A. Maemo a Renang
1. Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso
1.1. Khomishene ya Dipatlisiso ya Moahlodi Madlanga
1.1.1. Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha Khomishene ya Dipatlisiso ya Moahlodi Madlanga e batlisisang ka Boitshunyako ba Sepolotiki le Botlokotsebe le Bobodu tabeng ya Tsamaiso ya Toka ya Botlokotsebe le ho kenngwa ha Dipehelo tsa se Lokelang ho Fuputswa Koranteng ya mmuso.
1.1.2. Ho thehwa ha khomishene ena ho netefatsa boitlamo ba Mopresidente ba ho sebedisa metjha ya molaotheo ho fuputsa dipelaelo tsa ditlolo tsa molao, le ho netefatsa botshepehi ba ditheo tsa rona, ho aha tshepo ya setjhaba le ho netefatsa hore bohle ba tlolang melao ya naha ba jariswa boikarabello.
1.2. Twantsho le Thibelo ya Botlokotsebe
1.2.1. Kabinete e amohetse taba ya ho matlafatswa ha ho kenella ha sepolesa ka mokgwa wa Operation Shanela 2 e entseng hore ho tshwarwe babelaellwa ba fetang 17 000 naheng ka bophara pakeng tsa la 27 Phupu le la 2 Phato 2025. Babelaellwa ba ka bang 2 911 ba neng ba ntse ba batlwa ba ile ba tshwarwa bakeng sa ditlolo tsa molao tsa dikgoka tse kang dipolao, diteko tsa polao, ho nkuwa ha makoloi ka dikgoka, dipeto, ho tlatlapa dikgwebong le malapeng, ha ba 1 763 bona ba tshwaretswe tlhekefetso le ho otla ka sepheo sa ho ntsha kotsi (GBH).
1.2.2. Kabinete e boetse e amohetse ho tshwarwa ha babelaellwa ba 550 ka mabaka a ho rafa ho seng molaong mane morafong wa Barberton, Mpumalanga jwalo ka karolo ya Operation Vala Umgodi mme e ananetse hore ho na le ba ba fumaneng beili.
B. Tse ka Mabapi le Kabinete
1. Moralo wa Tshebedisano le Amerika
1.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka Moralo wa Tshebedisano le Amerika (USA), mabapi le ditefiso tsa 30% tse tlo kenngwa tshebetsong ka la 7 Phato 2025; ka kgopolo ya hore ditefiso tsena di tla boela di lekolwa botjha hanghang ha dinaha tsena tse pedi di fihlela tumellano.
1.2. Kabinete e netefaditse boitlamo ba mmuso ba ho fumana tharollo ya moshwelella ka ho ba le dipuisano le Amerika ho kenyeletsa le tsa boemong tsa Bopresidente.
1.3. Jwalo ka ha kantoro ya Mopresidente e boletse, maobane hoseng Mopresidente Ramaphosa o letseditse Mopresidente Trump mohala jwalo ka karolo ya dipuisano tsa Afrika Borwa tsa ho leka ho fihlella tumellano ya kgwebisano.
1.4. Maikemisetso a maholo a mmuso e ntse e le ho nyolla moruo ha mmoho le ho baballa le hona ho theha mesebetsi e metjha, ho kenyeletsa ho matlafatsa thekisetsano ya thepa le dinaha tse ding ho kenyeletsa le dinaha tsa Asia, Yuropa, Botjhabela bo Bohareng le Afrika ka bophara ka sepheo sa ho matlafatsa moruo wa rona.
1.5. Ha re tla ho diindasteri tsena tse anngweng ke ho nyollwa ha difetiso, mmuso o shebile haholo le taba ya lehlakore la tlhahiso diindastering tsena ka sepheo sa ho kenella molemong wa ho thibela ho fokotswa ha basebetsi. Tsena di kenyeletsa:
1.5.1. Ho thehwa ha Kantoro ya Tshehetso ya Diyantle, e tla sebetsa jwalo ka sebaka sa boiteanyo bakeng sa dikhamphani tse amehang.
1.5.2. Matsapa a ho thusa dikhamphani ho emelana le ditefiso tsena le ho thusa hore di setlele ka nako e telele le mawa a kgolo bakeng sa ho sireletsa mesebetsi le bokgoni ba tlhahiso ka Afrika Borwa.
1.5.3. Ho theha Letlole la Tshehetso (LSF) ho thusa dikhamphani tse amehileng ho nyehela boitekong ba naha.
1.5.4. Lenaneo la Tshehetso ya Diyantle le ya Bohlodisani (ECSP), e leng se tla kenyeletsa tshehetso ya ditjhelete le disebediswa ho dikhamphani bakeng sa nako e kgutshwane ho ya nakong e bohareng ho phatlalla le diindasteri kaofela.
1.5.5. Ho sebedisana le Lefapha la Mesebetsi le Khiro ka sepheo sa ho tla le matsapa a ho thibela kgonahalo ya tahlehelo ya mesebetsi ka tshebediso ya mekgwa e teng ho ditheo tsa lona e ka fetolwangho lwantshana le diphephetso tse teng.
1.5.6. Ka puisano le Khomishene ya Ditlhodisano, ho se ho thehilwe Kotelo e Akaretsang bakeng sa ba sebetsang ka Diyantle ho thusa ka tshebedisano le kgokahano bakeng sa bahlodisani. Moralo wa Kotelo e Akaretsang o tla phatlalatswa mafelong a beke ena ka sepheo sa ho potlakisa ho phethelwa ha mosebetsi ona. Dintlha tse feletseng di ka fumaneha ho https://www.thedtic.gov.za
2. Morero wa la Kgwebisano le Matsete wa 2025 – 2029 pakeng tsa Tjhaena le Afrika Borwa
3.1 Lefapha la Kgwebisano, Diindasteri le Ditlhodisano ( dtic) ka ho buisana le mekgatlo ya diindasteri le ya makgotla a diyantle ya , ba hlophisitse Moralo wa Kgwebisano le Matsete wa 2025 – 2029 pakeng tsa Tjhaena le Afrika Borwa jwalo ka moralo wa tshebedisano le Tjhaena.
3.2 Moralo ona o kenyeletsa kgwebisano, matsete, ntshetsopele ya diindasteri le maitsebelo. (a) Ho tsa Kgwebisano: Tse ka sehlohlolong ke phapanyetsano ya dihlahiswa tse ka sehloohong tse 100, ho thehwa ha sebaka sa moshwelella sa dipontsho Tjhaena, le tshebedisano ho shebana le taba ya melawana ya taolo. (b) Ho Matsete le Ntshetsopele ya Diindasteri: Dintlha tse ka sehloohong ke ke ho tsetela ho tlhahiso ya tshepe, dithaere, dikoloi, dibeteri, meriana le metjhini ya bongaka, diterene le lekala la dijithale. (c) Karolo ya ntshetsopele ya maitsebelo: Ho tla tsepamiswa tshebetso ho maitsebelo makaleng a tla hlwauwa ho kenyeletsa ho fana ka tokiso le tshehetso ho bareki thepeng eo ba e rekileng.
3.3 Moralo ona o ile wa arolelanwa le Riphabliki ya Batho ya Tjhaena nakong eo Motlatsa Mopresidente Mashatile a neng a etetse naha eo ho tloha ka la 14 ho isa ka la 18 Phupu 2025. Motlatsa Mopresidente o ile a buisana le dikhamphani tse ka sehloohong tsa mmuso wa Tjhaena le ditheo tsa teng tsa ditjhelete mme hape a boela a nka karolo ho Foramo ya Matsete ya Tjhaena le Afrika Borwa le Dipontshong tsa Matjhaba tsa Dihlahiswa tsa Tjhaena (CISCE), moo ho ileng ha phatlalatswa teng Afrika Borwa e le mohokanyi wa kgwebisano, matsete le tshebedisano pakeng tsa dinaha tsa matjhaba le dinaha tsa Afrika tse ka borwa ho la Sahara.
3. Puisano ya Setjhaba – Kopano ya Pele
3.1. Kabinete e fumane tlaleho ka kgatelopele e seng e fihletswe ho fihlela kajeno tabeng ya ho bitsa kopano ya pele ho tse pedi tsa Puisano ena ya Naha e tlo nka matsatsi a mararo, e leng la 15 ho isa ka la 17 Phato 2025 mane UNISA (Tshwane).
3.2. Sepheo sa kopano ya pele ke ho leka ho fihlella tumellano ka dintlha tse ka sehloohong tse ka sekasekwang Puisanong ya Naha eo ka yona ho ikemiseditsweng ho kopanya MaAfrika Borwa a maemo ohle a bophelo ho tla theha sebopeho sa naha eo a e hlokang bakeng sa dilemo tsena tse 30 tse latelang. Puisano ena ya Naha, e reretswe ho ba le dipuisano tse 13 400 ho diwate kaofela tsa naha, hodima tse ding dipuisano tse 50 000 tse tla beng di eteletswe pele ke setjhaba dikgweding tse 12 tse tlang kamora Kopano ya pele.
3.3. Kgahleho e bonahala e le kgolo haholo tabeng ena jwalo ka ha ho na le mekgatlo e fetang 737 ho tswa makaleng a 30 e seng e ingodiseditse ho nka karolo mosebetsing ona wa ho bopa bokamoso ba Afrika Borwa eo re e hlokang.
3.4. Kabinete e netefaditse taba ya hore Puisano ena ya Setjhaba ha se lepatlelo la dipuisano feela, empa ke sesebediswa se matla sa tshebetso – sa ho etsa moralo wa Afrika Borwa e kopaneng le e kenyeletsang bohle.
4. Tsamaiso ya Diphetoho Tsa Ditefiso Tsa Mesi ya Khabone (CBAM)
4.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e seng e fihletswe mabapi le ho sheba kgahlamelo ya CBAM moruong wa Afrika Borwa ho kenyeletsa le makala/dihlahiswa tse akaretswang ke di-CBAM. Kabinete e tjhaelletse monwana tshekatsheko e lekalekanang ya diketso le melaetsa e bontshang ka bobedi ditlhoko tsa rona tsa ntshetsopele, le ditabatabelo tsa naha, mathata a kgolo ya moruo le maitlamo a tharollo mathateng a ho fetofetoha ha tlelaemete .
4.2. Kabinete e boetse ya tjhaella monwana ho kengwa tshebetsong ha katamelo e pharalletseng ya mmuso ya dintlha tse ngata , e tla etellwa pele ke dtic e kenyeletsang tshebedisano le dirutehi , lekala la poraefete, mekgatlo ya basebetsi ka sepheo sa ho fumana mawa a ho fokotsa ho silafala ha moya ke mesi ya khabone le tshebediso ya mapatlelo a teng a metjha e ntlhapedi e ntlha di ngata le a mang ho lwantsha ditefiso tsena tsa CBAM.
5. Ditlaleho tsa Tshebetso tsa Habedi ka Selemo
5.1. Kabinete e fumane le ho sekaseka Ditlaleho tsa Kgatelopele tsa Habedi ka Selemo mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa wa Ntshetsopele wa Nako e Bohareng (MTDP) wa 2024 – 2029 wa nako ya Mphalane 2024 ho isa ho Tlhakubele 2025.
5.2. MTDP e teka dintlha tsa bohlokwa tse ka sehlohlolong tse amohetsweng ke Mmuso wa Kopanelo GNU bakeng sa nako ya selemo sa 2024 ho isa ho sa 2029, e leng: (i) Kgodiso ya moruo o kenyeletsang bohle le ho thehwa ha mesebetsi, (ii) Ho fokotswa ha bofuma le ho lwantsha ditjeho tse hodimo tsa ho phela le (iii) Ho aha puso e nang le bokgoni le e tswelang pele.
5.3. Letona la Meralo, Bodisa le Tekolo hammoho le baduladitulo ba kopanelo Mekgahlelo ya Kabinete ba tla lekola taba ena ka botebo ka Labobedi la 12 Phato 2025.
6. Tse ka sehlohlolong ka G20
6.1. Bonyane Dikopano tse 80 ho tse 132 tsa semmuso tse rerilweng lenaneong la G20 di se di etsahetse .
6.2. Ditherisano tsa Sephetho sa ditokomane/maitlamo a Matona le diphetho tse amehang tsa boem bo hodimo di se di qadile.
6.3. Afrika Borwa e tsebahaditse Tekolobotjha ya Ditjeo tsa Ditjhelete e leng mohato wa bohlokwa bakeng sa ho theha mokgwa wa matjhaba wa tshebediso ya ditjhelete o sebetsang ka nepo, o tla dumella dinaha tse thuthuhang ho tsetela makaleng a infrastraktjha , tlhokomelo ya kalafo , thuto le boitseko tabeng ya tlelaemete .
6.4. Dihlopha tsohle tsa Tshebetso tsa G20 di se di tshetlehile dintlha le mananeo a tsona a ka sehloohong. Amerika e tshepisitse ho boela e nka karolo dikopanong tsa G20 leha e tla romela basebeletsi ba yona ba seng maemo a hodimo a Matona.
6.5. Dikopano tse latelang di etsahetse ka kgwedi ya Phupu:
6.5.1. Kopano ya Bone ya G20 ya Batlatsi ba Matona a Ditjhelete le a Balaodi ba Dibanka tsa Mebuso e ne e tshwerwe ka la 14 le la 15 Phupu 2025 mme e ne e tsepamisitse tshebetso ho: (i) Moralo wa Tshebetso le Peho ya Leihlo wa Dibanka tsa Ntshetsopele, (ii) Mekgwa ya Tshehetso ya Ditjhelete nakong ya Sewa, le (iii) Ho Behwa Sehlohlolong sa Ditaba ka Kopano ya Dikoloto tsa Matjhaba.
6.5.2. Kopano ya Batlatsa Matona a Dinaha (EMDE) a Mebaraka le Meruo e ntseng e Hola mme ho yona ho ile ha ba le tlhahiso ya hore le selemong se tlang Afrika Borwa e nne e tswelepele ho hlophisa dikopano tsa EMDE tsa Boraro ba G20.
6.5.3. Kopano ya Boraro ya Matona a Matlotlo le Balaodi ba Dibanka tsa Mmuso o ne o le ka la 17 le la 18 Phupu 2025 mme ho yona ho ileng ha qoqwa ka (i) moralo wa ditjhelete tsa matjhaba, (ii) infrastraktjha , (iii) lekgetho la matjhaba, (iv) ditshita tse kgolo le Tswelopele ya Afrika, (v) ho setlela ho tsa ditjhelete, le (vi) ditaba tsa lekala la ditjhelete le ho kenyeletswa ha bohle ho tsa ditjhelete.
6.5.4. Kopano ya Boraro ya Setekgeniki ya G20 ya Komiti ya Tshebetso ya Tshehetso ya Basadi (EWWG) e ne e tshwerwe ho tloha ka la 2 ho isa ka la 4 Phupu 2025 mme ho yona ho ne ho tsepamisitswe tshebetso ho ntshetseng pele puisano le tshebedisano ho tsa tekatekano ya bong le tshehetso ya basadi ho shebilwe haholo le ho hlokomelweng, ho fokotsweng ha le ho ajwa botjha ha mesebetsi ya tlhokomelo e sa lefellweng.
6.5.5. Kopano ya Boraro ya Tshebetso ya Thuto e ne e tshwerwe ka la 2 ho isa ka la 3 Phupu 2025 mme ho yona ho shebilwe haholoholo (i) tlhokeho e potlakileng ya ho fumana matitjhere a anetseng ho netefatsa thuto ya boleng e kenyeletsang le e lekalekanang . Kopanong ena ho ile ha boela ha buisanwa ka moralo wa G20 wa Boitlamo ba Matona a Thuto .
6.5.6. Kopano ya Bohlano ya Tshebetso ya tsa Bophelo bo Botle e ne e tshwerwe ho tloha ka la 8 ho isa ka la 9 Phupu 2025 mme ho yona ho tsepamisitswe tshebetso ho matlafatseng tsa bophelo bo botle dinakong tse kang tsa sewa ka ho itokisetsa seo nako e sa le teng le tlhokeho ya tshehetso ya ditjhelete ka sepheo sa ho fumana mekgwa e metjha ya thekenoloji e kang diente tsa lefuba.
6.5.7. Kopano ya Boraro ya Sehlopha sa Tshebetso ya Phokotso ya Dikotsi tsa Dikoduwa e ne e tshwerwe ka la 9 ho isa ka la 10 Phupu 2025 mme yona e ne e tsepamisitse tshebetso ho shebaneng le diphephetso Taolong ya Kotsi tsa Dikoduwa. Kopanong ena ho ile ha boelwa ha arolelanwa ka tsebo, maqheka le mekgwa e ka sebediswang ho fokotsa kgonahalo ya dikoduwa.
6.5.8. Kopano ya Bone ya Lebotho la Tshebetso ya 1: Moruo o Kenyeletsang Bohle, ho Atoloswa ha Diindasteri, Khiro le ho Fokotsa ho se Lekalekane e ne e tshwerwe ka la 9 le la 10 Phupu 2025. Kopanong ena, ho ne ho tsepamisitswe tshebetso ho mekgwa ya ho kgothaletsa moruo o kenyeletsang bohle, katoloso ya diindasteri, khiro le ho fokotsa ho se lekalekane.
6.5.9. Kopano ya Bobedi ya Sehlopha sa Tshebetso sa Tlelaemete le Tikoloho ya Moshwelella e ne e le ka la 14 ho isa ka la 18 Phupu 2025 mme ho yona ho ne ho tsepamisitswe maikutlo ditabeng tse malebana le tlhokomelo ya diphoofolo le paballo ya tsona, tlelaemete , ho fokotseha ha maemo a mobu, komello, taolo ya matlakala a dikhemikhale, boleng ba moya le mawatle le mabopo.
6.5.10. Kopano ya Bone ya Komiti ya Tshebetso ya Ntshetsopele e ne e tshwerwe ka la 21 ho isa ka la 23 Phupu 2025. Ho yona ho ne ho tsepamisitswe maikutlo ho theheng melawana ya maemo a hodimo mabapi le thepa ya setjhaba le matsete, ho fumana tjhelete e eketsehieng bakeng sa ntshetsopele le mananeo a mmuso a tlhokomelo ya kahisano .
7. Lenaneo la ho Kenella Mathateng a Metsi Giyani (Seterekeng sa Mopani, Limpopo)
7.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Mehato ya ho Kenella Mathateng a Metsi Giyani.
7.2. Projeke ya Ditshebeletso tsa Metsi ya Giyani e kenyeletsang ho kenngwa ha dipeipi tse kgolo tsa metsi tsa bolelele ba 325km ho tloha Giyani WTW ho ya matamong a polokelo le ho fepela metsana e 55 ya Giyani. Kgatelopele ya projeke hawale e ho 90.23%. Ditekong tsa kgatello ya metsi le tumello di ikarabella bakeng sa 90%%. Projeke ena ho akanngwa ha e tla phethelwa ka Lwetse 2025.
7.3. Mokgahlelo wa pele wa ho hokelwa ha metsana e 55 ya Giyani hona ho kenyeletsa ho hokelwa ha metsana e 24 ho e 55 le ho kenya dimitara tse balang metsi malapeng. Metsaneng ena a 24, e 23 ya teng ho se ho phethetswe ho kenya dimitara tse balang metsi. Motsana o setseng ke wa Risinga View mme le ona o tla be o phethetswe mafelong a Phupu 2025. Mokgahlelo wa 2a oo ho ona ho tlang ho hokelwa metsana e 15, ona o tla qala selemong sa ditjhelete sa 2025/26, mme Mokgahlelo wa 2b (metsana e 16) yona e tla kenyeletswa selemong se hlahlamang seo sa ditjhelete.
7.4. Ho ntlafatswa ha di-WTW tsa Giyani ho tloha ho 30Ml/d ho ya ho 40Ml/d le ho ntlafatsa dikarolo tse ngata ho netefatsa hore metsana ena e 55 ya Giyani e fumana phepelo e lekaneng. Taba ena e sa le moralong mme e tla kenngwa tshebetsong hantle kotareng ya boraro ya selemo sena sa ditjhelete ha ho se ho phethetswe IRS. Re tshepa hore ena e tla ba matsapa a ho qetela a ho kenella ha lefapha Motseng wa Giyani mabapi le ho ntlafatsa phepelo ya metsi metsaneng ya teng e 55 le toropong ya teng.
7.5. Mosebetsi ona o latela ho kenella ha nako e fetileng ho neng ho kenyeletsa:
7.5.1. Peipi e Kgolo ya Nandoni-Nsami – peipi ya bolelele ba 40.5km ya metsi a so hlwekiswe ho tloha Letamong la Nandoni, Vhembe, ho tsamaya forong ya Xikukwani ho fihlela a ilo fihlella matamong a di-WTW tsa Giyani e qadileng ho sebetsa ka la 5 Mmesa 2023 mme ya phethelwa ka Tshitwe 2023. Hajwale peipi ena e fepela di-WTW tsa Giyani metsi a so hlwekiswe a bongata ba 15Ml/d mme ho na le peipi e nngwe ya boholo ba .58 e fellang KwaMsani (Greater Malamulele) Mmasepaleng wa Lehae wa Collins Chabane, le yona e phethetsweng ka Tshitwe 2023.
7.5.2. Ho lokiswa botjha ha di-WTW tsa Giyani tse neng di se di tsamaisa metsi a bongata ba 13-17Ml/d ho phethetswe ka Phuptjane 2024 mme jwale di boetse maemong a tsona a ho tsamaisa metsi a bongata ba 30Ml/d.
7.6. Diprojeke tse phethetsweng di bitsitse tjhelete e akanyetswang ho R6 milione, mme di lefeletswe ke Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere (DWS).
8. Tshebedisano ya Afrika Borwa le Nigeria lekaleng la oli le kgase
8.1. Kabinete e behilwe sehlohlolong ka sephetho sa leeto la semmuso la Letona Gwede Mantashe ya neng a ilo tshwara dipuisano tse tshebedisano makaleng a merafo, oli le kgase jwalo ka karolo ya Khomishene ya Tshebedisano ya Afrika Borwa le Nigeria (BNC).
8.2. Nigeria e batla ho ntlafatsa lekala la yona la merafo ka ho tlisa diphetoho le hona ho eketsa tlhahiso ya dimenerale le ho sebedisa tsebo e batsi ya Afrika Borwa ho tsa merafo.
8.3. Afrika Borwa e batla ho etsa tumellano ya ho fumana kgase ya mofuta wa (LPG) ho tswa Nigeria le hore le Afrika Borwa le yona e ithute haholo ho ho Nigeria tlhahisong ya oli le kgase.
8.4. Kabinete e tsebisitswe ka boitlamo ba Nigeria ba ho phethela melawana ya kgwebisano ka oli e tala le Afrika Borwa e tla phethelwa mafelong a Phato 2025. Sena se tla etsa hore oli ena e kgone ho kena ka kotloloho diahelong tsa mmuso le tsa poraefete tsa ho e tlhotla.
9. Ho ntshetsapele ho kenngwa tshebetsong ha diphetoho lekaleng la tsamaiso le ho thothwa ha thepa
9.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tliswa Palamenteng ha mosebetsi wa ho kgethwa ha Boto ya Taolo eo mosebetsi wa yona e tla bang ho okamela Setheo sa Taolo ya ho Thothwa ha Thepa (TER) ka sepheo sa ho netefatsa taolo ya teng e nepahetseng ho kenyeletsa le ya ditjhelete. Boto ya TER e tla netefatsa hore mefuta yohle ya ho thothwa ha thepa, e kang dikepe, diterene, dilori le difofane e imatahanya le dipehelo tsa taolo. Boto e tla tsitlallela ho theha melawana e tla kgothaletsa tshebediso ya manane a amohelehileng ka sepheo sa ho nyolla tlhodisano lekaleng lena. Ho thonngweng ha boto ho tla netefatswa hore thomo ya semolao e phethwa ka boemo bo hodimo ba boitshwaro le phano ya ditshebeletso .
9.2. Ho thonngwa ha boto ho bohlokwa tshebetsong ya TER jwalo ka ha e le e nngwe ya dintho tse ka sehlohlolong tseo mmuso o ikemiseditseng ka tsona mabapi le diphetoho. Sena hape se tla bebofatsa mokgwa wa “ho hwebisana ka ho bebofatsa tsela le mokgwa wa ho kenya dikopo tsa tumello ya kgwebo le ho fokotsa ditjeo tsa boimatahanyo .” Sena hape se tla thusa ho ba le melawana e tsitsitseng mme se kgahle batsetedi lekaleng lena la ho thotha.
9.3. TER e tla netefatsa hore melawana e sebediswang pakeng tsa mmuso le dikgwebo tsa poraefete e hloka leeme . E tla tsitlallela ditheko tse hlokang leeme ho thusa ho thibela ho se be le ho nyollwa ha ditheko ka tsela e se nang toka hore bapalami ba tle ba kgole molemo ho seo ba se lefellang. Sena se tla tswela basebetsi molemo jwalo ka ha bongata ba bona ba sebedisa dipalangwang tsa setjhaba. Sena se tla fokotsa tjhelete eo ba e sebedisetsang ho palama jwalo ka kgwedi mme ho be teng e ba sallang.
9.4. Boto ya TER e tla tlameha ho netefatsa hore le borakgwebo ba lehlakoreng le ka thoko ba dumellwa ho sebedisa diporo tsa Bolaodi ba infrastraktjha yaTransnet ka mokgwa o lokolohileng, le hore ba dumellwe ho ba le diterene tseo e leng tsa bona e leng se tla thusa hore ba bitse ditheko tse ka leptjwang bakeng sa tsamaiso mme e fetohe ho ba , matsete a nako e telele le ho kgotsofatsa bona batsetedi. Sena ke maikemisetso a mmuso a ntlafatso ya moruo le ho theha mesebetsi lekaleng la dipalangwang.
9.5. Ho tloswa ha thepa tse kang mashala le dikhonteina diloring mme di thothwe ka diterene ho tla ba le kgahlamelo e ntle tikolohong, mebila e tla imoloha, e be maemong mme ho fokotsehe le tshubuhlellano le dikotsi mebileng. Boto e tla leka ka hohlehohle ho sebetsa ka botshepehi taolong ya yona ya mefuta yohle ya ho thothwa ha thepa.
C. Diqeto tsa Kabinete
1. Ho Fihlellwa ha Tumellano ya ho Theha Afreximbank
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phihlello ya Afrika Borwa ya Tumellano ya ho Theha Afreximbank ho fihlella botho bo feletseng, e leng se tla e thusa ho una melemo ho tsa kgwebisano le matsete. Sena hape se tla thusa ho fumaneng tshehetso tsa ditjhelete le ho fumana ditshebedisano ka sepheo sa ho tshehetsa ntshetsopele ya naha le kontinente ka bophara.
1.2. Ka thuso ya Export Credit Insurance Corporation (ECIC), Afrika Borwa e tla kgona ho nyolohela maemong a “A” diabong tsa yona ho Afreximbank, e leng ntho e tla e neha taolo e matla setheong sena, ho kenyeletsa le ho ba le tshusumetso ho nkeng diqeto le ho kgethweng ha ketapele.
1.3. Ka ho ba setho sa Afreximbank, mmuso wa Afrika Borwa o tla kgola molemo wa hore ho tla eketseha thomello ya thepa matjhabeng mme dikhamphani le ditshebeletso tse ngata tse kang ditheo tsa ditjhelete le dikhamphani tsa mmuso di tla fumana tshehetso ya ditjhelete e leng se tla eketsa diindasteri le ho eketsa moruo wa naha.
1.4. Ka hodimo ho moo, ho ba setho sa banka ena ho tla thusa ho fumana melemo e thusang dinaha tsa Afrika tseo e leng ditho le dikhamphani tsa teng tsa poraefete ha ho le teng ho putlama ha mebaraka le mathata a matjhaba ho tsa ditjhelete, moruo le botsitso ditjhabeng.
2. Motjha wa Ditekanyetso wa 2026 (melawana, ditataiso le khalendara )
2.1. Kabinete e lohotha ho tshisinyo e mabapi le diphetoho e reretsweng ho aha mokgwa wa ditekanyetso o tshehetsang merero ya Afrika Borwa ya ntshetsopele ha ka ho le leng ho sireletswa boemo ba ditjhelete ba moshwelella le ho tjhaella monwana Melawana ya Ditekanyetso ya 2024 – 2029, Ditataiso tsa tsa MTEF tsa selemo sa 2026 le Khalendara ya selemo sa 2026 ya Motjha wa Ditekanyetso .
2.2. Melawana ya Motjha wa Ditekanyetso wa 2024 – 2029
2.2.1. Mmuso o tlameha ho tla le mekgwa e matla le e kenyeletsang bohle ho fihlela tumellano ya pele ho nako mabapi le dintlha tse seng kae tse ka sehlohlolong tsa mawa a ditekanyetso :
a. moralo wa ditjhelete
b. lekgetho
c. tshehetso ya ditjhelete tefong ya mekitlane
d. matsete a ka sehloohong a infrastraktjha
e. dintlha tsa bohlokwa tse ka sehloohong tsa tshebediso ya ditjhelete le moo ho ka fokotswang ditjeo , le
f. mekgwa ya ho hodisa moruo.
2.2.2. Diqeto tsa ditekanyetso tse thehilweng hodima bopaki, tse shebaneng le diphetho le tse itshetlehileng hodima lesedi le teng kabo ya matlotlo :
(a) Motjha o le mong, o kopaneng, o nang le ponaletso le ho pharalla wa ditekanyetso ho kenyeletsa mabapi le Karolo ya Lekeno ho phatlalla le dikarolo tsohle tsa mmuso.
(b) Ho ikobela Karolo ya 214 ya Molaotheo moo motjha wa ditekanyetso o lokelang ka botlalo ho sekaseka dithomo le bokgoni ba tshebediso ya ditjhelete ya dikarolo tsohle tsa mmuso.
2.2.3. Ho rala ho kenyeletsang bohle ha ditekanyetso ho kenyeletsa dintlha tse kang ho amahanya nyollelo ya meputso ya basebetsi ba mmuso le motjha wa ditekanyetso.
2.2.4. Diqeto tsa ditekanyetso di tlameha ho ba le tjhebelopele le ho ba ya nako ya bohareng, mme ke ka hona MTEF e tlamehang ho ba thulusi e ka sehloohong bakeng sa ho matahanya dintlha tse ka sehlohlolong tsa leano le lewa la tshebediso ya ditjhelete .
2.2.5. Motjha wa ditekanyetso o tlameha ho etswa ka tsela e hlophisehileng, e sebeletsang nakong le ho thehwa hodima melawana, ka lebaka lena, Khalendara ya Ditekanyetso e tla teka nako e tsitsitseng ho phatlalla le mokgahlelo ka mong wa motjha ona, ho tloha tabeng ya ho teka dintlha tse ka sehlohlolong ho ya tabeng ya ho tjhaellwa monwana ke ba ketsamolao .
2.2.6. Diqeto tsa ditekanyetso di tlameha ho lotomana mme di hlomphuwe jwalo ka karolo ya ho baballa bokgabane ba motjha wa ditekanyetso.
2.2.7. Dihlotshwana tse nkang diqeto ka ditekanyetso di tlameha ho ba hlwahlwa, di sebedisane, le ho ba nakong.
2.2.8. Motjha wa ditekanyetso o tlameha ho kgothaletsa bokgabane ba tshebetso le kabo mabapi le tshebediso ya tjhelete ya setjhaba.
2.2.9. Motjha wa ditekanyetso o tlameha ho tshehetsa ho nka diqeto tse tlositsweng pusong e bohareng le boikarabello .
2.3 Ditataiso tsa MTEF di netefatsa boitlamo ba mmuso bakeng sa motjha wa ditekanyetso o nang le boikarabelo, ponaletso le o ilkamahanyang le lewa la mmuso o tshehetsang merero ya Afrika Borwa ya nako e telele ya tshebediso ya ditjhelete le dintlha tse ka sehlohlolong tsa ntshetsopele ya naha .
3. Moralo wa bobedi wa Afrika Borwa wa Nyehelo ya Kopanelo ya Naha (NDC) karabelong ya ho fetofetoha ha tlelaemete jwalo ka ha e hlokahala ho ya ka Tumellano ya Paris
3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Nyehelo ya Kopanelo ya Naha (NDC) bakeng sa maikutlo a setjhaba.
3.2. Moralo ona wa bobedi wa NDC, o sisinya hore tekanyo ya tshilafatso ya moya ke mosi, e leng Greenhouse Gas (GHG), e be tekanyo ya 320 – 380 mt CO2 eq ka 2035.
3.3. Ho phethelwa ha NDC ya bobedi, ho tla netefatsa boinehelo le boitlamo ba Afrika Borwa ho nka karolo tharollong tse mabapi le ho fetofetoha ha tlelaemete le ho netefatsa ho fetohela mokgweng wa tlhahiso o sa silafatseng tikoloho. NDC e tla boela e fumaneha ho https://www.dffe.gov.za
3.4. Mmuso o etsa tekolo botjha tabeng ya GHG ya naha ena le hore e tla be e le maemong afe ka selemo sa 2035 ho kenyeletsa le boitlamo ba yona ho tsa molao ho latela Tumellano ya Paris le morero wa naha o reretsweng ho fetohela ho mokgwa o hlwekileng wa tlhahiso ho fihlela ka selemo sa 2035 ho kenyeletsa le Lewa la Naha la Bokgabane ba Eneji le Moralo o Kopanetsweng wa Mehlodi .
4. Tlaleho ka Kopano ya Matona – Taemane ya Tlhaho: Menyetla le Diphephetso (30 Phupu 2025)
4.1. Indasteri ya Afrika Borwa ya Taemane e bapala karolo ya bohlokwa indastering ya matjhaba ya taemane le ya mabenyane mme hape e ba le kabelo moruong wa naha. Leha ho le jwalo, indasteri ya matjhaba ya taemane e ntse e tswelapele ho ba le diphephetso ka lebaka la diphephetso tsa maemo a moruo o bohareng. Ka lebaka lena, Kabinete e file Lefapha la Dimenirale le Petroliamo tumello ya ho nka karolo ditumellanong tsa matjhaba tse tla dumella dinaha tse hlahisang taemane ho ba maemong a betere, e leng se tla nyolla mebaraka ya taemane lefatsheng. Ho ka fihlela sena, Kabinete e tjhaelletse monwana taba ya hore ho koptjwe dikgwebo tsa indasteri ya taemane ho nehelana ka phesente e le nngwe ya lekeno la tsona la selemo ka sepheo sa ho tshehetsa papatso ya taemane Afrika Borwa le hona ho thusa kgolong ya moruo le ho theha mesebetsi.
5. Ho Tloswa ha ho Hlakola ha Bili ya SAA SOC Limited mananeong a Ketsamolao
5.1. Kabinete e tjhaelletse monwana kopo ya ho tloswa ha ho hlakola Bili ya South African Airways (SAA) Soc Limited lenaneong la ketsamolao la Palamente.
5.2. Tumellano ya Theko le Thekiso le ho hlakolwa ha Molao wa bo-5 wa SAA, wa 2007, e ne e le dintho tse neng di behetswe ho sekasekwa ke Lefapha le neng le bitswa la Dikgwebo tsa Mmuso. Bili ena e ne e tliswe Palamenteng ka la 25 Pherekgong 2024; leha ho le jwalo, ka la 14 Tlhakubele 2024 ha phatlalatswa ho putlama ha dipuisano tsa thekisetsano pakeng tsa mahlakore ka bobedi. Ho putlama hona ha dipuisano, ho ile ha etsa hore sohle se neng se tlameha ho latela, ho kenyeletsa le Bili ena , di se tswelepele. Ke ka hona jwale ho sisingwang taba ya ho hlakolwa ha Molao ona wa SAA wa bo5, wa 2007 lenaneong la ketsamolao la .
D. Dibili
1. Bili ya Sehlomathiso sa Ditshebeletso tsa metsi
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tliswa Palamenteng ha Bili ya Sehlomathiso ya Ditshebeletso tsa Metsi. Ka Bili ena , ho ikemiseditswe ho matlafatsa taolo le tsamaiso tsa ditshebeletso tsa metsi le ho netefatsa hore ho imatahanngwa le Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi, wa 1997 (Molao wa bo-108 wa 1997).
1.2. Diphetoho tsena tsa Ditshebeletso tsa Metsi di tlisitse diphetoho tse tla hlakisa hantle se tlamehang ho etswa ke Balaodi ba Ditshebeletso tsa Metsi ho Bommasepala (WSA) le Bafani ba Ditshebeletso tsa Metsi (WSP). Molao ona, o tla hlakisa se tlamehang ho etswa ke bommasepala ho ya ka molao ha ba hira di-WSP e le hore ba tle ba kgone ho hira batho ba nang le dilaesense, le ba nang le maitsebelo ho ya ka Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere.
1.3. Diphetoho tsena hape di shebana le bofokodi bo teng lekaleng lena ho kenyeletsa le ho fana ka dikotlo moo ho sa imatahanngweng le molao ha le ho beha mekgwa ya ho kenella le maemo a amohelehileng a tshebetso ho bafani ba ditshebeletso tsa metsi le hore balaodi ba ditshebeletso tsa metsi ba kgone ho qobella molao.
2. Bili ya Sehlomathiso ya Metsi a Naha
2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tliswa Palamenteng ha Bili ya Sehlomathiso ya Metsi a Naha . Bili ena e ntlafatsa Molao wa Naha wa Metsi, wa 1998 (Molao wa bo-36 wa 1998). Diphetoho tsena di tla netefatsa hore metsi a laolwa ka nepo mme a bile a a baballwa. Bili ena e boetse e etsa ditshisinyo tsa ho lokisa ho se tsamaiswe ha dintho ka nepo nakong e fetileng mabapi le phano ya metsi. Bili ena e boetse e netefatsa hore mmuso o imatahanya le Karolo ya bo-27 ya Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996 ka ho ba le karolo e baballang mehlodi ya metsi ya naha ena.
3. Bili ya Sehlomathiso ya Moralo wa Bana
3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Sehlomathiso ya Moralo wa Bana bakeng sa maikutlo a setjhaba. Ka Bili ena, ho ikemiseditswe ho matlafatsa Molao o teng wa Bana, wa selemo sa 2005 (Molao wa bo-38 wa 2005) moo ho tsepamisitsweng maikutlo bofokoding le kgaellong ya molao tshireletsong le tlhokomelong ya bana le ho kenella nako e sa le teng. Bili ena , e tla boela e matlafatsa tshireletso ya bana kgahlanong le dikgoka, tshotlo, tlhekefetso, ho se tsotellwe le kganyapetso.
E. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Ngaka Cynthia Ntombifuthi Khumalo jwalo ka Motsamaisi-Kakaretso wa Lefapha la Dipapadi, Setso le Bonono.
2. Ngaka Sipho Ngomane jwalo ka Motlatsa Motsamaisi-Kakaretso (DDG): Bolaodi ba Dikgwebo ba Lefapha la Bohahlaudi.
3. Mofumahadi Yanga Ntombizodidi Tantsi jwalo ka DDG: Dikoporasi tse Kopanetsweng le Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Kgolo ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane.
4. Monghadi Vuyisa Africa Dayile jwalo ka DDG: Lekala la Maano le Diphuputso ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane.
5. Ngaka Nonhlanhla Ignatia Ndlovu jwalo ka DDG: HIV/AIDS, TB le MCWH ho Lefapha la Bophelo bo Botle.
6. Thonyo ya borateraste ba mmuso ba Boto ya ya Letlole la Tirisano Construction
a. Moprofesara Wellington Didibhuku Thwala;
b. Mofumahadi Allyson Lawless;
c. Ngaka Msizi Reginald Myeza; le
d. Mofumahadi Zukiswa Kimani.
7. Thonyo ya ditho tsa Boto ya Koporasi ya Naha ya Dithuso tsa Ditjhelete tsa Matlo
(a) Monghadi Khalid Desmond Golding (Modulasetulo);
(b) Mofumahadi Balungile Siphumelele Dlungwane;
(c) Monghadi Thulani Siyabonga Mabaso;
(d) Mofumahadi Jacqueline Ramatsimele Maisela;
(e) Mofumahadi Ayesha Seedat;
(f) Mofumahadi Alison Hickey -Tshangana;
(g) Mofumahadi Nomzamo Babhekile Hlengiwe Khumalo;
(h) Moatevokate Mthokozisi Daluxolo Xulu;
(i) Mofumahadi Tshepiso Florah Kobile;
(j) Monghadi Velile Cecil Dube;
(k) Mofumahadi Noluthando Khulukazi Mashologu; le
(l) Monghadi Satish Roopa.
8. Ho tlatswa ha dikgeo ho Boto ya Ditshebeletso tsa Bosireletsi tsa Dikema tsa Badudi
(a) Mofumahadi Busisiwe Nwabisa Nzo (Modulasetulo);
(b) Mofumahadi Sarah Madinoge Letsie;
(c) Mofumahadi Moganambal Karen Muthen; le
(d) Monghadi Mduduzi Orville Sikhumbuzo Zungu.
9. Ho tlatswa ha dikgeo ho Boto ya Bolaodi ba Taolo ya Basebetsi ba Matlo
(a) Mofumahadi Mmanare Evylyn Mamabolo;
(b) Mofumahadi Merriam Mapule G. Mashiteng;
(c) Monghadi Leshabe Samuel Rampedi; le
(d) Monghadi Thomas Khorommbi Sigidi.
10. Ho tlatswa ha sekgeo ho Boto ya Lekala la Ntshetsopele ya Matlo
(a) Monghadi Malesela Phineas Sebatjana.
11. Ho thonngwa ha ditho tsa Boto ya Khamphani ya Difofane ya Afrika Borwa (SAA)
(a) Mofumahadi Sedzani Faith Mudau (Modulasetulo);
(b) Mofumahadi Fathima Gany (Motlatsa modulasetulo);
(c) Monghadi Theunis Potgieter;
(d) Monghadi Mongezi India;
(e) Monghadi Dennis Thokozani Dlomo;
(f) Mofumahadi Pamela Bulelwa Yako;
(g) Mofumahadi Bongiwe Pityi;
(h) Ngaka Salome Chiloane-Nwabueze;
(i) Ngaka Prittish Dala;
(j) Monghadi Lisa Mangcu;
(k) Mofumahadi Bongiwe Mbovu;
(l) Mofumahadi Siphumelele Dlungwane;
(m) Moatevokate Johannes Collen Weapond
(n) Moprofesara John Lamola (CEO)
(o) Mofumahadi Lindsay Olitzky (CFO)
12. Ho thonngwa ha Batsamaisi bao e seng ba phethahatso ho Boto ya sa Taolo ya Moruo ya Dipalangwang (TER) (Ho kgethwa ha Boto ya TER ke karolo ya ho tlisa diphetoho lekaleng la ho thothwa ha thepa).
(a) Mofumahadi Ethel Teljeure (Modulasetulo);
(b) Mofumahadi Balebebetje Zondi;
(c) Mofumahadi Fathima Bibi Sheik;
(d) Monghadi Lucky Thekisho;
(e) Monghadi Vincent Blennies; le
(f) Monghadi Ravindra Nair.
13. Batsamaisi bao e seng ba phethahatso ho Boto ya nakwana ya Letlole la Dikotsi tsa Mebileng
(a) Monghadi Kenneth Brown (Modulasetulo)
(b) Mofumahadi Nonhlanhla Mabusela-Aikhuere (Motlatsa Modulasetulo ).
(c) Mofumahadi Ntswaki Kutumela;
(d) Mofumahadi Innocentia Mmule Pule;
(e) Monghadi Richard Dyantyi;
(f) Monghadi Mpontshane Afred Mkhipheni;
(g) Monghadi Neeshan Balton;
(h) Mofumahadi Alfredina (Ntina) Themba
F. Diketsahalo tse tlang
1. Letsatsi la Basadi
1.1 Mopresidente Ramaphosa o tla etella pele mokete wa sehopotso sa Letsatsi la Naha la Basadi ka la 9 Phato 2025 mane Lebaleng la Dipapadi la Nkowankowa, Tzaneen, Limpopo. Selemong sena letsatsi lena le ketekwa tlasa mookotaba o reng: “Re Aha Moruo o Setletseng bakeng sa Bohle”, e leng ntho e tsamaisang le Bopresidente ba Afrika Borwa ba G20 le moookotaba wa teng wa Kopano, Tekatekano le Ntshetsopele ya Moshwelella.
1.2 Lenaneo la monongwaha le toboketsa ntshetsopele ya basadi ho nkeng karolo ho tsa boetapele, moruo, tshehetso ya ditjhelete, twantsho ya tlhekefetso ya basadi le dipolao tsa bona. Tsena tsohle di nkuwa e le ditshita tse kgolo ntshetsong pele ya basadi.
1.3 Kgwedi ya Basadi ha e sebedisetswe feela ho tlotla kabelo ya basadi dinthong tsohle tse ba amang le bona, empa e boetse ke kgoeletso ya ho netefatsa ho tlisa tekatekano ho bona molemong wa bokamoso bo botle ba Afrika Borwa.
2. Imbizo ya JCPS ya tlhokomediso le thibelo ya GBVF
2.1 Lekala la Toka, Tshireletso le Twantsho ya Botlokotsebe (JCPS) le tla tshwara imbizo ya Tlhokomediso ka Tlhekefetso ya Basadi le Dipolao tsa bona ka la 8 Phato Ga- Kgapane, Limpopo.
2.2 Kopano ena e tla kopanya mmoho mafapha a mmuso, mekgatlo ya setjhaba, marena le bommasepala ho tla etsa tlhokomediso ka sekgobo sena sa GBVF, ha le ho matlafatsa ditsela tsa ho se lwantsha.
3 Seboka ka Afrika sa Matsete
3.1 Kabinete e tjhaetse monwana taba ya hore Seboka sa Matsete sa Dinaha tsa Afrika se tshwarelwe Kapa ho tloha ka la 13 ho isa ka la 15 Phato 2025. Seboka sena se tla kopanya Baetapele ba Dinaha le ba mmuso, Matona a tsa Metsi a Afrika, dinaha tseo e leng ditho tsa G20, batsetedi, dikhamphani tsa poraefete, baetsi ba maano , dirutehi, mekgatlo ya matjhaba le makala a mang a amehang. Sebokeng sena ho tla eletsanwa ka ditharollo ditabeng tsa metsi, mekgwa ya tshehetso ya ditjhelete mabapi le infrastraktjha ya metsi le ho tsetela ho tsa metsi kontinenteng ena.
3.2 Seboka sena se tsamaisana hantle le morero wa G20 wa ho eketsa tshehetso ya ditjhelete ho dinaha tse ntseng dithuthuha tabeng ya twantsho ya ho fetofetoha ha tlelaemete ka ho bokeletsa matsete a mangata bakeng sa paballo le phepelo ya moshwelella ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere. Se seng sa diphetho tse lebeletsweng sebokeng sena ke ho lekola taba ya taolo, ditjhelete le bokgoni lekaleng lena la metsi, haholoholo ho bokeletsa matsete a mangata e le ho kwala sekgeo se hlwailweng ke Lenaneo la Afrika la ho Tsetela Lekaleng la Metsi le boelang le tsejwa e le “Tlatsa Sekgeo, Letsholo la ho Tsetela ho Metsi”. Ho feta moo, seboka sena se tla netefaletsa batsetedi kgonahalo ya ho tsetela ho diprojeke tse motjheng hajwale.
4. Ho thakgolwa ha polante ya Rand Water ya Tlhwekiso ya Metsi ya Zuikerbosch
4.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla thakgola polante ya Rand Water ya Tlhwekiso ya Metsi ya Zuikerbosch e mane haufi le Vereeniging ka la 8 Phato 2025. Ena ke polante ya maemo a hodimo ya Tlhwekiso ya Metsi Afrika mme ka sona ho ikemiseditswe ho eketsa phepelo ya metsi ya Rand Water e leng se tla ntlafatsa kanetso ya metsi Gauteng.
5. Melaetsa
5.1. Matshediso
Kabinete e fetisetsa matshediso le kutlwelo bohloko ho lelapa le metswalle ya
- Setjhaba le mmuso wa Nigeria ka ho hlokahala ha Mopresidente wa mehleng, Muhammadu Buhari. Mopresidente Buhari nakong ya hae ya bopresidente o ile a kopanya dinaha tsena tse pedi mme a ba le kabelo e kgolo kgolong le ntshetsopeleng ya Afrika.
- Mme Tracy Brown, motjhutjhisi wa Lekgotla la Lebatowa la Makgistrata la New Brighton, Gqeberha ya ileng a bolawa ka sehloho ka pela ha hae. Polao ya hae ke tlhaselo ho tsa molao mme re ikemiseditse ho lwana ya kgumamela kgahlano le ditlokotsebe .
- Mokaubere wa moqolotsi wa ditaba le Mohlophisi e Moholo wa koranta ya Sowetan, Pearl Sebolao ya nang le boiphihlelo ba dilemo tse mashome a mabedi ho tsa boqolotsi.
- Mokaubere wa sebapadi sa dipale le mmametlae, Meme Ditshego, eo re neng re mmona dithelevisheneng tsa rona le difiliming.
- Mmakgwebo ya tummeng, seroki le e mong wa bathehi ba Sun Goddess e hapileng dikgau tse ngata, Vanya Mangaliso ya behileng diaparo tsa setso tsa Afrika Borwa mmapeng.
- Mmuso wa Ghana, ka koduwa ya ho swahlamana ha sefofane sa serwalankgwana se neng se tsamaisa basebeletsi ba mmuso.
1. Dithoholetso
Kabinete e fetisetsa mahlohonolo le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
- Moahlodi e Moholo Dunstan Mlambo ka ho thonngwa ho ba Motlatsi wa Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa. Moahlodi Mlambo e ne e le Moahlodi e Moholo wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Gauteng mme haesale a bontsha boitlamo bo matla ho netefatseng tshebetso e ikemetseng ya makgotla a dinyewe, ho netefatsa hore bohle ba fihlella ditshebeletso tsa toka le ho tlisa diphetoho tsamaisong ya semolao.
- Ngaka Mafu Rakometsi, CEO ya Lekgotla la Umalusi ka ho kgethwa ho ba Mopresidente wa Mokgatlo wa Matjhaba wa Ditekolo tsa Thuto.
- Sehlopha sa Afrika Borwa ka ho ipabola Dipapading tsa Matjhaba tsa Diyunivesithi tsa 2025 tsa FISU mane Jeremane. Sehlopha sa Afrika Borwa se kgutlile le dimetale tse 19, tse kenyeletsang tse tsheletseng tsa gauta, tse hlano tsa silifera le tse robedi tsa tsa Boronse:
a. Bayanda Walaza o hapile gauta lebelong la 100m le la 200m.
b. Sehlopha sa lesokwana sa banna ba bane la 100m (Bayanda Walaza, Retshidisitswe Mlenga, Kyle Zinn, Mthi Mthimkulu) se hapile silifera.
c. Lythe Pillay o hapile gauta lebelong la banna la 400m
d. Aiden Smith yena o hapile gauta papading ya banna ya ho betsa bolo ya shot put.
e. Pieter Coetze o hapile metale tse pedi tsa gauta lebelong la banna la ho sesa ka senthao la 50m le la 100m dipapading tsa Matjhaba tsa Bompodi ba Aquatic mane Singapore.
Sehlopha sa Afrika Borwa ka ho ipabola Dipapading tsa Afrika tsa 2025 tsa Bompodi ba Mabelo tsa ba dilemo tse ka tlase ho tse 18 le tse 20 tse neng di tshwaretswe mane Abeokuta, Nigeria. Sehlopha sa Afrika Borwa se hapile metale tsa kgauta, silifera le boronse dikarolong tse ngata.
- Zakithi Nene o hapile boronse lebelong la 400m mane ho London Diamond League.
- Retshidisitswe Mlenga o hapile Bompodi ba Matjhaba ho 100m mane Austria.
- Sehlopha sa Afrika Borwa sa ba dilemo tse ka tlase ho tse 20 (Springboks tse Nyane) ka ho hapa Bompodi ba Matjhaba ba Rakbi ya ba dilemo tse ka tlase ho tse 20 mane Rovigo, Italy.
- Aldrich Potgieter ya dilemo di 20 feela ka ho hapa sekola sa PGA Tour lekgetlo la pele ka ho hapa 2025 Rocket Classic ho Detroit Golf Club mane Amerika.
- Mekaubere ya Kerikete ya Afrika Borwa ka ho hapa Bompodi ba Matjhaba ba Mekaubere mane Birmingham, England.
- Sekolo sa Redhill ka ho etsa nalane ka ho ba sekolo sa pele sa Afrika Borwa ho hapa Dipapadi tsa Matjhaba tsa Netebolo ya Dikolo tsa ba ba dilemo tse ka tlase ho tse 17.
- Tshebeletso ya Kgaso ya Ditaba tsa SABC ka ho qeta dilemo tse 75 e hasetsa setjhaba.
- Afrika Borwa ka ho kgethelwa ho tshwara Thonamente ya LIV ya Kolofo ya 2026. Ena ke thonamente ya matjhaba e tla tshwarelwa Gauteng, Afrika Borwa lekgetlo la pele ka Motsheanong 2026.
Dipotso:
Mofumahadi Nomonde Mnukwa – Sebueledi se Tshwereng Mokobobo sa Mmuso
Mohala: 083 653 7485