A. Maemo a Renang
1. Moruo
1.1. Afrika Borwa: Sebaka se Nepahetseng sa Matsete
1.1.1. Kabinete e lekola kgahlamelo e ntle ya boramatsete ho latela ketelo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa le Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile New York, USA le London, United Kingdom (UK), ka tatelano.
1.1.2. Hara tseo Mopresidente a ileng a di etsa ha a ne a ileng Sebokeng sa bo-79 sa Kakaretso sa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNGA), o ile a fumana monyetla wa ho bapatsa Afrika Borwa jwalo ka sebaka se itlhommeng pele sa matsete puong eo a neng a e tshetlehele New York Stock Exchange – e leng setheo se seholo lefatsheng ka bophara ho tsa mebaraka.
1.1.3. Motlatsa Mopresidente ka ho le leng yena o ile a etela UK le Ireland moo a ileng a tshetlehela London Stock Exchange (LSE) puo moo a ba bontshitseng tlhokeho ya ho tsetela Afrka Borwa. Ho tloha ka 2023, LSE e bile setheo sa maemo a hodimo mane Yuropa.
1.1.4. Mopresidente Ramaphosa le Motlatsa Mopresidente Mashatile, le bohle ba neng ba tsamaya le bona ba ile ba pepesa tse ka sehlohlolong mabapi le Mmuso ona wa Kopanelo, e leng kgodiso ya moruo o kenyeletsang bohle le ho thehwa ha menyetla ya mesebetsi mme ho ntse ho etswa matsapa a ho fihlella sena. Ba tswetse pele ka ho hlakisa mosebetsi o seng o ntse o tswela pele ka mananeo a ho ntlafatsa dibopeho tsa bohlokwa ka sepheo sa ho theha maemo a matle bakeng sa ho tsetela. Lenaneo lena le ntlafatso ya sebopeho le hlophiswa ka lenaneo la Mopresidente le Lefapha la Matlotlo la Operation Vulindlela.
1.2. Mokgahlelo wa bo-2 wa Selekane sa Mmuso le Dikgwebo
1.2.1. Kabinete e thabetse ho thakgolwa ha Mokgahlelo wa bo-2 wa Selekane sa Mmuso le Dikgwebo seo ka sona ho ikemiseditsweng ho ntlafatsa maemo a moruo wa naha ka ho tla le matsapa dikarolong tse ding tsa moruo wa naha ena ka sepheo sa ho theha moruo o kenyeletsang bohle esitana le ho theha menyetla ya mesebetsi. Sena se tla etswa ka ho eketsa matsete hammoho le ho kenya dintlafatso tse tla ntlafatsa maemo a naha.
1.2.2. Ho tshehetsa matsapa ana a mmuso, Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso ba 130 (di-CEO) ba dikhamphani tse kgolo tsa Afrika Borwa, ba ile ba sebedisa tsohle tseo ba nang le tsona ho kenyeletsa boitsebelo ba bona ho thusa ho rarolla mathata a ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa hoo ha jwale ho seng ho sa etsahale. Ba boetse hape ba tshehetsa ho kenya tshebetsong ha Lenaneo la Tsoseletso ya Mokgwa wa ho Thothwa ha Thepa esitana le dintlafatso ha mokgwa wa ho fumana visa hammoho le ho lwantsha bonokwane le bobodu, e leng tse ileng tsa kenngwa Mokgahlelong wa 1.
1.3. Ho Phatlalatsa Koranteng ya Mmuso Diphetoho Dikopong tsa VISA
1.3.1. Kabinete e amohetse ho kenngwa ha mokgwa o motjha wa ho kenya dikopo tsa visa Afrika Borwa Koranteng ya Mmuso. Sena se tla thusa ho hohela batho ba matjhaba ba nang le maitsebelo hammoho le matsete, ho phahamisa tsa bohahlaudi esitana le ho theha menyetla ya mosebetsi.
1.3.2. Letona la Ditaba tsa Lehae, Ngaka Leon Schreiber, le kentse diphetoho tsena koranteng ya mmuso, e leng e nngwe ya dikatleho tsa Operation Vulindlela.
1.4. Ho qobella Melao ya tsa Khiro
1.4.1. Kabinete e thoholetsa ho matlafatswa ha letsholo la Lefapha la Mesebetsi le Khiro (DEL) la ho hlahloba dikhamphani tse ngata ho netefatsa hore bahiri ba imatahanya le ditlhokeho tsa ho thaotha basebeletsi.
1.4.2. Haesale Palamente ya Bosupa e qadile mosebetsi wa yona, DEL e se e ntshitse dikotlo tsa boleng bo fetang R10 milione bakeng sa bahiri ba diindasteri tsa kamohelo ya baeti ba ntseng ba tswella ho hira melata e se nang ditokomane. Ditlhahlobo tsena di tshwana le tse entsweng indastering ya dilori ho netefatsa hore bahiri ba ikobela dipehelo tsa Molao wa Dipehelo tsa Motheo tsa Khiro wa 1997 (Molao wa bo 75 wa 1997).
1.4.3. Ditlhahlobo tsena di utullotse maemo a ho se imatahanye le Molao wa Khiro ho kenyeletsang ho lefa basebetsi meputso e tlase, ho hula ditjhelete tsa basebetsi ho seng molaong esitana le ho se ikobele melao ya bophelo bo botle le tshireletso mosebetsing.
1.5. Sekema sa Kimollo ya Nakwana ho Bahiri le Basebetsi (TERS)
1.5.1. Kabinete e amohetse ho nyollwa ha ditekanyetso tsa TERS ho tloha ho R400 milione ho ya ho R2.4 bilione selemong sena sa ditjhelete.
1.5.2. Ho nyollwa hona ke karolo ya mmuso ya karabelo nako e sa le teng ho baballa mesebetsi ka ho tshehetsa dikhamphani tse nang le mathata a ditjhelete ka lebaka la maemo a mabe a moruo e le ho fokotsa sekgahla sa ho fokotswa ha basebetsi ke bahiri.
2. Ntwa kgahlanong le Bonokwane le Bobodu
2.1. Bonokwane
2.1.1. Kabinete e tshwela ka mathe ketso ya ho bolawa ha batho ba 18 Lusikisiki le ba tsheletseng (6) ba tshireletso ya setjhaba mane Qumbu, Kapa Botjhabela dipolaong tsa batho ka bongata.
2.1.2. Kabinete e amohetse ho phakisa ho tliswa ha moifo wa ditsebi tsa bahlanka ba qobello ya molao ho batlisisa diketsahalo tsena tsa ho thunya moo mosebetsi wa bona o seng o bonahala jwalo kaha mmelaellwa a le mong ketsong ya Lusikisiki ya ho bolawa ha batho ba 18 a seng a hlaheletse lekgotleng la dinyewe.
2.1.3. Kabinete e amohetse katleho ya mosebetsi wa ditshebeletso tsa mautlwela mane Verulam le High-Flats, KwaZulu-Natal. Letsholong la mane Verulam, sepolesa se ile sa fumana kokonono ya bonokwane ba ho tlatlapa dikoloi tse tsamaisang tjhelete mane KwaZulu-Natal. Mmelaellwa enwa o ile a thunngwa ke sepolesa kamora hore e be yena ya qalang ka ho thunya a lebisitse ho sepolesa. Letsholong le tshwanang le leo, ho ile ha tshwarwa babelaellwa ba babedi (2) ba belaellwang ha ba bolaile batho ba supileng (7) mane High-Flats. Le bona ba bolailwe ho thunyaneng ha bona le sepolesa.
2.1.4. Kabinete e a kgothala ke katleho e tswellang pele ya Operation Shanela. Bekeng ena e fetileng ho tshwerwe babelaellwa ba fetang 10 000 ba tshwaretsweng melato e fapafapaneng e kang dipolao, peto, ho ba le dithunya tse seng molaong, ho tlatlapa dikgwebo esitana le batsamaisi ba dithethefatsi ba tshwerweng madibohong a rona ba na le sethethefatsi sa cocaine.
2.1.5. Kabinete e boetse e thoholetsa letsholo la kopanelo le neng le le mane Limpopo moo ho ileng ha utullwa laboratori ya tlhahiso ya dithethefatsi mane Lebowakgomo, moo ho ileng ha hatjwa dithethefatsi tsa boleng ba R4 milione moo hape ho tshwerweng babellwa ba bararo.
2.2. Twantsho ya Bobodu
2.2.1. Kabinete e amohetse ho tshwarwa ha batsamaisi ba tsheletseng ba khamphani ya feme ya boenjinere ba qoswang ka ho ikgakanya tabeng ya Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong le boqhekanyetsi ba dithendara tsa R400 milione tsa Eskom le Sasol.
2.3. Dikgoka tsa Bong le Dipolao tsa Basadi (GBVF)
2.3.1. Kahlolo e etsang nalane ya mabeta wa letoto Nkosinathi Phakathi ya ho hlola tjhankaneng bophelo bohle makgetlo a 42 ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Gauteng, ho romela molaetsa o matla ho bohle ba etsang diketso tsena tsa GBVF mme setjhaba se ke ke sa behwa tsietsing ke diketso tsena tsa bona tse mpe.
2.3.2. Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ho tlaleha ditlolo tsohle tsa molao tse mabapi le GBVF kapa leha e le diketso dife feela tsa tlhekefetso tsa batho ba sa kgoneng ho itshireletsa – ngwana, leqheku kapa motho ya qhwadileng – sepoleseng se haufi kapa ho letsetsa nomoro ya ho Tlaleha Bonokwane ya: 086 00 10111.
3. Taolo
3.1. Ho phethisa boitlamo ba hae ba ho sebedisana le mebuso ya diprovense le ya lehae boo a bo entseng nakong eo a neng a tshetleha Puo ya Ditekanyetso ya ya Kantoro ya hae, Mopresidente Ramaphosa o tla etella pele sehlopha sa kemedi ya Kabinete ho ya buisana le Ditonakgolo le Ditho tsa Dikomiti tsa Phethahatso tsa Diprovense.
3.2. Ba tla qala ka ho etela Limpopo ka Labohlano la 1 Pudungwana mme ba latele ka KwaZulu-Natal ka Labone la 7 Pudungwana 2024.
4. Tshireletso ya Setjhaba
4.1. Maemo a Mabe a Lehodimo
4.1.1. Kabinete e kgothaletsa MaAfrika Borwa ho dula a fadimehile le ho ikobela tlhokomediso ya Ditshebeletso tsa Bolepi tsa Afrika Borwa. Naha e tswela pele ho ba le maemo a hlobaetsang a lehodimo a kenyeletsang lehlwa, dikgohola, meya e matla le motjheso o matla ka lebaka la ho fetofetoha ha tlelaemete. Ditlhokomediso tsa maemo a lehodimo di etswa metjheng kaofela ya dikgokahanyo ho kenyeletsa le diyalemoyeng tsa lehae.
4.1.2. Kabinete haufinyane e tla fumana Lewa le Kopanetsweng la Taolo le Karabelo ya Dikoduwa le tla akaretsa pebofatso le karabelo ya dikoduwa ho kenyeletsa tsela ya ho fumana ditjhelete tsa ho ho hlaphohelwa.
4.2. Foramo ya Pulamadiboho ya Ditoropo tsa Naha ya Afrika Borwa ya Lenaneo la Lefatshe la Bodulo le Ditoropo
4.3. Mafapha a Bodulo ba Batho, le Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, Neteweke ya Metsemeholo ya Afrika Borwa le Lenaneo la Madulo la UN (UN-Habitat), a ne a tshwere Foramo ya Pulamadiboho ya Ditoropo tsa Naha ya Afrika Borwa ya Lenaneo la Lefatshe la Bodulo le Ditoropo ya matsatsi a mararo.
4.3.1. Foramo ena e ne e kopantse bomphatho ba bohlokwa ba kahisano ho sekaseka pharela ya ho subuhlellana ha batho dibakeng tsa ditoropong mona Afrika Borwa.
4.3.2. Foramo e hlakisitse bohlokwa ba ho ba le mawa a ho tobana le ho subuhlellana ho potlakileng ha batho dibakeng tsa ditoropong ka sepheo sa ho kgona ho lwantsha mathata a kang ho fetofetoha ha tlelaemete, smart mobility le thekenoloji.
4.4. Ho kgutlisetswa Lapeng ha Masalla a Balwanedi ba Tokoloho ya Afrika Borwa
4.4.1. Kabinete e amohetse ho kgutlisetswa lapeng ha masalla a balwanedi ba tokoloho ba neng ba patelwe Zimbabwe le Zambia nakong eo ba neng ba le palehong. Ho kgutliswa hona ha masapo a bona ho bontsha ho phethisa se bolelwang ke Selelekela sa Molaotheo wa Afrika Borwa wa selemo sa 1996, o re laelang ‘ho fodisa kgethollo ya nako e fetileng le e thehilweng hodima makgabane a demokerasi, toka ya kahisano le ditokelo tsa botho.
4.4.2. Boikitlaetso bona ke karolo ya Porojeke ya ho Kgutlisetsa ba neng ba le Palehong, eo sepheo sa yona e leng ho dumella naha le malapa a bafu ho hopola le ho hlompha mesebetsi le boinehelo ba bona ntweng ya tokoloho ya naha ena.
4.4.3. Afrika Borwa e ntse e lokela ho leboha bonngwe ba yona le ba dinaha tsa matjhaba le dinaha tsohle tse ileng tsa neha balwanedi ba tokoloho botshabelo, tshehetso le ho ba pata ha ba se ba hlokahetse.
4.5. Dipapadi
4.5.1. Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ho tshehetsa sethibathibane sa Mamelodi Sundowns le Bafana Bafana, Ronwen Williams, ka ho thonngwa ho ba e mong wa dithibathibane tse 10 tse itlhommeng pele lefatsheng ka bophara dikgaung tsa Ballon d’Or tsa Mohope wa Yachine ka ho kenya tshehetso ya hao ho yena ho https://www.lequipe.fr/en/special/selection/ballon-dor-2024/section/the…
4.5.2. Williams ke sebapadi sa pele sa Afrika Borwa ho thonngwa ho Mohope wa Yachine ho dikgau tsa Ballon d’Or. Mokgahlelo wa mokete wa bo-68 wa dikgau tsena o tla ba ka la 28 Mphalane 2024. Ho fihlela letsatsing leo re ka tshehetsa Williams ka ho mo kgetha ka Senyesemane le Sefora.
5. Merero ya Matjhaba
5.1. Qeto ya UNGA ka Israele le Palestina
5.1.1. Kabinete e amohetse qeto e etsang nalane ya UNGA ya ho tsebahatsa hore ho kena ha BaIsraele ka Botjhabela ho Jerusalema, West Bank le Gaza e le ntho e seng molaong mme ya laela hore masole le badudi ba tswe moo ka ho phethahala.
5.1.2. Qeto ena ha e bohlokwa ho nyewe ya Afrika Borwa feela Lekgotleng la Dinyewe la Matjhaba la Toka (ICJ) empa bohlokwa le ho dinaha tse seng di tswetse pele tsa kang Spain, Belgium le Japane tseo le tsona di tshehetsang boholo ba dinaha tsa lefatshe tse ka Borwa ho Ikweita.
5.2. Leeto la Tshebetso Boreneng ba Lesotho
5.2.1. Kabinete e amohetse Leeto la Tshebetso la Mopresidente Ramaphosa Boreneng ba Lesotho ka Labohlano la 4 Mphalane ka memo ya Motlotlehi Morena Letsie wa Boraro. Ketelong ena ya hae, Mopresidente o ile a ya le Moketeng wa Bo-58 wa Letsatsi la Boipuso ba Lesotho le mokete wa Dilemo tse Makgolo a Mabedi Setjhaba sa Basotho se ne se thehwe le ho tshetleha puo moketeng oo ha ho ne ho ketekwa Lefa le Ruileng la Setjhaba sa Basotho.
5.3. Ntwa e ntseng e Tswella Sudan
5.3.1. Kabinete e elellwa ho eketseha ha ntwa naheng ya Sudan mme e etsa kgoeletso ho setjhaba sa moo ho ikobela ditataiso tsa Kopano ya Afrika (AU) le Bolaodi ba Mebuso e Kopaneng ya Ntshetsopele bakeng sa ho fedisa ntwa ena. Afrika Borwa e malala-a-laotswe ho thusetsa ka botsebi ba yona ho bohle ba amehang bakeng sa ho fumana mokgwa wa ho tlisa kgotso ya moshwelella Sudan.
B. Tse ka Sehlohlolong tsa Kabinete
1. Tlaleho ya ho Phethelwa ha Bohlahlobi ba Tsela ya Bophelo ka Ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo Phahameng (SMS)
1.1. Kabinete e tsebisitswe ka kgatelopele e seng e fihletswe mabapi le ho phethelwa ha e-Disclosures ke ditho tsa SMS le ho thoholetsa kgatelopele e kenyeleditseng ho imatahanya ka botlalo ke mafapha a 147 ho a 160 a naha le a diprovense, le ho ananela dipatlisiso tse motjheng bakeng sa ditho tse sa imatahanyang.
1.2. Kabinete e etsa kgoeletso ho Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso ho sekaseka ho leka ho atolosetsa mokgwa ona wa eDisclosure dimmasepaleng.
2. Tlaleho ya ho Thehwa ha Rejistara e Bohareng ya Kgalemo ho Phatlalla le dDkarolo tse Tharo tsa Mmuso
2.1. Kabinete e behilwe ka sehlohlolong ka kgatelopele e seng e fihletswe mabapi le ho thehwa ha Rejistara e Bohareng ya Kgalemo ho phatlalla le dikarolo tse tharo tsa mmuso le ho tshehetsa tshisinyo ya ho hokahanya Rejistara e Bohareng ya Kgalemo le tsamaiso ya PERSAL ya mmuso le ditsamaiso tsa mekgolo tsa mebuso ya lehae, bakeng sa ho ba le motjha o bulehileng mabapi le ho thaothwa, ho tlohela mosebetsi le ho nyaolwa ha bahlanka ba nkgang lefotha.
C. Diqeto tsa Kabinete
Dibili
1. Bili ya Moralo wa Naha wa Khamphani ya Peterole ya Afrika Borwa (SANPC)
1.1. Kabinete e tjhalletse monwana ho kenngwa ha Bili ya SANPC ya selemo sa 2024. Bili e fana ka ho thehwa ha Khamphani e Laolwang ka mmuso, e le ho fana ka matla qetong ya Kabinete ya la 10 Phupjane 2020 ho kopanya PetroSA, Khamphani ya Ntshetsopele ya Kgase ya Afrika Borwa (iGas) le ya Mokgatlo wa Lewa la Letlole la Dihlahiswa tsa Mafura.
1.2. Karolo e kgolo ya bokgoni ba tlhwekiso ya oli Afrika Borwa e etswa ke Dikhamphani tsa Oli tsa Matjhaba (di-IOC), e leng se behang tlhahiso ya mafura ka mosing jwalo ka ha bongata ba dikhamphani tsena di kwala mona Afrika Borwa. Bili ena e sisinngwang e beha SANPC jwalo ka mampodi wa naha ya tla ba le ditokelo tsa tlhahiso ya oli le ho batlana le oli ka boyona le ho ba le diabo ka mokgwa wa ho tshehetswa ke Puso ka ditokelo tsa poraefete.
2. Bili ya Moralo wa Dihlahiswa tsa Peterole wa 2024
2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya moralo wao Dihlahiswa tsa Peterole bakeng sa maikutlo a setjhaba. Sepheo sa Bili ena ke ho netefatsa tshireletso ya dihlahiswa tsa peterole le ho laola lekala lena le ho tla le mekgwa e metjha ya ho hlahisa dihlahiswa tse hlwekileng tse tla ntlafatsa dihlahiswa tsena tsa eneji.
2.2. Bili ena e e tla nyehela e mabapi le dintlha tse ka sehlohlolong tsa diphetoho tsa moruo le le ho theha menyetla ya mesebetsi lekaleng lena la dihlahiswa tsa peterole mme e tla boela e sebetsane le dingongoreho tse mmalwa tse ileng tsa hlahiswa mabapi le tsamaiso ya Molao wa Dihlahiswa tsa Peterole 1977, (Molao wa 120 wa 1977).
3. Sehlomathiso sa Bili ya Boitekanelo le Polokeho Merafong
3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Bili ya Boitekanelo le Polokeho Merafong.
3.2. Bili ena ya moralo e reretswe ho fetola Molao wa Boitekanelo le Polokeho Merafong wa selemo sa 1996 (Molao wa 29 wa 1996) ka ho tjhorisa metjha ya tsamaiso, ho tiisa molao ditlolong tsa molao le dikotlong, le ho fetola ditlhaloso tse itseng.
3.3. Hara tse ding Bili ena ya moralo e tla netefatsa hore maemo a boitekanelo le polokeho a kenngwa tshebetsong ka bokgabane a a qobellwa le ho ntlafatswa merafong, kahoo ho fokotswe mafu, ditemalo le malwetse mosebetsing.
D. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Monghadi Nkululeko Lwazi Mahlangu jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso: Taolo, Dikotsi le Boimatahanyo ya Mathata le ho Ikobela Molao Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha.
2. Ho Thonngwa ha ditho tsa boto ya Lekala la Taolo ya Metsi ya Limpopo-Olifants:
(a) Moatefokate Thato Goodness Moeeng (Modulasetulo);
(b) Monghadi Nandha Govender (Motlatsi wa Modulasetulo);
(c) Monghadi Francois Joubert;
(d) Mofumahadi Phathutshedzo Mudzanani;
(e) Ngaka Vhahangwele Bologo Akwinekomi;
(f) Ngaka Nkhangweni Lawrence Rambau;
(g) Monghadi Dikgole Timothy Seroka;
(h) Moatefokate Reinette Mary Rosey; le
(i) Moatefokate Elanie Broekman.
E. Diketsahalo tse tlang
1. Kgwedi ya Dipalangwang
1.1. Selemo sena se tshwaya sehopotso sa bo-19 sa ho ketekwa ha Mphalane jwalo ka Kgwedi ya Dipalangwang mme mookotaba wa selemo sena o re: “Re Sebetsa Haholo Mmoho”. Diketsahalo tsa selemo sena di tla tsepamisa maikutlo hodima ho pepesa infrstraktjha ya setjhaba le dintlafatso tse ntseng di tswela pele ditshebeletsong tsa setjhaba ka tshebedisano le bankakarolo bohle.
1.2. Kgatelopele ya bohlokwa e se e bonahetse ho tsa ho thothwa ha thepa haesale ho thehwa Leano la Ntlafatso ya Khamphani ya Transnet ka ho ntlafatsa tshebeletso ya diterene le ya maemakepe.
1.3. Mmuso o tla boela o pepesa diporojeke tsa bohlokwa tsa kaho ya mebila ho kenyeletswa le ho ntlafatswa ha mmila wa N2 le wa N3 mane KwaZulu-Natal le wa Moloto, o hokahanyang provense ya Gauteng, ya Mpumalanga le ya Limpopo.
1.4. Lekala la Bapalami ba Diterene la Afrika Borwa (Prasa) e se e fihletse kgatelopele e kgolo ka ho bulwa botjha ha seporo se ka sehlohlolong ho kenyeletsa Seporo sa Germiston-Katlehong-Kwesine, se leng mokgahlelong wa teko, le Seporo se Bohareng sa Motse Kapa, se reretsweng ho phethelwa mafelong a selemo sena sa ditjhelete.
2. Kgwedi ya Ntshetsopele ya Setjhaba
2.1. Mphalane e boetse hape ke Kgwedi ya Ntshetsopele ya Setjhaba eo ka yona ho ikemiseditsweng ho hlokomedisa setjhaba ka Ditshebeletso tse fumanehang ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
2.2. Kgweding ena, lefapha le tla etela dibaka tse fapafapaneng naheng ka bophara ho thusa setjhaba ho fihlella ditshebeletso tsa lefapha, mananeo a ntlafatso, dipuisano le setjhaba ha mmoho le mananeo a temoso le tsebahatso bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba metse e amehang.
3. Seboka sa Naha sa Selemo sa Nehelano ya Nalane ka Molomo
3.1. Afrika Borwa e ne e tshwere Seboka sa Naha sa selemo sa 2024 sa Nehelano ya Nalane ka Molomo ho tloha ka la 7 ho isa ka la 11 Mphalane 2024 mane Ulundi, KwaZulu-Natal.
3.2. Sebokeng sa selemo sena ho tla tsepamiswa maikutlo hodima dintlha tsa naha tse hopolwang tse sa rekotuwang, tse babaletsweng le ho bolokwa dipolokelong tsa naha le tsa diprovense.
4. Kgwedi ya Temoso ya Boitekanelo ba Kelello
4.1. Mphalane ke Kgwedi ya Temoso ya Boitekanelo ba Kelello e reretsweng ho ruta setjhaba ka boitekanelo ba kelello le ho se kgothaletsa ho hlokomela boitekanelo ba sona kelellong. Re kgothaletsa MaAfrika Borwa ho kopa thuso le tshehetso le ho hlompha bohle ba tshwerweng ke mafu a kelello.
5. Seboka sa Brazil, Rashiya, India, Tjhaena le Afrika Borwa (BRICS)
5.1. Mopresidente Ramaphosa o tla ya Sebokeng sa selemo sa 2024 sa BRICS mane Kazan, Rashiya ho tloha ka la 22 ho isa ka la 24 Mphalane 2024.
5.2. Seboka sena sa bo-16 tlasa mookotaba: “Ho Matlafatsa Tshebedisano ya Bongata bakeng sa Ntshetsopele le Tshireletso ya Lefatshe e Tletseng Toka,” se tla tshohla dintlha tsa kgwebisano, ditaba tsa lefatshe tsa dipolotiki le ho ntshetsapele tshebedisano-mmoho pakeng tsa ditho tsa dipuso.
6. Letsatsi la Tokoloho la Boraditaba
6.1. Moqebelo wa la 19 Mphalane 2024, Afrika Borwa e tla hopola Letsatsi la Tokoloho ya Boraditaba ho tshwaya diketsahalo tsa la 19 Mphalane 1977 (Laboraro le Letsho) e leng letsatsi leo ka lona mekgatlo e 19 ya Mokgatlo ya Boitemoho ba batho ba Batsho (Black Consciousness Movement) o ileng wa thibelwa le dikoranta tse pedi. Afrika Borwa ya demokerasi e entse kgatelopele e matla ho ntshetsapele tokoloho ya boraditaba le tokoloho ya ho ntsha maikutlo. Tokelo ena ya ho ntsha maikutlo e teng ka hara Molaotheo wa Afrika Borwa.
7. Imbizo ya Mopresidente ya Motlolo wa Ntlafatso ya Ditereke (DDM)
7.1. Mopresidenete Ramaphosa o tla etella pele Imbizo ya Mopresidente ya DDM mane Umgababa Mmasepaleng o Moholo wa eThekwini, Kwa-Zulu Natal ka Labohlano la 8 Pudungwana 2024.
7.2. Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba sa Umgababa le sa dibaka tse haufi ho tla ho imbizo ena ho tla buisana le baemedi ba setjhaba ho tla le ditharollo mathateng a tobaneng le setjhaba tabeng tsa phano ya ditshebeletso.
8. Ditlhahlobo tsa Makgaolakgang tsa Sehlopha sa Leshome (NSC)
8.1. Kabinete e lakaletsa baithuti ba Selemo sa 2024 ba tlo qala ditlhahlobo tsa bona tsa sehlopha sa leshome ka la 21 Mphalane 2024, mme hape e boetse e etsa kgoeletso ho batswadi le bahlokomedi ho tshehetsa baithuti nakong ena e hlokolosi leetong la bona la dithuto.
8.2.NSC ke lengolo la bohlokwa le bulelang batjha ba rona menyetla e mengata.
G. Melaetsa
1. Dithoholetso
Kabinete e thoholetsa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
• Moifo wa Maqwetha a Afrika Borwa mane ho ICJ ka ho abelwa Kgau ya bone ya Steve Biko/Frantz Fanon bakeng sa Bolokolohi ba Kelello. Kgau ena ke ya mosebetsi wa sona wa Khonvenshene ya Thibelo le Kotlo ya Botlokotsebe le Polao ya Bongata mane Gaza. Ditho tsa sehlopha sena ke: John Dugard SC; Adila Hassim SC; Tembeka Ngcukaitobi SC; Blinne Ní Ghrálaigh KC, Max du Plessis SC, Vaughan Lowe KC, Tshidiso Ramogale, Sarah Pudifin-Jones le Lerato Zikalala.
• Baprofesara Salim Abdool Karim le Quarraisha Abdool, ka ho hapa Kgau ya bokgabane ya Lasker ka mosebetsi wa bona setjhabeng wa ho pholosa maphelo ka diphuputso tsa bona tsa pulamadiboho tsa HIV.
• Relebogile Maloma, moithuti ya sebete wa Grade 3 ya fumanang kalafo ya chemotherapy le titjhere ya hae Mofumahadi Nqobile Mbatha, ka ho fumana Kgau e Ikgethileng ya Kopanelo ya Letona ya #MyTeacher ka pale ya bona e kgothatsang. Leha Relebogile a tshwerwe ke mofetshe, empa titjhere ya hae Mofumahadi Mbatha o mo fa tshehetso e sa thekeseleng hore a kgone ho tswela pele le mosebetsi wa hae wa sekolo a ntse a le sepetlele. Mofumahadi Mbatha o netefatsa hore Relebogile ha a salle morao dithutong tsa hae le hore a dule a ikgokahanya le bomphato ba hae. Ka mekutu ena ya hae e makatsang, Relebohile ha a qetelle feela ka ho dula a kgona ho tsamaisana le bomphato ba hae, empa o kgonne ho ba maemong a ba leshome ba pele sehlopheng sa hae – tseo tsohle a di fihlela a ntse e le moo sepetlele. Pale ena ya bona ke bopaki bo matla ba tshusumetso e fetolang dintho ya kutlwelano le boitelo mosebetsing wa botitjhere, le boitseko ba moya wa botho.
• Mofumahadi Melisa Carol Du Plessis (Boqhetseke ba ho ruta Kereiti R);
• Mofumahadi Bonisiwe Happiness Maphumulo (Boqhetseke ba ho ruta sekolong sa Poraemari);
• Mofumahadi Nthabiseng Mavis Mateba (Boqhetseke ba ho ruta Bokgoni ho tsa Bophelo Kereiti 1-6);
• Mofumahadi Koliwe Doris Mbatha (Boqhetseke ba Boetapele ba Sekolo sa Poraemari);
• Monghadi Thapelo Jacob Mthimkhulu (Boqhetseke ba ho ruta Sekolong sa Sekondari);
• Mofumahadi Rose Martha De Jonker (Boqhetseke ba Boetapele ba Sekolo sa Sekondari);
• Monghadi Tiisetso Daniel Chaka (Boqhetseke ba ho ruta Bana ba nang le Ditlhoko tse Ikgethileng);
• Monghadi Mbongiseni Cyril Dlamini (Boqhetseke ba Boetapele Sekolong sa Bana ba nang le Ditlhoko tse Ikgethileng),
• Monghadi Itumeleng Esau Jr Komane (Boqhetseke ba ho ruta le ho ithuta ka mokgwa wa Thekenoloji);
• Mofumahadi Maserole Mojela (Boqhetseke ba ho ruta Disaense tsa Tlhaho);
• Mofumahadi Motlatso Lucia Maake (Boqhetseke ba ho ruta Saense ya Mahlale);
• Monghadi Ethon Alexander (Boqhetseke ba ho ruta Mmetse, GET);
• Monghadi Sithembiso Eugene Mahlalela (Boqhetseke ba ho ruta Mmetse, FET);
• Monghadi Derek Swart ( Kgau ya Kader Asmal ya Lifetime); le
• Mofumahadi Ntombozuko Mkizwana (Kgau ya ho ba Titjhere Kgabane ka ho fetisisa Naheng).
• Springboks, sehlopha sa naha sa rakbi, ka ho hlola ha bona Argentina le ka ho ba Bompodi ba Rakbi ba 2024.
• Sehlopha sa Naha sa Bolo sa Banna sa ba Dilemo tse ka Tlase ho tse 20, ka tlwaelo se bitswang Amajita ka ho hapa kgau ya Bompodi ba TotalEnergies CAF ya ba Dilemo tse ka Tlase ho tse 20 mme ba phunyeletsa ho ya ho Mohope wa Dinaha tsa Afrika wa ba Dilemo tse ka Tlase ho tse 20 selemong sa 2025.
• Sehlopha sa Afrika Borwa sa Mabelo a Dikoloi ka ho hapa Bompodi ba Matjhaba ba Rally-Raid (W2RC) e leng thonamente e tla tshwarelwa Afrika Borwa ka 2025.
• Zoalize Jansen van Rensburg, ka ho ba Mmabotle wa Lefatshe wa Afrika Borwa wa 2024. Zoalize ya dilemo di 18 o tla ya emela Afrika Borwa Tlhodisanong ya bo-72 ya Mmabotle wa Lefatshe ka Hlakola 2025.
• Bahlodi ba mekgahlelo e fapafapaneng ho Dikgau tsa pulamadiboho tsa SAICA tsa Afrika Borwa tse neng di tshwaretswe Australia. Kgau ya CEO e pele e fumanwe ke Manana Johnson ya ipabotseng ka makgabane ho tsa kaho ya setjhaba, ho ba le Botho esitana le ho sebedisana le batjha.
2. Matshediso
• Kabinete e lebisa matshediso a yona ho mmuso le setjhaba sa Democratic Republic of Congo ho latela koduwa ya sekepe ka Moqebelo wa la 5 Mphalane mane Letsheng la Kivu moo ho hlokahetseng teng batho.
Kabinete e lebisa matshediso a yona le kutlwelobohloko ho lelapa le metswalle ya:
• Moruti Ray McCauley ya neng a tumme, mothei wa kereke ya Rhema Bible le Modulasetulo-mmoho wa Mokgatlo wa Dikereke tsa Ditumelo tsa Kopanelo Afrika Borwa.
• Moahlodi wa Mehleng Judge Willem Heath – eo e neng e le modulasetulo wa Khomishene ya tsa Bophelo bo Botle e neng e fuputsa ka diketso tsa Bobodu, manyofonyofo le puso e maphemphe mane Kapa Botjhabela. O kile hape ya eba hlooho ya Lekala le Ikgethileng la Mafokisi ho tloha ka 1997 ho ya ka 2001.
• Sebini sa Mmino wa Sedumedi, Solomon Molokoane, ya neng a tsejwa ka la ‘Solly Moholo’, ya neng a re kgothatsa le ho re imolla moyeng ka mmino wa hae.
• Siphiwe ‘General GTZ’ Sibisi, eo e neng e se e le yena ya setseng dithong tsa sehlopha sa mmino wa Kwaito sa Chiskop, se ileng sa bapala karolo e kgolo ntshetsopeleng ya mmino wa Kwaito naheng ena.
3. Ditsebiso tsa Setjhaba
a. Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba hore se sebedise metsi ka hloko jwalo ka ha naha ya rona e shebane le leqeme la metsi. Ka ho qolleha haholo baahi ba Gauteng le ba KwaZulu-Natal, moo ho seng ho kentswe maemo a pele le a bobedi a ho fokotsa phepelo ya metsi.
b. Metsi ke bophelo, a sebedise ka hloko.
E ntshitswe ke: Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Dipotso: Mofumahadi Nomonde Mnukwa – Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485