Tlaleho ka Kopano ya Kabinete ka Laboraro, 07 Phato 2024

Tlaleho ka Kopano ya Kabinete ka Laboraro, 07 Phato 2024

Kopano ya pele e tlwaelehileng ya Kabinete ya bosupa e bile mane Union Buildings, Tshwane, matsatsi a mabedi pele naha e keteka Letsatsi la Matjhaba la Basadi. Jwalo ka ha re tshwaya sehopotsa sa bo 68 sa Mohwanto wa Basadi le dilemo tse 70 haesale Tjhatha ya Basadi e kengwa tshebetsong, e leng tlaleho ya maikemisetso ya Mokgatlo o Moholo wa Basadi wa Afrika Borwa o hlakisang ditokelo le tlotla tsa basadi ba Afrika Borwa.

Selemong sena re keteka Kgwedi ya Basadi ka tsela e ikgethileng jwalo ka ha re lebohela Mandisa Maya ka ho ipabola le ho ba mosadi wa pele wa ho ba Mookamedi wa Baahlodi Afrika Borwa. O ne a sa qale ho ipabola jwalo ka ha a ipabotse mosebetsing wa hae wa ho ba Mopresidente wa Lekgotla la Maipiletso ho tloha ka 2017, le moo e bileng mosadi wa pele ho nka maemo ao.

Bohlokwa ba ho kgethwa ha hae bo ka utlwisiswa ka mokgwa o latelang. Ka ho ya ka Mokgatlo wa Matjhaba wa Baahlodi ba Basadi: “Ka 1994, ho ne ho e na le baahlodi ba ka bang 165, ba 160 ho bona e ne e le banna ba makgowa, ba bararo e le banna ba batho ba batsho mme ba babedi bona e le basadi ba makgowa; ho ne ho se na moahlodi wa mosadi e motsho ka nako eo. Ho tloha ka Hlakola 2023, re ne re e na le baahlodi ba 253, mme ho bona ba 113 e le basadi. Ha re hlopholla ho ya pele re ka re palong eo, persente tse 32 e ne e le basadi ba batho ba batsho, mme tse 13 e le basadi ba makgowa. Ka kakaretso, palo ena e re neha hore re na le baahlodi ba basadi ba etsang persente tse 45. Ha re tswela pele, banneng re na le baahlodi ba 140, mme ho bona banna ba batho ba batsho ba etsa persente tse 39 ha ba makgowa bona e le persente tse 17.”

A.    Maemo a Renang

1.    Diolimpiki tsa Paris tsa 2024: Sehlopha sa Afrika Borwa
1.1.    Kabinete e lebohisa Sehlopha sa Afrika Borwa ka ho emela naha ya habo rona le ho fofisetsa folakga ya rona hodimo Diolimpiking tsa Paris jwalo ka naha ya habo rona e le e nngwe ya tse 30 tse nang le dimetale tse ngata lefatsheng.

1.2.    Kabinete e boetse e lebohisa:
1.2.1.    Sesesi se pele, Tatjana Smith ka ho hapa metale wa kgauta Lebelong la Basadi la 100m Breaststroke le wa silifere ho 200m Breaststroke.
1.2.2.    Sehlopha sa Blitzboks ka ho hapa metale wa bronze papading ya Banna ya Rugby Sevens.
1.2.3.    Ramabelo wa Dibaesekele wa ho hlwa dithaba Alan Hatherly ka ho hapa metale wa bronze Lebelong la Banna la Cross-country Cycling Mountain Bike.
1.2.4.    Akani Simbine ka ho etsa nalane e ntjha ka ho tswa boemong ba bone lebelong la banna la dimitara tse 100. Afrika Borwa e ballwa hara dinaha tse nang le banna ba lebelo haholo. 
1.3.    Ho etswa kgoeletso ho Maafrika Borwa ho tswelapele ho tshehetsa Sehlopha sa Afrika Borwa se tla beng se hlodisana Dipapading tsa Di-paralympic tse tla qala ka la 28 Phato ho isa ho la 8 Loetse 2024.

2.    Moruo
2.1.    Meralo ya Motheo ya Diterene 
2.1.1.    Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha tshebediso ya mofuta o motjha wa diterene mane Kapa ke Akgente ya Afrika Borwa ya Diterene tsa Bapalami (PRASA), e leng akgente ya Lefapha la Dipalangwang (DoT). 
2.1.2.    Tshebeletso ya diterene e ekeditswe ho tloha Nyanga ho isa seteisheneng sa Mandalay. Diterene tsena di sebedisa mofuta o motjha wa marangrang a thekenoloji ya taolo ya ditere ho tloha Langa ho isa Mutual Line, ka sepheo sa ho ntlafatsa polokeho le tshebeletso e tshepahetseng ya diterene. 
2.1.3.    Mofuta ona o motjha wa thekenoloji o kenyeletsa mamati a ikwalang le CCTV ka hara koloyana ka nngwe ya terene molemong wa ho ntlafatsa polokeho ya bapalami. 
2.1.4.    Kabinete e boetse e thabetse ho busetswa tshebetsong ha diporo tse ding tsa diterene tse neng di se di sa sebetse le teng ka sepheo sa ho fana ka tshebeletso e tshepahetseng, e bolokehileng le mofuta o fihlellehang wa dipalangwang tsa setjhaba.

3.    Diahelo tsa Botjhaba tsa UNESCO tsa Maemo a Matjhaba
3.1.    Kabinete e amohetse ho kenyeletswa ha ditokelo tsa botho tsa Afrika Borwa ha mmoho le dibaka tsa ntwa ya tokoloho lenaneng la Diahelo tsa Botjhaba tsa UNESCO tsa Boemo ba Matjhaba.
3.2.    Dibaka tsena di arotswe ka ho fapana, e leng sa Ditokelo tsa Botho, tsa Tokoloho le tsa Poelano: Dibaka tsa Nalane ya Nelson Mandela tsona ha di qetelle ka ho baballa nalane ya rona e ikgethileng, empa di boetse ke tse hohelang bahahlaudi ba bangata jwalo ka ha e le tse ding tsa Dibaka tsa Matjhaba tsa Botjhaba, e leng se ntlafatsang tsa bohahlaudi le moruo. 
3.3.    Dibaka tsena di kenyeletsa Union Buildings, Constitution Hill, polasi ya Liliesleaf, sebaka sa sehopotso sa Sharpeville, Walter Sisulu Square, 16 Phuptjane 1976: Diterata tsa Orlando West, Yunivesithi ya Fort Hare le Ntlo ya ZK Mathews, Mqhekezweni, Waaihoek le Ohlange.
3.4.    Komiti ya UNESCO ya Ditaba tsa Botjhaba e kenyeletsa dibaka tse ding tse tharo tsa Tlhaho tse thusang Afrika Borwa ho utlwisisa mohlodi wa tsela eo batho ba kajeno ba phelang ka yona. Dibaka tsena di kenyeletsa Diepkloof Rock Shelter e haufi le Elands Bay mane Kapa Bophirima, Pinnacle Point Site Complex mane Mossel Bay hona Kapa Bophirima ha mmoho le Sibhudu Cave mane KwaDukuza, KwaZulu-Natal.

4.   Kgakanyo ya Dipalopalo tsa Setjhaba tsa Mahareng a Selemo 
4.1.    Kabinete e amohetse Kgakanyo ya Dipalopalo tsa Setjhaba tsa Mahareng a (MYPE) ya 2024 e bontshitseng hore Maafrika Borwa jwale a phela nako e teletsana. 
4.2.    Nako ya bophelo ba Maafrika Borwa e eketsehileng ho tloha dilemong tse 53,6 ho isa ho tse 66,5 ka 2005 ka lebaka la matsapa a mmuso a kenyeletsang phano ya pheko ya antiretroviral – e leng e nngwe ya dipheko tse pele lefatsheng ka bophara ho kenyeletsa le leano la phano ya ente e fokoditseng ho palo ya masea a belehwang a kgathetse ho tloha ho a 57 maseanyaneng a mang le a mang a 1 000 a belehwang ka 2002 ho isa ho a 22,9 ka 2024. 
4.3.    Afrika Borwa jwale e na le batho ba fetang dimilione tse 63, e leng se bontshang keketseho ya persente tse 1,33 ho tloha ka Phupu 2023 ho tla ho Phupu 2024. 
4.4.    Ho tseba ka palo e nepahetseng ya setjhaba ho thusa mmuso mosebetsing wa ona wa kabo ya disebediswa ka sepheo sa ho ntshetsa pele mosebetsi wa ho ntlafatsa maphelo a Maafrika Borwa.

5.    Tshireletso le Polokeho
5.1.    Twantsho ya Bonokwane
5.1.1.    Kabinete e amohela katleho ya diakgente tse qobellang molao ka ho tswelapele le ho tshwara maqulwana le dihlopha tsa ditlokotsebe tsa bonokwane bo hlophisitsweng jwalo ka karolo ya letsholo la twantsho ya bonokwane. 
5.1.2.    Operation Shanela ya Sepolesa sa Afrika Borwa e thusitse ho tshwarweng ha babelaellwa ba 766 237 ba diketso tse fapafapaneng tsa bonokwane mme ba 161 752 ho bona ke bao e leng kgale ba batlwa botlokotsebeng bo kenyeletsang dipolao, ho tshwarweng poho ha dikoloi tse tsamaisang tjhelete, ho tlatlapa, dipeto, ho nkuwa ha makoloi ka mahahapa le mefuteng e meng. 
5.1.3.    Kabinete e thabetse ho kwalwa ha sitsi se seng molao sa thupello ya sesole mane White River, Mpumalanga ho latela mosebetsi o atlehileng wa tsa bohlwela le tshebedisano le diakgente tse ding tse qobellang molao, e leng se entseng hore ho be ho tshwarwe babelaellwa ba 95 ba naha ya Libiya. 
5.1.4.    Kabinete e boetse e etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle ho sebedisana le diakgente tse qobellang molao letsholong la twantsho ya bonokwane ntle le hore ba inkele molao matsohong. 
5.1.5.    Kabinete e a tseba ka diketso tsa baetapele ba bang ba setjhaba ba sokelang matitjhere le baithuti dikolong. Lefapha la Thuto ya Motheo le tla tswelapele ho sebedisana le Sepolesa ho netefatsa hore dikolo di dula e le dibaka tse bolokehileng bakeng sa dithuto le thupello.

5.2.    Bobodu le Bonyofonyofo
5.2.1.    Kabinete e thabetse ho tshwarwa le ho ahlolwa ha basebeletsi ba mehleng ba Lefapha la Ditaba tsa Lehae ke Lekgotla la Ditlolo tsa Molao tsa Kgwebisano mane Thekong ba neng ba sebedisana le melata, ba fumanweng ba le molato wa ho sebedisa tshebeletso ya lefapha ka sepheo sa bonyofonyofo. Ho tshwarwa ha bona ho bontsha maikemisetso a mmuso a ho ntlafatsa ditshebeletso tsa ona le ho ba le basebeletsi ba profeshenale le ba nang le boitshwaro bo botle.

B.    Ho Behwa ha Kabinete Sehlohlolong sa Ditaba

1.1.    Paballo ya Metsi
1.1.1.    Kabinete e ile ya tsebiswa ka matsapa a tswelang pele a ho netefatsa hore naha ena e na le metsi a lekaneng ho latela keketseho ya tlhokeho le tshebediso ya ona ho latela ho eketseha ha setjhaba le ditaba tsa moruo le ya hore metsi a hulwang fatshe a teng ao persente tse 75 tsa ona a seng a ntse a sebedisehile. 
1.1.2.    Ha jwale, ho na le diprojeke tsa metsi tse 14 tse kgolo tse ballwang ho dibilione tse R100 tse dikarolong tse fapafapaneng tsa kgatelopele. 
1.1.3.    Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le thakgotse Leano la Metsi la Tshebedisano le SALGA le DBSA ka sepheo sa ho thusa bommasepala ho ba le mekgwa e meng ya baballo ya metsing bakeng sa nako e tlang. 
1.1.4.    Kabinete e boetse ya fumana tlaleho mabapi le kgatelopele ya phepelo ya metsi setjhabeng sa Giyani le Hammanskraal le ho rarolla mathata a ho tsholohela ha mantle nokeng mane Mmasepaleng wa Emfuleni. 
1.1.5.    Kabinete e tsebisitswe hore metsi a boetse a phalla hantle metsaneng e robong (9) ya Mmasepala wa Greater Giyani mme metsana e meng e 15 e tla fumana metsi mafelong a Phato 2024. 
1.1.6.    Mmasepala wa Setereke wa Mopani o fumane tshehetso ya ditjhelete bakeng sa ho lokisa le ho ntlafatsa Sitsi se Hlwekisang Metsi sa Giyani. 
1.1.7.    Lefapha le sebedisana le Mmasepala wa Tshwane le Akgente ya Metsi ya Magalies ba phethela projeke ya metsi e tla thusa ho fana ka mohlodi o mong wa metsi a nowang bakeng sa sebaka sa Hammanskraal mane Mmasepaleng wa Tshwane mafelong a kgwedi ya Mphalane 2024, nakong eo mmasepala ona o ntseng o tswelapele ho lokisa le ho ntlafatsa Sitsi se Hlwekisang Metsi sa Rooiwal.
1.1.8.    Ka lebaka la keketseho ya mathata a metsi naheng ena, DWS e tla fana ka ditlaleho tsa kgatelo pele dibekeng tse ding le tse ding tse pedi le matsapa ao setjhaba se tlamehang ho a etsa ho baballa metsi.

1.2.    Motlakase
1.2.1.    Re haufi jwale le mothati wa ho ba le phepelo e otlolohileng ya motlakase ka lebaka la ho kengwa tshebetsong ha Leano la Ntlafatso ya Phepelo ya Motlakase (EAP) le neng le phatlalatswe ke Mopresidente Cyril Ramaphosa ka Phupu 2022. Ho kengwa tshebetsong ha EAP hoo ka hona ho tsepamisitsweng tshebetso ho lokisweng ha metjhini e fehlang motlakase le ho eketsa tlhahiso ya motlakase, ho entse re be le phepelo e otlolohileng, e entseng ho kgaotse ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa dikgwedi tse ngata jwale. Ena ke phihlelo ya bohlokwa e thusang kgolong ya moruo le ho etsa hore setjhaba se phele maphelo a sona a kamehla ntle le tshitiso. 
1.2.2.    Ka mafelo a Phupu 2024, Tahlehelo ya Motlakase ka Lebaka la ho Robeha ha Metjhini (UCLF) e theohetse ho 8 321 MW, e leng se bontshang ntlafalo e kgolo tlhahisong ya motlakase metjhining ya ha Eskom. 
1.2.3.    Kabinete e phaphathetse Eskom matsoho ka phihlelo ena mme e etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ho tswelapele le mehato ya ona ya ho baballa motlakase ka sepheo sa ho baballa phepelo ya ona. Ka ho etsa jwalo, re tla be re bapala karolo ya rona ho netefatseng hore re ba le phepelo e otlolohileng ya motlakase, e leng ntho ya bohlokwa dikgwebong, diindastering le moruong.

2.    Kgwebo
2.1 Seboka sa bo 21 sa AGOA 
2.1.1.    Kabinete e thabisitswe ke ho nka karolo ka katleho ha Afrika Borwa Sebokeng sa bo 21 sa Africa Growth and Opportunity Act (AGOA) mane Amerika e leng se bontshang dikamano tse ntle pakeng tsa naha ya habo rona le ya USA.
2.1.2.    Afrika Borwa e ntse e tswelapele morerong wa ntjhafatso ya Africa Growth and Opportunity Act, e fellwang ke nako dikgweding tse 14 tse tlang mme hape e tshehetsa kgoeletso ya Matona a tsa Kgwebo Afrika ya hore mmuso wa US o tlohele leano lena la ho lekola AGOA jwalo ka selemo.

2.2.    Diqhwebeshano pakeng tsa SA – EU ho WTO mabapi le ditholwana tse boditsana
2.2.1.    Kabinete e boetse ya fumana dintlha mabapi le tletlebo e entsweng ke Afrika Borwa ho Mokgatlo wa Matjhaba wa Dikgwebo kgahlano le dipehelo tse thata tse behilweng ke Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa (EU) tse mabapi le thomello ya ditholwana tsa Citrus Black Spot (CBS) le False Codling Moth (FMC) ke Afrika Borwa ho EU.
2.2.2.    Afrika Borwa ke naha ya bobedi ka boholo e romelang ditholwana tse boditsana dinaheng tsa matjhaba mme persente tse 33 tsa tsona di romelwa mebarakeng ya EU. Indasteri ena e fane ka menyetla ya mesebetsi bathong ba fetang ba 140 000 dibakeng tsa mahaeng, e leng se thusang hore ba sapote batho ba fetang dimilione tse 1.5.
2.2.3.    Dipehelo tsena tsa EU, leha e se thibelo, empa di qosa indasteri ena ya ditholwana tse boditsana tjhelete e ballwang ho dibilione tse R2 (US$110m) ka selemo. EU e hlahisitse dipehelo tsena ho Afrika Borwa empa e sa etse jwalo dinaheng tse ding tse maemong a tshwanang le Afrika Borwa tse kang Isiraele.

2.3.    Dikamano tsa Matjhabeng
2.3.1.    Kabinete e amohetse Keletso ya ICJ e amanang le Ditlamorao tsa Molao tse bolelang hore Dipehelo le Diketso tse etswang ke Isiraele Sebakeng seo e se Nkileng ka Mahahapa sa Palastina di kgahlano le molao wa matjhaba. 
2.3.2.    Kahlolo ya lekgotla lena e neha dinaha tsohle boitlamo ba ho nka bohato bo kgahlano le diketso tse seng molaong tsa Isiraele e le ho hlompha molao wa matjhaba. 
2.3.3.    Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse 49 tsa Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba tse ileng tsa kenya tletlebo ho ICJ ka Hlakola 2024.

2.4.    Merusu e Kenya le Nigeria
2.4.1.    Kabinete e ngongorehiswa haholo ke merusu e tswellang pele naheng ya Kenya le ya Nigeria mme e etsa boipiletso ba hore dihlopha tse sa utlwaneng di potlake ho fumana tharollo mathateng ana a setjhaba a ditjeho tse hodimo, e leng seo Afrika Borwa le yona e nang le bothata ba sona.

2.5.    Dikgetho tse Akaretsang tsa United Kingdom
2.5.1.    Kabinete e boetse e lebohisa Tonakgolo Sir Keith Starmer wa Labour Party ya United Kingdom ka ho hapa dikgetho tse akaretsang. Afrika Borwa e malala-a-laotswe ho sebedisana le mmuso o motjha wa United Kingdom ho tiisa kgwebisano le tshebedisano. 
2.5.2.    Mmuso o tla tswelapele ho beha maemo leihlo dinaheng tse nang le dikgetho selemong sena.

2.6.    Ho kenela ha Afrika Borwa dikgetho tsa mekgatlo e fapafapaneng 
2.6.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho kenela ha Afrika Borwa dikgetho tsa mekgatlo e fapafapaneng:
2.6.1.1.    Mme Swazi Bajabulile Tshabalala o kenetse dikgetho tsa ho ba Mopresidente wa Banka ya Ntshetsopele ya Afrika (AfDB) bakeng sa nako ya tshebetso ya 2025-2030, dikgethong tse tla bang ka Phato 2024.
2.6.1.2.    Mme Yvette van der Merwe o kenetse dikgetho tsa ho ba Mopresidente wa Mokgatlo wa Veine (OIV) dikgethong tse tla tshwarelwa Fora ka Mphalane 2024. Afrika Borwa e kenetse dikgetho tsa ho boela e ba setho sa Mokgatlo wa Ditokelo tsa Botho bakeng sa nako ya tshebetso sa 2026-2028.
2.6.1.3.    Afrika Borwa e iketela hore ho boelwe ho kgethwe Moprofesara Frans Jacobus Viljoen Komiting ya Keletso ya Ditokelo tsa Botho ho UN bakeng sa nako ya tshebetso ya 2025-2027, dikgethong tse tla tshwarwa ka Mphalane 2024 mane New York, Amerika.
2.6.1.4.    Afrika Borwa e boetse e batla ho ba setho sa Komeshene ya Boemo ba Basadi (CSW) ho UN ka 2025 le ho Komeshene ya Ntshetsopele ya Setjhaba ho UN ka 2025. Dikgetho mabapi le mekgatlo ena ka bobedi di tla tshwarwa ka Mmesa 2025. 
2.6.1.5.    Afrika Borwa e tla rata ho kenela dikgetho tsa Moifo wa Tshireletso ho UN bakeng sa nako ya tshebetso ya 2031-2032, nakong eo e tla beng e le ya dinaha tse ka borwa ho Afrika.

2.7.    Boitokisetso ba Afrika Borwa ba ho ba Presidente ya G20 
2.7.1.    Afrika Borwa e tla nka setulo sa Bopresidente ba G20 ho tloha ka la 01 Tshitwe 2024. 
2.7.2.    Kabinete e behilwe sehlohlolong sa ditaba mabapi le kgatelo pele le boitokisetso ba Afrika Borwa ba ho nka setulo sa Bopresidente le ho tshwara Seboka sa G20 ka 2025.
2.7.3.    Ho thehilwe Komiti ya Matona e tla hlophisa mokete ona bakeng sa mmuso le Maafrika Borwa kaofela. 
2.7.4.    Afrika Borwa e tla tswelapele ho sebedisa menyetla ya ho etella pele esitana le ho tshwara diboka tse kang G20 e le ho tsepamisa mahlo ditabeng tsa matjhaba le diphephetso tsa ntshetso pele tse tobaneng le Afrika le dinaha tse lehlakoreng le ka borwa tsa matjhaba.

C.    Diketsahalo tse Tlang
1    Letsatsi la Basadi la Matjhaba 
1.1    Naha ya rona e tla be e keteka Letsatsi la Matjhaba la Basadi la selemo sa 2024 ka la 9 Phupu 2024 mane Lebaleng la Dipapadi la Dennis Nel, Pofadder Kapa Leboya tlasa mokotaba o reng: “Re keteka dilemo tse 30 tsa demokrasi mabapi le Ntshetsopele ya Basadi”. 
1.2    Mokete wa selemo sena wa Kgwedi ya Basadi o tla be o lekola kgatelo pele e seng e fihletswe mabapi le ntshetsopele ya moruong le setjhabeng bakeng sa basadi ho tloha ho qaleheng ha demokrasi ha mmoho le diphihlelo tsa dipehelo tsa Tjhatha ya Basadi. 
1.3    Naha ya habo rona e tlotla basadi ba fetang 20 000 ba neng ba hwantele Union Buildings ka la 9 Phato 1956, kgahlano le Molao wa kgatello wa Dipasa ho basadi. 
1.4    Kabinete e mema setjhaba kaofela ho nka karolo meketeng e tlang ho etsahalang kgweding ena e kenyeletsang dipontsho tsa dikgwebo, dipuisano ha mmoho le matsapa a ho netefatsa hore basadi ba fumana menyetla makaleng a fapafapaneng esitana le ho fokotsa moedi o teng ha re tla ho tsa menyetla pakeng tsa bona le banna.

2    Seboka sa Matjhaba sa bo 32 sa Astronomy Union (IAU)
2.1    Afrika Borwa e tla tshwara seboka se seholo sa matjhaba sa bo 32 sa Astronomy Union (IAU), mane Kapa. 
2.2    Sena e tla ba seboka sa dibeke tse pedi se tla qala ka la 6 Phato 2024 mme e tla be e le seboka sa pele sa mofuta wa sona ho tshwarelwa kontinenteng ya Afrika. 
2.3    Ona ke o mong wa mekgwa ya ho thusa hore moruo wa Afrika Borwa o se ke wa itshetleha dihlahisweng feela, empa o kenelle le ho tsa tsebo. Dilemong tse ngata tsa ho feta haesale Afrika Borwa e nka karolo diketsahalong tsa ntshetsopele ya astronomy tse kang projeke tsa saense tse kang SKA le MeerKAT

3    Beke ya Dithuto ka tsa Ditjhelete Afrika Borwa
3.1    Bekeng ya Dithuto ka tsa Ditjhelete ya selemo sa 2024 Afrika Borwa (MSWSA) e tlang ho qala ka la 26 Phato ho isa ka la 1 Loetse 2024 ho tla ba le mananeo a fapafapaneng a rutang bareki ka tsa ditjhelete. 
3.2    MSWSA ke letsholo la Komiti ya Naha ya Dithuto tsa Ditjhelete ho Bareki (NCFEC) bakeng sa ho kgothaletsa, ho matlafatsa esitana le ho ruta Maafrika Borwa ka tsa ditjhelete. 
3.3    Diketsahalo tsa beke ena di kenyeletsa di-workshop tsa mahala, dipontsho dibakeng tse fapaneng tse kang ditsing tsa mabenkele esitana le ka inthanete.

C.    Melaetsa
1.    Diteboho
Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho: 
•    Mme Kholeka Gcaleka, mosireletsi wa setjhaba wa Afrika Borwa ka hore a kgethelwe ho ba Mopresidete wa Lebatowa wa Institute ya Matjhaba ya Boipiletso. 
•    Ngaka Mugwena Maluleke, Mongodi e Moholo ya Mokga wa Basebetsi wa Matitjhere wa Afrika Borwa (SADTU), ka ho kgethelwa ho ba Mopresidente wa Mokgatlo wa Matjhaba wa Matitjhere Sebokeng sa bo 10 sa Matjhaba. 
•    Ngaka John Kani, mokaubere wa sebapadi sa dipale, molaodi le sengodi sa dipale ka Kgau ya Tlotla a e fumaneng Boreneng ba Manyesemane ho Motlotlehi Morena Charles wa boraro.

2.    Matshidiso
Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko ho metswalle le ba lelapa la: 
•    Baithuti ba bahlano ba Sekolo se Kopaneng sa Morneg ba ileng ba hlokahala nakong eo bese ya bona e neng e thulana le terene mmileng wa R104 haufi le motsana wa Mafube mane pakeng tsa Wonderfontein le Arnot.
•    Mokaubere wa sebapadi sa dipale Connie Chiume (72) ya neng a bapala karolo e pele paleng ya lehae ya Rhythm City. O ne a boele a tsebisahala ka ho bapala filiming ya Marvel ya Black Panther.
•    Ho mmuso le setjhaba sa naha ya Ethiopia ka koduwa ho hlokahala ba batho ba 250 nakong eo ho neng ho etsahala madumela mane Gofa, ka Borwa Bophirima ho naha ya Ethiopia.
•    Batho ba bane ba ileng ba hlokahala nakong eo koloi ya vene e neng e thulana le terene e tsamaisang thoto mane haufi le Postmasburg Kapa Leboya. 
•    Ntate Robbie Venter (64), eo e neng e le CEO ya Altron ya sebeditseng dikarolong tse fapafapaneng dikhamphaneng tsa ICT ho tloha ka 1997.
•    Ntate John Sidipa Mphosi (71), Modula Setulo wa Global Oil, e leng letoto la ditheo tse rekisang mafura a dikoloi.

E se e ka meya ya bona e ka phomola ka kgotso.

 

Share this page

Similar categories to explore