Tlaleho ka Kopano ya Kabinete ya Laboraro, 25 Tlhakola 2026

A.    Maemo a Renang

1.1.    SoNA 2026: Re Lokisa seo re Lokelang ho se Lokisa hore re Phahame Mmoho 
1.2.    Kabinete e etsa boinehelo ba ho potlakisa ho kenya tshebetsong ka nako dintho tseo Mopresidente Ramaphosa a buileng ka tsona Puong ya hae ya Maemo a Naha (SoNA), le nakong ya Dikarabo tsa hae ho ngangisano ya SoNA 2026. 
1.3.    SoNA 2026 e behile pele diphephetso tse ntseng di kgathatsa naha leha ho na le kgatelopele ho tsa moruo jwalo ka ha dipontsho tsa moruo di bontsha. Diphephetso tsena ke: (a) mathata a metsi boemong ba naha, (b) Bohloko ba Mokaka, (c) Bonokwane bo hlophisitsweng ha mmoho le ho fokola ha lekala la toka le twantsho ya bonokwane, (d) bommasepala ba fokolang, ha mmoho le (e) Leqeme la mesebetsi.
1.4.    Ha re tla tabeng ya mathata a metsi, Mopresidente e tla ba modulasetulo wa Komiti ya Mathata a Metsi, eo e leng yona e tla kopanya le hona ho hokahanya mekgwa ya ho kenella eo ka yona ho ikemiseditsweng ho rarolla mathata a metsi. Komiti ya Mathata a Metsi e tla phethela Leano la Tshebetso la Metsi le tla tsepamisa tshebetso ho mekgwa ya nako e kgutshwane, e mahareng, le e telele ya ho kenella boitekong ba ho ba le phepelo e sa kgaotseng ya metsi. Ho ka tsitsisa phepelo ya metsi Gauteng, Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tjhaetse monwana laesense e potlakileng e dumellang Rand Water ho pompa metsi a eketsehileng mane Phepelong ya Metsi a Noka ya Lekwa bakeng sa dikgwedi tse tharo (3) e le ho dumella bommasepala ho kgona o tlatselletsa disiu tsa bona tsa metsi. 
1.5.    Twantsho ya Bonokwane bo Hlophisitsweng ha mmoho le ho fokola ha lekala la toka le twantsho ya bonokwane e lokiswa ka leano le thehilweng la kopanelo. Leano lena le kenyeletsa ho kengwa tshebetsong ha Leano la Naha la Twantsho ya Bonokwane bo Hlophisitsweng le boetseng le matlafatswang ka tshebediso ya SANDF dibakeng tse thefutsweng haholo ke mekgatlo ya maqulwane, mme ha re tla ka lekaleng la twantsho ya bonokwane le dukehileng, teng re nkile qeto ya ho hlahloba ditho tsa sepolesa sa bommasepela. Ditlhahlobo tsena di kenyeletsa dihlahlobo tsa maemo ao ba phelang ka ona. Leano la Tlhahlobo ena le tla fetisetswa ho Komiti ya Palamente e Shebaneng le Bohlwela. Ho eketsa moo, ho na le sehlopha sa tshebetso se kgethilweng ka ditho tsa SAPS se tlo fuputsa bopaki ba diketso tsa bonokwane kgahlano le batsamaisi ba maemo a hodimo ho SAPS bao mabitso a bona a hlahelletseng Komesheneng ya Madlanga.

2.    2026 Tekanyetso ya Tjhelete ya Naha (Ditrilione tse R2.67)
2.1.    Kabinete e amohetse Tekanyetso ya Tjhelete ya 2026 ya Ditrilione tse R2.67 e tla thusa ho kenya dintho tsohle tse boletsweng ke Mopresidente ho SoNA tshebetsong.
2.2.    Ho ka lwantsha bonokwane, Letona la Matlotlo le ekeditse ka dibilione tse R2.7 hodima di-MTEF ho tekanyetso ya Lefapha la Sesole ho ka ntlafatsa ditshebeletso mme ka hodimo ho moo, ho SAPS le SANDF, lefapha ka leng le ekeleditswe ka bilione R1 mme tjhelete ena e nkilwe Letloleng la CARA ka sepheo sa ho tla lwantsha bonokwane bona bo hlophisitsweng. 
2.3.    Ho tshehetsa diphetoho ho bommasepala, Letona la Matlotlo le phatlaladitse dibilione tse R27.7 hodima di-MTEF bakeng sa merokotso ya tshebetso e ntle le diphetoho ho bommasepala ba baholo ba rekisang motlakase, metsi le matlakala. Sepheo sa diphetoho tsena ke ho sireletsa lekeno la bona la metsi le motlakase e le hore lekeno leo le boele le sebedisetswe ditshebeletsong tseo. 
2.4.    Ka hodimo ho moo, Letona la Matlotlo le boetse la phatlalatsa ho thehwa ha Tshebeletso ya Kopanelo bakeng sa letlole la bommasepala la meralo ya motheo (MIG), moo bommasepala ba nang le mathata a maholo a phano ya ditshebeletso kapa hona ho se laole ka nepo, ba tlang ho fetohela mokgweng o motjha oo e seng wa kotloloho. Mokgwa ona oo e seng wa kotloloho o tla neha le bommasepala ba ditereke ho kenella ho thuseng ka meralo ya ona ya motheo bakeng sa phano ya ditshebeletso, e seng ho sebediswe diakgente tse ikemetseng. 
2.5.    Tekanyetso ena ya ditjhelete e tlisitse kimollo dikgwebong tse nyane le malapeng ka ho phumula nyollo ya lekgetho la dibilione tse R20 e neng e phatlaladitswe tekanyetsong ya Motsheanong 2025, ka sepheo sa ho etsa hore tjhelete ya lekgetho le ya merokotso di tsamaisane le sekgahla sa tshebediso ya tjhelete, ha ka ho le leng e nyolla tekanyetso ya lekgetho le qobeletsweng la VAT e tlohe ho milione ho ya ho dimilione tse R2.3. 
2.6.    Kabinete e hatelletse boinehelo ba yona ba ho laola matlotlo a mmuso ka bohlale le nepo, ho tlisa diphetoho, ho kengwa tshebetsong ha mekgwa le mananeo a ho kenella ao e leng ona a thusitseng hore e be re bile le kgolo ya moruo, re bile le kgaello e nyane matlotlong a rona esitana le ho etsa hore Tekanyetso ena ya 2026 e atlehe. 

3.    Katleho e nyane twantshong ya leqeme la mesebetsi 
3.1.    Kabinte e amohetse sephetho sa Kotara ya bone sa Palo ya Batho ba Sebetsang jwalo ka ha se lokolotswe ke Lefapha la Afrika Borwa la Dipalopalo, se bontshang ha palo ya batho ba sa sebetseng e fokotsehile ka persente tse 0.5, e le ho persente tse 31.4 ka kotara ya bone ya 2025 e tloha ho tse 31.9 kotareng e fetileng.
3.2.    Palo ya ba sa sebetseng e fokotsehile ka 172 000 ya tlaho dimilione tse 7.8, ha ya ba sebetsang yona e nyolohile ka 44 000 ka kotara ya bone ya 2025 ho ya ho dimilione tse 17.1.
3.3.    Sena se bontsha keketseho ya palo ya batho ba sebetsang ka kotara tse tharo tse latelanang, mme ke ntho e kgothatsang ya hore mafapha a bohlokwa a kang la kaho, ditjhelete le temo a be le kabelo e hodimo ya kgolo ena.

4.    Dipontsho tsa Diphetoho le Kgatelopele Diphetohong tsa Moruo 
4.1.1.    Kabinete e boetse ya amohela phatlalatso ya Mopresidente ho SoNA ya hore ha se ntho e amohelehang hore ka mora dilemo tse 31 tsa demokrasi e be hore Batho ba Batsho, ba Mmala ha mmoho le Maindiya ba tswelapele ho ba le menyetla e ka tlase ho ya Makgowa, le ya hore basadi ba fumane meputso e ka tlase ho ya banna. 
4.1.2.    Dintlha tse tswang Lefapheng la Afrika Borwa la Dipalopalo (StatsSA), le paka taba ya hore pakeng tsa 2006 le 2023, malapa a Batho ba Batsho a ile a fumana kgolo ya lekeno ka persente tse 46, Bammala bona ka persente tse 29 ha ba Maindiya bona e bile persente tse 19. Maemo a bofutsana malapeng a Batho ba Batsho a fokotsehile ho tloha persenteng tse 67 ka 2006 a tla ho persente tse 44 ka 2023, ha maemo ao a bofutsana malapeng a Bammala teng a fokotsehile ho tloha ho persente tse 42 ho ya ho tse 25 hona ka nako e tshwanang. 
4.1.3.    Leha ho bile le kgatelopele ena, empa Kabinete e ntse e elellwa taba ya hore lekeno la malapa a Makgowa le feta la Batho ba Batsho ka makgetlo a iphetileng hahlano. 
4.1.4.    Ka lebaka lena, Kabinete e amohetse taba e lohothwang ya ho lekola botjha Molao o Laolang Tshehetso ya ba Batsho Moruong ho netefatsa hore e tlisa diphetoho esitana le hona ho netefatsa kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle.

4.2    Malapa a Batho ba Batsho jwale a na le lekeno le phahameng ka 41%
4.2.1    Kabinete e nkela hloohong sephetho sa dipatlisiso tsa Institute ya Maano a Dipapatso ya Yunivesithi ya Kapa mabapi le dintlha tsa StatsSA, tse bontshitseng ha malapa a Batho ba Batsho a fumanang moputso o fetang R75 000 ka kgwedi a nyolohetse ho persente tse 41 ka 2024, a tloha ho persente tse 29 ka 2012. Palo ya Maafrika Borwa a Batho ba Batsho a fumanang moputso o ka hodimo ho R22 000 ka kgwedi e iphetile ho feta makgetlo a mane jwalo ka ha a fetile dimilione tse supileng ka 2024. Ka kakaretso, palo ya batho ba karolong eo ya moputso e ile ya nyoloha ho tloha palo e batlileng e ba dimilone tse nne ho ya ho dimilione tse fetang tse 11 pakeng tsa 2012 le 2024. 
4.2.2    Ho eketseha hona ha lekeno la Batho ba Batsho ho fetola boemo ba lekeno la Maafrika Borwa ho ya ka merabe ho ba maemong a hodimo. Sena ke sephetho sa mosebetsi wa dilemo tse mashome a mararo a motso o le mong a diphetoho tsa demokrasi ka mananeo a kang tekatekano mosebetsing, ha mmoho le tshehetso ya Batho ba Batsho moruong. Kgatelopele ena e etsahetse naheng e neng e tletse ho se lekalekane, moo bongata ba Batho ba Batsho ba neng ba kgethollwa nakong ya bokoloniale le ya kgethollo moo lekeno le hodimo e neng e le la morabe o le mong. 
4.2.3    Kabinete e elellwa taba ya hore leha re bile le kgatelopele ena, empa dipalopalo ha di so fihle moo Afrika Borwa e ipatlang teng. Maafrika Borwa a Batho ba Batsho a mangata a ntse a le bofumeng mme le ba sebetsang ba sebetsa maemong a seng matle.

5.    Afrika Borwa e qala ho enta dikgomo ho thibela ho ropoha ha bohloko ba Mokaka, ka sepheo sa ho ba le naha e se nang bohloko bona 
5.1.    Moifo wa Dipatlisiso tsa Temo (ARC) Onderstepoort Veterinary Research (OVR), e qadile ho hlahisa ente ya bohloko ba Mokaka (FMD) dilemong tse fetang tse 20. Mokgahlelo wa pele wa ente e hlahisitsweng lapeng ya FMD e fetiseditswe ho mmuso ka Labohlano la la 6 Tlhakola 2026. Katleho ena e tlo ba le kabelo mohatong wa ho thibela bohloko bona ba FMD, boo ha jwale bo hlasetseng dikgomo tse fetang dimilione tse 14 naheng ena, e leng se ferekanyang borapolasi ba bangata.
5.2.    Kabinete e na le boitshepo ba hore bokgoni bona ba khamphane ena ya mmuso ya ARC le Onderstepoort Biological Products bo tla ba le kabelo matsapeng a ho fedisa FMD Afrika Borwa, e leng seo naha ena e neng e tshepetse ho Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba wa Bophelo bo Botle ba Diphoofolo (WOAH). Kabinete e leboha borapolasi ba entseng matsapa a bona ho eketsa ana a Lefapha la tsa Temo ho lwantsha bohloko bona ba FMD.

6.    Dipalopalo tsa maemo a bonokwane di bontsha kgatelopele twantshong ya bonokwane 
6.1.    SAPS e lokoletse dipalopalo tsa bonokwane tsa Kotara ya boraro ya 2025/26 ka Labohlano la la 20 Tlhakola 2026, tse bontshang hore mosebetsi o sa le mongata o hlokang ho etswa leha ho na le kgatelopelenyana. 
6.2.    Ha re tla ho dipolao, ho fokotseha ho qadileng ka Kotara ya pele ya 2023/24 ho kgonne ho tswelapele jwalo ka ha bonokwane bona bo fokotsehile ka persente tse 8.7, e leng se bolelang ha di fokotsehile ka palo ya batho ba 602 ha ho bapiswa le nakong e tshwanang selemong se fetileng. Dilemong tse pedi tse fetileng, dipolao kotareng ena di ile tsa fokotseha ka persente tse 17.6, e leng se bolelang ha palo ya dipolao e fokotsehile ka 1 359. Ho fokotseha ho palo e hodimo ho bonahetse diprofensing tse hlano: KwaZulu-Natal, Gauteng, Mpumalanga, Foreisitata le Leboya Bophirima. Phokotseho e nyane e bonahetse Kapa Bophirima le Kapa Botjhabela, ha Limpopo le Kapa Leboya tsona di nyolohile hanyane. Dikarolong tse 30 tse bileng le palo e hodimo haholo ya dipolao naheng ka bophara, ke tse 15 feela tse boneng phokotseho. Sena se paka taba ya hore leha maemo a ntse a ntlafala, matsapa a ho kenella setjhabeng seo a ntse a hlokahala.
6.3.    Kabinete e ngongorehiswa haholo ke ho eketseha ha dipolao tsa mapolesa kotareng ena. Mapolesa a 23 a bolailwe mme a batlang a etsa persente tse 80 ona a bolailwe a le mosebetsing. Mokomeshenara wa Naha wa Sepolesa o nehilwe mosebetsi wa ho hlahloba maemo e le ho thibela dipolao tsena ho tswelapele. 
6.4.    Bonokwane ba dikgoka bo fokotsehile ho feta mefuta yohle ya bonokwane bo nang le merusu jwalo ka ha bo fokotsehile ka persente tse 6.7, e le se bolelang hore palo ya diketsahalo tse tlalehilweng sepoleseng di fokotsehile ka 12 682 ha di bapiswa le selemong se fetileng. Dilemong tse pedi tse fetileng, bonokwane bona ba dikgoka ba kotara ena bo fokotsehile ka persente tse 8.3 kapa re ka re ditlaleho di fokotsehile ka tse 15 763. 
6.5.    Karolo ya phokotseho ena e bakilwe ke ho matlafatswa ha tshebeletso ya sepolesa.

7.    Tlaleho ya SIU tabeng ya di-VISA tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae 
7.1.    Nakong eo Mopresidente Ramaphosa a neng a tekena Tumello ya hore Lekala le Ikgethileng la Mafokisi (SIU) le fuputse menyenyetsi ya bobodu le bonyofonyofo dikopong tsa di-VISA ka la 16 Tlhakola 2024, sepheo se seholo e ne e le ho baballa seriti sa ditokomane tsena tsa semmuso tsa Afrika Borwa ha mmoho le tshebeletso ya bojaki. 
7.2.    Kabinete e phaphathelletse SIU matsoho ka mosebetsi wa yona o tla thusa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ho kwala dikgeo tse teng tshebeletsong ya lona ho netefatsa hore ba tlolang molao ba a qoswa. 
7.3.    Kabinete e boetse e phaphathelletse Lefapha la Ditaba tsa Lehae ka kgatelopele eo le seng le e entse ho matlafatsa tshebeletso ya naha ya bojaki haesale ho ropoha menyenyetsi ena ya bonyofonyofo le bobodu.

8.    Ho kgutla ha bahlanka ba 15 ho ba 17 ba neng ba lothwa hore ba ilo ikamahanya le Sesole sa Russia
8.1.    Tshebedisano ya mmuso wa Afrika Borwa le wa Russia e entse hore banna ba dilemo di pakeng tsa tse 20 le tse 39 ba neng ba lothilwe hore ba ilo ikamahanya le ntwa ya Russia ba kgutle ka polokeho. Sena se latela thapedi ya banna bana ba leshome le metso e supileng (17) ya ho thuswa ho kgutlela lapeng.
8.2.    Kabinete e kopanya matsoho le Mopresidente Cyril Ramaphosa tebohong ya hae ho Mopresidente Vladimir Putin ya ileng a arabela kopo ya Mopresidente Ramaphosa ya ho thusa ho kgutliseng banna bana ba ileng ba lothwa ho ya ikamahanya le ntwa e pakeng tsa Russia le Ukraine. 
8.3.    Banna bana ba leshome le metso e supileng (17) ba ile ba lokollwa dikonterakeng tsa bona tsa sesole. Ba leshome le metso e mehlano (15) ho bona ba se ba kgutletse Afrika Borwa mme ba babedi (2) ho bona ba ntse ba le Russia, mme a le mong ho bona o sepetlele, ha e mong ho phethelwa ditlhophiso tsa ho mo kgutlisetsa lapeng. 
8.4.    Diphuputso tsa ho shebesisa hore ho tlile jwang hore bahlankana bana ba iswe moo di tswelapele mme hape ho tlolwe le molao wa Afrika Borwa.

9.    Kotsi ya Morafo wa Ekapa 
9.1.    Letona la Diminerale le Dihlahiswa tsa Petroliamo (DMPR), Gwede Mantashe, ha mmoho le Tonakgolo ya Kapa Leboya, Zamani Saul ha mmoho le Ramotse wa Mmasepala Martha Bartlett, ba ile ba etela Morafo wa Ekapa Minerals Joint Shaft mane Kimberley, moo ho ileng ha etsahala kotsi ya ho phatloha ha seretse se ileng sa kwalla basebeletsi ba bahlano ka tlasa morafo ka la 17 Tlhakola 2026. Ditshebeletso tsohle tsa morafo di emisitswe jwalo ka ha ho lekwa ho fumana basebetsi bana. Ha mosebetsi ona wa ho fumana basebeletsi bana o se o phethetswe, Lefapha le tla etsa diphuputso ho latela Molao wa tsa Bophelo bo Botle le Polokeho ya merafong ho ka fumana sesosa sa kotsi ena. 
9.2.    Sehlopha sa DMPR, se etelletsweng pele ke Mohlahlobi e Moholo wa Merafo ba sebakeng sa kotsi ho beha mosebetsi leihlo ha mmoho le ho tshehetsa mosebetsi o etsuwang. Mmuso o phaphathela dikhamphane tse ding tsa merafo ha mmoho le Moifo wa Afrika Borwa wa Merafo ka thuso ya bona mosebetsing ona wa pholoso. Malapa a amehang a ntse a behwa sehlohlolong sa ditaba kgafetsa. Mmuso ha o a lebala ka malapa ana mme o dutse o a beha dithapelong jwalo ka ha mosebetsi wa pholoso o ntse o tswelapele.

10.    Dikamano tsa matjhabeng
10.1.    Seboka sa bo 39 se Tlwaelehileng sa Moifo wa AU 
10.1.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a etella pele sehlopha sa kemedi ya Afrika Borwa ho ya Sebokeng sa bo 39 se Tlwaelehileng sa Moifo wa AU ho tloha ka la 14 ho ya ka la 15 Tlhakola 2026. Sehlooho sa seboka sena se ne se le ka lebaka la metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere ka tlasa lepetjo le reng: “Ho Netefatsa Phepelo e Otlolohileng ya Metsi ha mmoho le Tsamaiso e Bolokehileng ya Dikgwerekgwere ka sepheo sa ho fihlela Leano la Agenda 2063”, e leng se tsamaisanang le e nngwe ya dintlhakgolo tsa Afrika Borwa tse boletsweng ho SoNA le se tla thusa mathateng a lehae ha mmoho le ho tshehetsa matsapa a kontinente a phepelo e otlolohileng ya metsi le ditshebeletso tse tsitsitseng tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere. 
10.1.2.    Mopresidente Ramaphosa o boetse a ya Kopanong ya Nakwana ya AU ya Maemo a Hodimo bakeng sa Seboka sa Sudan Borwa sa (C5) Plus. Mopresidente Ramaphosa o ne a boetse e le e mong wa badulasetulo ba komiti ena. Seboka sena sa C5, se bapala karolo ya bohlokwa ho ka okamela ho kengwa tshebetso ha Tumellano ya Tharollo ya Morusu o mane naheng ya Sudan Borwa.

10.2.    Afrika Borwa jwalo ka Modulasetulo ya tshwereng mokobobo wa SADC e itokisetsa ho tshwara Seboka sa bo 46 sa SADC
10.2.1.    Afrika Borwa jwalo ka Modulasetulo ya tshwereng mokobobo wa Mokgatlo wa Dinaha tse ka Borwa ho Afrika (SADC), e se e qadile ditlhophiso tsa ho tshwara Seboka sa bo 46 sa SADC ka Phato 2026 ka ho tshwara dikopano tsa makala. 
10.2.2.    Hona tabeng ena, Afrika Borwa e se e tshwere ka katleho dikopano tsa kopanelo tsa Matona a tsa Bophelo bo Botle ha mmoho le a mang Matona a ikarabellang ka HIV le EITSI sedikeng sa SADC ho tloha ka la 23 ho ya ho la 24 Tlhakola 2026 mme kopanong eo ho ne ho na le baemedi ba WHO, UNAIDS, UNDP, UNESCO, UNFPA, le UNICEF.
10.2.3.    Kopanong ena ho ile ha lekolwa botjha mathata a tsa bophelo bo botle ha mmoho le mekgwa wa ho lwantshana le ho ropoha ha mahloko. 
10.2.4.    Ka hodimo ho moo, Afrika Borwa e tla tshwara Kopano ya Moifo wa Matona a SADC ho tloha ka la 12 ho ya ka la 13 Tlhakubele 2026, eo ho yona ho tlang ho tla Matona a dinaha tse 15 tseo e leng ditho tsa SADC mme yona e tla etellwa pele ke ya Komiti e Kgolo ya batsamaisi ba hodimo.

9.3    Tshebedisano ya tsa Moruo pakeng tsa Afrika Borwa le Tjhaena
9.3.1    Kabinete e hlabilwe malotsana ka ho tekenwa ha Tumellano ya Tshebedisano ya tsa Moruo pakeng tsa Afrika Borwa le Tjhaena bakeng sa Katleho ya Kopanelo (CAEPA) jwalo ka karolo ya Southern Africa Customs Union (SACU) le tumellano ya kgwebisano le Tjhaena e tla kenyeletsa ditherisano ka Tumellano ya Kotulo ya Pele ho Nako e tla unisa molemo wa ho se lefelle lekgetho la ho kena mebarakeng ya Tjhaena ke dinaha tsa Afrika tse nang le dikamono tsa matjhabeng le Tjhaena. 
9.3.2    Ho eketsa moo, Afrika Borwa e tla re ka la 25 Tlhakubele 2026, e tshware Puisano ya bo 13 ya Maano e Pakeng tsa Tjhaena le Afrika Borwa e tla neha dinaha tsena ka bobedi monyetla wa ho lekola botjha le ho lokisa taba ya ho kenya tshebetsong dikamano tsa ditherisano tsa dinaha tsena ha mmoho le ho ba Maano a Kakaretso ya Tshebedisano ka dipuisano tse tla etswa kgafetsa.
9.3.3    Ka la 26 Tlhakubele 2026, Motlatsa Mopresidente, Paul Mashatile e tla ba e mong wa badulasetulo ba kopano ya borobong ya Komeshene ya Naha ya Afrika Borwa le Tjhaena (BNC), eo ka yona ho ikemiseditsweng ho lekola botjha tshebedisano le ho lokisa makala a bohlokwa, ho matlafatsa tshebedisano ya sepolotiki, ya moruo le ya setekginiki pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Kgatelopele ya Mopresidente ho kenyeng tshebetsong dikgothaletso tsa Komeshene ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko 
1.1    Kabinete e tjhaetse monwana kgatelopele ya ho kengwa tshebetsong ha Dikgothaletso tsa Komeshene ya Dipatlisiso tsa Bobodu le Bonyofonyofo ha mmoho le ho Hulwa ha Mmuso ka Nko le ho tliswa ha tlaleho eo Palamenteng. 
1.2    Ho fihlela ka Pudungwana 2025, boleng ba thepa e seng e kgutlisitswe e amanang le menyenyetsi ya Bobodu le Bonyofonyofo bo tsamaisanang le ho Hulwa ha Mmuso ka Nko bo eme ho dibilione tse R16.432: 
Lekala le Ikgethileng la Mafokisi = Dibilion tse R2.89,
Lekala le Hapang Thepa = Dibilione tse R8.142, le
Setheo sa Afrika Borwa sa Pokeletso ya Lekgetho = Dibilione tse R5.4.
1.3    Kgatelopele mabapi le diphetoho di kenyeletsa, (i) Sehlomathiswa sa Molao wa Ditshebeletso tsa Mmuso ha mmoho le Sehlomathiso sa Molao wa Tsamaiso ya Mmuso, tseo kaofela di emetseng ho tjhaelwa monwana ka Mopresidente; (ii) Ho se ho kgethilwe le moahlodi ya tla okamela Lekala la Twantsho ya Bobodu (IDAC); (iii) Afrika Borwa e tlositswe lenaneng la FATF; (iv) Tlaleho ya ho Nonywa Maikutlo bakeng sa Diphetoho Mokgweng wa Dikgetho e tlisitswe Palamenteng; (v) Tshisinyo ya Molao o Sireletsang ba Pepesang Bobodu e tla sekasekwa ke Kabinete haufinyane, le (vi) Bukana ya Tokomane ya Ngodiso ya Basabeletsi ba Mmuso ba Lelekilweng e mothating wa ho nongwa ha setjhaba maikutlo. 
1.4    Ho fihlela ha jwale, mosebetsi o seng o entswe o etsa persente tse 57 (kgothaletso tse 34 ho tse 60) di se di phethetswe, mme persente tse 18 (tse 11 ho tse 60) di sa le motjheng, persente tse 23 (tse 14 ho tse 60) ha di so qalwe mme persente tse 2 (e le 1 ho tse 60) e hloka ho nkelwa bohato.

2.    Leano la ho Lwantsha Mokaka (FMD) 
2.1    Kabinete e hlabilwe malotsana ka botebo ba bohloko ba Mokaka (FMD) Afrika Borwa.
2.2    Kabinete e tjhaetse monwana tshisinyo ya ho enta dikgomo ka bongata ka sepheo sa taolo le ho thibela bohloko bona. 
2.3    Ho entwa hona ha dikgomo ka bongata, ho tla akaretsa dikgomo tse ka bang dimilione tse 14, e leng se tla hloka diente tse dimilione di 28 bakeng sa dikgwedi tse 12 tse tlang. 
2.4    Lenaneo lena la ho entwa le tla tshehetswa ka taba ya ho reka ente sebakeng se le seng e le ho netefatsa hore re kgona ho reka ente e nepahetseng bakeng sa mofuta wa bohloko bo teng. 
2.5    Ho entwa hona ho tla qalwa diprofensing tse amehileng haholo e le se tsamaisanang le sekgahla sa ho ropoha ha bohloko bona. 
2.6    Kabinete e tsebisitswe ka diente tse dimilione di pedi tse seng di le teng ho ka qala mosebetsi wa ho enta. 
2.7    Kabinete e entse kgoeletso ho borapolase ho ikamahanya le melao ya ho tsamaiswa ha mehlape ka sepheo sa ho thibela le ho laola bohloko bona.

3.    Molawana wa Naha wa Tekolo ya Maana wa 2025 
3.1.1    Kabinete e tjhaetse monwana Molawana wa Naha wa Tekolo ya Maano wa 2025 o tlo ntlafatsa Leano le teng ha jwale hore le kgeme le maemo a renang. 
3.1.2    Molawana ona wa Maano wa 2025, o tla matlafatsa tabeng ya ho beha dipehelo tse hlokang ho fihlelwa ha mmoho le diphetoho tsa teng, ha ka ho le leng o thusa le ho Moralo wa ho Kala Tshebetso Selemo le Selemo ha mmoho le ho theha mekgwa e phatlaletseng ya tsamaiso ho kenyeletsa mekgwa ya kgalemo ho ba sa sebetseng hantle ha mmoho le merokotso ho ba sebetsang hantle.

4.    Tlaleho ya Bobedi ya Naha bakeng sa ho kengwa tshebetsong ha Leano le letjha la Ntshetsopele ya Ditoropo 
4.1    Kabinete e tjhaetse monwana Tlaleho ya Bobedi ya Naha ya ho kengwa tshebetsong ha Leano le letjha la Ntshetsopele ya Ditoropo. 
4.2    Tlaleho ena e bua le ka diphehiso tsa matjhaba ditlalehong tsa ho kengwa tshebetsong ha Leano lena le Letjha la Ntshetsopele ya Ditoropo. 
4.2.1    Kgatelopele ya naha ha mmoho le diphephetso tsa teng mabapi le ntshetsopele ya moshwelella ya ditoropo ho kenyeletsa ho kenyeletswa ha setjhaba ha mmoho le ho fedisa bofuma. 
4.2.2    Maemo a naha mabapi le katleho ya moshelella ya ntlafatso ya ditoropo e kenyeletsang bohle. 
4.2.3    Maemo a moshwelella a tikoloho ha mmoho le ho setlela ha ntshetsopele ya ditoropo ho kenyeletsa puso, meralo, meralo ya ditjhelete ha mmoho le bokgoni ba ditheo. 
4.3    Kabinete e boetse ya tjhaela monwana taba ya hore Letona la ho Dudiswa ha Setjhaba le tle ka leano la ho lwantsha taba ya ho ropoha ha dibaka tsa baipehi dibakeng tse kotsi, tse ka hlaselwang ke dikoduwa mme lona le kenyeletse tharollo ya nako ya bohareng ho isa ho ya nako e telele ya Kaho ya Matlo a Nakwana a Bodulo (TRU).

5.    Leano la Afrika Borwa la Mmuso la Toka le malebana le Ditaba tsa Thobalano le ho Ima
5.1    Kabinete e tjhaetse monwana Leano la Afrika Borwa la Mmuso le melabana le Ditaba tsa Thobalano le ho Ima. 
5.2    Sepheo sa Leano lena ke ho etsa hore taba ya thobalano le ho ima e be tokelo jwalo ka ha Molaotheo o bolela. 
5.3    Ka Leano lena, ho ikemiseditswe hore motho ohle, haholoholo basadi, batjha le batho ba qheletsweng ka thoko ba be le matla le mekgwa ya ho etsa diqeto tseo e leng tsa bona ka mmele ya bona ha re tla tabeng tsa thobalano le ho ima.

C.    Ditshisinyo tsa melao
1.    Sehlomathiso sa Molao wa Dipenshene tse Ikgethang, 2026 
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Molao wa Dipenshene tse Ikgethang. Molao ona o Tlhakola Molao wa Dipenshene tse Ikgethang wa bo 69 wa 1996, mme o tla dumella hore batho ba tswelepele ka dipenshene tseo ba nang le tsona pele molao ona o hlakolwa. Molao ona o tla dumella hore motho a fumane penshene e fetang e le nngwe, haholoholo bathong ba hlokang ka sepheo sa ho tlisa tshebeletso se nang le ebe tsamaisong ya dipenshene tse ikgethang. 
1.2.    Molao ona o tla dumella molekane ya hlokahalletsweng ho fumana tjhelete e itseng ya phenshene ya mofu kapa motho eo holelwang ha a hlokahetseng ho ya ka molao. Diphetoho tsena di tlisetswa ho tla kwala dikgeo ha mmoho le ho eketsa palo ya batho ba dumellehang ho ka fumana dipei tsena, ka ho ela hloko batho ba ileng ba etsa boiteko phumantshong ya demokrasi ya Afrika Borwa.

2.     Sehlomathiso sa Melao ya tsa Kgiro, 2025
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Sehlomathiso sa Melao ya tsa Kgiro bakeng sa maikutlo a setjhaba. Ka molao ona, ho ikemiseditswe ho ntlafatsa le hona ho matlafatsa melao ya Afrika Borwa ya tsa kgiro ka ho hlomathisetsa Molao wa Dikamano tsa Mosebetsing wa bo 8 wa 2018, wa Taolo ya Maemo a ho Sebetsa wa bo 7 wa 2018, ha mmoho le wa Naha wa Bonyane ba Meputso, Molao wa bo 9 wa 2018 esitana le wa Tekatekano Mosebetsi, Molao wa bo 55 wa 1998. Sepheo sa ona ke ho sireletsa basebetsi, ho netefatsa hore melaoe ena e ipapisa le ditokelo tsa Molaotheo e leng tekatekano le ho hlompha ya seriti sa batho, ho ntlafatsa mekgwa ya ho qobellwa ha melao ya kgiro ha mmoho le ho hlakiswa ha mokgwa wa ho rarolla diqabang mosebetsing. 
2.2.    Molao ona o matlafatsa tshireletso ya ba sa sireletsahang le ba mesebetsi e sa tsitsang, ha ka ho le leng e ntse e hlokometse ditlhoko tsa bahiri tsa tshebetso. Molao ona o tlo phethahatsa se bolelwang ke Molaotheo, ka tshebedisano e ntle mosebetsing, toka ya setjhaba ha mmoho le kenyeletso ya bohle moruong.

3.    Sehlomathiso sa Molao wa 25 wa Dikamano Mosebetsing, 
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Sehlomathiso sa Molao wa 2025 wa Dikamano Mosebetsing bakeng sa maikutlo a setjhaba. Ka molao ona, ho ikemiseditswe ho ntlafatsa le hona ho matlafatsa dikamano mosebetsing ka ho tla ka melawana e hlakileng ha re tla tabeng ya ho kgetha boikgethelo ba basebetsi tabeng ya ho ikamahanya le mekgatlo ya basebetsi, molao ona o tla boela o fokotsa taba ya hore ditumellano tse entsweng moifong wa ditherisano o ame le dikhamphane tse ntjha tse thehilweng ka mora tumellano eo, ha mmoho le ho laola tshehetso le tshebediso ya ditjhelete ya meifo ya ditherisano, mekgatlo ya basebetsi esitana le ya bahiri. Diphetoho tsena di tla tlisa tshebedisano e hlokahalang pakeng tsa bahiri le basebetsi ka ho sireletsa basebetsi ha mmoho le ho neha bahiri bolokolohi ka ho le leng. 
3.2.    Molao ona o tla ka mekgwa ya ho betla mekgwa ya ho rarolla diqabang mosebetsing, ho fokotsa ho lefuwa ha ditlhapiso ha basebeletsi ha fumanang meputso e hodimo ha mmoho le ho lokisa tsela e tlameng ho latelwa ha ho teletswa basebetsi.

D. Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1.    Ntate Mpumelelo Nconco jwalo ka Molaodi wa Komeshene ya Poelano, ho Lamola ha mmoho le ho Ahlola (CCMA).

2.    Ho hirwa ha Balaodi ba Boto ya Taolo ya Sephethephethe sa Moyeng 
Ntate Zola Majavu (Modulasetulo, o kgethilwe hape).

  • Mme Doris Dondur (o kgethilwe hape).
  • Mme Zandile Matilda Kabini.
  • Mme Mapela Angelina Serote.
  • Ntate Peter Marais.
  • Ntate Badisa Matshego.
  • Mme Boni Patricia Beauty Dibate.
  • Mme Teboho Nokuthula Fihla.
  • Ntate Ashley Latchu; le
  • Ntate Mogamat Wasfie Ismail

3.    Ho kgethwa ha Balaodi ba Boto ya Akgente ya Naha ya Afrika Borwa ya Mebila (SANRAL)
Ntate Potas Thamsanqa Phili (Modulasetulo).

  • Mme Refilwe Buthelezi (o kgethilwe hape).
  • Ngaka Ismail Vadi.
  • Mme Orateng Yvonne Motsoai; le
  • Mme Rochelle Blaauw.

4.    Ho kgethwa ha Balaodi ba Boto ya Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Bofofisi 
Moatevokate. Mpati Mmasechaba Lebakeng (Modulasetulo, o kgethilwe hape).

  • Ntate Mankopane Daniel Tshepo Peege (o kgethilwe hape).
  • Mme Tshitshi Phewa (o kgethilwe hape mme o emetse Lefapha).
  • Mme Lindiwe Mamashela; le
  • Mme Gloria Zanele Nkosi.

D.    Mekete le Diboka
1.    Ho tshwarwa ha Tonamente ya LIV Golf South Africa mane lebaleng la kolofo la City Golf: 2026 ho ya ho 2028
1.1    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha tonamente ya LIV Golf South Africa e tla tshwarwa ho tloha ka la 19 ho ya ka la 22 Tlhakubele 2026 mane lebaleng la kolofo la Steyn City Johannesburg.
1.2    Liki ya LIV Golf ke dipapadi tsa matjhaba tsa kolofo tsa letoto tsa banna tse tshwarwang boemong ba matjhaba. 
1.3    Ho tshwarwa hona ha tonamente ya LIV Golf ho lebeletswe hore ho tshehetse maemo a setjhaba le a moruo ho kenyeletsa ho tshehetsa tsa bohahlaudi, ho theha mesebetsi ha mmoho le ho kgothaletsa ntshetsopele ya kolofo Afrika Borwa ka mananeo a hlophisitsweng. 
1.4    Papadi ka nngwe ho lebeletswe hore e kenye tjhelete e pakeng tsa dimilione tse R500 le tse R800.
1.5    Mananeo a amanang le tonamente ena ya LIV Golf ka ona ho ikemiseditswe ho tshehetsa batjha ka ho ba dumella ho sebedisa menyetla ya profeshenale ya ntshetsopele e tla kengwa ka mekgahlelo e mmedi. Mokgahlelo wa pele ke wa Southern Grounds Golf Club ha mmoho le Steyn City Gauteng Academy, ha e le wa bobedi ona e tla ba wa ho atolla mananeo a ho finyella dibakeng tse ding. 
1.6    Diketsahalo tse ding tsa LIV di reretswe 2027 le 2028, ka kgonahalo ya ho di fihlisetsa ho 2029 le 2030.

2.    Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho 
2.1    Afrika Borwa e tla keteka Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho ka Tlhakubele tlasa lepetjo le reng: “Nalane ya Sebete: Ho Sireletsa Ditokelo, Ho Baballa Botho.” Selemong sena ho fela dilemo tse 30 ho tekennwe Molaotheo wa rona jwalo ka molao. 
2.2    Tlhomamiso ya ho Keteka dilemo tse 30 tsa ho tekenwa le ho amohelwa ha Molaotheo jwalo ka molao e tla etsahala ka la 2 Tlhakubele 2026 mane Apartheid Museum. Mokete ona o re neha monyetla wa ho netefatsa taba ya hore demokrasi le tokoloho ya rona e ntse e le matla. 
2.3    Kabinete e etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle ho tswelapele ho tlotla le hona ho hlonepha molaotheo wa demokrasi ya rona, ditokelo tsa botho, molao, ha mmoho le boinehelo ba bahale ba lwanetseng demokrasi le tokoloho ya rona.

3.    Ho Tshwarwa ha Seboka sa Pele sa Naha sa Transporoto 
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha Seboka sa Pele sa Naha sa Transporoto ho tloha ka la 16 ho isa ka la 18 Tlhakubele mane Gallagher Estate, Johannesburg. 
3.2.    Seboka sena se tla kopanya lekala la Afrika Borwa la transporoto ho tla sekaseka diphephetso tsa lona ha mmoho le ho fumana ditharollo. Ho lebeletswe ha seboka sena se tla hohela baeti ba ka bang 750 ba Afrika Borwa, ba Dinaha tsa Sedika se ka Borwa ho Afrika ha mmoho le ba matjhaba. 
3.3.    Sepheo sa seboka sena ke ho theha tjhebelopele ya karolo e bapalwang ke lekala la transporoto ntshetsopeleng ya moruo le bodulo Afrika Borwa ha mmoho le ho kopanya banka karolo bohle ba nang le tjhebelopele e tshwanang ka tsa transporoto. Se tla boela se thusa ka ho kgothaletsa taba ya ho arolelana ka tsebo, ho ba le mokgwa wa ho etsa dipatlisiso tsa lehae le tsa matjhabeng le ho fumana mekgwa ya thekenoloji le ya dijithale ya ho ntlafatsa tsamaiso ya transporoto naheng ena.

11.    Letsatsi la Sesole 
11.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa jwalo ka Molaodi e Moholo wa Lebotho la Naha la Tshireletso, o ile a tshetleha puo moketeng wa Letsatsi la Sesole Mmasepaleng wa Setereke wa Vhembe ka la 21 Tlhakola 2026. 
11.2.    Letsatsi la Sesole le ketekwa jwalo ka selemo ho hopola ho teba ha sekepe sa SS Mendi, ha mmoho le ho tlotla masole ao a neng a etse boitelo, a neng a le kwano le ka mose ho meedi ya rona. Lena ke letsatsi la ho hlonepha sesole sohle sa rona se sireletsang naha le setjhaba sa rona. 
11.3.    Kabinete e ikamahanya le Mopresidente Cyril Ramaphosa ho tlotla masole ao a neng a tele maphelo a ona mme a teba le sekepe sa SS Mendi ka la 21 Tlhakola 1917 nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe. Sebete le bohale ba bona bo bonahetseng leha ba ne ba tobane le lefu bo ntse bo tswelapele ho re kgothatsa le kajeno.

E.    Melaetsa
1.    Matshidiso
1.1.    Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko ho lelapa la: 
1.1.1.    Moitseki wa ditokelo tsa botho le molwanedi wa tokoloho Moruti Ngaka Jesse Louis Jackson Sr. Mona Afrika Borwa e lahlehetswe ke mohale wa nnete. Moruti Jackson o tla hopoleha paleng ya rona ya tokoloho le hara bohle ba neng ba lwantsha kgethollo ya mmala nakong eo ba bangata ba neng ba iphapanya. Ka 2013, Afrika Borwa e nang le demokrasi e ne e mo tlotle ka tlotla ya National Order of the Companions of O.R. Tambo in Silver. 
1.1.2.    Ngaka John Bolana, Mobishopo wa bohlano wa Kereke ya Bantu Church of Christ (Ibandla Lika Krestu LaBantu) eo e neng e le mosebeletsi wa setjhaba le kereke Afrika Borwa le ho sedika sa SADC. O sebeditse jwalo ka mohlodi wa tsebo le moeletsi wa ba bangata naheng ena. Haesale a kgothaletsa bonngwe, tshireletso ya siriti sa batho, boetapele bo nang le botshepehi, kopano ya setjhaba mme a hlompha batho ba maemo ohle. 
1.1.3.    Morena Ngaka Phylia Tinyiko N’wamitwa II, eo e neng e le moetapele le moradi wa setjhaba eo e neng e le mokaubere wa tsa dipolotiki le morati wa tsa thuto. E ne e boetse e le molwanedi wa ditokelo tsa basadi le tlhekefetso ya bona mme haufinyane o ne a sa tswa kgethelwa ho ba Sehlopheng sa Batho ba Bohlokwa moo ho neng ho lebeletswe hore o tla fana ka dikeletso le ditataiso mabapi le Puisano ya Setjhaba.
1.1.4.    Setsebi sa bokamoso, Clem Sunter, eo monahano wa hae wa “Ho Tshepahala kapa Ho se Tshepahale” o neng o phephetse Afrika Borwa ho tobana le sephetho sa kgetho ya yona ya tsa moruo le dipolotiki. Mosebetsi wa hae o ne o thuse naha ena ho ba le ponelopele ya bokamoso ba yona nakong eo menyetla ya bokamoso e neng e le lerotho haholo. 
1.1.5.    Leila Shahid ya hlahetseng Lebanone le modiplamate wa Palastina eo e bileng mosadi wa pele wa ho ba lenqosa. Tshebetso ya hae e tswileng matsoho ho PLO le ho ba moemedi wa Mmuso wa Palastina, Ireland, Netherlands, le Fora e entse hore a hlomphehe Palastina le lefatsheng ka bophara.

2.    Diteboho
Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho: 
2.1.    The Proteas ho fihlela Mokgahlelo wa Super Eight ho Dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe wa Banna wa ICC T20, mane Indiya le Sri Lanka. Re ba lakaletsa katleho boitekong ba bona ba ho ya ho sekamakgaolakgang. 
2.2.    Bakreste le Ma-Muslim jwalo ka ha ba qala nako ya Lente le ya Ramadan. Kabinete e ikamahanya le Mopresidente Ramaphosa ho ba lakaletsa mahlohonolo.

Iteanye le: 
Mme Nomonde Mnukwa 
Molaodi Kakaretso ya tshwereng mokobobo

 

Share this page

Similar categories to explore