Tlaleho ya Kopano ya Kabinete, Laboraro, 12 Pudungwana 2025

A.    Maemo a Renang

1.    Moruo
1.1.    Kabo ya Matlotlo ya Bohareng ba Selemo ya 2025 (MTBPS) e matlafatsa boinehelo ba kgodiso ya moruo
1.1.1.    Kabinete e amohetse Kabo ya Matlotlo ya Bohareng ba Selemo ya 2025 (MTBPS) jwalo ka maiteko a mmuso a ho hodisa moruo, ho theha menyetla ya mesebetsi ha mmoho le ho tobana le ditjeo tse hodimo tsa ho phela. 
1.1.2.    MTBPS e bontshitse ho tloha ha yona kgakanyong ya kgale ya sekgahla sa ho nyoloha ya ditheko tsa thepa ho e beha ho phesente tse 3. Molemo wa kgakanyo e tlase ya ho nyoloha ha ditheko o kenyeletsa ho thibela ho nyoloha ha ditjeo tsa ho phela, ho tsitsisa manane a ditheko, ho dumella hore batho ba be le tjhelete e ba sallang le eo ba ka e kenyang matseteng a bona. Boemong ba moruo ohle, ka sena ho ikemiseditswe ho tshehetsa tsetelo yohle ho moruo le ho tshehetsa boleng ba tjhelete ya naha, tseo kaofela di tlang ho thusa ho hohela boramatsete hammoho le kgolo ya moruo. Diphetoho tsena tsa Leano la Ditjhelete di tlile le komiti ya tshebetso ya Lefapha la Matlotlo le Banka ya Naha, mme komiti ena e ile ya tlalehela Kabinete hore ho molemo ho etsa diphetoho tsena ho latela maemo a renang ha jwale. 
1.1.3.    MTBPS e netefatsa boinehelo ba mmuso ba ho ntlafatsa ditshebeletso tsa bohlokwa tse kang tsa bophelo bo botle, tsa thuto, tlhokomelo ya bafumaneha ka dipei tsa mmuso le ho eketsa matsete ditshebeletsong tse ding tse kang motlakase, metsi le dipalangwang tsa setjhaba.

1.2.    Ditlaleho tsa Patlisiso ya Kotara ya Batho ba Sebetsang e bontshitse keketseho ya mesebetsi e 248 000 Kotareng ya boraro ya 2025 
1.2.1.    Kabinete e amohetse Tlaleho ya Kotara ya boraro ya 2025 e bontshitseng keketseho ya mesebetsi e 248 000. Tlaleho e ntshitswe ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa mme e behile palo ya batho ba sebetsang ho dimilione tse 17.1 e leng se bolelang hore palo ya ba sa sebetseng e fokotsehile ka persente tse 1.3, e leng se re fang palo ya phesente tse 31 ya ba sa sebetseng kotareng ena.
1.2.2.    Mesebetsi e mengata e fumanehile makaleng a kang la kaho, ditshebeletso tsa setjhaba le la kgwebo. Kabinete e thabiswa ke sekgahla seo menyetla ya mesebetsi e eketsehang ka teng makaleng a bohlokwa a moruo. Se etsang hore mesebetsi e eketsehe haholo lekaleng la kaho, ke ka lebaka la boinehelo ba mmuso ba ho ntlafatsa meralo ya motheo e tsamaisanang le tekanyetso ya mmuso ya diranta tse trilione e ileng ya phatlalatswa nakong ya Kabo ya Matlotlo ya 2025 mme ya boela ya netefatswa ho MTBPS ya 2025.

1.3.    Ho fihla ha bahahlaudi ba dimilione di 7.6 pakeng tsa Pherekgong le Lwetse 2025 
1.3.1.    Kabinete e amohetse ho fihla ha bahahlaudi ba matjhaba ba dimilione di 7 634 261 ba amohetsweng naheng ena pakeng tsa Pherekgong le Lwetse 2025, e leng keketseho ka baeti ba 1 108 222 ha ho bapiswa le nako e tshwanang ka 2024, e leng se pakang hore Afrika Borwa ke sebaka se setle se hohelang bahahlaudi ba matjhaba. 
1.3.2.    Mebaraka e moholo e bileng le kabelo kgolong ena ke wa Botjhabela bo Bohareng ka kgolo ya 58%, Yuropa ka kgolo ya 29%, mebaraka ya bohlokwa ya Afrika ka kgolo ya 28%, Amerika Leboya ka kgolo ya 22%, le Asia ka kgolo ya 11%

1.4.    Biovac ya Afrika Borwa e hlahisitse ente ya Kholera – e leng ente ya pele ya ho hlahiswa Afrika Borwa 
1.4.1.    Kabinete e lebohisitse Biovac le Lefapha la Bophelo bo Botle le la Saense, Thekenoloji le Mahlale ka ho etsa nalane ka ho hlahisa ente ya pele naheng ena. 
1.4.2.    Bokgoni ba Biovac ba ho hlahisa ente ya Kholera ho bontsha kgatelo pele ya Afrika Borwa ho tsa meriana, saense le thekenoloji e leng se bontshang kgatelo pele ho tloha mosebetsing wa ho kenya ente dibotlolong jwalo ka ha e entse enteng ya BNG ho ya ho wa bohlokwahadi e leng wa ho e hlahisa. Tshebedisano ya ba ha Biovac, Human Sciences Research Council le ba ha CSIR e bontsha tshebediso ya ditshebeletso tsohle tsa mmuso twantshong ya diphephetso tse tobaneng le naha. 
1.4.3.    Kabinete e na le boitshepo ba hore Biovac le mahlahana a yona ba tla kgona ho thusa twantshong ya mahloko a teng Afrika Borwa le Afrika ka bophara ka ho hlahisa diente tse tobaneng le mahloko a kontinente ena.

2.    G20
2.1.    Matsatsi a robong pele ho Seboka sa G20, le hore re Malala-a-lotswe ho le ho kae
2.1.1.    Jwalo ka ha re saletswe ke matsatsi a robong (9) pele ho Seboka sa Baetapele ba G20 se tla ba ka la 22 le la 23 Pudungwana 2025 mane NASREC Johannesburg, Kabinete e na le boitshepo ba hore Afrika Borwa e malala-a-laotswe ho tshwara seboka sena ka katleho sa pele sa G20 sa ho tshwarelwa kontinenteng ya Afrika. 
2.1.2.    Mmuso o boetse o malala-a-laotswe ho tshwara Seboka se Ikgethileng sa G20 se tla tshwarwa matsatsing a mahlano a tlang e leng la 18 ho isa ho la 20 Pudungwana 2025 mme sona se tla tshwarelwa mane Hoteleng ya Birchwood le OR Tambo Conference Centre, Ekurhuleni. 
2.1.3.    Haesale Afrika Borwa e nkile Bopresidente ba G20, e se e tshwere dikopano tse 130 tsa boitokisetso ntle le mathata diprofensing tse fapapaneng ka sepheo sa ho di bapatsa jwalo ka dibaka tsa bohahlaudi. Dikopano tsena tsa boitokisetso ba G20, di ile tsa tshwarelwa diprofensing tsohle tsa rona. 
2.1.4.    Meralo ya mehato ya tshireletso bakeng sa Seboka sa Baetapele le se Ikgethileng e entswe ka tshebedisano le makala a ikgethang a tsa tshireletso. Mopresidente o tla hlahloba ho ba malala-a-laotswe ha NASREC ka Labohlano la la 14 Pudungwana 2025. 
2.1.5.    Ho ba malala-a-laotswe bakeng sa Seboka sa G20 ho tla phatlalatswa semmuso sebokeng sa boraditaba se tla tshwarwa ka Sontaha sa la 16 Pudungwana 2025 ka sepheo sa ho etsa hore setjhaba le mahlahana a matjhaba a be le boitshepo ho rona hammoho le ho bontsha seo Afrika Borwa e seng e se fihletse ho tloha ha e qala ho tshwara Bopresidente ba G20 ka Pudungwana 2024.

3.    Motlakase
3.1.    Kabinete e amohetse phatlalatso ya Eskom ya hore National Nuclear Regulator e tjhaetse monwana ho eketsa nako ya laesense ya Koeberg Unit 2 ka dilemo tsa 20, e leng se e dumellang ho sebetsa ho fihlela ka la 9 Pudungwana 2045. Ena ke kgatelopele e ntle haholo e tlo thusa tlhahisong ya motlakase bakeng sa nako e telele le ho bontsha boinehelo ba Eskom ho nuclear e bolokehileng ya maemo a matjhaba. 
3.2.    Kabinete e boetse e amohetse phatlalatso ya Bolaodi ba Naha ba Motlakase Afrika Borwa (Nersa) ya ho ngodisa ditsi tse ntjha tse 181 tse hlahisang motlakase kotareng ya bobedi ya selemo sa ditjhelete sa 2025/26.
3.3.    Ditsi tsena ha di kopane di fehla motlakase wa bongata ba 1 401 MW e leng matsete a ballwang ho dibilione tse R30.78.

4.    Tsa matjhaba
4.1.    Afrika Borwa e kgethetswe ho ba Modulasetulo ya Tshwereng Mokobobo wa SADC Sebokeng se Ikgethileng sa Dihlooho tsa SADC. 
4.1.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka sephetho sa Seboka se Ikgethileng sa Dihlooho tsa SADC le Mmuso ka la 7 Pudungwana 2025 moo Afrika Borwa e kgethilweng ho ba Modulasetulo ya Tshwereng Mokobobo wa SADC ho fihlela sebokeng sa latelang ka Phato 2026. 
4.1.2.    Nakong ena ya ho Tshwara Mokobobo ho fihlela ka Phato 2026, Afrika Borwa e tla tswelapele ka sepheo le merero ya Madagascar e ileng ya amohelwa ke SADC e leng ya ntshetsopele ya diindasteri, Diphetoho ho tsa Temo le ho fetoheleng tlhahisong ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng molemong wa SADC”. 
4.1.3.    Afrika Borwa e nka Bodulasetulo hobane Madagascar e ikgutse ho latela tsitsipano e bileng teng naheng eo mme e batla ho shebana le ho kgutlisa botsitso. 
4.1.4.    SADC e lebohisa Motlotlehi Moprofesara Arthur Peter Mutharika, Mopresidente wa Malawi; Motlotlehi Ngaka Patrick Herminie, Mopresidente Seychelles; le Motlotlehi Ngaka Samia Suluhu Hassan, Mopresidente wa Tanzania, ka ho hapa dikgetho dinaheng tsa bona. 
4.1.5.    SADC e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko malapeng a ileng a lahlehelwa ke beng ka ona merusung e etsahetseng Madagascar ka Lwetse, le e sa tswa etsahala mane Tanzania.

4.2.    Ho kgutliswa ha baqosuwa: Ho Phetha Toka Afrika Borwa
4.2.1.    Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka kgatelopele mabapi le dikopo tsa Afrika Borwa tsa ho kgutliswa ha baqosuwa ho tswa naheng ya Botswana le ya Malawi. 
4.2.2.    Kabinete e boetse e netefatsa taba ya hore baqosuwa bohle ba ditlolo tsa molao ba tlameha ho qosetswa Afrika Borwa, mme Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le tlo ipiletsa kahlolo e mabapi le Monghadi Bushiri.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Ho tlisa dephetoho Molawaneng wa ho Lefellwa ha Ditjeho tsa Dinyewe ke Mmuso 
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana diphetoho Molawaneng wa ho Lefellwa ha Ditjeo tsa Dinyewe ke Mmuso. Sepheo sa diphetoho tsena ke ho dumella ho lefellwa ha ditjeo ho tsa dinyewe ho basebeletsi ba mmuso ba hajwale le ba mehleng, ho kenyeletsa baahlodi le ditho tsa palamente ba ka qosetswang diqeto tseo ba di nkileng ha ba etsa mosebetsi wa bona. 
1.2.    Diphetoho tsena di tla thusa ho lefella ditjeo tsa maqwetha bakeng sa basebeletsi ba mmuso, baahlodi le ditho tsa palamente ha ba bitsetswa Dikomesheneng tsa Dipatlisiso ho latela mesebetsi eo ba neng ba e etsa.

2.    Afrika Borwa e batla ho qala ho Iketela ho tshwara Dipapadi tsa Diolimpiki ka 2036 kapa 2040 
2.1.    Kabinete e dumelletse Afrika Borwa ho ka qala dipuisano le IOC bakeng sa ho iketela ho tshwara Dipapadi tsa Diolimpiki tsa 2036 kapa 2040. Dipuisano tsena tse tswellang le IOC di bohlokwa bakeng sa ho bontsha thahasello ya Afrika Borwa ya ho tshwara Dipapadi tsa Diolimpiki le tsa Dipharalimpiki tsa 2036 kapa 2040. 
2.2.    Kabinete e a itshepa hore Afrika Borwa e malala-a-laotswe ho ka tshwara Diolimpiki ho latela meralo ya motheo eo re seng re e na le yona.

3.    Lenaneo la Bohlano la Thibelo ya Kgiro ya Bana (CLPA) bakeng sa Afrika Borwa 2025 – 2029
3.1.    Kabinete e tjhaetse Lenaneo la Bohlano la Thibelo ya Kgiro ya Bana CLPA monwana, ona ke molawana wa naha wa thibelo ya kgiro ya bana. CLPA ke mohato o eteletsweng pele ke mmuso oo ka ona ho ikemiseditsweng ho matlafatsa molao wa ho thibela ho hirwa ha bana. Mmuso o etsa kgoeletso setjhabeng le mekgatlong ya setjhaba ho thusa bana ba sotlwang ka ho sebediswa. Ho latela seo ho ithutilweng sona mekgahlelong e fetileng, ka mokgahlelo ona wa bohlano, ho ikemiseditswe ho matlafatsa mekgwa ya ho kenella mme ho shebilwe haholo ho hlwaya e sa le ka nako hammoho le ho tshehetsa bana bohle ba kotsing le ba amehang.

4.    Ho tlohelwa ha tlhokomelo e ikgethileng ya Pebble Bed Modular Reactor (PBMR)
4.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tlohelwa ha tlhokomelo e ikgethileng ha Pebble Bed Modular Reactor ho dumella Afrika Borwa ho ntshetsapele thekenoloji ya PBMR. 
4.2.    Qeto ena e tla matlafatsa tabatabelo ya Afrika Borwa ya ho nka karolo tshebedisong ya nuclear, e le ho dumella naha ho nka karolo ntshetsopeleng ya Small Modular Reactor Technology.
4.3.    Kabinete e boetse e dumelletse ho tloswa ha khamphani ya Pebble Bed Modular Reactor tlasa Eskom ho ba tlasa NECSA.

C.    Ditshisinyo tsa molao
1.    Tshisinyo ya Molao wa Borena ba Ma-Khoi-San 
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya molao wa Borena ba Ma-Khoi-San wa 2025. Tshisinyo ena e entswe ho latela kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo le boletseng ha Molao wa Borena ba Ma-Khoi-San wa 2019 o se molaong ho latela ho se nehwe setjhaba monyetla wa ho hlahisa maikutlo pele o pasiswa ke Palamente. 
1.2.    Ka 2024, Kabinete e ile ya tjhaela monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo e lekotsweng botjha ya Molao wa Borena ba Ma-Khoi-San wa 2024 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena e tla neha Palamente monyetla wa ho ikamahanya le kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo. Molao wa Borena ba Ma-Khoi-San wa 2019 o ne o kene sebakeng sa wa Borena le Moralo wa Puso wa 2003.

D.    Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1.    Ntate Mashwahle Joseph Diphofa jwalo ka Molaodi Kakaretso (DG) Lefapheng la Ditaba tsa Marena (ho ekeditswe konteraka).

2.    Ho kgethwa ha ditho tsa South African National Energ

3.    Ho kgethwa ha Balaodi ba babedi bao e seng ba ka dinako tsohle ba Banka ya Mobu
i.    Ntate Basil Mpumelelo Maseko; le
ii.    Mme Siphumelele Balungile Dlungwane.

4.    Ho kgethwa botjha ha Balaodi ba babedi bao e seng ba ka dinako tsohle ba Boto ya Banka ya Afrika Borwa ya Ntshetsopele 
iii.    Ntate Kenneth Willy Brown; le
iv.    Mme Dinao Modirwadi Lerutle.

5.    Ho kgethwa ha ditho tsa South African National Energy Development Institute (SANEDI)
i.    Ntate Sicelo Goodwill Xulu (modulasetulo)
ii.    Mme Nonkosi Koranteng (motlatsa modulasetulo)
iii.    Moprofesara Anastassios Pouris, le
iv.    Mme Octavia Matshidiso Matloa

E.    Ho behwa ha Kabinete sehlohlolong sa ditaba 
1.    Letlole la Junior Mining Exploration (JMEF) 
1.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana mabapi le mosebetsi wa JMEF, ho kenyeletsa kgatelopele ho tshehetso ya pele le mawa a ho fetola JMEF ho ba letlole le ikemetseng. Kabinete e ne e tjhaele JMEF monwana ka 2022 ho tshehetsa boramerafo ba ntseng ba thuthuha. Ka nako eo, ho ne ho rerilwe hore letlole lena le hohele bonyane phesente tse 5 tsa ditjeo tsa matjhaba merafong ya Afrika Borwa. 
1.2.    Haesale ho tloha le thehwa, ho se ho thehilwe meralo ya puso le ho thakgola setheo sa Window 1 moo ho ikemiseditsweng ho tshehetsa ho rashwa ha dimenerale tse kang koporo, nickel, graphite, lithium le dimenerale tse ding tsa bohlokwa. Nakong ena ya Window 1, ho ile ha amohelwa dikopo tse ka bang 119 tseo kaofela di hlokang tshehetso ya dibilione tse R3.7. Ho tsona kaofela, tse 46 ho ile ha fumaneha ha di ne di nepahetse mme di na le kgonahalo ya ho tlisa matsete.

2.    Kgatelopele bakeng sa ho kengwa tshebetsong ha mokgwa o sele wa ho tshehetsa ka ditjhelete, ho ntlafatsa le ho atolosa phepelo ya motlakase wa naha 
2.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka kgatelopele mabapi le ho kengwa tshebetsong ha mokgwa o sele wa ho tshehetsa ka ditjhelete, ho ntlafatsa le ho atolosa phepelo ya motlakase wa naha, ho kenyeletswa le ho thehwa ha Ofisi e Ikemetseng ya Diprojeke tsa Phepelo (ITPO) kahare ho Ofisi ya Bahlahisi ba Ikemetseng ba Motlakase. Ka Tshitwe 2023, Kabinete e ile ya tjhaela Lenaneo la ITP monwana ho dumella lekala la poraefete ho nka karolo ntshetsopeleng, kahong le tsamaisong ya mekgwa ya phepelo ya motlakase tlasa molawana wa taolo o nang le ponaletso. 
2.2.    Ho se ho bile le kgatelopele e bonahalang tabeng ya ho theha mekgwa e meng ya matlole a tshehetso ka sepheo sa ho atolosa le hona ho theha maemo a matle a katleho ya Diprojeke tse Ikemetseng tsa Phepelo ya motlakase. 
2.3.    Mokgahlelo 1 wa Lenaneo la ITP, ho lebeletswe ha o tla eketsa ka dithapo tsa bolele ba 1,164 km tsa phepelo ya motlakase tse tla boela di eketsa le diteishene tsa nyane tsa phepelo. Batsetedi ba ikemetseng puisanong ya bona le mmuso ba bontshitse thahasello e kgolo ho nkeng karolo katolosong le ntlafatsong ya phepelo ya motlakase Afrika Borwa. Ho kengwa ha moralo wa taolo ya phepelo ya motlakase le Qeto ya Komiti ya Matona bukeng ya diphatlalatso tsa mmuso ke e nngwe ya dikgatelopele tsena.

3.    Tlaleho ya sephetho sa leeto la Mokgatlo wa Bahlahisi ba Taemane ba Afrika (ADPA) naheng ya Botswana le dipuisano tsa teng 
3.1.    Kabinete e fumane tlaleho ya sephetho sa ketelo naheng ya Botswana ke Mokgatlo wa Bahlahisi ba Taemane ba Afrika (ADPA) eo sepheo sa yona e neng e le ho kgothaletsa Botswana ho ba setho sa mokgatlo ona.  
3.2.    ADPA e ne e thehwe ka sepheo sa ho kgothaletsa tshebedisano pakeng tsa dinaha tse hlahisang taemane, ho hlahisa moralo wa molao wa tshebetso hammoho le ho kgothaletsa tshebedisano le indasteri ya taemane maemong a matjhaba. Leha e le e nngwe ya dinaha tse tsamayang pele tlhahisong ya taemane Afrika, empa haesale Botswana e sa kena ho ADPA ho tloha e thehilwe ka 2006. 
3.3.    Ho latela ketelo ya Letona Mantashe, Botswana e dumetse ho kena ho ADPA mme e kopile Afrika Borwa ho buisana le Tsamaiso ya ADPA hore yona e nke karolo jwalo ka tlhwedi feela. Ka ho le leng ketelo ena e thehile tshebedisano pakeng tsa Afrika Borwa le Botswana, le hore naha tsena di ka una molemo ofe e nngwe ho e nngwe ho kenyeletsa le ntshetsopele ya kontinente.

4.    Tumellano ya Eskom le Diakgente tse Abang Motlakase (DDA) 
4.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka tumellano ena mme ya tshehetsa ho kengwa ha yona tshebetsong. DDA ke tumellano eo ka yona Eskom e sebetsang jwalo ka akgente e tla nka mosebetsi o etswang ke bommasepala wa phepelo, tokiso hammoho le ditefello tsa ona motlakase. 
4.2.    Sepheo sa tumellano ena ke ho sekaseka taba ya mekitlane ya bommasepala le phano e mpe ya ditshebeletso. Ho boetse ho ikemiseditswe ho ntlafatsa ho tshepahala ha ditshebeletso tsa bommaspele le ho ba thusa ho nka taolo ya phepelo ya bona ya motlakase. 
4.3.    Ditumellano tsena ke dibetsa tsa bohlokwa tsa ho kgutlisa tshebediso e nepahetseng ya ditjhelete, ho ntlafatsa pokeletso ya tjhelete ya ditshebeletso, le ho tsitsisa phepelo ya motlakase ho bommasepala bohle jwalo ka karolo ya sepheo sa Lefapha la Eneji le Motlakase sa ho netefatsa phepelo tsa otlolohileng, e nang le ponaletso le ya moshwelella.

F.    Diketsahalo tse tlang
1.1    Kgwedi ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa Batho ba sa Itekanelang 
1.1.1    Naha e tshwaya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa Batho ba sa Itekanelang (DRAM) ho tloha ka la 3 Pudungwana ho isa ka la 3 Tshitwe tlasa lepetjo le reng: “Ho Theha Tshebedisano Makaleng a Fapafapaneng ho ka Kenyeletsa Batho ba sa Itekanelang Setjhabeng.” Ho keteka hona ho tla qala ka Letsatsi la Matjhaba la Batho ba sa Itekanelang e leng la 3 Tshitswe — mme Kabinete e ikamahanya le Maafrika Borwa ohle ho etsa tlhokomediso le ho netefatsa hore batho ba sa itekanelang ba fumana tekatekano le ho kenyeletswa setjhabeng. 
1.1.2    Mmuso o tswelepele ho ntshetsapele ho kengwa tshebetsong ha Leano la Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Batho ba sa Itekanelang, mme o netefatsa boinehelo ba ona ba ho aha setjhaba se kenyeletsang batho ba sa itekanelang hore ba fumane ditokelo tsohle, ho hlontjhwe seriti sa bona mme le bona ha kgone ho nka karolo setjhabeng. 
1.1.3    Leha ho se ho hatetswe pele tabeng ya ho ntshetsapele ditokelo tsa batho ba sa itekanelang, Kabinete e etsa kgoeletso makaleng ohle a setjhaba ho nka karolo ho fediseng ditshita tsohle tse amang batho ba sa itekanelang.

2.    Letsema! Maafrika Borwa kopanang ho feditsa Tlhekefetso ya Bana le Basadi 
2.1    Jwale ke nako ya selemo le selemo ya letsholo la Matsatsi a 16 a Twantsho ya Tlhekefetso ya Bana le Basadi le qalang ka la 25 Pudungwana ho isa ka la 10 Tshitwe 2025 tlasa lepetjo: “Letsema! Banna, Basadi, Bashemane le Banana kopanang ho feditsa Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF)”. Kabinete e ngongorehiswa ke taba ya hore leha mmuso, mekgatlo ya setjhaba, borakgwebo hammoho le setjhaba ka kakaretso ba leka ka matla ho lwantsha sekgobo sena, empa diketsahalo tsa GBVF di ntse di le hodimo Afrika Borwa. 
2.2    Ka sepheo sa ho leka ho lwantsha maemo ana a hodimo a GBVF, ka Mmesa selemong sena mmuso o thakgotse Lenaneo la Matsatsi a 90 la ho Potlakisa Twantsho ya Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF) le ho potlakisa ho kengwa tshebetsong ha Leano la Naha la Twantsho ya GBVF. 
2.3    Lenaneo lena la Matsatsi a 90 le neng le etelletswe pele ke Lekala la JCPS, le ne le sheba mekgwa e potlakileng le e ka sebetsang ho fokotsa ho eketseha hona ha diketsahalo tsa GBVF naheng ena. Hara matsapa ao ba a entseng re ka bala le ho Thehwa ha Komiti ya Matona (IMC) ho netefatsa tshebedisano ho kengweng ha Leano la Naha la Twantsho ya GBVF.

3.    Seboka sa Naha sa Lekala la tsa Kaho 
3.1    Seboka sa Naha sa tsa Kaho se tla tshwarwa ka la 13 ho isa la 14 Pudungwana 2025 Gauteng, se tla be se tsamaiswa ke Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo (DPWI) ka tshebedisano le Boto ya Ntshetsopele ya Indasteri ya tsa Kaho (CIDB).
3.2    Sebokeng sena, ho tla tsepamiswa tshebetso ho fumaneng ditharollo tse tla potlakisa diprojeke tsa kaho ho kenyeletsa ho matlafatsa tshireletso dibakeng tseo ho sebetswang ho tsona, ho lokiswa ha mokgwa wa ho fanwa ha dithendara, ho ntlafatsa mekgwa ya ho tlaleha le ho matlafatsa tshebedisano pakeng tsa mmuso le lekala la poraefete.

G.    Melaetsa 
1.    Matshidiso
Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko bo lelapa le metswalle ya

  • Mme Ntombazana Botha, molwaneli wa tokoloho le Motlatsa Letona la mehleng la tsa Bonono le Setso.

2.    Diteboho
Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho:

  • Mme Joyce Pitso le Ntate Mosotho Moepya bao e tlang ho ba ditho tsa ka dinako tsohle le Moahlodi Dhaya Pillay eo e tlang ho ba setho sa nakwana sa Komeshene ya Afrika Borwa ya Dikgetho. Re lebohisa Ntate Mosotho Moepya ka ho ba modulasetulo wa Komeshene ena.
  • Ausi Botseetse Kgaphola, ka ho fumana tlokola ya ho ba Mmabotle wa Afrika Borwa ya sa Itekanelang.
  • Sehlopha sa Naha sa Bolo sa ba Dilemo di ka Tlase ho tse 17 Amajimbos, ka ho ba sehlopha sa pele sa ba dilemong tsena ho feta boemo ba dihlotshwana Mohopeng wa Lefatshe wa FiFa wa ba dilemo di ka tlase ho tse 17.
  • Springboks ka ho hapa papadi ya bona ya bobedi Letotong la Dipapadi tsa Quilter ka ho hlola Fora ka 32 – 17.
  • Mokapotene wa Springboks, Siya Kolisi, ka ho bapala papadi ya hae ya bo 100 a bapalla naha. Ke sebapadi sa borobong nalaneng ya Springboks sa ho fihlella dipapadi tse 100. Phihlelo ena ya hae e bontsha boinehelo le tjantjello ya hae.
  • Sebohodisa sa matjhaba sa Lekgotla la Kgaso la Afrika Borwa, Sherwin Bryce-Pease le raditshwantsho Aaron Berbrick, ka ho hapa kgau ya Ricardo Ortega Memorial ho tswa ho United Nations Correspondents Association.
  • Ntate Dan Marokane, Motsamaisi e Moholo wa Eskom, ka hapa kgau ya Sunday Times Business Leader of the Year 2025 dikgaung tsa Sunday Times tsa Dikhamphani tse Pele tse 100.
  • Nigeria ka ho hlakolwa Lenaneng la Dinaha tse sa Etseng hantle ho tsa Ditjhelete (FATF) e latela Afrika Borwa. Ona ke mohlala o motle bakeng sa kontinente ya Afrika jwalo ka ha o tiisa botshepehi ba Afrika mebarakeng ya matjhaba, ho fokotsa ditjeo tsa ditshebeletso le phahamisa tshepo ya boramatsete kontinenteng ya rona.

Ditlhakisetso: 
Ntate Sandile Nene – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 712 2316

Share this page

Similar categories to explore