Tlaleho ka kopano ya Kabinete ya Laboraro la 1 Phupu 2026

A. MAEMO A RENANG
1. Katamelo e Pharaletseng ya Bolaodi ba Bofalli Afrika Borwa
1.1 Kabinete e fetisitse kananelo ya yona ho MaAfrika Borwa ohle a ileng aetsa boipelaetso ba kgotso kgahlano le melata e se nang ditokomanele Setheo sa Naha se Kopanetsweng sa Tshebetso le Mautlwela(NatJOINTS) ka ho netefatsa hore ho ba le botsitso ka la 30 Phupjane2026.

1.2 Kabinete e boetse e thoholetsa mosebetsi wa Komiti ya Kopanelo yaMatona tlasa boetapele ba Letona la Toka le Ntshetsopele yaMolaotheo Mofumahadi Mmamoloko Kubayi, ka mosebetsi o babatsehang wa ho kenya tshebetsong Katamelo e Pharaletseng  yaho laola bofalli  jwalo ka ha Mopresidente Ramaphosa a ne a phatlalatse ka la 7 Phupjane 2026.
 
1.3 Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba ka ho kenngwa tshebetsongha ditshiya tse hlano tsa Katamelo e Pharaletseng leo kgatelopele yalona e kenyeletsang tshiya ya   Qobello ya g Molao:
1.3.1 Ho ekeditswe le palo ya bahlahlobi ba tsa khiro ba hlahlobangdikhamphani tse belaellwang ha di hirile melata e se nang ditokomanetsa boitsebiso tlasa ketapele ya Motlatsi wa Letona la tsa Mesebetsi le Khiro, (Monghadi Jomo Sibiya), Merero ya Lehae (Monghadi Njabulo Nzuza) le la Sepolesa (Ngaka Polly Boshielo).
 
1.3.2 Ho netefaditswe hore lenaneo la ho kgutlisetswa ha melata dinaheng tsahabo yona le tsamaya hantle le ho ba le molaong ka ho tsoseletsaLekgotla le Ikgethileng le Bojaki (le shebaneng le ho sebetsana le hobusetswa ha melata e neng e bolokilwe Sherwood, ho la Thekongdinaheng tsa habo yona. Le leng le tshwanang le lona le Boemafofaneng ba Matjhaba ba OR Tambo, mme hape hotsoseleditswe le neng le le mane Setsing sa Kamohelo ya Melata saLindela, Krugersdorp.
 
1.3.3 Ho potlakiswa ha mananeo a dinaha tse batlang ho busetsa baahi batsona lapeng. Sena se etsahetse ka hore IMC e potlake e thehe setsisa nakwana sa pusetso lapeng ya melata mane Musina ka sepheo saho netefatsa hore ho busetswa hona ho etsahala ka potlako le ka mokgwa o nang le seriti le botho. Ka lebaka lena, Kabinete e thoholetsa mekgatlo eo e seng ya mmuso e kang Gift of the Givers, Ashraful Aid, le Mahlasela Foundation.
 
1.3.4 Ho tloha ka la 7 Phupjane 2026, Bolaodi ba Madiboho (BMA) bokgaoleditse melata e mengata e neng e batla ho kena naheng ena ka tsela e seng molaong, ba bang ba bona ba se na ditokomane, ba bang bona e le ba sa amohelehang naheng ena   le bao ditokomane tsabona di sa lokang.
 
1.3.5 NATJOINTS e tshetlehile lethathama la dinyewe tse butsweng tsekenyeletsang ho baka merusu setjhabeng, ho hlohleletsa merusu. Setheo sena hape se boetse se fane ka lenane la babelaellwa batshwerweng le dinyewe tse makgotleng a dinyewe le tse ntseng di fuputswa.
 
1.4 Ka Labone la 02 Phupu 2026, ditho tsa IMC di ile tsa lekola mosebetsi o entsweng morao mane moeding wa Zimbabwe le Limpopo mabapi le ho ntlafatsa infrastraktjha ya meeding.
 
2. Papadi e tswileng matsoho ya Bafana Bafana Mohopeng wa Lefatshewa FIFA wa 2026
2.1 Kabinete e ikamahanya le setjhaba kaofela ho thoholetsa Bafana Bafana ka papadi ya bona e tswileng matsoho Mohopeng wa Lefatshe waFIFA wa 2026 moo re ba boneng ba kena mokgahlelong wa dihlophatse 32 tsa ho qetela lekgetlo la pele ho tloha haesale Afrika Borwa e qala ho bapala Mohopeng wa Lefatse ka 1998.
 
2.2 Bafana Bafana e boetse ya bontsha papadi e tswileng matsoho kgahlanole Canada moo ba hlotsweng teng ka motsotso wa ho qetela. Naha yahabo rona e motlotlo haholo ka sehlopha sa rona se bontshitsengbokgoni ba ho qothisana lehlokwa le dihlopha tse pele lefatseng.
 
2.3 Re a leboha Afrika Borwa ka ho amohela bashemane ba rona ka matsoho a mofuthu (Bafana Bafana).

MORUO:
1. Afrika Borwa e Bontsha Ntlafalo e Kgolo ha e Bapiswa le Dinahatsa Matjhaba tabeng tsa bokgoni ba tlhodisano

1.1 Kabinete e amohetse ho ntlafala ha moruo wa Afrika Borwa ha hobapiswa le wa dinaha tsa matjhaba e leng se bonahetseng mane ho2026 World Competitiveness Yearbook (WCY) moo naha ya rona e behilweng maemong a bo 54 e tloha ho a bo 64 ka 2025.
 
1.2 Tlaleho ena e lokolotswe ka Phupjane 2026 ke Setheo saNtshetsopele ya Bolaodi (IMD) ka semphato le Productivity SA moo re boneng Afrika Borwa e nyoloha ka dikgato tse 10.
 
1.3 Ho ntlafala hona ho matlafaditswe ke kgatelopele e ntle ya bokgabaneba mmuso, boitshepo bo ntseng bo hola ho tsa kgwebo le ntlafaloya bolaodi ba infrastraktjha, ho tiisa tshusumetso ya diphethoho tsetswellang ho matlafatsa tshebetso ya moruo le taolo.
 
2. Seboka sa Afrika Borwa sa Infrastraktjha se Matlafatsa Matsapa a  Matsete a Mmuso
2.1 Kabinete e thoholeditswe ka ho tshwara ka katleho Seboka sa Afrika Borwa sa Matsete le Dipontsho ho tloha ka la 9 ho isa ka la 11 Phupjane 2026 mane Setsing sa Dikopano sa Gallagher, Johannesburg se ileng sa fana ka monyetla wa ho thehatshebedisano le ho fumana matsete le hona ho potlakisa hokenngwa tshebetsong ha diprojeke tse ngata tsa infrastraktjha.
2.2 Dipuisano sebokeng sena di ne di tsepame tabeng ya tshebedisanopakeng tsa mmuso le dikgwebo tsa poraefete, ho ntlafatsaditshebeletso tsa ho thothwa ha thepa le dipalangwang, infrastraktjha ya metsi le tsa  dijithale ho tshehetsa kgolo le ntshetsopele ya moruo. Mehato ena e netefatsa boinehelo bo nengbo phatlalatswe ke Mopresidente Cyril Ramaphosa Puong ya haeya selemo sa 2026 ya Boemo ba Naha, moo a ileng a teka lenaneola ntlafatso ya infrastraktjha le ballwang tjheleteng e fetang R1trilione bakeng sa nako e bohareng.

DIKAMANO TSA MATJHABENG
1. Seboka sa SACU: Ho Matlafatsa Kopano ya Lebatowa
1.1 Kabinete e thoholeditse ho tshwarwa ka katleho ha Seboka sa Borobongsa Kopano ya Makgetho Meeding ya Afrika e Borwa (SACU) yaDihlooho tsa Puso kapa Mmuso ka la 26 Phupjane 2026.

1.2 Sephetho sa Seboka sena se tsamaisane le mokgwa oo SACU le ntlafaloeo SACU e batlang ho e bona. Ho feta moo, dinaha tsohle tseo e lengditho di tobokeditse boinehelo ba tsona ba ho nka SACU jwalo ka mokokotlo wa ho ntlafatsa le ntshetsopele ya moruo wa lebatowa, diindasteri le ho atolosa kgwebisano le matsete lebatoweng lena mmehape le tla le maano a moshwelella a ntshetsopele ya moruo. Katolosoya diindasteri e dula e le bohare ba lenaneo la ditaba tsa SACU tsantshetsopele.

2. Ho baballa dikamano tsa lewa le Tjhaena
2.1 Motlatsi wa Mopresidente Paul Mashatile o etetse naha ya Tjhaena hotloha ka la 20 ho isa ka la 26 Phupjane 2026 ka sepheo sa homatlafatsa dikamano tsa moruo esitana le ho atolosa menyetla yamatsete le tshebedisano ka tsa diindasteri. Leetong leo la hae o boetse a ba le dipuisano le Motlatsi wa Mopresidente wa Riphablikiya Batho ya Tjhaena Mohlomphehi Monghadi Han Zheng, moo babuisaneng ka ditaba tsa ho tiisa tshebedisano ho tsa moruo le tseding.

2.2 Leetong leo la hae, Motlatsi wa Mopresidente Mashatile o boetse a nka karolo Dipontshong tsa Bone tsa Matjhaba tsa Tjhaena tsaThekiso ya Thepa, mmo a fihlileng a toboketsa kamoo Afrika Borwae leng lediboho la tsa kgwebisano le matsete dinaheng tse ka Borwa ho Lehwatata la Sahara. Tshebedisano e fumanehileng moo ho lebeletswe ha e tla hohela matsete a mangata le menyetlabakeng sa dikgwebo tsa lehae, kgolo ya moruo o kenyeletsangbohle, le ho thehwa ha menyetla ya mesebetsi.

A. DIQETO TSA KABINETE
1. Leano la Moralo wa Lewa la Disiu tsa Peterole
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha leano la moralo walewa la disiu tsa Peterole bakeng sa maikutlo a setjhaba.

1.2. Sepheo le morero wa leano lena ke ho matlafatsa kanetso ya enejinaheng le ho fokotsa kgahlamelo ya kgaello ya yona moruong. Le  latela dipatlisiso tse entsweng ka taelo ya mmuso ka selemo sa2024 mabapi le kanetso ya dihlahiswa tsa peterole moo ho ileng ha bonahala dikgeo tse hlokang ho kwalwa ho kenyeletsa le hoeketswa ha pokeletso le ho atolosa dibaka tse hlwekisang mafura naheng.
 
1.3. Leano lena le tla ka ditshisinyo tse fapafapaneng tsa pokeletso yadihlahiswa moo Khamphani ya Afrika Borwa ya Peterole (SANPC) e tla boloka diresefe tsa lewa tse lekanang le matsatsi a   60 bakengsa ka bobedi peterole e  hlwekisitsweng le e sa hlwekiswang e rekwang naheng tsa ka ntle, ka keketseho ya mekgahlelo ho fihlamatsatsing a 90. Leano lena le tla nyehela mabapi le ho baballakanetso ya naha ya eneji, ho matlafatsa boitseko kgahlanong   le maemo a tshohanyetso a matjhaba a nang le kgahlamelo phepelongya peterole le tshehetso ya kgolo ya moruo wa moshwelella.
 
2. Moralo wa Kopanelo wa Thuso ya Kahisano
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana Moralo wa Kopanelo wa Thuso yaKahisano (ISFF) jwalo ka thulusi ya leano la naha la setlamo ho etsahore e be tlwaelo ho ba le tshebedisano le setjhaba phanong yainfrastraktjha  maemong ohle a mmuso, ditheong tsa mmuso le hobankakarolo ho tsa ntshetsopele ya infrastraktjha.
 
2.2. Moralo ona o etseditswe ho sebetsana le maipelaetso a badudi, hositiswa ha diprojeke, tshenyo, ditiehiso le dikotsi tsa tshireletso ka hokgothaletsa bonkakarolo bo hlophisitsweng ba badudi ho parola le bophelo ba diprojeke tsa infrastraktjha, mme kahoo ho matlafatswetshepo ya setjhaba, momahano ya kahisano le tshireletso yamatsete a infrastraktjha.
 
2.3. ISFF e tla le katamelo ya seprofeshenale le e hokahantsweng mabapile thuso ya kahisano, ho kenyeletsa ho ba le Bathusi ba Setjhaba bangodisitsweng, ditlhophiso tse hlakileng tsa taolo, bodisa le tekolo e matla, le katamelo e amanang le dikotsi mabapi le ho laola dikotsitse amanang le badudi.
 
3. Tlaleho ya Komiti ya Tshebetso ya Matona ya tshehetso ya ditjheleteya saense, theknoloji le ntjhafatso (STI)
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho lokollwa ha Tlaleho ya Tshehetso yaDitjhelete ya tsa Saense, Theknoloji le Ntjhafatso bakeng samaikutlo a setjhaba.
 
3.2. Tlaleho ena e hatella tlhokeho ya hore Afrika Borwa e tlohele taba yaho tshepela tshehetsong ya ditjhelete e tswang dinaheng tsa ka ntle, ho imolla ditshoso tse tliswang mananeong a diphuputso a nahabakeng sa ho sireletsa boikemelo ba Afrika Borwa ho tsa saense.

4. Kamohelo ya Prothokhole ya Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC) ya Diindasteri
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha Prothokhole ya Diindasteriya SADC Palamenteng ho tla amohelwa. Prothokhole ena  kesetlamo sa semolao sa tumellano ya lebatowa se reretsweng hontshetsapele motheo wa diindasteri o fapakaneng, wa ntjhafatso le bohlodisani ho phatlalla le Afrika e Borwa. Sepheo sa sena ke hokgothaletsa kgolo ya moruo wa moshwelella le o kenyeletsangbohle.

4.2. Kamohelo ya Afrika Borwa ya Prothokhole ho tla nyehela tabeng ya hoe kenya tshebetsong le ho e fa matla ha re ntse re nyehela bakengsa ho tsepamisa maikutlo hodima ntshetsopele ya moruo walebatowa le diindasteri le ho kgothaletsa phethoho tabeng ya horomela ntle mehlodi ya tlhaho ho e na le ho romela ntle dihlahiswatsa boleng bo hodimo tse hlahisitsweng ka ho phethahala.

5. Kamohelo ya Tumellano ya Papallo le Tshebediso ya Moshwelella yaDibaka tsa Mawatleng tse ka nqane ho tse Laolwang ke Afrika Borwa
5.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa palamenteng ha Tumellano yaPapallo le Tshebediso ya Dibaka tsa Mawatleng tse ka nqane ho tseLaolwang ke Afrika Borwa (Tumellano ya BBNJ) Palamenteng ho tlaamohelwa. Tumellano ena e boetse e tsejwa jwalo ka Tumellano yaMawatleng a Maholo, Tumellano ena ke ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) mme ke ya setlamo ho netefatsa hore ho ba le bapallo le tshireletso ya mawatle a matjhaba.

5.2. Afrika Borwa e ile ya bapala karolo ya bohlokwa dipuisanong tsaTumellano ena Tlasa Tumellano ya Khonvenshene ya (UN) ha re tlaho Molao wa Mawatleng. Ka Tumellano ya BBNJ, ho lebeletswe homatlafatswe ho laolwa ha mawatle ka tshebedisano ya matjhaba ka sepheo sa ho a baballa le ho baballa dihlahiswa tsa teng.
 
B. DIBILI
1. Bili ya Sehlomathiso sa Melao wa Naha wa Taolo ya tsa Tikoloho(NEMLA) ya 2026
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya NEMLA yaselemo sa 2026 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili ena, ka yona hoikemiseditswe ho tlisa diphethoho Molaong wa Naha wa Taolo ya tsaTikoloho wa 1998 (Molao wa bo-107 wa 1998), ho matlafatsaboimatahanyo ba tikoloho le qobello ka ho matlafatsa bahlahlobi batsa tikoloho hore ba fane ka ditlhokomediso tsa boimatahanyo le hothusa bomasepala ho fana ka ditaelo tsa ho imatahanya le dikgatikelo tsa tikoloho.
 
1.2. Bili ena e boetse e tsebahatsa mokgwa wa dikahlolo tsa tsamaiso ka hara molao wa naha wa Afrika Borwa wa tsa tikoloho. Sena se tlathusetsa dikahlolong tse teng hajwale bakeng sa diqoso tsa ditlolotse nyane tsa molao le hona ho thusa ho bebofatsa qobello yamolao le ho fokotsa dikotsi tse mabapi le diqoso.
 
2. Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Ngodiso ya ho ba Monga Mobu ka Mokgwa wa Elektroniki
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Bili ya Molaowa Ngodiso ya ho ba Monga Mobu ka Mokgwa wa Elektronikibakeng sa ho sekasekwa.

Ka Bili ena, ho tliswa diphethoho ho Molao wa Ngodiso ya ho baMonga Mobu ka Mokgwa wa Elektroniki, (Molao wa bo 19 wa 2019), wa Ngodiso ya ho ba Monga Mobu (Molao wa bo 47 wa 1937) le waho ba Monga Folete Lethathameng la Difolete, (Molao wa bo 95 wa1986) ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebeletso ya boingodiso ba ho bamonga mobu.

2.2. Bili ena e ntshetsapele maikemisetso a mmuso a moruo o kenyeletsang bohle le bapallo ya tokelo ya ho ba le mobu. Sepheosa ntlafatso tsena ke ho ntlafatsa ngodiso ya thuo ya mobu le tshireletso ya tokelo ya thuo ya mobu.
 
C. HO HLAJWA HA KABINETE MALOTSANA
1. Dikakanyo tsa 2026/7 tsa Lekala la Naha la Mautlwela (NIP) le Dikakanyo tsa Lekala lena (NIE)
1.1 Kabinete e hlabilwe malotsana ka Lekgotla la Tshireletso ya Naha la 2026/7 le Dikakanyo tsa Lekala la Mautlwela, Dintlha tse ka sehlohlolong tsa lona le Kakanyo ya ho kenngwa tshebetsong ha merero ya lona ya mautlwela.
 
1.2 Kabinete e etse hloko taba ya makala ohle a tsa mautlwela a tswelangpele ho kenya tshebetsong Dikakanyo tsa Lekala la Naha la Mautlwela.
 
1.3 Bakeng sa dintlha tse ka sehlohlolong tsa Lekala la Naha la Mautlwelatse ka nqane ho thomo ya lona, Kabinete e ile ya sekaseka hokenya tshebetsong moralo wa NIE, o toboketsang, hara tse ding:
1.3.1 Ho matlafatsa ho hlahlojwa ha dibaka tsa mesebetsi ho netefatsahore di ikobela melao ya Afrika Borwa ya tsa khiro,
 
1.3.2 Ho matlafatsa melao e mabapi le moruo wa lehae ho netefatsa horeMaAfrika Borwa a fumana monyetla wa ho nka karolo moruong walehae esitana le ho ba le dikgwebo tseo e leng tsa bona, e leng se tsamaisanang le Karolo ya bo 22 ya Molaotheo, moo hotsepamisitsweng maikutlo haholo taolong ya di-spaza shop le mefuta e meng ya dikgwebo tse nyane.
 
1.3.3 Paballo ya motlakase le kanetso ya dijo ho latela boemo ba mehlodiya Afrika Borwa, le-
 
1.3.4 Ho fetofetoha ha maemo a tlelaemete le boitseko ho kenyeletsa le holwantsha dikoduwa tse kang El Niño.
 
1.4 Ha nako e ntse e tsamaya, ho latela keletso ya Lekala la Naha la Mautlwela, Letona Kantorong ya Mopresidente le tla lokollaDikakanyo le dintlha tse ka sehlohlolong tsa Lekala la Mautlwela tsa2020-2021.
 
2. Keletso e tswang ho Khomishene ya Basebeletsi ba Mmuso (PSC) bakeng sa ho nka karolo ho dihlotshwana tsa dipuisano tsamekga ya dipolotiki le mererong e meng e amehang
2.1 Kabinete e elelletswe Keletso e tswang ho PSC ka ho nka karolo ha basebeletsi ba mmuso dihlotshwaneng tsa dipuisano tsa mekga yadipolotiki le mererong e meng e amehang, mme e etsa kgoeletso hoPSC ho buisana haholwanyane ka mekgwa ya tshehetso eo dithotsa Palamente di ka e sebedisang ho itokiseletsa dipuisano tsena.
 
2.2 Mokgwa wa dipolotiki wa Afrika Borwa o sebedisa mokgwa wa palo yakemedi ya mekga ya dipolotiki Palamenteng. Mekga ena yadipolotiki e iketsetsa dipuisano tsa tsona ka mekgwa eo e bonang e lokela yona – e meng ya mekga ena yona e sebedisa mokgwa wadipuisano tsa dihlotshwana.
 
2.3 Seo PSC e eletsang ka sona ke hore ha se ntho e napahetseng horebasebeletsi ba mmuso ba ka nka karolo dipuisanong tsena ha feelaba dumeletswe ke Letona kapa Motlatsi wa lona.
 
2.4 Basebeletsi ba maemong a hodimo ba mmuso ba memelwa ho nkakarolo dipuisanong tsena tsa dipolotiki e le hore ba tle ba fane ka dintlha tsa setekginiki tse tla matlafatsa Ditho tsa Palamentemosebetsing wa tsona wa ho beha tshebetso ya Kabinete leihlo.
 
2.5 Kabinete e dumellane ka ho tlisa taba ena ho Komiti ya Dipuisano yaMmuso wa Kopanelo bakeng sa ho dumella basebeletsi bamaemong a hodimo ba mmuso ho nka karolo dipuisanong tsadipolotiki.
 
3. Diphetoho Dikgwebong tsa Mmuso (SOE)
3.1 Kabinete e fumane kgatelopele e seng e fihletswe ho tlisengdiphethoho dikgwebong tsa mmuso (SOE) e le hore di tle etse seodi se thehetsweng.
 
3.2 Mekgwa ya ho kenya tshebetsong diphethoho ho di-SOE, e kenyeletsaho matlafatsa taolo ya tsona, boikarabelo le ho ba tsa moshwelella. Boikitlaetso bo ka sehloohong ke Bili ya Naha ya Dikgwebo   tsaMmuso e fanang ka ho   theha setheo se tla hokahanya diphethohotsa di-SOE, ho etsa hore ho be le mekgwa e tshwanang ya taolo le ditataiso tsa meputso, le ho tshehetsa tshebetso e ntlafetseng hophatlalla le potefolio ya di-SOE.
 
3.3 Ho latela Moralo wa Bodisa ba Tshebetso ya di-SOE, tshebetso yatsona e ile ya lekolwa nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2025/25 holatela Shejule ya bo 2, ya bo 3A le ya bo 3B. Tekolo ena e hlwailediphephetso tse mmalwa tsa taolo tse batlang dikenello tseotlolohileng.
 
3.4 Moralo ona o dula e le sesebediswa sa bohlokwa bakeng sa ho behatshebetso leihlo, ntlafatso ya taolo le ntlafatso ya tshebetso ya di-SOE ka ho hlahloba mekgwa ya meralo le tshebetso ya tsona.
 
3.5 Se tlatseletsang diphethoho tsena ke motjha wa tokafatso le ho fetolaboemo ba di-SOE, ho ahella hodima mosebetsi wa Lekgotla la Dikgwebo tsa Mmuso la Kantoro ya Mopresidente le faneng ka dikgothaletso tsa lona ho Mopresidente ka Mmesa 2024.
 
4. Projeke ya Phihlello ya Tshehetso ya Thuto le Ditshebeletsobakeng sa Bana le Batjha ba Qhwadileng Afrika Borwa
4.1 Kabinete e elelletswe tlaleho tse pedi tse bokeleditsweng ke Lefaphala Batjha, Basadi le Batho ba Holofetseng tse hlahlobang sekgeo se teng maanong a Thuto a Afrika Borwa le tsela eo bana le batjha baholofetseng ba phelang ka yona Afrika Borwa. Tlaleho ena e qadileho bokeletswa ho tloha ka Mphalane 2022 ho tla ho Tlhakubele2024 mme yona e hlahloba mekgwa ya hajwale ya tshehetso le hona ho hlwaya mekgwa e ka sebediswang ho kenella tabeng ena. Kabinete e rata ho netefaletsa MaAfrika Borwa hore e tlo aha mokgwa o le mong wa thuto o tla akaretsa ditlhoko tsa bana bohleho kenyeletsa le ba holofetseng.
 
4.2 Dikgothaletso tsa bohlokwa di kenyeletsa ho fetola molao wa thutokapa ho phatlalatsa melawana ho ya ka Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa ho qobella tokelo ya thuto e lekalekanang, e tshwanang le yaboleng bakeng sa bana le batjha ba holofetseng. Ditlaleho hape di kgothaletsa hore ditsi tsa thuto e phahameng di lokela hotsebahatsa dithuto tse tlamang tse kenyeletsang le thuto ya ditlhokotse ikgethang bakeng sa baithuti ba ithutelang botitjhere. Tlalehotsena ka bobedi di a fumaneha ho www.dwypd.gov.za
 
5. Dikgothaletso tsa Khomishene ya Nnete le Poelano (TRC)
5.1 Kabinete e fumane le hona ho sekaseka l tlaleho e tjhaetswengmonwana ke Palamente bakeng sa ho kenya tshebetsongdikgothaletso tsa TRC. Ka Phuptjane 2003, Palamente e ne e tjhaele monwana hore ho be le mokgwa wa ho fodisa maqeba homahlatsipa a neng a hlwailwe ke TRC. Hara mekgwa eo ho ne hokenyeletsa ditlhapiso tsa R30 000, dithuso tsa bongaka le mekgwae meng ho kenyeletswa le ho patwa botjha ha bafu le hona hohlabolla badudi e le karolo ya ho fodisa maqeba a nako e fetileng.
 
5.2 Kabinete e elelletswe kgatelopele e seng e fihletswe ho kenyengmehato ena tshebetsong ho kenyeletsa ho phatlalatswa ha melawana ke Mopresidente mabapi le ditlhapiso tsa hanngwe feelatsa bo mong, ho tsetollwa ha bafu, ho patwa botjha le ho tshwauwaha mabitla; thuso ka tsa thuto ya motheo; thuso ka thuto le thupelloe phahameng le tshehetso ya bodulo. Mokgwaritso wa melawana e mabapi le tsa bophelo bo botle le tlhabollo ya badudi e se e tlaphethelwa.
 
5.3 Ho feta moo, mahlatsipa a 17 455 ho a 21 676 a hlwailweng a TRC a se a fumane ditlhapiso tsa ona tsa R30 000. Tjhelete e seng e lefilwe bakeng sa ditlhapiso tsena e atametse ho R500 milione. Ho netefatsa hore ba lokelang ba fumana se ba tshwanetseng, ka la 9 Phuptjane 2026 ho ile ha etswa phatlalatso Koranteng ya Mmusohore mahlatsipa ohle kapa majalefa a ona a so kang a fumanaditlhapiso tsena a tle ka pele ho tla kenya dikopo tsa R30 000.

D. KHIRO
Dikhiro kaofela di ho ya ka netefatso ya mangolo a thuto le ditumello tseamehang tsa tshireletso
1. Ngaka Tshepo Mokoka jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso waLetlole le Bohareng la Eneji.
2. Mofumahadi Lindokuhle Nzoyi jwalo ka Mohlanka e Moholo waPhethahatso wa Amatola Water
3. Ngaka Michael Masiapato jwalo ka Mokhomishenara wa Bolaodi baMadiboho (ho ekeditswe nako ya hae ya tshebetso).
4. Ngaka Musa Furumele jwalo ka Moemedi e Moholo wa Afrika Borwa waKhomishene ya Metsi a Dihlaba a Lesotho le Mofumahadi Nelly Dineo Ndumo jwalo ka e mong wa moemedi.

5. Ho thonngwa ha Modulasetulo le setho sa Khomishene ya Diloto:
a. Monghadi King Tembinkosi Bonakele (modulasetulo); le
b. Mofumahad Mpho Sonia Mosing

6. Ho thonngwa ha ditho tsa Boto ya Lekgotla la tsa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong
a. Monghadi David Msiza (Modulasetulo);
b. Monghadi Xolile Mbonambi (Lefapha la Dirashwa le Dihlahiswa tsaPeterole) (DMPR);
c. Ngaka Dipalesa Mokoboto (DMPR);
d. Monghadi Mthokozisi A. Zondi (DMPR);
e. Monghadi Ndivhudza Mahwasane (DMPR);
f. Mofumahadi Naledi Tsipane (NUM);
g. Mofumahadi Melanie Roy (NUMSA);
h. Mofumahadi Nico Van Rooyen (UASA);
i. Monghadi Johan du Toit Boning (Solidarity);
j. Monghadi Joshua Thabang Setlhake (AMCU);
k. Monghadi Dushendra Naidoo (Lekgotla la Afrika Borwa la Dirashwa);
l. Ngaka Amu Modau (Mehlodi ya Vadante);
m. Monghadi TW Sepetla (Harmony Gold);
n. Monghadi Ronaldt Mafoko (Overlooked Group); le
o. Mofumahadi Letisha van den Berg (ASPASA)
p. Mofumahadi Constance Kekana (setho se seng);
q. Monghadi Thabo Ngwenya (setho se seng);
r. Monghadi Masibulele Naki (setho se seng) (NUM)
s. Monghadi Enock Manyoni (setho se seng); (NUMSA)
t. Monghadi Johnny White (setho se seng); (UASA)
u. Monghadi Jacobus Johannes De Wet Blaauw (setho se seng);(Solidarity)
v. Monghadi D. Gabriel Nkosi (setho se seng); (AMCU)
w. Ngaka Thuthula Balfour (setho se seng); (Lekgotla la Dirashwa la Afrika Borwa)
x. Monghadi Modise Ronald Mothlamme (setho se seng)’ (Harmony Gold) le
y. Ngaka Kelvin Naidoo (setho se seng) (Vlaterra Platinum)

E. DIKETSAHALO TSE TLANG
1. Kgwedi ya Mandela
1.1 Ka Phupu Afrika Borwa e tla hopola Kgwedi ya Mandela tlasa mookotabao reng ‘ho ntse ho le matsohong a rona ho lwantsha tlala le ho se lekalekane’. Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa ohle hoipha nako Kgweding ena ya Mandela le ka Letsatsi la Matjhaba la Mandela ka la 18 Phupu 2026 ho leka ho aha Afrika Borwa e sebeletsang MaAfrika Borwa.
 
2. Kgwedi ya Naha ya Saense
2.1 Phupu e tshwaya Kgwedi ya Naha ya Saense e tlang ho thakgolwa ka la 4 Phupu 2026 mane Yunivesithing ya Theknoloji ya Lekwa, Southern Gauteng Science and Technology Park mane Sebokeng tlasamookotaba o reng "Saense, Theknoloji le Ntjhafatso ke tsa bohle”.
 
2.2 Ka kgwedi ena ya saense, ho ikemiseditswe ho aha setjhaba se nang le tsebo ka tsa saense, le se ka hlahisang maikutlo ka tsa saense, theknoloji le ntjhafatso. Ho boetse hape ho ikemiseditswe hokgothaletsa setjhaba ka boitshepo ho tsa saense, borasaense le ditheotsa saense.
 
F. MELAETSA
1. Matshediso
Kabinete e lebisa matshediso a yona le kutlwelo bohloko ho metswallele ba lelapa la:
• Mokaubere wa Afrika Borwa mminong wa jazz, Abdullah Ibrahim, eoa bileng le tshusumetso e kgolo maemong a matjhaba mminongona, mme a tuma dilemo tse fetang tse mashome a supileng. O tlahopoleha jwalo ka e mong wa manqosa a pele a mmino le setso.
 
• Baahi ba babedi ba Mozambique le a le mong wa Malawi ba ileng bahlokahala ho qaleheng ha boipelaetso kgahlanong le bofalli bo satsepamang.

2. Ditakaletso tse molemo
Kabinete e fetisetsa ditakaletso tse ntle ho:
• Letona la tsa Khiro le Mesebetsi Mofumahadi Nomakhosazana Meth ka ho kgethelwa ho ba Motlatsi wa Modulesetulo ho Mokgatlo waBahiri le wa Basebetsi Mokgatlong wa Matjhaba wa tsa Khiro (ILO) ka la 12 Phupjane 2026.
• Kagiso Rabada, ka ho ba le sehla se ikgethileng nakong ya Indian Premier League 2026, moo a qeteletseng e le moakgedi wa diboloya ipabotseng mme a hapa kgau ya Purple Cap.
• Sebapadi sa Afrika Borwa sa kerikete Temba Bavuma ya hlwailwengjwalo ka e mong wa Dibapadi tse 100 tse nang le Tshusumetso kaselemo sa 2026 e leng tlotla ya matjhaba e tholahalang ho tswaMakasineng ya Time.
• Bayanda Walaza, ya hapileng Lebelo la Banna la 100m ho Ostrava Golden Spike mane Czechia, ka nako ya metsotswana e 9.94 feela.
• Akani Simbine ka ho hapa Lebelo la Banna la 100m mabelong a FBK Games mane Netherlands ka nako ya metsotswana e 10.08 feela.
• Prudence Sekgodiso ka ho ba mosadi wa pele wa MoAfrika Borwa hohapa kgau ya gauta Dipapading tsa Matjhaba tsa Mabelo tsa Indoor mane Nanjing, Tjhaena.
• The Proteas tsa Basadi ka ho fofisetsa folakga ya Afrika Borwahodimo ka ho fihlella sekamakgaolakgang Mohopeng wa Lefatshewa T20 wa Kerikete ya Basadi le ka papadi ya bona e ipabotsengthonamenteng ena kaofela leha ba ile ba hlolwa ke England ka Labone la 02 Phupu 2026.
• Sehlopha se senyane sa Springboks ka ho hlola Georgia ka 104 – 7 papading ya bona ya pulamadiboho Mohopeng wa Lefatshe waRugby wa ba Banyane hona mane Georgia.
• Bradley Nkoana, ka ho ba MoAfrika Borwa wa bo 12 ho qeta lebelo la 100m ka tlase ho metsotswana e 10 feela.
• George Kusche le Gerda Steyn ka ho hapa Lebelo la Comrades la 2026 la banna le la basadi. Kusche o qetile lebelo lena le neng le “nyoloha” ka rekoto ya 05:15:56, ha Steyn yena a nkile kgau yabohlano ka nako ya 05:44:53.

Kabinete e leboha kabelo ya boradipapadi le bommadipapadi ba Afrika Borwa ka ho bapatsa naha ya habo rona le hona ho kopanya ba batsho le ba basweu ho bontsha hore LEHA RE FAPANE, EMPA RE NAHA E LE NNGWE. 

E phatlaladitswe bitsong la Kabinete ke:

Letona Kantorong ya Mopresidente, Mofumahadi Khumbudzo Ntshavheni

Dipotso:
Tsamaiso ya Dikgokahanyo le   Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
Ikopanye le: Mofumahadi Nomonde Mnukwa, Motsamaisi Kakaretso yaTshwereng Mokobobo
Letsatsi: 3 Phupu 2026
Mohala: 083 653 7485  
www.gcis.gov.za; www.gov.za

Share this page

Similar categories to explore