A. Maemo a Renang
1. Dikamano tsa Matjhabeng
1.1. Bopresidente ba Afrika Borwa ba Group of Twenty (G20)
1.1.1. Bopresidente ba Afrika Borwa ba G20 bo tlasa lepetjo la: “Kopano, Tekatekanole Ntshetsopele ya Moshwelella”, bo qadile ka kopano ya Matona a Matjhabeng e ileng ya tshwarwa ka katleho ka la 20 ho ya ho la 21 Hlakola 2025 mona Johannesburg mme kopano ya Matona a Matlotlo le Batsamaisi ba Dibanka tsa Dinaha yona e ntse e tswela pele mane Kapa ka la 26 ho ya ho la 27 Hlakola 2025.
1.1.2. Kopano ya Pele ya G20 ya Matona a Matjhabeng e ne e le monyetla wa matona ana wa ho hlahlobisisa diphephetso bodulo le dipolotiki esitana le ho sekaseka mathata a bodulo le moruo ao dinaha di tobaneng le ona le ho sheba hore kopano ena ya G20 e ka thusa jwang ho ona. Kopano ena e ile ya tshehetsa mokgwa oo Afrika Borwa e o sebedisang ho rarolla mathata a kang ana ha mmoho le dipehelo tsa Afrika Borwa tsa Bopresidente bona ba G20 tseo ho bonahalang di kgoneha le ho nka G20 jwalo ka seboka sa matjhaba tshebedisanong ya tsa moruo.
1.1.3. Ho feta moo, Afrika Borwa e boetse ya tshwara ka katleho dikopano tse latelang tsa Dihlopha tsa Tshebetso:
1.1.3.1. Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa tsa Thuto (12-13 Hlakola 2025, ka vidiyo). Sepheo sa kopano ena e ne e le ho arolelana le ho fumana tumellano dintlheng tse tharo tse ka sehloohong Sehlopheng sena sa Tshebetso, e leng: (a) Ntlha ya Bohlokwa ya 1: Boleng ba Thuto ya Motheo: karolo e batjalwang ke Tlhokomelo ya Sethatho ya Bana ha mmoho le Thuto ka sepheo sa ho ntlafatsa boleng ba thuto ya motheo; (b) Ntlha ya Bohlokwa ya 2: Kananelo ya Mangolo a Thuto ka Tsela e Tshwanang Lefatsheng ka Bophara mme Ntlaha ya Bohlokwa ya 3: Ntshetsopele ya Thuto ka mokgwa wa Profeshenale bakeng sa lefatshe le fetofetohang.
1.1.3.2. Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Ntshetsopele ya Basadi (17-18 Hlakola 2025, ka mokgwa wa vidiyo). Bankakarolo ba Sehlopha sena sa Tshebetso ba ile ba tshehetsa dintlha tse ka sehloohong tsa Afrika Borwa tseo hape di ipapisitseng le dintlha tsa sehlooho tsa matjhaba tse mabapi le ditokelo tsa basadi tseo motheo wa tsona e leng dintlha tsa sehlooho tsa Bopresidente ba naha ya Brazil.
1.1.3.3. Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Dijithale sa Moruo (17-19 Hlakola 2025, ka mokgwa wa vidiyo). Kopano ena e ne e le sethale sa Afrika Borwa ho ka arolelana ha mmoho le ho fumana ditumellano ho dintlha tse ka sehloohong tsa Sehlopha sena sa Tshebetso. Dintlha tse nne tsa Sehlooho ke tsena: (a) Kgokahano molemong wa ntshetsopele ya dijithale; (b) Meralo ya motheo ya setjhaba ya dijithale ha mmoho le diphetoho; (c) Mokgwa wa ntlafatso ya dijithale: tumello ya bolokolohi ba bokgoni ho dikgwebo tse nyane, tse bohareng ha mmoho le tse kgolo; ha mmoho le (d) Kgonahalo ya tshebediso ya mahlale a thekenoloji a kenyeletsang bohle.
1.1.3.4. Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso sa Kgiro sa G20 (18-21 Hlokola 2025 mane Gqeberha). Sehlopha sena sa Tshebetso se ile sa sekaseka dintlha tse kang moruo o kenyeletsang bohle, kgiro ya batjha, ho se lekalekane meputsong, tekatekano ya bonng ha mmoho le kgahlamelo ya mokgwa wa dijithale mesebetsing nakong e tlang.
1.1.3.5. Kopano ya Pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Botjhaba (20-21 Hlakola 2025, ka mokgwa wa vidiyo). Dintlha tsa sehlooho tsa Sehlopha sena sa Tshebetso tse ileng tsa ananelwa ke bankakarolo bohle ke tsena: (a) Ntlha ya sehlooho ya 1: Pabapallo le Tshireletso ya Makgabane a Botjhaba bakeng sa ho sireletsa Ditokelo tsa Botho; (b) Ntlha ya sehlooho ya 2: Ho kenyeletswa ha Melawana ya tsa Botjhaba maanong a tsa bodulo le moruo e le ho netefatsa ntshetsopele ya ditokelo e kenyeletsang bohle; (c) Ntlha ya sehlooho ya 3: Matlafatso ya Tshebediso ya Thekenoloji le Dijithale molemong wa ho Baballa le ho Bapatsa tsa Botjhaba le Meruo e Setletseng; (d) Ntlha ya sehlooho ya 4: Ho kopanya tsa Botjhaba le ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo: Ho Theha Mekgwa ya Tshireletso ya Matjhaba.
1.1.4. Dihlopha tse latelang tsa Tshebetso ha mmoho le Dikomiti tsa Tshebetso tsa G20 di tla tshwara dikopano tsa tsona ho tloha tsatsing lena ho fihlela mafelong a Tlhakubele 2025:
1.1.4.1. Kopano ya pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Motlakase e tla ba ka la: 27-28 Hlakola 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.4.2. Kopano ya pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Temo: 3-4 Tlhakubele 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.4.3. Kopano ya pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Twantsho ya Bobodu: 3-5 Tlhakubele 2025 – Kapa.
1.1.4.4. Kopano ya pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Bohahlaudi: 5 Tlhakubele 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.4.5. Kopano ya pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa ho Fokotsa Kotsi ya Dikoduwa: 5 Tlhakubele 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.4.6. Kopano ya Komiti ya Tshebetso ho tsa Paballo ya Dijo: 5 Tlhakubele 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.4.7. Kopano ya pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Kgwebo le Matsete: 18-20 Tlhakubele 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.4.8. Kopano ya Komiti ya Tshebetso: ho tsa Kgodiso e Kenyeletsang bohle ya Moruo, Keketso ya diindasteri, Kgiro le ho Fokotswa ha ho se Lekalekane: 17 Tlhakubele 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.4.9. Kopano ya bobedi ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Bophelo bo Botle: 26-28 Tlhakubele 2025 – Thekong.
1.1.4.10. Kopano ya pele ya Sehlopha sa Tshebetso ho tsa Maemo a Lehodimo le tsa Tikoloho: 25-28 Tlhakubele 2025 – ka mokgwa wa vidiyo.
1.1.5. Ho ka fumana dintlha ka dikopano tse fapafapaneng tsa G20 tsa Afrika Borwa le diphetho tsa teng kena ho www.g20.org KAPA www.g20.org.za
1.2. Dipuisano tsa Dipolotiki pakeng tsa Afrika Borwa le Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa (EU)
1.2.1. Kabinete e amohetse tshehetso ya EU mabapi le ntlhakemo ya Afrika Borwa ho tsa maemo a matjhaba a bodulo le dipolotiki ha mmoho le dintlha tsa yona tse ka sehloohong tsa Bopresidente ba yona ba G20 ho latela katleho ya Puisano ya bo 16 ya Matona ya Dipolotiki pakeng tsa Afrika Borwa le EU ka la 19 Hlakola 2025 mane Kapa.
1.2.2. Puisano ena e nehile EU le Afrika Borwa monyetla wa ho buisana ka ntlhakemo tsa bona tse tshwanang ho tsa tshebedisano, tlhomopho ya molao ho tsa matjhaba, esitana le ho behwa sehlohlolong ha tjhatha ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba (UN). Mekga ena e mmedi e boetse ya dumellana ka tlhokeho ya diphetoho ho Lekala la Tshireletso la UN (UNSC), mme mekga ena ka bobedi e bona tlhokeho e potlakileng ya hore keketseho ya kemedi, ho kenyeletsa dinaha tsohle, ho sebetsa ka ponaletso, matla, ka mokgwa wa demokrasi le ho ba le boikarabelo.
1.2.3. EU le Afrika Borwa di boetse tsa tshohla tshebedisano ya tsona dintlheng tse ngata le dibokeng tsa didika, ho tsepamisitswe maikutlo ho ntlafatsong ya ditokelo tsa botho le ho tobana le mathata a ho fetofetoha ha maemo a lehodimo. Ho boetse ha tshohlwa le tshebedisano ho tsa kgwebisano ya dihlahiswa tsa bohlokwa tsa tlhaho ka sepheo sa ho nyolla moruo le ho fokotsa ho silafala ha tikoloho.
1.2.4. Kopano ena e boetse ya ba monyetla wa ho itokiseletsa Seboka sa Afrika Borwa le EU se tla tshwarrwa ka la 13 Tlhakubele 2025 mona Afrika Borwa. Sebokeng sena, ho tla buisanwa ka ntlafatso ya dikamano ho tsa moruo, tlhahiso ya motlakase ka mokgwa o hlwekileng, tsa tshireletso le polokeho, tshebedisano ho tsa kgwebo le dikarolong tse ngata. EU ke ona mohlodi o moholo wa matsete a matjhabeng mme Afrika Borwa yona ke naha e kgolo ho tse ka borwa ho Lehwatata la Sahara tse kgwebisanang le EU.
1.2.5. Hona kopanong ena ho ile ha dumellanwa ka ho ba le seboka sa Matona a EU le a Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU) ka 2025.
1.3. Moifo wa AU wa Kgotso le Tshireletso (PSC) le Diqeto tsa UNSC mabapi le maemo a renang ka botjhabela ba Democratic Republic of Congo (DRC)
1.3.1. Kabinete e amohetse tshehetso ya AU PSC le Diqeto tsa UNSC mabapi le maemo a renang ka botjhabela ho DRC.
1.3.2. AU PSC e tjhaetse diqeto tsa kopano ya Dinaha tsa Afrika tse ka Botjhabela (EAC) le ya Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ho Afrika (SADC) monwana tse batlang ho be le peho fatshe ya dibetsa hang hang, tumello ya ho tlisa dithuso tsa setjhaba, ho tshwa ha dihlopha tse lwanang mane ka botjhabela ba DRC. Dihlopha tsena di boetse tsa tiisa hore ho tlahema ho hlontjhwe meedi ya naha ya DRC le ho kenella ha dinaha tse ding le ho ba le dipuisano tsa dipolotiki tlasa Lenaneo la Kopanelo la Luanda le Nairobi.
1.3.3. Diqeto tsa UNSC di etsa kgoeletso ho dihlopha tsohle (tsa mmuso le tseo e seng tsa mmuso) tse ka botjhabela ba DRC ho beha dibetsa fatshe, e leng seo baetapele ba dinaha tsa EAC le tsa SADC di se bolelang.
1.3.4. Diqeto tsena di bolela hape hore sehlopha sa marabele a M23 a ikgule mane ka botjhabela ba DRC le hore Sesole sa Rwanda se “kgaotse” ntle le dipehelo ho tshehetsa sehlopha sena sa marabele.
1.3.5. Kabinete e boetse e lakaletsa masole a 10 a lemetseng a kgutletseng lapeng ho tla okwa hore a fole ka potlako.
1.4. Tumellano ya AU ya ho Fediswa ha Tlhekefetso ya Basadi le Banana (AU-CEVAWG)
1.4.1. Kabinete e thabetse ho thakgolwa ha AU-CEVAWG, e leng matsapa a ho fokotsa sekgobo sa tlhekefetso ya basadi le banana Afrika.
1.4.2. Ho thehwa ha AU-CEVAWG ho tlile ka lebaka la qeto ya baetapele ba dinaha tsa AU Sebokeng sa AU sa Hlakola 2023.
1.4.3. Tumellano ena sepheo sa yona ke ho tla le moralo o tla ba setlamo se molaong se tla thusa ho fokotsa le hona ho thibela mefuta yohle ya ditlhekefetso tsa basadi le banana Afrika ka Bophara. Sena se tla kgonahala ka ho sekaseka sesosa sa ditlhekefetso tsena, ho matlafatsa ditheo tsa molao le ho kgothaletsa tlhompho ya setso le ditokelo tsa botho, tekatekano ya bonng le ho hlompha seriti sa basadi le banana.
1.4.4. Tumellano ena e tla boela e netefatsa hore dinaha ka ho fapana le tsona di tla tiisa haholo matsapa a tsona a ho fokotsa tlhekefetso ena ya basadi le banana.
2. Moruo
2.1. Ho tjhetjhiswa ha ho tshetlehwa ha puo ya kabo ya matlotlo
2.1.1. Kabinete e boetsa e rata ho toboketsa tabeng ya ho tjhetjhiswa ha ho tshetlehwa ya puo ya kabo ya Matlotlo a Naha ho tloha ho mohla wa la 19 Hlakola 2025 ho ya ho la 12 Tlhakubele 2025 hore ke ka lebaka la matsapa a tshebedisano mmoho ya Kabinete a ho sekaseka diphephetso tseo polokelo ya matlotlo a naha e tobaneng le ona.
2.1.2. Kabinete e netefaletsa Maafrika Borwa hore dipuisano di tswelapele mabapi le Kabo ya Matlotlo a Naha a 2025 mme ho lekwa ho fumana mokgwa o betere wa ho aba matlotlo a naha ho latela ditlhoko tsa Maafrika Borwa ohle.
2.1.3. Leha e le lekgetlo la pele ho tjhetjhiswa puo ena nalaneng ya Afrika Borwa, empa sena ha se ntho e sa tlwaelehang, ke ntho e ntseng e tsamaisana le Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Mmuso wa 1999, (Molao wa 1 wa 1999).
2.2. Tlaleho ya kotara ya palo ya batho ba sebetsang
2.2.1. Kabinete e thabetse ho eketseha ha menyetla ya mesebetsi ho entseng hore ho fokotsehe palo ya batho ba sa sebetseng, e leng palo e tlase ka ho fetisisa ho tloha kotareng ya boraro ya 2023.
2.2.2. Palo ya batho ba sa sebetseng e theohetse ho persente tse 31.9 ka kotara ya bone ya 2024, di tloha ho persente tse 32.1% kotareng e etelletseng eo pele. Palo ya batho ba sebetsang e nyolohile ka batho ba 132 000 ho ya ho batho ba 17.1, ha palo ya ba sa sebetseng e fokotsehile ka batho ba 20 000 ho ya ho ba dimilione di robedi (8) hona kotareng eo.
2.2.3. Keketseho eo ya kotare eo e etsahetse ho diindasteri tse nne ho tse leshome tse qohollotsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa. Tsona di kenyeletsa lekala la ditjhelete (232 000), le latelwe ke la tlhahiso (41 000), basebeletsi ba ka malapeng (18 000) le la dipalangwang (17 000).
2.2.4. Kabinete e ntse e netefatsa boitlabo ba yona ba ho theha menyetla ya mesebetsi, haholoholo kgiro ya batjha ka mananeo a bona a kgiro. Lenaneo la Mopresidente la Kgiro ya Batjha le se le file batjha ba ballwang ho dimilione tse 2.2 menyetla ya mesebetsi.
2.3. Kgwebisano le Matsete a Tjhaena le Afrika Borwa
2.3.1. Kabinete e amohetse puisano e atlehileng pakeng tsa Modulasetulo wa Moifo wa Kgwebisano ya Matjhaba (CCPIT), Ren Hongbin le Motlatsa Mopresidente Paul Mashatile bakeng sa kgwebisano le matsete pakeng tsa Afrika Borwa le Tjhaena.
2.3.2. Ketelo ena e etsahetse ho latela ketelo ya bobedi ya Mopresidente Cyril Ramaphosa Tjhaena ka Lwetse 2024. Sena hape se latela sephetho sa dipuisano tsa kgwebo ho tswa ofising ya Mopresidente ho kenyeletsa le Seboka sa Kgwebo sa Afrika Borwa le Tjhaena, le puisano ya Ketapele ya Boramatsete ba Tjhaena le Moifo wa Mopresidente mane Shenzhen moo ho neng ho buuwa haholo ka mahlale le thekenoloji ya Tjhaena.
2.3.3. Afrika Borwa e memme borakgwebo ba Tjhaena ho tla dikopanong tse fapafapaneng tsa G20 naheng ena selemong sena mme ka ho le leng Tjhaena le yona e memetse Afrika Borwa Dipontshong tsa boraro tsa Matjhaba tsa Tlhahiso le Thekiso ya Dihlahiswa mane Beijing ka Phupu 2025.
2.3.4. Maqhama pakeng tsa Afrika Borwa le Tjhaena a boetse a tiiswa ke ho fihla ha sehlopha sa pele sa bahahlaudi ba Tjhaena tlasa Leano le letjha la Bohahlaudi la Afrika Borwa (TTOS). Lenaneo la TTOS le dumella sehlopha sa bahahlaudi ba hlahlobilweng ho tswa Tjhaena le Indiya ho kenya kopo ya bona ya ho tla kwano ka mokgwa wa dijithale mme ba fumane karabo nakong ya dihora feela.
3. Tsa Bophelo bo Botle
3.1. Lekgwekgwe la Matsohong, Matong le Molomong (HFMD)
3.1.1. Kabinete e thabetse ho kenella ka potlako ha mafapha a mmuso mathateng a ho ropoha ha HFMD mane KwaZulu-Natal le Kapa Botjhabela, e leng bohloko bo kang mokgohlane, bo nang le matshwao a kang matjhatjhetsi a bohloko le ho ruruha ha matsoho. Bohloko bona, ha bo tshwane le bona ba diphoofolo mme hape ha bo bolaye.
3.1.2. Diprofensing tsena tse pedi ho fumanehile dikokwanahloko tse pedi tse tshwaetsanang dikolong tse fapafapaneng tsa poraemari le dikeretjheng.
3.1.3. Basuwehlooho ba kopilwe hore ba hlahlobisise bana kamehla molemong wa ho kgona ho bona matshwao ana a HFMD ka pele.
3.2. Ho Kudiswa ke Dijo tse nang le Tjhefo
3.2.1. Labohlano la la 28 Hlakola ke letsatsi la ho qetela la ho ngodisa di-spaza shop le ditheo tse rekisang dijo le bommasepala ba moo ba sebeletsang teng. Di-spaza shop tse sa ingodisang le tse sa ipapiseng le dipehelo tsa bophelo bo botle di tla kwalwa.
3.2.2. Mmuso o hlahisitse dipehelo tsena ka Pudungwana 2024, e le matsapa a ho thibela ho shwa ha bana ka lebaka la ho ja dijo tse nang le tjhefo tse rekiswang ho di-spaza shop. Sehlopha sa kopanelo se tswela pele ho hlahloba dikgwebo tsena hore na di sebetsa semolao le hore di ipapisa le melawana le dipehelo ya polokeho le ya tsa bophelo bo botle.
3.2.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho bareki, batswadi le bahlokomedi ba bana hore ba reke dijo ditheong tse nang le mangolo a ho rekisa dijo mme ba hlokomele le hore na di ipapisa le dipehelo tsa polokeho ya dijo. Setjhaba le sona se kotjwa hore se sebedise dijo ka hloko jwalo ka ho hlapa matsoho ka metsi le sesepa pele motho a tshwara dijo kapa a eja.
4. Ntshetsopele ya Setjhaba
4.1. Akgente ya Afrika Borwa ya Kabo ya Dipei tsa Mmuso (SASSA)
4.2. Letsatsi la ho qetela la hore ba fumanang dipei tsa mmuso ba fetolele dikarata tsa bona tsa SASSA Gold Card ho tsa Postbank Black Card le tjhetjhiseditswe ho la 20 Tlhakubele 2025.
4.3. E se e le batho ba fetang 716 900 ba seng ba na le karata tsena tsa Postbank mme ho se ho ekeditswe ditsi tseo dikarata tsena di ka fumanehang ho tsona naheng ka bophara e le hore motho a tle a kgone ho fumana karata ha hae haufi le moo a dulang teng. Postbank le yona e se e ekeditse palo ya basebeletsi ba yona ba thusang ka dikarata tsena ditsing tsa bona ho tloha ho ba babedi ho ya ho ba bahlano, empa seo se ya ka dibaka.
4.4. Baamohedi ba dipei ba kgothaletswa ho ya lata dikarata tsa bona tse ntjha tsa Postbank mabenkeleng a haufi le bona a Checkers, Shoprite, Pick n Pay, Usave kapa Boxer. Ba tlameha ho ya teng ba tshwere bukana ya boitsebiso ya Afrika Borwa (ID) kapa ya nakwana. Dibakeng tsa mahaeng teng ho tla ba le diofisi tsa hloma-o-hlomole ho thusa setjhaba. Ho eketsa moo, Postbank e sebedisana le mabenkele a ha Spar, moo ho nang le mabenkele a 200 ao le ona a thusang mosebetsing ona naheng ka bophara.
4.5. Kabinete e hopotsa ba fumanang dipei hore dikarata tsa kgale tsa SASSA Gold Card di tla emisa ho sebetsa ka la 20 Tlhakubele 2025 mme ba sa kgonang ho fumana dikarata tsa bona tse ntjha ba tla tlameha ho ya posong e haufi ho ya fumana tjhelete ya bona teng.
5. Twantsho ya bonokwane
5.1. Kabinete e amohetse tlaleho ya moraorao ya Dipalopalo tsa Bonokwane tse bontshitseng ho fokotseha ha mefuta e mengata ya bonokwane. Dipalopalo tsa kotara ya boraro ya selemo sa ditjhelete sa 2024/25 di bontshitse ho fokotseha ha dipolao ka persente tse 9.8, dipeto di fokotsehile ka persente tse 3.3 mme tsa teko ya tlhekefetso ka thobalano di fokotsehile ka persente tse 3.2. ho boetse hape ha bonahala phokotseho bonokwaneng ba ho nkuwa ha dikoloi ka mahahapa le boshodu.
5.2. Leha maemo a bonokwane a ntse a le maemong a sa amohelehang, empa phokotseho ena e bontsha hore matsapa a Sepolesa sa Afrika Borwa a ho etsa Afrika Borwa sebaka se bolokehileng a a sebetsa.
5.3. Twantsho ya bonokwane ke mosebetsi wa kopanelo pakeng tsa sepolesa, setjhaba le borakgwebo. Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba ho bapala karolo ya sona twantshong ya bonokwane ka ho tlaleha diketso tsa bonokwane diteisheneng tse haufi tsa sepolesa le ka Nomoro ya ho Tlaleha Bonokwane ya: 08600 10111.
6. Dikgau tsa Boqolotsi ba Ditaba tsa SADC
6.1. Kabinete e etsa kgoeletso ho baqolotsi ba ditaba ba Afrika Borwa hore ba kenele Dikgau tsa 2025 tsa SADC tsa Boqolotsi ba Ditaba. Ho kenela ho kwalwa ka la 28 Hlakola 2025.
6.2. Baqolotsi ba ratang ho kenela ba ka fumana dintlha ho www.gcis.gov.za. Moputso wa pele mekgahlelong yohle ke US$2500 ba tswileng bobeding bona e be US$1000. Ba hapileng moputso wa pele ba tla fumana moputso wa bona le ditifikeite tsa teng Sebokeng sa Dihlooho tsa Dinaha tsa SADC le Mmuso se tla tshwarwa ka Phato 2025.
B. Ho hlajwa ha Kabinete malotsana
1. Matsapa a ho lwantsha ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa
1.1. Kabinete e amohetse tlaleho e e fumaneng ho Eskom mabapi le matsapa a ho tsitsisa phepelo ya motlakase ho latela ho robeha ba metjhini e mengata e fehlang motlakase e leng ntho e ileng ya etsa hore ho be ho kgutliswe ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa molemong wa ho sireletsa phepelo ya rona ya motlakase.
1.2. Ho robeha hona ho neng ho sa lebellwa ho etsahetseng ka la 2 Hlakola 2025, ho ile ha etsa hore ho be ho fele le motlakase o neng o behelletswe ka thoko. Diteishene tse neng di robehile di kenyeletsa sa Majuba, sa Camden le sa Medupi.
1.3. Kabinete e ananetse ho tlola matjato ha sehlopha sa boratekginiki ba Eskom ba kgonneng ho kgutlisa di-megawatts (MW) tse 4 800 metjhining e mene ho e mehlano e neng e robehile seteisheneng sa Majuba le sa Camden ka hora ya bo 8 ka phirimana ka la 23 Hlakola 2025.
1.4. Ho tlola matjato hona ha Eskom ho ile ha etsa hore sekgahla sa ho tingwa hona ha motlakase ho phakise ho fokotsehe. Hona jwalo ho etswa matsapa a ho busetsa motlase ona o behellwang ka thoko haholoholo diesel, e le ho lokisetsa mathata a ka hlahang matsatsing a tlang.
1.5. Ntle le mathata a sa tswa etsahala, ho na le kgatelopele e bonahalang tlhahisong ya motlakase le ho netefatsa phepelo e phatlaletseng. Ho tloha ka la 1 Mmesa 2024 ho ya ho la 20 Hlakola 2025, ha re a ka ra ba le ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa e leng matsatsi a ka bang 323 ha ho bapiswa le matsatsi a 32 feela ka nako e tshwanang selemong se fetileng. Motlakase oo re neng re na le ona e ne e le persente tse 99 ha ho bapiswa le tse 9.8 feela selemong se fetileng.
1.6. Kabinete e boetse ya hlajwa malotsana ka taba ya hore ho tla ba le keketseho ya motlakase wa 1 600 MW ka ho kgutlisetswa tshebetsong ha Unit 6 ya seteishene sa Kusile ho reretsweng ho qala ka la 9 Tlhakubele 2025 le Medupi Unit 4 mafelong Tlhakubele 2025, e leng se tla matlafatsa phepelo ya rona ya motlakase.
C. Deqeto tsa Kabinete
1. Lenaneo la Ntshetsopele la Nako ya Bohareng (MTDP) la 2024-2029
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana MTDP bakeng sa nako ya 2024-2029, eo e leng yona e hlakisang dintlhakgolo tsa Palamente ena ya bosupa. MTDP motheo wa yona o tloha ho Leano la Naha la Ntshetsopele, ha mmoho le Tokomane ya Tshebedisano ya Mmuso wa Kopanelo (GNU), mme tumellano e ile ya fihlelwa kopanong ya Cabinet Lekgotla e neng e tshwerwe ho tloha ka la 29 ho ya ho la 30 Pherekgong 2025.
1.2. Ho feta moo, MTDP e kopanya maano a mararo a ka sehloohong a ileng a qohollwa ke Mopresidente puong ya hae ya pulo ya Palamente ka la 18 Phupu 2024. Leano le sebetsa e le tataiso ya ho aha naha e kenyeletsang bohle, e leng se dumellanang le boinehelo ba GNU. Hara tse ding ka leano lena, ho ikemiseditswe ho fihlela moruo o kenyeletsang bohle, ho fokotsa leqeme la mesebetsi, bofuma le ditjeho tse hodimo tsa bophelo, e le hore re tle re kgone ho ba le naha e nang le bokgoni, ntshetsopele ha mmoho le botshepehi.
2. Moralo wa Lenaneo la Naha la Dikgokahanyo (NCSF) la 2024-2029
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kengwa tshebetsong ha NCSF maemong ohle a mmuso. NCSF ke karolo ya matsapa a mmuso a ho theha mokgwa o setletseng wa dikgokahanyo ka sepheo sa ho tshehetsa ho kengwa tshebetsong ha MTDP ya 2024-2029 jwalo ka ha e phatlaladitswe Leanong la Mmuso la Dikgokahanyo mme ya tjhaelwa monwana ke Kabinete ka 2018 mme ha jwale e le lekolwang botjha.
2.2. NCSF e thusa ho fihlela se lebeletsweng mmusong jwalo ka hore dikgokahanyo tsa mmuso di tlameha ho tshepahala, di tlise boitshepo ho setjhaba le boramatsete. Leano la mmuso la dikgokahanyo le tlameha ho boela le kopanya setjhaba, le etse hore setjhaba se kgone ho sebedisa dintlha tsa mmuso ho ntlafatsa maphelo a sona le a moruo wa naha.
3. Ho lokiswa ha Leano la Kgwebisano e sa Lefellweng la Kontinente ya Afrika (AfCFTA) Molawana o tobaneng le Basadi le Batjha ba Dikgwebong
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha molawana ona o tobaneng le Basadi le Batjha ba Dikgwebong wa AfCFTA Palamenteng bakeng sa ho lokiswa.
3.2. Ka leano lena, ho ikemiseditswe hore ho matlafatswe karolo e bapalwang ke basadi le batjha ho tsa kgwebisano tlasa leano la AfCFTA, mme lona le hlakisa dintlhakgolo tse kang ho thusa borakgwebo ba basadi le batjha ho nka karolo mebarakeng. Le boetse hape le eketsa tshebediso ya mahlale le bokgoni ho batjha le basadi bakeng sa ho eketsa thomello ya thepa mafatsheng a mang le ho amohela thepa a kenang dikgwebong tsa batjha le basadi le hore ba kgone ho nka kgarolo thekisong ya thepa kwano le ho phatlalla le kontinente.
3.3. Leano lena le boetse le lwantshana le kgethollo ho tsa kgwebo esitana le ho tlisa tekatekano le ho fana ka menyetla e kenyeletsang batjha le basadi ho tsa kgwebo. Tse ding tsa dintlha tse teng leanong lena, ke ho lwantsha ditshita tse amanang le lekgetho dikgwebong tse amanang le batjha le basadi le hho bebofatsa menyetla ya bona ya ho fumana tshehetso ya ditjhelete.
3.4. Leano lena le kgothaletsa basadi le batjha hore ba sebedise monyetla ona oo ba o tlisetswang ke AfCFTA mme ba eketse tshebediso ya bona ya menyetla ya tsa kgwebo Afrika.
4. Ho lokiswa ha Leano la Ditlhodisano tlasa AfCFTA
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha Leano la Ditlhodisano tlasa AfCFTA Palamenteng bakeng sa ho lokiswa. Leano lena, ke tumellano ya ditho tsa AU bakeng sa ho netefatsa hore tlhodisano e teng ho tsa kgwebo kontinenteng ena e ba le kabelo ho tsa kgwebo, kgolo ya moruo o kenyelletseng bohle, ntlafatsa ya diindsateri le ntshetsopele ya moruo.
4.2. Leano lena, le boetse le thibella diketso tse sa amohelehang tsa tlhodisano ka ho tla le moralo wa tataiso ha re tla ho tsa mebaraka, tshebediso ya matla le mefuta e meng ya diketso tse sa tsamaisaneng le tlhodisano.
4.3. AU e hlokometse taba ya ho se be le leano le laolang ditlhodisano , e leng se bulang menyetla ya diketso tse mpe tse sa tsamaisaneng le tlhodisano dikgwebong ha mmoho le tshebediso e bohlaswa ya matla mebarakeng.
4.4. Molao ona, o tla sebetsa mefuteng yohle ya tsa kgwebo ka hara mebaraka ya AfCFTA mme o tla tsepamisa tshebetso haholo diketsong tse sa tsamaisaneng le tlhodisano ho kenyeletsa le maqulwana a borakgwebo ba etsang bolotsana ba tsa kgwebo maemong a matjhaba.
5. Sephetho sa Ngangisano ya Seboka sa bo 79 sa UN (UNGA 79) seo Afrika Borwa e nkileng karolo ho sona
5.1. Kabinete e ile ya tjhaela monwana tlaleho ya sephetho sa UNGA 79 tlasa lepetjo le reng: “Ha re sihi mang ka morao: re sebetsa mmoho ho ntshetsa kgotso pele, ntshetsopele e setletseng ha mmoho le seriti sa botho molemong wa moloko o tlang”.
5.2. Ha Afrika Borwa e nka karolo ho Seboka se tlang sa UN, e tla rata hore ho tsepamiswe maikutlo ho tumellano ya ho ntshetsapele maano a kang la Ntshetsopele e Setletseng bakeng sa dinaha tsa Afrika. Sebokeng seo, ho tla tlameha hape ho tsepamiswe maikutlo tabeng ya dinaha tsa matjhaba ho hore di tshehetse Leano la Ntshetsopele ya Kontinente ya Afrika la 2063.
D. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Moprofesara John Lamola o kgethetswe ho ba Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Khamphane ya Difofane tsa Afrika Borwa bakeng sa dilemo tse pedi.
2. Moprofesara Busani Ngcaweni jwalo ka Molaodi Kakaretso (DG) Lefapeng la Naha la Sekolo sa Puso (ho ekeditswe konterata ya hae ya kgiro ka dilemo tse hlano).
3. Ntate Lindelwa Simphiwe Hamilton jwalo ka DG Lefapheng la Dikgwebo, Diindasteri le Tlhodisano.
4. Ntate Tebogo Seokolo jwalo ka Motlatsi wa DG (DDG): Lefapheng la Dikamano tsa Matjhabeng mabapi le dinaha tsa Afrika.
5. Mme Angela Sizakele Magangoe jwalo ka DDG: Bakeng sa Ditshebeletso tsa ntshetsopele Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba (DSD).
6. Mme Thandeka Gloria Ngcobo jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Ditjhelete ho DSD.
7. Balaodi bao e seng ba ka Nako Tsohle ho Boto ya Nakwana ho Akgente ya Naha ya Tsamaiso ya Thekenoloji
(i) Mme Sedzani Mudau (Modulasetulo);
(ii) Ntate Willie Vukela (O emetse Lefapha la Taolo le Ditshebeletso tsa Mmuso);
(iii) Ntate Willie Mathebula (O emetse Lefapha la Matlotlo a Naha);
(iv) Moatevokate Johannes Collen Weapond; le
(v) Ntate Omega Shelembe (Lefapheng la Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Thekenoloji ya Dijithale).
E. Diketsahalo tse tlang
1. Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho
1.1. Ka Tlhakubele Afrika Borwa e tla Keteka Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho tlasa lepetjo le reng: “Re sebeletsa ho fihlela toka ya setjhaba e ikamahantseng le ditokelo tsa botho”. Nalane ya Kgwedi ena ya Ditokelo tsa Botho e tloha tabeng ya Koduwa ya Sharpeville ya la 21 Tlhakubele 1960, moo sepolesa sa mmuso wa kgethollo se neng se thunye mme sa bolaya batho ba 69 ba neng ba entse mohwanto o se nang morusu.
1.2. Nalane ya nako ya kgethollo e ntse e bonahala kajeno mme e entse hore ebe batho ba bangata e be ba ntse ba le bofumeng le tlhokehong ya mesebetsi le kajeno. Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996 oo e leng motheo wa demokrasi ya rona o hlakisa mokgwa wa ho tlisa toka setjhabeng ka ho leka ho lokisa diphoso tsa nako e fetileng.
1.3. Molao o kang wa ho Kgutliswa ha Mobu, wa 2024 (Molao wa bo 13 wa 2024) o hlakisa tsela eo mmuso o ka lokisang ka yona diphoso tse bohloko tsa nako e fetileng le tsela ya ho thusa setjhaba se neng se tinngwe menyetla hore se kgone ho ba le kabelo moruong, ditshebeletsong tsa sethatho le hona ho fumana mobu.
1.4. Letsatsi la Ditokelo tsa Botho selemong sena le tla ketekelwa mane Constitution Hill, mabaleng a Lekgotla la Molaotheo la Afrika Borwa, Johannesburg ka la Tlhakubele 2025.
2. Seboka sa Motlakase sa Afrika sa 2025
2.1. Afrika Borwa e tla tshwara Seboka sa Motlakase sa 2025 sa Afrika ho tloha ka la 4 ho ya ho la 6 Tlhakubele 2025 mane Cape Town International Convention Centre. Seboka sena, ke kopano ya bohlokwa kontinenteng jwalo kaha e kopanya baetapele ba indasteri ena ho tla hlahisa ditharollo tse ntjha mathateng a tobaneng le lekala lena.
2.2. Seboka sena se tshwarwa nakong eo Afrika Borwa e lekang ho bokeletsa motlakase o mongata bakeng sa nako e tlang. Selemong se fetileng, mmuso o ile wa phatlalatsa dintlafatso Molaong o Laolang Motlakase wa 2024 (Molao wa bo 38 wa 2024) ka sepheo sa ho theha lekala le setletseng le le hlodisanang ka nepo e le ho netefatsa hore naha ya rona e kgona ho emelana le tlhokeho e kgolo ya motlakase.
2.3. Hore re tle re kgone ho ba le phepelo ya motlakase nakong e tlang, ho rerilwe ho qalwa diprojeke tse tharo tse tla re fa motlakase wa 11 gigawatts mme projeke tsena di reretswe ho tswela pele dilemong tse tharo tse tlang. Ka Tshitwe 2024, ho ile ha phatlalatswa boiketo ba Bid Window 7 moo ho mengwang bahlahisi ba ikemetseng ba motlakase ba tlo iketela ho hlahisa motlakase wa di megawatts tse 1 760.
F. Melaetsa
1. Dithoholetso
Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:
- Letona Nomakhosazana Meth ka ho kgethelwa ho ba Modulasetulo wa Sitsi sa Taolo ya tsa Kgiro Sedikeng sa Afrika.
- Mme Lerato Mataboge ka ho kgethelwa ho ba Mokomeshenara wa Motlakase le Meralo ya Motheo ho AU.
- Mme Tyla Laura Seethal, ya tummeng ka la Tyla, sebini sa pele sa Afrika Borwa seo pina ya sona ya mosollane “Water” e ileng ya mamelwa makgetlo a fetang a bilione kalaneng ya Spotify.
- Ntate Wouter Kellerman, maletsi wa foleiti wa Afrika Borwa a tsamaisana le Mme Eru Matsumoto le Mme Chandrika Tandon, ka ho hapa kgau ya Grammy ka albamo ya bona, Triveni.
2. Matshidiso
Kabinete e lebisa matsidiso le kutlwelobohloko ho lelapa le metswalle ya:
- Mme Suthukazi Arosi (64), sebini se hapileng dikgau, seqapi le sebapadi sa dipale. O tsebisahala jwalo ka emong wa ditswere tsa Afrika Borwa mme o bapadile dipaleng tse ngata Afrika Borwa.
Ditlhakisetso:
Mme Nomonde Mnukwa – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485