A. Maemo a Renang
1. Dintlha tsa bohlokwa tsa Moruo
- Mmuso o ntse o sebetsana le ho:
- hodisa moruo;
- fokotsa leqeme la mesebetsi; le
- theho yamaemo a sihletseng a ho tsetela.
1.1 Dintlafatso tse bonahalang maemong a moruo:
1.1.1 Ho ntlafala ha tlhahiso ya dihlahiswa tsa selehae(GDP)
- Kabinete e hlokometse ho nyoloha hanyane ha tlhahiso ya thepa ya Afrika Borwa ka peresente tse 0,4% kotareng ya bobedi ya 2024, e leng se bontshang katleho ka kakaretso maemong a moruo selemong sena.
- Kabelo e kgolo e fumanehile lekaleng la tsa ditjhelete, la thekiso ya matlo, le la dikgwebo tse fanang ka ditshebeletso tse boneng kgolo ya peresente tse 1.3%, lekala ka leng ho a badilweng le fumane kgolo ya peresente tse 0.3 ho GDP ka tatellano.
- Ha e le lekala la kgwebisano, la phepelo le kamohelo ya baeti, la tlhahiso le motlakase le la kgase le metsi ona a bile le kabelo ya peresente tse 0.1 ya kgolo ya GDP. Ha e le tshebediso ya tjhelete ke malapa e bile le kabelo ya peresente tse 0.9 mme ha e le tshebediso ya ditshebeletso ka kakaretso yona e bile le kabelo ya kgolo ya peresente tse 0.2 ya GDP. Makala a na kaofela a bile le kabelo e kgolo moruong kotareng e fetileng.
- Moruo wa Afrika Borwa o bonahala o ntse o tsitsitse ebile o matlafetse mme Kabinete e etsa boipiletso ho makala ohle setjhabeng hore a ntshetse pele mosebetsi o na o motle.
- Ha makala kaofela a ka ntshetsa pele mosetsebetsi o na o motle, re ka kgona ho theha menyetla e meng ya mesebetsi mme ra ntlafatsa le maphelo a MaAfrika Borwa.
- Kabinete e bile le kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle ha mmoho le ho theha menyetla ya mesebetsi Mmusong o na wa Bosupa mme ho tla eketswa matsapa a mang ho netefatsa hore sena se a phethahala.
1.1.2 Matsete a lekala la makoloi
- Matsete a Afrika Borwa a ntse a tswela pele ho kgahla batsetedi ba bangata e leng se pakang maikemisetso a mmuso, a ho nyolla maemo a moruo le ho theha menyetla ya mesebetsi. Kabinte e thabetse ho bulwa ha sitsi se hlahisang dikarolwana tsa makoloi mane sebakeng se bitswang Dube Trade Port Special Economic Zone, KwaZulu-Natal.
- Ho thehwa ha khamphane ya Toyota Tsusho Africa (Pty) Ltd le ya Ogihara Thailand Corporation Ltd ke sesupiso sa hore Afrika Borwa ke sebaka se nepahetseng sa dikhamphane tsa matjhaba ho tla tsetela ho sona.
- Matsete a na a boetse a bontsha se fihletsweng tlasa boetapele ba Mopresidente Cyril Ramaphosa, moo a kgonneng teng ho hohela matsete a ballwang ho ditrilione tse R1.51 ho tloha ka 2018.
1.1.3 Tshehetso ho romella thepa ya Afrika Borwa matjhabeng
- Mokgahlelo wa pele wa di-Avocado tsa Afrika Borwa o fihlile naheng ya Japan mafelong a kgwedi ya Phato e leng se bontshang kgolo e kgolo lekaleng la Avocado, le se bontshang mosebetsi o motle lekaleng la Temo le Leanong la teng la Ntshetsopele leo ka lona ho ikemiseditsweng ho bebofatsa kgwebo le makala a mangata a tsa temo Afrika Borwa.
- Balemi ba di-Avocado Afrika Borwa ba tla una melemo ya kgolo ya dimmaraka jwalo ka ha lekala la rona la temo le ntse le hola. India, China le Japan ha di kopane kaofela di etsa mmaraka wa batho ba fetang dibilione tse 2.5.
1.1.4 Motlakase
- Kabinete e tlotla Eskom, boto ya yona, batsamaisi esitana le basebeletsi bohle ba yona ka ho sebetsa ka thata ho netefatsa hore ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho baballa ha ho etsahale lehlabuleng lena. Sena se thusa ho eketsa motlakase o mong phepelong ya rona ka ho kenya leano la ntlafatso ya motlakase tshebetsong.
- Eskom e ikemiseditse hore tahlehelo ya motlakase e etsahalang ka lebaka la ho robeha ha metjhini e fehlang motlase e se fete ho di-megawate tse 13 000 ka ho ntlafatsa tokiso ya metjhini ya bona.
- Phepelo e otlolohileng ya motlakase e bohlokwa bakeng sa kgolo ya moruo le ho nyolla boitshepo ba setjhaba ho mmuso esitana le ho netefatsa tekatekano setjhabeng.
- Mmuso o tswela pele ho kenya tshebetso Leano la Ntlafatso ya Motlakase ka hore Eskom e lokise metjhini ya yona kgafetsa e leng se fokotsang ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho baballa.
- Ntlafatso ya lekala la motlakase ke karolo ya bohlokwa boitekong ba rona ba ho ba le motlakase o setletseng bakeng sa bokamoso ba rona.
1.1.5. Ntlafatso ya dikgwebo tsa mmuso
- Ho tsamaisana le se neng se bolelwe ke Mopresidente Ramaphosa Palamenteng hore dikhamphane tsa mmuso di tla kengwa tlasa mafapa a fapafapaneng ao di welang tlasa ona ka mora hore Mopresidente a saenne ditokomane tse hlokahalang.
- E na ke mehato e meng e tsamaisanang le leano la ho ba le khamphane e le nngwe ya mmuso ka sepheo sa kgodiso ya moruo, ntlafatso ya phano ya ditshebeletso, esitana le ho theha mokgwa wa hore dikgwebo tsa mmuso di kgone ho etsa phaello.
- Khamphane ya ha Eskom jwale e se e wela tlasa Lefapha la Motlakase le Eneji, mme ha e le Transnet, South African Airways le South African Express tsona di wela tlasa Lefapha la Dipalangwang.
- Khamphane ya mmuso e rafang taemane e leng ya Alexkor yona jwale e wela tlasa Lefapha la Diminerale le Petroleum. Haela khamphane e hlahisang dibetsa e leng Denel, yona jwale e wela tlasa Lefapha la Sesole, Tshireletso ya Naha le Mekaubere ya Sesole mme khamphane ya SOC Limited, e leng khamphane ya mmuso e shebaneng le meru ya mmuso yona jwale e wela tlasa Lefapha la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho.
1.1.6 Tshehetso ya Ditjhelete bakeng sa ntshetsopele
- Tjhelete e ballwang ho dibilione tse R17,8 ho tswa ho Banka ya BRICS ya Ntshetsopele(NDB) bakeng sa diprojeke tsa meralo ya motheo ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere ho tla fokotsa kgaello ya meralo ya motheo, e leng se tla etsa hore malapa a futsanehileng a fumane ditshebeletso tsa sethatho.
- NDB e boetse e entse tumellano le Transnet le mmuso mme ba fumana kadimo ya tjhelete e kalo ka dibilione tse R5 bakeng sa ho ntlafatsa tshebeletso ya diterene.
- Kabinete e thabetse tshehetso ena ya ditjhelete e leng se tla potlakisa ntshetso pele ya meralo ya motheo le ho ntlafatsa maphelo a setjhaba.
2. Dintlha tse mabapi le ntshetsopele ya setjhaba
- Mmuso o ikana ho:
- Afrika Borwa e betere bakeng sa bohle; le
- netefatsa tekatekano, phihlelo ya ditshebeletso ho bohle.
2.1 Dintlafatso tse bonahalang bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba
2.1.1 Leano la Mopresidente la Bophelo bo Botle
- Matsapa a ho ba le maemo a tsa bophelo bo botle a se a le haufi le ho phethahala ka mora ho saenwa ha mokgahlelo wa bobedi wa Leano la Mopresidente la Bophelo bo Botle.
- Leano lena ke moralo wa tshebedisano pakeng tsa makala le mekgatlo ya bohlokwa e kang mmuso, borakgwebo, mekgatlo ya basebetsi, mekgatlo ya setjhaba, ditsebi tsa bophelo bo botle, basebedise ba ditshebeletso tsa bophelo bo botle, mekgatlo ya mmuso, dirutehi ha mmoho le ba dipatlisiso.
- Ka leano lena, ho ikemiseditswe ho matlafatsa lekala la bophelo bo botle, ho beha leihlo esitana le ho lekola bokgoni ba ho kenya Leano la Naha la Tshehetso ya Bophelo bo Botle (NHI)
- Ka Leano lena ho ikemiseditswe ho ntlafatsa tshebeletso ya sejthaba ho tsa bophelo bo botle ho kenyeletsa ho fumaneha ha meriana, diente ha mmoho le dihlahiswa tsa bophelo bo botle ho kenyeletsa le ho ntlafatsa meralo ya motheo le ho buisana le lekala le ikemetseng la tsa bophelo bo botle.
3. Ho lwantsha Bonokwane le Bobodu
- Mmuso o hanyetsana le bonokwane, bobodu le manyofonyofo; mme bohle ba etsang tlolo tsena tsa molao ba tla qoswa.
3.1.1 Ho matlafatsa twantsho ya bonokwane
- Kabinete e ntse e ikemiseditse haholo ho netefatsa hore setjhaba sa Afrika Borwa se dula se bolokehile; mme ho tshwara ha babelaellwa ba ditlolong tse fapafapaneng tsa molao ke letshwao la maikemisetso a mmuso.
- Dipalopalo tse hodimo tsa ditlolo tsa molao tse kenyeletsang dikgoka di nyolohile kotareng ya bobedi ya selemo, e leng ho tloha ka Mmesa ho isa ho Phuptjane ho bontsha hore ho ho ngata ho tlamehang ho etswa ho netefatsa hore setjhaba se bolokehile.
- Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) se etelletsweng pele ke Lefapha la Sepolesa se tswile letsholo ho lwantsha bonokwane.. Matsholo a maobanyana mona a kenyeletsa:
- ho tobana le babelaellwa mane Milnerton, Kapa, moo ho bileng le ho thunyana le polaho le hona ho tshwarwa ha babelaellwa.
- matsholo a mane Kapa Botjhabela, haholoholo Mthatha le Nelson Mandela Bay.
- ho tshwarwa ha babelaellwa ba botlokotsebe ba ho lefisa batho ditjhelete ka sheshe mona Gauteng, Mpumalanga le Foreisitata.
- Mmuso o sebedisa matsapa ohle a kenyeletsang:
- ho saenwa ha ditumellano pakeng tsa mmuso wa profensi le bommasepala.
- ho etsa matsholo mane Kapa le Nelson Mandela Bay, ka maikemisetso a ho a fetisetsa le ho bommasepala ba baholo.
- ho buisana le mafapha a mang a amehang ka tshebedisano ya ho lwantsha bonokwane.
- Leano la Naha la Sepolesa le tla phethelwa mme le kengwe tshebetsong mafelong a Mphalane 2024 le tla shebana le mathata a kang a diteishene tsa sepolesa ha mmoho le maemo a meralo ya motheo.
- Kabinete e thabetse ho saenwa ha Tumellano ya Tshebedisano Twantshong ya Bonokwane mane Kapa eo sepheo sa yona e leng ho ba le tshebedisano le mekgatlo yohle e amehang bakeng sa paballo le tshireletso ya setjhaba. Ka letsholo lena le kenyeletsang setjhaba haholo, ho ikemeseditswe ho theha tumellano pakeng tsa SAPS, mmuso wa profensi ha mmoho le setjhaba bakeng sa ho lwantsha bonokwane ha mmoho le ho tlisa polokeho setjhabeng.
- Ho ntshetsa pele boinehelo bo boletsweng ke Mopresidente Ramaphosa pulong ya hae ya Palamente ka la 18 Phupu 2024 bakeng sa polokeho ya naha, mekgatlo ya rona e qobellang molao e ekeditse matsapa a yona twantshong ya bonokwane.
- Akgente ya Bonokwane bo Ikgethileng (DPCI), e tsebisahalang ka la di-Hawks, e se e tshwere babelallwa ba ka bang 673 kotareng ya pele ya 2024/25, moo ba 506 ho bona ba seng ba qositswe mme ba 77 ho bona lekgotla la dinyewe le se le ntshitse taelo ya hore ho hatjwe thepa ya bona ka lebaka la diketso tsa bona tsa bonokwane. Mapolesa a boetse a tshwere babelaellwa ba ka bang 14 422 ba amehang diketsong tse fapafapaneng tsa bonokwane letsholong le bitswang Operation Shanela ho tloha ka la 19 ho isa ka la 25 Phato 2024.
- Matsholo a kopanelo a kenyeletsang sepolesa, sepolesa sa bommasepala, ba ditshebeletso tsa tlhabollo ya batshwaruwa, Lefapha la Ditaba tsa Lehae le mekgatlo e meng e qobellang molao meahong e tsheletseng eo batho ba ituletseng ho yona ntle le tumello mane Thekong, ho fumanwe tjhelete ya mokunyatha ya dimilione tse R4 ya Ditolara tsa Amerika, dithethefatsi, diqhomane tse 117 ha mmoho le jwala mme ha tshwarwa le melata e fetang 150 e se nang ditokomane tsa boitsebiso.
- Katleho tsena di latela mosebetsi o moholo o sa le o qala ho tloha qalehong ya selemo, mosebetsing wa ho lwantsha maqulwana a ditlokotsebe naheng ena. DPCI e se e utullotse dibaka tse 10 tse hlahisang le hona ho rekisa dithethefatsi moo ho tshwerweng teng babelaellwa ba ka bang 34.
- Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ohle ho tswela pele ho sebedisana le mekgatlo e qobellang molao ka ho tlaleha ditlolo tsa molao sepoleseng nomorong ya 10111 ka sepheo sa ho qeta bonokwane diterateng tsa rona.
- Twantsho ya bonokwane ke mosebetsi wa motho e mong le e mong mme mmuso o tla tswela pele ka ho tla le maano a ho sebedisana le setjhaba ka sepheo sa ho aha Afrika Borwa e bolokehileng.
3.1.2 Ho qosa baetsi ba bobodu
- Kabinete e thabetse ho hatjwa ha thepa ya bohle ba neng ba itshebedisetsa tjhelete ya Komeshene ya Naha ya Lotto ka bonokwane. Mehato ena e tshehetsa Leano la Twantsho ya Bobodu leo ka lona mekgatlo yohle e qobellang molao e sebedisanang ho lwantsha bobodu.
- Kabinete e boetse e thabetse taelo ya Lekgotla la Dinyewe la London ya hore Michael Lomas ya neng a fumane dikonteraka tsa Eskom a kgutlisetswe naheng ho tla tobana le melato ya hae ya bobodu. Lomas o tla tobana le diqoso tse 41 tsa bobodu kahong ya Seteishene sa motlakase sa Kusile. Taelo ena e bontsha mosebetsi o motle wa makgotla wa dinyewe le ho bontsha boinehelo ba mmuso ho ikamahanyeng le ditokelo tsa botho tsa maemo a matjhaba.
- Kahlolong ya hae, Moahlodi Charles Bourne o boletse hore ditjhankana tsa Afrika Borwa di maemong a dumellanang le maemo a Lomas.
- Ho saenwa ha lengolo le dumellang Lekala le Ikgethileng la Diphuputso (SIU) ke Mopresidente Ramaphosa ho fuputsa tsamaiso e bohlaswa ha Eskom ho ile ha matlafatsa matsapa a ho qosa bohle ba amehang bobodung khamphaneng ena ya mmuso.
- Lengolo lena le ne le dumella ho fuputsa menyenyetsi e qalang ka la 1 Tlhakubele 2006 o isa ho la 30 Phato 2024 mme ho tla fuputswa le dikonteraka tse robong. Lengolo lena le boetse le fana le ka tumello ya ho fuputsa le Lefapha la Ntshetso pele ya Dibaka tsa Mahaeng le ho Kgutliswa ha Mobu.
- Kabinete e thabetse le kahlolo ya dilemo tse 15 tjhankaneng e fuweng Daniel Mthimkhulu eo e neng e le Hlooho ya Engineering ho Akgente ya Afrika Borwa ya Diterene ke Lekgotla la Melato ya Dikgwebo la Palm Ridge. Kahlolo ena e bontsha tlholo twantshong ya bobodu le bonyofonyofo ditsing tsa mmuso naheng ena. E boetse e bontsha boinehelo ba mmuso ho tlosa bohle ba sa tshepahalang mmusong esitana le hona ho ba qosa.
3.1.3 Twantsho ya bonokwane ba ho lefisa batho tjhelete ka sheshe
Kabinete e lwantsha diketso tsa tefiso ya tjhelete ka sheshe
- Afrika Borwa e ntse e ithuta maano dinaheng tsa matjhaba ka moo e ka lwantshanang ka teng diketso tsena tsa yahoo lefiswa ditjhelete ka sheshe.
- Mona ho hlokahala leano la kopanelo pakeng tsa mmuso, mekgatlo e qobellang molao, borakgwebo ha mmoho le setjhaba ho lwantsha bonokwane bona.
- Bonokwane bona ha bo kotsi bathong feela, empa bo kotsi le moruong. Ka ho bo lwantsha, re sireletsa mesebetsi, re hohela boramatsete ha mmoho le ho tlisa kgolo ya moruo.
- Re thusa setjhaba ho lwantsha bonokwane bona. Ka thuto, matsholo a dikgokahano le mekgwa ya sephiri ya ho tlaleha bonokwane, re thusa setjhaba ho lwantsha dinokwane.
- SAPS e na le disebediswa tse hlokahalang ho lwantsha bonokwane bona tse kenyeletsang thekenoloji ya mautlwela, makala a ikgethile a sepolesa la maano a tswetseng pele a twantsho ya bonokwane.
- Bonokwane bona ba tefiso ya ditjhelete ka sheshe bo etsahala haholo dibakeng tse futsanehileng. Ho fetela pele matsapa a mekgatlo e qobellang molao, mmuso o etsa matsapa a ho lwantsha diketso tsena ka ho atisa menyetla ya thuto, ya mesebetsi esitana le ntshetso pele ya setjhaba.
- Mmuso o sebedisana le dinaha tsa matjhaba ho arolelana lesedi ho tsa boutlwela, ho fuputsa maqulwana a dinokwane esitana le ho a qosa.
- Maikemisetso a maholo ke ho sireletsa setjhaba le borakgwebo bao e leng tsona diphofu tsa bonokwane bona. Ha ho motho ya tlamehang ho phela ka tshabo setjhabeng sa habo.
- Mmuso o ikemiseditse ho qeta bonokwane bona le ho etsa Afrika Borwa sebaka se bolokehileng bakeng sa bohle.
3.1.4 Ditseko tsa ditlhapiso tseo e seng tsa nnete
- Kabinete e makatswa ke maqwetha a meharo a lekang ho qhekella mmuso ka ho kenya ditseko tse siyo tsa ditlhapiso.
- Lekala la SIU le se le utullotse ditseko tse siyo tsa ditseko tsena ho tloha ka 2017.
- Diphuputso tsena tse tswelang pele di utullotse taba ya hore maqwetha a mangata ka thuso ya dingaka tse sebeletsang mmuso haesale a qhekella Mafapha a tsa Bophelo bo Botle a diprofensi mme diphuputso tsena di boloketse Lefapha la Bophelo bo Botle tjhelete e kalo ka dibilione tse R3.
3. Maikemisetso a Puso
- Mmuso wa Kopanelo (GNU) o ikemiseditse ho eketsa matsapa a mmuso a ho phethisa maikemisetso a mmuso.
- Mekgatlo e ka hare ho GNU e ntse e eme boinehelong ba ona ba ho sebedisana ho ntlafatseng maphelo a MaAfrika Borwa.
- Re na le maikemisetso a hlakileng a tshebetso maemong ohle a puso – e leng maemong a naha, a profensi le a bommasepala.
3.1 Dintlafatso tse bonahalang ho tsa puso
3.1.1 Dintlafatso paballong ya metsi
- Matsapa a ho ntlafatsa paballo ya metsi bakeng sa dilemo tse leshome tse tlang a matlafaditsweng ke ho saenwa ha Tshisinyo ya Molao wa ho theha Khamphane ya Mmuso e tla Ikarabella ka Meralo ya Motheo ya Metsi le Paballo ya ona ke Mopresidente Ramaphosa e tlang ho ba yona e tla laola meralo ya motheo ya naha ya metsi.
- Kabinete e thabetse molao ona o motjha o bontshang mohato obohlokwa diphetohong le ntlafatsong ya kaho le tokiso ya meralo wa motheo wa metsi e leng se tla ntlafatsa boleng ba metsi.
3.1.2 Sephetho sa tlhahlobo tsa dibuka tsa ditjhelete tsa bommasepala
- Kabinete e hlokometse Sephetho sa Dibuka tsa Ditjhelete tsa Bommasepala ke Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete wa Afrika Borwa (AGSA) ka 2022/23 se bontshang ntlafalo e itseng tshebedisong ya ditjhelete ho ba bang ba bommasepala.
- Leha ho le jwalo, mosebetsi o sa le moholo jwalo ka ha ho ntse ho na le bommasepala ba ntseng ba fumana sephetho se sa hlwekang sa ditlhahlobo.
- Tlaleho ya AGSA e bontsha hore ke bommasepala ba 34 ho ba 257 ba baholo, ba setereke le ba selehae ba fumaneng sephetho se hlwekileng.
- Lehlakore le letle la ditaba ke la hore diketso tsa ho sitisa mosebetsi wa tlhahlobo ya dibuka tsa ditjhelete o fokotsehile, ha bommasepala ba 45 ba ntlafaditse sephetho sa bona ho tloha ka 2020/21. Ba rometseng diteitmente tsa bona tsa ditjhelete ka nako ba eketsehile ho tloha peresenteng tse 81 ka 2020/21 ho ya ho tse 94% ka 2022/23.
- Kabinete e kgothatswa ke taba ya hore Lefapha la Kopanelo ya Puso le Ditaba tsa Marena ha mmoho le AGSA, ba tswela pele ho kenya tshebetsong maano a tlo thusa bo mmasepala bana ho ntlafala.
- Lefapha lena le botse le thusa bommasepala ba sa sebetseng hantle ka ho ntlafatsa bokgoni ba basebeletsi ba bona ka ho ba neha thupello ha mmoho le ho kenya tshebetsong ha maemo a thuto a hlokahalang bakeng sa batsamaise ba mmasepala le basebeletsi ba teng ba baemong a hodimo.
B. Ditsebiso ho Kabinete
(i) Letsatsi la Naha la Sehopotso sa Maponesa
(a) Kabinete e hlabilwe malotsana ka Letsatsi la Naha la Sehopotso sa Maponesa e neng le ketekwa ka Sontaha sa la 1 Loetse 2024.
(b) Ka letsatsi lena, ho ikemiseditswe ho tlotla banna le basadi bao e leng maponesa ba ileng ba lahlehelwa ke maphelo a bona ba le mosebetsing, ha mmoho le ho nka mehato e hlokahalang ho tshehetsa le hona ho thusa malapa a bona, haholoholo bana ba bona ba sa ntsaneng ba kena sekolo.
(c) Mmuso o kgathatsehile haholo ka ho bolawa ha mapolesa a 39 a le mosebetsing mme o tla lwantsha ka matla motho ohle ya bolayang mapolesa a le mosebetsing.
(d) Mmuso o ikemiseditse haholo ho lwantsha bonokwane mme o tla ntlafatsa melao e tla thusa hore mmuso o kgone ho lwantsha bothata bona.
(ii) Kgatelo pele ya ho tobana le taba ya bo behwa ha Afrika Borwa lenaneng la dinaha tse sa lwantsheng phapanyetsano e fosahetseng ya tjhelete ke mokgatlo wa Financial Action Task Force (FATF)
(a) Kabinete e fumane tlaleho ya bone ya kgatelo pele e seng e fihletswe ke Komiti ya Mafapha e shebaneng le Twantsho ya Phapanyetsano e Fosahetseng ya Tjhelete le ho Tshehetsa Botshosetsi ka Ditjhelete (IDC-AML/CFT). Afrika Borwa haesale e kengwa lenaneng lena ho tloha ka Hlakola 2023. Tlaleho ena e etswa ho latelwa qeto ya Kabinete ya la 27 Loetse 2023 ya hore IDC-AML/CFT e fane ka tlaleho hararo ka selemo.
(b) Haesale Afrika Borwa e etsa matsapa a ho ikamahanya le dipehelo tse 20 tse behilweng, mme ho fihlela ha jwale, e se e kgonne ho ikamahanya le tse 15 tsa tsona.
(c) Hore Afrika Borwa e tloswe ka ho phethahala lenaneng lena, e tla tlameha ho ikamahanya le tse ding diphehelo tse 22 mme tse robedi ho tsona e seng e ikamahantse le tsona, tse 14 tsena tsona di tla sekasekwa ka Hlakola 2025.
(d) Kabinete e utlwisisa hantle bothata ba pharela, leha ho le jwalo e ikemiseditse ho tobana le mosebetsi o tlamehang ho etswa, mme hape e thabiswa ke ho bona sephetho sa tema e seng e kgathilwe ha re ipapisa le dinaha tse seng di tswetse pele tse ka hodimo ho Afrika Borwa lenaneng lena tse kang naha ya Amerika.
(iii) Leano la Tshebediso ya Matekwane
(a) Kabinete e hlabilwe malotsana ka kgatelopele e seng e fihletswe mabapi le ho ralwa ha Leano la Tshebediso ya Matekwane ka sepheo sa ho theha moralo wa ho thehwa ha indasteri ya matekwane Afrika Borwa e tlang ho ba le kabelo kgodisong ya moruo, ho fokotseng bofuma esitana le ho theheng menyetla ya mosebetsi.
(b) Leano lena le na le ditshiya tse robong, e leng ya Taolo ya Ditshebeletso tsa Teng; Tlhahiso e Otlolohileng ya Peo ya teng; Ntshetso pele ya Dipatlisiso le Thekenoloji; Tshehetso ya Bahlahisi; Ntshetso pele ya Mmaraka; Ntshetso pele ya Thekiso le Kgwebisano; Tlhahiso le Ntshetso pele ya Dihlahiswa; Thuto le Thupello; ha mmoho le Kgokahanyo.
(c) Tse latelang ke kgatelo pele e seng e fihletswe ka bokgutshwane ho fihlela letsatsing lena:
i. Haesale ho tlalehwa ha matekwana e le se seng sa dijalo tse ka jalwang, ho se ho ntshitswe ditumello tse ka bang Sekete le Lekgolo le Metso e Leshome (1 110 tsa ho a jala).
ii. Mopresidente Ramaphosa o tjhaetse monwana Tshisinyo ya Molao o Dumellang Tshebediso ya Matekwane Lapeng ka Motsheanong 2024.
iii. Lefapha la Toka le Ntshetso Pele ya Molatheo le se le qadile ho ngola tokomane ya taolo ya Tshebediso ya Matekwane Lapeng.
iv. Lefapha la Bophelo bo Botle ka thuso ya Mokgatlo o Laolang Meriana le lona le se le entse diphetoho Molaong wa Taolo ya Tshebediso ya Meriana wa 1965 (Molao wa bo 101 wa 1965).
v. Lefapha la Dikgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano (dtic) le se le phethetse tekolo ya lona ya Lekala lena la Matekwana Afrika Borwa mme, dtic haufinyane e tla tshwara matsholo a ho tsebisa setjhaba maikutlo mabapi le Leano la ho Hweba ka Matekwane.
vi. Moifo wa Dipatlisiso wa tsa Temo (ARC) o se o hlahisitse mefuta e mmedi ya matekwane ka tshehetso ya Lefapha la tsa Temo, ho Kgutliswa ha Mobu le Ntlafatso ya Dibaka tsa Mahaeng (DALRRD), mme hona jwale ba sehleng sa bobedi sa ho bokella peo e tlang ho qala ho sebediswa sehleng sa temo sa 2025.
vii. Ka Motsheanong 2024, Letona la Temo, ho Kgutliswa ha Mobu le Ntlafatso ya Dibaka tsa Mahaeng le tjhaetse monwana Leano la Taolo ya Boleng ba Matekwane le tla laola boleng ba kotulo ya semela sena.
viii. DALRRD e se e sebedisitse tjhelete e kalo ka dimilione tse R124 ho laela ARC ho etsa diphuputso mabapi le tshebediso ya matekwane jwalo ka moriana, morianatlatsetso le tshebediso tse ding, ho tseba ka dikokwanahloko tse ka bang kotsi semeleng sena, ho tseba ka botlalo ka sona, ha mmoho le tsela ya ho hlahisa peo ya sona.
ix. Gauteng, ka tshebedisano le Mokgatlo wa Borasaense le Ba diphuputso tsa Diindasteri ba ile ba tshehetsa dikgwebo tse 10 tse nyane, tse bohareng le tse kgolwanyane bakeng sa tlhahiso ya dihlahiswa tsa matekwane. DALRRD e ntse e tswela pele ho buisana le diprofensi tse ding ka taba ena.
x. Ho ntlafatsa bokgoni ba lefapha ba ho beha leihlo mosebetsi wa ba dumelletsweng ho hweba ka matekwane, ARC e tlile ka leano la thupello ka tsela eo mosebetsi ona o ka etswang ka teng.
(iv) Kgwedi ya Ditshebeletso tsa Setjhaba
(a) Kabinete e hlabilwe malotsana ka maikemisetso a selemong sena a ho hlompha Kgwedi ya Ditshebeletso tsa Setjhaba.
(b) Selemong sena Kgwedi ya Ditshebeletso tsa Setjhaba e ketekwa tlasa lepetjo le reng: “Mmuso o sebetsang”.
(c) Kgwedi ya Ditshebeletso tsa Setjhaba e nkuwa e le sehopotso sa hore ho sebeletsa setjhaba le ho lekola seo mmuso o seng o se entse haholoholo ha re tla phanong ya ditshebeletso.
(d) Selemong sena Afrika Borwa e keteka dilemo tse 30 tsa Demokrasi le tse 27 tsa leano la Batho Pele leo ka lona ho ikemiseditsweng ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso Afrika Borwa.
(e) Re re kgwedi ena e kopane hobane ka nako e le nngwe ke Kgwedi ya Ditshebeletso tsa Setjhaba; Kgwedi ya Botjhaba; Kgwedi ya Bohahlaudi le ya ho Lengwa ha Difate.
C. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
(a) Mme. Yolanda Batandwa Damoyi jwalo ka Molaodi e Moholo ho Boto ya Public Investment Corporation.
(b) Mme. Thulisile Glory Manzini Molaodi Kakaretso Lefapheng la Ntshetso Pele ya Dikgwebo tse Nyane.
(c) Ho kgethwa ha ditho tsa Boto ya Taolo ya Taemane le Mahakwe Afrika Borwa
(i) Ntate Abiel Mngomezulu (Modulasetulo);
(ii) Ngaka Natalie Skeepers – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(iii) Mme. Fungai Mushohwe – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(iv) Mme. Faith Tumelo Mokwena – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(v) Ngaka Tshepo David Khoza – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(vi) Mme. Leanda-Marsha Mtshali – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(vii) Ntate Norman Baloyi – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(viii) Ntate Mawethu Cawe – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(ix) Moatevokate Madikeledi Moloto – (Setho se ka sehloohong se emetseng DMRE);
(x) Mme. Rebone Nkambule – (Setho se seng se emetseng DMRE);
(xi) Ntate Rangers Molapo – (Setho se ka sehloohong sa NUM);
(xii) Ntate Dingindawo Sibeko – (Setho se seng se emetseng NUM);
(xiii) Moatevokate Leon Johannes Pretorius – Setho se ka sehloohong sa UASA;
(xiv) Mme. Nongcebo Ngcobo – Setho se ka sehloohong sa SARB
(xv) Mme. Kamolegelo Manamela – Setho se seng sa SARB
(xvi) Mme. Nosiphiwo Mzamo – (Eo e leng setho sa komiti e nngwe); le
(xvii) Ntate Cecil Khoza – (Eo e leng setho sa komiti e nngwe).
(c) Ho kgethwa ha ditho tsa Boto ya Thekiso ya Taemane ya Mmuso
(i) Ntate Abbey Chikane (Modulasetulo);
(ii) Ntate Ernest Blom – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(v) Mme. Komathie Kisten Govender – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(vi) Moatevokate. Mpati Lebakeng – Setho seo e seng sa ka nako tsohle;
(vii) Ngaka Olga Masekoa – Setho se emetseng Lefapha;
(viii) Mme. Hellen Diatile – Setho se ka sehloohong sa NUM;
(ix) Ntate Thapelo Malekutu – Setho se seng sa NUM;
(x) Mme. Adele Rossouw – Setho se ka sehloohong sa Solidarity;
(xi) Ntate Johan Du Toit Böning – Setho se seng sa Solidarity;
(xii) Ntate Jacques Hugo – Setho sa UASA;
(xiii) Mme. Danile Nyakale – Setho se ka sehloohong sa IDC;
(xiv) Ntate Lefu Dlamini – Setho se seng sa IDC;
(xv) Mme. Nosiphiwo Mzamo – Setho seo e seng sa ka nako tsohle (Eo e leng setho sa komiti e nngwe); le
(xvi) Ntate Cecil Khosa – Setho seo e seng sa ka nako tsohle (Eo e leng setho sa komiti e nngwe).
D. Diketsahalo tse tlang
a) Kgwedi ya Botjhaba
- Ka Loetse, Afrika Borwa e keteka Kgwedi ya Botjhaba tlasa lepetjo le reng: “Re keteka bophelo ba bahale ba rona ba tetseng maphelo ba bona bakeng sa tokoloho ya rona”.
- Kgweding ena mmuso o tla thakgola Projeke ya ho Kgutliswa ha ba neng ba Ngadile Naheng eo ka yona ho ikemiseditsweng ho kgutliswa ha masapo a baneng ba hlokahalle dihaneng tseo ba neng ba ngaletse ho tsona ka sepheo sa ho neha ba malapa a bona monyetla wa ho ka pata esitana le hona ho ntjhafatsa naha ya rona.
- Ena ke karolo ya Leano la Naha la ho Kgutlisa Masapo le Dintho tsa Botjhaba tse kantle ho naha ya rona. Ba neng ba tele maphelo a bona bakeng sa demokrasi ya naha ena ba ne ba re betlele tsela ya demokrasi e thehileng maano a seriti sa batho le tekatekano ya ditokelo tsa botho.
- Mmuso o etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ohle ho sebedisa Kgwedi ena ya Botjhaba ho matlafatsa tshebedisano le kaho ya setjhaba, ho arolelana naha ya habo rona le ho tlotla ba neng ba tele maphelo a bona bakeng sa tokoloho ya rona.
b) Kopano ya bo 79 ya Palamente ya Matjhaba a Kopaneng (UNGA)
- Mopresidente Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya Afrika Borwa ho ya Dingangisanong tsa Kopano ya bo 79 ya UNGA mane New York ho tloha ka la 24 ho isa ka la 30 Loetse 2024.
- Lepetjo la kopano ya selemong sena le re: “Leha re arohane, empa re kopane molemong wa ho ntshetsa kgotso le seriti sa batho bohle.”
- Mopresidente Ramaphosa o tla tshetlehela Kopano ena puo ka la 24 Loetse 2024, a toboketsa tlhahlobo ya maemo a ha jwale a kgotso le tshireletso ha mmoho le diphephetso tsa teng.
- Pele ho UNGA ya bo 79, Mongodi e Moholo wa UN o tla bitsa Seboka Bokamoso ka la 20 le la 21 Loetse 2024 mane Ntlokgolo ya UN. Ka seboka seo, ho ikemiseditswe ho kopanya dihlooho tsa dinaha ho leka ho fumana tumellano ya maemo a matjhaba ka moo ho ka baballwang boemo ba nako ya kajeno re ntse re baballa le maemo a ka moso.
c) Tshireletso ya Sepapaka sa Afrika (AAD) le dipontsho tsa Difofane tsa 2024
- Mopresidente Ramaphosa o tla bula dipontsho tsa AAD tse tla qala ka la 18 ho isa ka la 22 Loetse 2024 mane Air Force Base Waterkloof, Gauteng tlasa lepetjo le reng: “Re sheba Mekgwa e Metjha, Re Arolelana Ditharollo, Re Nnetefatsa Mahlale le Bokgoni”.
- AAD ke tsona feela dipontsho tse etswang ke sesole sa rona Kontinenteng mme di nkuwa e le tsa maemo a botshelela lefatsheng ka bophara mme maikemisetso a tsona ke:
- ho bontsha thekenoloji ya tsa sesole sa Afrika Borwa le dinaheng tsa matjhaba.
- ho bapatsa bokgoni ba sesole sa rona e leng se tla nyolla theko ya dibetsa tsa sesole le tsa sesole sa moyeng matjhabeng.
- ho bontsha hore Afrika Borwa e na le bokgoni ba mahlale le tlhahiso.
- ho theha tshebedisano le dinaha tsa matjhaba; ha mmoho le dikgokahano pakeng tsa dikgwebo le mebuso.
- ho bapatsa Afrika Borwa jwalo ka sebaka sa bohahlaudi le kgwebo.
- ho etsa kabelo ho theheng menyetla ya mesebetsi.
- ho sebedisa jwalo ka lepatlelo la tsa thuto batjheng ho tseba ka tsa sesole, mahlale ha mmoho le sesole sa moyeng.
d) Tonamente ya FIBA AfroBasket ya ba Dilemo di ka tlase ho tse 18
- Hona jwale Afrika Borwa e tshwere Tonamente ya Bompodi ba Afrika ya Basketball ya ba dilemo di ka tlase ho tse 18 mane Tshwane ho tloha ka la 1 Loetse ho isa ka la 14 Loetse. Tonamente ena e na le dihlopha tse 12 tsa banna le tse 12 tsa basadi mme di arotswe ka dihlopha tse tharo tse nang le dihlopha tse nne sehlopheng ka seng.
e) Ho saenwa le ho Kengwa Tshebetsong ya Leano la Tshebedisano pakeng tsa Lefapha la Thuto ya Motheo le la Dipapadi, Bonono le Botjhaba
- Ka la 4 Lwetse Letona la Thuto ya Motheo le la Dipapadi, Bonono le Botjhaba a ile a saena Leano lena ka sepheo sa ho kgothaletsa dipapadi dikolong esitana le ho tshehetsa le hona ho sebedisana ho lenaneothuto ka sepheo sa ho thusa baithuti ho maitsebelo a bona e le hore e tle e be batho ba atlehileng bophelong.
- Lenaneo lena le na le mananeo a mangata a kang Manqosa a tsa Dipapadi; Letsatsi la Naha la ho Intsha ha Batjha; Dipapadi tsa Setso; Dihlopha tsa ho Bala; Mananeo a Thuto a Botjhaba; Mopeloto; Mananeo a ho Kgothaletsa Batjha ho rata Naha ya habo Bona; Ditlhodisano tsa Dikolo tsa Mmino le Dithothokiso; Beke ya Tlhokomediso ka Bokeletso ya Dintho tsa Botjhaba, le tse ding tsa ngata.
E. Melaetsa
1. Diteboho
Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
- Ba Dipatliso ba neng ba kene letsholong la dithuto tsa BEAT-Tuberculosis (TB), e leng lenaneo la pele lefatsheng ka bophara leo ka lona ho ikemiseditsweng ho lwantsha lefuba lena le manganga ho batho bohle. Lenaneo lena le boetse le kgothaletse le pehelo ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle wa pheko ya lefuba
- Warona Tsiane le Onalerona Tsiane, ba tsebahalangka Tee Sisters, ba ileng ba tswa borarong Tlhodisaong ya Matjhaba ya Borakgwebo mane Japan. Tee Sisters ba boetse ba hapa kgau tse pedi tsa Mananeo a Ntshetsopele e Setletseng ho UN, ya pele e le e lebaneng le (Twantsho ya Bofuma) le ya bo 16 (ya Kgotso, Toka le Ditheo tse Setletseng).
- Boramabelo ba rona Ditlhodisanong tsa Bompodi ba Matjhaba tsa ba dilemo di ka tlase ho tse 20 le Dipapadi tsa Dipharalimpiki:
- motjha ya lebelo ho ba feta lefatsheng Bayanda Walaza ka ho hapa metale wa kgauta ho makgaolakgang a 100m le a 200m ho Bompodi ba Matjhaba ho ba Dilemo di ka tlase ho tse 20. Ha jwale Walaza o etsa dithuto tsa materiki Curro Hazeldean mane Tshwane.
- Bradley Nkoana ka ho hapa metale wa Bronze ho makgaolakgang a 100m ho Bompodi ba Matjhaba ho ba Dilemo di ka tlase ho tse 20.
- Udeme Okon ka ho hapa metale wa kgauta ho makgaolakgang a 400m ho Bompodi ba Matjhaba ho ba Dilemo di ka tlase ho tse 20.
- Banna ba bane ba hapileng metale tsa Silivera lebelong la lesokwana e leng (Bryan Katoo, Sihle Mahlangu, Njabulo Mbatha, Udeme Okon) ho Bompodi ba Matjhaba ho ba Dilemo di ka tlase ho tse 20.
- JL van Rensburg ka ho hapa metale wa Silivera tlhodisanong ya ho akgela bolo ya tshepe ho makgaolakgang ho Bompodi ba Matjhaba ho ba Dilemo di ka tlase ho tse 20.
- Hannah van Niekerk ka ho hapa metale wa Bronze ho makgaolakganng a 400m a lebelo la Bompodi ba Matjhaba ho ba Dilemo di ka tlase ho tse 20.
- Mpumelelo Mhlongo ka ho hapa metale wa kgauta a etsa rekoto e ntjha lebelong la Banna la T44 100m Dipapading tsa Dipharalimpiki mane Paris.
- Louzanne Coetzee ka ho hapa metale wa Bronze lebelong la Basadi la T11 1500m Dipapading tsa Dipharalimpiki mane Paris.
- Ronwen Williams, Sethibathibane sa Bafana-Bafana le Mamelodi Sundowns ka ho kgethwa ho ba e mong wa dithibathibane tse leshome (10) tse pele lefatsheng ka bophara bakeng sa dikgau tsa Ballon d’Or.
- Springboks, ka ho hlola All Blacks Tlhodisanong ya Rugby ya Castle Lager ka Moqebelo wa la, 31 Phato 2024.
- Passenger Rail Agency of South Africa (PRASA) le Gautrain ka ho thusa MaAfrika Borwa ho kgona ho ya boha papadi ya di Springboks le di All Blacks. Kabinete e boetse e kgothaletsa setjhaba ho sebedisa diterene tsa PRASA tse amanang le dipapadi ho keteka dilemo tse 30 tsa Demokrasi.
4. Matshidiso
Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko ho metswalle le ba lelapa la:
- Moprofesara Brian O'Connell, Mosuwehlooho le Motjhanselara wa mehleng wa Yunivesithi ya Kapa Bophirima. E ne e le Mosuwehlooho ho tloha ka 2001 ho isa ho 2014.
- Sebohodi sa seyalemoya le theleveshene Thabiso Sikwane, mokaubere wa sebohodi se kgothaditseng batho ba bangata naheng ena.
- Seroki Mobishopo Jessica Mbangeni, ya neng a tsebisahala ka ho ba seroki. O ne a bontshe mosebetsi wa hae nakong ya peho ya Mopresidente wa mehleng Thabo Mbeki ka 1999 le konsareteng ya 46664 ya Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela.
- Ntate Mphakamisi Nciweni, titjhere ya Sekolo sa Poraimari sa KwaZakhele, Kapa Botjhabela ya neng a bolawele lebaleng la sekolo ke dinokwane tse qobellang bo lefisa batho tjhelete ka sheshe.
Ditlhakisetso:
Mme Nomonde Mnukwa – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485