leng Lekgotla la Moahlodi wa Lekgotla la Sesole wa 1999 le Lekgotla la Moahlodi ya ka Sehloohong wa Sesole.
3. Ho hulwa ha ho sekasekwa ha Sehlomathiso sa Molao wa Bohwebi ka Dikepe wa 2023
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho hulwa ha Sehlomathiso sa Molao wa Bohwebi ka Dikepe Palamenteng ho neha Lefapha la Dipalangwang monyetla wa ho phethela mehato e meng le Nedlac.
3.2. Sehlomathiso sena sa molao, se fetola ka ho phethahala Molao wa Bohwebi ka Dikepe wa 1951. Sepheo ke ho phethahatsa tjhebelo pele ya mmuso ya ho fetola dikarolo tse itseng dikgwebong tsa lekala la dipalangwang tsa mawatleng ho netefatsa hore di hodisa kabelo ya tsona kgolong ya moruo.
D. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Ntate Bongani Sayidini jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Petroleum Agency South Africa.
2. Mme Ditebogo Barbara Kgomo jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong wa National Nuclear Regulator.
3. Ntate Makhahlele Richard Manzini jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Matlotlo Setheong sa Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le Tshehetso ya Ditjhelete (SEDFA).
4. Ntate Molatlhegi Kgauwe jwalo ka Mookamedi ya ka Sehloohong wa Ditjhelete ho SEDFA.
5. Mme Xoliswa Daku jwalo ka setho sa Boto ya Koporasi ya Afrika Borwa ya Inshorense ya Dikoloto tsa Thepa e Romelwang Kantle ho naha.
6. Ntate Christoffel Johannes Lotter ho ba setho sa Boto ya Molaudi wa Boemakepe ba Afrika Borwa.
7. Ditho tsa Boto ya Nuclear Energy Corporation of South Africa
i. Ntate David Nicholls (Modulasetulo);
ii. Ngaka Vuyo Mthethwa (Motlatsa modulasetulo);
iii. Ngaka Derik Wolvaart;
iv. Ngaka Khensani Xivuri;
v. Monghadi Ismail Lambat;
vi. Ngaka Pulane Molokwane;
vii. Monghadi Eugene Julies; le
viii. Mme Phumelele Dlungwane
8. Balaodi ba Boto ya Eskom Holdings SOC Ltd
i. Ngaka Busisiwe Vilakazi
ii. Monghadi Lwazi Goqwana
iii. Monghadi Clive Le Roux
iv. Monghadi Andrew Barendse
v. Ngaka Dimakatso Matshoga
vi. Ngaka Kgaogelo Chiloane
vii. Mme Sharmila Govind
viii. Ngaka Vuyo Peach
ix. Ngaka Tsakani Mthombeni
x. Mme Bajabulile Tshabalala
xi. Monghadi Tshokolo Nchocho
9. Ho hirwa ha ditho tsa tlatsetso tsa nakwana tsa boto ya Universal Service and Access Agency of South Africa
i. Monghadi Busani Ngcaweni;
ii. Mme Yolisa Kedama;
iii. Mme Carmen Cupido; le
iv. Mme Rachel Kalidass.
10. Balaodi ba Boto ya Akgente ya Dipalangwang tse Parolong le Dinaha
(C-BRTA)
i. Monghadi Kevin van der Merwe (o kgethilwe hape) - Modulasetulo
ii. Moatevokate Adila Chowan (o kgethilwe hape)
iii. Mme Loyiso Kula (o kgethilwe hape) – Motlatsa Modulasetulo
iv. Mme Keitumetse Mahlangu
v. Mme Yongama Pamla-Dhludhlu
vi. Ngaka Dineo Penelope Mathibedi
vii. Mme Zandile Kabini
viii. Monghadi Randall Howard
ix. Monghadi Dave Jackson Moswane
E. Ho behwa sehlohlolong sa ditaba ha Kabinete
1. Tlaleho ya Sephetho sa Diphuputso tsa ho Phatloha ha Letamo la Jagersfontein
1.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka sephetho sa diphuputso mabapi le ho phatloha ha letamo la Jagersfontein mane Foreisitata ho bakileng tshenyo e kgolo. Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Mme Pemmy Majodina, o phatlaladitse tlaleho ena setjhabeng.
1.2. Kabinete e thabetse hore ho se ho na le nyewe ya tlolo ya molao e seng e hlahletswe mme moqosuwa o se a hlaheletse Lekgotleng la Magistrata la Jagersfointein ka la 11 Lwetse 2025.
2. Lekala la Afrika Borwa la oli le kgase
2.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka diketsahalo tse etsahetseng lekaleng la Afrika Borwa la oli le kgase. Ho bonahala ha naha e bontsha kgatelopele dihlahisweng tsa kgase bakeng sa ho fehla motlakase mmoho le tlhahiso ya mafura a dikoloi; mme ho hakangwa ha setsi sa tlhahiso se Karoo Basin se hlahisa kgase ya bongata ba di-cubic feet tse ditrilione tse 200. Naha ena e ikemiseditse ho etsa matsete a kgase le oli kwano le dinaheng tsa kantle.
2.2. Tlhahiso ena ya kgase e kenyeletsa Projeke ya Kgase ya Virginia mane Foreisitata, Projeke ya Kgase ya Amersfoort le Volksrust mane Mpumalanga, hammoho le Projeke ya Lephalale Coal Bed Methane mane Limpopo. Diprojeke tsena, di na le kgase le helium ya tlhaho. Letona la Botshwasi ba Ditlhapi, Meru le Tikoloho le sa tswa phethela Melawana e mabapi le Kgase e ntshuwang ho Shale mme yona e tla phatlalatswa bukeng ya diphatlalatso tsa mmuso pele kgwedi ya Mphalane e fela. Melawana ena e tlo fana ka moralo wa taolo, polokeho le dikotsi tsa ho rashwa ha oli le kgase (fracking).
3. Maemo a Sudan le Ketelo ya Semmuso ya Motlatsa Mopresidente Sudan Borwa
3.1. Kabinete e tshwela ka mathe morusu o tswellang pele naheng ya Sudan oo ho ona ho sa tswa bolawa batho ba hakanyetswang ho 60 bao ho bona ba 17 e leng bana ba bolawa ke dihlopha tsa Rapid Support Forces (RSF) ka la 9 Mphalane 2025 mane El Fasher, motse moholo wa Darfur Leboya mane Sudan.
3.2. Kabinete e etse hloko ka ngongoreho ho tshwaseha ha batho tlasa maemo a tsitsipano moo El Fasher e seng e fetohile setsi sa ditlhaselo tsa sehlopha sa RSF, e leng ntho e thatafatsang dithuso tse thekeselang tse yang setjhabeng.
3.3. Ka lehlakoreng le leng, Kabinete e thabetse ho matlafatswa ha tshebedisano dikarolong tse kang tsa tshireletso, bohlwela hammoho le ho thehwa ha dikomiti tsa kopanelo ho tsa moruo pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.
3.4. Jwalo ka ha Afrika Borwa e le mothehi wa kgotso, Kabinete e amohetse katleho ya Leeto la Semmuso la Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile mane Juba, Sudan Borwa jwalo ka Moemedi ya Ikgethileng wa Mopresidente naheng ya Sudan Borwa. Sepheo sa leeto lena ke ho tsoseletsa ho kengwa tshebetsong ha Tumellano e Tsoseleditsweng ya Kgotso e ileng ya fatalla.
4. Leano la Kgotso la Mopresidente Trump pakeng tsa Isiraele le Palestina hammoho le ho kgutla ha Baitseki ba Matjhaba ba Sumud Flotilla
4.1. Kabinete e amohetse ho tekenwa ha Leano la Kgotso la Mopresidente Trump pakeng tsa Isiraele le Palestina le betlang tsela e tlo fedisa maemo a tsitsipano Gaza. Leano lena le tsamaisana le ntlhakemo ya Afrika Borwa ya boinehelo ba kgotso, toka le tokoloho setjhabeng sa Palestina.
4.2. Kabinete e etsa kgoeletso ho mahlakore ohle ho hlompha dipehelo tse behilweng e le ho fihlella tshebedisano ya sepolotiki e tla fedisa ntwa ena le ho thibela ho bolawa ho hong ba batho.
4.3. Kabinete e boetse e amohetse ho qala ha Mokgahlelo wa Pele wa Leano la Kgotso o kenyeletsang phapanyetsano ya ho lokollwa ha ba neng ba hapilwe le ho lokollwa ha batshwaruwa ba sepolotiki ba Palestina.
4.4. Mmuso wa Afrika Borwa o tswela pele ho etsa kgoeletso ya ho fediswa ha ho dula ka sheshe ha Maisiraele Gaza le dibakeng tse ding tsa Palestina.
4.5. Kabinete e boetse e amohetse ho kgutla ka polokeho ha baitseki ba dithuso tsa kahisano ba tsheletseng ba Afrika Borwa ba neng ba nkile karolo letsholong la Matjhaba la Sumud Flotilla, leo sepheo sa lona e leng ho tsamaisa dijo le meriana Gaza. Kabinete e etsa kgoeletso ya peho ya dibetsa hang hang, ho dumellwa ha dithuso tsa setjhaba le ho ntshuwa ha ba tshwasehileng dibakeng tse nang le merusu.
5. Maemo a sepolotiki naheng ya Madagascar
5.1. Kabinete e etse hloko le ho ngongorehiswa ke maemo a tsitsipano ya sepolotiki naheng ya Madagascar, tseo kaofela di bakileng dipolao le tshenyo ya thepa.
5.2. Kabinete e etsa kgoeletso ya hore ho be le botsitso le ho setjhaba kaofela le bankakarolo ho fumana mokgwa wa ho fihlella kgotso ka mokgwa o molaong le wa demokrasi.
F. Diketsahalo tse Tlang
1. Kgwedi ya Dipalangwang
1.1 Jwalo ka ha re tshwaya Kgweding ya Dipalangwang ka Mphalane, Afrika Borwa e keteka bohlokwa ba dipalangwang ho tsa moruo le ho ntlafatseng maphelo a rona a kamehla. Jwalo ka ha kgwedi ena e se e ntse e tswela pele, keteko ya selemo sena e bontsha ho setlela ha meralo ya rona ya motheo ya dipalangwang ho kenyeletsa bofofisi, dikepe hammoho le dipalangwang tsa setjhaba le mebila.
1.2 Matsete ho tsa dipalangwang a kenyeletsa kgudiso ya moruo ka mafura a dikoloi ha mmoho le ho theha menyetla ya mesebetsi. Ho ntlafatswa ha diterene, mebila mmoho le dipalangwang tsa setjhaba, ho fetola tsela eo Maafrika Borwa a finyellang mesebetsing, dikolong le dibakeng tsa menate ka yona mme tsena tsohle di fana ka menyetla ya ho kopana ha batho.
1.3 Se ka qollehang ka Kgwedi ena ya Dipalangwang, ke Beke ya SA Auto e ileng ya ketekwa ka la 1 ho isa ka la 3 Mphalane 2025 mane Nelson Mandela Bay. Mokete ona, o ile wa kopanya baetapele ba indasteri ena, batsetedi, bahlahisi ba disebediswa hammoho le di-SMME. Mona ho ne ho bontshanwa ka mekgwa ya ho potlakisa matsete, ntshetsopele ya maitsebelo le ho kenyeletsa bohle ho tsa diindasteri ho phatlalla le bommasepala ba baholo le diprofense ka sepheo sa ho matlafatsa tsa dipalangwang bakeng sa nako e tlang.
2. Seboka se Ikgethileng sa Bosupa sa Toka ya Setjhaba
2.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla ya Sebokeng se Ikgethileng sa Bosupa sa Toka ya Setjhaba mane Yunivesithing ya Stellenbosch ka la 17 Mphalane 2025, se tla beng se tshwerwe tlasa lepetjo le reng: "Toka ya Setjhaba, Paballo ya Dijo le Kgotso: Tsela ya ho fihlela Tekatekano, Kopano, Moshwelella le Maemo a Lehodimo a Moshwelella".
2.2. Seboka sena se tla kopanya baradi ba maano, ba melao, mekga ya dipolotiki, baahlodi, marena, baruti, mekgatlo ya setjhaba le barutehi ho tla bontshana ka taba ya paballo le tlhahiso ya dijo jwalo ka lejwe la motheo bakeng sa toka ya setjhaba, tekatekano hammoho le ntshetso pele ya moshwelella.
2.3. Sepheo sa seboka sena ke ho potlakisa mokgahlelo wa Bobedi wa Leano la Ntshetsopele ya Moshwelella (Ho Fedisa Tlala) hammoho le leano la AU la Agenda 2063. Leano lena le ipapisitse le Leano la Afrika Borwa la Ntshetsopele la 2030, le behileng pele ho fokotsa bofuma le ho se lekalekane.
3. Seboka sa Afrika sa 2025
3.1. Seboka sena sa Afrika sa ba ha Financial Times, se tla tshwarelwa London pakeng tsa 21 le 22 Mphalane 2025 tlasa lepetjo: “Afrika Lefatsheng le Fetofetohang”.
3.2. Sebokeng sena, ho tla kopana baetapele ba dinaha, matona, borakgwebo, batshehetsi ba ditjhelete le boramahlale ho tla sheba hore dinaha tsa Afrika di ka sebedisa jwang mekgwa e metjha e kang ya dijithale, thekenoloji kgwebisanong kontinenteng ena molemong wa matsete a moshwelella.
3.3. Seboka sena se fana ka sethala ho hlahisa lentswe la Afrika maemong a matjhaba, ho fumana tshebedisano le ho theha bokamoso bo isang kgolong ya moruo wa moshwelella.
4. Dihlahloko tsa Lengolo la Sehlopha sa Leshome
4.1. Kabinete e lakaletsa Baithuti ba selemo sa 2025 katleho le mahlohonolo jwalo ka ha ba itokisetsa ho qala dihlahlobo tsa Lengolo la Sehlopha sa Leshome (NSC) tse tlo qala ka la 21 Mphalane 2025 di phethelwe ka la 27 Pudungwana 2025.
4.2. Mmuso o elellwa boinehelo ba matitjhere, batswadi, balebedi ba bana ba ileng ba ba tshehetsa le hona ho ba fa boitshepo.
4.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho batswadi le balebedi ba bana bana ho tswela pele ho ba tshehetsa le ho ba kgothatsa le ho ba fa monyetla wa ho ithuta hantle malapeng.
G. Melaetsa
1. Matshediso
Kabinete e lebisa kutlwelo bohloko ho batho le mmuso wa:
- Tonakgolo ya mehleng ya Kenya (2008 – 2013), Ntate Raila Odinga. O ile a boela a ba Moemedi wa Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo ho Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (2018 – 2023). Radipolotiki wa nako e telele wa Kenya le setho sa Palamente.
Kabinete e lebisa kutlwelo bohloko ho metswalle le lelapa la: - Lenqosa la mehleng la Arika Borwa naheng ya Fora, Ntate Nathi Mthethwa eo e bileng setho sa Kabinete dilemong tse 15 Lefapheng la Dipapadi, Bonono le Botjhaba le la Sepolesa. O boetse a bapala karolo e kgolo ntweng ya tokoloho Afrika Borwa. Ho leboha boikitlaetso ba hae ho sebeletseng naha ena le setjhaba, Mopresidente Ramaphosa o ile a mo tlotla ka Lepato le Ikgethileng la Semmuso la Mokgahlelo wa 2.
2. Diteboho
Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho:
- Moprofesara Peter Mutharika ka ho hapa dikgetho tse akaretsang tsa Malawi; re mo lakaletsa katleho mosebetsing o moholo oo setjhaba sa Malawi se o behileng mahetleng a hae. Afrika Borwa e ikemiseditse ho tswela pele ho sebedisana le mmuso wa Moprofesara Mutharika le ho ntshetsa pele setswalle pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.
- Moprofesara Priya Soma-Pillay ka ho kethelwa ho ba Motlatsa Mopresidente wa International Federation of Gynaecology and Obstetrics (FIGO) nakong ya Seboka se Akaretsang sa FIGO sa 2025 mane Kapa.
- Afrika Borwa e fumane kananelo ka boikgathatso ba yona ba ho lwantsha ho nona haholo hammoho le mahloko a sa tshwaetsaneng. Ka sena, Afrika Borwa e ile ya fumana Kgau ya UN Inter-Agency Task Force Sebokeng sa bo 10 sa Friends of the Task Force mane New York, USA. Kananelo ena e bontsha ho tswa pele ha Afrika Borwa twantshong ya ho nona haholo le mahloko a sa tshwaetsaneng, mme ka sena e etsa mohlala oo dinaha tse ding di tlamehang ho o latela twantshong ya mafu a ka thibelwang.
- Kantoro ya Mosireletsi wa Setjhaba wa Afrika Borwa (PPSA) ka ho qeta dilemo tse 30 selemong sena. PPSA e bapetse karolo ya bohlokwa ho netefatseng hore demokrasi ya rona e a latelwa hammoho le ho ba le puso e nepahetseng le e nang le ponaletso.
- Sehlopha sa Springboks, ka ho hapa mohope wa Bompodi ba Rugby ka tatelano. Sehlopha sena se boetse sa bontsha bokgoni, ho bopahana ha mmoho le ho setlela maemong a matjhaba.
- Sehlopha sa Naha sa Bolo sa ba Dilemo di ka Tlase ho tse 20, se tsejwang ka la Amajita, ka ho fihlella mokgahlelong wa dihlopha tse 16 tsa ho qetela Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa ba Dilemo di ka Tlase ho tse 20 mane Chile.
E phatlaladitswe ke: Lefapha la Dipuisano Tsa Mmuso le Tsamaiso ya Tlhahisoleseding (GCIS)
Ditlhakisetso: Ntate Sandile Nene
Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 712 2316

